April
Moqebelo, la 1 April
Le lebele. Mohanyetsi oa lōna, Diabolose, o tsamaea joaloka tau e purumang, e batlang ho harola e mong.—1 Pet. 5:8.
Qalong, sebōpuoa sena sa moea se ne se e-na le kamano e ntle le Jehova. Empa hamorao, lengeloi lena le ile la batla hore batho ba le rapele. Ho e-na le ho leleka takatso eo e fosahetseng, le ile la e lumella ho hōla ho fihlela le etsa sebe. (Jak. 1:14, 15) Ha re tsebe lebitso la lona la qalong, empa hona joale le bitsoa Satane. Satane “ha aa ka a ema a tiile ’neteng.” O ile a fetohela Jehova ’me ea e-ba “ntate oa leshano.” (Joh. 8:44) Ka mor’a hore Satane a fetohele Jehova, e ile ea e-ba sera se seholo sa Jehova le batho. Ho latela tsela eo Bibele e mo hlalosang ka eona, re khona ho bona kamoo Satane a silafetseng kateng. Satane e bolela “Mohanyetsi,” e leng se bontšang hore lengeloi lena le khopo le hloile puso ea Molimo ’me le etsa sohle se matleng a lona ho e loantša. Seo Satane a hlileng a se batlang ke ho felisa puso ea Jehova. w15 5/15 1:1, 2
Sontaha, la 2 April
Haeba leha e le mang a rata Molimo, enoa o tsejoa ke eena.—1 Bakor. 8:3.
Ke ’nete hore ha re ithuta Bibele, re hlokomela moo re lokelang ho etsa liphetoho teng e le hore re ntlafatse tsela eo re sebeletsang Jehova ka eona. Re boetse re ithuta ka liketso tsa hae tse bontšang lerato le ka botho ba hae, e leng se etsang hore re mo rate haholoanyane. Ha re ntse re tsoela pele ho mo rata, seo se etsa hore le eena a re rate, ’me kamano ea rōna le eena e ba matla. Haeba re batla ho atamela haufi le Jehova, ke habohlokoa hore re ithute Bibele ka sepheo se nepahetseng. Jesu o ile a re: “Sena se bolela bophelo bo sa feleng, ho tsoela pele ba rua tsebo ka uena, Molimo a le mong feela oa ’nete, le ka eo u mo romileng, Jesu Kreste.” (Joh. 17:3) Morero oa rōna o ka sehloohong e lokela ho ba ho tseba Jehova hamolemo e le Motho oa sebele. (Ex. 33:13; Pes. 25:4) Haeba Jehova ke Motsoalle oa rōna ea haufi, re ke ke ra khathatseha ha Bibele e sa hlalose mabaka ao a entseng lintho tse ling ka ’ona. w15 4/15 3:6-8
Mantaha, la 3 April
[Timothea] o tla le hopotsa mekhoa ea ka mabapi le Kreste Jesu, feela joalokaha ke ruta hohle phuthehong e ’ngoe le e ’ngoe.—1 Bakor. 4:17.
Haufinyane tjena, re ile ra botsa baholo ba atlehileng ho koetlisa barab’abo rōna ka phuthehong ho jara boikarabelo bo eketsehileng hore na ba entse seo joang. Baholo bana kaofela ba fane ka keletso e tšoanang le hoja maemo a bona a sa tšoane. See se bontša’ng? Hore koetliso e thehiloeng Bibeleng e molemo “hohle phuthehong e ’ngoe le e ’ngoe.” Mokoetlisi o lokela ho etsa hore maemo e be a loketseng koetliso. Ke hobane’ng ha see e le sa bohlokoa? Feela joalokaha molemi a lokela ho lokisa mobu pele a jala, mokoetlisi le eena o lokela ho lokisa pelo ea mor’abo rōna pele a mo koetlisa. Kahoo, mokoetlisi a ka etsa’ng ho lokisa pelo ea mor’abo rōna pele a mo koetlisa? A ka etsisa mohlala oa moprofeta Samuele, ea ileng a koetlisetsa Saule ho etella Iseraele pele.—1 Sam. 9:15-27; 10:1. w15 4/15 1:11, 12
Labobeli, la 4 April
Lefatše lohle le rapaletse matleng a ea khopo.—1 Joh. 5:19.
Lintho tse ngata tseo lefatše le li khothalletsang li khahlanong le melao ea Bibele. Empa hase kaofela ha tsona li fosahetseng. Leha ho le joalo, rea tseba hore Satane o sebelisa lefatše ho leka ho re tšoasa hore re etse sebe ho latela litakatso tsa rōna. O batla hore re rate lefatše, ’me re hlokomolohe borapeli ba rōna ho Jehova. (1 Joh. 2:15, 16) Bakreste ba bang ba lekholong la pele la lilemo ba ne ba rata lefatše. Ka mohlala, Pauluse o ile a ngola a re: “Demase o mphuraletse kahobane o ile a rata tsamaiso ea lintho ea hona joale.” (2 Tim. 4:10) Bibele ha e hlalose hore na Demase o ne a rata lefatše ka tsela efe, e leng se ileng sa etsa hore a furalle Pauluse. Ho ka etsahala hore ebe Demase o ne a rata lintho tse bonahalang ho feta ho sebeletsa Jehova. Haeba seo ke ’nete, Demase o ile a lahleheloa ke monyetla oa ho ba le tokelo e ikhethang tšebeletsong ea Molimo. Na o ne a entse qeto e bohlale? Che. Demase e ka be e bile mothusi oa Pauluse. Lefatše le ne le sa tl’o mo fa letho le molemo ho feta seo Jehova a ka mo fang sona!—Liprov. 10:22. w15 5/15 2:10, 11
Laboraro, la 5 April
Jehova o mohau ’me o mosa.—Pes. 103:8.
Jesu o ne a utloisisa hore na batho ba ikutloa joang ha ba le mahlomoleng, le hoja a e-s’o ka a e-ba boemong ba bona. Ka mohlala, o ne a tseba hore batho ba bangata ba phela ka thata. Baeta-pele ba bolumeli ba ne ba ba thetsitse ebile ba behile melao e mengata e sa tsoeng ho Molimo. Batho ba ne ba ba tšaba. (Mat. 23:4; Mar. 7:1-5; Joh. 7:13) Le hoja Jesu a ne a sa ba tšabe ebile ho se mohla a kileng a kholoa mashano a bona, o ne a utloisisa kamoo batho ba ikutloang kateng. O ne a utloa bohloko haholo ha a bona kamoo ba tšoeroeng hampe kateng. Ba ne ba le “joaloka linku tse se nang molisa.” (Mat. 9:36) Jesu o ne a ithutile ho Ntate oa hae ho rata batho, ho ba ‘mohau le ho ba mosa.’ Ha Jesu a bona batho ba le mahlomoleng, o ne a ba thusa hobane a ba rata. O ne a tšoana hantle le Ntate oa hae. Ka mohlala, ka letsatsi le leng baapostola ba Jesu ba ne ba tsoa ho bolela sebakeng se hōle, ’me ba khutla ba khathetse ba batla ho phomola moo ho khutsitseng. Empa Jesu o ile a fumana batho ba bangata ba mo emetse. O ile a lemoha hore ba hloka thuso ea hae, kahoo ‘a qala ho ba ruta lintho tse ngata.’—Mar. 6:30, 31, 34. w15 5/15 4:3, 4
Labone, la 6 April
Lintho tseo ke neng ke li rata li ne li le ho bara ba batho.—Liprov. 8:31.
Mora oa Molimo oa letsibolo ke mohlala o ka sehloohong oa bohlale bo phahameng ba Jehova, ebile o ’nile a sebetsa le Ntate oa hae e le “mosebetsi ea hloahloa.” U ka inahanela kamoo Jesu a neng a thabile a bile a khotsofetse kateng ha Ntate oa hae a ntse ‘a lokisa maholimo’ a bile ‘a theha lefatše.’ Empa har’a lintho tsohle tseo Ntate oa hae a neng a li bōpile, Jesu ‘o ne a rata bara ba batho.’ (Liprov. 8:22-31) Ho tloha qalong feela, esale a rata batho. Hamorao, Jesu o ile a bontša hore o rata Ntate oa hae le ho tšepahala ho eena, le hore o rata batho bohle ka ho ithaopela ho tloha leholimong ’me a tla lefatšeng e le motho. Jesu o ile a tela bophelo ba hae hore e be “thekollo e le phapanyetsano bakeng sa ba bangata.” (Bafil. 2:5-8; Mat. 20:28) Ruri Jesu o ne a rata batho! w15 6/15 2:1, 2
Labohlano, la 7 April
Molimo o ile a romela Mora oa hae ea tsoetsoeng a ’notši lefatšeng e le hore re ka fumana bophelo ka eena.—1 Joh. 4:9.
Na u ananela seo Jehova a u etselitseng sona? Haeba ho joalo, ho loketse hore u inehele ho eena ’me u kolobetsoe. Ha u inehela u tšepisa Molimo hore u tla etsa thato ea hae ka ho sa feleng. Na u lokela ho tšaba ho etsa tšepiso eo? Che! Jehova o batla hore u etse lintho tse tla u tsoela molemo, ’me o tla putsa batho ba etsang thato ea hae. (Baheb. 11:6) Ha u inehela ho Molimo ’me u kolobetsoa, lintho li tla u tsamaela hantle! Jehova o batla hore u atlehe. Empa Satane o mōna ebile ha a u tsotelle. Ha u mo latela a ke ke a u etsetsa letho le molemo. w16.03 2:16, 18, 19
’Malo oa Bibele oa Sehopotso: (Liketsahalo tsa motšehare oa la 9 Nisane) Luka 19:29-44
Moqebelo, la 8 April
Ntate, kea u leboha ka hore ebe u nkutloile. Ke ’nete, ke tsebile hore kamehla ua nkutloa.—Joh. 11:41, 42.
Ha re rapela, re atamela haufi le Jehova. Empa haeba u batla ho ba motsoalle ea haufi oa Jehova, u lokela ho kholiseha hore o utloa lithapelo. Nahana ka sena: Pele Jesu a tla lefatšeng, o ne a hlokometse hore Jehova o araba lithapelo tsa bahlanka ba Hae. Ha Jesu a le lefatšeng, o ile a rapela Ntate oa hae oa leholimo, a mo bolella tsela eo a ikutloang ka eona. Ka lekhetlo le leng, o ile a rapela bosiu kaofela. (Luka 6:12; 22:40-46) Na Jesu o ne a ka qeta bosiu bohle a ntse a rapela, haeba a ne a nahana hore Jehova ha aa mo mamela? Jesu o ile a boela a ruta balateli ba hae ho rapela Jehova. Na o ne a ka ba ruta hore ba rapele Jehova, haeba a ne a nahana hore Jehova ha a mamele lithapelo? Ho hlakile hore Jesu o ne a tseba hore ka sebele Jehova o mamela lithapelo. Le rōna re ka kholiseha hore Jehova o mamela lithapelo tsa rōna.—Pes. 65:2. w15 4/15 3:11, 13
’Malo oa Bibele oa Sehopotso: (Liketsahalo tsa motšehare oa la 10 Nisane) Luka 19:45-48; Matheu 21:18, 19; 21:12, 13
Sontaha, la 9 April
Abba, Ntate, lintho tsohle lia khoneha ho uena; tlosa senoelo sena ho ’na. Empa leha ho le joalo ho se ke ha etsoa seo ke se batlang, empa ho etsoe seo u se batlang.—Mar. 14:36.
Bana ba hao ba ka ithuta ho hongata lithapelong tseo u li etsang. Ha ba utloa u rapela, le bona ba ka ithuta ho tšepa Jehova. Ha u rapela u se ke ua kōpa Jehova hore a thuse bana ba hao feela, empa u mo kōpe hore le uena a u thuse. Ana ea lulang Brazil, o re: “Ha batsoali ba ka ba ne ba tobane le mathata a kang a ho kuleloa ke batsoali, ba ne ba kōpa Jehova hore a ba fe matla le bohlale hore ba etse liqeto tse nepahetseng. Esita le ha ba le tlas’a khatello e matla, ba ne ba lahlela matšoenyeho a bona ho Jehova. Seo se ile sa etsa hore ke ithute ho tšepa Jehova.” Ha bana ba hao ba utloa u kōpa Jehova hore a u fe sebete sa ho pakela moahelani kapa sa ho kōpa mohiri oa hao matsatsi e le hore u ee kopanong, ba tla hlokomela hore u tšepa Jehova, ’me ba tla ithuta ho etsa se tšoanang. w15 11/15 1:7, 8
’Malo oa Bibele oa Sehopotso: (Liketsahalo tsa motšehare oa la 11 Nisane) Luka 20:1-47
Mantaha, la 10 April
U rate Jehova Molimo oa hao ka pelo ea hao eohle le ka moea oa hao oohle le ka kelello ea hao eohle.—Mat. 22:37.
Tsela e ’ngoe eo ka eona u ka matlafatsang lerato la hao ho Jehova, ke ka ho nahanisisa ka thekollo, e leng mpho e khōlō ka ho fetisisa eo Molimo a e fileng batho. (2 Bakor. 5:14, 15; 1 Joh. 4:9, 19) Ha u etsa joalo, u tla bontša hore u ananela mpho eo e babatsehang. Ho bontša hore u ananela thekollo ho ka tšoantšoa ka tsela ena: Nka hore u khangoa ke metsi ’me motho e mong o fihla a u pholosa. Na u ne u tla ikela hae feela u fihle u chenche liaparo, ebe u lebala ka seo motho eo a u etselitseng sona? Che! Kamehla u tla ananela seo motho eo a u etselitseng sona! Ka tsela e tšoanang, re lokela ho leboha Jehova le Jesu haholo ka thekollo. Ka lebaka la lerato leo ba re bontšitseng lona, hona joale re na le tšepo ea ho phela ka ho sa feleng lefatšeng la Paradeise! w16.03 2:16, 17
’Malo oa Bibele oa Sehopotso: (Liketsahalo tsa motšehare oa la 12 Nisane) Luka 22:1-6; Mareka 14:1, 2, 10, 11
Letsatsi la Sehopotso
Ha Letsatsi le se le Liketse
Labobeli, la 11 April
Kreste o ile a re shoela.—Bar. 5:8.
Ha Jesu a le lefatšeng, o ile a tšehetsa tokelo ea Molimo ea ho busa, ’me a bontša hore motho ea phethahetseng a ka tšepahala ho Molimo esita le linakong tse thata. Re lokela ho ananela hore ebe Jesu o re shoetse, kahoo a lefa thekollo, kaha e bulela batho monyetla oa hore ba phele ka ho sa feleng lefatšeng le lecha la Molimo! Moapostola Johanne o ile a ngola a re: “Lerato la Molimo le ile la bonahatsoa ho rōna ka sena, hobane Molimo o ile a romela Mora oa hae ea tsoetsoeng a ’notši lefatšeng e le hore re ka fumana bophelo ka eena. Lerato le ka tsela ena, eseng hore re ratile Molimo, empa hore o ile a re rata ’me a romela Mora oa hae e le sehlabelo sa poelano bakeng sa libe tsa rōna.”—1 Joh. 4:9, 10. w15 11/15 3:13, 14
’Malo oa Bibele oa Sehopotso: (Liketsahalo tsa motšehare oa la 13 Nisane) Luka 22:7-13; Mareka 14:12-16 (Liketsahalo tsa mantsiboea a la 14 Nisane) Luka 22:14-65
Laboraro, la 12 April
Lefu la namela ho batho bohle hobane kaofela ba ne ba entse sebe.—Bar. 5:12.
Kaofela ha rōna re futsitse sebe le lefu ho Adama, ’me ha ho ea ka reng ha a hloke thekollo. Esita le morapeli ea tšepahalang ka ho fetisisa oa Molimo o hloka thekollo. Jehova o re tšoaretse molato o moholo! Lerato le mosa oa Jehova li lokela ho re susumelletsa hore re etse’ng? Haeba ho na le molumeli-’moho le uena ea u khopisitseng, u lokela ho etsisa Jehova, ‘ea itokiselitseng ho tšoarela.’ (Neh. 9:17; Pes. 86:5) Haeba re ananela mosa o moholo oa Jehova, re tla hauhela ba bang ’me re ba tšoarele ho tsoa pelong. Haeba re sa rate barab’abo rōna re bile re sa ba tšoarele, re ke ke ra lebella hore Jehova a re rate le ho re tšoarela. (Mat. 6:14, 15) Ha re ba tšoarela, seo ha se bolele hore ha baa re utloisa bohloko, empa se tla re thusa hore re thabe. w16.01 2:5, 15-17
’Malo oa Bibele oa Sehopotso: (Liketsahalo tsa motšehare oa la 14 Nisane) Luka 22:66-71
Labone, la 13 April
Lōna ba ntatetseng le lōna le tla lula literoneng tse leshome le metso e ’meli, le ahlola meloko e leshome le metso e ’meli ea Iseraele.—Mat. 19:28.
Jesu o buile mantsoe a ka holimo, e le ha a batla hore Petrose le barutuoa ba bang ba nahane ka lintho tse babatsehang tseo ba tla li etsa nakong e tlang. Kahoo, ba ne ba ka ipona ba se ba busa le Jesu leholimong, ’me ba thusa batho ba ikokobelitseng ba lefatšeng hore e be ba phethahetseng. Bahlanka ba Jehova ba ’nile ba rua molemo ka ho thuisa ka lintho tseo Molimo a li tšepisitseng. Abele o ile a nahana ka bokamoso bo babatsehang boo Jehova a bo tšepisitseng, ’me ka lebaka la ho ba le tumelo tšepisong eo, a khahlisa Jehova. Abrahama o ile a mamela Jehova esita le ha ho ne ho le thata, kaha o ile a nahana ka ho phethahala ha seo Jehova a tšepisitseng hore se tla etsahala ka “peō.” (Gen. 3:15) Moshe o ne a labalabela ho fumana moputso oo Jehova a o tšepisitseng, e leng se ileng sa etsa hore a rate Jehova ’me a tšepahale. (Baheb. 11:26) Ha re nahana ka nako eo Jehova a tla phethahatsa lintho tsohle tseo a li tšepisitseng, tumelo ea rōna litšepisong tsa hae e tiea le ho feta. w15 5/15 3:17, 18
’Malo oa Bibele oa Sehopotso: (Liketsahalo tsa motšehare oa la 15 Nisane) Matheu 27:62-66
Labohlano, la 14 April
Kreste o ile a . . . le siela mohlala hore le latele mehato ea hae haufi-ufi.—1 Pet. 2:21.
Motho ea batlang ho ba Mokreste ea hōlileng tsebong o etsisa mohlala oa Jesu ’me o leka ho utloisisa Bibele kahohle kamoo a ka khonang. O lula a hlahloba linnete tse tebileng tsa Mangolo, kaha o oa tseba hore “lijo tse tiileng ke tsa batho ba hōlileng ka ho feletseng.” (Baheb. 5:14) Mokreste ea hōlileng tsebong o batla ho ba le ‘tsebo e nepahetseng’ ea Bibele. (Baef. 4:13) Kahoo, ipotse: ‘Na ke bala Bibele letsatsi le letsatsi? Na ke na le kemiso ea thuto ea botho? Na ke tšoara borapeli ba lelapa beke le beke?’ Ha u ithuta Bibele, sheba melao-motheo e tla u thusa ho tseba monahano le boikutlo ba Jehova. Ebe u sebelisa melao-motheo eo ha u etsa liqeto. Seo se tla u atametsa ho Jehova haholoanyane. w15 9/15 1:5, 9, 10
’Malo oa Bibele oa Sehopotso: (Liketsahalo tsa motšehare oa la 16 Nisane) Luka 24:1-12
Moqebelo, la 15 April
Kreste ke matla a Molimo.—1 Bakor. 1:24.
Jesu o utloisisa ka ho feletseng tsela eo lefatše le entsoeng ka eona. O tseba ho sebelisa lihloliloeng le ho li laola. Ha Jesu a le lefatšeng, o ile a bontša hore Molimo o mo file matla a ho laola lintho tsa tlhaho. Ak’u nahane ka boemo bona: Maqhubu a tsukutla sekepe, ’me metsi a kena ka sekepeng. Le hoja moea o foka ka matla ’me o etsa lerata, le sekepe se akhotsoa ke maqhubu, Jesu o khalehile ke mokhathala. Empa barutuoa bona ba tšohile, kahoo ba tsosa Jesu ’me ba re: “Re makhatheng a ho timela!” (Mat. 8:25) Jesu o etsa’ng? O oa tsoha ’me o re ho sefefo le leoatle: “Thōla! Khutsa!” (Mar. 4:39) Sefefo seo sea kokobela, ’me ho ba le “khutso e khōlō.” Ruri ona ke mohlala o motle o bontšang hore Jesu o na le matla a ho laola lintho tsa tlhaho! w15 6/15 1:12-14
Sontaha, la 16 April
Re fe kajeno bohobe ba rōna ba letsatsi lena.—Mat. 6:11.
Ha Jesu a qeta ho ruta barutuoa ba hae thapelo ea mohlala, o ile a re ha rea lokela ho khathatseha ka lintho tse bonahalang. Hape a re haeba Jehova o khona ho hlokomela lipalesa tsa naha, na “a ke ke a le apesa haholo, lōna ba nang le tumelo e nyenyane?” A phaella ka ho re: “Le ka mohla le se ke la tšoenyeha ka letsatsi le hlahlamang.” (Mat. 6:30-34) Ha ho hlokahale hore re tšoenyehe ka lintho tseo re tla li hloka nakong e tlang. Ho e-na le hoo, re lokela ho khotsofalla lintho tsa motheo tseo re li hlokang letsatsi ka leng. Ka mohlala, re ka rapella bolulo le mosebetsi e le hore re hlokomele ba malapa a rōna esita le tataiso ea ho etsa liqeto tse bohlale litabeng tsa phekolo. Empa ho na le ntho e ’ngoe ea bohlokoa le ho feta eo re lokelang ho e rapella. Jesu o ile a re: “Motho a ke ke a phela ka bohobe feela, empa o tla phela ka polelo e ’ngoe le e ’ngoe e tsoang molomong oa Jehova.” (Mat. 4:4) Kahoo, re lokela ho rapela Jehova hore a tsoele pele ho re ruta le ho re fa seo re se hlokang e le hore re lule re le haufi le eena. w15 6/15 5:4, 7, 8
Mantaha, la 17 April
U se ke ua re kenya molekong.—Mat. 6:13.
Jehova o tla re thusa ho loantša menahano e fosahetseng, ha re mo kōpa. Mohlomong pele re ithuta ka eena re ne re rata ho etsa lintho tseo a sa li rateng, ebile e ka ’na eaba re ntse re loantša takatso ena e fosahetseng. Empa Jehova a ka re thusa hore re fetohe ’me re etse lintho tse mo khahlisang. Ka mohlala, ka mor’a hore Morena Davida a etse bofebe le Bathe-sheba, o ile a baka ’me a kōpa Jehova hore a mo fe “pelo e hloekileng” le ho mo thusa ho mamela. (Pes. 51:10, 12) Kahoo, haeba nakong e fetileng re ne re e-na le takatso e matla e fosahetseng ’me re ntse re e loantša, Jehova a ka re thusa hore re be le takatso ea ho mo mamela le ho etsa se nepahetseng. A ka re thusa hore re laole menahano e fosahetseng.—Pes. 119:133. w15 6/15 3:5, 6
Labobeli, la 18 April
Ha baeletsi ba le bangata ho na le poloko.—Liprov. 24:6.
Ba bangata ba hōlileng liphuthehong tsa habo rōna ba hopola nakong eo mosebetsi liphuthehong o neng o tsamaisoa ke mohlanka oa phutheho eseng sehlopha sa baholo, ’me linaheng o tsamaisoa ke mohlanka oa lekala eseng Komiti ea Lekala le nakong eo mopresidente oa Mokhatlo oa Watch Tower a neng a tataisa mosebetsi ho fapana le Sehlopha se Busang sa Lipaki Tsa Jehova. Le hoja bara bana babo rōna ba ne ba e-na le bathusi ba tšepahalang, e ne e le motho a le mong feela ea etsang liqeto ka phuthehong, ofising ea lekala esita le ntlo-khōlō. Ka mor’a 1970, lintho li ile tsa fetoha hore sehlopha sa baholo e be sona se etsang liqeto, eseng motho a le mong. Liphetoho tsena li ne li thehiloe kutloisisong e hlakileng haholoanyane ea Mangolo. Ho e-na le hore e be motho a le mong ea etsang liqeto, mokhatlo o rua molemo litšobotsing tse ntle tsa baholo bohle, kapa “limpho tseo e leng banna” tseo Jehova a faneng ka tsona.—Baef. 4:8. w15 7/15 1:14, 15
Laboraro, la 19 April
Hase karolo ea lefatše.—Joh. 17:16.
Bahlanka ba Jehova ha ba kenelle litabeng tse arolang batho, tse kang tsa bochaba, merabe kapa setso. Hobane’ng? Hobane re rata Jehova, re tšepahalla bobusi ba hae ebile re mamela litaelo tsa hae. (1 Joh. 5:3) Ho sa tsotellehe hore na re lula hokae kapa hore na re tsoa hokae, re latela litaelo tsa Molimo. Re nka ho tšepahalla Jehova le ’Muso oa hae e le habohlokoa ho feta ntho leha e le efe e ’ngoe. (Mat. 6:33) Ke kahoo re reng ‘ha re karolo ea lefatše.’ (Esa. 2:4; Joh. 17:11, 15, 16) Batho ba bangata kajeno lefatšeng ba tšepahalla linaha tsa habo bona, merabe, litso, esita le ho tšehetsa lithimi tse itseng. Ka bomalimabe, sena se entse hore batho ba bangata ba hlōlisane, ba hloeane, ’me ka linako tse ling ba be ba bolaee ba tšehetsang lehlakore le leng. Ho ka ba bonolo ho nka lehlakore ha mebuso e etsa liqeto tse se nang toka, kaha Molimo o re bōpile re e-na le bokhoni ba ho lemoha ha lintho li etsoa ka toka kapa ka leeme. w15 7/15 3:1, 2
Labone, la 20 April
Lintho tsohle li ke li etsahale ka mokhoa o hlomphehang le ka tlhophiso.—1 Bakor. 14:40.
Jehova ke Molimo ea hloekileng le ea halalelang. ’Me o hlophisehile. Ke kahoo re lokelang ho boloka Holo ea ’Muso e hloekile ebile e le makhethe. (1 Bakor. 14:33) E le hore re hloeke re be re halalele ho tšoana le Jehova, re lokela ho boloka borapeli ba rōna bo hloekile, ’me hape re boloke menahano ea rōna, liketso hammoho le ’mele ea rōna e hloekile. (Tšen. 19:8) Re nolofalloa ho memela batho libokeng tsa rōna haeba re boloka Holo ea ’Muso e hloekile ebile e le makhethe. Batho ba tla bona hore re phela tumellanong le seo re se rutang ha re bua ka lefatše le lecha le hloekileng. Ba tla bona hore re rapela Molimo ea hloekileng le ea halalelang, ea tla fetola lefatše lena paradeise e ntle. (Esa. 6:1-3; Tšen. 11:18) Ho sa tsotellehe hore na re lula hokae le hore na batho ba sebakeng seo re lulang ho sona ba ikutloa joang ka bohloeki, re lokela ho boloka Holo ea ’Muso e hloekile ebile e le makhethe. Ke sebaka seo re rapelang Jehova ho sona.—Deut. 23:14. w15 7/15 4:13-15
Labohlano, la 21 April
Le lule le lebetse.—Mar. 13:35.
Kaha balateli ba Jesu baa hlokomela hore o qalile ho busa ka 1914, baa elelloa hore bofelo bo ka ’na ba tla ka nako leha e le efe. Kahoo, ba itokiselletsa bona ka hore ba etse ho eketsehileng mosebetsing oa boboleli. Jesu o ile a re a ka ’na a tla “ha mokōkō o lla kapa hoseng haholo.” Haeba a tla ka nako eo, balateli ba hae ba lokela ho etsa’ng? Jesu o ile a re: “Le lule le lebetse.” Kahoo, esita le haeba ke khale re letile, seo ha se bolele hore bofelo bo sa le hōle kapa hore bo tla tla re se re le sieo. Nka hore u lefatšeng le lecha. Lintho tsohle tseo Jehova a li profetileng ka matsatsi a ho qetela li phethahetse feela joalokaha a ne a boletse. Kahoo, u tšepa Jehova le ho feta, ebile u kholisehile hore litšepiso tsohle tsa hae li tla phethahala. (Josh. 23:14) ’Me u ananela hore ebe Jehova o behile nako e loketseng ea ho tlisa bofelo le hore ebe o lemositse batho esale pele ka bona.—Lik. 1:7; 1 Pet. 4:7. w15 8/15 2:10, 11, 14
Moqebelo, la 22 April
Bohle ba lakatsang ho phela ka boinehelo ba bomolimo kamanong le Kreste Jesu le bona ba tla hlorisoa.—2 Tim. 3:12.
Batho ba bangata kajeno ba ithabisa ka ho shebella lifilimi tse bontšang pefo, boitšoaro bo bobe, kapa tse kenyelletsang boselamose le bodemona, esita le ho etsa liketso tseo. Ka mohlala, Inthanete, mananeo a thelevishene, lifilimi, libuka le limakasine li atisa ho hlahisa pefo le boitšoaro bo bobe e le lintho tse amohelehang. Lintho tse neng li nyarosa batho nakong e fetileng li se li amoheleha hoo hona joale libakeng tse ling li lumeletsoeng ka molao. Empa seo ha se bolele hore Jehova o amohela boitšoaro bo joalo. (Bar. 1:28-32) Lekholong la pele la lilemo, batho ba ne ba ithabisa ka ho shebella pefo le boitšoaro bo bobe. Empa balateli ba Jesu ba ne ba sa li shebelle, kaha ba ne ba mamela molao oa Molimo. Sena se ne se ‘makatsa’ batho ba ba potolohileng. Phello e ne e e-ba efe? Batho ba ne ba soma Bakreste ba bile ba ba hlorisa.—1 Pet. 4:4. w15 8/15 4:2, 3
Sontaha, la 23 April
Ho ea ka tšebetso ea setho se seng le se seng ka tekanyo e loketseng, o sebeletsa khōlo ea ’mele bakeng sa ho ikaha ha oona ka lerato.—Baef. 4:16.
Mokreste ea hōlileng tsebong o khothalletsa bonngoe ka phuthehong. (Baef. 4:1-6, 15) Kaha re Bakreste, sepheo sa rōna ke hore re ‘kopane hammoho ka tumellano,’ kapa re etse lintho ka kutloano. Ho hlokahala boikokobetso e le hore Mokreste a momahane le ba bang. Esita le haeba ba bang ba mo foselitse, Mokreste ea hōlileng tsebong o sebetsa ka thata hore a sireletse bonngoe ba phutheho. Kahoo, ipotse: ‘Ke itšoara joang ha mora kapa morali oabo rōna a etsa phoso? Ke ikutloa joang ha motho e mong a ntšiteloa? Na ke khaotsa ho mo buisa? Kapa ke leka ho rarolla bothata?’ Mokreste ea hōlileng tsebong o batla ho rarolla bothata, ho e-na le ho bakela ba bang mathata. Na u ikemiselitse ho khothalletsa bonngoe ka phuthehong? w15 9/15 1:12, 13
Mantaha, la 24 April
Lentsoe la hao ke ’nete.—Joh. 17:17.
Jesu o ne a kholisehile hore Bibele ke Lentsoe la Molimo le hore e fana ka keletso e molemohali. E le hore re etsise Jesu, re lokela ho bala Bibele letsatsi le letsatsi, re ithute eona ’me re thuise ka seo re ithutang sona. Re boetse re lokela ho etsa lipatlisiso ka lipotso tseo re ka ’nang ra ipotsa tsona. Ka mohlala, na u kholisehile ka ho feletseng hore re phela matsatsing a ho qetela? Hlahloba boprofeta ba Bibele bo bontšang hore re phela matsatsing a ho qetela, e le hore u ikholise hore bofelo bo atametse. Na u batla ho matlafatsa tumelo ea hao litšepisong tsa Molimo tsa nakong e tlang? Joale hlahloba boprofeta ba Bibele bo seng bo phethahetse. Na u kholisehile hore keletso e fanoeng ka Bibeleng e ka re thusa kajeno? U ka bala liphihlelo tsa bara le barali babo rōna bao Bibele e ileng ea ba thusa hore ba ntlafatse bophelo ba bona. (1 Bathes. 2:13) U ka etsisa mohlala oa Jesu ka hore u thuise ka lintho tse babatsehang tseo Jehova a li tšepisitseng. (Baheb. 12:2) Talima litšepiso tsena tsa Molimo e le tse lebisitsoeng ho uena ka ho toba, eseng ho batho ka kakaretso. w15 9/15 3:16, 17
Labobeli, la 25 April
Hlompha Jehova ka lintho tsa hao tsa bohlokoa.—Liprov. 3:9.
Re ka etsa’ng ho bontša hore re rata Molimo? Re ka ntša monehelo ho tšehetsa mosebetsi oa ’Muso o etsoang liphuthehong tsa habo rōna le lefatšeng ka bophara. Ebang re na le bokhoni kapa che, kaofela ha rōna re ka sebelisa lintho tseo re nang le tsona ho bontša hore re rata Jehova. (2 Bakor. 8:12) Empa ho na le litsela tse ling tseo re ka bontšang Jehova ka tsona hore rea mo rata. Jesu o re rutile hore re ’ne re batle ’Muso pele ’me re se ke ra tšoenyeha ka lijo le liaparo. Ntate oa rōna o re tšepisa ho re fa seo re se hlokang. (Mat. 6:31-33) Re tšepa Jehova ’me rea tseba hore o tla phethahatsa tšepiso eo. Etsoe ha u rata motho e le kannete, u ua mo tšepa. Ha e le hantle, haeba re tšepa Jehova, re tla mo rata. (Pes. 143:8) Kahoo, re ka ’na ra ipotsa: ‘Na lintho tseo ke rerang ho li etsa le tsela eo ke sebelisang nako le matla a ka ka eona e bontša hore ke hlile ke rata Jehova? Na ke itšetleha ka Jehova letsatsi le letsatsi hore a nthuse ka seo ke se hlokang?’ w15 9/15 5:7, 8
Laboraro, la 26 April
Kantle ho tumelo ho ke ke ha khoneha ho mo khahlisa.—Baheb. 11:6.
Mohlomong u kile ua ipotsa, ‘Na Jehova o tla bona ho hlokahala hore a mpholose matšoenyehong a maholo?’ Tšobotsi ea bohlokoa haholo eo re lokelang ho e hlaolela ke tumelo. Moapostola Petrose o ile a bua ka tumelo “e lekiloeng.” (1 Pet. 1:7) Kaha matšoenyeho a maholo a atametse, re batla ho ba “mofuta o nang le tumelo hore moea o bolokoe o phela.” (Baheb. 10:39) Kahoo, re lokela ho leka ka matla ho imatlafatsa tumelong. Re batla ho ba har’a ba tla fuoa moputso ha Morena oa rōna Jesu Kreste a senoloa. Ho tšoana le monna ea ileng a kōpa Jesu hore a mo fe tumelo e eketsehileng, le rōna re ka re: “Nthuse moo ke hlokang tumelo!” (Mar. 9:24) Kapa re ka bua joaloka baapostola ra re: “Re fe tumelo e eketsehileng.”—Luka 17:5. w15 10/15 2:1, 2
Labone, la 27 April
A re hloboleng boima bo bong le bo bong.—Baheb. 12:1.
Pauluse o ile a tela lintho tsohle ’me a tsepamisa kelello ‘linthong tsa bohlokoa haholo.’ O ile a sebetsa ka thata mosebetsing oa boboleli ’me a ea libakeng tse ngata, tse akarelletsang Syria, Asia Minor, Macedonia le Judea. Pauluse o ile a re: “Ha ke lebala lintho tse ka morao le ho hahamalla linthong tse ka pele, ke phehella pakaneng bakeng sa moputso.” (Bafil. 1:10; 3:8, 13, 14) Pauluse e ne e le lesoha, ’me seo se ile sa mo thusa hore ‘a sebeletse Morena kamehla ntle ho tšitiso.’ (1 Bakor. 7:32-35) Ho tšoana le Pauluse, bahlanka ba bang ba Jehova kajeno ba khetha ho se kene lenyalong e le hore ba etse ho eketsehileng tšebeletsong ea Jehova. (Mat. 19:11, 12) Masoha ha a atise ho ba le boikarabelo bo bongata joaloka batho ba lenyalong. Empa ebang re lenyalong kapa che, kaofela ha rōna re lokela ‘ho hlobola boima bo bong le bo bong’ bo ka re sitisang ho sebeletsa Jehova. Ho ka ’na ha hlokahala hore re qobe lintho tse ka re senyetsang nako ’me re etse ho eketsehileng tšebeletsong ea Jehova. w15 10/15 3:15, 16
Labohlano, la 28 April
Batho ba khopo le baikhakanyi ba tla tsoela pele ho tloha bobeng ho ea bobeng bo fetisisang.—2 Tim. 3:13.
Bibele e re: “Ke tseba hantle, Jehova, hore tsela ea motho oa lefatše ha e matleng a hae. Ha ho matleng a motho ea tsamaeang hore a tsamaise mehato ea hae.” (Jer. 10:23) Histori e bontšitse ka ho hlaka hore mantsoe ao ke ’nete. Jehova ha aa bōpa motho a e-na le matla kapa tokelo ea hore a ipuse ntle ho tataiso ea hae. Ka ho lumella bokhopo hore bo tsoele pele ka nakoana, Jehova o boetse o bontšitse hore ke eena feela ea ka atlehang ho busa. Nakong e tlang, Molimo o tla felisa bohle ba khopo. Ka mor’a moo, motho leha e le ofe ea tla belaella tsela e lerato eo Molimo a busang ka eona, o tla mo felisa hang-hang. A ka supa histori ea batho ho bontša hore marabele ao a lokela ho felisoa hang-hang. A ke ke a hlola a lumella bokhopo hore bo be teng. w15 11/15 3:5, 6
Moqebelo, la 29 April
E se eka Molimo oa khotso . . . a ka le hlomella ka ntho e ’ngoe le e ’ngoe e molemo hore le etse thato ea hae.—Baheb. 13:20, 21.
Jesu o ne a rata ho bua ka ’Muso oa Molimo. Ha a le lefatšeng, o ile a bua ka ’Muso oo ho feta ntho leha e le efe e ’ngoe. Ka sebele, Jesu o ne a nka ’Muso oa Molimo e le oa bohlokoa. (Mat. 12:34) Nakoana ka mor’a hore Jesu a tsosoe, o ile a kopana le batho ba fetang 500 ba neng ba thahasella ho ba barutuoa ba hae. (1 Bakor. 15:6) Mohlomong ke hona mona moo Jesu a ileng a ntša taelo ea hore litaba tse molemo li boleloe ho “batho ba lichaba tsohle.” Mosebetsi oo o ne o sa tl’o ba bobebe. O ile a ba bolella hore mosebetsi oa boboleli o ne o tla tsoela pele ka nako e telele, ho fihlela “qetellong ea tsamaiso ea lintho.” Kajeno ha u bolela litaba tse molemo, u kenya letsoho ho phethahatseng boprofeta boo. (Mat. 28:19, 20) Molimo o re file “ntho e ’ngoe le e ’ngoe e molemo” ho re thusa ho bolela. w15 11/15 5:1-3
Sontaha, la 30 April
Lena ke lebitso la ka ho isa nakong e sa lekanyetsoang.—Ex. 3:15.
Lebitso la Molimo le emeloa ke litlhaku tse ’nè tsa Seheberu tse bitsoang Tetragrammaton. Litlhaku tsena li fumaneha lingoliloeng tse ngata tsa boholo-holo tsa Seheberu tse ngotsoeng ka letsoho, joaloka Meqolong ea Leoatle le Shoeleng. Li boetse li fumaneha likoping tse ling tsa Septuagint ea Segerike. Likopi tsena li ngotsoe lilemo tse ka bang 200 pele ho mehla ea Kreste, ha tse ling tsona li ngotsoe lilemo tse ka bang 100 ka mor’a mehla ea Kreste. Ho hlakile hore lebitso la Molimo le lokela ho ba teng ka Bibeleng. Leha ho le joalo, bafetoleli ba bangata ha ba le sebelise. Ka mohlala, ka 1952, ho ile ha lokolloa Bibele e ntlafalitsoeng ea American Standard Version. Khatiso ea 1901 e ne e e-na le lebitso la Molimo, ha ena e ntlafalitsoeng e se na lona. Hobane’ng? Bafetoleli ba eona ba ne ba nahana hore “ho fosahetse” ho sebelisa lebitso la Molimo. Liphetolelo tse ngata tsa Senyesemane le tsa lipuo tse ling, li entse se tšoanang. w15 12/15 2:3-5