Tholo e Tlontlolla Litau
SELEMONG se fetileng Afrika Boroa, tholo e khōlōhali—ea poho—e ile ea ema ka pel’a hotele e majaba-jaba ea boikhathollo e tikolohong ea Lowveld serapeng sa liphoofolo. E ne e bonahala e itokiselitse ho nka khato ’me e halefile haholo, kahoo hase ho makatsang ha tholo ea mpoli ea sebakeng sena e ile ea ikutloa e khopehile haholo ka tlhaselo ena e se nang tlhompho sebakeng sa eona. Paki e boneng ka mahlo e tlaleha ka tlhaselo ea tholo ena ea mpoli: “E ile ea bohla, ea fata makoatsi ’me ea itokisetsa ho hlasela. E shebisitse manaka a eona fatše e ile ea hlasela. Ha e thula tholo ena e ’ngoe e ile ea haroha letsoalo.” Tholo ena ea poho e keneng ntle ho tumello ha e-ea ka ea sisinyeha le hanyenyane. Tholo ea poho ea sebakeng sena e ile ea hlasela hape. Ha ’na ha se ke ha thusa letho. Ka khalefo e tukang le ho qōba lerōle, mpoli oa mona o ile “a robaka lifate tsohle tse potolohileng moo pele a baleha.” Eaba ha a sa khutla, kamoo ho bonahalang ka teng a entse qeto ea hore enoa ea fihlang ke koakoariri.
Marena a merung le ’ona haa ka a o besa oa tuka. Mohlokomeli oa sebaka seo Carlson Mathebula o ile a tlaleha hore litau tse 12 li ile tsa pota-pota tholo ena. Mabapi le ho khahlana ha tsona le tholo ena o re: “Hang-hang litauhali tse peli li ile tsa qala ho e nanyetsa. E ’ngoe e ile ea rora haholo ’me ea qhomela mokokotlong oa tholo eo ha e ’ngoe e ile ea mathela lehlakoreng la eona ’me ea e laqomela molaleng. . . . Bobeli ba tsona li ile tsa oela fatše ’me tsa rapalla moo li sa sisinyehe. Tauhali e ’ngoe e ile ea kenella ntoeng. E ile ea mathela ho tholo eo ’me ka sefutho se seholo ea e tšoara maotong e leka ho e liha, empa ea ’na ea lula e sataletse.” Ka lebaka la ho hlōleha ha tsona ho liha tholo ena e khōlō, litau tse 12 li ile tsa halefa hona hoo “li ileng tsa senya khalase e methang pula, mochine o nosetsang le thepa ea ka ntle pele li tsamaea li qatile mehatla ke ho tlontlolleha.”
E ntse e eme e sa sisinyehe, tholo ena e ne e lelekile mohlape oa litholo tsa sebakeng seo ’me e hlothile litau litšiba. Tlaleho e ho Sunday Times ea Johannesburg, Afrika Boroa, e ile ea bolela hore tholo ena ke e khōlō ka ho fetisisa e nang le boima ba lik’hilograma tse 300 ’me e entsoe ka koporo. Monghali Keith Calder, ea bōpileng tholo ena ea koporo, o itse: “Ke motlotlo hore ebe litau le tholo li e bone e le ea sebele.”