March
Laboraro, la 1 March
Ha le tsebe hore na bophelo ba lōna bo tla ba joang hosasane.—Jak. 4:14.
Kaha baholo ba rata batho ba Jehova ebile ba amehile ka bona, ba sebetsa ka thata ho ruta barab’abo rōna ba bacha seo ba ithutileng sona ho theosa le lilemo. (Pes. 71:17, 18) Baholo ba koetlisang barab’abo rōna ba etsa mosebetsi oa bohlokoa, kaha ka ho etsa joalo ba tla matlafatsa phutheho. Ha ba ba koetlisa, ba etsa hore barab’abo rōna ba eketsehileng ba lokele ho thusa phutheho hore e lule e momahane ebile e tšepahala ho Molimo. Sena ke sa bohlokoa matsatsing ana a ho qetela, ’me se tla thusa le nakong ea matšoenyeho a maholo a tlang. (Ezek. 38:10-12; Mik. 5:5, 6) Kahoo, lōna baholo ba ratehang, ikemisetseng ho lula le koetlisa barab’abo rōna ho tloha kajeno. Rea utloisisa hore u phathahane, kaha u na le lintho tsa bohlokoa tseo u li etsang ka phuthehong. Kahoo, ho ka ’na ha hlokahala hore u sebelise karolo e ’ngoe ea nako eo ho koetlisa ba bang ka phuthehong. (Moek. 3:1) Ha u etsa joalo u tla be u sebelisa nako ea hao hamolemo ’me seo se tla ruisa phutheho molemo. w15 4/15 1:8-10
Labone, la 2 March
Litsebe tsa lōna li tla utloa lentsoe ka mor’a lōna le reng: “Tsela ke eona ena. Tsamaeang ho eona.”—Esa. 30:21.
Rea tseba hore Bibele ke molaetsa oa Molimo o ngoletsoeng batho bohle. Joale, na Bibele e ka u thusa hore u atamele haufi le Jehova? E, e ka u thusa! Joang? Ha u ntse u bala Bibele kamehla le ho ithuta eona, ela hloko hore na u ikutloa joang ka seo u se balang. Nahana kamoo u ka sebelisang seo u ithutang sona kateng. Ha u etsa joalo, u lumella Jehova hore a bue le uena. E ba Motsoalle oa hao ea haufi ea u thusang, ’me u atamela ho eena. (Baheb. 4:12; Jak. 1:23-25) Ka mohlala, u ikutloa joang ha u bala mantsoe a Jesu a reng: “Khaotsang ho ipolokela matlotlo lefatšeng”? Haeba u ikitlaelletsa ho beha Jehova pele bophelong ba hao, u tla hlokomela hore u ua mo thabisa. Empa u ka ’na ua bala mantsoe ana a Jesu, ’me ua hlokomela hore u lokela ho fetola tsela eo u phelang ka eona e le hore u sebeletse Molimo ka botlalo. Ka tsela ena, Jehova o u thusa ho utloisisa seo u lokelang ho se etsa e le hore u atamele ho eena.—Mat. 6:19, 20. w15 4/15 3:3-5
Labohlano, la 3 March
Morena a ema haufi le ’na ’me a kenya matla ka ho ’na, e le hore ka ’na boboleli bo ka phethoa ka botlalo le hore lichaba tsohle li ka bo utloa; ke ile ka lopolloa molomong oa tau.—2 Tim. 4:17.
Jehova o re file mosebetsi oa ho bolela “litaba tse molemo,” ’me o re bitsa “basebetsi-’moho” le eena. (1 Bathes. 2:4; 1 Bakor. 3:9) Haeba re lula re phathahane mosebetsing ona, re ka tiiseha hore Jehova o tla re fa sohle seo re se hlokang. (Mat. 6:33) Kahoo, re tla nolofalloa ho letela Jehova hore a arabe lithapelo tsa rōna. Ka hona, leka ho matlafatsa kamano ea hao le Jehova letsatsi le leng le le leng. Ha u hlaheloa ke teko ’me u tšoenyehile, sebelisa monyetla oo hore u atamele haufi le Jehova. Bala Lentsoe la Molimo, e leng Bibele, ’me u thuise ka seo u se balang. Tsoela pele ho rapela Jehova ’me u lule u phathahane tšebeletsong ea hae. Haeba u etsa sena, u ka kholiseha hore Jehova o tla u thusa ho mamella liteko tsohle tse u hlahelang hona joale le tse ka ’nang tsa u hlahela nakong e tlang. w15 4/15 4:17, 18
Moqebelo, la 4 March
Lintoa li tsoa mohloling ofe ’me litsekisano li tsoa mohloling ofe har’a lōna?—Jak. 4:1.
Boikhohomoso bo ka senya khotso ka phuthehong. Haeba re hloile batho ba bang, re nka hore re ba phahametse, re ka ’na ra bua kapa ra etsa ntho e ka ba utloisang bohloko. (Liprov. 12:18) ’Me haeba re inka re phahametse ba bang, re lokela ho hopola hore Jehova o hloile “pelo e ikakasang.” (Liprov. 16:5) Re boetse re lokela ho itlhahloba ’me re ipotse: ‘Na ke inka ke phahametse batho ba morabe kapa ba setso se seng?’ Haeba ho joalo, re lokela ho hopola hore Molimo “o entse ho tsoa mothong a le mong sechaba se seng le se seng sa batho.” (Lik. 17:26) Kahoo, ha e le hantle re bana ba motho, kaha kaofela re tsoa ho Adama. Ke booatla ho nahana hore Molimo o entse batho ba merabe e meng ba phahametse ba e meng. Haeba re e-na le khopolo eo, re tla be re lumella Satane hore a senye bonngoe ba rōna ba Bokreste. (Joh. 13:35) E le hore re loantše Satane ’me re mo hlōle, re lokela ho qoba boikhohomoso.—Liprov. 16:18. w15 5/15 2:8, 9
Sontaha, la 5 March
Le be baetsisi ba Molimo.—Baef. 5:1.
Jehova o re tšepisitse bokamoso bo babatsehang bo se nang mahlomola. Batlotsuoa le “linku tse ling” ba na le tšepo ea ho phela ka ho sa feleng, ebang ke leholimong kapa lefatšeng. (Joh. 10:16; 17:3; 1 Bakor. 15:53) Jehova o oa tseba hore re utloa bohloko ha re hlaheloa ke mathata kajeno. Jehova o ile a sareloa nakong e fetileng ha batho ba hae ba hlorisoa Egepeta. “O ile a hlomoha.” (Esa. 63:9) Hamorao ha batho ba hae ba tsosolosa tempele ’me ba tšaba ba lireng, Jehova o ile a utloisisa hore na ba ikutloa joang. O ile a re ho bona: “Ea le amang o ama leihlo la ka.” (Zak. 2:8) Feela joalokaha ’mè a rata lesea la hae, Jehova le eena o rata bahlanka ba hae ’me o batla ho ba thusa. (Esa. 49:15) Re etsisa lerato la Jehova ha re leka ho utloisisa hore na ba bang ba ikutloa joang ka ho ipeha boemong ba bona.—Pes. 103:13, 14. w15 5/15 4:2
Mantaha, la 6 March
Kamehla le na le mafutsana.—Mat. 26:11.
Na Jesu o ne a bolela hore mafutsana a tla lula a le teng? Che, o ne a bolela hore a tla lula a le teng, hafeela re ntse re phela lefatšeng lena la Satane. Batho ba limilione tse makholo ba phela bofumeng ka lebaka la babusi ba meharo le ba bobolu. Jesu o tšepisa hore haufinyane o tla felisa tšotleho! (Pes. 72:16) Mehlolo eo a e entseng e re tiisetsa hore o batla ho sebelisa matla a hae molemong oa rōna. (Mat. 14:14-21) Ke ’nete hore ha re na matla a ho etsa mehlolo, empa ke’ng seo re ka se etsang? Re ka sebelisa nako le matla a rōna ho bolella ba bang litšepiso tse babatsehang tse ka Bibeleng. Kaha re Lipaki Tsa Jehova, ke sona seo re lokelang ho se etsa. (Bar. 1:14, 15) Ha re thuisa ka lintho tseo Kreste a tla li etsa haufinyane, re tla labalabela ho bolella ba bang ka tsona.—Pes. 45:1; 49:3. w15 6/15 1:7, 10, 11
Labobeli, la 7 March
Hloekisang matsoho a lōna, . . . ’me le hloekise lipelo tsa lōna.—Jak. 4:8.
Ha Jehova e le Motsoalle oa rōna re tla mo khahlisa ka liketso le ka menahano ea rōna. Haeba menahano ea rōna e hloekile le lipelo tsa rōna li tla hloeka. (Pes. 24:3, 4; 51:6; Bafil. 4:8) Jehova o oa utloisisa hore ha rea phethahala le hore re ka ’na ra qala ho nahana ka boitšoaro bo bobe. Kaha ha re batle ho utloisa Jehova bohloko, re leka kahohle ho leleka menahano e fosahetseng. (Gen. 6:5, 6) Re etsa sohle se matleng a rōna ho boloka menahano ea rōna e hloekile. Jehova o tla re thusa ho loantša menahano e fosahetseng, ha re mo kōpa. O re fa moea o halalelang e le hore re be le matla a ho lula re hloekile. Ha re rapela, re ka bolella Jehova hore re batla ho mo khahlisa ka menahano ea rōna. w15 6/15 3:4, 5
Laboraro, la 8 March
Re fe kajeno bohobe ba rōna ba letsatsi lena.—Mat. 6:11.
Jesu o rutile hore re kōpe “bohobe ba rōna,” eseng “bohobe ba ka.” Molebeli e mong oa potoloho Afrika ea bitsoang Victor, o re: “Ke atisa ho leboha Jehova hore ebe ’na le mosali oa ka ha re toute ka hore na re tla fumana lijo kae, kapa hona ho tšoenyeha ka rente. Barab’abo rōna ba lula ba re hlokometse hantle. Empa ke rapella hore ba khone ho sebetsana ka katleho le mathata a lichelete ao ba tobanang le ’ona.” Mohlomong ha re sokole lijo, empa barab’abo rōna ba bangata ba futsanehile. Ha ba bang bona ba anngoe ke likoluoa. Re ka ba rapella ’me ra etsa ho hong ho ba thusa. Ka mohlala, re ka ba arolela seo re nang le sona. Re ka boetse ra ntša monehelo ho tšehetsa mosebetsi oa lefatše lohle o etsoang ke batho ba Jehova. Rea tseba hore menehelo eo e thusa barab’abo rōna ba hlokang.—1 Joh. 3:17. w15 6/15 5:4-6
Labone, la 9 March
Etsoe Molimo enoa ke Molimo oa rōna ho isa nakong e sa lekanyetsoang, esita le ka ho sa feleng. O tla re tataisa ho fihlela re shoa.—Pes. 48:14.
Moprofeta Esaia o ile a bolela esale pele ka liphetoho le lintlafatso tse babatsehang tse neng li tla etsahala karolong e lefatšeng ea mokhatlo oa Molimo. (Esa. 60:17) Bakreste ba bacha ka phuthehong le ba tlaase lilemong ba utloela feela ka liphetoho tsena kapa hona ho bala ka tsona. Empa ho na le bara le barali babo rōna ba bangata ba bileng le tokelo ea ho bona liphetoho tsena tse babatsehang! Bahlanka bana ba tšepahalang ba kholisehile hore Molimo o sebelisa Morena oa rōna Jesu, ho laola le ho tataisa mokhatlo oa Hae! Ho mamela liphihlelo tsa Bakreste bana ba ratehang ho tla matlafatsa tumelo ea rōna ho Jehova ’me ho etse hore re mo tšepe haholoanyane. Bakreste bohle ba ’nete ba lokela ho bolella batho ba bang ka mokhatlo oa Jehova. Ke ho hlollang hore ebe le hoja re phela lefatšeng le khopo la Satane, re na le khotso le bonngoe ka mokhatlong oa bara ba motho! w15 7/15 1:12, 13
Labohlano, la 10 March
Tsa a bokellela sebakeng seo ka Seheberu se bitsoang Har–Magedone.—Tšen. 16:16.
Ntoa ea Armagedone e tla tlotlisa lebitso la Jehova le halalelang. Bohle ba tla ahloloa e le lipōli, e leng ba sa tšepahaleng, ba tla timetsoa. (Mat. 25:31-33, 46) Ho ke ke ha hlola ho e-ba le bokhopo lefatšeng ’me “bongata bo boholo” bo tla pholoha Armagedone. Re lokela ho etsa’ng hona joale, ha re ntse re letetse liketsahalo tsee tse thabisang? Jehova o ile a bululela moapostola Petrose hore a ngole: “Kaha lintho tsena tsohle li tla qhibiliha ka tsela eo, le tšoanela ho ba batho ba mofuta ofe liketsong tse halalelang tsa boitšoaro le liketsong tsa boinehelo ba bomolimo, le letile ’me le lutse le hopola ho ba teng ha letsatsi la Jehova . . . Kahoo, baratuoa, kaha le letetse lintho tsena, le etse sohle se matleng a lōna hore qetellong a le fumane le se na letheba ebile le se na sekoli ’me le le khotsong.” (2 Petrose 3: 11, 12, 14) Joale a re ikemisetseng ho boloka borapeli ba rōna bo hloekile, bo sa tsoakana le bolumeli ba bohata, ’me re tšehetse Morena oa Khotso, Jesu Kreste. w15 7/15 2:17, 18
Moqebelo, la 11 March
Ntle le haeba Jehova a haha ntlo, ke ha lefeela lihahi tsa eona li sebelitseng ka thata ho eona.—Pes. 127:1.
Lefatšeng ka bophara batho ba Jehova ba sebetsa ka thata ho haha Liholo Tsa ’Muso. Baithaopi ba sa lefuoeng ba toroea lipolane tsa liholo, ba li hahe le ho li nchafatsa. Ka lebaka la seo, lilemong tse 15 tse fetileng, re hahile Liholo Tsa ’Muso tse ntle tse fetang 28 000 lefatšeng ka bophara, kapa liholo tse ka bang hlano ka letsatsi. Mokhatlo oa Jehova o romela baithaopi ho haha Liholo Tsa ’Muso moo li hlokahalang, ’me o sebelisa menehelo ho koahela litšenyehelo. Re latela molao-motheo oa Bibele oa hore ba nang le ho hongata ba thuse ba hlokang. (2 Bakor. 8:13-15) See se bile le phello efe? Liphutheho tse ngata tse se nang bokhoni li hahetsoe Liholo Tsa ’Muso. w15 7/15 4:9-11
Sontaha, la 12 March
U lule u e lebeletse.—Hab. 2:3.
Pontšo eo Jesu a faneng ka eona e ne e reretsoe ho hlokomelisa balateli ba hae nako eo ba phelang ho eona. Balateli ba Jesu ba ’nile ba lula ba falimehile. (Mat. 24:27, 42) Ho tloha ka 1914, likarolo tse fapaneng tsa pontšo ea Jesu li ’nile tsa phethahala. Re kholisehile hore re phela matsatsing a ho qetela, kapa ‘qetellong ea tsamaiso ea lintho.’ Jehova o se a entse qeto ea hore na o tla felisa lefatše le khopo la Satane neng. (Mat. 24:3) Joale ke hobane’ng ha re lokela ho lebella bofelo hore bo tle haufinyane? Ke hobane re mamela Jesu Kreste. Ho feta moo, re bona ka ho hlaka ho phethahala ha pontšo ea Jesu e tšoaeang matsatsi a ho qetela. Re lumela hore bofelo bo atametse, eseng hobane re lumela ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo re e utloang, empa hobane re kholisehile hore boprofeta ba Bibele boa phethahala. Re lokela ho lula re falimehile ’me re letetse bofelo. w15 8/15 2:8, 9
Mantaha, la 13 March
U khotsofatsa takatso ea ntho e ’ngoe le e ’ngoe e phelang.—Pes. 145:16.
Paradeiseng, re tla thabela ho qeta nako e itseng re ikhatholla le ho etsa lintho tseo re li thahasellang. Etsoe, Jehova ke eena ea re bōpileng re e-na le takatso ea ho thabela bophelo, ’me o tšepisa hore o tla “khotsofatsa takatso ea ntho e ’ngoe le e ’ngoe e phelang.” (Moek. 2:24) Re hloka boikhathollo le phomolo, empa re li thabela le ho feta ha re etelletsa kamano ea rōna le Jehova pele. Ho tla ba joalo le lefatšeng le lecha. Kahoo, re lokela ho tsoela pele ‘re batla ’Muso pele’ ’me re nahane ka litlhohonolofatso tseo re li fumanang ha re sebeletsa Jehova! (Mat. 6:33) Lefatšeng le lecha, bophelo bo tla ba monate ho feta kamoo re ka nahanang kateng. E se eka re ka bontša hore re batla ho phela ho lona ka hore re itokiselletse “bophelo ba sebele” hona joale. w15 8/15 3:17, 18
Labobeli, la 14 March
Le apare botho bo bocha bo ileng ba bōptjoa ho ea ka thato ea Molimo ho lokeng ha ’nete le botšepehing.—Baef. 4:24.
Jesu o ne a phethahetse. Empa ha a le lefatšeng, o ne a phela har’a batho ba sa phethahalang. Batsoali ba hae le banab’abo ba ne ba sa phethahala. Esita le balateli ba Jesu ba haufi, ba ne ba bonahatsa litšobotsi tse kang boikhohomoso le boithati. Ka mohlala, bosiung ba pele Jesu a bolaoa, barutuoa ba hae ba ile ba phehisana khang “ka hore na ke ofe ho bona ea neng a bonahala eka ke e moholo.” (Luka 22:24) Ho sa tsotellehe monahano oa bona o fosahetseng, Jesu o ne a tseba hore haufinyane balateli ba hae e tla ba Bakreste ba hōlileng tsebong ’me ba thehe phutheho e momahaneng. Hona bosiung boo, Jesu o ile a ba rapella hore ba momahane. A ba kōpela ho Ntate oa hae hore ba be le bonngoe ’me a re: “Feela joalokaha uena, Ntate, u le bonngoeng le ’na ’me ’na ke le bonngoeng le uena.” A phaella ka ho re: “E le hore ba ka ba bang feela joalokaha re le bang.”—Joh. 17:21, 22. w15 9/15 1:10, 11
Laboraro, la 15 March
A re: “Tloo!” Kapele ka mor’a moo Petrose, a theoha sekepeng, a tsamaea holim’a metsi ’me a leba ho Jesu.—Mat. 14:29.
Petrose o ile a tšoha ha a ntse a tsamaea holim’a metsi Leoatleng la Galilea. Hobane’ng? Hobane o ile a tšosoa ke sefefo le maqhubu. Re ka ’na ra bapisa sena le liteko tse ngata tseo Bakreste ba tobanang le tsona kajeno. Esita le haeba liteko tsena li le boima, Jehova a ka re fa matla e le hore re tobane le tsona ka katleho. Empa hopola se ileng sa etsahalla Petrose. Ha aa ka a teba ka lebaka la sefefo kapa maqhubu. Ho e-na le hoo, Bibele e re: “Ha a sheba moea oa sefefo, a ba le tšabo.” (Mat. 14:24-32) Petrose o ile a khaotsa ho talima ho Jesu ’me a sheba sefefo se matla. Sena se ile sa fokolisa tumelo ea hae. Le rōna haeba re tsepamisa kelello mathateng a rōna, re ka ’na ra qala ho belaella hore Jehova o tla re thusa. Re lokela ho hopola hore re ka felloa ke tumelo. Hobane’ng? Hobane Bibele e re ho felloa ke tumelo ke “sebe se re tšoasang habonolo.” (Baheb. 12:1) Ho tšoana le Petrose, haeba re tsepamisa kelello linthong tse fosahetseng, seo se ka fokolisa tumelo ea rōna ka potlako. w15 9/15 3:1, 6, 7
Labone, la 16 March
Mpho e ’ngoe le e ’ngoe e molemo le neo e ’ngoe le e ’ngoe e phethahetseng e tsoa holimo, kaha e theoha ho Ntate oa maseli a leholimo.—Jak. 1:17.
Ha motho a u fa mpho, u bontša kananelo. ’Me kaha u e nka e le ea bohlokoa, u ua e sebelisa. Re ananela hore ebe Jehova o re fa sohle seo re se hlokang e le hore re phele ’me re thabe. Rea hlokomela hore o oa re rata ’me le rōna re batla ho mo bontša hore rea mo rata. Na ke kamoo u ikutloang kateng? Jehova o ile a fa Baiseraele lintho tse ngata tse molemo. O ile a ba tataisa ka lilemo tse makholo ka melao ea hae ’me a ba fa ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo ba neng ba e hloka hore ba phele. (Deut. 4:7, 8) Baiseraele ba ne ba ka bontša Jehova kananelo ka hore ba mamele melao ea hae. Ka mohlala, ha ba etsetsa Jehova mahlabelo, ba ne ba lokela ho mo fa “litholoana tse ntlehali tsa pele tse butsoitseng” tse tsoang masimong. (Ex. 23:19) Baiseraele ba ne ba tseba hore Jehova o tla tsoela pele ho ba hlohonolofatsa haeba ba mo mamela ’me ba mo fa se molemohali.—Deut. 8:7-11. w15 9/15 5:5, 6
Labohlano, la 17 March
Ho thaba ba lipelo li hloekileng, kaha ba tla bona Molimo.—Mat. 5:8.
Ke’ng e ka u thusang ho lemoha litsela tseo Jehova a u thusang ka tsona? Nahana ka mehlala e latelang e mehlano. Oa pele, mohlomong u ua lemoha hore Jehova o u thusitse hore u fumane ’nete. Oa bobeli, mohlomong u hopola ka le leng u ile libokeng tsa Bokreste u mametse puo, ’me u re, “Ke eona keletso eo ke neng ke e hloka!” Oa boraro, mohlomong u bone kamoo Jehova a arabetseng thapelo ea hao kateng. Oa bone, e ka ’na eaba u ne u batla ho etsetsa Jehova ho eketsehileng ’me u lemohile kamoo a u thusitseng kateng hore u finyelle pakane eo. Oa bohlano, mohlomong u tlohetse mosebetsi hobane o u sitisa ho sebeletsa Jehova ’me u bone ha Molimo a phethahatsa tšepiso ea hae, e reng: “Ho hang nke ke ka u tlohela kapa ka u furalla.” (Baheb. 13:5) Haeba kamano ea rōna le Jehova e le matla, re bile re le “lipelo li hloekileng,” re tla nolofalloa ho lemoha litsela tseo a re thusang ka tsona. Ho ba le “lipelo li hloekileng” ho bolela’ng? Ho bolela hore re lokela ho boloka monahano oa rōna o hloekile ’me re khaotse ho etsa ntho leha e le efe e fosahetseng. (2 Bakor. 4:2) Re lokela ho boloka kamano ea rōna le Molimo e le matla e le hore re bone kamoo a re thusang kateng. w15 10/15 1:17, 19
Moqebelo, la 18 March
Haeba mang kapa mang a lakatsa ho ntšebeletsa, Ntate o tla mo hlompha.—Joh. 12:26.
Bagerike ba bang ba neng ba tlile ho tla keteka Paseka, Jerusalema, ba ile ba bona seo Jesu a se entseng, ’me ba khahloa ke seo. Kahoo ba kōpa moapostola Filipi hore a ba kopanye le Jesu. Empa Jesu o ne a sa leke ho fumana batho ba tla mo tšehetsa le ho mo sireletsa lireng tsa hae. O ne a tseba hore na ke’ng eo ehlileng e leng ea bohlokoa. O ile a tsepamisa kelello ho etseng thato ea Jehova, ’me thato ea Jehova e ne e le hore a fane ka bophelo ba hae e le sehlabelo. O ile a hopotsa barutuoa ba hae hore o mothating oa ho bolaoa le hore balateli bohle ba hae le bona ba lokela ho itela. O ile a re: “Ea ratang moea oa hae oa o timetsa, empa ea hloeang moea oa hae lefatšeng lena o tla o sireletsa bakeng sa bophelo bo sa feleng.” Jesu o ile a boela a tšepisa balateli ba hae ka mantsoe a hlahang temaneng ea kajeno. Filipi o ile a bolella Bagerike bao molaetsa ona o khothatsang. (Joh. 12:20-25) Ha Jesu a le lefatšeng, mosebetsi oa hae o ka sehloohong e ne e le ho bolela litaba tse molemo. Empa seo se ne sa bolele hore o lula a nahana ka lintho tseo a lokelang ho li etsa. w15 10/15 3:13, 14
Sontaha, la 19 March
Ke khalemela bohle bao ke ba ratang ’me kea ba laea.—Tšen. 3:19.
Barutuoa ba Jesu ba ne ba atisa ho pheha khang ka hore na e moholo har’a bona ke mang. Empa ha aa ka a iphapanyetsa bothata boo. Ho e-na le hoo, o ile a ba eletsa ka mamello. A khetha ho ba khalemela ka nako e loketseng le sebakeng se loketseng, ’me a bua le bona ka mosa. (Mar. 9:33-37) Kaha u rata bana ba hao, u ua tseba hore u lokela ho ba khalemela. Ka linako tse ling, u ka ba hlalosetsa feela hore na ke hobane’ng ha ntho e itseng e nepahetse kapa e fosahetse. Empa u lokela ho etsa’ng haeba ba sa mamele? (Liprov. 22:15) Ithute mohlaleng oa Jesu. Tsoela pele ho ba laea ka mamello ka hore u ba tataise, u ba koetlise le ho ba khalemela. Khetha nako e loketseng ea ho ba laea le sebaka se loketseng, ’me u etse seo ka mosa. Morali’abo rōna e mong oa Afrika Boroa ea bitsoang Elaine o re: “Ha ho mohla batsoali ba ka ba neng ba nkhalemela ba halefile kapa ba sa mpolelle hore na ke hobane’ng ha ba mpha kotlo eo.” Ka hona, o ne a tseba hore batsoali ba hae baa mo rata. w15 11/15 1:5, 6
Mantaha, la 20 March
Molimo ke lerato.—1 Joh. 4:16.
Batho ba ne ba tla ba le bokamoso bo joang hoja ebe lerato hase tšobotsi ea Molimo e ka sehloohong? Ba ne ba tla tsoela pele ho busa ba bang ba susumetsoa ke Satane, e leng molimo ea sehlōhō le ea lonya. (2 Bakor. 4:4; 1 Joh. 5:19; Tšen. 12:9, 12) Re ne re tla ba le bokamoso bo lerootho hoja ebe Jehova ha a re rate! Satane o ile a fetohela bobusi ba Molimo le ho belaella tokelo ea Molimo ea ho ba ’Musi oa Bokahohle. Satane o ile a re a ka busa ka tsela e molemo ho feta Molimo. (Gen. 3:1-5) Ka bohlale, Jehova o ile a fa Satane nako e khutšoanyane ea hore a pake seo. Empa liphello li bontša ka ho hlaka hore puso ea batho hammoho le Satane e hlōlehile. w15 11/15 3:3, 4
Labobeli, la 21 March
[Le ikarabelle] ka maikutlo a bonolo le tlhompho e tebileng.—1 Pet. 3:15.
Boikokobetso bo re thusa ho mamela molao-motheo oa bohlokoa oo Jesu a re fileng oona ha a ne a re: “Le utloile hore ho itsoe, ‘U rate moahelani oa hao ’me u hloee sera sa hao.’ Leha ho le joalo, ke re ho lōna: Tsoelang pele ho rata lira tsa lōna le ho rapella ba le hlorisang; e le hore le ka ba bara ba Ntat’a lōna ea leng maholimong, kaha o chabisetsa batho ba khopo le ba molemo letsatsi la hae ’me o nesetsa batho ba lokileng le ba sa lokang pula.” (Mat. 5:43-45) Kaha re bahlanka ba Molimo, re lokela ho rata lira tsa rōna, ho sa tsotellehe hore na li re tšoara joang. Re lokela ho bontša ka linako tsohle hore re rata Jehova le moahelani. Esita le haeba batho ba re hanyetsa ba bile ba sa mamele molaetsa oa rōna, rea ba phallela ha ba hloka thuso. w15 11/15 4:17, 19, 20
Laboraro, la 22 March
Ba ne ba utloisisitse mantsoe ao ba neng ba a tsebisitsoe.—Neh. 8:12.
Haesale batho ba Molimo ba sebelisa bokhoni ba ho bua ho rorisa Jehova le ho bolella ba bang ka eena. Morao tjena, batho ba Molimo ba sebelisa mpho ena ho fetolela Bibele e le hore batho ba eketsehileng ba ka ithuta ka Jehova. Bibele e na le liphetolelo tse likete, ’me tse ling li nepahetse ho feta tse ling. E le hore Komiti ea Phetolelo ea Bibele ea Lefatše le Lecha e fetolele Bibele ka nepo, e ile ea etsa qeto ea ho latela melao-motheo ena e meraro: (1) Ho hlompha lebitso la Molimo le ho le sebelisa ka Lentsoeng la hae ka makhetlo a lekanang le ao le hlahang ka ’ona libukeng tsa qalong. (Mat. 6:9) (2) Ho fetolela molaetsa oa qalong lentsoe ka lentsoe ha ho khoneha. Ha ho sa khonehe, ho fetoleloe moelelo o nepahetseng. (3) Bibele e fetoleloe ka puo eo ho leng bonolo ho e bala le ho e utloisisa. Bafetoleli ba Phetolelo ea Lefatše le Lecha ba latetse melao-motheo ena e meraro ha ba e fetolela ka lipuo tse fetang 130.—Neh. 8:8. w15 12/15 2:1, 2
Labone, la 23 March
Haeba terompeta e ntša molumo o sa hlakang, ke mang ea tla itokisetsa ntoa?—1 Bakor. 14:8.
U ka inahanela hore na ho ne ho ka etsahala’ng haeba molumo o lemosang masole o sa hlaka! Haeba re sa hlalose lintho ka ho hlaka, batho ba ka ’na ba ferekana kapa ba lumela ntho eo e seng ’nete. (1 Bakor. 14:9) Le hoja re batla ho itlhalosa ka tsela e hlakileng, re lokela ho ba hlokolosi hore re se ke ra bua ka tsela e hlabang kapa e hlokang tlhompho. Matheu khaolo ea 5 ho ea ho 7 e re bontša mohlala o motle oa kamoo Jesu a neng a sebelisa mantsoe a utloisisehang habonolo kateng. Ha aa ka a sebelisa mantsoe a thata kapa a sa hlokahaleng e le hore a leke ho khahla batho. Ebile ha aa ka a bua lintho tse utloisang ba bang bohloko. O ile a ruta lithuto tsa bohlokoa tse tebileng, empa a li ruta ka tsela e bonolo. Ka mohlala, Jesu o ne a batla ho tiisetsa barutuoa ba hae hore ba se ke ba tšoenyeha ka hore na ba tla ja’ng letsatsi ka leng. Kahoo o ile a ba bolella hore Jehova o fepa linonyana. A ntan’o ba botsa a re: “Na ha le ba bohlokoa ho li feta?” (Mat. 6:26) Ka mantsoe ao a bonolo, Jesu o ile a ba thusa ho utloisisa thuto ea bohlokoa ’me a ba khothatsa. w15 12/15 3:13, 14
Labohlano, la 24 March
Lerato la lōna la bara ba motho le ke le tsoele pele.—Baheb. 13:1.
Lerato la bara ba motho ke eng? Lentsoe la Segerike leo Pauluse a le sebelisitseng qalong le bolela “ho rata mor’eno.” Lerato lena ke boikutlo bo matla bo bang teng pakeng tsa litho tsa lelapa le metsoalle. (Joh. 11:36) Ha re etse eka re bana ba motho. Re fela re le bona. (Mat. 23:8) Pauluse o ile a re: “Ka lerato la bara ba motho le bontšane lerato le mofuthu. Etellang pele ho bontšaneng tlhompho.” (Bar. 12:10) Mantsoe ao a bontša kamoo re ratang barab’abo rōna kateng. Lerato lena le tataisoang ke melao-motheo ea Bokreste, le thusa batho ba Molimo hore e be metsoalle e haufi le hore ba momahane. Rea tseba hore “mor’abo rōna” ke Mokreste e mong le e mong oa ’nete, ho sa tsotellehe hore na o hlaha naheng efe. (Bar. 10:12) Jehova o re rutile hore re lokela ho ratana, kaha re bana ba motho.—1 Bathes. 4:9. w16.01 1:5, 6
Moqebelo, la 25 March
Lerato leo Kreste a nang le lona lea re qobella.—2 Bakor. 5:14.
Lerato leo re ratang Jesu ka lona le re susumelletsa hore re bolele ka cheseho. (Mat. 28:19, 20; Luka 4:43) Na u ka hlophisa maemo a hao hore likhoeling tsee tsa Sehopotso u be pula-maliboho ea thusang, ’me u qete lihora tse 30 kapa tse 50 mosebetsing oa boboleli? Ntate-moholo e mong ea lilemo li 84 o ne a nahana hore a ke ke a khona ho ba pula-maliboho, hobane a se a hōlile a bile a kula. Empa bo-pula-maliboho ba sebakeng sa habo ba ile ba ithaopela ho mo thusa. Ba ile ba mo lata ka koloi, ’me ba khetha tšimo e haufi eo ba ka e sebetsang le eena. Seo se ile sa etsa hore a atlehe ho finyella lihora tse 30. Na u ka thusa motho e mong hore e be pula-maliboho ea thusang ka March kapa April? Ke ’nete hore hase kaofela re ka khonang ho ba bo-pula-maliboho, empa re ka sebelisa nako le matla a rōna ho etsa ho eketsehileng tšebeletsong ea Jehova. w16.01 2:7, 11
Sontaha, la 26 March
Re tla tsamaea le lōna, etsoe re utloile hore Molimo o na le lōna.—Zak. 8:23.
Linku tse ling li ka “tsamaea” le batlotsuoa joang haeba ho sa khonehe ho tseba mabitso a batlotsuoa bohle ba ntseng ba le lefatšeng kajeno? Bibele e re “banna ba leshome . . . ba tla tšoara moleka oa seaparo sa monna oa Mojuda, ba re: ‘Re tla tsamaea le lōna, etsoe re utloile hore Molimo o na le lōna.’” Le hoja temana ena e bua ka “monna oa Mojuda,” ha e bolele motho a le mong. Ho e-na le hoo, monna oa Mojuda o emela batlotsuoa bohle e le sehlopha. Kaha linku tse ling li utloisisa sena, li ikopantse le sehlopha seo ho sebeletsa Jehova. Ha ho hlokahale hore li tsebe mabitso a batlotsuoa bohle kapa hona hore li latele e mong le e mong oa bona. Jesu ke eena Moeta-pele oa rōna, ’me Bibele e re re lokela ho latela eena feela.—Mat. 23:10. w16.01 4:4
Mantaha, la 27 March
Uena Iseraele, u mohlanka oa ka, Uena Jakobo, eo ke mo khethileng, peō ea Abrahama motsoalle oa ka.—Esa. 41:8.
Kaofela ha rōna re hloka ho ikutloa re ratoa. Re hloka ho ba le metsoalle le batho ba re ratang. Empa ka holimo ho tsohle, re hloka ho ratoa ke Jehova. Batho ba bangata ha ba lumele hore ba ka ba le setsoalle se haufi le Molimo, kaha ha a bonahale ebile o matla ’ohle. Empa re tseba ’nete! Bibele e re bolella ka batho bao e neng e le metsoalle ea Molimo. Re lokela ho ithuta mohlaleng oa bona. Hobane’ng? Hobane ho ba le kamano e ntle le Molimo ho lokela ho tla pele bophelong ba rōna. Ka mohlala, ho tlile joang hore Abrahama e be motsoalle oa Molimo? (Jak. 2:23) O ne a e-na le tumelo e matla ho Molimo, ’me a bitsoa “ntat’a bohle ba nang le tumelo.”—Bar. 4:11. w16.02 1:1, 2
Labobeli, la 28 March
Ha hoa ka ha e-ba le ea mong ea tšoanang le eena.—2 Mar. 18:5.
Ezekiase e ne e le e mong oa marena a lokileng a Juda, le hoja ntate oa hae a ne a le khopo. (2 Mar. 18:6) O ile a lokisa liphoso tse entsoeng ke ntate oa hae. A hloekisa tempele, a kōpa Molimo hore a tšoarele sechaba, ’me a senya liemahale tsa melimo ea bohata naheng eo. (2 Likron. 29:1-11, 18-24; 31:1) Hamorao ha Morena Sankeribe oa Assyria a sokela ho hlasela Jerusalema, Ezekiase o ile a bontša sebete le tumelo. O ne a lumela hore Jehova o tla mo sireletsa, ’me kahoo a matlafatsa sechaba sa hae. (2 Likron. 32:7, 8) Ha nako e ntse e ea, Ezekiase o ile a ikhohomosa, empa ha Jehova a mo khalemela, a ikokobetsa. (2 Likron. 32:24-26) Ka sebele Ezekiase o re behetse mohlala o motle oo re lokelang ho o latela. Ha aa ka a lumella hore tsela eo a hōlisitsoeng ka eona e senye bophelo ba hae. Empa o ile a khetha ho ba motsoalle oa Jehova. w16.02 2:11
Laboraro, la 29 March
Le hoja motho a nka mohato o fosahetseng pele a o hlokomela, lōna ba nang le litšoaneleho tsa moea le leke ho khutlisetsa motho ea joalo tseleng ka moea o bonolo.—Bagal. 6:1.
Le uena u ka qala ka ho tšepahala ho Jehova ’me ua ntan’o tšepahala ho batho ba bang ka ho ba mosa. Ka mohlala, a re nke hore u na le bopaki ba hore mor’abo rōna ea itseng o entse sebe se tebileng. U ka ’na ua batla ho lula u tšepahala ho eena, haholo-holo haeba e le motsoalle oa hao ea haufi-ufi kapa mong ka uena. Empa u boetse ua tseba hore ke habohlokoa le ho feta ho tšepahala ho Jehova. Ka hona, mamela Jehova empa u be mosa ho mor’eno. Mo bolelle hore o lokela ho kōpa thuso ho baholo ’me a etse joalo kapele. Haeba a sa bue le bona, u lokela ho ba joetsa. Ha u etsa joalo, u bontša hore u tšepahala ho Jehova. Hape u bontša mor’eno mosa, kaha baholo ba ka mo thusa hore a boele a be le kamano e ntle le Jehova. Ba tla mo thusa ka tsela e loketseng.—Lev. 5:1. w16.02 4:14
Labone, la 30 March
Le tšoanela ho ba batho ba mofuta ofe liketsong tse halalelang tsa boitšoaro le liketsong tsa boinehelo ba bomolimo.—2 Pet. 3:11.
‘Liketso tsa boinehelo ba bomolimo’ ke mesebetsi eo u e etsang ka phuthehong, e kang ho ea libokeng le ho ea tšimong. Li boetse li akarelletsa lintho tseo u li etsang moo u leng mong, tse kang ho rapela Jehova le ho ithuta. Mohlanka ea inehetseng oa Jehova a ke ke a nka hore lintho tsena ke moroalo. O tla ikutloa joaloka Morena Davida ea ileng a re: “Ke thabetse ho etsa thato ea hao, Molimo oa ka, molao oa hao o ka har’a litho tsa ka tse ka hare.” (Pes. 40:8) Ha u inehela ho Jehova ’me u kolobetsoa, u tla ba le kamano e haufi le eena. Kahoo, kamano ea hao le Jehova ha ea lokela ho itšetleha ka batsoali ba hao kapa motho leha e le ofe. Liketso tsa hao tse halalelang tsa boitšoaro le tsa boinehelo ba bomolimo li lokela ho bontša hore u kholisehile hore u ithutile ’nete ea Bibele le hore u batla ho iphaphatha ka melao ea Molimo. Ha nako e ntse e ea, u tla tšoaneleha ho kolobetsoa. w16.03 2:10, 12, 15
Labohlano, la 31 March
Pele tumelo e fihla, re ne re ntse re lebeloa tlas’a molao. . . . Ka lebaka leo Molao o fetohile motataisi oa rōna ea isang ho Kreste.—Bagal. 3:23, 24.
Molao o ne o sireletsa Baiseraele boitšoarong bo bobe le bolumeling ba bohata ba lichaba tse ba potolohileng. Ha Baiseraele ba ne ba mamela, Molimo o ne a ba hlohonolofatsa. Ha ba ne ba sa mo mamele, lintho li ne li ba tsamaela hampe. (Deut. 28:1, 2, 15) Ho boetse ho na le mabaka a mang a neng a etsa hore Baiseraele ba hloke litaelo tse ncha. Molao o ne o ba lokisetsa ketsahalo ea bohlokoa morerong oa Jehova, e leng ho tla ha Mesia, Jesu Kreste. Molao o ne o hopotsa Baiseraele hore ha baa phethahala. O ne o boetse o ba thusa ho lemoha hore ba hloka thekollo, e leng sehlabelo se phethahetseng se neng se tla tlosa libe tsa bona ka ho feletseng. (Bagal. 3:19; Baheb. 10:1-10) Ho feta moo, Molao o ne o sireletsa lesika la Mesia ebile o thusa Baiseraele hore ba tle ba mo lemohe ha a fihla. Ha e le hantle, Molao e ne e le “motataisi” oa nakoana, ea ba lebisang ho Kreste. w16.03 4:6, 7