Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • my pale 11
  • Mookoli oa Pele

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Mookoli oa Pele
  • Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Batho ba Robeli ba Pholoha Moroallo
    Ithute Lipaleng Tsa Bibele
  • Metsi a Timetsa Lefatše—Na a Tla le Timetsa Hape?
    Ithute ho Mosuoe e Moholo
  • Na Tlaleho ea Moroallo oa Mehleng ea Noe ke ’Nete Kapa ke Tšomo?
    Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa
  • Temoso e Tsoang Nakong e Fetileng
    U ka ba Motsoalle oa Molimo!
Bala Tse Ling
Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele
my pale 11

PALE EA 11

Mookoli oa Pele

NA UA tseba hore na ntho ea pele eo Noe a ileng a e etsa ha a tsoa ka arekeng le ba lelapa la hae ke eng? O ile a etsetsa Molimo nyehelo kapa mpho. Ke seo u se bonang a se etsa mona setšoantšong se ka tlaase. Noe o ile a etsa mpho ena ea liphoofolo e le ho leboha Molimo ha a pholositse lelapa la hae moroallong o moholo.

Na u nahana hore Jehova o ile a e thabela mpho eo? E, o ile a e thabela. O ile a ba a tšepisa Noe hore ha a sa tla hlola a felisa lefatše ka moroallo hape.

Ka mor’a nakoana lefatše lohle le ile la oma, ’me Noe le ba lelapa la hae ba qala bophelo bo bocha ka ntle ho areka. Molimo o ile a ba hlohonolofatsa ’me a re ho bona: ‘Le be le bana ba bangata. Le be bangata ho fihlela batho ba lula hohle lefatšeng.’

Empa hamorao ha batho ba pheteloa ka moroallo o moholo, ba ka ’na ba tšoha hore moroallo o kang oo o tla ba teng hape. Kahoo Molimo o ile a fana ka se neng se tla hopotsa batho tšepiso ea hae ea hore ha a sa tla tlisa moroallo lefatšeng lohle. Na ua tseba hore na o ile a ba fa eng ho ba hopotsa? Mookoli.

Mookoli o atisa ho bonahala marung ha letsatsi le chaba ka mor’a hore pula e ne. Mookoli o na le mebala e mengata e metle. Na u se u kile ua o bona? Na u bona oo o setšoantšong?

Molimo o ile a re: ‘Ke tšepisa hore batho le liphoofolo kaofela ha ba sa tla hlola ba felisoa ka moroallo. Ke beha mookoli oa ka marung. Ha mookoli o hlaha, ke tla o bona ebe ke hopola tšepiso ena ea ka.’

Joale, ha u bona mookoli, u lokela ho hopola eng? E, tšepiso ea Molimo ea hore ha a sa tla hlola a felisa lefatše hape ka moroallo o moholo.

Genese 8:18-22; 9:9-17.

Lipotso Tsa Thuto

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela