October
Sontaha, la 1 October
Bao a ileng a ba khetha esale pele ke bona bao hape a ileng a ba bitsa.—Bar. 8:30.
Jehova o ile a qala ho khetha batlotsuoa ka mor’a hore a tsose Jesu. Ho bonahala eka mehleng ea baapostola, Bakreste bohle ba ’nete e ne e le batlotsuoa. Empa ha nako e ntse e ea, batho ba bangata ba neng ba ipitsa Bakreste ba ne ba hlile ba sa latele Kreste. Leha ho le joalo, Jehova o ile a ’na a khetha Bakreste ba ’nete ba seng bakae hore e be batlotsuoa. Ba ne ba tšoana le koro eo Jesu a ileng a re e ne e tla hōla har’a mofoka. (Mat. 13:24-30) Matsatsing ana a ho qetela, Jehova o ’nile a tsoela pele ho khetha batho bao e tla ba karolo ea ba 144 000. Kahoo, haeba Molimo a khetha ba bang nakoana pele ho bofelo, ha rea lokela ho belaela hore o etsa se nepahetseng. (Esa. 45:9; Dan. 4:35; Bar. 9:11, 16) Re lokela ho ba hlokolosi hore re se ke ra tšoana le basebetsi ba ileng ba korotlela mong’a bona, ha a ba lefa chelete e lekanang le ea mosebetsi ea qalileng ka hora ea ho qetela.—Mat. 20:8-15. w16.01 4:15
Mantaha, la 2 October
Ka kōpo, nka mora oa hao, mora oa hao ea mong eo u mo ratang haholo, Isaka, u nke leeto u ee naheng ea Moria ’me moo u mo nyehele e le nyehelo ea secheso ho e ’ngoe ea lithaba tseo ke tla u bontša tsona.—Gen. 22:2.
Kajeno, Jehova ha a re laele hore re etse sehlabelo ka bana ba rōna, empa o batla hore re mamele litaelo tsa hae. Ka linako tse ling re ka ’na ra se ke ra utloisisa litaelo tseo, kapa tsa re thatafalla. Na u ee u ikutloe ka tsela eo? Ba bang ba thatafalloa ho etsa mosebetsi oa boboleli. Mohlomong ke batho ba lihlong kapa ba thatafalloa ho bua le batho bao ba sa ba tsebeng. Ba bang ba tšaba ho ba mekhelo mosebetsing kapa sekolong. (Ex. 23:2; 1 Bathes. 2:2) Haeba u fuoa kabelo e u thatafallang, nahana ka mohlala oa Abrahama o motle oa ho ba le tumelo le sebete. Ha re thuisa ka mehlala ea banna le basali ba ileng ba tšepahala, seo se tla re susumelletsa hore re ba etsise, ’me re tla atamela haufi le Motsoalle oa rōna, Jehova.—Baheb. 12:1, 2. w16.02 1:3, 14
Labobeli, la 3 October
Saule a bua le mora oa hae Jonathane le bahlanka bohle ba hae ka ho bolaea Davida.—1 Sam. 19:1.
Ha Saule a re o tlil’o bolaea Davida, Jonathane o ile a lokela ho etsa qeto e boima. O ne a batla ho tšepahala ho ntate oa hae, empa a boetse a batla ho tšepahalla Davida. Jonathane o ne a tseba hore Molimo o tšehetsa Davida eseng Saule, kahoo o ile a khetha ho tšepahala ho Davida. O ile a lemosa Davida hore a ipate ’me ka mor’a moo a hlalosetsa Saule hore na ke hobane’ng ha a sa lokela ho bolaea Davida. (1 Sam. 19:1-6) Ha rea lokela ho nka ho tšepahalla lintho tse kang lithimi tsa lipapali, likolo kapa linaha tseo re lulang ho tsona e le habohlokoa ho feta ho tšepahala ho Jehova. Ka mohlala, Henry o ne a bapala papali ea chess thiming ea sekolo ’me a batla ho ba mampoli. Empa kaha o ne a e bapala mafelo-beke a mang le a mang, o ne a se na nako ea ho ea tšimong le libokeng. Henry o re o ne a se a nka ho tšepahalla thimi ea sekolo e le habohlokoa ho feta ho tšepahala ho Molimo. Kahoo, o ile a etsa qeto ea ho khaotsa ho e bapala.—Mat. 6:33. w16.02 3:10, 12
Laboraro, la 4 October
Batho ba hao ba tla itlhahisa ka ho rata.—Pes. 110:3.
Mocha, tsela e ’ngoe eo u ka tsebang ka eona hore na u hlile u batla ho kolobetsoa, ke ka ho hlahloba lithapelo tsa hao. U buisana le Jehova ka thapelo ka makhetlo a makae? Lithapelo tsa hao li tobile hakae? Likarabo tsa lipotso tsena li ka ’na tsa bontša hore u na le kamano e haufi le Jehova kapa che. (Pes. 25:4) Maemong a mangata Jehova o araba lithapelo tsa rōna ka Bibele. Tsela e ’ngoe eo u ka tsebang ka eona haeba u hlile u batla ho ba le kamano e ntle le Jehova le ho mo sebeletsa ho tsoa pelong ke ka ho hlahloba kemiso ea hao ea ho ithuta Bibele. (Josh. 1:8) Ipotse: ‘Ke ithuta Bibele khafetsa hakae? Na ke ithaopela ho kopanela borapeling ba lelapa?’ Tsela eo u arabang lipotso tsena ka eona e tla u thusa hore u tsebe haeba ehlile u labalabela ho kolobetsoa. w16.03 1:11, 13
Labone, la 5 October
Ka eena ’mele oohle, ka ho ba o kopantsoeng hammoho ka tumellano.—Baef. 4:16.
Ruri rea thaba ha re bala Bukeng ea Selemo litlaleho tsa mosebetsi oa boboleli o etsoang lefatšeng ka bophara! Ak’u boele u nahane ka bonngoe bo bang teng ha re le likopanong. Ha re le moo, re mamela molaetsa o tšoanang. Lipuo, litšoantšiso le lipontšo tse fanoang moo, li re khothalletsa ho fa Jehova se molemohali. Re boetse re ba bonngoeng le bara le barali babo rōna selemo le selemo ha re ba teng Sehopotsong. (1 Bakor. 11:23-26) Re se tšoarela hong ka la 14 Nisane, ka mor’a hore letsatsi le likele, ho bontša hore re ananela seo Jehova a re etselitseng sona le hore re mamela taelo ea Jesu. Libeke pele ho Sehopotso, re sebetsa ’moho ho mema batho ba bangata kamoo ho ka khonehang hore ba be le rōna ketsahalong ena e ikhethang. Ka bomong, re ke ke ra khona ho pakela batho bohle. Empa kaha re sebetsa re momahane, re khona ho bolella batho ba limilione ka Jehova, ’me re ba thusa ho mo hlompha le ho mo rorisa. w16.03 3:4, 6, 7
Labohlano, la 6 October
Enoa ke Mora oa ka, ea ratoang, eo ke mo amohetseng.—Mat. 3:17.
Barab’abo rōna ba koetlisoang ba lokela ho rutoa ho etsa lintho ho latela melao-motheo e ka Bibeleng. Ka mohlala, haeba moholo a kōpa mor’abo rōna hore a tiise hore sebaka se pel’a monyako oa Holo ea ’Muso se lula se hloekile ebile se sireletsehile, a ka ’na a mo bontša lengolo la Tite 2:10. Ebe o mo hlalosetsa kamoo mosebetsi ona o tlang ho khabisa molaetsa oa ’Muso kateng. Hape, a ka thusa mor’abo rōna hore a nahane ka ba hōlileng le kamoo ho etsa seo ho tla ba thusa kateng. Ho buisana le eena ka lintlha tse kang tsena, ho tla mo thusa hore a nahane ka batho ho e-na le ho nahana ka molao. Ha a bona kamoo bara le barali babo rōna ba ruang molemo kateng mosebetsing oa hae, o tla thabela ho sebeletsa ba bang. Hape, moholo o lokela ho babatsa mor’abo rōna ha a latela litlhahiso. Feela joalokaha metsi a thusa semela ho hōla, ha moholo a babatsa mor’abo rōna, o mo thusa hore a hatele pele tšebeletsong ea Jehova. w15 4/15 2:7, 8
Moqebelo, la 7 October
Morena o tla ntopolla mosebetsing o mong le o mong o khopo.—2 Tim. 4:18.
Na u kile ua tobana le bothata ’me ua utloa eka ha ho na motho ea u thusang? Mohlomong u ne u feletsoe ke mosebetsi kapa u hatelloa ke lithaka sekolong. Mohlomong u ne u kula haholo kapa u tobane le teko e itseng. E ka ’na eaba u ile ua kōpa batho ba bang hore ba u thuse empa ua soetseha ha ba hlōleha ho u thusa. Ke ’nete hore mathata a mang ke ao batho ba ke keng ba khona ho a rarolla. U lokela ho etsa’ng boemong boo? Bibele e re u lokela ho “tšepa Jehova.” (Liprov. 3:5, 6) Na u ka kholiseha hore o tla u thusa? E, u ka kholiseha! Ho na le mehlala e mengata ka Bibeleng e re kholisang hore Jehova o fela a thusa batho ba hae. U se ke ua utloa bohloko ha batho ba hlōleha ho u thusa. Empa joaloka Pauluse, nka hore teko eo e u fa monyetla oa hore u tšepe Jehova ka ho feletseng. E boetse e u fa monyetla oa hore u bone kamoo a u hlokomelang kateng. Seo se tla etsa hore u tšepe Jehova le ho feta ’me kamano ea lōna e tla ba matla. w15 4/15 4:3-5
Sontaha, la 8 October
Molimo oa tsamaiso ena ea lintho a foufalitseng likelello tsa ba sa lumelang.—2 Bakor. 4:4.
Tsela feela eo Satane a e sebelisang ho etsa hore batho ba furalle Jehova, Molimo oa rōna ea lerato, ke ka ho ba thetsa. (1 Joh. 4:8) Satane o thetsa batho hore ba se ke ‘ba ela hloko tlhoko ea bona ea moea,’ ka mantsoe a mang ba se ke ba elelloa hore ba lokela ho ba le kamano e ntle le Molimo. (Mat. 5:3) Diabolose ‘o foufalitse likelello tsa ba sa lumelang’ e le hore ba se ke ba tseba ’nete ka Jehova. Tsela e ’ngoe e ka sehloohong eo Satane a thetsang batho ka eona ke ka ho sebelisa bolumeli ba bohata. O oa tseba hore Jehova ‘o batla boinehelo bo khethehileng.’ (Ex. 20:5) Kahoo, u ka inahanela hore na Satane o thaba hakaakang ha a bona batho ba rapela balimo, pōpo kapa liphoofolo, ke hore ntho leha e le efe ntle ho Jehova. Ka masoabi, esita le batho ba bangata ba nahanang hore ba rapela Molimo ka tsela e amohelehang, ba susumetsoa ke bolumeli ba bohata le meetlo e se nang thuso. Baiseraele ba mehleng ea Esaia ba ne ba le boemong bo tšoanang. Jehova o ile a ba botsa, a re: “Ke hobane’ng ha ho sehla ha lōna ho sa felle ka ho khotsofala? ’Mameleng ka hloko, . . . ’me meea ea lōna e fumane thabo e phethehileng mononong.”—Esa. 55:2. w15 5/15 1:14, 15
Mantaha, la 9 October
E tla u khoba hlooho ’me uena u tla e loma serethe.—Gen. 3:15.
E tlameha ebe Abele o ile a nahanisisa ka sena seo Molimo a neng a se buile. Mohlomong o ile a ipotsa hore na ke mang ea neng a tla longoa serethe ke noha ’me a thuse ho khutlisetsa batho phethehong. Abele o ne a lumela hore ntho leha e le efe eo Jehova a e tšepisitseng e tla phethahala, ’me Jehova a khahloa ke sehlabelo seo a ileng a se nyehela. (Gen. 4:3-5; Baheb. 11:4) Noe o ne a e-na le tumelo litšepisong tsa Jehova, kahoo ha aa ka a timetsoa ka Moroallo. (Baheb. 11:7) ’Me ka tumelo, Noe o ile a etsetsa Jehova mahlabelo a liphoofolo. (Gen. 8:20) Ka mor’a Moroallo, lefatše le ile la boela la senyeha. Nimrode o ile a qala ho busa ’me a batla hore batho ba fetohele Jehova. (Gen. 10:8-12) Empa Noe o ile a lula a le matla tumelong. Ho tšoana le Abele, o ne a kholisehile hore ka letsatsi le leng Molimo o tla felisa sebe le lefu. E ka ’na eaba Noe o ile a boela a nahana ka nako eo ka eona ho sa tl’o hlola ho e-ba le babusi ba sehlōhō. Le rōna re ka nahana ka nako eo e babatsehang, ’me hona joale e atametse!—Bar. 6:23. w15 5/15 3:4, 6
Labobeli, la 10 October
Ho tšoenngoa ke lipelaelo ka pelong ea motho ho tla etsa hore e thulame, empa lentsoe le molemo le etsa hore e thabe.—Liprov. 12:25.
Haeba re lula re tšoenyehile, re ka ’na ra kula kapa ra felloa ke tumelo ho Jehova. Ho e-na le hoo, re lokela ho kholiseha hore Jehova o tla re thusa, ’me re hopole mantsoeng a temaneng ea kajeno. Kahoo, ha u tšoenyehile ka ntho e itseng, bua le motho ea sebeletsang Jehova le ea u tsebang hantle. Motsoali oa hao, molekane kapa motsoalle a ka u thusa hore u tšepe Jehova ’me u se ke ua tšoenyeha haholo. Jehova o re tseba ho feta motho leha e le ofe ebile a ka re thusa ho khoba matšoafo ha re tšoenyehile. Pauluse o ile a ngola a re: “Le se ke la tšoenyeha ka letho, empa nthong e ’ngoe le e ’ngoe ka thapelo le thapeli hammoho le liteboho likōpo tsa lōna tse matla li ke li tsebisoe Molimo; ’me khotso ea Molimo e fetang monahano oohle e tla lebela lipelo tsa lōna le matla a lōna a kelello ka Kreste Jesu.” (Bafil. 4:6, 7) Kahoo, ha u tšoenyehile nahana ka thuso eo Jehova a u fang eona ho boloka setsoalle sa lōna se le matla, mohlomong a sebelisa bara le barali beno, baholo, lekhoba le tšepahalang, mangeloi esita le Jesu. w15 5/15 4:16, 17
Laboraro, la 11 October
Ho ne ho e-na le monna ea itseng ea neng a kutse ka lilemo tse mashome a mararo a metso e robeli.—Joh. 5:5.
Ka leboea ho tempele ea Jerusalema ho ne ho e-na le letamo le bitsoang Bethzatha. Batho ba bangata ba kulang ba ne ba atisa ho ea teng, ba nahana hore ba tla fola ka mohlolo. Kaha o rata batho, o ile a ea kopana le monna ea qetileng lilemo tse ngata a kula.(Joh. 5:6-9) Jesu o ile a botsa monna eo hore na o batla ho fola ’me a tsebe ho tsamaea. E tlameha ebe monna eo o ile a araba Jesu ka pelo e bohloko, ha a mo bolella hore o batla ho fola empa ha ho na motho ea mo thusang hore a kene ka letamong. Jesu a ntan’o re monna eo a etse ntho eo ho neng ho bonahala eka e ke ke ea khoneha. O ile a re a nke lempara la hae ’me a tsamaee. Kahoo, monna eo a nka lempara ’me a tsamaea! Mohlolo ona o bontša seo Jesu a tla se etsa lefatšeng le lecha. O boetse o bontša kamoo Jesu a ratang batho kateng. O ne a ea ho batho ba hlokang thuso. Mohlala oa Jesu o lokela ho re susumelletsa ho tsoela pele re batla batho tšimong ea rōna ba sithabelitsoeng ke lintho tse mpe tse etsahalang kajeno. w15 6/15 2:8-10
Labone, la 12 October
Le rapele ka tsela ena.—Mat. 6:9.
Jesu o ile a qala thapelo eo ka mantsoe a reng, “Ntat’a rōna.” Sena se re hopotsa hore Jehova ke Ntate oa bara le barali babo rōna lefatšeng lohle. (1 Pet. 2:17) Bao Jehova a ba khethileng hore ba il’o phela leholimong o ba nka e le bara, kahoo ke Ntate oa bona ka tsela e ikhethang. (Bar. 8:15-17) Ba nang le tšepo ea ho phela ka ho sa feleng lefatšeng, le bona ba ka mo bitsa “Ntate.” Jehova o ba file bophelo ’me ka lerato o ba fa seo ba se hlokang. Ha ba se ba phethahetse ’me ba fetile tekong ea ho qetela ba tšepahetse ho Jehova, ba tla bitsoa “bana ba Molimo.” (Bar. 8:21; Tšen. 20:7, 8) Batsoali ba fa bana ba bona mpho ea bohlokoa ha ba ba thusa ho utloisisa hore Jehova ke Ntate oa bona ea maholimong, ’me ba ba ruta hore ba mo rapele. Mpho e khōlō ka ho fetisisa eo batsoali ba ka e fang bana ke ho ba ruta hore Jehova ke Motho oa sebele le hore e ka ba Motsoalle oa bona. w15 6/15 4:4-6
Labohlano, la 13 October
U re lopolle ho ea khopo.—Mat. 6:13.
Re ka etsa’ng ho bontša hore re batla hore Jehova a “re lopolle ho ea khopo”? Ha rea lokela ho ba “karolo ea lefatše,” esita le ‘ho rata lefatše kapa lintho tse lefatšeng.’ (Joh. 15:19; 1 Joh. 2:15-17) Ruri re tla thaba ha Jehova a felisa Satane le lefatše lena le khopo! Empa ho fihlela ka nako eo, re lokela ho hopola hore Satane o halefile haholo, kaha o oa tseba hore o saletsoe ke nako e khutšoanyane. O tla leka kahohle ho etsa hore re khaotse ho sebeletsa Jehova. Kahoo, re lokela ho lula re rapela Jehova e le hore a re sireletse ho Satane. (Tšen. 12:12, 17) Na u batla ho phela lefatšeng le se nang Satane? Haeba ho joalo, tsoela pele ho rapella ’Muso oa Molimo hore o tle, lebitso la Molimo le halaletsoe le hore thato ea hae e etsahale lefatšeng. Lula u tšepa Jehova hore o tla u hlokomela le ho u fa sohle seo u se hlokang hore u tšepahale ho eena. Etsa sohle se matleng a hao ho phela tumellanong le thapelo ea mohlala.—Mat. 6:9-13. w15 6/15 5:12, 17, 18
Moqebelo, la 14 October
Ho tla ba le matšoenyeho a maholo.—Mat. 24:21.
Ha re tsebe hantle hore na ho tla etsahala’ng nakong eo ea teko. Empa rea tseba hore lintho li ke ke tsa e-ba bonolo le hore re tla lokela ho itela. Bakreste ba lekholong la pele la lilemo ba ile ba lokela ho siea mahae a bona le ho mamella maemo a mang a boima. (Mar. 13:15-18) Re lokela ho ipotsa: ‘Na ke ikemiselitse ho arohana le lintho tse bonahalang? Na ke ikemiselitse ho etsa ntho leha e le efe hore ke lule ke tšepahala ho Jehova?’ Ak’u nahane feela! Ho sa tsotellehe se etsahalang ka nako eo, e tla be e le rōna feela ba rapelang Molimo oa rōna, ho tšoana le moprofeta Daniele.(Dan. 6:10, 11) Ha matšoenyeho a maholo a se a qalile, eo e tla be e se nako ea ho bolela ‘litaba tse molemo tsa ’muso.’ Nako ea teng e tla be e fetile. E tla be e le nako ea “bofelo”! (Matheu 24:14) Ka sebete bahlanka ba Molimo ba tla phatlalatsa molaetsa o matla oa kahlolo ho batho bohle. Molaetsa oo e ka ’na ea e-ba oa hore lefatše le khopo la Satane le haufi le ho felisoa. w15 7/15 2:3, 8, 9
Sontaha, la 15 October
Hase karolo ea lefatše, feela joalokaha ke se karolo ea lefatše.—Joh. 17:16.
Jesu o ile a re lemosa hore ba bang ba tla re hloea hobane re sa tšoane le bona. Hopola hore ba bangata ba bahanyetsi ba rōna ha ba tsebe letho ka ’Muso oa Molimo. Kahoo, ha ba utloisise hore na ke hobane’ng ha re tšepahalla ’Muso oo, ho e-na le ho tšehetsa mebuso ea batho. E le hore re tšepahalle bobusi ba Jehova, re lokela ho ikokobelletsa eena ho sa tsotellehe seo batho ba ka ’nang ba se bua le ho se etsa. (Dan. 3:16-18) Bacha ka ho khetheha ba ka ’na ba thatafalloa ho ba mekhelo. Batsoali, thusang bana ba lōna hore ba be sebete ha ba le sekolong. Ba ka ’na ba tšaba ho hana ho lumelisa folakha kapa ho kopanela meketeng e itseng ea bochaba. Ha le tšoara borapeli ba lelapa, le ka ’na la buisana ka hore na Jehova o ikutloa joang ka lintho tsena. Ba ruteng hore na ba ka hlalosa seo ba se lumelang joang ka tlhompho le ka tsela e hlakileng. (Bar. 1:16) Hape haeba ho hlokahala, thusang bana ba lōna ka hore le bue le matichere ’me le a hlalosetse seo re se lumelang. w15 7/15 3:15, 16
Mantaha, la 16 October
Molimo o ratile lefatše haholo hoo a ileng a fana ka Mora oa hae ea tsoetsoeng a ’notši.—Joh. 3:16.
Jehova o re file thekollo e le mpho, “e le hore re ka fumana bophelo.” (1 Joh. 4:9) Ha moapostola Pauluse a bua ka mpho ena e bontšang lerato la Molimo, o ile a re: “Kreste o ile a shoela batho ba se nang bomolimo ka nako e behiloeng. Etsoe ke ka thata mang kapa mang a ka shoelang motho ea lokileng; ka sebele, mohlomong motho a ka iteta sefuba ho shoela motho ea molemo. Empa Molimo o buella lerato la hae ho rōna ka hore, ha re sa ntse re le baetsalibe, Kreste o ile a re shoela.” (Bar. 5:6-8) Thekollo ke mohlala o ka sehloohong oa lerato la Molimo, ’me e fa batho monyetla oa hore ba be le kamano e haufi le eena. Thekollo e senola lerato leo Jehova a ratang batho bohle ka lona. Ruri hoa thabisa ho tseba hore haeba re sebeletsa Molimo ka botšepehi, o tla re fa bophelo bo molemo ka ho fetisisa lefatšeng le lecha! Kahoo, a re bontšeng hore re ananela thekollo, e leng bopaki ba lerato le tšoarellang leo Molimo a re ratang ka lona. w15 8/15 1:13, 15
Labobeli, la 17 October
Le se ke la utloa bohloko.—Neh. 8:10.
Ak’u nahane hore na e tla ba tlotla e kaakang ho sebeletsa Molimo lefatšeng le lecha tlas’a puso ea ’Muso! Ke kahoo re thabelang ho latela tataiso eo mokhatlo oa Jehova o re fang eona hona joale le ho etsa ntho leha e le efe eo o re abelang eona. Empa ka linako tse ling re ka ’na ra fuoa likabelo tse ncha. Ka mohlala, litho tse ling tsa lelapa la Bethele, United States, li ile tsa abeloa ho ea tšimong. Balebeli ba bang ba tsamaeang le bona ba abetsoe hore e be bo-pula-maliboho ba khethehileng ka lebaka la ho hōla kapa maemo a mang a itseng. Ba khotsofetse likabelong tsa bona tse ncha, ’me Jehova o oa ba hlohonolofatsa. Haeba re rapela Jehova re mo kōpa hore a re thuse, ’me re etsa sohle se matleng a rōna ho mo sebeletsa ebile re ithuta ho khotsofalla kabelo leha e le efe eo re e fuoang, re tla thaba ’me Jehova o tla re hlohonolofatsa. (Liprov. 10:22) Re tla etsa’ng haeba lefatšeng le lecha re batla ho lula sebakeng se itseng, empa mokhatlo oa Jehova o re kōpa hore re ee ho se seng? Ka nako eo, hore na re lula hokae kapa hore na re etsa’ng, e tla be e se taba ea bohlokoa. Re tla be re ananela feela hore re phela lefatšeng le lecha. w15 8/15 3:8
Laboraro, la 18 October
[Noe] o ne a se na molato har’a batho ba mehleng ea hae.—Gen. 6:9.
Noe o phetse nakong eo bobe ba motho bo neng bo le bongata lefatšeng, empa o ne a sa tloaelana le batho ba sa rateng Jehova. Eena hammoho le ba lelapa la hae ba ile ba phathahana ka ho haha areka, ’me e ne e boetse e le “’moleli oa ho loka.” (2 Pet. 2:5) Noe, mosali oa hae, bara ba hae ba bararo le basali ba bona e ne e le metsoalle. Ba ile ba phathahana ka ho etsa lintho tse khahlisang Molimo, ’me ka lebaka leo ba pholoha Moroallo. Kaofela ha rōna re litloholo tsa Noe, kahoo re lokela ho leboha hore ebe Noe le ba lelapa la hae ba ile ba mamela Jehova ’me ba qoba litloaelano tse mpe. Bakreste ba lekholong la pele la lilemo le bona ba ne ba sa tloaelana le batho ba sa rateng Jehova. Ba ile ba mo mamela ’me ba pholoha ha Jerusalema e timetsoa ka 70 C.E.—Luka 21:20-22. w15 8/15 4:17, 18
Labone, la 19 October
[Ho na le] le nako ea ho tšeha . . . le nako ea ho tlōla-tlōla.—Moek. 3:4.
Hase mefuta eohle ea boikhathollo e ka etsang hore motho a khatholohe. Re boetse re lokela ho qoba ho qeta nako e ngata haholo boikhathollong. Letsoalo le ka re thusa joang hore re thabele boikhathollo boo Jehova a bo amohelang re be re rue molemo ho bona? Bibele e fana ka temoso mabapi le “mesebetsi ea nama.” Mesebetsi ena e akarelletsa “bohlola, ho se hloeke, boitšoaro bo hlephileng, borapeli ba litšoantšo, tšebelisano le meea, bora, ho qabana, poulelo, ho tlakoloha ka bohale, ho rata likhang, likarohano, maquloana, mohono, ho inehella botahoa, mekete e lerata, le lintho tse joaloka tsena.” Pauluse o ile a re “ba tloaetseng ho etsa lintho tse joalo ba ke ke ba rua ’muso oa Molimo.” (Bagal. 5:19-21) Kahoo, re lokela ho ipotsa: ‘Na letsoalo la ka le nthusa hore ke qobe lipapali tse mabifi, tse nang le moea oa tlhōlisano le oa bochaba? Na letsoalo lea ntemosa ha ke lekeha hore ke shebelle filimi e hlahisang litšoantšo tse litšila kapa e khothalletsang boitšoaro bo bobe, botahoa kapa ho sebelisana le meea?’ w15 9/15 2:11, 12
Labohlano, la 20 October
Ke tseba hantle, Jehova, hore tsela ea motho oa lefatše ha e matleng a hae. Ha ho matleng a motho ea tsamaeang hore a tsamaise mehato ea hae.—Jer. 10:23.
Bibele e bontša ka ho hlaka hore Molimo ha aa re bōpa re e-na le bokhoni ba ho ikhethela se nepahetseng le se fosahetseng. Jehova o tseba se ka re tsoelang molemo. Kahoo, ha re amohela bobusi ba hae ’me re mo mamela, re tla phela ka khotso ’me re khotsofale. Jehova o re rutile ’nete ena ea bohlokoa hobane a re rata. Ntate ea lerato o nahana ka ho teba ka bokamoso ba bana ba hae. O batla hore ba khotsofale bophelong. Ka masoabi, batho ba bangata ba tšoenyehile ka bokamoso, ’me ba bangata ba senya nako ea bona ka lintho tse ke keng tsa ba tsoela molemo nakong e tlang. (Pes. 90:10) Ruri rea thaba hore ebe Ntate oa rōna, Jehova o re ruta hore re phele bophelo bo khotsofatsang hona joale, ebile o re tšepisa bokamoso bo babatsehang! w15 9/15 4:10, 11
Moqebelo, la 21 October
Ho ke ke ha e-ba le phoka kapa pula, haese ka taelo ea lentsoe la ka!—1 Mar. 17:1.
Nakong e fetileng, batho ba bangata ba ne ba e-na le monyetla oa ho bona le ho utloa kamoo Molimo a ’nileng a thusa Iseraele kateng. Jehova o ile a etsa mehlolo e le hore a lopolle batho ba hae Egepeta le hore a hlōle marena a mangata Naheng e Tšepisitsoeng. (Josh. 9:3, 9, 10) Lira tsa Baiseraele li ile tsa hlōloa kaha li ne li sa batle ho lumela hore Jehova o loanela batho ba hae. Hamorao, Morena Akabe ea khopo o ile a ba le monyetla oa ho bona matla a Molimo ka makhetlo a ’maloa. Ha nako e ntse e ea, Elia o ile a rapela Jehova, ’me Molimo a araba thapelo ea hae ka ho romela mollo o tsoang leholimong. Akabe o ile a bona ketsahalo eo. Elia a ntan’o bolella Akabe hore Jehova o tl’o nesa pula ’me a felise komello. (1 Mar. 18:22-45) Akabe o ile a bona mehlolo ena eohle leha ho le joalo a ’na a hana ho lumela hore o bone matla a Jehova. Re ithuta’ng mohlaleng oo? Re lokela ho ikitlaelletsa ho lemoha litsela tseo Molimo a re thusang ka tsona. w15 10/15 1:4, 5
Sontaha, la 22 October
Ea lokileng o tla phela ka lebaka la tumelo.—Bagal. 3:11.
Re lokela ho kholiseha hore haeba re latela tataiso ea Jehova, o tla re thusa. Re lokela ho tšepa Molimo, hobane a ka khona ho re thusa. Pauluse o re Molimo ‘ka matla a hae a sebetsang ho rōna, a ka etsa lintho tse fetang tseo re li nahanang.’ (Baef. 3:20) Bahlanka ba Jehova ba etsa sohle seo ba ka se khonang ho phetha thato ea Molimo, empa ba boetse baa hlokomela hore ba ke ke ba finyella seo ka botlalo. Re ananela haholo hore ebe Molimo o oa re tšehetsa ebile o hlohonolofatsa boiteko bohle ba rōna. Na le rōna re ka lebella hore Jehova a re fe tumelo e eketsehileng ha re mo kōpa? Jehova o tšepisa hore o tla mamela lithapelo tsa rōna ha re ‘kōpa ho ea ka thato ea hae.’ (1 Joh. 5:14) Jehova o oa thaba ha re mo tšepa ka ho feletseng. O tla re fa tumelo e eketsehileng ha re mo kōpa ’me seo se tla re matlafatsa tumelong le ho etsa hore re be har’a ba “tšoaneloang ke ’muso oa Molimo.”—2 Bathes. 1:3, 5. w15 10/15 2:16-18
Mantaha, la 23 October
Le ka mohla re se ke ra hoholeha.—Baheb. 2:1.
Ho thuisa ka Jehova le Jesu ho tla re thusa hore re be Bakreste ba hōlileng tsebong ’me re be le tumelo e matla. (Baheb. 5:14; 6:1) Motho ea sa ipheng nako e lekaneng ea ho thuisa ka Molimo, o tla senya setsoalle sa hae le Jehova butle-butle kapa a qetelle a mo furaletse. (Baheb. 3:12) Jesu o ile a re lemosa hore haeba re sa ho amohele Lentsoe la Molimo “ka pelo e ntle” kapa re sa le mamele, re ke ke ‘ra le boloka.’ Ho e-na le hoo, re tla “nkoa ke matšoenyeho le maruo le menyaka ea bophelo bona.” (Luka 8:14, 15) Kahoo, a re tsoeleng pele ho thuisa ka Bibele ’me re tsebe Jehova haholoanyane. Sena se tla re susumelletsa hore re etsise litšobotsi tsa hae le botho ba hae. (2 Bakor. 3:18) Re lokela ho tsoela pele re ithuta ka Ntate oa rōna ea leholimong ’me re mo etsise ka ho sa feleng. Ruri eo ke tlotla e khōlō ka ho fetisisa!—Moek. 3:11. w15 10/15 4:13, 14
Labobeli, la 24 October
U tsebe bohlale bakeng sa moea oa hao. Haeba u bo fumane, joale ho na le bokamoso.—Liprov. 24:14.
U batla hore bana ba hao ba be le kamano e ntle le Jehova. ’Me Jehova o batla hore u ba koetlise le ho ba khalemela. O u file boikarabelo boo. (Baef. 6:4) Kahoo, u lokela ho netefatsa hore u koetlisa bana ba hao kamehla. Nahana ka sena: U etsa bonnete ba hore bana ba hao ba ea sekolong hobane u ua tseba hore thuto ke ea bohlokoa ’me u batla hore ba ithute lintho tse ncha. U boetse u tiisa hore ba ea libokeng, likopanong le ho ba teng borapeling ba lelapa. Etsoe, thuto eo Jehova a fanang ka eona e ka ba sireletsa. Kahoo, ba thuse hore ba thabele ho ithuta ka Jehova, ’me ba elelloe hore a ka ba ruta lintho tse tla ba hlalefisa. Ho feta moo, koetlisa bana ba hao hore ba be teng kamehla tšebeletsong ea tšimo. Etsisa mohlala oa Jesu ka ho ba thusa hore ba thabele ho ruta ba bang Lentsoe la Molimo. w15 11/15 2:6
Laboraro, la 25 October
Hlooho ea monna e mong le e mong ke Kreste; hape hlooho ea mosali ke monna; hape hlooho ea Kreste ke Molimo.—1 Bakor. 11:3.
Jehova ke eena ea entseng qeto ea hore na ke mang eo e lokelang ho ba hlooho ka lapeng. Empa Jehova o lebeletse hore monna e be hlooho e lerato, eseng e hatellang kapa e sehlōhō. Le hoja monna e le hlooho ea mosali, Bibele e re o lokela ho mo hlompha. (1 Pet. 3:7) Monna a ka etsa see joang? O lokela ho nahanela litlhoko tsa hae ’me a hlomphe maikutlo a hae. Bibele e re: “Banna, le tsoele pele le rata basali ba lōna, feela joalokaha Kreste le eena a ile a rata phutheho ’me a inehela bakeng sa eona.” (Baef. 5:25) Ha e le hantle, Jesu o ile a shoela balateli ba hae. Ha monna e le hlooho e lerato joaloka Jesu, ho tla ba bonolo hore mosali oa hae a mo rate, a mo hlomphe le ho tšehetsa liqeto tsa hae.—Tite 2:3-5. w15 11/15 4:6, 7
Labone, la 26 October
Ha tsoha ho korotla har’a Bajuda ba buang Segerike khahlanong le Bajuda ba buang Seheberu.—Lik. 6:1.
Ha litaba tse molemo li ntse li pharalla, Bakreste ba bangata ba ile ba bua Segerike ho fapana le Seheberu. Kaha batho ba bangata ba ne ba bua Segerike, buka ea Matheu, Mareka, Luka le Johanne li ile tsa ngoloa ka Segerike. Libuka tsa Bibele tse ngotsoeng ke moapostola Pauluse le ba bang le tsona li ile tsa ngoloa ka Segerike. Ke ho thahasellisang hore ebe bangoli ba Mangolo a Segerike a Bakreste ba ne ba atisa ho sebelisa Septuagint ha ba qotsa Mangolo a Seheberu. Ka linako tse ling mantsoe ao a qotsitsoeng a ne a fapana hanyenyane le a Seheberu sa qalong. Kahoo, mosebetsi oo bafetoleli ba sa phethahalang ba ileng ba o etsa, ke karolo ea Bibele eo re e sebelisang kajeno. Sena se re ruta hore Jehova ha a nke hore puo kapa setso se itseng se molemo ho feta tse ling.—Lik. 10:34. w15 12/15 1:8, 9
Labohlano, la 27 October
Jehova, e se eka u ka bula molomo oa ka, E le hore molomo oa ka o ka bolela thoriso ea hao.—Pes. 51:15.
Ka linako tse ling, ho hlokahala hore re thōle. Bibele e re ho na le “nako ea ho khutsa.” (Moek. 3:7) Ka mohlala, rea thōla ha ba bang ba bua, ho bontša hore rea ba hlompha. (Jobo 6:24) Hape, ha re bue makunutu a ba bang le lintho tseo batho ba sa lokelang ho li tseba. (Liprov. 20:19) Ha motho e mong a re halefisa, e ka ba hantle hore re lule re khobile matšoafo ’me re thōle. (Pes. 4:4) Empa ka linako tse ling re lokela ho bua. (Moek. 3:7) Ho na le nako ea ho rorisa Jehova, ea ho khothatsa ba bang, ea ho ntša maikutlo le ea ho bolella ba bang seo re se hlokang. Ha re sebelisa bokhoni ba ho bua ka tsela ena, re bontša Jehova hore re ananela mpho ena eo a re fileng eona. Etsoe ha motsoalle a re file mpho ea bohlokoa, re batla ho e tšoara hantle. w15 12/15 3:4, 5
Moqebelo, la 28 October
U se ke ua hlola u noa metsi, empa u sebelise veine e nyenyane ka lebaka la mala a hao le maemo a hao a ho kula khafetsa.—1 Tim. 5:23.
Kajeno, ha ho na barab’abo rōna ba ka etsang mehlolo esita le ho re folisa. (1 Bakor. 12:9) Empa kaha ba batla ho re thusa, ba bang ba ka ’na ba re fa keletso le hoja re sa ba kōpa. Ke ’nete hore likeletso tse ling ha li kotsi. Ka mohlala, Pauluse o ile a eletsa Timothea hore a noe veine e seng kae. Timothea o ne a e-na le bothata ba mala, mohlomong ka lebaka la metsi a sa hloekang. Re lokela ho ba hlokolosi. Mor’abo rōna a ka ’na a re khothalletsa hore re sebelise pheko e itseng kapa hore re je lijo tse itseng esita le ho qoba tse itseng. A ka ’na a re bolella hore pheko eo e thusitse e mong ka lapeng la hae ea neng a e-na le bothata bo tšoanang. Empa sena hase bolele hore le rōna e tla re thusa. Re lokela ho hopola hore le haeba pheko eo e thusitse batho ba bangata, e ntse e ka ba le mathata.—Liprov. 27:12. w15 12/15 4:13
Sontaha, la 29 October
Kreste o ile a shoa hang le ka ho ke keng ha phetoa malebana le libe, motho ea lokileng bakeng sa ba sa lokang.—1 Pet. 3:18.
Kaofela ha rōna re futsitse sebe ho Adama, ’me kotlo ea sebe seo ke lefu. (Bar. 5:12) Jehova o ile a susumetsoa ke lerato hore a romele Jesu lefatšeng ho tla re shoela, e le hore “a ka latsoa lefu bakeng sa motho e mong le e mong.” (Baheb. 2:9) Sehlabelo sa Jesu se tla finyella eng? Se tla felisa lefu ka ho sa feleng. (Esa. 25:7, 8; 1 Bakor. 15:22, 26) Bohle ba lumelang ho Jesu ba tla phela ka ho sa feleng ka khotso ba bile ba thabile, ba bang e tla ba marena le Kreste leholimong ha ba bang e tla ba bafo ba ’Muso oa Molimo lefatšeng. (Bar. 6:23; Tšen. 5:9, 10) Mpho eo Jehova a re fileng eona e akarelletsa litlhohonolofatso life tse ling? Ka lebaka la mpho eo Molimo a re fileng eona, lefatše e tla ba paradeise, ba kulang ba tla phekoloa ’me bafu ba tsosoe. (Esa. 33:24; 35:5, 6; Joh. 5:28, 29) Re leboha Jehova le Mora oa hae ka ho re fa ‘mpho ena e ke keng ea hlalosoa le e sa lefelloeng.’—2 Bakor. 9:15. w16.01 2:5, 6
Mantaha, la 30 October
Le tsoaloe hape.—Joh. 3:7.
Pele Jehova a khetha Bakreste ba tlotsitsoeng hore ba ee leholimong, ba ne ba e-na le tšepo ea ho phela ka ho sa feleng lefatšeng. Ba ne ba letetse ka tjantjello hore Jehova a etse lefatše paradeise ’me a felise bokhopo bohle. Mohlomong ba ne ba ipona ba se ba amohela beng ka bona kapa metsoalle e hlokahetseng. Hape ba ne ba letetse ho ea haha matlo a bona le ho ja litholoana ka mefuta. (Esa. 65:21-23) Ke’ng e entseng hore ba nahane ka tsela e fapaneng? Na ke hobane ba ne ba nyahame kapa ba utloile bohloko nako e telele? Na ba ile ba tsoha ba se ba utloa eka ho phela lefatšeng ka ho sa feleng ho tla ba bolutu ’me ba ke ke ba thaba? Kapa ba ne ba batla ho ea utloa hore na ho phela leholimong ho joang? Che. Ho e-na le hoo, Molimo ke eena ea ba khethetseng. Ha a ba mema, o ile a sebelisa moea o halalelang hore o fetole tsela eo ba nahanang ka eona le lintho tseo ba neng ba li labalabela. w16.01 3:11, 13
Labobeli, la 31 October
Ha re sebetsa hammoho le eena, re boetse re le kōpa ka tieo hore le se ke la amohela mosa o sa tšoanelang oa Molimo ’me la lahleheloa ke morero oa oona.—2 Bakor. 6:1.
Jehova ke Molimo ea phahameng ka ho fetisisa. O bōpile lintho tsohle, ebile o matla ’me o bohlale ka tsela e ke keng ea lekanngoa. Ka mor’a hore a thuse Jobo ho utloisisa ntlha ena, Jobo o ile a re: “Kea tseba hore u khona ho etsa lintho tsohle, ha ho khopolo eo u ke keng ua e fihlela.” (Jobo 42:2) Jehova a ka khona ho etsa ntho leha e le efe eo a batlang ho e etsa, a sa kōpe thuso. Empa o bontša batho lerato ka ho ba mema hore ba sebetse le eena ho finyella morero oa hae. Molimo o ile a bōpa Jesu pele. Eaba o mo sebelisa hore a bōpe lintho tse ling tsohle. (Joh. 1:1-3, 18) Kahoo, Jehova o ile a fa Mora oa hae mosebetsi oa bohlokoa, a ba a bolella ba bang ka oona. O mo file tlotla e khōlō hakaakang!—Bakol. 1:15-17. w16.01 5:1, 2