September
Moqebelo, la 1 September
Mamello mosebetsi oa eona e ke e be o feletseng.—Jak. 1:4.
Ho latela Bibele, mamello ha se feela ho tiisetsa kapa ho jara boemo bo thata. E akarelletsa tsela eo re nahanang ka eona le eo re ikutloang ka eona ka liteko tse re hlahelang. Mamello e re thusa hore re be sebete, re tšepahale ’me re se fele pelo. Buka e ’ngoe e hlalosang mantsoe e re mamello e etsa hore re be le tšepo le hore re se ke ra tela ha re hlaheloa ke liteko. E boetse e re thusa hore re eme re tiile le ha re tobana le maemo a thata ka ho fetisisa kaha mamello e tsoala katleho ’me e re lerato le re susumelletsa ho mamella. (1 Bakor. 13:4, 7) Joang? Ho rata Jehova ho re susumelletsa ho mamella ntho leha e le efe e re hlahelang. (Luka 22:41, 42) Ho rata barab’abo rona ho re thusa ho mamella mefokolo ea bona. (1 Pet. 4:8) Ho rata balekane ba rona ho re thusa ho mamella “matšoenyeho” ao esita le banyalani ba thabileng ba bang le ’ona ebile ho tiisa maqhama a rona a lenyalo.—1 Bakor. 7:28. w16.04 2:3, 4
Sontaha, la 2 September
Ba tsoela pele ho inehela . . . ho arolelaneng.—Lik 2:42.
Ka Segerike lentsoe “ho inehela” le bolela ho etsa boiteko bohle e le ho bontša mamello. Esita le ha ba ne ba hlorisoa ke ’muso oa Roma le baeta-pele ba bolumeli ba Bajuda, Bakreste ha baa ka ba khaotsa ho bokana hammoho. Le hoja ho ne ho le thata, ba ile ba etsa sohle se matleng a bona hore ba lule ba bokana hammoho. Le kajeno bahlanka ba Jehova ba ntse ba ananela liboka ’me ba thabela ho ba ho tsona. George Gangas, eo e neng e le setho sa Sehlopha se Busang ka lilemo tse fetang 22, o ile a re: “Ho ’na, ho kopana le barab’abo rona ke e ’ngoe ea lintho tse ntlisetsang thabo bophelong le mohloli oa khothatso. O ile a phaella ka ho re: “Kamehla ke labalabela ho ba teng libokeng.” Na le uena ke kamoo u ikutloang kateng ka liboka? Haeba ho joalo, tsoela pele u etsa sohle se matleng a hao hore u be teng libokeng, esita le ha ho le thata. Bontša Jehova hore u ikutloa joaloka Morena Davida, ea ileng a re: “Jehova, ke ratile bolulo ba ntlo ea hao.”—Pes. 26:8. w16.04 3:16-18
Mantaha, la 3 September
Etsa khotso le mor’eno pele.—Mat. 5:24.
Mohlomong u hlokometse hore mor’eno o utloisitsoe bohloko ke ntho e itseng eo u e buileng kapa u e entseng. U lokela ho etsa’ng? Buisana le mor’eno. Sepheo sa hao e lokela ho ba ho bopa khotso. U lokela ho lumela hore u entse phoso, ’me u se ke oa mo beha molato. Ho bopa khotso le mor’eno ke ntho ea bohlokoa. Ka mohlala, Abrahama le Lota ba ne ba e-na le liphoofolo tse ngata, ’me balisa ba bona ba ngangisana, ba tseka makhulo. Kaha Abrahama o ne a batla ho bopa khotso, o ile a lumella Lota hore a khethe sebaka pele. (Gen. 13:1, 2, 5-9) O re behetse mohlala o motle hakaakang! Na Abrahama o ile a lahleheloa ka lebaka la ho ba seatla se bulehileng? Che. Nakoana ka mor’a moo, Jehova o ile a tšepisa Abrahama hore o tla mo hlohonolofatsa ka lintho tse ngata ho feta tseo a lahlehetsoeng ke tsona. (Gen. 13:14-17) Re ithuta’ng ho see? Esita le ha re ka lahleheloa ke lintho tse itseng, Jehova o tla re hlohonolofatsa ha re rarolla liqabang ka khotso. w16.05 1:11, 12
Labobeli, la 4 September
Le tsoele pele ho lemoha seo thato ea Jehova e leng sona.—Baef. 5:17.
Ka Bibeleng, Jehova o re file melao e re hlalosetsang ka ho hlaka hore na o batla hore re etseng. Ka mohlala, o re laetse hore re se ke ra rapela litšoantšo, ra utsoa, ra tahoa, kapa ra etsa lintho tse tsoileng tseleng. (1 Bakor. 6:9, 10) Hape Mora oa Jehova, Jesu, o ile a fa balateli ba hae taelo ena e tobileng: “E-eang ’me le etse batho ba lichaba tsohle barutuoa, le ba kolobetse ka lebitso la Ntate le la Mora le la moea o halalelang, le ba rute ho boloka lintho tsohle tseo ke le laetseng tsona. ’Me, bonang! ke na le lona ka matsatsi ’ohle ho fihlela qetellong ea tsamaiso ea lintho.” (Mat. 28:19, 20) Ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo Jehova le Jesu ba reng re e etse e molemong oa rona. Melao ea Jehova e re ruta ho itlhokomela le ho hlokomela ba malapa a rona ’me e re thusa ho phela hantle ’meleng le ho thaba. Habohlokoa le ho feta, ha re mamela melao ea Jehova, e kang oa hore re bolele litaba tse molemo, Molimo oa thaba ebile oa re hlohonolofatsa. w16.05 3:1
Laboraro, la 5 September
Le fetohe ka ho fetola likelello tsa lōna.—Bar. 12:2.
Jehova o tla re thusa ho utloisisa seo a se batlang, ’me re tla ithuta ho nahana joaloka eena. Qetellong, seo re se nahanang, re se buang le seo re se etsang se tla khahlisa Jehova ’me re tla ithuta ho laola mefokolo ea rona. (Luka 11:13; Bagal. 5:22, 23) Leha ho le joalo, re ntse re tla lokela ho lula re e loantša. (Liprov. 4:23). Ho nka nako ho ithuta ho etsisa Jehova. Kahoo, haeba u nka hore ha u e-s’o etse liphetoho tse ngata kamoo u batlang kateng, e-ba le mamello. Qalong u ka ’na ua tlameha ho iqobella ho etsa seo Bibele e se rutang. Empa ha nako e ntse e ea, u tla nolofalloa ho nahana joaloka Jehova le ho etsa se nepahetseng.—Pes. 37:31; Liprov. 23:12; Bagal. 5:16, 17. w16.05 4:14, 16
Labone, la 6 September
Empa o thabela molao oa Jehova, Molao oa hae o o bala ka lentsoe le tlaase bosiu le motšehare.—Pes. 1:2.
Kajeno, Jehova o sebelisa Bibele, moea oa hae o halalelang le phutheho ho re bopa. Bibele e ka re bopa joang? Re lokela ho e bala, ho thuisa ka seo re se balileng le ho kopa Jehova hore a re thuse ho sebelisa seo re ithutileng sona. Morena Davida o ile a ngola a re: “Ha ke u hopotse liphateng tsa ka, ke thuisa ka uena nakong ea litebelo tsa bosiu.” (Pes. 63:6) O ile a boela a re: “Ke tla boka Jehova, ea mphileng keletso. Ka sebele, liphio tsa ka li nkhalemetse bosiu.” (Pes. 16:7) Ruri Davida o ile a thuisa ka keletso ea Jehova ’me a mo lumella hore a bope monahano oa hae le maikutlo a hae, esita le ha ho ne ho le thata ho e amohela. (2 Sam. 12:1-13) Davida o re behetse mohlala o motle oa boikokobetso le ho mamela. Kahoo, ipotse: ‘Ha ke bala Bibele, na ke thuisa ka seo ke se balang ’me ke lumella likeletso tsa Molimo hore li susumetse monahano oa ka le maikutlo a ka? Na nka ikitlaelletsa ho etsa seo haholoanyane?’—Pes. 1:3. w16.06 1:11
Labohlano, la 7 September
U se ke ua potlaka moeeng oa hao hore u khopehe.—Moek. 7:9.
Kaofela ha rea phethahala ’me re etsa liphoso. Kahoo, ha rea lokela ho lebella hore Bakreste-’moho le rona ba tla lula ba bua kapa ba etsa lintho tse nepahetseng feela. Hape, ho lula re nahana ka liphoso tsa bona ho ke ke ha re tsoela molemo. Haeba re etsa joalo, re ke ke ra thabela ho sebeletsa Jehova. Ho phaella moo, tumelo ea rona e ka ’na ea thefuleha ’me ra lahla mokhatlo oa Jehova. Kahoo, re ke ke ra sebeletsa Jehova kapa ra tšepa hore re tla phela lefatšeng la hae le lecha. Joale, ke eng e ka u thusang hore u lule u thabela ho sebeletsa Jehova le ha ba bang ba etsa lintho tse u khopisang? Nahana ka tšepiso ena e khothatsang: “Bonang! Ke bōpa maholimo a macha le lefatše le lecha; ’me lintho tsa pele li ke ke tsa hopoloa, kapa tsa fihla ka pelong.” (Esa. 65:17; 2 Pet. 3:13) Jehova o tla u fa litlhohonolofatso tsena haeba u lula u tšepahala ho eena. w16.06 4:13, 14
Moqebelo, la 8 September
Jehova Molimo oa rōna ke Jehova a le mong.—Deut. 6:4.
Poleloana e reng “Jehova a le mong” e boetse e bontša hore morero oa hae o tiile le lintho tseo a li etsang ke tse ka tšeptjoang. Jehova Molimo ha a feto-fetohe. Kamehla oa tšepahala, ha a fetohe ’me o bua ’nete. Ka mohlala, o ile a tšepisa Abrahama hore litloholo tsa hae li tla lula Naheng e Tšepisitsoeng. Ka hona, Jehova o ile a etsa mehlolo e mengata e le hore a phethahatse tšepiso eo. Lilemo tse makholo a mane le mashome a mararo ka mor’a ho mo tšepisa seo, morero oa Jehova o ne o ntse o e-s’o fetohe. (Gen. 12:1, 2, 7; Ex. 12:40, 41) Lilemo tse makholo hamorao, Jehova o ile a re Baiseraele ke lipaki tsa hae, ’me a re ho bona: “Ke ’na Ea tšoanang. Pele ho ’na ha ho na Molimo ea ileng a etsoa, ’me le ka mor’a ka ho ile ha tsoela pele ho se e mong.” Jehova o ile a boela a etsa bonnete ba hore morero oa hae ha o fetohe ha a ne a re: “Ka linako tsohle ke ’na Ea tšoanang.” (Esa. 43:10, 13; 44:6; 48:12) Ruri Baiseraele ba ne ba e-na le tlotla ea ho sebeletsa Molimo ea tšepahalang le ea sa fetoheng. Le rona kajeno re na le tlotla ea ho mo sebeletsa.—Mal. 3:6;Jak. 1:17. w16.06 3:6, 7
Sontaha, la 9 September
Lulang le talimile, le lule le falimehile, kaha ha le tsebe hore na nako e behiloeng e tla ba neng.—Mar. 13:33.
Linaheng tse ngata ho na le batho ba paterolang meeling ea naha le ba lebelang ka lik’hamera. Ba katile hore ho se be le batho ba kenang naheng ea habo bona kapa hore ba lireng ba se ke ba hlasela. Leha ho le joalo, “balebeli” bao ba khona ho lemoha feela hore mebuso ea linaha tse itseng kapa batho ba itseng ba ka ’na ba hlasela. Ha ba lemohe hore Kreste o se a ntse a busa leholimong le hore haufinyane o tla timetsa mebuso ea batho. (Esa. 9:6, 7; 56:10; Dan. 2:44) Ka lehlakoreng le leng, haeba re falimehile moeeng ebile re lebetse, re tla lula re itokiselitse ho tla ha letsatsi leo ho sa tsotellehe hore na le tla neng. (Pes. 130:6) Ha re ntse re atamela bofelong ba tsamaiso ena ea lintho, ho ba thata le ho feta hore re lule re falimehile. Ruri ho ka ba kotsi haeba re ka hloleha ho lula re lebetse. w16.07 2:2, 9, 10
Mantaha, la 10 September
Mosa o sa tšoanelang oa Molimo o neng o lebile ho ’na ha ea ka ea e-ba lefeela.—1 Bakor. 15:10.
Pauluse o ile a hlokomela hore o ne a sa tšoaneloe ke mohau o moholo oa Molimo, kaha pele o ne a hlorisa Bakreste. Ho elella qetellong ea bophelo ba hae, Pauluse o ile a ngolla Timothea eo e neng e le mosebetsi-’moho le eena mantsoe ana: “Ke leboha Kreste Jesu Morena oa rōna, ea ileng a mpha matla, hobane o ile a nkuka ke le ea tšepahalang ka hore a nkabele bosebeletsi.” (1 Tim. 1:12-14) Bosebeletsi boo e ne e le eng? Pauluse o ile a bolella baholo ba phutheho ea Efese hore na bo ne bo akarelletsa’ng, ha a re: “Ha ke etse hore moea oa ka e be oa bohlokoa leha e le bofe joalokaha eka ke o ratehang ho ’na, haeba feela nka qeta tsela ea ka ea peiso le bosebeletsi boo ke bo amohetseng ba Morena Jesu, ho pakela ka ho phethahetseng litaba tse molemo tsa mosa o sa tšoanelang oa Molimo.” (Lik. 20:24) Taba ea hore Pauluse o ne a chesehela tšebeletso ea hae, e bontša hore o ne a sa nke mosa o sa tšoanelang oa Molimo e le “lefeela,” ’me o behetse Bakreste mohlala o motle. w16.07 4:1-3
Labobeli, la 11 September
Ke tla ’ne ke lebelle.—Mik. 7:7.
Kamehla Jehova o tšehetsa bahlanka ba hae ba tšepahalang, le hoja ka linako tse ling a ka ’na a lumella hore ba letele tokelo kapa pakane e itseng eo ba e labalabelang. O ile a tšepisa Abrahama hore o tla mo fa mora, empa mopatriareka eo o ile a lokela ho bontša hore o na le tumelo le mamello. (Baheb. 6:12-15) Le hoja Abrahama a ile a leta nako e telele pele Isaka a hlaha, ha aa ka a fela pelo ’me Jehova ha aa ka a mo soetsa. (Gen. 15:3, 4; 21:5) Ho leta ha ho bonolo. (Liprov. 13:12) Haeba re lulela ho ingamangama ka lintho tse fetileng, re tla nyahama haholo. Ho e-na le hoo, ke habohlokoa ho ntlafatsa litšoaneleho tseo re li hlokang. Ha re bala Lentsoe la Molimo ’me re thuisa ka lona, re tla ba le bohlale, temohisiso, kahlolo e molemo, tsebo, matla a ho nahana le ho hlaphoheloa kelellong. Kamehla re etsa liqeto mabapi le lintho tse kang ho khetha boithabiso, moaparo, ho tšoara chelete le ho sebelisana le batho ba bang. Ha re latela seo re ithutang sona ka Bibeleng, re tla etsa liqeto tse thabisang Jehova. w16.08 3:9-11
Laboraro, la 12 September
Molimo ke eena eo . . . a sebetsang ho lona e le hore le rate le be le sebetse.—Bafil. 2:13.
Jehova o ile a thusa Baiseraele hore ba hlole Baamaleke le Baethiopia, ’me a fa Nehemia le bo-mphato ba hae matla e le hore ba qete mosebetsi oa ho tsosolosa marako. Le rona Molimo o tla re fa matla e le hore re tsoele pele ka mosebetsi oa boboleli ho sa tsotellehe mathata ao re kopanang le ’ona, khanyetso le ho hloka thahasello ha batho bao re buang le bona. (1 Pet. 5:10) Ha rea lebella hore Jehova a re thuse ka mohlolo. Ho e-na le hoo, re lokela ho phetha karolo ea rona. Seo se akarelletsa ho bala Lentsoe la Molimo letsatsi le letsatsi, ho lokisetsa liboka, ho etsa thuto ea botho le ho tšoara borapeli ba lelapa, esita le ho itšetleha ka Jehova kamehla. Ha rea lokela ho lumella letho ho re thibela ho sebelisa litokisetso tseo Jehova a li entseng ho re matlafatsa le ho re khothatsa. Haeba u lemoha hore ho na le moo u lokelang ho ntlafatsa teng lintlheng tsena, kopa Molimo hore a u thuse. Ka ho etsa joalo, moea oa hae o tla u matlafatsa. w16.09 1:12
Labone, la 13 September
Ka lebaka la ho ata ha bohlola, monna e mong le e mong a ke a be le mosali oa hae ’me mosali e mong le e mong a be le monna oa hae. —1 Bakor. 7:2.
Moapostola Pauluse o ile a khothalletsa Bakreste hore ba lule e le masoha; empa o ile a boela a bua mantsoe a ka holimo. A boela a re: “Empa haeba ba se na boitšoaro, ba ke ba kene lenyalong, kaha ho molemo ho kena lenyalong ho e-na le ho chesoa ke takatso.” Ho kena lenyalong ho ka thusa motho hore a qobe lintho tse kang ho ipholla litho tsa botona kapa tsa botšehali esita le ho kopanela boitšoarong bo bobe. Ho boetse ho ameha taba ea lilemo, kaha moapostola o ile a re: “Haeba leha e le mang a nahana hore o itšoara ka mokhoa o sa tšoanelang mabapi le bosoha ba hae, haeba a fetile palesa ea bocha, ’me ena e le tsela eo ho lokelang hore ho etsahale ka eona, a ke a etse seo a se batlang; ha a etse sebe. Ba ke ba kene lenyalong.” (1 Bakor. 7:9, 36; 1 Tim. 4:1-3) Empa motho ha aa lokela ho potlakela ho kena lenyalong hobane feela a chesoa ke litakatso tsa bocha. O lokela ho hola ka ho lekaneng hore a khone ho jara boikarabelo ba lelapa. w16.08 1:17
Labohlano, la 14 September
Re ipuella ka tsela e ’ngoe le e ’ngoe hore re basebeletsi ba Molimo. —2 Bakor. 6:4.
Batho ba bangata ba etsa qeto ea hore na re batho ba mofuta ofe ho latela ‘ponahalo ea rōna.’ (1 Sam. 16:7) Kaha re basebeletsi ba Molimo, rea utloisisa hore taba ea moaparo ha se feela ho apara lintho tseo re li ratang. Melao-motheo e ka Lentsoeng la Molimo e lokela ho re susumelletsa hore re qobe liaparo tse re penyang, tse bonaletsang, kapa tse tsosetsang ba bang takatso. Sena se bolela hore ha rea lokela ho apara liaparo tse sieang ’mele ka ntle kapa tse o totobatsang. Ha rea lokela ho etsa hore ba bang ba soabe kapa ba tlamehe ho sheba koana ha ba bona tsela eo re apereng ka eona. Ha re apere liaparo tse hloekileng le tse makhethe seo se ka ’na sa etsa hore batho ba batle ho atamela ho Molimo. Ho phaella moo, moaparo oa rona o ka fa mokhatlo oo re o emelang seriti. Ka lebaka leo, ba bang ba ka ’na ba thabela ho mamela molaetsa oa rona o phelisang. w16.09 3:5, 6
Moqebelo, la 15 September
Ho ba le kahlolo e molemo, ho bontša bonolo bohle ho batho bohle.—Tite 3:2.
U se ke ua potlakela ho nahana hore u tseba seo ba bang ba se lumelang. Batho ba bang ba re ba lumela hore lintho li iphetotse, empa ba boetse ba lumela hore Molimo o teng. Ba lumela hore Molimo o entse hore lintho li iphetole ho hlahisa mefuta e meng ea lintho tse phelang. Ba bang ba lumela hore lintho li iphetotse hobane ba re thuto eo e ne e ke ke ea rutoa likolong haeba ha se ’nete. Ha ba bang bona ba khaolitse ho lumela hore Molimo o teng ka lebaka la lintho tse mpe tseo malumeli a li etsang. Kahoo, ho ka ba molemo hore u qale ka ho botsa motho lipotso, ha le buisana ka hore na lintho tse phelang li bile teng joang. Mo botse hore na maikutlo a hae ke afe tabeng eo. Haeba u na le temoho ’me u ikemiselitse ho mamela, motho eo a ka ’na a khetha ho u mamela le eena. Empa haeba motho a u soma ka seo u se lumelang, u ka ’na oa re a hlalose hore na li bile teng joang haeba ha ho na ’Mopi. E le hore ntho e tsoele pele e phela, e lokela ho ikatisa, e hlahise ea mofuta oa habo eona. Moprofesa e mong oa k’hemistri o re: “Ke tsota esita le kamoo lintho tse nyenyane tse phelang li rarahaneng kateng.” w16.09 4:12, 13
Sontaha, la 16 September
Ba ile ba hlokofatsoa hobane ba ne ba ke ke ba amohela tokollo ka thekollo e itseng, e le hore ba ka fihlela tsoho e molemo.—Baheb. 11:35.
Le hoja re ke ke ra tiisa hore na Pauluse o ne a nahanne ka bo-mang, ba bang ba kang Nabothe le Zakaria, ba ile ba tlepetsoa ka majoe hobane ba mamela Molimo ’me ba etsa thato ea hae. (1 Mar. 21:3, 15; 2 Likron. 24:20, 21) Daniele le metsoalle ea hae ba ne ba e-na le monyetla oa ho “amohela tokollo” haeba ba ne ba ka koeneha. Empa ho e-na le hoo, tumelo ea bona ho Molimo e ile ea etsa hore ba lule ba tiile, ’me ba khone ho “thiba melomo ea litau” le ho “thiba matla a mollo.” (Baheb. 11:33, 34; Dan. 3:16-18, 20, 28; 6:13, 16, 21-23) Baprofeta ba bang ba kang Mikaia le Jeremia “ba ile ba amohela teko ea bona ka litšomo . . . le lichankana” ka lebaka la tumelo ea bona. Ha ba bang ba kang Elia, “ba ile ba lelera mahoatateng le lithabeng le mahaheng le maphaong a lefatše.” Kaofela ha bona ba ile ba mamella liteko tseo hobane ba ne ba e-na le “tebello e tiisitsoeng ea lintho tseo ho nang le tšepo bakeng sa tsona.”—Baheb. 11:1, 36-38; 1 Mar. 18:13; 22:24-27; Jer. 20:1, 2; 28:10, 11; 32:2. w16.10 3:10, 11
Mantaha, la 17 September
Ka ho ikokobetsa kelellong le nka hore ba bang ba le phahametse.—Bafil. 2:3.
Re ka bontša batho ba litso tse ling mosa ha ba tlile Holong ea ’Muso ka hore re ba lumelise ka mofuthu. Mohlomong re hlokometse hore hangata ha batho ba fihla sebakeng ba ba lihlong ’me ba itšehla thajana. Ka lebaka la tsela eo ba holisitsoeng ka eona kapa maemo a bona a bophelo, ba ka ’na ba nka hore batho ba morabe kapa ba setso se seng ba ba phahametse. Kahoo, re lokela ho ba tšoara ka mosa le ho bontša hore rea ba thahasella. Haeba Lenaneo la ho Ithuta Puo la JW le fumaneha ka puo ea heno, u ka ithuta ho ba lumelisa ka puo ea bona. (Bafil. 2:4) Mohlomong u thatafalloa ho buisana le batho ba litso tse ling. Ho hlola bothata boo, u ka ’na ua ba bolella ho hong ka uena. Ha nako e ntse e ea, u ka ’na oa hlokomela hore ho na le lintho tse ngata tseo le tšoanang ka tsona le hore setso se seng le seng se na le makhabane le mathata a sona. w16.10 1:13, 14
Labobeli, la 18 September
Bohlola bo tlalehoa har’a lōna, ’me bohlola bo joalo e se bo teng leha e le har’a lichaba.—1 Bakor. 5:1.
Re ka thusa ho boloka phutheho e hloekile ka hore re latele tataiso e ka Lentsoeng la Molimo. Nahana ka boemo bo neng bo le teng phuthehong ea Korinthe ea boholo-holo. Pauluse o ne a ikitlaellelitse ho bolela litaba tse molemo motseng oo ’me a rata ‘bahalaleli-’moho le eena.’ (1 Bakor. 1:1, 2) E tlameha ebe o ile a utloa bohloko haholo ha a tlameha ho khalemela phutheho eo ka boitšoaro bo bobe ba ho kopanela liphate, kaha e ne e bo lumeletse. Pauluse o ile a re baholo ba nehelane ka motho ea joalo ho Satane, ka mantsoe a mang, ba mo khaole. Ba ne ba lokela ho tlosa “tomoso” eo, e le hore phutheho e lule e hloekile. (1 Bakor. 5:5-7, 12) Ha re tšehetsa qeto ea baholo ea ho khaola mofosi ea sa bakeng, re tla thusa ho boloka phutheho e hloekile ’me mohlomong re be re susumetse mofosi hore a bake ’me a kope Jehova hore a mo tšoarele. w16.11 2:14
Laboraro, la 19 September
Haeba ho e-na le lentsoe leha e le lefe la khothatso bakeng sa batho, le le bolele.—Lik. 13:15.
Ha motho a khothatsoa, seo se mo fa matla. Rubén o re: “Ke qetile lilemo tse ngata ke ikutloa ke se na thuso. Empa ka le leng ke ne ke le tšebeletsong ea tšimo le mor’abo rona e mong oa moholo ea ileng a hlokomela hore ke sulafaletsoe. O ile a ’mamela ka kutloelo-bohloko ha ke mo hlalosetsa maikutlo a ka. ’Me a nkhopotsa lintho tse ntle tseo ke li etsang. A boela a nkhopotsa hore Jesu o itse e mong le e mong oa rona ke oa bohlokoa ho feta lirobele tse ngata. Ke lula ke nahana ka temana eo, ’me e nkama maikutlo. Mantsoe a moholo eo a ile a nkhothatsa haholo.” (Mat. 10:31) Ha ho makatse hore ebe Bibele e re eletsa hore re lule re khothatsana. Moapostola Pauluse o ile a ngolla Bakreste ba Baheberu a re: “Empa le ’ne le eletsane [kapa le khothatsane] letsatsi ka leng, . . . esere leha e le mang oa lōna a ka thatafatsoa ke matla a thetsang a sebe.” (Baheb. 3:13) Ha u hopola kamoo mantsoe a khothatsang a ileng a u matlafatsa kateng, u tla elelloa hore keletso ena ea hore re khothatsane, ke ea bohlokoa. w16.11 1:2, 3
Labone, la 20 September
Ho tla hlaha batho ’me ba bue lintho tse sothehileng hore ba ikhulele barutuoa ka mor’a bona.—Lik. 20:30.
Ka selemo sa 313, Moemphera oa Moroma ea bitsoang Constantine eo e neng e le mohetene, o ile a amohela Bokreste bona ba bokoenehi ka molao. Ka mor’a Seboka sa Nicaea, Constantine o ile a laela hore Arius a lelekoe naheng kaha o ne a hana ho lumela hore Jesu ke Molimo. Hamorao, pusong ea Moemphera Theodosius I (379-395), Kereke e K’hatholike e ile ea e-ba bolumeli bo ka sehloohong ’Musong oa Roma. Bo-rahistori ba re Roma e ile ea e-ba “naha ea Bokreste” lekholong la bone la lilemo. Empa ’nete ke hore ka nako eo, Bokreste bona ba bohata bo ne bo ikopantse le mekhatlo ea bohetene ea ’Muso oa Roma e le litho tsa Babylona e Moholo. Leha ho le joalo, Bakreste ba seng bakae ba tlotsitsoeng ba ne ba etsa sohle se matleng a bona ho rapela Molimo.—Mat. 13:24, 25, 37-39. w16.11 4:8, 9
Labohlano, la 21 September
[Lahlelang] matšoenyeho ’ohle a lōna ho [Jehova], hobane oa le tsotella.—1 Pet. 5:7.
Re phela mehleng e thata. Satane Diabolose o halefile haholo ’me “o tsamaea joaloka tau e purumang, e batlang ho harola e mong.” (1 Pet. 5:8; Tšen. 12:17) Kahoo, ha ho makatse hore le hoja re le bahlanka ba Molimo, ka linako tse ling re ka tšoenyeha. Esita le bahlanka ba Molimo ba tšepahalang ba nakong e fetileng ba ile ba tšoenyeha. Mohlala, ka lekhetlo le leng Davida o ile a tšoenyeha. (Pes. 13:2) Hopola hape hore le moapostola Pauluse, o ile a “tšoenyeha ka liphutheho.” (2 Bakor. 11:28) Empa re lokela ho etsa’ng haeba re tšoenyehile? Ntate oa rona ea lerato ea leholimong, o ile a thusa bahlanka ba hae nakong e fetileng ha ba tšoenyehile, ’me seo se etsa hore le rona re tšepe hore o tla re thusa. Re ka etsa seo joang? Ka ho rapela ho tsoa pelong, ho bala lentsoe la Molimo le ho thuisa ka lona, ho rapella moea o halalelang oa Jehova hammoho le ho bua le motho eo re mo tšepang. w16.12 3:1, 2
Moqebelo, la 22 September
Pheletso ea lintho tseo ke lefu.—Bar. 6:21.
Batho ba Jehova ba ile ba khaotsa ho beha ‘litholoana tseo ba neng ba e-ba le tsona’ pele ba tseba Molimo, ba mo rata le ho mo sebeletsa. Bophelo ba bona ba nakong e fetileng bo ne bo akarelletsa lintho tseo hona joale ba leng “lihlong ka tsona” kaha pheletso ea lintho tseo ke lefu. (Bar. 6:21) Kahoo, ba ile ba fetoha. Ho ile ha e-ba joalo le ka Bakreste ba bangata ba Korinthe bao Pauluse a ileng a ba ngolla. Ba bang e ne e le barapeli ba litšoantšo, lihlola, banna ba robalang le banna, masholu, matahoa, joalo-joalo. Empa ba ile ba ‘hlatsuoa’ ’me ba ‘halaletsoa.’ (1 Bakor. 6:9-11) Mohlomong ho ile ha e-ba joalo le ka ba bang ka phuthehong ea Roma. Pauluse o ile a bululeloa hore a re ho bona: “Kapa la tsoela pele le hlahisa litho tsa lōna ho sebe e le lihlomo tsa ho se loke, empa le itlhahise ho Molimo le le ba phelang ho tsoa bafung, ’me le hlahise litho tsa lōna ho Molimo e le lihlomo tsa ho loka.” (Bar. 6:13) Pauluse o ne a kholisehile hore ba ka lula ba e-na le kamano e ntle le Molimo ’me ba tsoela pele ba rua molemo moseng oa Molimo. w16.12 1:13
Sontaha, la 23 September
Tšepa Jehova.—Pes. 37:3.
Jehova o bopile batho ba e-na le bokhoni bo hlollang. O re file bokhoni ba ho nahana e le hore re rarolle mathata le ho nahana ka bokamoso. (Liprov. 2:11) O re file matla a ho phethahatsa merero ea rona, e leng se re thusang ho finyella seo re batlang ho se etsa. (Bafil. 2:13) O boetse o re file letsoalo le re thusang ho khetholla se nepahetseng ho se fosahetseng, e le hore re qobe liphoso kapa re li lokise haeba re ile ra fosa. (Bar. 2:15) Ka Bibeleng, Jehova o re khothatsa ka makhetlo a mangata hore re sebelise limpho tsena hantle. Ka mohlala, Mangolo a Seheberu a re: “Merero ea ea khothetseng e tlisa molemo.” A phaella ka ho re: “Sohle seo letsoho la hao le fumanang hore le ka se etsa, o se etse ka matla a hao [’ohle].” (Liprov. 21:5; Moek. 9:10) Athe Mangolo a Segerike ona a re: “Hafeela re sa na le nako e loketseng, a re sebetseng se molemo ho bohle.” A boetse a re: “Ka tekanyo eo e mong le e mong a amohetseng mpho ka eona, le e sebelise ho sebeletsaneng.” (Bagal. 6:10; 1 Pet. 4:10) Ho hlakile hore Jehova o batla hore re etse lintho tse tsoelang rona le ba bang molemo. w17.01 1:1, 2
Mantaha, la 24 September
Lintho tsena li ile tsa tsoela pele ho ba hlahela e le mehlala, ’me li ile tsa ngoloa hore e be temoso ho rōna bao bofelo ba litsamaiso tsa lintho bo ba fihletseng.—1 Bakor. 10:11.
Ka lebaka la ho se mamele ha Adama le Eva, bana bohle ba bona ba ile ba futsa sebe le lefu. Empa ba ile ba tsoela pele ba e-na le bolokolohi ba ho ikhethela. Sena se bonahala tseleng eo Molimo a ileng a sebelisana le Baiseraele ka eona. Jehova o ile a ba fa bolokolohi ba hore ba khethe hore na e tla ba sechaba sa hae se khethehileng kapa che. (Ex. 19:3-6) Ba ile ba arabela joang? Ba ile ba khetha ho mamela melao eo Molimo a ba fileng eona, eaba ba bua ka tumellano ba re: “Sohle seo Jehova a se buileng re ikemiselitse ho se etsa.” (Ex. 19:8) Ka masoabi, ha nako e ntse e-ea, ba ile ba sebelisa bolokolohi ba bona hampe, eaba ba tlola molao oa Molimo. A re ithuteng mohlaleng ona, ’me kamehla re sebelise bolokolohi ba ho ikhethela hantle, ka hore re itšetlehe ka Jehova le ho mamela melao ea hae. w17.01 2:9
Labobeli, la 25 September
U inyenyefatse ha u tsamaea le Molimo oa hao.—Mik. 6:8.
Nakong ea puso ea Morena oa Iseraele oa mokoenehi e leng Jeroboame, Jehova o ile a romela moprofeta ea tsoang Juda ho isa molaetsa oa kahlolo ho eena. Moprofeta eo o ile a fela a fetisa molaetsa oa Molimo, ’me Jehova a mo sireletsa khahlanong le bohale ba Jeroboame. (1 Mar. 13:1-10) Ha a khutlela lapeng, o ile a kopana le monna-moholo e mong ea tsoang Bethele. Monna-moholo eo o ile a ipolela hore ke moprofeta oa Jehova. O ile a khelosa moprofeta oa Jehova hore a se ke a mamela taelo eo a neng a e filoe ea hore a se ke ‘a ja bohobe kapa a noa metsi moo, le ho re a se ke a khutla ka tsela eo a tlileng ka eona.’ Jehova ha aa ka a thabela seo. Hamorao, ha moprofeta eo oa Jehova a se a khutlela lapeng, o ile a kopana le tau ’me ea mo bolaea. (1 Mar. 13:11-24) Ke hobane’ng ha moprofeta eo oa Molimo ea neng a tšepahala a ile a tsamaea le monna-moholo eo ea bolotsana? Bibele ha e bolele. E ka ’na eaba o ne a lebetse hore o lokela ho ‘inyenyefatsa ha a tsamaea le Molimo oa hae.’ w17.01 4:1-3
Laboraro, la 26 September
Ke o boletse; ke tla boela ke o tlise. Ke o entse, ke tla boela ke o phethe.—Esa. 46:11.
Mantsoe a qalang ka Bibeleng a re’ng: “Tšimolohong Molimo o ile a bōpa maholimo le lefatše” a bonolo empa ke a bohlokoa. (Gen. 1:1) Ke ’nete hore re na le tsebo e seng kae ka lintho tseo Molimo a li bopileng, joaloka sepakapaka, khanya le khoheli ’me re se re bone karolo e nyenyane feela ea bokahohle. (Moek. 3:11) Leha ho le joalo, Jehova o entse hore re tsebe seo a se rerileng ka lefatše le ka batho. Molimo o ile a bopa batho ka setšoantšo sa hae ’me a etsa hore lefatše e be lehae le letle bakeng sa bona. (Gen. 1:26) E ne e tla ba bana ba hae ’me Jehova e be Ntate oa bona. Joalokaha ho hlalositsoe ho Genese khaolo ea boraro, morero oa Jehova o ile oa sitisoa. (Gen. 3:1-7) Leha ho le joalo, tšitiso eo e ne e ke ke ea hlola Jehova kaha ha ho na ea ka emang ka pel’a hae. (Esa. 46:10; 55:11) Kahoo, re ka kholiseha hore seo Jehova a neng a se rerile se tla fela se phethahale hantle ka nako eo a e behileng. w17.02 1:1, 2
Labone, la 27 September
O hokae Ea kentseng moea oa Hae o halalelang ka hare ho [Moshe]?—Esa. 63:11.
Kaha moea o halalelang ke matla a sa bonahaleng, Baiseraele ba ne ba tla thusoa ke’ng hore ba bone hore ke oona o thusang Moshe? Moea o halalelang o ile oa thusa Moshe hore a etse mehlolo le hore a tsebahatse lebitso la Molimo ho Faro. (Ex. 7:1-3) Moea o halalelang o ile oa thusa Moshe hore a be le lerato, boikokobetso le mamello ’me oa mo thusa le ho etella pele Baiseraele. Ho ne ho bonahala ka ho hlakileng hore Jehova o ne a khethile Moshe hore e be moeta-pele oa batho ba Hae. Hamorao, moea o halalelang oa Jehova o ile oa matlafatsa banna ba bang bao a ileng a ba khetha ho etella batho ba hae pele. “Joshua mora oa Nune o ne a tletse moea oa bohlale.” (Deut. 34:9) “Moea oa Jehova oa aparela Gideone.” (Baahl. 6:34) “Moea oa Jehova oa qala ho sebetsa ho Davida.” (1 Sam. 16:13) Banna bao kaofela ba ne ba tšepile moea oa Molimo hore o ba thuse ’me moea oo o ile oa etsa hore ba etse lintho tseo ba neng ba ke ke ba khona ho li etsa ka matla a bona.—Josh. 11:16, 17; Baahl. 7:7, 22; 1 Sam. 17:37, 50. w17.02 3:3-5
Labohlano, la 28 September
Eseng hore re laola tumelo ea lōna, empa re basebetsi-’moho bakeng sa thabo ea lōna, kaha ke ka tumelo ea lōna le emeng.—2 Bakor. 1:24.
Pauluse o re behetse mohlala o motle haholo tabeng ea ho hlompha tokelo ea ba bang ea ho iketsetsa liqeto. Baholo ba lokela ho etsisa Pauluse ha ba eletsa Bakreste-’moho le bona. Le hoja ba arolelana molaetsa oa Bibele le bona, ha baa lokela ho ba etsetsa liqeto. Lebaka ke hore mora kapa morali’abo rona ke eena ea tla khola litholoana tsa ho etsa qeto eo. Ntlha ea bohlokoa ke ena: Re ka bontša motho hore na keletso ea Bibele e ka mo thusa joang boemong boo a leng ho bona. Leha ho le joalo, motho eo ke eena ea lokelang ho iketsetsa qeto. Ha ba etsa liqeto ka bohlale, ba tla rua molemo. Kahoo, rea hlokomela hore ha rea lokela ho etsetsa Bakreste-’moho le rona liqeto. w17.03 2:11
Moqebelo, la 29 September
Mamelang ba etellang pele har’a lōna ’me le ipehe tlaase.—Baheb. 13:17.
Lekhoba le tšepahalang le bontšitse tumelo e matla ka ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso ka cheseho. Na u e mong oa linku tse ling ea tšehetsang batlotsuoa mosebetsing oo oa bohlokoa? Haeba ho joalo u tla thaba hakaakang ha u utloa Moeta-pele oa hao Jesu, a re: “Ho isa tekanyong eo ho eona le ileng la ho etsa ho e mong oa ba banyenyane oa bana barab’eso, le ile la ho etsa ho ’na.” (Mat. 25:34-40) Jesu ha aa ka a lahla balateli ba hae ha a khutlela leholimong. (Mat. 28:20) O ne a tseba hore moea o halalelang, mangeloi le Lentsoe la Molimo li ile tsa mo thusa ho etella pele batho ba Molimo ha a ntse a le lefatšeng. Kahoo, le eena ka ho tšoanang o thusa lekhoba le tšepahalang. Barab’abo rona ba batlotsuoa “ba ntse ba latela Konyana ho sa tsotellehe hore na e ea hokae.” (Tšen. 14:4) Ha re latela tataiso ea bona, re tla be re latela Moeta-pele oa rona Jesu. ’Me o tla re tataisetsa bophelong bo sa feleng. (Tšen. 7:14-17) Ha ho moeta-pele leha e le ofe ea ka re tšepisang seo. w17.02 4:17-19
Sontaha, la 30 September
Rōlela tsela ea hao ho Jehova. U itšetlehe ka eena, ’me o tla nka bohato.—Pes. 37:5.
Re bona bohlokoa ba ho tšepa Jehova nakong eo re tobanang le mathata a boima. Empa re etsa’ng nakong eo re tobanang le mathata a manyenyane bophelong? Na re tšepa bohlale ba rona ha re sebetsana le oona? Kapa re sheba likeletso tse hlahang ka Bibeleng, ho bontša hore re tšepa Jehova? Mohlala, ka nako e ’ngoe ba lelapa ba ka ’na ba u hanela ho ea libokeng kapa likopanong. U ka kopa Jehova hore a u thuse ho sebetsana le bothata boo. Kapa u ka etsa’ng haeba u lahleheloa ke mosebetsi ’me u thatafalloa ke ho fumana o mong? Haeba u ka buisana le mookameli ea u hirang, na u tla mo tsebisa hore u lokela ho ea libokeng beke e ’ngoe le e ’ngoe? Ho sa tsotellehe mathata a rona re lokela ho hopola mantsoe a mopesaleme a hlahang temaneng ea kajeno. w17.03 4:6