August
Labobeli, la 1 August
Na Moahloli oa lefatše lohle a ke ke a etsa se nepahetseng?—Gen. 18:25.
Kaha Abrahama o ile a mamela Jehova linthong tsohle esita le linthong tse nyenyane, setsoalle sa bona se ile sa tiea le ho feta. O ne a nolofalloa ho bua le Jehova ka ntho e ’ngoe le e ’ngoe, a bile a mo botsa lipotso ha a sa utloisise. Ka mohlala, o ne a tšoenyehile ha Jehova a re o tl’o felisa motse oa Sodoma le oa Gomora. Hobane’ng? O ne a amehile ka hore ha Jehova a timetsa batho ba babe, o tla timetsa le ba lokileng. Mohlomong o ne a tšoenyehile ka mong ka eena Lota le ba lelapa la hae, ba neng ba lula Sodoma. Kaha Abrahama o ne a tšepa Jehova, “Moahloli oa lefatše lohle,” ka boikokobetso o ile a mo bolella se mo tšoenyang. Jehova ha aa ka a fella motsoalle eo oa hae pelo, ho e-na le hoo, a bontša hore o mohau. A mo hlalosetsa hore ha a liha kahlolo, o sireletsa ba lokileng. (Gen. 18:22-33) Ho hlakile hore lintho tseo Abrahama a neng a li tseba ka Jehova le tse mo hlahetseng bophelong, li ile tsa tiisa setsoalle sa bona. w16.02 1:11, 12
Laboraro, la 2 August
E se eka Jehova a ka ba pakeng tsa ka le uena le pakeng tsa bana ba ka le bana ba hao ho isa nakong e sa lekanyetsoang.—1 Sam. 20:42.
Re rata batho ba tšepahalang. Empa na ntho feela e etsang hore re rate Jonathane ke hobane a ne a tšepahala ho Davida? Che, lebaka ke hore o ne a nka ho tšepahala ho Molimo e le ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa bophelong ba hae. Ha e le hantle, leo ke lona lebaka le neng le etsa hore a tšepahalle Davida ho e-na le ho mo shoela mōna, le hoja Davida e ne e tl’o ba morena eseng eena. Jonathane o ile a ba a khothalletsa Davida hore a itšetlehe ka Jehova. Banna bao ka bobeli ba ile ba lula ba tšepahala ho Jehova ba bile ba tšepahallana. Ba ile ba tšepahalla kano ea bona. Le rōna re lokela ho tšepahala ho ba malapa a rōna, metsoalle le ho bara le barali babo rōna ka phuthehong. (1 Bathes. 2:10, 11) Empa habohlokoa le ho feta, re lokela ho tšepahala ho Jehova. Ke eena ea re fileng bophelo! (Tšen. 4:11) Rea thaba ebile rea khotsofala ha re tšepahala ho eena. Rea tseba hore re lokela ho lula re tšepahala ho Molimo le linakong tse thata. w16.02 3:3, 4
Labone, la 3 August
Daniele a etsa qeto ka pelong ea hae hore a ke ke a itšilafatsa.—Dan. 1:8.
Mocha ea hōlileng tsebong o tla khomarela seo a se lumelang, esita le ha a tobane le maemo a thata. Ha a iketse motsoalle oa Molimo ha a le Holong ea ’Muso empa ha a fihla sekolong a iketse motsoalle oa lefatše. Ho e-na le hoo, o tla lula a tšepahala le ha a lekoa. (Baef. 4:14, 15) Ke ’nete hore ha ho na motho ea phethahetseng. Ka linako tse ling, batho ba baholo le bacha ba etsa liphoso. (Moek. 7:20) Empa haeba u batla ho kolobetsoa, u lokela ho ikemisetsa ho mamela litaelo tsa Jehova. Ka hona ipotse, ‘Na e se e le nako ke ntse ke mamela litaelo tsa Jehova?’ Nahana ka seo u ileng ua se etsa ha tumelo ea hao e lekoa. Na u ile ua khetha ho etsa se nepahetseng? Na ho tšoana le Daniele, ho na le motho ea kileng a u khothalletsa hore u sebelise bokhoni ba hao lefatšeng lee la Satane? Na ha u tobana le liteko tse kang ena, u khona ho lemoha hore na thato ea Jehova ke efe?—Baef. 5:17. w16.03 1:7-9
Labohlano, la 4 August
Matsatsi ao e tla ba matsatsi a matšoenyeho ao a kang ’ona a e-s’o ka a e-ba teng ho tloha tšimolohong ea pōpo eo Molimo a ileng a e bōpa ho fihlela ka nako eo.—Mar. 13:19.
Re phela “matsatsing a ho qetela,” ’me haufinyane re tla tobana le matšoenyeho ao ho seng a kileng a tšoana le ’ona. (2 Tim. 3:1) Ho feta moo, Satane le bademona ba hae ba lelekiloe leholimong ’me ba liheloa lefatšeng, kahoo ba bakela batho mahlomola. (Tšen. 12:9, 12) Re boetse re mamela taelo ea Jesu ka hore re pakele batho bohle lefatšeng ka lipuo tse sa tšoaneng! E le hore Molimo a re hlohonolofatse, re lokela ho mamela litaelo tsohle tseo phutheho ea Bokreste e re fang tsona. Haeba re li mamela hona joale, re tla nolofalloa ho latela litaelo nakong ea “matšoenyeho a maholo,” ha lefatše lohle le khopo la Satane le tla be le timetsoa. (Mat. 24:21) Ka mor’a moo, ho tla hlokahala hore re latele litaelo tse ncha tse tla re kenya lefatšeng le lecha. w16.03 4:16, 18
Moqebelo, la 5 August
[Ha] tsoa mosing litsie.—Tšen. 9:3.
Moapostola Johanne o ile a ba le pono eo ho eona a ileng a bona mangeloi a supileng a letsa literompeta. Ha lengeloi la bohlano le letsa terompeta, Johanne o ile a bona “naleli e neng e oetse lefatšeng e tsoa leholimong.” “Naleli” eo e ile ea fuoa senotlolo e le hore e bule sekoti sa mohohlo. Qalong ho ile ha nyoloha mosi o teteaneng, ha ntan’o tsoa lebothohali la litsie mosing oo. Ho e-na le hore litsie tsena li senye lifate le limela, li ile tsa hlasela “batho ba se nang tiiso ea Molimo liphatleng tsa bona.” (Tšen. 9:1-4) Johanne o ne a tseba hore litsie li ka baka tšenyo e khōlō, joalokaha li ile tsa e baka Egepeta mehleng ea Moshe. (Ex. 10:12-15) Litsie tseo Johanne a li boneng li emela Bakreste ba tlotsitsoeng ba ’nileng ba phatlalatsa molaetsa o matla khahlanong le bolumeli ba bohata. Batho ba bang ba limilione ba nang le tšepo ea ho phela ka ho sa feleng lefatšeng ba ikopantse le bona mosebetsing ona oa boboleli. Mosebetsi ona o lokolotse batho ba bangata bolumeling ba bohata le taolong ea Satane. w16.03 3:3
Sontaha, la 6 August
Tutubolla mahlo a ka, e le hore nka talima lintho tse hlollang tse tsoang molaong oa hao.—Pes. 119:18.
E le hore moholo a utloisise hore na ’nete e ama tsela eo mor’abo rōna a nahanang le ho ikutloa ka eona joang, a ka ’na a mo botsa hore na ho inehela ha hae ho Jehova ho amme liqeto tseo a li etsang bophelong joang. Potso eo e ka ’na ea lebisa tabeng ea hore na re ka sebeletsa Jehova joang ka lipelo tsohle tsa rōna. (Mar. 12:29, 30.) Mohlomong a ka ba a rapela le mor’abo rōna, a kōpa Jehova hore a mo fe moea o halalelang oo a o hlokang e le hore a amohele koetliso. Ha mor’abo rōna a utloa moholo a mo rapella, seo se ka ’na sa mo khothalletsa hore a etse ho eketsehileng! Ha moholo a qala ho koetlisa mor’abo rōna, ho ka ba molemo hore ba buisane ka litlaleho tsa Bibele tse ka mo thusang hore a bone bohlokoa ba ho thusa ba bang, ba ho ba motho ea ka tšeptjoang le ea ikokobelitseng. (1 Mar. 19:19-21; Neh. 7:2; 13:13; Lik. 18:24-26) Ho hlokahala hore mor’abo rōna a be le litšobotsi tsena, feela joalokaha mobu o hloka manyolo. Li tla mo thusa hore a hatele pele ka potlako ’me li mo ‘tutubolle mahlo’ e le hore a bone “lintho tse hlollang” tse ka Lentsoeng la Molimo. w15 4/15 2:3, 4
Mantaha, la 7 August
Atamelang ho Molimo.—Jak. 4:8.
Haeba u batla ho atamela ho Jehova, ke habohlokoa hore u buisane le eena kamehla. Empa re ka etsa see joang? U buisana le Jehova ha u mo rapela kamehla. (Pes. 142:2) Empa Jehova o buisana le uena joang? O buisana le uena ha u bala Lentsoe la hae Bibele kamehla ’me u thuisa ka lona. (Esa. 30:20, 21) Ha u bolela ka ho toba seo u se kōpang thapelong, u tla khona ho bona ka ho hlaka ha Jehova a araba, ’me e tla ba oa sebele haholoanyane ho uena. Haeba u bolella Jehova ntho e ’ngoe le e ’ngoe e u tšoenyang, o tla atamela haufi le uena. Re ka lula re atamela haufi le Jehova ka ho sa feleng. Kahoo, a re tsoeleng pele ho mo mamela ka ho ithuta Bibele kamehla, ’me re tsoele pele ho buisana le eena ka thapelo. Ha re etsa joalo, kamano ea rōna le Jehova e tla ba matla le ho feta, ’me ka thuso ea hae re tla khona ho mamella liteko. w15 4/15 3:3, 14, 16
Labobeli, la 8 August
Mohanyetsi oa lōna, Diabolose, o tsamaea joaloka tau e purumang, e batlang ho harola e mong.—1 Pet. 5:8.
Temana ee e hlalosa Satane hantle hakaakang, kaha o khopo ebile o sehlōhō! O se a ntse a laola lefatše lohle, empa ha a khotsofale. Satane o tšoana le tau e batlang liphofu tse eketsehileng. Morero oa Satane ke ho felisa batho ba Jehova. Tsela eo Bakreste ba ’nete ba ’nileng ba hlorisoa ka eona ho tloha lekholong la pele la lilemo ho tla fihlela joale, e bontša kamoo Satane a leng sehlōhō kateng. Tau e lapileng ha e qenehele phofu ea eona. Ha e be le kutloelo-bohloko pele e e bolaea ’me ka mor’a ho e bolaea ha e ikutloe e le molato. Satane le eena ha a qenehele batho bao a ba hlaselang. Ka mohlala, u nahana hore Satane o ne a ikutloa joang nako le nako ha Baiseraele ba oela sebeng se kang sa boitšoaro bo bobe ba ho kopanela liphate le sa meharo? Na u ka inahanela kamoo Satane a ileng a thaba kateng ha a bona tlokotsi e ileng ea tlisoa ke boitšoaro bo bobe ba Zimri le ke meharo ea Gehazi?—Num. 25:6-8, 14, 15; 2 Mar. 5:20-27. w15 5/15 1:8, 9
Laboraro, la 9 August
Le hanyetse Diabolose, ’me o tla le balehela.—Jak. 4:7.
Re ka loantša Satane joang ’me ra mo hlōla? Jesu o ile a re: “Le tla rua meea ea lōna ka ho mamella ha lōna.” (Luka 21:19) Lintho tseo batho ba ka li etsang ho re utloisa bohloko ke tsa nakoana. Ha ho motho ea ka senyang setsoalle sa rōna le Molimo, ntle le ha re itumella hore se senyehe. (Bar. 8:38, 39) Esita le haeba bahlanka ba bang ba tšepahalang ba Jehova ba ka shoa, seo ha se bolele hore Satane o hlōtse. Jehova o tla ba tsosa. (Joh. 5:28, 29) Empa Satane eena ha a na bokamoso. Ka mor’a hore lefatše lena le khopo le felisoe, o tla liheloa ka mohohlong ka lilemo tse sekete. (Tšen. 20:1-3) Qetellong ea lilemo tse sekete tsa puso ea Kreste, Satane “o tla lokolloa hore a tsoe chankaneng ea hae,” ’me o tla leka batho ba phethahetseng ka lekhetlo la ho qetela. Ka mor’a moo, o tla timetsoa. (Tšen. 20:7-10) Le hoja Diabolose a tla timetsoa, uena u na le monyetla oa ho phela! Tsoela pele ho loantša Satane, ’me u lule u le matla tumelong. (1 Pet. 5:9) U ka loantša Satane ’me ua mo hlōla! w15 5/15 2:1, 18
Labone, la 10 August
Ea masene ke ea boneng tlokotsi ’me a ipata, empa ba se nang phihlelo ba fetetse pele ’me ba tla fumana kotlo.—Liprov. 22:3.
Motho ea bohlale o laola seo a se nahanang. Lintho tseo re li nahanang li ka tšoana le mollo, tsa re tsoela molemo kapa tsa re ntša kotsi. Haeba re le hlokolosi, re ka sebelisetsa mollo ho pheha. Empa haeba re se hlokolosi, mollo o ka chesa ntlo oa ba oa re bolaea. Hoa tšoana le ka lintho tseo re li nahanang. Re rua molemo ha re nahana ka lintho tseo Jehova a re rutang tsona. Empa haeba re lula re nahana ka boitšoaro bo bobe ba ho kopanela liphate le ka lintho tse ling tse fosahetseng, re tla li lakatsa ’me re qetelle re li entse. Seo se ka senya kamano ea rōna le Jehova. (Jak. 1:14, 15) Bibele e re lemosa ka ho hlaka hore re se ke ra lula re nahana ka boitšoaro bo litšila ba ho kopanela liphate. Jesu o ile a re: “E mong le e mong ea ntseng a tsoela pele ho sheba mosali e le hore a be le takatso e matla bakeng sa hae o se a febile le eena ka pelong ea hae.”—Mat. 5:28. w15 5/15 4:11, 12, 14
Labohlano, la 11 August
Lintho tseo ke neng ke li rata li ne li le ho bara ba batho.—Liprov. 8:31.
Mehlolo ea Jesu e senola hore o tsotella batho. Ha a le motseng o mong moo, o ile a kopana le monna ea tšoeroeng ke boloetse bo tšosang ba lepera. (Mar. 1:39, 40) Monna eo o ne a kula hoo ngaka Luka a ileng a re o ‘tletse lepera.’ (Luka 5:12) Bibele e re ha monna eo ea kulang a bona Jesu, o ile “a itihela fatše ka sefahleho ’me a mo kōpa, a re: ‘Morena, haeba feela u batla, u ka ntlhoekisa.’” Monna eo o ne a tseba hore Jesu o na le matla a ho mo folisa, empa a lakatsa ho tseba hore na o batla ho mo folisa. Jesu eena o ne a ikutloa joang? O ile a utloela monna eo bohloko, ’me ka kholiseho le kutloelo-bohloko, a re: “Kea batla. Hloeka.” Kahoo, “lepera la nyamela ho eena.” (Luka 5:13) Jesu o ile a bontša ka ho hlaka hore o rata batho.—Luka 5:17. w15 6/15 2:3-5
Moqebelo, la 12 August
Ea itšehlang thajana o . . . phasoloha khahlanong le bohlale bohle bo sebetsang.—Liprov. 18:1.
Ho ka ’na ha e-ba thata ho bua le batho ba bang ka mathata a hao, empa ke habohlokoa hore u kōpe thuso. (Baheb. 3:12, 13) Bakreste ba hōlileng moeeng ba ka u thusa hore u lemohe moo ho hlokahalang hore u etse liphetoho. Kahoo, etsa liphetoho tseo e le hore Jehova a ka lula e le Motsoalle oa hao. Baholo liphuthehong tsa habo rōna ba koetliselitsoe ho re thusa. (Jak. 5:13-15) Haeba u e-na le bothata ba ho sheba litšoantšo tse litšila, u lokela ho kōpa thuso hang-hang. Haeba u lieha ho kōpa thuso, u tla ba kotsing ea ho oela boitšoarong bo bobe ba ho kopanela liphate. Ka tsela eo u tla utloisa ba bang bohloko, ’me u etse hore batho ba rohake Jehova. Ba bangata ba kōpile thuso ho baholo ’me ba amohetse keletso ea bona, e le hore ba khahlise Jehova ’me ba lule ka phuthehong ea Bokreste.—Jak. 1:15; Pes. 141:5; Baheb. 12:5, 6. w15 6/15 3:15-17
Sontaha, la 13 August
Letsatsing leo baprofeta ba tla hlajoa ke lihlong, e mong le e mong ka lebaka la pono ea hae ha a profeta; ’me ba ke ke ba apara seaparo se khethehileng sa boea ka morero oa ho thetsa.—Zak. 13:4.
Na litho tsohle tsa bolumeli ba bohata li tla timetsoa ha Babylona e Moholo e felisoa? Che. Baeta-pele ba bang ba bolumeli ba tla ikhakanya, ba latole hore ke litho tsa bolumeli ba bohata. (Zak. 13:5, 6) Ho tla etsahala’ng ka bahlanka ba Molimo ka nako eo? Jesu o ile a re: “Ha e le hantle, hoja matsatsi ao a se ke a khutsufatsoa, ha ho nama e neng e tla pholoha; empa ka lebaka la bakhethoa matsatsi ao a tla khutsufatsoa.” (Mat. 24:22) Matšoenyeho a ileng a tlela Jerusalema lekholong la pele la lilemo, a ile a “khutsufatsoa.” Sena se ile sa nolofalletsa “bakhethoa,” e leng Bakreste ba tlotsitsoeng hore ba balehe. Ka tsela e tšoanang, karolo e qalang ea matšoenyeho a maholo e tla “khutsufatsoa,” ka lebaka la “bakhethoa.” Mebuso ea lipolotiki, e leng “linaka tse leshome,” e ke ke ea lumelloa hore e felise bahlanka ba Molimo. (Tšen. 17:16) Ho e-na le hoo, ho tla ba le khutso ka nakoana, ka mor’a tlhaselo ea pele. w15 7/15 2:5, 6
Mantaha, la 14 August
Moleki a tla.—Mat. 4:3.
E mong le e mong oa rōna a ka khetha ho hanela teko kapa ho se e hanele. (Mat. 6:13; Jak. 1:13-15) Jesu o ile a leleka Satane hang-hang ha a mo leka, ’me a qotsa se ngotsoeng ka Lentsoeng la Molimo. Jesu o ne a tšepahala ho Molimo. Empa Satane ha aa ka a tela. O ile a ema “ho fihlela nakong e ’ngoe e loketseng” hore a boele a leke Jesu. (Luka 4:13) Empa Jesu o ile a lula a mamela Molimo e le ’Musi oa hae, ho sa tsotellehe hore na Satane o etsa’ng. Satane o leka ho khelosa balateli ba Jesu hore ba se ke ba mamela Jehova, ’me le uena o leka ho u khelosa. Lipotso tse botsitsoeng ka bobusi ba Jehova, li ntse li lokela ho arajoa. Kahoo, Jehova o lumella Satane ho re leka hajoale. Jehova ha a re ‘kenye molekong.’ Ha e le hantle, o kholisehile hore re ka lula re tšepahala ho eena, ’me o batla ho re thusa. Empa ha a re qobelle hore re etse se nepahetseng. O re file bolokolohi ba ho ikhethela hore na re tla tšepahala ho eena kapa che. E le hore re se ke ra kena molekong, re lokela ho lula haufi le Jehova ’me re rapelle thuso ea hae kamehla. w15 6/15 5:13, 14
Labobeli, la 15 August
Ka tsela leha e le efe ha re fane ka sesosa leha e le sefe sa ho khoptjoa, e le hore bosebeletsi ba rōna bo se ke ba fumanoa bo e-na le molato.—2 Bakor. 6:3.
Re lokela ho fetola tsela eo re nahanang ka eona, ’me re koetlise matsoalo a rōna e le hore re lule re sa nke lehlakore maemong ’ohle. (Bar. 14:19) Ka mohlala, Mirjeta o hlahetse naheng e neng e bitsoa Yugoslavia pele. Batho ba sebakeng seo a hōletseng ho sona ba ne ba hloile Maserbia. Ha a ithuta ka Jehova, o ile a hlokomela hore Jehova ha a khetholle merabe le hore Satane ke eena ea batlang hore batho ba hloeane. Kahoo, a leka ka matla ho fetola tsela eo a ikutloang ka eona. Empa ha batho ba merabe e sa tšoaneng ba lulang sebakeng seo ba loantšana, Mirjeta o ile a boela a hloea Maserbia. O ne a sa batle le ho a pakela. Kaha o ne a tseba hore seo se fosahetse, o ile a kōpa Jehova hore a mo thuse ho loantša boikutlo boo. Mirjeta o re: “Ho qeta nako e ngata ke le tšebeletsong ho nthusitse haholo. Ha ke le tšebeletsong, ke leka ho etsisa lerato la Jehova, ’me seo se nthusa ho loantša maikutlo a fosahetseng.” w15 7/15 3:11-13
Laboraro, la 16 August
Ha e le Jehova, mahlo a hae a qamaka ho pholletsa le lefatše lohle hore a bontše matla a hae molemong oa bao lipelo tsa bona li feletseng ho eena.—2 Likron. 16:9.
Nahana kamoo Jehova a ileng a sebetsana le Morena Josafate oa Juda kateng. Josafate o ile a etsa qeto e booatla, a ikopanya le Morena Akabe oa Iseraele ho loantša Basyria. Le hoja baprofeta ba 400 ba bohata ba ile ba bolella Akabe ea khopo hore o tla hlōla ntoeng eo, moprofeta oa Jehova Mikaia o ile a bolella Josafate le Akabe hore ha ba ka ea ntoeng, ba tl’o hlōloa. Akabe o ile a bolaoa ntoeng, ’me Josafate a phonyoha ka sobana-la-nale. Leha ho le joalo, Jehu o ile a re ho eena: “Ho na le lintho tse ntle tse fumanoeng ho uena.” (2 Likron. 18:4, 5, 18-22, 33, 34; 19:1-3) Le hoja Josafate a ile a etsa qeto e booatla, Jehova ha aa ka a lebala lintho tse ntle tseo a li entseng. (2 Likron. 17:3-10) Mohlala oo o lokela ho re khothatsa, hobane ka linako tse ling re etsa liphoso. Jehova o tla lula a re rata haeba re etsa sohle seo re ka se khonang ho mo sebeletsa. w15 8/15 1:8, 9
Labone, la 17 August
[Fana ka litaelo] hore ba sebetse se molemo, . . . e le hore ba ka tšoara ka tieo bophelo ba sebele.—1 Tim. 6:18, 19.
Re ka etsa’ng hona joale ho itokiselletsa ho phela lefatšeng le lecha? Haeba re rera ho fallela naheng e ’ngoe, re ka ’na ra etsa lintho tse itseng ho itokiselletsa ho phela naheng eo. Ka mohlala, re ka ’na ra qala ho ithuta puo le meetlo ea batho ba naheng eo. Kapa ra leka ho ja lijo tseo ba li jang. Ka tsela e tšoanang, re ka itokiselletsa ho phela lefatšeng le lecha ka hore re phele joalokaha eka re se re ntse re le ho lona. Batho ba bangata ba thabela ho ipusa ’me ba nka hore ha ho hlokahale hore ba mamele Molimo. Phello ea see e ’nile ea e-ba efe? Sena se tliselitse batho mahlomola le masoabi. (Jer. 10:23) Empa Jehova ke ’Musi ea lerato. Ruri bophelo e tla ba bo khathollang lefatšeng le lecha, ha bohle ba tla be ba mo mamela! w15 8/15 3:4, 5
Labohlano, la 18 August
Le se ke la kena jokong e sa lekaneng hammoho le ba sa lumelang.—2 Bakor. 6:14.
Bakreste ba batlang ho kena lenyalong ba lokela ho ba hlokolosi hore na ba khetha ho tloaelana le bo-mang. Bibele e eletsa bahlanka ba Molimo hore ba nyale “feela Moreneng,” ke hore ba nyalane feela le motho ea inehetseng le ho kolobetsoa ’me a phela tumellanong le melao ea Jehova. (1 Bakor. 7:39) Ha u nyalana le motho ea ratang Jehova, u tla ba le molekane ea tla u thusa hore u lule u tšepahala ho Molimo. Jehova o tseba se re loketseng, ’me taelo ea hae ea ho nyala “feela Moreneng” ha e ncha. Ka mohlala, hlokomela seo Jehova a ileng a se bolella Baiseraele ka batho ba sa mo sebeletseng. O ile a ba fa taelo ena a sebelisa Moshe: “U se ke ua etsa selekane sa lenyalo le tsona. . . . Etsoe o tla khelosa mora oa hao hore a se ke a ntatela, ’me ka sebele ba tla sebeletsa melimo e meng.”—Deut. 7:3, 4. w15 8/15 4:12, 13
Moqebelo, la 19 August
[Le nepisise] lintho tsa bohlokoa haholo, e le hore le hloke sekoli le hore le se ke la khopisa ba bang.—Bafil. 1:10.
Re ka etsa’ng ho koetlisa matsoalo a rōna? Re lokela ho bala Bibele kamehla, re thuise ka seo re se balang, re be re kōpe Jehova hore a re thuse ho sebelisa seo re ithutang sona. Seo se bolela hore ha rea lokela ho tseba melao le litlaleho tse ka ho eona feela. Ha re ithuta Bibele, sepheo sa rōna ke ho tseba Jehova hamolemo. Ha re ntse re ithuta ho eketsehileng ka Jehova, matsoalo a rōna a tla qetella a hlokomela kapele se nepahetseng le se fosahetseng mahlong a hae. Kahoo, re tla nahana joaloka Jehova haholoanyane. Empa ha rea lokela ho potlakela ho tšoaea molumeli-’moho le rōna phoso kapa ho mo qobella hore a fetole maikutlo haeba re sa utloisise hore na ke hobane’ng ha a khethile ho etsa lintho ka tsela e itseng. E ka ’na eaba o lokela ho koetlisa letsoalo la hae haholoanyane, kapa mohlomong le boi haholo.—1 Bakor. 8:11, 12. w15 9/15 2:4, 8, 10
Sontaha, la 20 August
Lefatše o le file bara ba batho.—Pes. 115:16.
Har’a lipolanete tsohle tseo Molimo a li entseng, lefatše lea ikhetha. Jehova ha aa re fa lintho tseo re li hlokang feela hore re phele, empa o boetse o entse hore lefatše e be sebaka se setle le se sireletsehileng seo re ka thabelang ho phela ho sona. (Esa. 45:18) Ha re nahana ka lehae leo Ntate oa rōna Jehova a re fileng lona, rea hlokomela hore o re rata e le kannete. (Jobo 38:4, 7; Pes. 8:3-5) Tsela e ’ngoe eo Jehova a re bontšitseng lerato ka eona, ke ka ho re bōpa re e-na le bokhoni ba ho mo etsisa. (Gen. 1:27) O oa tseba hore sena ke sona se etsang hore re thabe. Etsoe bana baa thaba ha ba tseba hore batsoali ba bona baa ba rata. Hopola hore Jesu o ile a ruta hore re tla thaba haeba re e-na le kamano e haufi le Ntate oa rōna, Jehova. (Mat. 5:3) O re fa ‘lintho tsohle hore re li thabele.’ Ho hlakile hore o seatla se bulehileng ebile o re rata haholo.—1 Tim. 6:17; Pes. 145:16. w15 9/15 4:6, 7
Mantaha, la 21 August
Ho na le tsela e lokileng ka pel’a motho, empa qetello ea eona hamorao ke litsela tsa lefu.—Liprov. 14:12.
Mopesaleme ea neng a rata Jehova ka ho tebileng a bile a mo tšepa, o ile a ngola a re: “Letela Molimo, etsoe ke sa ntse ke tla mo roka joaloka poloko ea ka e khōlō. Molimo oa ka, moea oa ka o feletsoe ke tšepo ka hare ho ’na. Ke ka lebaka leo ke u hopolang.” (Pes. 42:5, 6) Na ke kamoo u ikutloang kateng ka Jehova? Na u ikutloa u le haufi le eena ebile u ua mo tšepa? Mohlomong u ka ithuta ho mo tšepa haholoanyane. Bibele e re: “Tšepa Jehova ka pelo ea hao eohle ’me u se ke ua itšetleha ka kutloisiso ea hao. U mo ele hloko litseleng tsohle tsa hao, ’me o tla otlolla litsela tsa hao.” (Liprov. 3:5, 6) Jehova o re bontšitse hore na re ka mo rata joang ka hore a re rate pele. (1 Joh. 4:19) A re luleng re nahana ka seo a re etselitseng sona le kamoo a re ratang kateng. ’Me e se eka re ka bontša hore re mo rata ka pelo, moea, kelello le matla ’ohle a rōna.—Mar. 12:30. w15 9/15 5:17-19
Labobeli, la 22 August
Ha e le ’na le ba ntlo ea ka, re tla sebeletsa Jehova.—Josh. 24:15.
Re imatlafatsa tumelong ha re bolella ba bang litaba tse molemo tse tsoang ka Bibeleng. Ho tšoana le Bakreste ba mehleng ea baapostola, re ithuta ho tšepa Jehova le ho bua ka sebete boemong leha e le bofe. (Lik. 4:17-20; 13:46) Tumelo ea rōna ho Jehova e tiea le ho feta ha re lemoha litsela tseo a re thusang ka tsona le hore o araba lithapelo tsa rōna. Sena ke sona se ileng sa etsahalla Kalebe le Joshua. Ba ile ba bontša tumelo ho Jehova ha ba hloela Naha e Tšepisitsoeng. Ha nako e ntse e ea, tumelo ea bona e ile ea matlafala nako le nako ha ba hlokomela kamoo Jehova a ba thusitseng kateng. Ke kahoo Joshua a neng a ka re ka kholiseho ho Baiseraele: “Ha ho lentsoe leha le le leng mantsoeng ’ohle a molemo ao Jehova Molimo oa lōna a le boleletseng ’ona le hlōlehileng ho phethahala.” Hamorao o ile a re: “Tšabang Jehova ’me le mo sebeletse ka ho hloka molato le ka ’nete.” (Josh. 23:14; 24:14) Ha re tšepa Jehova ’me re lemoha kamoo a re thusang kateng ka bomong, tumelo ea rōna e tla tiea le ho feta.—Pes. 34:8. w15 10/15 2:10, 11
Laboraro, la 23 August
Esdrase o ne a lokisitse pelo ea hae.—Esdr. 7:10.
Haeba u ngola lintlha nakong ea puo ea phatlalatsa le ha u le kopanong, iphe nako ea ho li hlahloba. Ha u ntse u li hlahloba, ipotse, ‘Ke’ng seo Lentsoe la Molimo le mokhatlo oa hae o nthutang sona?’ U ka boela ua thuisa ka boitsebiso bo hlahang likhatisong tsa khoeli le khoeli tsa Molula-Qhooa le Tsoha! le lingoliloeng tse sa tsoa lokolloa kopanong. Ha u qeta ho bala phihlelo e itseng Bukeng ea Selemo, khefutsa ho se hokae ’me u nahane ka eona, u tebisetse seo u se balang pelong. Ha u bala lingoliloeng, tšoaea lintlha tsa bohlokoa kapa u li ngole ka mahlakoreng. Lintlha tseo li tla u thusa ha u lokisetsa leeto la ho boela, leeto la bolisa kapa puo. Habohlokoa le ho feta, ha u ipha nako ea ho thuisa ka seo u se balang, boitsebiso boo bo tla u finyella pelo ’me u tla rapela Jehova, u mo lebohe ka lintho tse molemo tseo a u rutang tsona. w15 10/15 4:9, 10
Labone, la 24 August
Jesu a ’na a hatela pele bohlaleng le khōlong ea ’mele ’me a amoheleha ho Molimo le ho batho.—Luka 2:52.
E ’ngoe ea lintho tse thabisang batsoali ka ho fetisisa ke ho bona bana ba bona ba kolobetsoa. Berenice o na le bana ba bane, ’me kaofela ha bona ba ile ba kolobetsoa ba le ka tlaase ho lilemo tse 14. O re: “Re ne re thabile ha ba kolobetsoa. Re thabetse hore bana ba rōna ba batla ho sebeletsa Jehova. Empa re boetse re tseba hore kaha ba lilemong tsa bocha, ba tl’o tobana le mathata a mangata.” Setsebi se seng sa kelello se sebetsanang le bana se re lilemo tsa bocha li ka ba boima ho bana haesita le ho batsoali, empa batsoali ha baa lokela ho nahana hore bacha ba fapane hlooho kapa ba tletsoe ke papali. Ho fapana le hoo, bacha ba rata ho qapa lintho, ba ameha maikutlo ka ho tebileng ebile ba thabela ho qeta nako ba e-na le metsoalle ea bona. Kahoo, ha bana ba le lilemong tsa bocha, ba ka theha setsoalle se matla le Jehova, feela joalokaha Jesu a ile a etsa ha e sa le mocha. w15 11/15 2:1, 2
Labohlano, la 25 August
’Muso oa hao o ke o tle. Thato ea hao e ke e etsahale lefatšeng, joalokaha e etsahala leholimong.—Mat. 6:10.
’Muso oa Bomesia oo Molimo a o thehileng o bontša hore Jehova o rata batho. Ka tsela efe? Jehova o khethile ’Musi ea ratang batho ea bileng a tšoanelehang ho busa, e leng Jesu Kreste. (Liprov. 8:31) Molimo o khethile batho ba 144 000 hore ba buse le Kreste leholimong. Ha ba tsosoa bafung, ba tla be ba tseba hore na ho ne ho le joang ho ba motho. (Tšen. 14:1) Ha Jesu a le lefatšeng, ntho e ka sehloohong eo a neng a ruta ka eona ke ’Muso, ’me o ile a ruta barutuoa ba hae hore ba rapele hore o tle ba rapelle le litlhohonolofatso tseo o tla li tlisa. Bibele e bontša hore ’Muso oa Molimo o qalile ho busa leholimong ka 1914. Ho tloha ka nako eo, ho ’nile ha bokelloa litho tsa ho qetela tse tla busa le Jesu leholimong hammoho le “bongata bo boholo” ba batho ba tla phonyoha bofelo ba tsamaiso ena ea lintho ’me ba kene lefatšeng le lecha.—Tšen. 7:9, 13, 14. w15 11/15 3:16, 18
Moqebelo, la 26 August
Ka kōpo, mamela ’me ke tla bua.—Jobo 42:4.
Jehova o ile a qala ka ho bōpa eo moapostola Johanne a mo bitsang “Lentsoe.” (Joh. 1:1; Tšen. 3:14) Jehova o ne a buisana le Lentsoe, e leng Jesu ’me a mo bolella seo a se nahanang le maikutlo a hae. (Joh. 1:14, 17; Bakol. 1:15) Moapostola Pauluse o re mangeloi le ’ona a buisana ka puo ea ’ona, e fapaneng hōle le ea batho. (1 Bakor. 13:1) Jehova o tseba ntho e ’ngoe le e ’ngoe ka batho le ka mangeloi a libilione ao a a bōpileng. O khona ho mamela lithapelo tse etsoang ke batho ba limilione ka nako e le ’ngoe, ’me o oa li utloisisa ho sa tsotellehe hore na ba bua puo efe. Ha a ntse a mametse lithapelo tseo, Jehova o boetse o buisana le mangeloi le ho a fa litaelo. E le hore Jehova a khone ho etsa lintho tsena kaofela, e tlameha ebe o phahametse batho hōle ka monahano le ka puo. (Esa. 55:8, 9) Kahoo, ha a buisana le batho, o ba bolella molaetsa ka tsela e bonolo e le hore ba o utloisise. w15 12/15 1:1, 2
Sontaha, la 27 August
Ka sebele lefatše le tla tlala tsebo ea Jehova joalokaha metsi a koahetse leoatle.—Esa. 11:9.
Linaheng tse ngata, Bibele e theko e boima kapa ho thata ho e fumana. Ruri ke tlhohonolofatso ho ba le Bibele! Tlaleho e tsoang Rwanda e re: “Batho ba bangata bao e leng khale ba ithuta le barab’abo rōna ba ne ba sa hatele pele, kaha ba ne ba se na Libibele. Ba ne ba se na chelete ea ho reka Bibele e rekisoang ke likereke. Ba ne ba bile ba thatafalloa ho utloisisa litemana tse itseng, e leng se neng se ba sitisa ho tsoela pele.” Ha Phetolelo ea Lefatše le Lecha e lokolloa ka puo ea bona, lelapa le leng la moo Rwanda le nang le bana ba bane, le ile la re: “Re leboha Jehova le lekhoba le tšepahalang le le masene haholo ka hore ebe ba re file Bibele ena. Re futsanehile ’me re ne re se na chelete ea ho rekela e mong le e mong Bibele ka lapeng. Empa hona joale e mong le e mong o na le Bibele ea hae. E le ho bontša Jehova hore re ananela Bibele ena, re e bala re le lelapa letsatsi le letsatsi.” w15 12/15 2:15, 16
Mantaha, la 28 August
Jehova, u mpontše mohau. U folise moea oa ka, etsoe ke u sitetsoe.—Pes. 41:4.
Ho Pesaleme ea 41, Davida o re bolella ka nako eo ka eona a neng a kula haholo, a nyahame a bile a tšoenyehile. Ho bonahala eka o ngotse mantsoe ana ka nako eo mora oa hae Absalome a neng a leka ho mo theola boreneng. Davida o ne a kula hoo a neng a sa khone ho mo thiba. O ne a tseba hore o hlaheloa ke mathata ao ka lebaka la sebe sa hae le Bathe-sheba. (2 Sam. 12:7-14) Leha ho le joalo, Davida o ne a sa lebella ho folisoa ka mohlolo. Ho e-na le hoo, o ne a lebeletse hore Molimo a mo thuse feela joalokaha a thusa leha e le mang “ea nahanelang motho ea tlaase.” Davida o ne a e-na le kamano e ntle le Jehova, ke kahoo a ileng a kōpa hore a mo tšehetse le ho mo hlokomela ha a kula. (Pes. 41:3) O ile a boela a kōpa hore a hlaphoheloe. Le rōna ka ho tšoanang, re ka kōpa Jehova hore a re thuse.—Pes. 103:3. w15 12/15 4:8, 9
Labobeli, la 29 August
Le ile la amohela moea oa ho nkeloa ka lapeng le le bara, e leng moea oo ka oona re hoeletsang: “Abba, Ntate!”—Bar. 8:15.
Batho bao Molimo a ba khethileng ha ba hloke hore ba bolelloe ke motho e mong hore ke batlotsuoa. Jehova o ba kholisa ka ho feletseng. Moapostola Johanne o ile a re ho batlotsuoa: “Ho tlotsoa ha lōna ho tsoa ho mohalaleli; kaofela ha lōna le na le tsebo.” O ile a boela a re: “Ha e le lōna, ho tlotsoa hoo le ho amohetseng ho eena ho lula ho lōna, ’me ha ho hlokahale hore leha e le mang a le rute; empa, joalokaha ho tlotsoa ho tsoang ho eena ho le ruta ka lintho tsohle, ’me e le ’nete hape e se leshano, ’me feela joalokaha ho le rutile, le lule bonngoeng le eena.” (1 Joh. 2:20, 27) Batlotsuoa ba hloka ho rutoa ke Jehova, joaloka ka rōna bohle. Empa ha ba hloke hore motho leha e le ofe a ba tiisetse hore ke batlotsuoa. Jehova o sebelisitse moea oa hae o halalelang ho ba tiisetsa hore ke bona! w16.01 3:9, 10
Laboraro, la 30 August
Le [khotsofalle] lintho tse teng.—Baheb. 13:5.
Ha re tšepa Jehova re tla khotsofalla seo re nang le sona. Ke joang see se ka re nolofalletsang ho bontša hore re rata barab’abo rōna? Ha re khotsofaletse seo re nang le sona, re tla nka bara le barali babo rōna e le ba bohlokoa ho feta chelete kapa lintho tse ling. (1 Tim. 6:6-8) Ha re na ho tletleba ka bona kapa ka lintho tse re hlahelang bophelong. Hape ha re na ho ba shoela mōna kapa ra ba meharo. Ho e-na le hoo, re tla ba seatla se bulehileng. (1 Tim. 6:17-19) Ha re tšepa Jehova re tla ba le sebete sa ho mamella liteko tse re hlahelang. (Baheb. 13:6) Seo se tla boela se re thuse ho ba le boikutlo bo nepahetseng. ’Me ha re e-na le boikutlo bo nepahetseng, re tla bontša barab’abo rōna hore rea ba rata ka hore re ba khothatse le ho ba tšelisa. (1 Bathes. 5:14, 15) Esita le nakong ea matšoenyeho a maholo re tla lokela ho ba sebete, kaha re tla be re tseba hore topollo ea rōna e atametse.—Luka 21:25-28. w16.01 1:16, 17
Labone, la 31 August
Jehova o tseba ba hae.—2 Tim. 2:19.
Ka lilemo tse ngata, palo ea ba jang bohobe le ho noa veine Sehopotsong e ’nile ea theoha. Empa morao tjena, palo eo e ntse e nyoloha selemo le selemo. Na see se lokela ho re tšoenya? Che. A re boneng lebaka. Barab’abo rōna ba balang batho ba jang bohobe le ho noa veine Sehopotsong ha ba tsebe hore na bao e hlileng e leng batlotsuoa ke bafe, empa Jehova eena o oa tseba. Kahoo, palo eo e akarelletsa le ba nahanang hore ke batlotsuoa, empa e se bona. Ka mohlala, batho ba bang ba neng ba ja bohobe le ho noa veine ba ile ba khaotsa hamorao. Ba bang e ka ’na eaba ba na le mathata a kelello kapa a maikutlo, ’me ba nahana hore ba tla busa le Kreste leholimong. Kahoo, ho hlakile hore re ke ke ra tseba hore na ke batlotsuoa ba bakae ba ntseng ba le lefatšeng. Bibele ha e bolele hore na ba tla be ba le bakae ha matšoenyeho a maholo a qala. w16.01 4:12-14