September
Labohlano, la 1 September
[Abrahama a] nka leeto ho ea sebakeng seo Molimo oa ’nete a mo bontšitseng sona.—Gen. 22:3.
Pele Abrahama a siea bahlanka ba hae, o ile a re: “Salang mona le esele, empa ’na le moshanyana re batla ho ea mane ho ea rapela ’me re tla khutlela ho lōna.” (Gen. 22:5) Abrahama o ne a bolela’ng? Na o ne a ba thetsa ha a re o tla khutla le Isaka, empa a tseba hore o il’o etsa sehlabelo ka eena? Che. Bibele e re Abrahama o ne a tseba hore Jehova a ka khona ho tsosa Isaka bafung. (Baheb. 11:19) Abrahama o ne a tseba hore Jehova o mo file matla a hore a be le ngoana, le hoja eena le Sara ba ne ba se ba tsofetse. (Baheb. 11:11, 12, 18) Kahoo, o ile a hlokomela hore ha ho letho le ka hlōlang Jehova. Abrahama o ne a sa tsebe hore na ho tla etsahala’ng letsatsing leo. Empa o ne a lumela hore haeba ho hlokahala, Jehova o tla tsosa mora oa hae, e le hore litšepiso tsohle tsa Molimo li ka phethahala. Ke ka lebaka leo Abrahama a bitsoang “ntat’a bohle ba nang le tumelo.”—Bar. 4:11. w16.02 1:3, 13
Moqebelo, la 2 September
Jehova a ke ke a tlohela sechaba sa hae ka lebaka la lebitso la hae le leholo.—1 Sam. 12:22.
Jonathane le Baiseraele ba ne ba tobane le boemo bo thata. Morena Saule, e leng ntate oa Jonathane, o ne a se a sa mamele, ’me Jehova a mo lahlile. (1 Sam. 15:17-23) Leha ho le joalo, Molimo o ile a lumella Saule hore a tsoele pele ho busa ka lilemo tse ngata. Kahoo, ho ne ho le thata hore sechaba se tšepahale ho Molimo, kaha morena ea khethiloeng hore a lule “teroneng ea Jehova” o ne a etsa lintho tse fosahetseng. (1 Likron. 29:23) Empa Jonathane o ile a lula a tšepahala ho Jehova. Nahana ka seo Jonathane a ileng a se etsa nakoana ka mor’a hore Saule a qale ho furalla Molimo. Le rōna joaloka Jonathane, re ka tšepahala ho Jehova ka hore re ikokobeletse babusi ba linaha tseo re lulang ho tsona ha ho khoneha. Jehova o lumeletse “balaoli ba phahameng” hore ba re buse, ’me o batla hore re ba hlomphe. (Bar. 13:1, 2) Ke kahoo re lokelang ho hlompha ba boholong pusong le haeba ba sa tšepahale ’me re nka hore ha ba tšoaneloe ke tlhompho ea rōna. Ha e le hantle, re lokela ho hlompha bohle bao Jehova a ba fileng matla a ho laola.—1 Bakor. 11:3; Baheb. 13:17. w16.02 3:5, 6, 8
Sontaha, la 3 September
Batho ba hao ba tla itlhahisa ka ho rata.—Pes. 110:3.
Bibele e re bahlanka bohle ba Jehova, ho akarelletsa bacha, ba tla mo sebeletsa “ka ho rata.” Kahoo, motho ea batlang ho kolobetsoa o lokela ho kholiseha hore sena ke sona seo a batlang ho se etsa. E le hore u etse seo, ho ka ’na ha hlokahala hore u itlhahlobisise, haholo haeba u hōletse ka phuthehong. Ha u ntse u hōla, e ka ’na eaba u bone batho ba bangata ba kolobetsoa, mohlomong ho akarelletsa metsoalle ea hao le banab’eno. Empa u lokela ho ba hlokolosi hore u se ke ua batla ho kolobetsoa hobane feela u se u le lilemong tse itseng, kapa hobane lithaka tsa hao li kolobetsoa. U ka netefatsa joang hore u talima kolobetso ka tsela eo Jehova a e talimang ka eona? Iphe nako ea ho nahana ka hore na ke hobane’ng ha kolobetso e le mohato oa bohlokoa. w16.03 1:11, 12
Mantaha, la 4 September
Mang kapa mang ea utloang a ke a re: “Tloo!” Mang kapa mang ea nyoriloeng a ke a tle; mang kapa mang ea lakatsang a ke a nke metsi a bophelo ntle ho tefo.—Tšen. 22:17.
Re ka finyella ba nyoriloeng hafeela re momahane “hammoho ka tumellano” re bile re sebelisana ’moho ka phuthehong. (Baef. 4:16) E le hore re finyelle batho ba bangata mosebetsing oa boboleli, re lokela ho hlophiseha. Tataiso eo re e fuoang liphuthehong tsa habo rōna e re thusa ho etsa sena. Ka mor’a seboka sa tšimo, re ea malapeng a batho ho ea buisana le bona ka litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo. Re boetse re ba fa lingoliloeng tse thehiloeng Bibeleng. Ha e le hantle, re se re tsamaisitse tse limilione lefatšeng ka bophara. Ka linako tse ling, re khothalletsoa ho kopanela matšolong a khethehileng. Ha u kenya letsoho mosebetsing ona, u ba bonngoeng le ba bang ba limilione lefatšeng ka bophara ba etsang mosebetsi ona! U boetse u sebetsa le mangeloi, a thusang batho ba Molimo ho phatlalatsa litaba tse molemo.—Tšen. 14:6. w16.03 3:4, 5
Labobeli, la 5 September
Meqolo ea buloa.—Tšen. 20:12.
Bibele e re lefatšeng le lecha re tla fuoa meqolo e nang le litaelo tse ncha. Batho bohle, ho akarelletsa le ba tsositsoeng bafung, ba tla tseba hore na Molimo o batla hore ba etse’ng ha ba ntse ba ithuta meqolo ena. E tla re thusa ho ithuta ka ho eketsehileng ka monahano oa Jehova. Re tla boela re utloisise Bibele haholoanyane, kahoo Paradeiseng re tla ratana le ho hlomphana. (Esa. 26:9) Ak’u nahane hore na ke lintho tse ngata hakaakang tseo re tla ithuta tsona le ho li ruta ba bang, ha re se re tataisoa ke Morena Jesu Kreste! Haeba re latela litaelo “tse ngotsoeng meqolong” ena, ’me re lula re tšepahala ho Jehova nakong ea teko ea ho qetela, o tla ngola mabitso a rōna ka ho sa feleng ‘moqolong oa bophelo.’ Re ka fumana bophelo bo sa feleng! w16.03 4:19, 20
Laboraro, la 6 September
Etsoe u tšepo ea ka, ’Musi Morena Jehova, u kholiseho ea ka ho tloha bocheng ba ka.—Pes. 71:5.
Baholo ba nang le phihlelo ba re ho molemo ho koetlisa barab’abo rōna ba sa le bacha, mohlomong ha ba le qalong ea lilemo tsa bocha. U ka ba abela ho etsa mesebetsi e itseng ka phuthehong ho latela lilemo tsa bona. Haeba barab’abo rōna ba koetlisoa ba sa le bacha, seo se ka ba thusa hore ha ba ntse ba hōla, ba lule ba tsepamisitse kelello lipakaneng tseo ba ipehetseng tsona, esita le haeba ho e-na le lintho tse ngata tse ka ba sitisang. (Pes. 71:17) E le ho susumelletsa mor’abo rōna hore a sebeletse, moholo ha a lokela ho mo bolella feela hore na a etse’ng. O lokela ho mo hlalosetsa hore na ke hobane’ng ha e le habohlokoa ho etsa seo. Jesu, Mosuoe e Moholo, o ile a bolella baapostola ba hae hore ba lokela ho bolela. Empa o ile a qala ka ho ba bolella hore na ke hobane’ng ha ba lokela ho mamela taelo eo. O ile a re: “Ke filoe matla ’ohle leholimong le lefatšeng. Ka hona e-eang ’me le etse batho ba lichaba tsohle barutuoa.”—Mat. 28:18, 19. w15 4/15 2:5, 6
Labone, la 7 September
Morena a ema haufi le ’na ’me a kenya matla ka ho ’na, . . . ke ile ka lopolloa molomong oa tau.—2 Tim. 4:17.
Haeba u ne u le Mokreste ’me u lula Roma lekholong la pele la lilemo, u ne u tla be u phela nakong e kotsi. Baroma ba ne ba hlorisa Bakreste ka sehlōhō. Ba ba qosa ka hore ke bona ba chesitseng motse o mong oa Roma. Nakong ena e thata, moapostola Pauluse o ile a koalloa chankaneng. E ka ’na eaba o ile a ipotsa hore na barab’abo ba Bakreste ba tla mo thusa, kaha pejana ho ne ho se na motho ea mo thusitseng. Empa Jehova o ne a sebelisitse Morena Jesu ho mo thusa. Kahoo o ne a kholisehile hore Jehova o tla mo fa matla a hlokahalang e le hore a mamelle boemo boo a tobaneng le bona esita le liteko tse ka ’nang tsa mo hlahela nakong e tlang. O ne a kholisehile hoo a ileng a ngola a re: “Morena o tla ntopolla mosebetsing o mong le o mong o khopo.” (2 Tim. 4:18) Pauluse o ne a tseba hore le maemong ao ho ’ona barab’abo ba neng ba hlōlehile ho mo thusa, a ka tšepa hore Jehova le Jesu ba tla mo thusa. O ne a kholisehile ka ho feletseng. w15 4/15 4:1-3
Labohlano, la 8 September
E tla u khoba hlooho.—Gen. 3:15.
Ha Jesu a tsoaloa, Satane o ne a tseba hore lesea leo le tla hōla ’me e be Mesia ea tšepisitsoeng. Na Satane o ne a nahana hore ho bolaea ngoana ke ketso e sehlōhō? Che. Ha a tšoenyehe ka ho etsa se nepahetseng kapa se fosahetseng. O ile a leka ho bolaea Jesu ha e sa le ngoana. Joang? Ha Morena Heroda a utloa ka linohe tsa linaleli hore “morena oa Bajuda” o tsoetsoe, o ile a halefa haholo ’me a batla ho bolaea lesea leo. (Mat. 2:1-3, 13) Kahoo, a laela hore ho bolaoe bashanyana bohle ba lilemo li peli ho ea tlaase ba Bethlehema le literekeng tsa eona. (Mat. 2:13-18) Jesu o ile a pholoha polao eo e sehlōhō, empa see se re ruta’ng ka sera sa rōna e leng Satane? Diabolose ha a hlomphe bophelo. Esita le ba bana hase letho ho eena. Ka sebele Satane ke “tau e purumang.” (1 Pet. 5:8) O sehlōhō e le kannete! w15 5/15 1:10, 12, 13
Moqebelo, la 9 September
Le hoja ba sa ka ba fumana phethahatso ea litšepiso, empa ba ile ba li bonela hōle.—Baheb. 11:13.
Jehova o re file bokhoni bo babatsehang ba ho nahana ka lintho tseo re e-s’o li bone. Bokhoni bona bo re thusa ho nahana ka lintho tse molemo tse tlang, ho rera lintho esale pele le ho qoba mathata. Jehova o tseba bokamoso, ’me o re bolella hore na re ka lebella lintho life nakong e tlang. Le hoja re sa li bone, re khona ho nahana ka tsona le ho lumela hore li tla etsahala. (2 Bakor. 4:18) ’Mè oa Samuele, e leng Anna, eena o ile a nahana ka lintho tse ka etsahalang. O ile a lula a nahana ka letsatsi leo a tla isa mora oa hae tabernakeleng ka lona, hore a il’o sebetsa le baprista. Eo e ne e se toro feela. Ke seo a neng a rerile ho se etsa. Kahoo, ho nahana ka letsatsi leo ho ile ha fa Anna matla a hore a phethahatse seo a se tšepisitseng Jehova. (1 Sam. 1:22) Le rōna ha re nahana ka seo Jehova a se tšepisitseng, re nahana ka lintho tsa sebele tse tla etsahala. (2 Pet. 1:19-21) Bahlanka ba bangata ba Jehova ba mehleng ea Bibele ba ne ba nahana ka lintho tseo a li tšepisitseng. w15 5/15 3:1-3
Sontaha, la 10 September
Lintho tsa bohlokoa tsa ea ruileng . . . li joaloka lerako le sireletsang monahanong oa hae.—Liprov. 18:11.
Bibele e re re lokela ho tsepamisa kelello tabeng ea ho khahlisa Jehova, eseng ho batla maruo. Esita le haeba motho e le morui, chelete e ke ke ea mo sireletsa. Jesu o ile a re ke booatla hore motho a ipokellele matlotlo a mangata, empa a sa re letho ka Jehova. Seo se bontša hore ha aa “ruela ho Molimo.” (Luka 12:16-21) Ha re ipolokela “matlotlo leholimong” ka ho etsa lintho tse khahlisang Jehova, re tla mo thabisa ’me le rōna re tla thaba. (Mat. 6:20; Liprov. 27:11) Ho ba le kamano e ntle le Jehova ke habohlokoa ho feta ntho leha e le efe. Haeba re lelekisa maruo lefatšeng lena, re tla lula re tšoenyehile. (Mat. 6:19) Jesu o ile a re ba lulang ba tšoenyehile ka chelete ba tla thatafalloa ho etelletsa ’Muso oa Molimo pele bophelong.—Mat. 13:18, 19, 22. w15 5/15 4:15, 16
Mantaha, la 11 September
Bongata bo [ile] ba makala ha bo bona limumu li bua le ba holofetseng ba tsamaea le lifofu li bona.—Mat. 15:31.
Molimo o ile a fa Jesu matla a hore a etse mehlolo e mengata e hlollang. Jesu ha aa ka a folisa balepera feela. O ile a folisa batho ba bangata ba nang le maloetse a mefuta e sa tšoaneng. Ha Jesu a folisa motho, o ne a sa hloke hore motho e mong ea phetseng hantle a fane ka setho se itseng sa ’mele. Ho e-na le hoo, Jesu o ne a e-na le matla a ho folisa litho tse kulang tsa ’mele. O ne a bile a folisa batho hang-hang, ka linako tse ling ba le hōle le eena. (Joh. 4:46-54) Mehlolo ee e bontša’ng? E bontša hore Morena oa rōna Jesu Kreste, o na le matla ebile o lakatsa ho felisa ho kula ka ho sa feleng. Ha re ithuta kamoo Jesu a ileng a tšoara batho kateng, seo se re fa kholiseho ea hore lefatšeng le lecha, “o tla utloela ea tlaase bohloko le ea futsanehileng.” (Pes. 72:13) Jesu o tla folisa bohle ba kulang hobane a batla. w15 6/15 2:6
Labobeli, la 12 September
Lebitso la hao le ke le halaletsoe.—Mat. 6:9.
Batho ba bangata ba tseba mantsoe a thapelo e tlalehiloeng ho Matheu 6:9-13. Ha re buisana le batho boboleling, re atisa ho ba bolella hore ’Muso ona ke puso ea Molimo ea sebele, e tla fetola lefatše lena hore e be paradeise. Re boetse re sebelisa poleloana “lebitso la hao le ke le halaletsoe” ho bontša batho hore Molimo o na le lebitso le hore le lokela ho halaletsoa. (Mat. 6:9)Na Jesu o ne a batla hore re lule re pheta mantsoe ao a a buileng, joalokaha ba bangata ba etsa? Che. Jesu o ile a re: “Ha u rapela, u se ke ua pheta-pheta lintho tse tšoanang.” (Mat. 6:7) Ka lekhetlo le leng, ha a ruta barutuoa ba hae ho rapela, o ile a pheta thapelo e tšoanang, empa a sebelisa mantsoe a fapaneng. (Luka 11:1-4) Kahoo, Jesu o ile a etsa thapelo ea mohlala ho re ruta lintho tseo re lokelang ho li rapella. w15 6/15 4:1, 2
Laboraro, la 13 September
Ea nahanang hore o eme a ke a hlokomele hore a se ke a oa.—1 Bakor. 10:12.
Jehova o re fa moea oa hae o halalelang ho re thusa ho loantša liteko tsa Satane. Jehova o boetse o sebelisa Bibele le phutheho ho re lemosa ka maemo a kotsi. Ka mohlala, o re lemosa hore re se ke ra sebelisa boholo ba nako ea rōna, chelete le matla linthong tseo e seng tsa bohlokoa. Espen le Janne bao e neng e le bo-bula maliboho ba na le bana ba babeli. Espen o re: “Re lula re rapela Jehova hore a re thuse re se ke ra kena molekong, kaha hona joale ha re sa qeta nako e ngata joaloka pele re le tšebeletsong. Re kōpa Jehova hore a re thuse hore re lule re le matla moeeng re bile re chesehela tšebeletso.” Teko e ’ngoe eo re lokelang ho e hanela ke ea ho sheba litšoantšo tse litšila. Ba bang ba sheba litšoantšo tse litšila hobane ba lumella mehopolo e fosahetseng. Empa bara le barali babo rōna ba bangata ba hanetse teko ena, ’me le rōna re ka etsa se tšoanang.—1 Bakor. 10:13. w15 6/15 5:15, 16
Labone, la 14 September
Marena a lefatše le ba boemong bo ka sehloohong le balaoli ba sesole le ba ruileng le ba matla le lekhoba le leng le le leng le motho e mong le e mong ea lokolohileng ba ipata mahaheng le mafikeng a lithaba.—Tšen. 6:15.
Ho tla etsahala’ng ka mor’a hore bolumeli ba bohata bo timetsoe? E tla ba nako ea hore re bonahatse se hlileng se leng ka lipelong tsa rōna. Ka nako eo, batho ba bangata ba tla leka ho fumana tšireletso le thuso mekhatlong ea batho, kapa “mafikeng a lithaba.” Empa bahlanka ba Jehova ba tla batla tšireletso ho eena. Ha tlhaselo e ne e “khutsufatsoa” lekholong la pele la lilemo, eo e ne e se nako ea hore Bajuda bohle ba amohele Bokreste. Ho e-na le hoo, e ne e le nako ea hore Bakreste ba tsoe Jerusalema, joalokaha Jesu a ne a laetse. Ka ho tšoanang, nakong e tlang ha tlhaselo khahlanong le Babylona e Moholo e “khutsufatsoa,” re ke ke ra lebella hore batho ba bangata e be Bakreste ba ’nete. Empa e tla be e le nako ea hore barapeli bohle ba ’nete ba bontše hore ba rata Jehova le hore ba tšehetsa batlotsuoa.—Mat. 25:34-40. w15 7/15 2:7
Labohlano, la 15 September
Haeba e mong, ka lebaka la letsoalo ho Molimo, a mamella lintho tse bakang mesarelo ’me a utloa bohloko ka ho hlokang toka, ena ke ntho e lumellehang.—1 Pet. 2:19.
Mohlomong ba lelapa leno le ba bang bao u hōtseng le bona, ba u susumelelitse hore u rate sebaka seo u tsoang ho sona. Kahoo, mohlomong ka linako tse ling u ntse u e-ba le maikutlo a fosahetseng ka batho ba lichaba, ba litso, lipuo kapa merabe e meng. Ke’ng e ka u thusang hore u fetohe? Ke ho thuisa ka tsela eo Jehova a ikutloang ka eona ka batho ba ikhantšang ka linaha tsa habo bona, kapa ba nkang hore ba phahametse ba bang. Batlisisa taba ena. Kōpa Jehova hore a u thuse hore u etsise tsela eo a ikutloang ka eona ka batho. (Bar. 12:2) Re batla ho sebeletsa Jehova re e-na le letsoalo le hloekileng, kahoo ka linako tse ling re ka ’na ra ba mekhelo mosebetsing, sekolong, ho baahelani esita le ho beng ka rōna. w15 7/15 3:14, 15
Moqebelo, la 16 September
Jonase a rapela Jehova Molimo oa hae a le likarolong tse ka hare tsa tlhapi.—Jon. 2:1.
Jehova o utloa likōpo tsa rōna tse tiileng, ebile o oa re utloisisa le haeba ba bang ba ka ’na ba se ke ba re utloisisa. O bontša hore o re rata ka lerato le tšoarellang ka hore a arabe lithapelo tsa rōna. Re ka ithuta thuto ea bohlokoa lithapelong tse tlalehiloeng ka Bibeleng. Ka linako tse ling, ho ka ba molemo hore re hlahlobe tse ling tsa lithapelo tsena ha re tšoere borapeli ba lelapa. Boleng ba lithapelo tsa rōna bo tla ntlafala ha re thuisa ka lithapelo tse tiileng tse ileng tsa etsoa ke bahlanka ba Molimo ba nakong e fetileng. Ka mohlala, le ka hlahloba thapelo eo ka boikokobetso Jonase a ileng a e etsa a le ka mpeng ea tlhapi e khōlō. (Jon. 1:17–2:10) Le ka boetse la tšohla thapelo e tsoang botebong ba pelo eo Solomone a ileng a e etsa ha a nehela tempele ho Jehova. (1 Mar. 8:22-53) Hape le ka thuisa ka thapelo ea Jesu ea mohlala. (Mat. 6:9-13) Ka holim’a tsohle, lulang le tsebisa Molimo likōpo tsa lōna tse matla. Ha le etsa joalo, “khotso ea Molimo e fetang monahano oohle e tla lebela lipelo tsa lōna le matla a lōna a kelello.”—Bafil. 4:6, 7. w15 8/15 1:11, 12
Sontaha, la 17 September
Le ipehe tlaase.—Baheb. 13:17.
Lefatšeng le lecha, re tla thabela ho latela tataiso eo mokhatlo oa Jehova o re fang eona e le hore re fetole lefatše paradeise e ntle le ho re thusa hore re rute ba tsositsoeng bafung. Jehova o tla re abela mosebetsi o mongata. Empa re tla etsa’ng ha ba re etellang pele ba re kōpa hore re etse mosebetsi oo re sa o rateng? Na re tla ba mamela? Na re tla etsa sohle se matleng a rōna ho o phetha ’me re etse seo re thabile? E le hore re itokiselletse ho phela ka ho sa feleng lefatšeng le lecha, re lokela ho mamela tataiso eo mokhatlo oa Jehova o re fang eona hona joale. E le hore re itokiselletse ho phela lefatšeng le lecha, re lokela ho ithuta ho khotsofala le ho sebelisana ’moho le mokhatlo oa Jehova haesita le batho ba bang. Ka mohlala, re ka ikemisetsa ho amohela likabelo tse ncha tseo re li fuoang, ’me ra etsa sohle se matleng a rōna ho li thabela le ho li khotsofalla. Haeba re ithuta ho sebelisana le ba re etellang pele hona joale, re tla nolofalloa ho etsa se tšoanang lefatšeng le lecha. w15 8/15 3:6, 7
Mantaha, la 18 September
Basali ba hae ba [bahetene] ba ne ba khelositse pelo ea hae hore e latele melimo e meng, ’me . . . Solomone a qala ho etsa se sebe mahlong a Jehova.—1 Mar. 11:4, 6.
Litloaelano tse mpe li ile tsa susumetsa Solomone, ’me ha aa ka a lula a tšepahala ho Jehova. (1 Mar. 11:1-6) Haeba sena se ile sa etsahalla Solomone, se ka etsahalla motho leha e le ofe. Ke kahoo re sa lokelang ho nyalana le batho ba sa rateng Jehova! Ho thoe’ng haeba motho e e-ba morapeli oa Jehova a se a ntse a nyalane le motho ea sa lumelang? Bibele e re: “Lōna basali, le ipehe tlas’a banna ba lōna, e le hore, haeba leha e le bafe ba sa mamele lentsoe, ba ka hapuoa ka ntle ho lentsoe ka boitšoaro ba basali ba bona.” (1 Pet. 3:1) Ho hlakile hore molao-motheo ona o oa sebetsa le ho monna haeba mosali oa hae e se morapeli oa Jehova. Lentsoe la Molimo le hlakile tabeng ena: U lokela ho ba monna kapa mosali ea molemo, ’me u sebelise melao ea Molimo lenyalong. Kahoo, ha molekane oa hao a hlokomela hore u fetohile ’me u se u le motho ea molemo, a ka ’na a batla ho sebeletsa Jehova. Sena se ’nile sa etsahalla banyalani ba bangata. w15 8/15 4:15, 16
Labobeli, la 19 September
Ea se nang phihlelo o beha tumelo lentsoeng le leng le le leng, empa ea masene o nahana ka mehato ea hae.—Liprov. 14:15.
Kajeno, maloetse a mang e ka ’na eaba ha a na pheko. Kahoo, re lokela ho ba hlokolosi ka mekhoa ea phekolo eo ho thoeng e folisa maloetse a itseng empa re se na bopaki ba seo. Pauluse o ile a re: “Ho ba le kahlolo e molemo ha lōna ho ke ho tsejoe ke batho bohle.” (Bafil. 4:5) Ho ba le kahlolo e molemo ho tla re thusa hore re tsepamise kelello ho sebeletseng Jehova, ho e-na le ho tšoenyeha ka mekhoa ea phekolo. Haeba re ameha ho tlōla ka seo, re ka qetella re le baithati. (Bafil. 2:4) Rea tseba hore re ke ke ra phela hantle ka ho feletseng tsamaisong ena. Kahoo, etsa bonnete ba hore ho sebeletsa Jehova e ba hona ho tlang pele bophelong ba hao. (Bafil. 1:10) Kaofela re lokela ho ikhethela hore na re tla sebelisa mekhoa efe ea phekolo ’me re amohele liphello tsa seo re se khethileng. w15 9/15 2:8, 10
Laboraro, la 20 September
Romela leseli la hao le ’nete ea hao. E se eka li ka ntsamaisa.—Pes. 43:3.
Jehova ke “Molimo oa ’nete.” (Pes. 31:5) O thabela ho re ruta ka eena. O boetse o re ruta hore na re ka mo rapela joang, hape o re bontša tsela e molemo ea ho phela. Joale, Jehova o re rutile eng ho bontša hore o oa re rata? Ntlha ea pele, Jehova o itsebisa rōna. O batla hore re mo tsebe. (Jak. 4:8) Kahoo o re bolella lebitso la hae. Ha e le hantle, ka Bibeleng lebitso la hae le hlaha ka makhetlo a mangata ho feta lebitso leha e le lefe. Jehova o boetse o re bolella hore na ke Motho oa mofuta ofe. Ha re sheba lintho tseo a li bōpileng, rea hlokomela hore o matla ebile o bohlale. (Bar. 1:20) Hape ha re bala Bibele, re ithuta hore o na le toka le hore o oa re rata. Ha re ntse re ithuta ka botho bo ratehang ba Jehova, re atamela haufi le eena. w15 9/15 4:8, 9
Labone, la 21 September
Letsoho la Jehova le tla tsebahatsoa ho bahlanka ba hae.—Esa. 66:14.
Batho ba bangata ba nka hore Molimo ha a na taba le hore na ba etsa’ng. Ba nahana hore Molimo ha a tsotelle hore na ba hlaheloa ke’ng. Ka mohlala, ka mor’a hore sefefo se matla se senye karolo e khōlō ea Philippines ka November 2013, ramotse oa sebakeng seo o ile a re: “E tlameha ebe ho na le moo Molimo a ileng teng.” Batho ba bang ba nahana hore Molimo ha a bone lintho tseo ba li etsang. (Esa. 26:10, 11; 3 Joh. 11) Le mehleng ea moapostola Pauluse batho ba bang ba ne ba nahana joalo. O ile a re ka bona: ‘Ha baa ka ba ela Molimo hloko.’ Ba ne ba sa loka, ba le khopo ba bile ba le meharo. (Bar. 1:28, 29) Rōna re nahana’ng ka Molimo? Rea tseba hore Jehova o bona lintho tsohle tseo re li etsang. Empa na rea lumela hore Jehova o oa re tsotella? Na re lemoha tsela eo a re thusang ka eona? w15 10/15 1:1-3
Labohlano, la 22 September
Ke tla u bontša tumelo ea ka ka mesebetsi ea ka.—Jak. 2:18.
Mosebetsi oa boboleli ke tsela e molemo ea ho bontša hore re na le tumelo. Hobane’ng? Hobane ha re bolela, re bontša hore re lumela hore bofelo bo haufi le hore ‘bo ke ke ba siuoa ke nako.’ (Hab. 2:3) E le hore re bone hore na tumelo ea rōna e matla hakae, re lokela ho ipotsa: ‘Ke nka mosebetsi oa boboleli e le oa bohlokoa hakae? Na ke etsa sohle seo nka se khonang ho bolella ba bang ka Molimo? Na ke batla litsela tsa ho sebeletsa Jehova ka ho eketsehileng?’ (2 Bakor. 13:5) A re bontšeng hore re na le tumelo e matla ka hore re bolele litaba tse molemo phatlalatsa. (Bar. 10:10) Re boetse re bontša tumelo ho Jehova ha re mamella mathata ao re tobanang le ’ona. Ha re kula, re nyahame, re imetsoe kelellong, re futsanehile kapa re e-na le mathata a mang, re lokela ho lumela hore Jehova le Jesu ba tla re ‘thusa ka nako e nepahetseng.’ (Baheb. 4:16) Re bontša hore re tšepa Jehova ha re mo kōpa hore a re thuse. w15 10/15 2:12-14
Moqebelo, la 23 September
Moea o halalelang . . . o tla . . . le [hopotsa] lintho tsohle tseo ke le boleletseng tsona.—Joh. 14:26.
Ebe u ka etsa’ng haeba ka le leng u thibeloa ho ba le Bibele? Ha ho na motho ea ka u thibelang ho thuisa ka lintho tseo u li tsebang, joaloka lengolo leo u le ratang kapa pina ea ’Muso. (Lik. 16:25) Moea oa Molimo le oona o tla u hopotsa lintho tseo u ithutileng tsona, ’me seo se tla u thusa hore u lule u tšepahala. Tsela e ’ngoe eo ka eona u ka etsang kemiso ea ho bala Bibele letsatsi le letsatsi ke efe? Mohlomong ka matsatsi a mang u ka bala ’malo oa Bibele oa beke le beke o tla tšohloa libokeng. Ka a mang u ka bala Kosepele ea Matheu, Mareka, Luka le ea Johanne ’me u thuise ka seo Jesu a se buileng le ho se etsa. (Bar. 10:17; Baheb. 12:2; 1 Pet. 2:21) Re boetse re na le buka e hlalosang lintho tse etsahetseng bophelong ba Jesu ka tatellano ea tsona. Buka ena e ka u thusa hore u rue molemo haholoanyane ha u bala Likosepele.—Joh. 14:6. w15 10/15 4:11, 12
Sontaha, la 24 September
Ke le bitsitse metsoalle, hobane lintho tsohle tseo ke li utloileng ho Ntate ke le tsebisitse tsona.—Joh. 15:15.
Jesu e ne e le Monghali oa baapostola ba hae. E boetse e le motsoalle oa bona. Mehleng ea Bibele, monghali o ne a sa atise ho bolella makhoba seo a se nahanang le hore na o ikutloa joang. Empa Jesu o ne a sa tšoare baapostola ba hae joaloka makhoba. O ne a ba rata ’me a qeta nako le bona. O ne a thabela ho ba bolella maikutlo a hae, ’me a ba mamela ka hloko ha ba mo bolella a bona. (Mar. 6:30-32) Puisano ea Jesu le baapostola e ile ea etsa hore e be metsoalle e haufi, ’me ea ba hlomella mosebetsi o neng o larile ka pele. Jesu o ne a tseba hore barutuoa ba hae ba tla thaba ha ba sebeletsa Jehova ka cheseho ’me ba lula ba phathahane ka ho bolela litaba tse molemo. Kahoo, o ile a ba khothalletsa hore ba sebetse ka thata mosebetsing oa boboleli, a ba tšepisa hore o tla ba thusa.—Mat. 28:19, 20. w15 11/15 2:3, 5
Mantaha, la 25 September
U rate moahelani oa hao joalokaha u ithata.—Mat. 22:39.
Lerato ke tšobotsi ea Jehova Molimo e ka sehloohong. (1 Joh. 4:16) Jesu Kreste, e leng letsibolo la pōpo, o qetile lilemo tse libilione le Ntate oa hae leholimong ’me o oa tseba hore Jehova ke Molimo ea lerato. (Bakol. 1:15) Jesu o bonahalitse lerato le tšoanang ha a le leholimong le ha a le lefatšeng. Kahoo, re ka kholiseha hore Jehova le Jesu ba tla tsoela pele ho busa ka lerato. Ha motho e mong a botsa Jesu hore na taelo e khōlō ka ho fetisisa ke efe, Jesu o ile a re: “‘U rate Jehova Molimo oa hao ka pelo ea hao eohle le ka moea oa hao oohle le ka kelello ea hao eohle.’ Ena ke eona taelo e khōlō le ea pele. Ea bobeli, e joaloka eona, ke ena, ‘U rate moahelani oa hao joalokaha u ithata.’” (Mat. 22:37-39) Ke habohlokoa hore re bontše lerato litšebelisanong tsohle tsa rōna le ba bang. Jesu o ile a re re lokela ho rata Jehova le moahelani. w15 11/15 4:1-3
Labobeli, la 26 September
Lintho tsohle tse ileng tsa ngoloa nakong e fetileng li ile tsa ngolloa ho re laea.—Bar. 15:4.
Hase kamehla Jehova a neng a buisana le batho ka Seheberu. Nakong ea ha Baiseraele ba lokolloa Babylona, ba bang ba bona ba ne ba se ba bua Searame. Mohlomong ke kahoo Daniele, Jeremia le Esdrase ba ileng ba ngola likarolo tse ling tsa mangolo a bona ka Searame. Hamorao Alexandere e Moholo o ile a hapa linaha tse ngata, ’me Sekoine kapa Segerike se tloaelehileng sa buuoa linaheng tseo. Bajuda ba bangata ba ile ba qala ho bua Segerike, kahoo qetellong Mangolo a Seheberu a fetoleloa ka Segerike. Phetolelo eo e bitsoa Septuagint. Ke phetolelo ea pele ea Bibele ’me ke e ’ngoe ea tse ikhethang. Litsebi li lumela hore Septuagint e fetoletsoe ke batho ba 72. Ba bang ba fetoletse Mangolo a Seheberu lentsoe ka lentsoe, ha ba bang bona ba fetoletse moelelo. Leha ho le joalo, Bajuda le Bakreste ba buang Segerike ba ne ba lumela hore Septuagint ke Lentsoe la Molimo. w15 12/15 1:4-6
Laboraro, la 27 September
Bonang! Ho hlokahala mollo o monyenyane hakaakang ho chesa moru o moholo haholo!—Jak. 3:5.
Ke hobane’ng ha Jakobo a ile a ngola mantsoe aa? O ile a re: “Leleme ke mollo.” (Jak. 3:6) “Leleme” le emela bokhoni ba rōna ba ho bua. Seo re se buang se ka baka tšenyo, feela joaloka mollo. Lintho tseo re li buang li ka ama ba bang haholo. Bibele e boetse e re li ka ba phelisa kapa tsa ba bolaea. (Liprov. 18:21) Empa na see se bolela hore ha rea lokela ho bua, hobane re tšaba hore re tla bua ntho e fosahetseng? Che. Ha re khaotse ho sebelisa mollo hobane re nahana hore re ka ’na ra cha. Ho e-na le hoo, re ba hlokolosi ha re o sebelisa. Ka mohlala, re ka sebelisetsa mollo ho pheha, ho iphuthumatsa esita le ho khantša. Ka tsela e tšoanang, haeba re le hlokolosi ka seo re se buang, re ka sebelisa bokhoni bona ho tlotlisa Jehova le ho khothatsa ba bang. (Pes. 19:14) Jehova o re file bokhoni ba ho bolella ba bang seo re se nahanang le kamoo re ikutloang kateng, ebang ke ka ho bua kapa ho sebelisa puo ea matsoho. Empa re lokela ho sebelisa mpho ena e babatsehang ho haha ba bang, eseng ho ba nyahamisa.—Jak. 3:9, 10. w15 12/15 3:1-3
Labone, la 28 September
Luka ngaka e ratoang o le romela litumeliso, le Demase o le romela litumeliso.—Bakol. 4:14.
Luka e ne e le ngaka, ’me a tsamaea le Pauluse. Mohlomong o ne a thusa Pauluse le ba bang ha ba kula ha ba le maetong a boromuoa. (Bagal. 4:13) Joalokaha Jesu a ile a bontša, “ba kulang” ba hloka ngaka. (Luka 5:31) Luka e ne e se motho feela ea ratang ho eletsa ba bang ka tsa bophelo bo botle. O ne a ithutetse bongaka. Bibele ha e re bolelle hore na o ne a ithutetse bona hokae hona neng. Empa e re bolella hore Pauluse o ile a fetisetsa litumeliso tsa Luka ho Bakolose. Kahoo, e ka ’na eaba Luka o ne a ithutetse bongaka Laodisia, e haufi le Kolose. Ho feta moo, Luka o ile a sebelisa mantsoe a bongaka ha a ngola Kosepele ea hae le buka ea Liketso. Kaha e ne e le ngaka o ile a tlaleha liketsahalo tse ngata tsa ha Jesu a ne a folisa batho. w15 12/15 4:11, 12
Labohlano, la 29 September
Ho ke ho lebohuoe Molimo bakeng sa mpho ea hae e ke keng ea hlalosoa e sa lefelloeng.—2 Bakor. 9:15.
Jehova o re file mpho ea bohlokoa ka ho fetisisa, ka ho romela Mora oa hae eo a mo ratang, e leng Jesu, hore a tle lefatšeng! (Joh. 3:16; 1 Joh. 4:9, 10) Moapostola Pauluse o hlalosa mpho ena e le ‘e ke keng ea hlalosoa le e sa lefelloeng.’ Pauluse o ne a tseba hore sehlabelo sa Jesu ke tiiso ea hore litšepiso tsohle tsa Molimo li tla phethahala. (2 Bakor. 1:20) Sena se bolela hore ‘mpho ea Molimo e ke keng ea hlalosoa le e sa lefelloeng’ e akarelletsa sehlabelo sa Jesu le lintho tsohle tse molemo tseo Jehova a re etsetsang tsona ho bontša hore o oa re rata. Ha re na mantsoe a lekaneng ho hlalosa mpho ena ea bohlokoa ea Molimo. Re lokela ho ikutloa joang ka mpho ee? Na e etsa hore u fetole tsela eo u phelang ka eona? Na e u susumelletsa hore u be seatla se bulehileng, u rate batho ba bang ’me u tšoarele ba u sitetsoeng? Hopola hore mpho eo Molimo a re fileng eona ea thekollo, ke ea bohlokoa ho feta eo re sa tsoa bua ka eona.—1 Pet. 3:18. w16.01 2:1, 2, 4, 5
Moqebelo, la 30 September
Moea o fokela moo o batlang, ’me u utloa molumo oa oona, empa ha u tsebe hore na o tsoa hokae le hore na o ea hokae. Ho joalo ka e mong le e mong ea tsoetsoeng ka moea.—Joh. 3:8.
Motlotsuoa a ka ’na a re, ‘Kea ipotsa hore na ke hobane’ng ha Jehova khethile ’na?’ Ebile a ka ’na a ipotsa hore na o tla khona ho jara boikarabelo bona. Empa ha a na pelaelo ea hore Jehova o mo khethile. Ho e-na le hoo, o thabela mpho ena haholo. Batlotsuoa bohle ba lumellana le mantsoe a Petrose, a reng: “Ho bokoe Molimo le Ntate oa Morena oa rōna Jesu Kreste, kaha ho ea ka mohau oa hae o moholo o ile a re fa tsoalo e ncha ho tla tšepong e phelang ka tsoho ea Jesu Kreste bafung, ho tla lefeng le ke keng la bola le le sa silafalang le le sa senyeheng. Le bolokiloe maholimong bakeng sa lōna.” (1 Pet. 1:3, 4) Ha batlotsuoa ba bala mantsoe ana, ba tseba hantle hore Ntate oa bona o bua le bona ka ho toba. w16.01 3:11, 12