Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • es17 maq. 47-57
  • May

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • May
  • Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2017
  • Lihloohoana
  • Mantaha, la 1 May
  • Labobeli, la 2 May
  • Laboraro, la 3 May
  • Labone, la 4 May
  • Labohlano, la 5 May
  • Moqebelo, la 6 May
  • Sontaha, la 7 May
  • Mantaha, la 8 May
  • Labobeli, la 9 May
  • Laboraro, la 10 May
  • Labone, la 11 May
  • Labohlano, la 12 May
  • Moqebelo, la 13 May
  • Sontaha, la 14 May
  • Mantaha, la 15 May
  • Labobeli, la 16 May
  • Laboraro, la 17 May
  • Labone, la 18 May
  • Labohlano, la 19 May
  • Moqebelo, la 20 May
  • Sontaha, la 21 May
  • Mantaha, la 22 May
  • Labobeli, la 23 May
  • Laboraro, la 24 May
  • Labone, la 25 May
  • Labohlano, la 26 May
  • Moqebelo, la 27 May
  • Sontaha, la 28 May
  • Mantaha, la 29 May
  • Labobeli, la 30 May
  • Laboraro, la 31 May
Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2017
es17 maq. 47-57

May

Mantaha, la 1 May

Ba . . . [ile ba] hlolloa ke mantsoe a khahlisang a tsoang molomong oa hae.—Luka 4:22.

Batho ba ne ba thabela ho mamela Jesu hobane o ne a bua le bona ka tsela e mosa a bile a nahanela maikutlo a bona. Ka mohlala, ha a bona bongata bo ikitlaelletsa ho mo mamela, o ile a ithaopela ho qeta nako a bo ruta. (Mar. 6:34) Esita le ha batho ba mo hlapaola, Jesu ha aa ka a iphetetsa ka ho ba hlapaola. (1 Pet. 2:23) Le hoja re rata ba malapa a rōna le metsoalle, re ka ’na ra bua le bona ka tsela e hlokang mosa hobane re ba tloaetse. Re ka ’na ra nka hore ha ho hlokahale hore re be hlokolosi ha re bua le bona. Empa ha ho mohla Jesu a kileng a khahlapetsa barutuoa ba hae. Ha barutuoa ba bang ba ngangisana ka hore na ke mang e moholo har’a bona, o ile a ba khalemela ka mosa ’me a ba etsetsa mohlala ka ngoana e monyenyane ho ba thusa hore ba lokise tsela eo ba nahanang ka eona. (Mar. 9:33-37) Baholo ba ka etsisa mohlala oa Jesu ka hore ba eletse ba bang ka mosa.—Bagal. 6:1. w15 12/15 3:15, 16

Labobeli, la 2 May

Lerato la lōna la bara ba motho le ke le tsoele pele.—Baheb. 13:1.

Ke hobane’ng ha re lokela ho tsoela pele re rata barab’abo rōna? Lebaka le ka sehloohong leo re ratang barab’abo rōna ka lona, ke hobane Jehova o re laela hore re ba rate. Re ke ke ra rata Jehova haeba re sa rate barab’abo rōna. (1 Joh. 4:7, 20, 21) Lebaka le leng ke hore rea hlokana, haholo-holo linakong tse thata. Ha Pauluse a ne a ngolla Bakreste ba Baheberu, o ne a tseba hore haufinyane ba bang ba bona ba tla lokela ho siea mahae a bona. Jesu o ile a bolela esale pele hore nako eo e ne e sa tl’o ba bonolo. (Mar. 13:14-18; Luka 21:21-23) Kahoo, Bakreste bao ba ne ba lokela ho tiisa maqhama a bona a lerato pele nako eo e fihla. (Bar. 12:9) Matšoenyeho a maholo a ntse a atamela ka potlako. (Mar. 13:19; Tšen. 7:1-3) Empa na re lokela ho khotsofalla feela ho bokana hammoho kamehla? Pauluse o ile a hopotsa Bakreste ba Baheberu hore ba lokela ho khothatsana le ho bontšana lerato esita le ho thusana.—Baheb. 10:24, 25. w16.01 1:6-8

Laboraro, la 3 May

Kaofela ba tlala moea o halalelang.—Lik. 2:4.

E ne e le ka Pentekonta ea selemo sa 33, mehleng ea baapostola. Barutuoa ba Jesu ba 120 ba ne ba le Jerusalema, ba bokane kamoreng e ka holimo ’me ba rapela. (Lik. 1:13-15) Moprofeta Joele o ne a ile a profeta ketsahalo ena lilemong tse makholo a robeli pele ho moo. (Joele 2:28-32; Lik. 2:16-21) Molimo o ile a fa Bakreste bao moea o halalelang, ’me ea e-ba batlotsuoa. (Lik. 1:8) Joale letšoele le ile la ba bokanela, ’me Bakreste bao ba qala ho bua ka lintho tse hlollang tseo ba sa tsoa li bona le ho li utloa. Moapostola Petrose o ile a hlalosa se sa tsoa etsahala le hore na ke hobane’ng ha e le sa bohlokoa. O ile a re ho letšoele: “Bakang, ’me e mong le e mong oa lōna a ke a kolobetsoe ka lebitso la Jesu Kreste hore le tšoareloe libe, ’me le tla amohela mpho e sa lefelloeng ea moea o halalelang.” Ho ile ha kolobetsoa batho ba ka bang 3 000 letsatsing leo, ’me le bona ba fuoa moea o halalelang.—Lik. 2:37, 38, 41. w16.01 3:1-3

Labone, la 4 May

Mang kapa mang ea jang bohobe bona kapa ea noang senoelo sa Morena ka ho sa tšoaneleheng o tla ba molato mabapi le ’mele le mali a Morena.—1 Bakor. 11:27.

Motlotsuoa a ka ’na a ja bohobe le ho noa veine “ka ho sa tšoaneleheng” joang Sehopotsong? Haeba a se na kamano e ntle le Jehova ’me a sa tšepahale, o bontša ho se hlomphe ha a ja bohobe le ho noa veine. (Baheb. 6:4-6; 10:26-29) Temoso ena e hopotsa batlotsuoa hore ba lokela ho lula ba tšepahala haeba ba batla ho fumana “moputso oa pitso ea holimo ea Molimo ka Kreste Jesu.” (Bafil. 3:13-16) Pauluse o ile a re ho batlotsuoa: “’Na, motšoaruoa Moreneng, ke le kōpa ka tieo hore le tsamaee ka mokhoa o tšoanelang pitso eo le ileng la bitsoa ka eona.” Ba ka etsa see joang? Pauluse o ile a hlalosa a re: “Ka ho ikokobetsa ho feletseng kelellong le bonolo, ka tiisetso, le mamellane ka lerato, le leke ka tieo ho boloka bonngoe ba moea ka tlamo e kopanyang ea khotso.” (Baef. 4:1-3) Moea o halalelang oa Jehova o thusa bahlanka ba hae hore ba ikokobetse, eseng ba ikhohomose.—Bakol. 3:12. w16.01 4:5, 6

Labohlano, la 5 May

Molimo oa ’nete a leka Abrahama.—Gen. 22:1.

Ak’u nahane Abrahama ea lilemo li 125 a nyoloha thaba a tsamaea butle. A setsoe morao ke mora oa hae Isaka, ea lilemo li ka bang 25. Isaka a nkile patsi, ’me Abrahama a nkile thipa le lintho tseo a tla besa mollo ka tsona. Mohlomong leeto lena e bile le boima ka ho fetisisa bophelong ba Abrahama. Eseng hobane a ne a tsofetse. O ne a ntse a e-na le matla. Leeto leo le ne le le boima hobane Jehova o ne a mo laetse hore a etse sehlabelo ka mora oa hae! (Gen. 22:1-8) E ka ’na eaba ena e bile teko e matla ka ho fetisisa ea tumelo ho Abrahama. Empa Abrahama ha aa ka a mamela Molimo feela tjee, a sa nahane. O ile a mamela hobane a e-na le tumelo ea ’nete. O ne a tseba hore Jehova a ke ke a mo laela hore a etse ntho e tla mo utloisa bohloko ’me e ke ke ea etsolloa. Abrahama o ne a tseba hore haeba a mamela, Jehova o tla mo hlohonolofatsa hammoho le mora oa hae eo a mo ratang. Ke’ng e ileng ea nolofalletsa Abrahama hore a be le tumelo e matla joalo? Ke lintho tseo a neng a li tseba le tse ileng tsa mo hlahela bophelong. w16.02 1:3, 4

Moqebelo, la 6 May

Bona! Lekhabunyane la Jehova! E se eka ho ka nketsahalla ho ea ka polelo ea hao.—Luka 1:38.

Maria o ne a tla ima, ’me a tsoale Mora oa Molimo a be a mo hōlise! Re atisa ho bolela kamoo Maria a ileng a fuoa tlotla kateng. Empa e ka ’na eaba ke lintho life tseo a ileng a tšoenyeha ka tsona? Ka mohlala, lengeloi Gabriele le ile la mo bolella hore o tla ima, le hoja a ne a e-s’o kopanele liphate le monna. Empa lengeloi leo ha lea ka la mo tšepisa hore le tla hlalosetsa ba lelapa le baahelani hore o tla ima. Ba ne ba tla mo nka joang? O ne a tla re’ng ho Josefa ho mo tiisetsa hore ha aa mo tsoa tlaase? Ho phaella moo, o ne a fuoe boikarabelo bo boholo ba ho hōlisa Mora oa Molimo! Ha re tsebe lintho tsohle tseo Maria a neng a tšoenyehile ka tsona, empa re tseba seo a ileng a se bua ha Gabriele a qeta ho mo bolella taba eo. O ile a bua mantsoe a temaneng ea kajeno.—Luka 1:26-37. w16.02 2:13, 14

Sontaha, la 7 May

Hushai Moareke o ne a tlil’o mo khahlanyetsa, seaparo sa hae se selelele sa ka holimo se hahotsoe ’me a le mobu hloohong.—2 Sam. 15:32.

Hushai e ne e le motsoalle ea tšepahalang oa Morena Davida. Empa o ile a lokela ho iteta sebete e le hore a lule a tšepahala ho Davida le ho Molimo, ha batho ba ne ba batla ho etsa Absalome morena. (2 Sam. 15:13; 16:15) O ile a lula a tšepahala ho Davida kaha o ne a tseba hore Jehova o mo khethile hore e be morena, le hoja Davida a ne a se a tsofetse ebile ho e-na le batho ba bangata ba batlang ho mo bolaea. Kahoo Hushai o ile a ea Thabeng ea Mehloaare ho ea kopana le Davida. (2 Sam. 15:30) Davida o ile a re Hushai a khutlele Jerusalema ’me a iketse motsoalle oa Absalome e le hore Absalome a ka mamela keletso ea hae eseng ea Akitofele. Hushai o ile a iteta sebete ’me a beha bophelo ba hae kotsing e le hore a mamele Davida le hore a lule a tšepahala ho Jehova. Davida o ile a rapela Jehova hore a thuse Hushai, ’me a fela a mo thusa. Absalome o ile a mamela Hushai ho e-na le Akitofele.—2 Sam. 15:31; 17:14. w16.02 4:15, 16

Mantaha, la 8 May

Litlhohonolofatso tsena tsohle li tla tla holim’a hao ’me li u fihlele, hobane u ntse u mamela lentsoe la Jehova Molimo oa hao.—Deut. 28:2.

Le rōna Bakreste re rua molemo litaelong tseo Jehova a faneng ka tsona Molaong. Ka tsela efe? Re ka ema ’me ra sheba melao-motheo eo re ithutang eona Molaong oo. Le hoja re se re se tlas’a melao eo, re ntse re ka itšetleha ka eona hore e re tataise bophelong ba rōna ba letsatsi le letsatsi le ha re sebeletsa Jehova. O e tlalehile ka Bibeleng e le hore re ithute eona, re tataisoe ke melao-motheo ea eona le hore re lemohe hore Jesu o re thusitse ho hlakeloa ke seo Molao o neng o le sona. Mamela seo Jesu a ileng a se bua: “Le utloile hore ho itsoe, ‘U se ke ua feba.’ Empa ke re ho lōna e mong le e mong ea ntseng a tsoela pele ho sheba mosali e le hore a be le takatso e matla bakeng sa hae o se a febile le eena ka pelong ea hae.” Ha e le hantle, ha rea lokela ho qoba bofebe feela, empa re boetse re lokela ho hanela menahano e fosahetseng le litakatso tse litšila.—Mat. 5:27, 28. w16.03 4:6, 8

Labobeli, la 9 May

Re behele morena hore a re ahlole.—1 Sam. 8:5.

Jehova o ile a bolella Samuele ka makhetlo a mararo hore a mamele sechaba, kaha o ne a sa batle ho se fa morena. (1 Sam. 8:7, 9, 22) Le hoja Samuele a ne a ikutloa ka tsela eo, ha aa ka a halefela monna ea neng a tla etella sechaba pele kapa hona ho mo honohela. Ha Jehova a mo bolella hore a tlotse Saule, Samuele ha aa ka a tsilatsila. O ile a khetha ho mamela hobane a rata Jehova, eseng hobane a qobelloa. Ho na le baholo ba bangata kajeno ba nang le phihlelo ba etsisang Samuele, ’me ba koetlisa barab’abo rōna ka lerato. (1 Pet. 5:2) Baholo bana ba mosa ba ithaopela ho ruta ba bang, ’me ha ba tšabe ho arolelana boikarabelo le barab’abo rōna ba ntseng ba koetlisoa. Ba nka bara bana babo rōna e le “basebetsi-’moho” le bona, ba tlang ho ba thusa ho hlokomela phutheho ka seo e se hlokang. (2 Bakor. 1:24; Baheb. 13:16) Baholo bana ba se nang boithati ba thabela ho bona barab’abo rōna ba sebelisa bokhoni ba bona ho thusa batho ba Jehova.—Lik. 20:35. w15 4/15 1:16, 17

Laboraro, la 10 May

Ke tla lokela ho u khalemela ka tekanyo e loketseng.—Jer. 30:11.

Morena Azaria o ile “a tsoela pele ho etsa se lokileng mahlong a Jehova.” Empa Jehova o ile a otla Azaria ka lepera. (2 Mar. 15:1-5) Hobane’ng? Tlaleho ena ha e re bolelle lebaka. Na taba ee e lokela ho u tšoenya, u nke hore Jehova ha aa sebetsa litaba ka toka le hore o otlile Azaria ntle ho lebaka? Che. Haeba u tseba Jehova hantle, u ua tseba hore khalemelo ea hae e nepahetse kamehla. Morena Azaria o ne a tsejoa hape e le Morena Uzia. (2 Mar. 15:7, 32) Tlaleho e ho 2 Likronike 26:3-5, 16-21 e re o ile “a etsa se nepahetseng mahlong a Jehova.” Empa e boetse e re hamorao pelo ea hae e ile ea ikhohomosa ho fihlela a etsa sebe. Morena eo o ile a leka ho etsa ntho e neng e lokela ho etsoa ke baprista feela. Baprista ba 81 ba ile ba mo bolella hore seo se fosahetse ’me ba leka ho mo thiba. O ile a etsa’ng? Ka boikhohomoso o ile a ba halefela! Lintlha tsena tse eketsehileng li re thusa ho hlokomela hore na ke hobane’ng ha Jehova a ile a otla morena eo ka lepera. w15 4/15 3:8, 9

Labone, la 11 May

Drakone e khōlō ea liheloa tlaase, noha ea pele, e bitsoang Diabolose le Satane, e khelosang lefatše lohle leo ho ahiloeng ho lona.—Tšen. 12:9.

Temaneng e ka holimo, Satane o bitsoa Diabolose, e bolelang “Moetselletsi.” Satane o hlompholotse Molimo ka ho mo bitsa raleshano. Poleloana “noha ea pele” e re hopotsa kamoo Satane a ileng a sebelisa noha kateng ho thetsa Eva. Poleloana “drakone e khōlō” le eona e hlalosa Satane hantle. O mabifi, o sehlōhō ebile o khopo. O batla ho nyopisa morero oa Jehova le ho felisa batho ba Molimo. Ho hlakile hore Satane o batla ho senya botšepehi ba rōna. Ke kahoo Bibele e re lemosang: “Lulang le hlaphohetsoe likelellong, le lebele. Mohanyetsi oa lōna, Diabolose, o tsamaea joaloka tau e purumang, e batlang ho harola e mong.” (1 Pet. 5:8) Satane o oa thaba ha a bona e mong oa bahlanka ba Molimo a etsa sebe se tebileng. Ha e le hantle, Diabolose o nyefola Jehova ka seo.—Liprov. 27:11. w15 5/15 1:3, 4, 10

Labohlano, la 12 May

Lerato la chelete ke motso oa mefuta eohle ea lintho tse mpe.—1 Tim. 6:10.

Jehova o batla hore re thabele bophelo. Re tseba sena hobane o ne a file Adama le Eva paradeise e ntle hore ba phele ho eona. (Gen. 2:9) Empa Satane a ka re faposa, a sebelisa “matla a thetsang a maruo.” (Mat. 13:22) Batho ba bangata ba nahana hore chelete le lintho tse bonahalang li ka etsa hore ba thabe kapa ba atlehe. Haeba re nahana ka tsela ena, re ka lahleheloa ke ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa, e leng kamano ea rōna le Jehova. Jesu o ile a fana ka temoso: “Ha ho eo e ka bang lekhoba la benghali ba babeli; kaha o tla hloea e mong ’me a rate e mong, kapa o tla khomarela e mong ’me a nyelise e mong. Le ke ke la ba makhoba a Molimo le a Maruo.” (Mat. 6:24) Ha re ba makhoba a lintho tse bonahalang, re khaotsa ho sebeletsa Jehova. Ke sona seo Satane a se batlang. E se eka re ke ke ra lumella chelete kapa lintho tseo e ka li rekang hore e be tsa bohlokoa ho feta setsoalle sa rōna le Jehova. E le hore re loantše Satane ’me re mo hlōle, re lokela ho talima lintho tse bonahalang ka tsela e loketseng.—1 Tim. 6:6-10. w15 5/15 2:12

Moqebelo, la 13 May

Haeba setho se seng se utloa bohloko, litho tse ling tsohle li utloa bohloko le sona.—1 Bakor. 12:26.

Ka linako tse ling, ha ho bonolo ho utloisisa mathata ao batho ba bang ba tobanang le ’ona, haholo-holo haeba re e-s’o be boemong ba bona. Ka mohlala, barab’abo rōna ba bangata ba utloisoa bohloko ke ho kula, ho lemala kapa botsofali. Ba bang ba sithabetse maikutlong, ba ngongoreha ka ho fetelletseng kapa ba kile ba hlekefetsoa nakong e fetileng. Ba bang ba hōlisa bana ba se na balekane kapa litho tsa malapa a bona ha li sebeletse Jehova. Motho e mong le e mong o na le mathata, ’me hangata ha a tšoane le a ba bang. Empa re batla ho bontša batho ba bang lerato ’me re ba thuse. Joale re ka etsa see joang? Haeba re mamela ka hloko ’me re leka ho utloisisa kamoo motho a ikutloang kateng, re tla tseba tsela e molemo ea ho mo thusa. Mohlomong re ka mo hopotsa hore na Jehova o ikutloa joang ka bothata ba hae. Kapa ra mo thusa ka litsela tse ling. Ha re etsa sena, re tla be re etsisa Jehova.—Bar. 12:15; 1 Pet. 3:8. w15 5/15 4:6, 7

Sontaha, la 14 May

Kreste ke matla a Molimo.—1 Bakor. 1:24.

Ke Jehova ea fileng Kreste matla, kahoo rea tseba hore Molimo ea Matla ’Ohle o khona ho laola lintho tsa tlhaho. Ka mohlala, pele ho Moroallo, Jehova o ile a re: “Ho setse matsatsi a supileng feela ’me ke tla nesa pula holim’a lefatše ka matsatsi a mashome a mane le masiu a mashome a mane.” (Gen. 7:4) ’Me ho Exoda 14:21, rea bala: “Eaba Jehova o qala ho khutlisetsa leoatle morao ka moea o matla oa bochabela.” Jonase 1:4 eona e re: “Jehova a romela moea o moholo leoatleng, ’me ha e-ba le sefefo se matla leoatleng; ha e le sekepe, se ne se le haufi le ho soahlamana.” Hoa khothatsa ho tseba hore lefatšeng le lecha, Jehova o tla lula a laola lintho tsa tlhaho. Ha re na ho tšoha koluoa leha e le efe kaha “tente ea Molimo” e tla be e le ho moloko oa batho! (Tšen. 21:3, 4) Re kholisehile hore Jehova o tla fa Jesu matla a ho laola lintho tsa tlhaho Pusong ea hae ea Lilemo Tse Sekete. w15 6/15 1:15, 16

Mantaha, la 15 May

Le etse hore litsela tsa lōna li be hōle le [mosali oa letekatse], ’me le se ke la atamela monyako oa ntlo ea hae.—Liprov. 5:8.

Lentsoe la Molimo le re lemosa hore re qobe boitšoaro bo bobe. Ho Liproverbia khaolo ea 7, re bala ka pale ea mohlankana ea ileng a tsamaea bosiu a ea haufi le ha mosali e mong oa letekatse. Eaba o kopanela liphate le eena. Hoja o ile a nahana ka liphello tsa seo, a ka be a ile a tsamaella hōle le mosali eo. (Liprov. 7:6-27) Feela joaloka mohlankana eo, re ka ’na ra etsa liqeto tse booatla hobane re sa ka ra nahana ka liphello. Ka mohlala, bosiu mananeo a mang a thelevishene a bontša boitšoaro bo bobe, kahoo ho ka ba kotsi ho ’na re chencha mananeo hore feela re bone se bapalang thelevisheneng. Ho ka boetse ha e-ba kotsi ho bula link ea Inthanete eo re sa tsebeng hore na e re isa hokae, kapa ho kena Liwebsaeteng tseo batho ba etsang metsoalle ho tsona tse nang le lipapatso le litšoantšo tse litšila. Maemong ana, seo re se shebang se ka etsa hore re be le takatso e fosahetseng ’me sa etsa hore re se mamele Jehova. w15 6/15 3:8, 9

Labobeli, la 16 May

U re tšoarele melato ea rōna.—Mat. 6:12.

Ka lekhetlo le leng, Jesu o ile a re: “U re tšoarele libe tsa rōna.” (Mat. 6:12; Luka 11:4) O ne a bua joalo hobane libe tsa rōna li tšoana le melato. Ka 1951, Molula-Qhooa o ile oa hlalosa hore ha re etsa sebe, ho tšoana le ha re kolota Jehova. Ha re siteloa Molimo, ha re mo fe se mo tšoanelang. Molula-Qhooa o ile oa re ha Jehova a rata, a ka khaola setsoalle sa rōna le eena. Oa phaella ka ho re: “Sebe ke ho se rate Molimo.” (1 Joh. 5:3) Ruri rea leboha hore ebe Jehova o fane ka sehlabelo sa Jesu sa thekollo e le hore re tšoareloe libe! Letsatsi le letsatsi, re hloka Jehova hore a re tšoarele. Jesu o re shoetse lilemong tse ka bang 2 000 tse fetileng, empa le kajeno re ntse re rua molemo sehlabelong seo. Ha ho le ea mong oa rōna ea neng a ka fana ka thekollo e hlokahalang ho re lokolla sebeng le lefung.—Pes. 49:7-9; 1 Pet. 1:18, 19. w15 6/15 5:9, 10

Laboraro, la 17 May

Ke tla tlotlisa sebaka sa maoto a ka.—Esa. 60:13.

Ha re le tšimong, re thabela ho fa batho lingoliloeng tse bohehang tse ka ba thusang. Hape nahana kamoo re sebelisang theknoloji kateng ho bolela litaba tse molemo. Ka mohlala, Websaete ea rōna ea jw.org e finyella batho ba bangata e le hore ba ka fumana thuso eo ba e hlokang. Re boetse re ananela phetoho e ileng ea etsoa libokeng tsa rōna e re fileng nako ea ho tšoara borapeli ba lelapa kapa ho ba le thuto ea botho. Hape re ananela liphetoho tse entsoeng mananeong a likopano tse khōlō le tse nyenyane. Aa ntlafala selemo le selemo! Ho feta moo re thabela koetliso eo re e fumanang likolong tse ngata tsa Bibele. Liphetoho tsena tsohle li bontša ka ho hlaka hore Jehova o laola mokhatlo oa hae le hore o tsoela pele ho khabisa paradeise ea moea! w15 7/15 1:16, 17

Labone, la 18 May

U rate moahelani oa hao joalokaha u ithata.—Luka 10:27.

Haeba u sa tsebe hantle seo u lokelang ho se etsa boemong bo itseng, ipotse, ‘Jesu o ne a tla etsa’ng boemong boo?’ Ha Jesu a le lefatšeng, ho ne ho e-na le liqhoebeshano mahareng a batho ba Judea, Galilea le Samaria. Bajuda le Basamaria ba ne ba sa buisane. (Joh. 4:9) Bafarisi ba ne ba sa lumellane le Basaduse lintlheng tse ngata. (Lik. 23:6-9) Bajuda ba neng ba ithutetse Molao ba ne ba nka hore ba phahametse ba bang. (Joh. 7:49) Ba bangata ba ne ba hloile babokelli ba lekhetho le Baroma. (Mat. 9:11) Empa Jesu ha aa ka a kenella liqhoebeshanong tseo. Le hoja a ne a lula a sireletsa ’nete e mabapi le Jehova a bile a tseba hore Baiseraele ke sechaba sa Molimo se khethehileng, ha ho mohla a kileng a ruta barutuoa ba hae hore ba molemo ho feta batho ba bang. (Joh. 4:22) Ho e-na le hoo, o ile a ba ruta hore ba rate batho bohle. w15 7/15 3:5

Labohlano, la 19 May

Jehova o ka lehlakoreng la ka; nke ke ka tšoha. Motho oa lefatše a ka nketsa’ng? Jehova o ka lehlakoreng la ka har’a ba nthusang.—Pes. 118:6, 7.

Jehova o bōpile batho ba e-na le takatso ea ho rata ba bang le ea ho ratoa. Empa re ka ’na ra nyahamisoa ke ho kula, mathata a lichelete kapa ke ha re sa fumane batho ba thahasellang tšimong. Haeba re tleloa ke boikutlo ba hore Jehova ha a sa re rata, re lokela ho hopola hore o re nka re le ba bohlokoa le hore o na le rōna ’me o re tšoere ka letsoho le letona ho re thusa. A ke ke a re lebala haeba re tšepahala ho eena. (Esa. 41:13; 49:15) Brigitte, ea ileng a hlokahalloa ke monna ’me a tlameha ho hōlisa bana ba babeli a le mong o re: “Ho boima haholo ho hōlisa bana tsamaisong ena ea Satane, haholo-holo ha u se na molekane. Empa ke kholisehile hore Jehova o oa nthata, kaha o ’nile a ntataisa le maemong a thata, ’me ha ho mohla a kileng a ntlohella hore ke tobane le maemo ao nke keng ka khona ho a jara.”—1 Bakor. 10:13. w15 8/15 1:1-3

Moqebelo, la 20 May

U lule u e lebeletse.—Hab. 2:3.

Moprofeta Habakuke o ile a leta ka mamello ha a ntse a phatlalatsa ho timetsoa ha Jerusalema. Baprofeta ba bang ba bileng teng pele ho eena, le bona ba ne ba phatlalalitse molaetsa oo ka lilemo tse ngata. Habakuke o ile a bona kamoo bobe bo jeleng setsi kateng le ho hloka toka ho atileng kateng. O ile a kōpa thuso ho Jehova, ’me a re: “Jehova, ke tla hoeletsa halelele hakae ho kōpa thuso?” Jehova o ile a tšepisa Habakuke a re: ‘Bo ke ke ba siuoa ke nako.’ (Hab. 1:1-4) A re re mohlomong Habakuke o ile a khathala ke ho letela bofelo ’me a re: ‘E se e le lilemo joale ke lebeletse hore Jerusalema e timetsoe. Bofelo bo sa le hōle. Ha ho hlokahale hore ke ’ne ke phatlalatse hore boa tla. Ba bang ba tla bo phatlalatsa.’ Ho ka be ho ile ha etsahala’ng hoja ebe o ile a nahana ka tsela eo? Jehova o ne a ke ke a mo amohela. Hape, a ka be a ile a shoa hoja ebe bofelo bo ile ba fihla a sa itokisa. w15 8/15 2:12, 13

Sontaha, la 21 May

Litloaelano tse mpe li senya mekhoa e metle.—1 Bakor. 15:33.

E le hore re boloke kamano ea rōna le Jehova e le ntle, re khetha ho se tloaelane le motho leha e le ofe ea etsang lintho tse fosahetseng. Sena se akarelletsa le batho ba ipolelang hore ba rapela Jehova empa ba khetha ho se mo mamele. Haeba batho bao ba etsa sebe se tebileng ’me ba sa bake, re khaotsa ho tloaelana le bona. (Bar. 16:17, 18) Hangata batho ba rata ho khahlisa metsoalle ea bona e le hore e ba amohele. Kahoo, haeba re tloaelana le batho ba sa mameleng Molimo, re ka ’na ra lekeha hore re etse seo ba se etsang. Ka mohlala, haeba re tloaelana le batho ba etsang boitšoaro bo bobe ba ho kopanela liphate, re ka ’na ra ba etsisa. Sena se ’nile sa etsahalla bara le barali babo rōna ba bang. ’Me haeba ba sa bake, baa khaoloa. (1 Bakor. 5:11-13) Kahoo, ba qetella ba le boemong bo kang boo Petrose a bo hlalositseng.—2 Pet. 2:20-22. w15 8/15 4:4-6

Mantaha, la 22 May

Le metsoalle ea ka haeba le etsa seo ke le laelang sona.—Joh. 15:14.

Jesu o ile a khetha metsoalle ka hloko. O ile a khetha metsoalle e haufi har’a balateli ba hae ba tšepahalang, ba ratang Jehova le ba mo sebeletsang. Na u khetha metsoalle e ratang Jehova ka pelo eohle? Ke hobane’ng ha see e le sa bohlokoa? Lerato la bara le barali babo rōna le ka u thusa hore u be Mokreste ea hōlileng tsebong. Na u mocha, ’me u lokela ho etsa qeto ea hore na u tla etsa’ng bophelong? Haeba ho joalo, e ka ba bohlale hore u khethe batho bao e leng khale ba sebeletsa Jehova le ba khothalletsang bonngoe ka phuthehong hore e be metsoalle ea hao. Mohlomong ba ile ba kopana le mathata bophelong kapa ba mamella maemo a itseng a thata ha ba ntse ba sebeletsa Jehova. Ba ka u thusa hore u khethe tsela e tla u tsoela molemo. Ha u qeta nako u e-na le bona, ba ka u thusa hore u etse liqeto tse bohlale le hore u hōle moeeng.—Baheb. 5:14. w15 9/15 1:14, 15

Labobeli, la 23 May

Emang khahlanong le [Diabolose] le tiile tumelong.—1 Pet. 5:9.

Jesu o ile a thusa barutuoa ba hae hore ba tiee tumelong ka seo a neng a se bua le ho se etsa. (Mar. 11:20-24) Re lokela ho etsisa mohlala oa Jesu. Ha re etsa joalo, re tla matlafatsa tumelo ea rōna le ea ba bang. (Liprov. 11:25) U ka etsa see joang? Ha u ruta ba bang Bibele, totobatsa bopaki bo bontšang hore Molimo o teng le hore o oa re tsotella, esita le hore Bibele ke Lentsoe la Molimo. Haeba u utloa e mong ka phuthehong a tletleba ka barab’abo rōna ba etellang pele, u se ke ua potlakela ho mo qoba. Ka bohlale, leka ho mo thusa hore a tsosolose tumelo ea hae. (Juda 22, 23) Haeba u ntse u kena sekolo ’me tichere e bua ka khopolo ea ho iphetola ha lintho, e bolelle ka sebete hore u lumela hore lintho li bōpiloe. Jehova o thusa e mong le e mong oa rōna hore a eme a tiile tumelong. (1 Pet. 5:10) Re lokela ho etsa boiteko e le hore re be matla tumelong, ’me Jehova o tla putsa boiteko boo ba rōna. w15 9/15 3:20, 21

Laboraro, la 24 May

Maholimo a bolela khanya ea Molimo; sepakapaka se bolela mosebetsi oa matsoho a hae.—Pes. 19:1.

Kajeno, Jehova o re ruta lintho tse ngata ka eena, ka morero oa hae, ka pōpo ea hae le ka Lentsoe la hae. Lefatše le khothalletsa batho hore ba ithute, empa maemong a mangata thuto e phahameng e etsa hore ba khaotse ho rata Molimo. Ka lehlakoreng le leng, Jehova ha a batle hore re be le tsebo feela, empa o boetse o re thusa hore re be bohlale. O batla hore re sebelise seo re ithutang sona molemong oa rōna le hore re thuse ba bang. (Liprov. 4:5-7) Ka mohlala, o batla hore re abele ba bang ‘tsebo e nepahetseng ea ’nete’ ’me re ba thuse hore ba bolokehe. (1 Tim. 2:4) Re bontša hore re rata Jehova le batho ba bang ka hore re bolelle ba bangata kamoo re ka khonang ka ’Muso oa Molimo le seo o tla se etsetsa batho.—Pes. 66:16, 17. w15 9/15 5:10, 11

Labone, la 25 May

Lintho tsohle tse ileng tsa ngoloa nakong e fetileng li ile tsa ngolloa ho re laea.—Bar. 15:4.

Ha u ntse u thuisa ka mohlala oa moprofeta Elia, hlokomela kamoo a ileng a bontša kateng hore o na le tumelo e matla ho Jehova. O ile a bolella Morena Akabe hore Jehova o tla tlisa komello, ’me a bua ka kholiseho a re: “Ka Jehova Molimo oa Iseraele ea phelang eo ke emeng ka pel’a hae, lilemong tsena ho ke ke ha e-ba le phoka kapa pula.” (1 Mar. 17:1) Elia o ne a lumela hore Jehova o tla mo fa lintho tseo a li hlokang nakong ea komello, a be a fe le ba bang. (1 Mar. 17:4, 5, 13, 14) O ne a boetse a kholisehile hore Jehova o tla tsosa mora oa mosali oa mohlolohali. (1 Mar. 17:21) O ne a se na pelaelo ea hore mollo o tsoang ho Jehova o tla chesa sehlabelo sa hae Thabeng ea Karmele. (1 Mar. 18:24, 37) Le pele pula e qala ho na, Elia o ile a bua ka kholiseho a re ho Akabe: “Nyoloha, u je ’me u noe; etsoe ho na le molumo oa pula ea litloebelele.” (1 Mar. 18:41) Kahoo, ka mor’a ho hlahloba lintlha tsena re ka ’na ra ipotsa, ‘Na ke na le tumelo e matla joaloka Elia?’ w15 10/15 2:4, 5

Labohlano, la 26 May

Nahanisisa ka lintho tsena.—1 Tim. 4:15.

Jehova o re file mpho ea hore re khone ho sebelisa puo. (Pes. 139:14; Tšen. 4:11) O boetse o re file mpho e ’ngoe e re khethollang ho liphoofolo. Batho ba entsoe “ka setšoantšo sa Molimo.” Re na le bolokolohi ba ho ikhethela kapa ba ho iketsetsa liqeto. Hape re ka khetha ho sebelisa puo hore re sebeletse Jehova le ho mo rorisa. (Gen. 1:27) Jehova o re file Bibele e le hore re tsebe hore na re lokela ho mo sebeletsa le ho mo rorisa joang. Bibele e fumaneha ka lipuo tse fetang 2 800, e feletse kapa e sa fella. Ha re thuisa ka seo Bibele e se rutang, re tla nahana ka tsela eo Molimo a nahanang ka eona. (Pes. 40:5; 92:5; 139:17) ’Me litsela tsa Jehova lia re hlalefisa ebile li re lebisa bophelong bo sa feleng. (2 Tim. 3:14-17) Ho thuisa ho bolela ho nahana ka ho teba kapa ho nahanisisa ka taba e itseng. (Pes. 77:12; Liprov. 24:1, 2) Re rua molemo haholo ha re thuisa ka seo re ithutang sona ka Jehova le Jesu.—Joh. 17:3. w15 10/15 4:2-4

Moqebelo, la 27 May

Haeba ka sebele motho leha e le ofe a sa tsebe ho okamela ba ntlo ea hae, o tla hlokomela phutheho ea Molimo joang?—1 Tim. 3:5.

Jesu o ile a bolella barutuoa ba hae hore ba ikokobetse le hore ba se ke ba ba le boithati, ’me a ba behela mohlala. (Luka 22:27) Baapostola ba hae ba ile ba lemoha hore o itetse e le hore a sebeletse Jehova le ho thusa ba bang, ’me ba ithuta ho etsa se tšoanang. Le uena u ka ruta bana ba hao ka ho ba behela mohlala. Debbie ea nang le bana ba babeli, o re: “Ha ke tšoenyehe ha monna oa ka a qeta nako a thusa ba bang ka phuthehong kaha ke moholo. Kea tseba hore ha re mo hloka, o re fa nako.” Monna oa Debbie, e leng Pranas, o re bana ba bona ba ne ba lula ba ithaopela ho thusa likopanong. Ba ne ba thabile, ba e-na le metsoalle ’me ba rata ho qeta nako ba e-na le bara le barali babo rōna. Hona joale lelapa lohle le sebeletsa Jehova ka nako e tletseng. Haeba u ikokobelitse ’me u se na boithati, u ka ruta bana ba hao hore ba ithaopele ho thusa batho ba bang. w15 11/15 1:9

Sontaha, la 28 May

Litšobotsi tsa [Molimo] tse sa bonahaleng li bonoa ka ho hlaka ho tloha pōpong ea lefatše ho ea pele, hobane li lemohuoa ka lintho tse entsoeng, esita le matla le Bomolimo ba hae ba ka ho sa feleng.—Bar. 1:20.

Jehova o bontšitse batho lerato la hae ka litsela tse ngata. Nahana kamoo bokahohle bo leng boholo ’me bo leng botle kateng. Bo na le lihlopha tsa linaleli tse libilione, ’me sehlopheng ka seng ho na le linaleli le lipolanete tse libilione. Letsatsi ke e ’ngoe ea linaleli tse sehlopheng sa rōna sa linaleli se bitsoang Milky Way. Ka ntle ho letsatsi, ha ho letho le ka phelang lefatšeng. Lintho tsena tsohle tse bōpiloeng li bontša hore Jehova ke ’Mōpi oa rōna, ’me li bonahatsa litšobotsi tsa hae, tse kang matla, bohlale le lerato. Jehova o bōpile lefatše hore batho ba phele ho lona. Ntho e ’ngoe le e ’ngoe e lefatšeng e tsoela batho le liphoofolo molemo. Molimo o ile a etsetsa batho serapa se setle hore ba phele ho sona ’me a ba fa kelello le ’mele o phethahetseng hore ba phele ka ho sa feleng. (Tšen. 4:11) O boetse ‘o ba fa lijo, etsoe mosa oa hae o lerato o teng ho isa nakong e sa lekanyetsoang.’—Pes. 136:25. w15 11/15 3:7, 8

Mantaha, la 29 May

Ke na le lōna.—Mat. 28:20.

Morena oa rōna o re file lithulusi tseo re ka li sebelisang ho thusa batho hore ba amohele molaetsa oa rōna. Lithulusi tse ling li ile tsa sebetsa ka nakoana, ha tse ling tsona li ntse li sebelisoa le kajeno. Empa kaofela ha tsona li re thusitse ho ntlafatsa mokhoa oa rōna oa ho bolela. Ka 1933, bahoeletsi ba ile ba qala ho sebelisa karete ea bopaki, e ileng ea thusa batho ba bangata ho qala ho bolela. E ne e le karete e nyenyane e nang le molaetsa o mokhutšoanyane oa Bibele. Karete ea bopaki e ne e thusa bahoeletsi ka litsela tse ngata. Bahoeletsi ba bang ba ne ba le lihlong, ’me le hoja ba batla ho paka ba ne ba sa tsebe hore na ba re’ng. Ba bang ba ne ba le sebete haholo. Ba bolella mong’a ntlo sohle seo ba se tsebang ka metsotso e seng mekae, ba bile ba bua ka tsela e hlabang. Karete ea bopaki e ne e thusa bahoeletsi bohle hore ba fane ka molaetsa o hlakileng le o utloahalang. w15 11/15 5:3-6

Labobeli, la 30 May

Ba ke ba rorise lebitso la Jehova.—Pes. 148:13.

Litemana tse ngata li bontša hore lebitso la Molimo ke la bohlokoa le hore re lokela ho le hlompha. (Ex. 3:15; Pes. 83:18; Esa. 42:8; 43:10; Joh. 17:6, 26; Lik. 15:14) Jehova o ile a bululela bangoli ba Bibele hore ba sebelise lebitso la hae ka makhetlo a likete libukeng tsa boholo-holo tse ngotsoeng ka letsoho. (Ezek. 38:23) Kahoo, ha bafetoleli ba siea lebitso la Molimo, ba bontša ho se hlomphe Jehova. Kajeno, ho na le bopaki bo eketsehileng ba hore re lokela ho sebelisa lebitso Jehova. Khatisong ea 2013 ea Phetolelo ea Lefatše le Lecha, lebitso la Molimo le hlaha ka makhetlo a 7 216. Le kentsoe litemaneng tse ling tse tšeletseng. Ho tse hlano tsa tsona, le kentsoe hobane lebitso la Molimo le fumanoe Meqolong ea Leoatle le Shoeleng e phatlalalitsoeng morao tjena. Le kentsoe ho 1 Samuele 2:25; 6:3; 10:26; 23:14, 16. Temana ea botšelela ke Baahloli 19:18, moo le kentsoeng ka mor’a ho hlahlobisisa libuka tse tšepahalang tsa boholo-holo tse ngotsoeng ka letsoho tsa Bibele. w15 12/15 2:5, 6

Laboraro, la 31 May

Lerato la lōna la bara ba motho le ke le tsoele pele.—Baheb. 13:1.

Re lokela ho tiisa maqhama a rōna a lerato hona joale, kaha seo se tla re thusa ho mamella liteko leha e le life tseo re ka ’nang ra tobana le tsona nakong e tlang. Hona joale pele matšoenyeho a maholo a qala, re na le menyetla e mengata ea ho bontša hore re rata barab’abo rōna. Balumeli-’moho le rōna ba bang ba angoa ke litšisinyeho tsa lefatše, likhohola, maholiotsoana, litsunami esita le likoluoa tse ling tsa tlhaho. Ba bang bona baa hlorisoa. (Mat. 24:6-9) Ha ba bang bona ba hula ka thata moruong ka lebaka la bobolu bo jeleng setsi. (Tšen. 6:5, 6) Leha ho le joalo, mathata ao barab’abo rōna ba tobanang le ’ona a re fa monyetla oa ho ba bontša hore rea ba rata. Le hoja lefatšeng batho ba se na lerato, re lokela ho tsoela pele ho bontša barab’abo rōna hore rea ba rata.—Mat. 24:12. w16.01 1:8, 9

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela