June
Labone, la 1 June
Leleme le bonolo le ka roba lesapo.—Liprov. 25:15.
Esita le haeba motho a bua ntho e re utloisang bohloko, e ka ba hantle hore re mo arabe ka mosa. (Liprov. 15:1) Ka mohlala, morali’abo rōna e mong ea se nang molekane o ne a e-na le mora ea etsang lintho tse tsoileng tseleng, ha ka nako e tšoanang a etsa eka o ntse a sebeletsa Jehova. Morali’abo rōna e mong ka phuthehong o ile a re ho ’mè eo: “Ke hampe hore ebe o hlōlehile ho koetlisa ngoana oa hao.” ’Mè eo o ile a inahana, eaba o re: “Ke ’nete hore lintho ha li tsamaee hantle hona joale, empa ke ntse ke leka ho mo koetlisa. Ha re bue ka taba ena ka mor’a Armagedone, ’me ka nako eo ’nete e tla hlaka.” Kaha ’mè eo o ile a lula a khobile matšoafo ’me a araba morali’abo rōna ka mosa, ba ile ba tsoela pele e le metsoalle. Mora o ne a ntse a ba mametse, ’me a hlokomela hore ’mè oa hae o na le tšepo ea hore o tla fetoha. Kahoo, o ile a khaotsa ho tsamaea le metsoalle e mebe, a kolobetsoa ’me hamorao a ea Bethele. Ebang re bua le barab’abo rōna, ba malapa a rōna, kapa batho bao re sa ba tsebeng, seo re se buang kamehla e lokela ho ba “se nang le mosa, se nōkiloeng ka letsoai.”—Bakol. 4:6. w15 12/15 3:15, 17
Labohlano, la 2 June
Maleme a kang a mollo a . . . lula holim’a e mong le e mong oa bona.—Lik. 2:3.
Ketsahalo eo e ile ea e-ba ea bohlokoa haholo ho barutuoa ba neng ba bokane kamoreng e ka holimo. Kaofela ba ile ba luloa ke ntho e kang lelakabe hloohong. Jehova o ile a etsa hore ba khone ho bua lipuo tse fapaneng. Ba ne ba kholisehile hore ba tlotsitsoe ka moea o halalelang. (Lik. 2:6-12) Sena ha se etsahale ho Bakreste bohle ha ba tlotsoa. Ka mohlala, Bibele ha e re ho ile ha ba le ntho e kang malakabe lihloohong tsa ba likete ba ileng ba tlotsoa Jerusalema hamorao letsatsing leo. Ba ile ba tlotsoa ha ba kolobetsoa. (Lik. 2:38) Empa hase Bakreste bohle bao e bang batlotsuoa ha ba kolobetsoa. Basamaria e ile ea e-ba batlotsuoa nakoana ka mor’a hore ba kolobetsoe. (Lik. 8:14-17) Korneliase le ba lelapa la hae bona ba ile ba tlotsoa pele ba kolobetsoa, e leng ntho e sa tloaelehang.—Lik. 10:44-48. w16.01 3:3, 5
Moqebelo, la 3 June
Ho boloka bonngoe ba moea ka tlamo e kopanyang ea khotso.—Baef. 4:3.
Batlotsuoa ha ba nke hore ba phahametse batho ba bang. Baa tseba hore Jehova ha a ba fe moea o halalelang o mongata ho feta oo a o fang bahlanka ba hae ba bang. Ebile ha ba nke hore ba utloisisa Bibele hantle ho feta batho ba bang. Ho feta moo, batlotsuoa ba ke ke ba bolella motho hore o tlotsitsoe le hore o lokela ho qala ho ja bohobe le ho noa veine Sehopotsong. Ho e-na le hoo, ba ikokobelitse ’me baa tseba hore ke Jehova feela ea ka memelang batho ho ea phela leholimong. Batlotsuoa ha baa lebella hore ba bang ba ba tšoare ka tsela e khethehileng. (Baef. 1:18, 19; Bafil. 2:2, 3) Ba boetse baa tseba hore ha Jehova a ba tlotsa, ha aa ka a phatlalatsa taba eo ho mang kapa mang. Kahoo, motlotsuoa ha a makale ha batho ba bang ba sa lumele hore o tlotsitsoe. O oa tseba hore Bibele e re ha rea lokela ho nkeha habonolo ha motho a re Molimo o mo file boikarabelo bo khethehileng.—Tšen. 2:2. w16.01 4:6, 7
Sontaha, la 4 June
O! botebo ba maruo le bohlale le tsebo ea Molimo!—Bar. 11:33.
Jehova o ile a sireletsa Abrahama le Sara ka mohlolo ha Abrahama a ne a le kotsing ea ho bolaoa, hobane marena a mang a ne a batla ho nka Sara. (Gen. 12:10-20; 20:2-7, 10-12, 17, 18) Liketsahalo tseo li ile tsa matlafatsa tumelo ea Abrahama. Na re ka ba metsoalle e haufi ea Jehova? Ka sebele re ka ba eona! Joaloka Abrahama, re lokela ho ithuta ka Jehova. ’Me ke seo le rōna re ka se finyellang. Hona joale, re na le boitsebiso bo bongata ho feta boo Abrahama a neng a e-na le bona. (Dan. 12:4) Bibele e fupere boitsebiso bo bongata ka “Moetsi oa leholimo le lefatše.” (Gen. 14:22) Seo re ithutang sona ka Jehova se etsa hore re mo rate le hore re mo hlomphe ka ho tebileng. Ha re rata Molimo re bile re mo hlompha, re tla susumelletseha ho mo mamela. Joale ha re mo mamela, o tla re sireletsa a be a re hlohonolofatse, ’me seo se tla matlafatsa tumelo ea rōna. Ho sebeletsa Jehova ka ho feletseng, ho tla etsa hore re khotsofale, re be le khotso re be re thabe. (Pes. 34:8; Liprov. 10:22) Ha re tsoela pele ho ithuta ka Jehova ’me re bona kamoo a re hlohonolofatsang kateng, setsoalle sa rōna le eena se tla tiea le ho feta. w16.02 1:7, 8
Mantaha, la 5 June
O phalletse Iseraele . . . feela joalokaha a ile a bolella baholo-holo ba rōna.—Luka 1:54, 55.
Mantsoe ana a bontša hore Maria o ne a tseba Mangolo a Seheberu hantle. Ke hobane’ng ha re bua joalo? Hobane a tšoana le a thapelong ea Anna, ’mè oa Samuele. (1 Sam. 2:1-10) Ho bonahala eka Maria o ile a qotsa Mangolo ka makhetlo a ka bang 20. Ho hlakile hore o ne a rata ho bua ka lintho tseo a ithutileng tsona ho Motsoalle oa hae e moholo Jehova. Ho tšoana le Maria, le rōna Jehova a ka ’na a re fa boikarabelo boo re nkang hore bo boima. A re etsiseng mohlala oa Maria ka hore ka boikokobetso re amohele mosebetsi oo re o fuoang, ’me re tšepe hore Jehova o tla re thusa. Re ka boela ra etsisa tumelo ea Maria ka hore re mamele Jehova ka hloko le ho thuisa ka seo re ithutileng sona ka eena le ka morero oa hae. Ha re etsa joalo, re tla thabela ho bolella ba bang seo re ithutileng sona.—Pes. 77:11, 12; Luka 8:18; Bar. 10:15. w16.02 2:17, 18
Labobeli, la 6 June
Ke mang ho lōna ea batlang ho haha tora ea sa luleng fatše pele ’me a bale litšenyehelo, ho bona haeba a e-na le ho lekaneng ho e phetha?—Luka 14:28.
Bacha ba likete baa kolobetsoa selemo le selemo. (Moek. 12:1) Batsoali le baholo ka phuthehong ba batla ho netefatsa hore ke mocha ea entseng qeto eo le hore o oa utloisisa hore na ho kolobetsoa ho bolela’ng. Boinehelo le kolobetso li bontša hore Mokreste o qala bophelo bo bocha. Bophelo bona bo bocha bo tla mo tlisetsa litlhohonolofatso tse tsoang ho Jehova, empa bo tla boela bo be le liteko tse tsoang ho Satane. (Liprov. 10:22; 1 Pet. 5:8) Ke kahoo batsoali ba Bakreste ba lokelang ho ipha nako ea ho ruta bana ba bona hore na ha e le hantle ho ba morutuoa oa Kreste ho bolela’ng. Hape ke boikarabelo ba baholo ka phuthehong ho thusa bacha bao batsoali ba bona e seng Bakreste, hore ba utloisise hantle se boleloang ke ho inehela le ho kolobetsoa. (Luka 14:27-30) Feela joalokaha motho a hloka ho hlophisa lintho hantle e le hore a qete ntlo eo a e hahang, bacha le bona ba lokela ho itlhopha hantle pele ba kolobetsoa e le hore ba ka sebeletsa Jehova ka botšepehi “ho isa bofelong.”—Mat. 24:13. w16.03 1:1, 2
Laboraro, la 7 June
Molimo ha a leeme, empa sechabeng se seng le se seng motho ea mo tšabang le ea sebetsang ho loka oa amoheleha ho eena.—Lik. 10:34, 35.
Jehova o ne a file Baiseraele Molao oa Moshe o ba bontšang kamoo ba neng ba lokela ho itšoara le ho mo rapela kateng. Mehleng ea baapostola, batho ba Molimo ba ne ba etsa phutheho ea Bokreste ’me ba le tlas’a selekane se secha. Bakreste ba ne ba latela “molao oa Kreste,” oo melao-motheo ea oona e ngotsoeng lipelong tsa bona, eseng lejoeng. Molao ona o ne o tla tataisa Bakreste le ho ba ruisa molemo hohle moo ba lulang teng. (Bagal. 6:2) Iseraele ea Molimo e ile ea rua molemo haholo ka hore Jehova a sebelise Jesu ho e tataisa. Nakoana pele Jesu a etsa selekane se secha le balateli ba hae, o ile a ba fa litaelo tse peli tsa bohlokoa. Ea pele e ne e le mabapi le mosebetsi oa boboleli. Ea bobeli e le mabapi le kamoo Bakreste ba lokelang ho itšoara le ho sebelisana le ba bang kateng. Litaelo tsena li fuoe Bakreste bohle, kahoo le rōna kajeno lia re ama, ebang re na le tšepo ea ho phela ka ho sa feleng leholimong kapa lefatšeng. w16.03 4:10, 11
Labone, la 8 June
Etellang pele ho bontšaneng tlhompho.—Bar. 12:10.
Pele moholo a koetlisa mor’abo rōna o lokela ho ikitlaelletsa ho ba motsoalle oa hae. Seo moholo a tla se etsa se tla fapana ho ea ka maemo le litloaelo tsa sebaka. Ho sa tsotellehe hore na u lula hokae, haeba u ipha nako ea ho mo koetlisa le hoja u phathahane, mor’abo rōna o tla hlokomela hore ke oa bohlokoa. Ka sebele, o tla ananela tsela eo u mo bontšang lerato le ho mo tsotella ka eona. Ke ’nete hore moholo o lokela ho rata ho koetlisa barab’abo rōna, e le hore a atlehe. Empa o boetse o lokela ho rata mor’abo rōna eo a mo koetlisang. (Bapisa le Johanne 5:20.) Ke hobane’ng ha see e le sa bohlokoa? Hobane haeba motho eo u mo koetlisang a bona hore u ua mo tsotella, o tla ikemisetsa ho ithuta. Kahoo baholo, ikitlaelletseng hore le se ke la ba bakoetlisi feela, empa le be metsoalle ea bao le ba koetlisang.—Liprov. 17:17; Joh. 15:15. w15 4/15 1:19, 20
Labohlano, la 9 June
Jehova a otla morena, ’me a tsoela pele e le molepera ho fihlela letsatsing la lefu la hae.—2 Mar. 15:5.
Tlaleho ea Morena Azaria (Morena Uzia) e na le lintlha tse lekaneng ho re thusa ho utloisisa hore na ke hobane’ng ha Jehova a ile a mo otla. Empa u tla etsa’ng ha u bala tlaleho ea Bibele e sa faneng ka lintlha tsohle? (2 Mar. 15:7, 32; 2 Likron. 26:3-5, 16-21) Na u tla ipotsa hore na Jehova o entse se nepahetseng? Kapa na u tla nka hore Bibele e na le boitsebiso bo lekaneng hoo u ka tšepang hore kamehla Molimo o etsa se nepahetseng? (Deut. 32:4) Ha u tsoela pele ho tseba Jehova e le Motho oa sebele, u tla mo rata le ho mo tšepa haholoanyane. Joale u ke ke ua batla ho tseba lebaka la ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a e etsang. Ha u ntse u ithuta Bibele, Jehova e tla ba oa sebele ho uena ’me u tla atamela haufi le eena.—Pes. 77:12, 13. w15 4/15 3:8, 10
Moqebelo, la 10 June
Bokang Jehova, lōna mangeloi a hae, a matla ka bonatla, a phethang taelo ea hae, ka ho mamela lentsoe la taelo ea hae.—Pes. 103:20.
Mangeloi “a matla.” A bohlale ebile a matla ho feta batho. Mangeloi a tšepahalang a sebelisa matla a ’ona ho etsa lintho tse molemo. Ka mohlala, lengeloi la Jehova le ile la bolaea masole a lireng a Assyria a 185 000. Motho a le mong o ne a ke ke a khona ho etsa seo, esita le lebotho la sesole le ne le tla thatafalloa. (2 Mar. 19:35) Ka lekhetlo le leng, lengeloi le ile la sebelisa bokhoni le matla a lona ho lokolla baapostola ba Jesu chankaneng. Le hoja balebeli ba ne ba le haufi, ha baa ka ba bona hore lengeloi le notlolotse mamati, la ntša baapostola, la ntan’o notlela hape! (Lik. 5:18-23) Mangeloi a tšepahalang a sebelisa matla a ’ona ho etsa lintho tse molemo, ha Satane eena a a sebelisetsa ho etsa lintho tse khopo. Ho hlakile hore Satane o na le matla le tšusumetso e khōlō. Bibele e re ke “’musi oa lefatše lena.”—Joh. 12:31. w15 5/15 1:5, 6
Sontaha, la 11 June
Leha e le mang oa lōna a [se ke a] thatafatsoa ke matla a thetsang a sebe.—Baheb. 3:13.
Ebang re lenyalong kapa re masoha, re lokela ho sebetsa ka thata ho loantša boitšoaro bo bobe. Na ho bonolo? Che! Ka mohlala, haeba u mocha ea kenang sekolo, u ka ’na ua utloa lithaka tsa hao li ithorisa ka hore li robala le motho leha e le ofe eo li batlang ho robala le eena. Kapa ka hore li romellana melaetsa e litšila ea thobalano ka liselefouno. Ha e le hantle, linaheng tse ling molao o nka hore ho etsa seo ho tšoana le ho romellana litšoantšo tsa bana tse litšila. Bibele e re: “Ea tloaetseng ho etsa bohlola o siteloa ’mele oa hae.” (1 Bakor. 6:18) Maloetse a tšoaetsanoang ka ho kopanela liphate a tliselitse batho masisa-pelo esita le ho bolaea ba bang. Bacha ba bangata ba ileng ba kopanela liphate pele ho lenyalo ba ikoahlaela seo. Lefatše la boithabiso le batla re lumele hore re ka tlōla molao oa Molimo empa re sa kotule liphello tsa seo. Haeba re kholoa mashano ana, re tla khelosoa ke “matla a thetsang a sebe.” w15 5/15 2:14
Mantaha, la 12 June
Ea Phahameng ka ho Fetisisa . . . o mosa ho ba se nang teboho le ba khopo.—Luka 6:35.
Jesu o tšoana le Ntate oa hae. Ke’ng e ileng ea thusa Jesu hore a be mosa ho batho ha a le lefatšeng? O ne a nahana kamoo ba tla ikutloa kateng ka seo a se buang le ho se etsa. Ka mohlala, mosali e mong ea neng a entse lintho tse ngata tse mpe o ile a tla ho Jesu. O ile a lla hoo likeleli tsa hae li ileng tsa rothela maotong a Jesu. Jesu o ile a lemoha hore mosali eo o soabetse lintho tse mpe tseo a li entseng le hore o bakile. A elelloa hore haeba a sa mo tšoare ka mosa, seo se tla mo utloisa bohloko le ho feta. Kahoo, o ile a mo babatsa ka lintho tse ntle tseo a li entseng ’me a mo tšoarela. Jesu o ile a boela a bua ka mosa le Mofarisi ea neng a le khahlanong le seo a se etselitseng mosali eo. (Luka 7:36-48) Ke joang re ka bang mosa joaloka Jehova? Re lokela ho nahana pele re bua kapa re etsa ntho e itseng e le hore re nahanele ba bang le ho qoba ho ba utloisa bohloko. Pauluse o ile a re ‘ha ho hlokahale hore Mokreste a loane, empa ho hlokahala hore a be bonolo ho bohle.’ (2 Tim. 2:24) Re lokela ho nahanela maikutlo a ba bang, le kamoo seo re se buang se ka ba amang kateng. Joale re tla tseba seo re lokelang ho se bua le ho se etsa e le hore re be mosa joaloka Jehova.—Liprov. 15:28. w15 5/15 4:8, 9
Labobeli, la 13 June
U se ke ua hana ka se molemo ho bao se ba lokelang, ha ho le matleng a letsoho la hao ho se etsa.—Liprov. 3:27.
Ha barab’abo rōna ba le mathateng, re ka ba thusa ka seo ba se hlokang nameng le maikutlong ’me ra ba tšelisa. (Liprov. 17:17) Ka mohlala, re ka ba phallela ha ba oetsoe ke likoluoa tsa tlhaho. Mohlolohali e mong eo ntlo ea hae e ileng ea senngoa ke leholiotsoana, o ile a re: “Ke ananela haholo hore ebe ke ka mokhatlong oa Jehova, o ntlhokomelang nameng le moeeng.” Morali’abo rōna e mong oa lesoha o ile a ikutloa a nyahame ka mor’a hore ntlo ea hae e fefoloe ke moea. Ka mor’a hore barab’abo rōna ba mo thuse ho e lokisa, o ile a re: “Ke haelloa ke mantsoe! Ha ke khone ho hlalosa kamoo ke ikutloang kateng.” O ile a phaella ka ho re: “Kea leboha, Jehova!” Rea thaba hore ebe bara le barali babo rōna ba tsotellana e le kannete. Ka holim’a tsohle, re leboha Jehova le Jesu Kreste hore ebe baa re tsotella. w15 6/15 1:17
Laboraro, la 14 June
[Tšoara] basali ba baholo joaloka bo-’mè, basali ba bacha joaloka likhaitseli tsa hao ka tlhoeko eohle.—1 Tim. 5:2.
Bibele e re thusa ho qoba litakatso tse litšila ka ho re bolella kamoo banna le basali ba lokelang ho tšoarana kateng. Bakreste ba etsa lipontšo tsa lerato ho balekane ba bona feela kapa ho motho eo ba ikemiselitseng ho nyalana le eena. Ha ba bapale ka maikutlo a ba bang a lerato. Ba bang ba nahana hore ho tsosa maikutlo a lerato, mohlomong ka tsela eo ba tsamaeang ka eona kapa ba talimang motho e mong ka eona ha ho kotsi, hafeela ba sa tšoarane. Empa ha batho ba babeli ba bapala ka maikutlo a lerato ba ka ’na ba qala ho ba le menahano e fosahetseng ’me sena se ka lebisa boitšoarong bo bobe. Sena se etsahalletse batho ba bang ’me le rōna se ka re etsahalla. Josefa o re behetse mohlala o babatsehang. Mosali oa Potifaro o ne a leka ho mo hohela hore a robale le eena. Empa Josefa o ile a hana, le hoja mosali oa Potifaro a ne a mo phehella. O ne a lula a kōpa Josefa hore “a be le eena.” (Gen. 39:7, 8, 10) Josefa o ne a sa ikemisetsa ho robala le eena ’me o ile a bontša seo ka liketso. Kahoo, ha aa ka a lumella takatso e fosahetseng hore e hōle ka pelong ea hae. w15 6/15 3:10, 11
Labone, la 15 June
U re tšoarele melato ea rōna, joalokaha le rōna re tšoaretse ba nang le melato ho rōna.—Mat. 6:12.
Jehova o batla hore re nahane ka bara le barali babo rōna le ka kamano ea hae le bona. Sena se akarelletsa ho potlakela ho ba tšoarela ha ba re fosetsa. Barab’abo rōna ba atisa ho re etsetsa liphoso tse nyenyane, empa re bontša hore rea ba rata ha re ba tšoarela. Re boetse re bontša hore re ananela hore ebe Jehova o oa re tšoarela. (Bakol. 3:13) Kaha ha rea phethahala, ka linako tse ling re ka ’na ra thatafalloa ho tšoarela ba re siteloang. (Lev. 19:18) Haeba re bolella ba bang ka phuthehong seo ba re entseng sona, ba bang ba ka ’na ba nka lehlakore tabeng ena, ’me sena sa senya bonngoe ba phutheho. Haeba re lumella boemo bona bo tsoela pele, re tla be re sa bontše hore re ananela sehlabelo seo Molimo a faneng ka sona, ’me se ke ke sa re ruisa molemo. (Mat. 18:35) Jehova a ke ke a re tšoarela haeba re sa tšoarele ba bang. (Mat. 6:14, 15) Hape, haeba re batla hore Jehova a re tšoarele, re lokela ho khaotsa ho etsa ntho leha e le efe eo a e hloileng.—1 Joh. 3:4, 6. w15 6/15 5:9-11
Labohlano, la 16 June
Morena o khahlisoa ke mohlanka ea etsang ka temohisiso.—Liprov. 14:35.
Jehova o re file tlotla ea hore re thuse ho khabisa paradeise ea rōna ea moea. Empa re ka e khabisa joang? Ka hore re bolele litaba tse molemo tsa ’Muso ka cheseho le ka ho etsa barutuoa ba eketsehileng. Nako le nako ha re thusa motho hore e be mosebeletsi oa Molimo, re thusa ho atolosa paradeise ea moea. (Esa. 26:15; 54:2) Re boetse re thusa ho khabisa paradeise ea moea ha re ikitlaelletsa ho ntlafatsa botho ba rōna ba Bokreste. Sena se thusa ho hohela ba bang paradeiseng ea moea. Hangata hase tsebo ea rōna ea Bibele feela e tlisang batho ka mokhatlong, empa ba khahloa ke bohloeki le khotso eo re nang le eona, ’me seo se ba atametsa haufi le Jehova le Jesu. E tlameha ebe Jehova le Jesu baa thaba ha ba bona paradeise ea rōna e ntle ea moea kajeno. Thabo eo re e utloang hona joale ha re thusa ho khabisa paradeise ea moea, ke mohlala feela oa seo re tla se utloa nakong e tlang ha re etsa lefatše paradeise ea sebele. w15 7/15 1:18-20
Moqebelo, la 17 June
Le tla ba joaloka Molimo, le tsebe botle le bobe.—Gen. 3:5.
Jehova o re fa monyetla oa hore re ikhethele hore na re ka lehlakoreng la mang. Joale uena u ka lehlakoreng la mang? Na u mamela Jehova hobane u lumela hore tsela eo a etsang lintho ka eona e molemo ho feta ea hao? Na u kholisehile hore ke ’Muso oa hae feela o ka rarollang mathata a rōna? Kapa u nahana hore batho ba ka atleha ho ipusa ba sa tataisoe ke Molimo? Ka mohlala, haeba motho a u botsa hore na u ikutloa joang ka mokha o itseng oa lipolotiki, mokhatlo o itseng oa baitseki kapa mekhatlo e meng e kang eo, u ne u ka re’ng? E ka ’na eaba e meng ea mekhatlo ena e na le sepheo se setle ’me e batla ho thusa batho. Empa rea tseba hore ke ’Muso oa Jehova feela o ka rarollang mathata a batho le ho felisa ho hloka toka. Re boetse re latela tataiso ea Jehova ka phuthehong, ho e-na le hore e mong le e mong a iketsetse borata. Ke kahoo phutheho e momahaneng. w15 7/15 3:7, 8
Sontaha, la 18 June
Ke tla thuisa ka mosebetsi oohle oa hao.—Pes. 77:12.
Ha re lekola pōpo ea Jehova, re hlokomela kamoo a re ratang kateng. (Bar. 1:20) Ka mohlala, Jehova ha aa etsa lefatše hore feela re phele ho lona. O re file lintho tsohle tse hlokahalang e le hore re thabele bophelo. Ke ’nete hore re tlameha ho ja, empa Jehova o re file mefuta e mengata ea lijo e etsang hore re thabele ho ja! (Moek. 9:7) Jehova o re bōpile re e-na le bokhoni ba ho sebetsa le ho thabela mosebetsi. (Moek. 2:24) O file batho mosebetsi oa hore ba tlatse lefatše, ba le leme ’me ba hlokomele litlhapi, linonyana le lintho tse ling tse phelang ho lona. (Gen. 1:26-28) O boetse o re bōpile re e-na le litšobotsi tse ratehang e le hore re khone ho mo etsisa!—Baef. 5:1. w15 8/15 1:4, 5
Mantaha, la 19 June
Ikeleng hloko hore le ka mohla lipelo tsa lōna li se ke tsa imeloa . . . ’me ka tšohanyetso letsatsi leo la e-ba holim’a lōna hang- hang joaloka leraba.—Luka 21:34, 35.
Re bona ka ho hlaka hore boprofeta ba Bibele boa phethahala le hore bofelo ba tsamaiso ena e khopo bo atametse. Re emetse hore “linaka tse leshome” le “sebata” li hlasele bolumeli ba bohata, e leng Babylona e Moholo. (Tšen. 17:16) Ha rea lokela ho nahana hore ho tla nka nako hore seo se etsahale. U hopole hore Molimo o tla ‘kenya lipelong tsa tsona’ hore li hlasele bolumeli ba bohata le hore sena se ka etsahala ka nako leha e le efe le hona ka potlako! (Tšen. 17:17) Bofelo ba lefatše lena le khopo la Satane bo atametse. Kahoo, re lokela ho mamela temoso ea Jesu e temaneng ea rōna ea letsatsi kajeno. (Tšen. 16:15) A re luleng re falimehile ’me re phathahane tšebeletsong ea Jehova, re kholisehile hore o tla ‘nka bohato molemong oa ba mo lebellang.’—Esa. 64:4. w15 8/15 2:17
Labobeli, la 20 June
Mang kapa mang ea etsang thato ea Molimo, enoa ke mor’eso le morali’eso le ’Mè.—Mar. 3:35.
Le hoja re batla ho ba mosa ho batho bohle, ha rea lokela ho tloaelana le batho ba sa mameleng Molimo. Ho fosahetse hore Paki ea Jehova e ratane le motho eo e seng mohlanka ea tšepahalang oa Jehova ea kolobelitsoeng. Ntho ea bohlokoa le ho feta ke hore Molimo a re amohele, ho e-na le hore re amoheloe ke batho ba sa mo rateng. Re lokela ho tloaelana feela le batho ba etsang thato ea Molimo. Litloaelano tse mpe li fella ka tlokotsi. Ka mohlala, nahana ka se ileng sa etsahalla Baiseraele. (Ex. 23:24, 25; Pes. 106:35-39) Ba bangata ha baa ka ba mamela litaelo tsa Molimo, ’me ba mo koenehela. Phello e ile ea e-ba efe? Hamorao Jehova o ile a lahla sechaba seo sa Iseraele, ’me a khetha phutheho ea Bokreste hore e be sechaba sa hae.—Mat. 23:38; Lik. 2:1-4. w15 8/15 4:7, 8
Laboraro, la 21 June
Sepheo sa taelo ena ke lerato le tsoang pelong e hloekileng le le tsoang letsoalong le letle.—1 Tim. 1:5.
Jehova Molimo o bōpile batho ba e-na le bolokolohi ba ho ikhethela, kapa ba ho iketsetsa liqeto. Jehova o re file motataisi ea ka re thusang ho etsa liqeto tse nepahetseng. Motataisi eo ke letsoalo, e leng bokhoni ba ho khetholla se nepahetseng ho se fosahetseng boo re bōpeletsoeng le bona. Ha re sebelisa letsoalo ka tsela e loketseng, le ka re thusa ho etsa se nepahetseng le ho qoba se fosahetseng. Taba ea hore re bōpeletsoe le letsoalo ke bopaki ba hore Jehova o oa re rata ebile o batla hore re atlehe. Kajeno batho ba bang ba etsa lintho tse nepahetseng ’me ba hloile tse fosahetseng, le hoja ba sa tsebe melao-motheo ea Bibele. (Bar. 2:14, 15) Ba tataisoa ke eng? Ke letsoalo. Le thibela batho ba bangata ho etsa lintho tse mpe. U ka inahanela hore na boemo bo ka be bo le bobe hakaakang lefatšeng, hoja ebe batho ba ne ba sa bōpelloa le letsoalo! Rea leboha hore ebe Jehova o file batho letsoalo! w15 9/15 2:1, 2
Labone, la 22 June
Bonang hore na ke lerato la mofuta ofe leo Ntate a re fileng lona.—1 Joh. 3:1.
Moapostola Johanne o re khothalletsa hore re nahanisise ka lerato le tebileng leo Jehova a re ratang ka lona. Johanne oa Pele 3:1 e re: “Bonang hore na ke lerato la mofuta ofe leo Ntate a re fileng lona.” Ha re thuisa ka lerato leo Jehova a re ratang ka lona le kamoo a re bontšang lona kateng, seo se etsa hore re atamele ho eena ’me re mo rate le ho feta. Ka masoabi, batho ba bang ha ba lumele hore Molimo a ka ba rata. Ba nahana hore Molimo ha a tsotelle batho. E ka ’na eaba ba lumela hore Molimo o etsa melao feela le ho otla ba sa mo mameleng. Lithuto tsa bohata li entse hore ba bang ba nahane hore Molimo o sehlōhō le hore ho ke ke ha khoneha ho mo rata. Ba bang bona ba nahana hore Molimo o rata batho bohle, ho sa tsotelle hore na ba etsa’ng. Empa ha u ntse u ithuta Bibele, seo se entse hore u tsebe ’nete ka Jehova. U ua tseba hore lerato ke tšobotsi ea hae e ka sehloohong le hore o fane ka Mora oa hae e le thekollo molemong oa hao.—Joh. 3:16; 1 Joh. 4:8. w15 9/15 4:1, 2
Labohlano, la 23 June
Taeo . . . e baka mesarelo.—Baheb. 12:11.
Ha re amohela taeo e tsoang ho Jehova re bile re mo lumella hore a re koetlise, re ithuta ho etsa se nepahetseng ’me re ba le khotso. Kahoo, re lokela ho itšoara joang ha Jehova a re khalemela? Ha rea lokela ho hlokomoloha keletso eo Jehova a re fang eona kapa hona ho hlonama haeba re sa rate seo re se bolelloang. Lefatše la Satane le khothalletsa batho hore ba ikhohomose ’me e be baithati. Ba bangata ha ba rate ho khalemeloa kapa ho bolelloa hore na ba etse’ng. Ba bang ba mamela keletso hobane feela ba tlamehile. Empa ha rea lokela ho ba ka tsela eo. Bibele e re re “khaotse ho ba ka sebōpeho sa tsamaiso ena ea lintho.” Ho e-na le hoo, re lokela ho utloisisa seo Jehova a se lebeletseng ho rōna ’me re etse se mo khahlisang. (Bar. 12:2) O sebelisa mokhatlo oa hae ho re fa keletso ka nako e loketseng. Ka mohlala, re hopotsoa seo re lokelang ho se etsa ha re e-na le batho ba bong bo fapaneng, ha re khetha metsoalle le ha re khetha boikhathollo. Ha re amohela taeo e tsoang ho Jehova ’me re etsa liphetoho e le hore re mo khahlise, re bontša hore re ananela tsela eo a re tataisang ka eona le hore re mo rata e le kannete.—Joh. 14:31; Bar. 6:17. w15 9/15 5:13, 15
Moqebelo, la 24 June
Nthuse moo ke hlokang tumelo!—Mar. 9:24.
E le hore re be le tumelo, re lokela ho kōpa moea o halalelang oa Molimo. Hobane’ng? Hobane tumelo ke tšobotsi e ’ngoe ea tholoana ea moea o halalelang. (Bagal. 5:22) Re lokela ho mamela keletso ea Jesu ea hore re kōpe Molimo a re ekeletse moea o halalelang. Jesu o ile a re Jehova ‘o tla fana ka moea o halalelang ho ba mo kōpang.’ (Luka 11:13) Ha re se re e-na le tumelo e matla ho Molimo, re lokela ho sebetsa ka thata hore e lule e le teng. Re ka tšoantša tumelo le mollo. Ha mollo o qala ho tuka, lelakabe le ba matla. Empa haeba re sa eketse patsi, mollo oo o tla tima ebe ho sala molora feela. E le hore o ’ne o tuke, ho hlokahala re eketse patsi. Ho joalo le ka tumelo ea rōna. Haeba re tsoela pele ho bala le ho ithuta Lentsoe la Molimo letsatsi le letsatsi, re tla rata Bibele le Jehova haholoanyane. Ka tsela eo, re tla lula re le matla tumelong. w15 10/15 2:6, 7
Sontaha, la 25 June
Ke tla thuisa ka mosebetsi oohle oa hao.—Pes. 77:12.
Bo-rasaense ba hlokometse hore motho o nolofalloa ho hopola boitsebiso ha a sa balle ka pelong. ’Mōpi oa rōna o tseba seo, ke kahoo a ileng a bolella Joshua hore a bale buka ea Molao “ka lentsoe le tlaase,” ke hore a ntše lentsoe ha a bala. (Josh. 1:8) Le rōna ha re bala Bibele ka tsela eo, seo se tla re thusa hore re tsepamise kelello ho seo re se balang ’me re se hopole. Re lokela ho etsa boiteko bo matla e le hore re thuise le ho tsepamisa kelello ho seo re se balang. Ke kahoo ho leng molemo hore u thuise ha u sa khathala, ’me u le sebakeng se khutsitseng moo ho se nang lintho tse ngata tse ka u sitisang. Mopesaleme Davida o ne a thuisa bosiu ha a phaphame. (Pes. 63:6) Jesu ea neng a phethahetse, o ne a khetha libaka tse khutsitseng e le hore a thuise le ho rapela.—Luka 6:12. w15 10/15 4:4, 6, 7
Mantaha, la 26 June
O ne a tseba se leng ho motho.—Joh. 2:25.
Ka lekhetlo le leng batho ba bang ba Galilea ba ile ba tla ho Jesu. (Joh. 6:22-24) O ile a lemoha hore lebaka le ka sehloohong leo ba tlileng moo ka lona hase hobane ba batla hore a ba rute, empa ke hobane ba batla lijo. Jesu o ne a tseba hore na ba ikutloa joang. Kahoo, o ile a ba khalemela ka mamello ’me a ba hlalosetsa hore na ba lokela ho etsa liphetoho life. (Joh. 6:25-27) Le hoja u ke ke ua bona se ka pelong ea ngoana oa hao, u ka se lemoha. Ka mohlala, u ka leka ho utloisisa hore na bana ba hao ba ikutloa joang ka ho kopanela tšebeletsong ea tšimo. U ka ’na ua ipotsa, ‘Na ntho e etsang hore ba labalabele ho ea tšimong ke hobane feela re ba le nako ea ho phomola le ho batla se eang ka maleng?’ Haeba u hlokomela hore bana ba hao ha ba thabele tšimo hakaalo, ba thuse hore ba e thabele. Ba kōpe hore ba etse lintho tse itseng, e le hore ba thabele ho nka karolo. w15 11/15 1:10, 11
Labobeli, la 27 June
Lintho tsa pele li fetile.—Tšen. 21:4.
Molimo oa rōna ea lerato o lula a etsetsa bahlanka ba hae ba tšepahalang se molemo. Bibele e re: “O tla hlakola meokho eohle mahlong a bona, lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng, ’me ho siama kapa ho bokolla kapa bohloko ha li sa tla hlola li e-ba teng.” Ruri boo ke bokamoso bo babatsehang bo letetseng batho ba mamelang Molimo le ba ananelang lerato la hae! Lentsoe la Jehova le re: “Sheba ea sa tšoauoeng phoso ’me u talime ea lokileng, etsoe bokamoso ba motho eo bo tla ba le khotso. Empa ka sebele batlōli ba tla felisoa.” (Pes. 37:37, 38) Motho “ea sa tšoauoeng phoso” o tseba Jehova le Mora oa hae ’me ka boikokobetso o etsa thato ea Molimo. (Joh. 17:3) O lumela ka tieo hore “lefatše lea feta ’me ho joalo le ka takatso ea lona, empa ea etsang thato ea Molimo o hlola ka ho sa feleng.” (1 Joh. 2:17) Kaha bofelo ba lefatše bo atametse, ho potlakile hore ‘re tšepe Jehova ’me re latele tsela ea hae.’—Pes. 37:34. w15 11/15 3:11, 12
Laboraro, la 28 June
Kotulo e khōlō, empa basebetsi ha ba bakae.—Mat. 9:37.
Batho ba Molimo ba ’nile ba sebelisa mekhoa e fapaneng e le hore ba finyelle batho ba bangata kamoo ba ka khonang mosebetsing oa boboleli. Mekhoa eo e ile ea thusa haholo nakong eo ho neng ho e-na le basebetsi ba seng bakae feela. Ka mohlala, lilemong tse fetileng ho ne ho sebelisoa likoranta ho phatlalatsa litaba tse molemo. Beke le beke Mor’abo rōna Russell o ne a romela puo e thehiloeng Bibeleng mokhatlong oa litaba. Ebe mokhatlo oo o e romela likoranteng tsa Canada, Europe le United States. Ka 1913, lipuo tsa Mor’abo rōna Russell li ne li se li hatisitsoe likoranteng tse 2 000 ’me li baloa ke batho ba ka bang 15 000 000! Ho ile ha boela ha sebelisoa seea-le-moea ho bolela litaba tse molemo. Ka la 16 April, 1922, Mor’abo rōna Rutherford o ile a fana ka e ’ngoe ea lipuo tsa hae tsa pele seea-le-moeeng, e ileng ea mameloa ke batho ba ka bang 50 000. Ho e-s’o ee kae, re ile ra qala ho sebelisa seea-le-moea sa rōna se neng se bitsoa WBBR, ’me lenaneo la pele la hasoa ka la 24 February, 1924. w15 11/15 5:10, 11
Labone, la 29 June
Ke Tla Ba Seo ke Tla ba Sona.—Ex. 3:14.
Jehova o boetse o etsa hore pōpo ea hae e be ntho leha e le efe eo a khethang hore e be eona. Ka mohlala, Molimo o ile a etsa hore Noe a hahe areka, Bezaliele e be setsebi sa mosebetsi oa matsoho, Gideone e be mohlabani ea matla, ’me Pauluse e be moromuoa. Lebitso la Molimo ke la bohlokoa ho batho ba hae, ke kahoo Komiti ea Phetolelo ea Bibele ea Lefatše le Lecha e le kenyelelitseng phetolelong ena. Liphetolelo tse ngata tsa Bibele ha li sebelise lebitso la Molimo. Ho e-na le hoo, li sebelisa tlotla “Morena” kapa lebitso la molimo o mong o tsejoang sebakeng ka seng. Lena ke le leng la mabaka a etsang hore Sehlopha se Busang se bone e le habohlokoa hore batho ba lipuo tsohle ba be le Bibele e hlomphang lebitso la Molimo. (Mal. 3:16) Hona joale, lebitso Jehova le hlaha khatisong ea Phetolelo ea Lefatše le Lecha, e fetoletsoeng ka lipuo tse fetang 130. w15 12/15 2:7-9
Labohlano, la 30 June
Ha ho moahi ea tla re: “Kea kula.”—Esa. 33:24.
Jehova a ka etsa hore batho ba kule kapa a ba folisa. O ile a otla ba bang ka boloetse, joaloka Faro oa mehleng ea Abrahama le khaitseli ea Moshe, Miriame. (Gen. 12:17; Num. 12:9, 10; 2 Sam. 24:15) O ile a boela a otla Baiseraele ka ‘boloetse le likotlo’ tse ling ha ba ne ba sa tšepahale ho eena. (Deut. 28:58-61) Ka linako tse ling, Jehova o ne a sireletsa batho ba hae hore ba se ke ba kula. (Ex. 23:25; Deut. 7:15) O ile a folisa ba bang. Ka mohlala, o ile a folisa Jobo ha a ne a kula haholo hoo a neng a lakatsa ho shoa. (Jobo 2:7; 3:11-13; 42:10, 16) Re kholisehile hore Jehova o na le matla a ho folisa ba kulang. Jesu le eena o na le matla a ho ba folisa. Ha a le lefatšeng, o ile a folisa batho ba tšoeroeng ke maloetse a kang lepera le sethoathoa. A folisa ba foufetseng le ba holofetseng. (Mat. 4:23, 24; Joh. 9:1-7) Mehlolo eo e re thusa hore re lebelle ka tjantjello lintho tseo Jesu a tla li etsa lefatšeng le lecha. w15 12/15 4:3, 4