July
Moqebelo, la 1 July
Le se ke la lebala ho amohela baeti.—Baheb. 13:2.
Lentsoe leo Pauluse a le sebelisitseng mona, ha e le hantle le bolela “ho bontša mosa ho batho bao re sa ba tsebeng.” Mohlomong poleloana ena e re hopotsa Abrahama le Lota. Ka bobeli ba ile ba amohela ka mosa batho bao ba sa ba tsebeng. Hamorao, ba ile ba hlokomela hore ba amohetse mangeloi. (Gen. 18:2-5; 19:1-3) Re ka bontša joang hore re rata ho amohela baeti? Re ka memela bara le barali babo rōna lijong kapa hore ba re etele re tl’o khothatsana. Le haeba re sa tsebe molebeli oa potoloho le mosali oa hae hantle, re ka ba mema ha ba etetse phuthehong ea habo rōna. (3 Joh. 5-8) Ha ho hlokahale hore re phehe lijo tse ngata kapa re sebelise chelete e ngata. Sepheo sa rōna ke ho khothatsa barab’abo rōna, eseng ho etsa mponeng ka seo re nang le sona. Hape, ha rea lokela ho mema feela batho bao re ka fumanang molemo o itseng ho bona.—Luka 10:42; 14:12-14. w16.01 1:11, 12
Sontaha, la 2 July
Le ile la tiisoa ka moea o halalelang o tšepisitsoeng, oo e leng pontšo esale pele ea lefa la rōna.—Baef. 1:13, 14.
Jehova o sebelisa moea o halalelang ho kholisa Bakreste bao a ba khethileng hore ba ea leholimong. Ka tsela ena, moea o halalelang o ba fa ‘pontšo esale pele,’ kapa bopaki ba hore nakong e tlang ba tla tloha lefatšeng mona ba il’o phela leholimong. (2 Bakor. 1:21, 22; 5:5) Ba kholisehile hore ba memetsoe ho ea phela leholimong. Empa ba tla fumana moputso oo hafeela ba lula ba tšepahala ho Jehova. Petrose o ile a re: “Ka lebaka lena, barab’eso, le etse haholoanyane sohle se matleng a lōna ho itiisetsa ho bitsoa le ho khethoa ha lōna; etsoe haeba le tsoela pele ho etsa lintho tsena ho hang le ke ke la hlōleha le ka mohla. Ha e le hantle, ka tsela ena le tla ekeletsoa ka ho enneng ho kena ’musong o sa feleng oa Morena le Mopholosi oa rōna Jesu Kreste.” (2 Pet. 1:10, 11) Kahoo, motlotsuoa e mong le e mong ha aa lokela ho lumella letho hore le mo sitise ho sebeletsa Jehova. Le hoja a memetsoe kapa a bitselitsoe ho ea phela leholimong, a ke ke a ea haeba a sa lule a tšepahala.—Baheb. 3:1; Tšen. 2:10. w16.01 3:6, 7
Mantaha, la 3 July
Mang kapa mang ea iphahamisang o tla kokobetsoa, ’me mang kapa mang ea ikokobetsang o tla phahamisoa.—Mat. 23:12.
Ha rea lokela ho nkela motho ea itseng holimo, esita le haeba e le motlotsuoa. Le hoja Bibele e re khothalletsa hore re etsise tumelo ea baholo, e re ha rea lokela ho etsa motho leha e le ofe moeta-pele oa rōna. (Baheb. 13:7) Ke ’nete hore Bibele e re batho ba bang “ba tšoaneloa ke tlhompho e habeli.” Empa e ba tšoanela hobane ‘ba okamela ka tsela e ntle’ ba bile ‘ba sebetsa ka thata ho bueng le ho ruteng,’ eseng hobane e le batlotsuoa. (1 Tim. 5:17) Haeba re nkela batlotsuoa holimo, re bile re ba tlotla ho feta tekano, seo se tla ba soabisa. Kapa se etse hore ba ikhohomose. (Bar. 12:3) Ha re batle ho etsa lintho tse ka etsang hore e mong oa barab’abo Kreste a etse phoso eo!—Luka 17:2. w16.01 4:9
Labobeli, la 4 July
Motsoalle oa ’nete o lerato ka linako tsohle.—Liprov. 17:17.
Motsoalle ea haufi o tšoana le letlotlo la bohlokoa. Ha a tšoane le bolompoto feela bo khabisitseng. Setsoalle se tšoana le palesa e ntle e hlokang ho nosetsoa le ho hlokomeloa. Abrahama o ne a ananela setsoalle sa hae le Jehova a bile a se hlokomela. O ile a etsa seo joang? Abrahama o ile a tsoela pele a tšaba Molimo a bile a mo mamela. Ka mohlala, ha a ne a ea Kanana le lelapa la hae le bahlanka ba hae, o ile a batla tataiso ea Jehova ha a etsa liqeto tse khōlō le tse nyenyane. Selemo pele Isaka a tsoaloa, ha Abrahama a le lilemo li 99, Jehova o ile a mo laela hore a bolotse bohle ba batona ba ntlo ea hae. Na Abrahama o ile a tsilatsila kapa a leka ho ipehela mabaka e le hore a se ke a etsa seo Jehova a se laetseng? Che, o ile a tšepa Jehova ’me ‘hona letsatsing leo,’ a etsa seo a se laetsoeng.—Gen. 17:10-14, 23. w16.02 1:9, 10
Laboraro, la 5 July
Esita le ka liketso tsa hae moshanyana o iketsa hore a hlokomeloe mabapi le hore na mosebetsi oa hae o hloekile ’me o lokile.—Liprov. 20:11.
Esita le ngoana a ka utloisisa se boleloang ke ho etsa se nepahetseng ’me a inehela ho ’Mōpi oa hae. Ka hona, kolobetso ke mohato oa bohlokoa le o loketseng oo mocha a lokelang ho o nka ho bontša hore o hōlile tsebong le hore o inehetse ho Jehova. (Liprov. 20:7) Ho hōla tsebong ho bolela’ng? Hase kamehla ho bolelang hore motho o se a hōlile lilemong. Bibele e re batho ba hōlileng tsebong ke bao “matla a bona a ho lemoha” a koetliselitsoeng ho khetholla se nepahetseng ho se fosahetseng. (Baheb. 5:14) Motho ea hōlileng tsebong o tseba se nepahetseng ’me o khetha ho se etsa. Kahoo, a ke ke a susumetsoa habonolo hore a etse se fosahetseng. Ho feta moo, ha a emele hore a bolelloe hore na se nepahetseng ke sefe. Ke ho utloahalang ho lebella hore mocha ea kolobelitsoeng o tla etsa se nepahetseng, esita le ha batsoali ba hae kapa batho ba bang ba baholo ba le sieo.—Bafil. 2:12. w16.03 1:4, 5
Labone, la 6 July
U se ke ua tšoha . . . u tla ba morena oa Iseraele, ’me ke tla ba oa bobeli ho uena.—1 Sam. 23:17.
E tlameha ebe Jonathane o ile a hlolloa ke kamoo mohlankana Davida a bileng sebete kateng. Davida o ne a bolaile Goliathe oa senatla ’me a isa “hlooho ea Mofilista” eo ho Morena Saule oa Iseraele, e leng ntate oa Jonathane. (1 Sam. 17:57) Jonathane o ne a kholisehile hore Molimo o tšehetsa Davida, ’me ho tloha ka nako eo, ea e-ba metsoalle e meholo. Jonathane le Davida ba ile ba ikana hore ba tla lula ba tšepahallana. (1 Sam. 18:1-3) Jonathane o ile a tšepahala ho Davida bophelo bohle ba hae. Jonathane o ile a tsoela pele a tšepahala ho Davida le hoja Jehova a ne a khethile Davida hore ebe morena ea hlahlamang oa Iseraele, eseng eena. Jonathane o ile a tšoenyeha ha Saule a leka ho bolaea Davida. O ne a tseba hore Davida o ipatile lefeelleng le Horeshe, kahoo a ea moo ho ea mo khothatsa hore a tšepe Jehova, a bua mantsoe a temaneng ea kajeno.—1 Sam. 23:16. w16.02 3:1, 2
Labohlano, la 7 July
Ke ile ka ba mabapa le [Jehova] ke le mosebetsi ea hloahloa, ’me ka ba eo a neng a mo rata ka ho khethehileng letsatsi le letsatsi.—Liprov. 8:30.
Haesale ho momahana ho bonahala ho tloha tšimolohong ea pōpo. Bahlanka ba Jehova le bona ba ile ba sebetsa ’moho ho phetha mosebetsi oo ba neng ba lokela ho o etsa. Ka mohlala, Noe le ba lelapa la hae ba ile ba haha areka hammoho. Hamorao, Baiseraele ba ile ba sebetsa ’moho ho etsa tabernakele, ho e qhaqha le ho e tlosa sebakeng se seng ho e isa ho se seng. Ha ba le tempeleng, ba ne ba rorisa Jehova ka ho bina le ho bapala liletsa hammoho. Batho ba Jehova ba ile ba khona ho finyella lintho tsena kaofela, kaha ba ne ba sebelisana ’moho. (Gen. 6:14-16, 22; Num. 4:4-32; 1 Likron. 25:1-8) Bakreste ba mehleng ea baapostola le bona ba ne ba sebelisana ’moho. Moapostola Pauluse o ile a re ba ne ba momahane, le hoja ba ne ba e-na le mesebetsi le bokhoni bo sa tšoaneng. Kaofela ha bona ba ne ba latela Jesu Kreste e le Moeta-pele oa bona. Pauluse o ile a ba tšoantša le ’mele o nang le litho tse ngata empa li sebelisana.—1 Bakor. 12:4-6, 12. w16.03 3:1, 2
Moqebelo, la 8 July
Ka hona e-eang ’me le etse batho ba lichaba tsohle barutuoa.—Mat. 28:19.
Nakong ea boholo-holo, batho ba lichaba tse ling ba ne ba lokela ho ea ho Baiseraele e le hore ba sebeletse Jehova. (1 Mar. 8:41-43) Empa Jesu o ile a fana ka taelo ena e tlalehiloeng temaneng ea kajeno. Moo Jesu o re barutuoa ba hae ‘ba ee’ ho batho bohle. Ka Pentekonta ea selemo sa 33, Jehova o ile a bontša hore o batla hore litaba tse molemo li boleloe lefatšeng lohle. Letsatsing leo, litho tse ka bang 120 tsa phutheho e ncha li ile tsa tšolleloa moea o halalelang, ’me tsa qala ho pakela Bajuda le basokolohi ka lipuo tse sa tšoaneng. (Lik. 2:4-11) Ka mor’a moo, tšimo e ile ea atolosoa hore e akarelletse le Basamaria. Joale ka selemo sa 36, ea atolosoa le ho feta hore e kenyelletse le Balichaba ba sa bollang. Seo se ne se bolela hore Bakreste ba lokela ho pakela batho bohle! w16.03 4:12
Sontaha, la 9 July
Lintho tseo u ileng ua li utloa ho ’na . . . , u li behe ho banna ba tšepahalang.—2 Tim. 2:2.
Haesale batho ba Molimo ba tseba hore e le hore ba atlehe, ho hlokahala hore ba koetlise ba bang. Ka mohlala, Abrame o ile a hlophisa “banna ba hae ba koetlisitsoeng,” ba ileng ba loana ’me ba atleha ho pholosa Lota. (Gen. 14:14-16) Libini tsa mehleng ea Morena Davida ‘li ne li koetliselitsoe’ ho binela Jehova lipina tsa thoriso. (1 Likron. 25:7) Kajeno, re lokela ho loantša Satane le lefatše la hae. (Baef. 6:11-13) Re boetse re sebetsa ka thata ho rorisa Jehova ka hore re bolelle ba bang lebitso la hae. (Baheb. 13:15, 16) Ho tšoana le bahlanka ba Molimo ba boholo-holo, ho hlokahala hore re koetlisoe, e le hore re atlehe. Jehova o file baholo boikarabelo ba ho koetlisa ba bang ka phuthehong. Pele moholo a ruta mor’abo rōna lintho tse ncha, a ka ’na a lokela ho mo bontša melao-motheo ea Bibele e tla mo thusa hore a sebelise seo a ithutang sona.—1 Tim. 4:6. w15 4/15 2:1, 2
Mantaha, la 10 July
[Jesu o tla] etsa lefeela ea nang le mokhoa oa ho baka lefu, ke hore, Diabolose—Baheb. 2:14.
Sena ha se bolele hore Diabolose o bolaea batho bohle ka ho toba. Empa se bolela’ng? Ntlha ea pele, lefatše lena le tletse lehloeo le mabifi ho tšoana le Satane. Ntlha ea bobeli, batho bohle ke baetsalibe ’me baa shoa kaha Eva o ile a kholoa leshano la Satane, ’me Adama a se ke a mamela Molimo. (Bar. 5:12) Satane ke “’molai” feela joalokaha Jesu a mo hlalositse. (Joh. 8:44) Ruri ke sera se matla. Ha re hanyetsa Satane, re boetse re hanyetsa bohle ba mo tšehetsang ba khahlanong le puso ea Molimo. Ba akarelletsa mangeloi a mang a mangata a marabele a bitsoang bademona. (Tšen. 12:3, 4) A bontšitse ka makhetlo hore a matla ho feta batho, ka hore a ba bakele mahlomola a maholo. (Mat. 8:28-32; Mar. 5:1-5) Le ka mohla u se ke ua lebala hore bademona le ’musi oa bona ba matla. (Mat. 9:34) Ke ka thuso ea Jehova feela re ka atlehang ho hlōla Satane. w15 5/15 1:6, 7
Labobeli, la 11 July
Lihlola, kapa barapeli ba litšoantšo, kapa bafebi, kapa banna ba boloketsoeng merero eo e seng ea tlhaho, kapa banna ba robalang le banna, kapa masholu, kapa batho ba meharo, kapa matahoa, kapa ba litlhapa, kapa bahanyapetsi ba ke ke ba rua ’muso oa Molimo.—1 Bakor. 6:9, 10.
U ka etsa’ng haeba u lekeha hore u kenelle boitšoarong bo bobe ba ho kopanela liphate? Lemoha bofokoli ba hao. (Bar. 7:22, 23) Rapela Molimo hore a u fe matla. (Bafil. 4:6, 7, 13) Qoba maemo a ka etsang hore u oele boitšoarong bo bobe. (Liprov. 22:3) Ha ho hlaha teko e hanele hang-hang. (Gen. 39:12) Jesu o re behetse mohlala o motle haholo. Ha aa ka a thetsoa ke litšepiso tsa Satane. Ebile ha aa ka a batla le ho nahana ka tsona. Ho e-na le hoo, o ile a re ho Satane: “Ho ngoliloe.” (Mat. 4:4-10) Jesu o ne a tseba Lentsoe la Molimo, kahoo o ile a nolofalloa ho qotsa mangolo ha Satane a mo leka. E le hore re loantše Satane ’me re mo hlōle, ha rea lokela ho inehela tekong ea boitšoaro bo bobe ba ho kopanela liphate. w15 5/15 2:15, 16
Laboraro, la 12 July
Le be baetsisi ba Molimo.—Baef. 5:1.
Jehova o bohlale ka tsela e makatsang ebile a ka khetha ho bona se tla etsahala nakong e tlang. Le hoja re sa tsebe bokamoso, re ntse re ka ba bohlale. Joang? Pele re etsa qeto re lokela ho nahana kamoo e tla re ama kapa e ame ba bang kateng. Ka mohlala, haeba u leferehong, u hopole hore ha u rata motho ha ho bonolo ho laola maikutlo le takatso ea ho kopanela liphate. Kahoo, u se ke ua etsa letho le ka senyang kamano ea hao le Jehova! Ho e-na le hoo, e-ba bohlale ’me u qobe kotsi. Mamela keletso ena e bohlale ea Jehova: “Ea masene ke ea boneng tlokotsi ’me a ipata, empa ba se nang phihlelo ba fetetse pele ’me ba tla fumana kotlo.”—Liprov. 22:3. w15 5/15 4:10, 11
Labone, la 13 July
E mong le e mong ea ntseng a tsoela pele ho sheba mosali e le hore a be le takatso e matla bakeng sa hae o se a febile le eena ka pelong ea hae.—Mat. 5:28.
Sena ke sona se ileng sa etsahalla Morena Davida. Ha a ntse a tsamaea marulelong a ntlo o ile a bona mosali a ntse a hlapa, empa ha aa ka a khaotsa ho mo sheba le ho nahana ka eena. (2 Sam. 11:2) Le hoja e ne e le mosali oa motho, o ile a qala ho mo khalla ’me a kopanela liphate le eena. Haeba re batla ho hanela menahano e fosahetseng re lokela ho etsisa Jobo. O ile a re: “Ke hlabile selekane le mahlo a ka.” (Jobo 31:1, 7, 9) Ho tšoana le Jobo, re ka etsa qeto ea hore re ke ke ra ba le menahano e litšila ha re sheba batho ba bang. Kahoo, haeba re bona setšoantšo sa batho ba kopanelang liphate se hlaha k’homphieutheng, libotong tsa lipapatso, makasineng kapa sebakeng leha e le sefe, re tla tlosa mahlo ho sona hang-hang. Haeba ho hlokahala hore u etse liphetoho, li etse ka ho panya ha leihlo! Ha u mamela litaelo tsa Jehova, u ka qoba boitšoaro bo bobe ba ho kopanela liphate ’me ua lula u hloekile.—Jak. 1:21-25. w15 6/15 3:12-14
Labohlano, la 14 July
U se ke ua re kenya molekong.—Mat. 6:13.
Mantsoe a thapelong ea mohlala a reng “u se ke ua re kenya molekong,” a re hopotsa se ileng sa etsahalla Jesu, nakoana ka mor’a hore a kolobetsoe. Moea oa Molimo o ile oa mo isa lefeelleng “ho ea lekoa ke Diabolose.” (Mat. 4:1) Ke hobane’ng ha Jehova a ile a lumella see hore se etsahale? Jehova o ne a rometse Jesu lefatšeng ho tla rarolla tseko e ileng ea e-ba teng ha Adama le Eva ba lahla bobusi ba Jehova. Borabele ba bona bo ile ba hlahisa lipotso tseo ho neng ho tla nka nako hore li arabeloe. Ka mohlala, na tsela eo Jehova a bōpileng batho ka eona e ne e fosahetse? Na motho ea phethahetseng a ka lula a tšepahala ho Jehova ha a lekoa ke “ea khopo”? Hona na ho ne ho ka ba molemo ha batho ba ipusa? (Gen. 3:4, 5) Nakong e tlang, ha lipotso tsena li se li arabiloe ka tsela e khotsofatsang Jehova, bohle ba leholimong le lefatšeng ba tla tseba hore bobusi ba Jehova bo molemo ka ho fetisisa. w15 6/15 5:12
Moqebelo, la 15 July
Nakong eo ho tla ba le matšoenyeho a maholo.—Mat. 24:21.
Matšoenyeho a maholo a tla qala joang? A tla qala ka ho felisoa ha bolumeli ba bohata. Ka Bibeleng, bolumeli ba bohata bo bitsoa “Babylona e Moholo, ’mè oa liotsoa.” (Tšen. 17:5-7) Ke hobane’ng ha bo bitsoa seotsoa? Ke hobane baruti ba bolumeli ha ba tšepahale ho Molimo. Ho e-na le hore ba tšehetse Jesu le ’Muso oa hae, ba tšehetsa mebuso ea batho ’me ba iphapanyetsa seo Bibele e se rutang, e le hore ba e susumetse. Borapeli ba bona ha boa hloeka, ha bo tšoane le ba batlotsuoa. (2 Bakor. 11:2; Jak. 1:27; Tšen. 14:4) Empa ke mang ea tla felisa Babylona e Moholo? Jehova o tla susumetsa “linaka tse leshome” tsa “sebata se ’mala o sekareleta,” e le hore li ‘phethe monahano oa hae.’ “Sebata se ’mala o sekareleta” se emela Machaba a Kopaneng, ’me “linaka tse leshome” li emela mebuso eohle ea lipolotiki e tšehetsang sebata.—Tšen. 17:3, 16-18. w15 7/15 2:3, 4
Sontaha, la 16 July
E mong le e mong oa lōna o re: “’Na ke oa Pauluse,” “Empa ’na ke oa Apolose,” “Empa ’na ke oa Kefase,” “Empa ’na ke oa Kreste.”—1 Bakor. 1:12.
Bona e ne e le bothata bo tebileng, kaha bo ne bo ka ’na ba senya khotso ka phuthehong. Kahoo, Pauluse o ile a botsa bara le barali babo hore na Kreste o arohane. A re: “Kea le eletsa, barab’eso, ka lebitso la Morena oa rōna Jesu Kreste hore kaofela le bue ka tumellano, le hore ho se ke ha e-ba le likarohano har’a lōna, empa hore le kopane ka ho loketseng kelellong e tšoanang le mokhoeng o tšoanang oa ho nahana.” (1 Bakor. 1:10, 11, 13) Hoa tšoana le kajeno. Ha hoa lokela hore ho be le likarohano ka phuthehong. (Bar. 16:17, 18) Pauluse o ile a hopotsa Bakreste ba tlotsitsoeng hore ke baahi ba leholimong, ’me kahoo ha baa lokela ho ameha ka ‘lintho tse lefatšeng.’ (Bafil. 3:17-20) Batlotsuoa ke manģosa a emelang Molimo le Kreste. Ha lenģosa le rometsoe naheng e ’ngoe, ha le kenelle mathateng le lipolotiking tsa naha eo. Ka tsela e tšoanang, batlotsuoa ha baa lokela ho kenella mathateng le lipolotiking tsa lefatše lena. (2 Bakor. 5:20) Ba nang le tšepo ea ho phela ka ho sa feleng lefatšeng le bona ba tšehetsa ’Muso, ’me ha ba nke lehlakore liqhoebeshanong tsa lefatše lena. w15 7/15 3:9, 10
Mantaha, la 17 July
O ne a le mohau; o ne a koahela phoso ’me a sa tlise pheliso. A khutlisa bohale ba hae ka makhetlo a mangata, o ne a sa tsose khalefo eohle ea hae.—Pes. 78:38.
Ho thuisa ka temana ena ho ka ’na ha u thusa hore u bone kamoo Jehova a u ratang le ho u tsotella kateng. Re ka kholiseha hore Jehova o re tsotella e le kannete. (1 Pet. 5:6, 7) Re lokela ho nka Bibele e le ea bohlokoa. Hobane’ng? Hobane Jehova o buisana le rōna ka Lentsoe la hae. Ha motsoali le ngoana ba buisana ka bolokolohi, lerato la bona le ea tiea ’me ba tšepana le ho feta. Jehova ke Ntate oa rōna ea lerato. Le hoja re e-s’o mo bone kapa hona ho utloa lentsoe la hae, ho joalokaha eka o bua le rōna ka ho toba ka Bibele. Re lokela ho mo mamela ka linako tsohle! (Esa. 30:20, 21) Ha re bala Lentsoe la Molimo, seo se etsa hore re tsebe Jehova ’me re mo tšepe, kaha o oa re tataisa le ho re sireletsa.—Pes. 19:7-11; Liprov. 1:33. w15 8/15 1:6, 7
Labobeli, la 18 July
Atamelang ho Molimo, ’me o tla atamela ho lōna.—Jak. 4:8.
Le hoja re labalabela ho ea phela Paradeiseng, se tla re thabisa ka ho fetisisa ke ho rapela Jehova. Ak’u nahane hore na bophelo bo tla ba joang ha batho bohle ba se ba nka lebitso la Jehova le halalela ’me ba mo amohela e le ’Musi oa bona. (Mat. 6:9, 10) Re tla thabela ho bona lefatše le tletse batho ba phethahetseng, feela joalokaha Molimo a ne a rerile. Hape ak’u nahane feela kamoo re tla nolofalloa kateng ho matlafatsa setsoalle sa rōna le Jehova, ha butle-butle re ntse re boela phethehong! (Pes. 73:28) Re lumela hore Jehova o tla etsa lintho tsena tsohle tse babatsehang, kaha “lintho tsohle lia khoneha ho Molimo.” (Mat. 19:25, 26) Haeba re batla ho phela ka ho sa feleng lefatšeng le lecha, ena ke nako ea hore ‘re tšoarelle ka tieo’ bophelong bo sa feleng. (1 Tim. 6:19) Rea tseba hore bofelo bo atametse, kahoo re lokela ho phela ka tsela e bontšang hore re lebeletse hore bo fihle neng kapa neng. Re lokela ho etsa sohle se matleng a rōna hona joale ho itokiselletsa ho phela lefatšeng le lecha. w15 8/15 3:2, 3
Laboraro, la 19 July
Sena se bolela bophelo bo sa feleng, ho tsoela pele ba rua tsebo ka uena, Molimo a le mong feela oa ’nete, le ka eo u mo romileng, Jesu Kreste.—Joh. 17:3.
Lintho tse ngata tse hlahang mecheng ea phatlalatso, li ka senya kamano ea rōna le Jehova. Lintho tsena ha lia rereloa ho thusa Bakreste hore ba matlafatse tumelo ea bona ho Jehova le litšepisong tsa hae. Ho e-na le hoo, li khothalletsa batho hore ba tšepe lefatše le khopo la Satane. Kahoo, re lokela ho khetha ka hloko e le hore re se ke ra shebella, ra bala kapa hona ho mamela ntho leha e le efe e ka etsang hore re be le “litakatso tsa lefatše.” (Tite 2:12) Ho fapana le lefatše la Satane, mokhatlo oa Jehova o re thusa hore re phele ka tsela e re lebisang bophelong bo sa feleng. Ka mohlala, re na le limakasine, libuka, libukana, livideo le boitsebiso bo bongata bo hlahang Websaeteng ea rōna bo re thusang hore re lule re sebeletsa Molimo. Mokhatlo oa hae o boetse o hlophisetsa hore liboka li tšoaroe kamehla liphuthehong tse fetang 110 000 lefatšeng ka bophara. Lintlha tseo re ithutang tsona Bibeleng ha re le libokeng tseo le ha re le likopanong li matlafatsa tumelo ea rōna ho Jehova le litšepisong tsa hae.—Baheb. 10:24, 25. w15 8/15 4:9, 11
Labone, la 20 July
Matsoalo a bona a ntse a ba pakela.—Bar. 2:15.
Bahlanka ba Jehova ba batla hore matsoalo a bona a sebetse hantle, kaha a ka ba thusa hore ba khothalletse bonngoe ka phuthehong. Re batla hore matsoalo a rōna a re hopotse melao e ka Bibeleng ea se nepahetseng le se fosahetseng. Leha ho le joalo, e le hore re koetlise matsoalo a rōna re be re a sebelise, ha rea lokela ho tseba seo Bibele e se buang feela. Re lokela ho rata melao ea Molimo ’me re be le tumelo ea hore e molemong oa rōna. Pauluse o ile a re: “Sepheo sa taelo ena ke lerato le tsoang pelong e hloekileng le le tsoang letsoalong le letle le le tsoang tumelong e se nang boikaketsi.” (1 Tim. 1:5) Ha re koetlisa matsoalo a rōna re bile re a mamela, lerato la rōna ho Jehova le tumelo li tla hōla. Tsela eo re sebelisang letsoalo ka eona e bontša hore na re na le kamano e ntle hakae le Jehova le hore na re batla ho mo khahlisa hakae. E boetse e bontša hore na re batho ba mofuta ofe. w15 9/15 2:2, 3
Labohlano, la 21 July
Bonang hore na ke lerato la mofuta ofe leo Ntate a re fileng lona.—1 Joh. 3:1.
Jehova ke eena ea re bōpileng. O re file bophelo. (Pes. 100:3-5) Ke kahoo Bibele e reng motho oa pele ke “mora oa Molimo.” (Luka 3:38) Ho feta moo, Jesu o re rutile hore re bitse Jehova “Ntat’a rōna ea maholimong.” (Mat. 6:9) Kahoo, Jehova ke Ntate oa rōna, ’me o re rata ka tsela eo ntate ea lerato a ratang bana ba hae ka eona. Batho ba bang ba thatafalloa ho nahana ka ntate e le motho ea ka bang le lerato. Mohlomong ba utloa bohloko ha ba hopola lintho tse sehlōhō tseo bo-ntate ba bona ba ileng ba ba etsa tsona ha e sa le bana. Jehova a ke ke a tšoara bana ba hae joalo. Ke Ntate ea molemo ka ho fetisisa. (Pes. 27:10) O re rata haholo ebile o re hlokomela ka litsela tse ngata. Ha re lemoha lerato la Jehova, seo se etsa hore re mo rate le ho feta.—Jak. 4:8. w15 9/15 4:3, 4
Moqebelo, la 22 July
Molimo ke eena eo, ka lebaka la ho khahloa ha hae, a sebetsang ho lōna e le hore le rate le be le sebetse.—Bafil. 2:13.
Haeba re tšepile Jehova, o tla re fa moea oa hae o halalelang hore o re thuse ho etsa se nepahetseng. Mehleng ea Samuele, Baiseraele ba ile ba hlōloa ke Bafilista ntoeng. Ho e-na le hore ba botse Jehova hore na ba etse’ng, ba ile ba re: “A re inkeleng areka ea selekane sa Jehova e Shilo, e le hore e ka tla har’a rōna ’me ea re pholosa liatleng tsa lira tsa rōna.” Phello ea qeto eo e ile ea e-ba efe? ‘Polao e ile ea e-ba khōlō haholo, hoo ho Baiseraele ho ileng ha oa banna ba likete tse mashome a mararo ba tsamaeang ka maoto. ’Me Areka ea Molimo ea haptjoa.’ (1 Sam. 4:2-4, 10, 11) Baiseraele ba ne ba nahana hore ha ba nkile Areka, seo se tla etsa hore Jehova a ba thuse le ho ba sireletsa. Empa ba ne ba sa kōpa Jehova hore a ba thuse kapa hona ho leka ho fumana hore na o ikutloa joang. Ho e-na le hoo, ba ile ba etsa seo ba nahanang hore se nepahetse, ’me ba khola litholoana tse babang.—Liprov. 14:12. w15 9/15 5:16, 17
Sontaha, la 23 July
Re fe tumelo e eketsehileng.—Luka 17:5.
Ha u ua lokela ho khotsofalla feela ho tseba lintho tseo u ithutileng tsona pele u kolobetsoa. (Baheb. 6:1, 2) Ka mohlala, ho ithuta boprofeta ba Bibele bo seng bo phethahetse ho tla u thusa hore u lule u e-na le tumelo e matla. U ka boela ua sebelisa Lentsoe la Molimo ho itlhahloba hore na tumelo ea hao e matla hakae. (Jak. 1:25; 2:24, 26) Moapostola Pauluse o ile a re Bakreste ‘ba ka khothatsana, e mong ka tumelo ea e mong.’ (Bar. 1:12) See se bolela’ng? Ha re qeta nako re e-na le bara le barali babo rōna, re ka matlafatsana tumelong. Haholo-holo ha re qeta nako le bao tumelo ea bona e ileng ea ‘lekoa.’ (Jak. 1:3) Metsoalle e mebe e senya tumelo ea rōna, empa metsoalle e metle e ea e matlafatsa. (1 Bakor. 15:33) Ke kahoo re khothalletsoang hore re be teng kamehla libokeng. Ha re le libokeng, rea “khothatsana.”—Baheb. 10:24, 25. w15 10/15 2:2, 8, 9
Mantaha, la 24 July
Nahanisisa ka lintho tsena; u ikakhele ka setotsoana ho tsona.—1 Tim. 4:15.
U lokela ho ipha nako ea ho thuisa ha u lokisetsa ho ea khanna thuto ea Bibele. Nahana ka motho eo, ’me u leke ho fumana potso kapa mohlala o tla mo thusa hore a hatele pele. Ha u lokisetsa ho khanna lithuto tsa Bibele ka tsela ena, tumelo ea hao e tla matlafala ’me u tla ba mosuoe ea hloahloa oa Bibele. U tla boela u rue molemo ha u thuisa pele u ea tšebeletsong ea tšimo. (Esdr. 7:10) Mohlomong u ka bala khaolo bukeng ea Liketso e le ho u thusa hore u chesehe haholoanyane tšebeletsong. U ka boela ua bala litemana tsa Bibele tseo u rerang ho li sebelisa letsatsing leo le lingoliloeng tseo u tla li tsamaisa. (2 Tim. 1:6) Nahana ka batho ba tšimong ea lōna le ka lintho tseo u ka buang ka tsona. Ha u lokisetsa ka tsela ena, u tla khona ho sebelisa Bibele hamolemo ho pakela ba bang.—1 Bakor. 2:4. w15 10/15 4:9
Labobeli, la 25 July
Haeba leihlo leo la hao le letona le etsa hore u khoptjoe, u le honye.—Mat. 5:29.
Ipotse: ‘Na bana ba ka baa tseba hore na ke hobane’ng ha ho le kotsi ho sheba litšoantšo tse litšila? Ke’ng e ka etsang hore ba batle ho sheba litšoantšo tsee? Na ke etsa hore ba nolofalloe ho buisana le ’na ka ntho leha e le efe, e le hore ba ka nkōpa thuso ha ba le tekong ea ho sheba litšoantšo tse litšila?’ Esita le haeba bana ba sa le banyenyane, u ka re ho bona: “Ke kōpa le mpolelle haeba le bona ntho Inthaneteng e etsang hore le batle ho tseba ka taba ea ho kopanela liphate. Le se ke la tšaba kapa la ba lihlong ho bua le ’na. Ke batla ho le thusa.” Khetha boithabiso ka hloko e le hore u behele bana ba hao mohlala o motle. Ntate e mong ea bitsoang Pranas o re: “U ka bolella bana lintho tse ngata, empa baa sheba hore na u etsa’ng ’me baa u etsisa.” Haeba u khetha lipina, libuka le lifilimi tse hloekileng, u tla thusa bana ba hao hore ba etse se tšoanang.—Bar. 2:21-24. w15 11/15 1:12-14
Laboraro, la 26 July
Ke tla etsa hore u be le temohisiso ’me ke u rupele ka tsela eo u lokelang ho tsamaea ka eona.—Pes. 32:8.
Ho paka phatlalatsa ke mokhoa o mong o atlehang o re thusang ho finyella batho kajeno. Re ikitlaelletsa ho pakela batho moo ho emeloang libese, liteisheneng tsa literene le libakeng tseo ho pakoang likoloi ho tsona, esita le liphakeng le limmarakeng. Na u tšaba ho paka phatlalatsa? Haeba ho joalo, rapela Jehova hore a u thuse ’me u nahane ka seo Mor’abo rōna Manera eo e leng molebeli oa potoloho a se buileng ha a re: “Re nka mokhoa o mong le o mong o mocha oa ho paka e le tsela e ’ngoe ea ho sebeletsa Jehova, ea ho bontša hore rea mo tšepa le ea ho ipaka hore rea tšepahala ’me re labalabela ho bontša hore re ikemiselitse ho mo sebeletsa ka tsela leha e le efe eo a batlang ka eona.” Ha re hlōla tšabo eo re nang le eona ’me re sebelisa mekhoa e mecha ea ho paka, seo se tla etsa hore re tšepe Jehova haholoanyane ’me re be baboleli ba atlehang. (2 Bakor. 12:9, 10) Bahoeletsi ba bangata ba thabela ho bolella batho ka websaete ea rōna ea jw.org. E finyella esita le batho ba libakeng tse hōle ka litaba tse molemo. w15 11/15 5:12, 13, 15
Labone, la 27 July
Tšepe e leotsoa ka tšepe. Ka ho tšoanang motho e mong o leotsa sefahleho sa e mong.—Liprov. 27:17.
Ho bile le mathata ha Phetolelo ea Lefatše le Lecha e fetoleloa ka lipuo tse ling ho tloha Senyesemaneng. Ka mohlala, ho Moeklesia 9:10 le litemaneng tse ling, Bibele ea Senyesemane e ne e sebelisa lentsoe la Seheberu, “Sheole.” Lentsoe lena le sebelisitsoe le Libibeleng tse ling tsa Senyesemane. Empa ho ne ho sa khonehe ho le sebelisa lipuong tse ling, kaha babali ba lipuo tseo ha ba le tsebe. Ha le eo lidikishinaring tsa bona, ’me ba bang ba ne ba bile ba nahana hore ke lebitso la sebaka. Kahoo, khatisong ea 2013 ea Phetolelo ea Lefatše le Lecha, bafetoleli ba ile ba lumelloa ho fetolela lentsoe lena la Seheberu “Sheole” le la Segerike “Hadese” e le “Lebitla.” Mantsoe a khale a Senyesemane a nketsoe sebaka ka a macha, ’me seo sa etsa hore boitsebiso bo balehe le ho utloisiseha habonolo, ha ka nako e tšoanang bo ntse bo nepahetse. Tsela eo taba e behiloeng ka eona ka lipuo tseo Bibele e sa tsoa fetoleloa ka tsona, le eona e thusitse ho ntlafatsa khatiso ea Senyesemane. w15 12/15 2:10, 12
Labohlano, la 28 July
Ho thaba mang kapa mang ea nahanelang motho ea tlaase; Jehova o tla mo pholosa letsatsing la tlokotsi. Jehova o tla mo lebela ’me a mo boloke a phela.—Pes. 41:1, 2.
Haeba u ua kula, Jehova o tla u tšehetsa, joalokaha a ile a tšehetsa bahlanka ba hae ba nakong e fetileng. Ha Davida a ngola mantsoe a ka holimo, o ne a sa bolele hore motho ea lokileng ea neng a nahanela ba tlaase ka nako eo, a ke ke a shoa. Joale Jehova o ne a tla thusa motho eo ea lokileng joang? Davida o ile a re: “Jehova o tla mo tšehetsa holim’a setulo sa hae se kang moalo sa ho kula; ka sebele u tla fetola liphate tsohle tsa hae nakong ea boloetse ba hae.” (Pes. 41:3) Jehova o tseba hantle hore na ke’ng se tšoenyang bahlanka ba hae ’me ha a ba lebale. O ba fa sebete le bohlale. Jehova o boetse o bōpile motho ka tsela eo ka eona ’mele oa hae o ka khonang ho ipholisa. w15 12/15 4:7
Moqebelo, la 29 July
Lulang le hopotse ba litlamong tsa chankana.—Baheb. 13:3.
Ha Pauluse a ne a ngola mantsoe ana, o ne a bua ka barab’abo rōna ba tšoeroeng ka lebaka la tumelo ea bona. Pauluse o ile a babatsa Bakreste ba Baheberu kaha ba ne ba bontšitse hore ba na le “kutloelo-bohloko ho ba chankaneng.” (Baheb. 10:34) Barab’abo rōna ba bang ba ile ba thusa Pauluse ka lilemo tse ’nè tseo a li qetileng a le chankaneng, empa ba bang ba ne ba lula hōle. Ba lulang hōle ba ne ba ka mo thusa joang? Ba ne ba ka tsoela pele ho mo rapella ka tieo. (Bafil. 1:12-14; Baheb. 13:18, 19) Kajeno ho na le bara le barali babo rōna ba bangata ba chankaneng ka lebaka la tumelo ea bona. Lipaki tse lulang haufi le lichankana tseo li ka ba thusa ka lintho tseo ba li hlokang. Empa boholo ba rōna re lula hōle le bona. Re ka etsa’ng ho lula re ba hopola le ho ba thusa? Lerato le tla re susumelletsa hore re ba rapelle ka tieo. w16.01 1:13, 14
Sontaha, la 30 July
Moea o paka le moea oa rōna hore re bana ba Molimo.—Bar. 8:16.
Molimo o ne a bōpetse batho hore ba phele ka ho sa feleng lefatšeng, eseng leholimong. (Gen. 1:28; Pes. 37:29) Empa o ile a khetha ba bang hore e il’o ba marena le baprista leholimong. Kahoo, ha a ba khetha, tšepo ea bona e ea fetoha le tsela eo ba nahanang ka eona e ea fetoha, ’me ba labalabela ho ea phela leholimong. (Baef. 1:18) Empa motho o tseba joang hore o memetsoe ho ea phela leholimong? Hlokomela seo Pauluse a ileng a se bua ho batlotsuoa ba Roma, ba neng ‘ba bitselitsoe ho ea ba bahalaleli.’ O ile a re: “Ha lea ka la amohela moea oa bokhoba o bakang tšabo hape, empa le ile la amohela moea oa ho nkeloa ka lapeng le le bara, e leng moea oo ka oona re hoeletsang: ‘Abba, Ntate!’” (Bar. 1:7; 8:15) Molimo o sebelisa moea o halalelang hore a tiisetse batho bao a ba khethileng hore e il’o ba marena le Jesu leholimong.—1 Bathes. 2:12. w16.01 3:8, 9
Mantaha, la 31 July
Hlokomela litaba tsa lōna.—1 Bathes. 4:11.
Re ka bontša joang hore re hlompha batlotsuoa? Ka ho se ba botse hore na ho etsahetse’ng ha ba tlotsoa. Ena ke taba ea motho ka mong, ’me rōna ha e re ame. (2 Bathes. 3:11) Ho feta moo, ha rea lokela ho nahana hore litho tse ling tsa malapa a bona kapa beng ka bona le bona ke batlotsuoa. Motho ha e be motlotsuoa ka tsoalo. (1 Bathes. 2:12) Re boetse re lokela ho qoba ho botsa lipotso tse ka utloisang ba bang bohloko. Ka mohlala, ha rea lokela ho botsa mosali ea nyetsoeng ke motlotsuoa hore na o ikutloa joang ka ho phela paradeiseng monna oa hae a le sieo. Etsoe re kholisehile hore lefatšeng le lecha, Jehova o tla “khotsofatsa takatso ea ntho e ’ngoe le e ’ngoe e phelang.” (Pes. 145:16) Haeba re sa nkele batlotsuoa holimo ho feta batho ba bang, seo sea re sireletsa. Ka tsela efe? Bibele e re ka phuthehong ho ka ’na ha e-ba le “barab’abo rōna ba bohata” ba ipolelang hore ke batlotsuoa.—Bagal. 2:4, 5; 1 Joh. 2:19. w16.01 4:10, 11