October
Mantaha, la 1 October
O tla khotsofatsa takatso ea ba mo tšabang. O tla utloa mohoo oa bona o kōpang thuso, ’me o tla ba pholosa.—Pes. 145:19.
Jehova ke “Molimo ea fanang ka mamello le matšeliso.” (Bar. 15:5) Ke eena feela ea utloisisang boemo ba rona le tsela eo re ikutloang ka eona. Kahoo, o tseba hantle seo re se hlokang e le hore re mamelle. Molimo o araba lithapelo tsa rona joang ha re mo kopa hore a re fe matla a ho mamella? Jehova o tšepisa ho re ‘bulela tsela ea ho tsoa,’ ha re mo kopa hore a re thuse ho mamella. (1 Bakor. 10:13) O re bulela tsela joang? Ka linako tse ling a ka ’na a tlosa teko e re tobileng. Empa maemong a mangata, o re fa matla e le hore ‘re mamelle ka botlalo ’me re tiisetse ka thabo.’(Bakol. 1:11) Kaha Jehova o tseba moo matla a rona a fellang teng, a ke ke a re lumella hore re be boemong bo thata hoo re ke keng ra khona ho lula re tšepahala ho eena. w16.04 2:5, 6
Labobeli, la 2 October
Le lefe Cesare lintho tsa Cesare, empa le lefe Molimo lintho tsa Molimo.—Mat. 22:21.
Bibele e re re lokela ho mamela babusi ba lefatše, empa e boetse e re re lokela ho mamela Molimo ka linako tsohle. (Lik. 5:29; Tite 3:1) Re ka etsa see joang? Jesu o ile a fana ka molao-motheo o re thusang ho tseba hore na re lokela ho mamela mang ha a bua mantsoe a hlahang temaneng ea letsatsing lena. Re lefa “Cesare lintho tsa Cesare” ha re mamela melao ea naha, re hlompha ba boholong pusong re bile re lefa lekhetho. (Bar. 13:7) Empa ha ba boholong ba re laela ho etsa ntho eo Molimo a sa e rateng, ka boikokobetso re hana ho e etsa. Ha re kenelle le ho nka lehlakore lipolotiking tsa lefatše lena. (Esa. 2:4) Kaha ke Jehova ea lumeletseng mebuso ea batho hore e buse, ha re e hanyetse. Re boetse ha re kenelle nthong leha e le efe e nang le bochaba. (Bar. 13:1, 2) Ha re leke ho fetola mebuso kapa ho susumetsa bo-ralipolotiki, ebile ha re ee likhethong kapa hona ho ba bo-nkhetheng. w16.04 4:1, 2
Laboraro, la 3 October
Ho uena a be feela joaloka motho oa lichaba.—Mat. 18:17.
Hangata liqabang tse bang teng pakeng tsa Bakreste ke tseo ba ka li rarollang ka bobona, e leng seo ba lokelang ho se etsa. Leha ho le joalo, ka linako tse ling sena ha se khonehe. Liqabang tse ling li ka hloka hore ba kope thuso ho ba bang. (Mat. 18:15-17) “Sebe” seo Jesu a neng a bua ka sona litemaneng tsena ha se ho qoaketsana ho honyenyane ho ka bang teng lipakeng tsa Bakreste. Re tseba seo joang? Jesu o ile a re haeba moetsalibe a sa bake ka mor’a hore u buisane le eena, u mo bitsetse lipaki le banna ba baholo, le lokela ho mo nka “joaloka motho oa lichaba le joaloka ’mokelli oa lekhetho.” Kajeno, sena se bolela hore o lokela ho khaoloa. “Sebe” seo a neng a bua ka sona se akareletsa lintho tse kang bolotsana kapa ho etselletsa. w16.05 1:14
Labone, la 4 October
Le tsoele pele ho lemoha seo thato ea Jehova e leng sona.—Baef. 5:17.
Bibele ha e re fe melao bakeng sa ntho e ’ngoe le e ’ngoe bophelong. Ka mohlala, ka Bibeleng ha ho na melao e tobileng ea hore na re apare joang. Sena se bontša hore Jehova o bohlale. Le hoja batho lefatšeng ka bophara ba apara ka litsela tse sa tšoaneng ’me le lintho tsa feshene li lula li fetoha, Bibele eona ha e tsoe fesheneng. Hape, ha e na letoto la melao e buang ka mesebetsi kapa boithabiso boo re lokelang ho bo khetha, kapa melao ea seo re lokelang ho se etsa e le hore re lule re phetse hantle ’meleng. Jehova o file batho ka bomong le malapa bolokolohi ba hore ba iketsetse liqeto linthong tsena. Re ka etsa liqeto tse nepahetseng joang tabeng eo Bibele e sa re bolelleng ka ho toba hore na re etse’ng? Ho e-na le ho etsa seo re se batlang feela, re lokela ho nahana ka ho teba ka boemo ba rona ’me re etse liqeto tse tla thabisa Jehova.—Pes. 37:5. w16.05 3:2, 6
Labohlano, la 5 October
Ha lea ka la le amohela e le lentsoe la batho, empa, feela joalokaha kannete le le joalo, e le lentsoe la Molimo.—1 Bathes. 2:13.
Boholo ba rona re na le likarolo tseo re li ratang ka Bibeleng. Ba bang ba rata Likosepele kaha li bontša kamoo Jesu a ileng a bonahatsa botho bo babatsehang ba Jehova kateng. (Joh. 14:9) Ba bang ba rata libuka tsa boprofeta tse kang ea Tšenolo, kaha li re bontša “lintho tse tla etsahala haufinyane.” (Tšen. 1:1) Ba bang ba khothatsoa ke ho bala Lipesaleme ’me ba bang bona ba thabela ho bala likeletso tse bohlale tse bukeng ea Liproverbia. Kahoo, ho hlakile hore Bibele ke buka ea batho bohle. Kaha re rata Bibele, re boetse re rata lingoliloeng tsa rona tse thehiloeng Lentsoeng la Molimo. Libuka, libukana, limakasine le lingoliloeng tse ling tsa rona ke litokisetso tse tsoang ho Jehova. Li re thusa ho ba le kamano e ntle le eena le ho lula re e-na le tumelo e matla.—Tite 2:2. w16.05 5:1-3
Moqebelo, la 6 October
Ka lehlakoreng le leng, litholoana tsa moea ke lerato, thabo, khotso, tiisetso, mosa, molemo, tumelo, bonolo, boitšoaro. Ha ho molao o khahlanong le lintho tse joalo.—Bagal. 5:22, 23.
Moea o halalelang o ka re bopa ka litsela tse sa tšoaneng. Ka mohlala, o ka re thusa ho etsisa botho ba Jesu le ho bonahatsa litšobotsi tse sa tšoaneng tsa tholoana ea moea. Karolo e ’ngoe ea tholoana eo ke lerato. Re rata Molimo ’me re batla ho mo mamela le ho boptjoa ke eena, kaha rea tseba hore melao ea hae e molemong oa rona. Ho phaella moo, moea o halalelang o ka re fa matla a ho qoba ho susumetsoa ke lefatše lena le khopo. (Baef. 2:2) Ha moapostola Pauluse e sa le mocha, o ile a susumetsoa ke baruti ba Bajuda ba ikhohomosang. Empa moea o halalelang o ile oa mo thusa ho fetoha. Hamorao o ile a ngola a re: “Bakeng sa lintho tsohle ke na le matla ka lebaka la ea mphang bonatla.” (Bafil. 4:13) Le rona re lokela ho kopa Jehova hore a re fe moea o halalelang, re kholisehile hore o tla arabela lithapelo tsa rona.—Pes. 10:17. w16.06 1:12
Sontaha, la 7 October
Jehova, Molimo oa rōna, ua tšoaneleha ho amohela khanya le tlhompho.—Tšen. 4:11.
Jehova ke eena feela Molimo oa rona. Re bontša hore re inehetse ho eena ka ho feletseng ha re rapela eena feela. Ha rea lokela ho rapela melimo e meng kapa ra kenyelletsa litloaelo kapa mekhoa leha e le efe e fosahetseng borapeling ba rona ho Jehova. Ha se Molimo feela ea phahametseng melimo e meng kapa ea matla ho e feta. Ke Molimo oa ’nete. Re lokela ho rapela Jehova feela. Haeba re batla ho inehela ho eena ka ho feletseng, ha rea lokela ho etelletsa lintho tse ling pele. Ke lintho life tse ling tse ka ’nang tsa re sitisa? Melaong e Leshome, Jehova o ile a re batho ba hae ha baa lokela ho rapela melimo e meng. Ha baa lokela ho rapela litšoantšo leha e le life. (Deut. 5:6-10) Kajeno, ho na le mefuta e mengata ea borapeli ba litšoantšo ’me e meng ha e bonahale habonolo. Empa melao ea Jehova e ntse e e-s’o fetohe. E ntse e le “Jehova a le mong.”—Mar. 12:29. w16.06 3:10, 12
Mantaha, la 8 October
Haeba le tšoarela batho litšito tsa bona, Ntat’a lōna oa leholimo le eena o tla le tšoarela.—Mat. 6:14.
Ha Petrose a ne a botsa Jesu hore na re lokela ho tšoarela ba bang “ho fihlela makhetlong a supileng,” Jesu o ile a re: “Ke re ho uena, eseng, ho fihlela makhetlong a supileng, empa, ho fihlela makhetlong a mashome a supileng a metso e supileng.” Jesu o re rutile hore re lokela ho ikemisetsa ho tšoarela ba bang. (Mat. 6:15; 18:21, 22) Hopola hore le uena u ka ’na oa siteloa ba bang, kaha kaofela re etsa liphoso. Kahoo, latela keletso ea Bibele ha u hlokomela hore u sitetsoe motho e mong. Kopa tšoarelo ’me u leke ho bopa khotso. (Mat. 5:23, 24) Rea thaba ha ba bang ba re tšoarela. Le rona re lokela ho ba tšoarela. (1 Bakor. 13:5; Bakol. 3:13) Haeba re ba tšoarela, le rona Jehova o tla re tšoarela. Kahoo, ha ba bang ba re fosetsa, e se eka re ka ba bontša mosa, feela joalokaha Ntate oa rona Jehova a re bontša mosa.—Pes. 103:12-14. w16.06 4:15, 17
Labobeli, la 9 October
Etsoe ha ke lihlong ka litaba tse molemo; ha e le hantle, ke matla a Molimo a poloko ho e mong le e mong ea nang le tumelo.—Bar. 1:16.
Nakong ena ea bofelo, bahlanka ba Jehova ba laetsoe hore ba bolele ‘litaba tse molemo tsa ’muso lefatšeng lohle leo ho ahiloeng ho lona, hore e be bopaki ho lichaba tsohle.’ (Mat. 24:14) Molaetsa oo re o phatlalatsang o boetse o bitsoa “litaba tse molemo tsa mosa o sa tšoanelang oa Molimo,” hobane litlhohonolofatso tseo re tla li fumana pusong ea Kreste li tla ba teng ka lebaka la mosa oa Jehova. (Baef. 1:3) Na le rona re ananela mosa o sa tšoanelang oa Jehova joaloka Pauluse ka hore re bolele litaba tse molemo ka cheseho? (Bar. 1:14, 15) Le hoja re le baetsalibe, re rua molemo haholo ka hore ebe Jehova o re bontšitse mosa oa hae o sa tšoanelang. Kahoo re lokela ho etsa sohle seo re ka se khonang ho thusa batho ba bang hore ba tsebe kamoo Jehova a ba ratang kateng, le hore na lerato leo le ka ba tsoela molemo joang. w16.07 4:4, 5
Laboraro, la 10 October
Le lōna, le lule le lokile, hobane Mor’a motho o tla ka hora eo le sa nahaneng hore e ka ba eona.—Luka 12:40.
Nakoana pele Jesu a bolaoa, o ile a lemosa barutuoa ba hae ka makhetlo a mararo hore ba ele hloko “’musi oa lefatše lena.” (Joh. 12:31; 14:30; 16:11) Jesu o ne a tseba hore Diabolose o tla foufatsa likelello tsa batho e le hore ba se ke ba lemoha hore seo Molimo a se profetileng se haufi le ho phethahala. (Sof. 1:14) Satane o sebelisa bolumeli ba bohata ho foufatsa batho likelello. U hlokometse eng ha u ntse u buisana le batho tšimong? Na ha se ’nete hore Diabolose o se a ntse ‘a foufalitse likelello tsa ba sa lumelang,’ hore ba se ka ba lumela hore bofelo ba tsamaiso ena ea lintho boa tla le hore Kreste o se a ntse a busa ’Musong oa Molimo? (2 Bakor. 4:3-6) Batho ba bangata ha ba mamele ha re ba bolella ka bofelo ba lefatše lena. U se ke oa khaotsa ho lula u lebetse hobane feela ba bang ba sa mamele molaetsa oa rona. Oa tseba hore bofelo boa tla.w16.07 2:11, 12
Labone, la 11 October
E mong le e mong oa lōna ka bomong a ke a rate mosali oa hae joalokaha a ithata; . . . mosali o lokela ho ba le tlhompho e tebileng ho monna oa hae.—Baef. 5:33.
Monyali le monyaluoa baa thaba ha ba bonana ka letsatsi la bona la lenyalo. Lentsoe la Molimo le fana ka keletso e bohlale ho bohle ba khethang ho kena lenyalong hobane Moqapi ea lerato oa lenyalo o batla hore ba atlehe ba be ba thabe. (Liprov. 18:22) Leha ho le joalo, Mangolo a re bolella ka ho hlaka hore ba kenang lenyalong “ba tla ba le matšoenyeho nameng.” (1 Bakor. 7:28) Ba ka etsa’ng ho fokotsa matšoenyeho aa? Hona banyalani ba Bakreste ba ka etsa’ng hore ba atlehise lenyalo la bona? Bibele e bontša hore lerato ke la bohlokoa. Banyalani ba lokela ho ba le lerato le mofuthu (e leng phi·liʹa ka Segerike). Lerato la maikutlo (e leng eʹros) lea khatholla ’me ha bana ba ba teng ho hlokahala hore litho tsa lelapa li ratane (e leng stor·geʹ). Empa lerato le thehiloeng melao-motheong (e leng a·gaʹpe) ke lona le atlehisang lenyalo. w16.08 2:1, 2
Labohlano, la 12 October
Ikele hloko kamehla ’me u ele hloko le ho ruta ha hao.—1 Tim. 4:16.
Timothea e ne e se e ntse e le ’moleli oa litaba tse molemo tsa ’Muso ea nang le phihlelo. Empa tšebeletso ea hae e ne e tla beha litholoana haeba feela a ka ‘ela hloko ho ruta ha hae.’ O ne a sa lokela ho nahana hore batho ba tla mo mamela haeba a bua ka tsela eo a tloaetseng ho bua ka eona. E le hore a tsoele pele a ba finyella pelo, o ne a lokela ho ruta ka tsela e lumellanang le maemo a bona. Le rona re lokela ho etsa se tšoanang. Hangata re fumana batho ba le sieo malapeng ha re ea ka ntlo le ntlo. Libakeng tse ling ha re khone ho kena hobane li kampetsoe. Haeba tšimong ea heno le thulana le mathata ao, ke hobane’ng ha le sa sebelise mekhoa e meng ea ho paka? Tsela e ’ngoe e atlehang ea ho bolela litaba tse molemo ke ea ho paka phatlalatsa. Lipaki tse ngata tse sebelisang mokhoa ona li atleha haholo. Li ipha nako ea ho buisana le batho seteisheneng sa terene, sa libese, limmarakeng le liphakeng, hammoho le libakeng tse ling tse sephethephethe. w16.08 3:14-16
Moqebelo, la 13 October
Otlollang matsoho a lepeletseng le mangole a tšeremang.—Baheb. 12:12.
Jehova o re file bara le barali babo rona ba tsotellang ba ka re khothatsang. (Baheb. 12:12, 13) Ba bangata lekholong la pele la lilemo ba ile ba fumana thuso ea mofuta oo. Ho joalo le kajeno. Re lokela ho etsa’ng? Arone le Hure ba ile ba tšehetsa matsoho a Moshe nakong ea ntoa. (Ex. 17:8-13) Re ka batla litsela tsa ho tšehetsa le ho thusa ba bang ka phuthehong. Re ka thusa bo-mang? Re ka thusa ba seng ba holile, ba kulang, ba hanyetsoang ke ba malapa, ba jeoang ke bolutu kapa ba shoetsoeng ke baratuoa ba bona. Re ka boetse ra matlafatsa bacha bao lefatše le ba susumeletsang hore ba etse lintho tse fosahetseng kapa ba hahamalle thuto e phahameng haesita le maruo. (1 Bathes. 3:1-3; 5:11, 14) Batla litsela tseo u ka bontšang ba bang hore u ba thahasella e le kannete ha le le Holong ea ’Muso, tšebeletsong ea tšimo, ha le le lijong kapa ha le ntse le buisana ka fono. w16.09 1:13, 14
Sontaha, la 14 October
Le etse lintho tsohle bakeng sa thoriso ea Molimo.—1 Bakor. 10:31.
Re tlameha ho apara ka tsela e fang molaetsa oo re o phatlalatsang seriti le e tlotlisang Jehova kaha re hlompha Molimo oa rona ea halalelang, bara le baralib’abo rona haesita le batho bao re ba pakelang. (Bar. 13:8-10) Sena ke sa bohlokoa le ho feta ha re le tšebeletsong ea Bokreste, joalokaha re ea libokeng le tšimong. Re lokela ho apara “ka tsela e tšoanelang [batho] ba ipolelang hore ba fa Molimo tlhompho ea borapeli.” (1 Tim. 2:10) Ke ’nete hore liaparo tse loketseng sebakeng se seng li ka ’na tsa se lokele ho se seng. Kahoo, bahlanka ba Jehova lefatšeng lohle ba nahanela litloaelo tsa sebakeng sa habo bona e le hore ba se khopise batho. Ha re ea kopanong re lokela ho apara ka tsela e loketseng le e hlomphehang ho e-na le ho apara lifeshene tse makatsang tse aparoang kajeno. Re lokela ho apara ka tsela e tla re nolofalletsa ho bolella batho hore re Lipaki Tsa Jehova. Kahoo, re tla lokoloha ho ba pakela ha monyetla o hlaha. w16.09 3:7, 8
Mantaha, la 15 October
Ntlo e ’ngoe le e ’ngoe e hahoa ke motho ea itseng, empa ea hahileng lintho tsohle ke Molimo.—Baheb. 3:4.
Pauluse o ile a sebelisa tsela e ntle ea ho hlalosa taba! Ha ho pelaelo hore lintho tse rarahaneng e tlameha ebe li entsoe ke motho ea bohlale. U ka etsa se tšoanang le ha u buisana le motho ea sa lumeleng Bibele. Mo botse hore na o lumela eng le hore na o thahasella lintlha life. (Liprov. 18:13) Haeba o thahasella saense, a ka ’na a thaba ha u mo bontša hore Bibele e nepahetse ha ho tluoa litabeng tsa saense. Batho ba bang ba ka ’na ba angoa ke ha ba bona hore boprofeta ba Bibele bo nepahetse le hore e tlalehile liketsahalo tsa histori ka nepo. Kapa u ka ’na oa bua ka melao-motheo e re tataisang e ka Bibeleng, joaloka e tlalehiloeng Thutong ea Thabeng. Hopola hore sepheo sa hao ha se ho etsa khang, empa ke ho fana ka bopaki bo kholisang. Kahoo, u lokela ho mamela ka hloko. Botsa lipotso ’me u bue ka tsela e mosa le e nang le tlhompho, haholo-holo ha u buisana le batho ba baholo. Seo se tla ba nolofalletsa ho u mamela. w16.09 4:14-16
Labobeli, la 16 October
Amohelanang.—Bar. 15:7.
U ka thusa batho ba tsoang linaheng tse ling hore ba ikutloe ba phutholohile ka phuthehong ka hore u ipotse, ‘Haeba ke ne ke le naheng e ’ngoe, ke ne ke ka rata ho tšoaroa joang?’ (Mat. 7:12) E-ba le mamello ho ba ntseng ba leka ho ikamahanya le maemo a naheng e ncha. Qalong, re ka ’na ra se ke ra utloisisa hantle tsela eo ba etsang lintho kapa ba nahanang ka eona. Empa ho e-na le ho lebella hore ba ithute setso sa rona, ho ka ba molemo hore re ba amohele ka tsela eo ba leng ka eona. Re ka ’na ra nolofalloa ho sebelisana le batho ba tsoang linaheng tse ling haeba re ithuta ka naha ea habo bona le ka setso sa bona. Nakong ea borapeli ba lelapa, re ka ’na ra etsa lipatlisiso ka batho bao re sa ba tsebeng hantle ka phuthehong kapa tšimong ea rona. Ntho e ’ngoe e ka re thusang ho tloaelana le batho ba litso tse ling ke ho ba memela lijong. Kaha Jehova o “buletse lichaba monyako oa tumelo,” na le rona ha rea lokela ho bulela balichaba “ba amanang le rona tumelong” menyako ea matlo a rona?—Lik. 14:27; Bagal. 6:10; Jobo 31:32. w16.10 1:15, 16
Laboraro, la 17 October
Le nahane ka hloko ka ea mameletseng puo e joalo e hanyetsang ea baetsalibe.—Baheb. 12:3.
Ha Pauluse a qeta ho bua ka banna le basali ba tumelo, o ile a bua ka mohlala o ikhethang ho feta eohle, e leng oa Morena oa rona Jesu Kreste. Baheberu 12:2 e re: “Ka lebaka la thabo e neng e behiloe ka pel’a hae o ile a mamella thupa ea tlhokofatso, a sa natse lihlong, ’me o lutse ka letsohong le letona la terone ea Molimo.” Ha e le hantle, ha re tobana le liteko tse matla, re lokela ‘ho nahana ka hloko’ ka mohlala oa Jesu oa tumelo. Ho tšoana le Jesu, bashoela-tumelo ba kang morutuoa Antipase ba ile ba tšepahala ho isa lefung. (Tšen. 2:13) Ba ile ba putsoa ka hore ba tsosetsoe ho ea phela leholimong, e leng “tsoho e molemo” ho feta eo bahlanka ba Molimo ba boholo-holo ba neng ba e lebeletse. (Baheb. 11:35) Nakoana ka mor’a hore ’Muso o tsoaloe ka 1914, batlotsuoa bohle ba tšepahalang ba robetseng lefung ba ile ba tsosetsoa ho ea phela leholimong moo ba tla busa le Jesu.—Tšen. 20:4. w16.10 3:12
Labone, la 18 October
Le ’ne le eletsane letsatsi ka leng.—Baheb. 3:13.
Batsoali ba bang ha ba babatse bana hobane ba sa ka ba babatsoa ke batsoali ba bona. Basebetsi ba bangata ha ba babatsoe, kahoo ba tletleba ka taba eo. Ho khothatsa motho ho akareletsa ho mo babatsa ka ntho e ntle eo a e entseng. Re ka boetse ra khothatsa ba bang ka ho ba bolella makhabane ao ba nang le ’ona kapa ka ho bua le bona “ka mokhoa o tšelisang.” (1 Bathes. 5:14) Lentsoe la Segerike le atisang ho fetoleloa e le “ho khothatsa” ha e le hantle le bolela “ho phallela motho e mong.” Ha re ntse re sebetsa le bara le baralib’abo rona, re ba le menyetla e mengata ea ho bua lintho tse ka ba khothatsang. (Moek. 4:9, 10) Na ha maemo a lumela, re sebelisa monyetla oo ho bolella ba bang hore na ke hobane’ng ha re ba rata re bile re ba ananela? Pele re araba potso ena, re lokela ho nahanisisa ka maele ana a reng: “Lentsoe le buuoang ka nako ea lona e nepahetseng le molemo hakaakang!”—Liprov. 15:23. w16.11 1:3-5
Labohlano, la 19 October
Bonang! Kamoo ho leng hotle le kamoo ho khahlisang kateng ha bara ba motho ba lula hammoho bonngoeng!—Pes. 133:1.
Molimo o ile a bolela esale pele boemo ba batho ba hae ’me a re: “Ke tla ba beha bonngoeng, joaloka mohlape ka lesakeng.” (Mik. 2:12) Jehova o ile a boela a bolela esale pele ka moprofeta Sofonia, a re: “Ke tla etsa hore lichaba li fetohele puong e hloekileng, e le hore kaofela ha tsona li ipiletse lebitsong la Jehova, e le hore li mo sebeletse ka mahetla a bapileng [kapa, li mo rapele li momahane].” (Sof. 3:9) Ruri ke tlotla ho rapela Jehova re le bonngoeng. Ho hlakile hore keletso e bululetsoeng e ka Lentsoeng la Molimo e ile ea thusa Bakreste ba Korinthe le ba libakeng tse ling hore ba lule ba hloekile, ba e-na le khotso ba bile ba le bonngoeng. (1 Bakor. 1:10; Baef. 4:11-13; 1 Pet. 3:8) Kajeno, morero o babatsehang oa Molimo o phatlalatsoa lefatšeng ka bophara, ka lebaka la boiteko bo etsoang ke barapeli ba Jehova ba momahaneng. w16.11 2:16, 18
Moqebelo, la 20 October
Le . . . “baprista ba marena, sechaba se halalelang, batho bakeng sa letlotlo le khethehileng, e le hore le ka bolela hohle makhabane a hlomphehang” a ea le bitsitseng ho le ntša lefifing.—1 Pet. 2:9.
Qalong ea mehla ena ea rona, batho ba bangata ba ne ba ka ipalla Bibele ka Segerike kapa ka Selatine. Kahoo, ba ne ba khona ho bapisa lithuto tse ka Lentsoeng la Molimo le tseo kereke e li rutang. Ba bang ka lebaka la seo ba se balileng ka Bibeleng, ba ile ba lahla esita le ho hanyetsa lithuto tseo e seng tsa Mangolo tseo kereke e neng e li ruta, le hoja ho etsa joalo ho ne ho le kotsi. Ha nako e ntse e e-ea, batho ba bangata ba ile ba khaotsa ho sebelisa lipuo tseo Bibele e ngotsoeng ka tsona ’me kereke ea loantša boiteko ba hore Lentsoe la Molimo le fetoleloe ka lipuo tse ling. Motho leha e le ofe ea neng a sa lumellane le seo kereke e se rutang o ne a fuoa kotlo e boima. Bahlanka ba tšepahalang ba Molimo ba tlotsitsoeng ba ne ba bokana ka lihlotšoana, haeba ho khoneha. Feela joaloka Baiseraele ba neng ba le botlamuoeng Babylona, “baprista ba marena” ba ne ba sa khone ho etsa lintho ka tsela e tloaelehileng. Babylona e Moholo e ne e ba tšoere ka thata. w16.11 4:8, 10, 11
Sontaha, la 21 October
Batho ba sa lokang ba ke ke ba rua ’muso oa Molimo.—1 Bakor. 6:9.
Re lokela ho qoba libe tse tebileng tse kang tseo Bakorinthe ba bang ba ileng ba li etsa. Seo ke sa bohlokoa haeba re lumela hore re amohetse mosa oa Molimo ’me kahoo ‘sebe ha se sa re laola.’ Empa na re ikemiselitse ho mamela “ho tloha pelong” ka ho qoba libe tseo ba bang ba nkang hore ha lia teba? (Bar. 6:14, 17) Nahana ka moapostola Pauluse. Re kholisehile hore ha aa ka a etsa libe tse tebileng tse boletsoeng ho 1 Bakor. 6:9-11. Ho e-na le hoo, o ile a bolela hore o na le molato oa sebe. O ile a re: “Empa ’na ke oa nama, ke rekisitsoe tlas’a sebe. Etsoe seo ke se hlahisang ha ke se tsebe. Kaha seo ke se lakatsang, ha kea tloaela ho se etsa; empa seo ke se hloileng ke sona seo ke se etsang.” (Bar. 7:14, 15) Sena se bontša hore ho ne ho e-na le lintho tse ling tseo Pauluse a neng a nka hore ke sebe ’me a li loantša. (Bar. 7:21-23.) E se eka le rona re ka etsa se tšoanang ha re ntse re leka ho mamela “ho tloha pelong.” w16.12 1:15, 16
Mantaha, la 22 October
Lahlela moroalo oa hao ho Jehova, o tla u tšehetsa.—Pes. 55:22.
Haeba u ka tobana le boemo bo ka etsang hore u tšoenyehe, bolella Ntate oa hao ea lerato ea leholimong bothata ba hao. Ha u se u lekile sohle ho rarolla bothata ba hao, thapelo e ka etsa hore u khaotse ho tšoenyeha. (Pes. 94:18, 19) Joalokaha ho bontšitsoe ho Bafilipi 4:6, 7, Jehova o arabela lithapelo tsa rona tse tsoang pelong tseo re li etsang re sa khaotse. Ka tsela efe? Ka hore a etse hore re be le khotso e ka etsang hore re imolohe le hoja re e-na le mathata. Batho ba bangata ba ile ba bona bopaki ba sena. Ho e-na le hore ba nyahame haholo kapa ba be le maikutlo a fosahetseng, Molimo o ile a ba thusa hore ba khobe matšoafo ’me ba be le khotso eo ho seng mohla ba kileng ba e-ba le eona. Le uena u ka ikutloa ka tsela ena. Kahoo, “khotso ea Molimo” e ka hlola matšoenyeho ’ohle ao u ka tobanang le ’ona. U ka tšepa ka ho feletseng tšepiso e lerato ea Jehova e reng: “U se ke ua talima koana le koana, etsoe ke ’na Molimo oa hao. Ke tla u matlafatsa. Ka sebele ke tla u thusa.”—Esa. 41:10. w16.12 3:3, 4
Labobeli, la 23 October
Ka tumelo Moshe, ha a hōlile, o ile a hana ho bitsoa mora oa morali oa Faro.—Baheb. 11:24.
Moshe o ile a siea maruo a Egepeta, “a khetha ho tšoaroa hampe hammoho le sechaba sa Molimo ho e-na le hore a thabele sebe ka nakoana.” (Baheb. 11:25, 26) E se eka re ka etsisa tumelo ea bahlanka bana ba tšepahalang ba nakong e fetileng, ba kang Moshe. Re ka etsa joalo ka hore re sebelise bolokolohi ba ho ikhethela ka tsela e nepahetseng ’me re etse thato ea Molimo. Le hoja ho ka bonahala eka ho betere ha ba bang ba re etsetsa liqeto, seo se tla re tima tlhohonolofatso e tlisoang ke ho sebelisa mpho ea ho ikhethela. Tlhohonolofatso ena e hlalosoa hantle ho Deuteronoma 30:19, 20. Temana ea 19 e hlalosa khetho eo Molimo a ileng a e fa Baiseraele. Temana ea 20 e re Jehova o ile a ba fa monyetla oa hore ba bontše hore na ba mo rata hakae. Le rona re ka khetha ho sebeletsa Jehova. Ha ho ntho ea bohlokoa eo re ka e etsang ho feta ho sebelisa bolokolohi ba rona ba ho ikhethela hore re rate Molimo le ho mo tlotlisa! w17.01 2:10, 11
Laboraro, la 24 October
Tšepa Jehova ’me u etse se molemo . . . ’me u sebetse ka botšepehi.—Pes. 37:3.
Jehova o lebeletse hore re sebelise bokhoni boo a re fileng bona ka tsela e nepahetseng. Hobane’ng? Hobane oa re rata ebile oa tseba hore re tla thaba ha re etsa joalo. Leha ho le joalo, Jehova oa tseba hore bokhoni ba rona bo lekanyelitsoe. Ka mohlala, re ke ke ra khona ho felisa ho se phethahale, sebe le lefu, leha e le ho laola liketso tsa ba bang. (1 Mar. 8:46) Ha ho le ka mohla tsebo le phihlelo ea rona e ka lekanang le ea Jehova. (Esa. 55:9) Maemong ’ohle, re lokela ho itšetleha ka Jehova hore a re tataise, re kholisehile hore o tla re thusa le moo re hlolehang teng. Leha ho le joalo, re lokela ho etsa sohle seo re ka se khonang ho rarolla mathata a rona le ho thusa batho ba bang. Re lokela ho ‘tšepa Jehova ’me re etse se molemo’; re hloka ho ‘sebetsa ka botšepehi.’ w17.01 1:2-4
Labone, la 25 October
Tšela le ’na, ’me ka sebele ke tla u fa lijo u e-na le ’na Jerusalema. —2 Sam. 19:33.
Barzilai ha aa ka a amohela kopo eo. Hobane’ng? Hobane o ne a se a tsofetse ebile a sa batle ho ba moroalo ho morena. Kahoo, Barzilai o ile a kopa hore memo ena e fuoe monna e mong ea bitsoang Kimhame, eo ho ka etsahalang hore e ne e le mora oa hae. (2 Sam. 19:31-37) Boinyenyefatso bo ile ba thusa Barzilai ho etsa qeto ena e utloahalang. Ha aa ka a hana memo eo hobane a nahana hore ha a tšoanelehe kapa a leka ho balehela boikarabello bo itseng. Empa o ne a tseba a bile a amohetse hore maemo a hae a bophelo a fetohile. O ne a sa batle ho ikimetsa. (Bagal. 6:4, 5) Le rona re lokela ho qoba ho rata ho hlahella kapa maemo a phahameng, kaha sena se ka re lematsa ’me sa re tlisetsa masoabi. (Bagal. 5:26) Leha ho le joalo, haeba re inyenyefalitse re tla sebelisana ’moho le bara le baralib’abo rona hore re rorise Molimo le ho thusa batho ba bang.—1 Bakor. 10:31. w17.01 4:5, 6
Labohlano, la 26 October
Molimo a bona ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a e entseng ’me, bonang! e ne e le molemo haholo.—Gen. 1:31.
Jehova ke ’Mopi ea hlollang. Mesebetsi ea hae ea popo ke ea boleng bo phahameng haholo. (Jer. 10:12) Joalokaha popo e bontša, ka lerato Jehova o behile meeli. O entse melao ea tlhaho le ea boitšoaro ho netefatsa hore ntho e ’ngoe le e ’ngoe e phela ka tumellano. (Pes. 19:7-9) Ka lebaka leo lintho tsohle tse leholimong le tse lefatšeng li fuoe mosebetsi ho ea ka thato ea Molimo. Jehova o behile tsela eo popo ea hae e lokelang ho sebetsa hammoho kateng. Ka tsela eo, molao oa khoheli o etsa hore sepakapaka se be haufi le lefatše, o laola maqhubu le leoatle ebile o etsa hore lintho tse phelang li laolehe. Popo eohle, ho akareletsa le batho, e phela tumellanong le meeli ena. Ho hlakile hore ho hlophiseha ha popo ke bopaki ba hore Molimo o na le morero ka lefatše le ka batho. Ha re le tšimong, na re ka khona ho thusa batho ho tseba hore na ke mang Moetsi oa lintho tsee tse hlophisehileng?—Tšen. 4:11. w17.02 1:4, 5
Moqebelo, la 27 October
Molimo o ile a romela [Moshe] e le ’musi hammoho le molopolli ka letsoho la lengeloi.—Lik. 7:35.
Ka mor’a mehla ea Moshe, mohlahlami oa hae e leng Joshua, o ile a matlafatsoa ke “khosana ea lebotho la Jehova” ho etella pele batho ba Molimo ntoeng khahlanong le Bakanana. (Josh. 5:13-15; 6:2, 21) Hamorao Morena Ezekiase o ile a tobana le tlhaselo e matla ea lebotho la Baassyria ba neng ba batla ho felisa motse oa Jerusalema. Ka bosiu bo le bong, “lengeloi la Jehova la tsoa ’me la bolaea ba likete tse lekholo le mashome a robeli a metso e mehlano.” (2 Mar. 19:35) Mangeloi a phethahetse empa banna bao ba neng ba ba thusa bona ba ne ba sa phethahala. Moshe o ne a kile a hloleha ho halaletsa Jehova. (Num. 20:12) Joshua ha aa ka a kopa thuso ho Molimo pele a etsa selekane le Bagibeone. (Josh. 9:14, 15) Ka nako e khutšoanyane, “pelo ea [Ezekiase] e ile ea ikhohomosa.” (2 Likron. 32:25, 26) Leha ho le joalo, ho sa tsotellehe ho se phethahale ha banna bao, Baiseraele ba ne ba lokela ho latela tataiso ea bona. Jehova o ne a sebelisa mangeloi ho ba tšehetsa. Ho hlakile hore Jehova o ne a tataisa batho ba hae. w17.02 3:7-9
Sontaha, la 28 October
Ho ea lutseng teroneng le ho Konyana e be poko le tlhompho le khanya le bonatla ka ho sa feleng.—Tšen. 5:13.
Ho hlompha motho e mong ho bolela ho etsa hore a ikutloe e le oa bohlokoa. Motho o tšoaroa ka tsela ena hobane a entse ntho e khethehileng kapa a le boemong bo phahameng. Kahoo, ke bo-mang bao re lokelang ho ba hlompha, hona hobane’ng? Tšenolo 5:13 e re “ea lutseng teroneng le . . . Konyana” ba lokela ho hlomphuoa. Khaolong ea 4 Lengolong lona lena, re hlokomela le leng la mabaka a etsang hore Jehova a lokeloe ke tlhompho. Mangeloi a rorisa Jehova ka mantsoe a phahameng, “ea phelang ka ho sa feleng le kamehla.” A re: “Jehova, Molimo oa rōna, ua tšoaneleha ho amohela khanya le tlhompho le matla, hobane u bōpile lintho tsohle, ’me ka lebaka la thato ea hao li ile tsa e-ba teng ’me tsa bōptjoa.”—Tše 4:9-11. w17.03 1:1, 2
Mantaha, la 29 October
Ea tšepang pelo ea hae o hloka kelello.—Liprov. 28:26.
Batho ba bangata ba tšepa lipelo tsa bona ha ba etsa liqeto. Empa ho ka ba kotsi ho etsa joalo. Bibele e re hlokomelisa hore re se ke ra tšepa lipelo tsa rona ha re etsa liqeto. Hape ho na le mehlala e mengata ka Bibeleng e re bontšang litholoana tse bosula tsa ho tšepa pelo. Bothata ke hore “pelo e bolotsana ho feta ntho leha e le efe ’me e tsitlella seo e se batlang.” (Jer. 3:17; 13:10; 17:9; 1 Mar. 11:9) Joale ho tla etsahala’ng ka rona haeba re tšepa lipelo tsa rona ’me re lumella hore liqeto tsa rona li laoloe ke maikutlo a rona? Mohlala, ho ka ’na ha etsahala’ng haeba re etsa liqeto re halefile? Ho ka ba bonolo ho araba potso eo haeba re ile ra etsa joalo nakong e fetileng. (Liprov. 14:17; 29:22) Kapa na re ka etsa liqeto tse nepahetseng haeba re nyahame? (Num. 32:6-12; Liprov. 24:10) Ho hlakile hore re ka etsa liphoso haeba re etsa liqeto tsa bohlokoa re itšetlehile ka maikutlo a rona. w17.03 2:12, 13
Labobeli, la 30 October
Ka kōpo, hopola kamoo ke tsamaileng ka pel’a hao ka ’nete le ka pelo e feletseng.—2 Mar. 20:3.
Kaha ha rea phethahala, re etsa liphoso. Empa ho thabisang ke hore Jehova ha aa re shebe “ho ea ka libe tsa rona.” Ho feta moo, haeba re bakela liphoso tsa rona, Jehova oa re tšoarela ka lebaka la sehlabelo sa Jesu. (Pes. 103:10) Leha ho le joalo, e le hore Jehova a mamele lithapelo tsa rona, re lokela ho mo ‘sebeletsa ka pelo e feletseng,’ joalokaha Davida a ile a bolella Solomone. (1 Likron. 28:9) Ho sebeletsa Molimo “ka pelo e feletseng” ho bolela ho inehela ho eena ka pelo eohle. Hangata ka Bibeleng lentsoe “pelo” le bolela seo motho a leng sona ka hare. Ho akareletsa seo a se batlang, a se nahanang, tsela eo a itšoarang ka eona, bokhoni ba hae, lintho tse mo khothatsang le lintho tseo a batlang ho li finyella. Kahoo, motho ea sebeletsang Jehova ka pelo eohle ha aa mo sebeletse feela ho itlosa bolutu. Ho thoe’ng ka rona? Joalokaha le rona re sa phethahala, haeba feela re sebeletsa Molimo re sa ikhakanye, re tla be re mo sebeletsa ka pelo eohle.—2 Likron. 19:9. w17.03 3:1, 3
Laboraro, la 31 October
[Jehova] o bona ea ikokobetsang; empa ea iphahamisang o mo tsebella hōle.—Pes. 138:6.
Haeba re finyella ntho e itseng ea bohlokoa, na seo se bolela hore Jehova oa re leka e le hore a bone se ka lipelong tsa rona? Ka mohlala, mor’abo rona a ka ’na a sebetsa ka thata ho lokisetsa puo eo a tl’o fana ka eona ka pel’a batho ba bangata. O tla itšoara joang ha ba mo rorisa? Ha re rorisoa, ke hantle hore re nahane ka mantsoe ana a Jesu a reng: “Ha le entse lintho tsohle tseo le li abetsoeng, le re, ‘Re makhoba a se nang molemo. Seo re se entseng ke seo re neng re tšoanela hore ebe re se entse.’” (Luka 17:10) Re ka ithuta mohlaleng oa Ezekiase. Boikhohomoso bo ile ba etsa hore a se ke a ananela se molemo seo a neng a se etsetsoa. (2 Likron. 32:24-27, 31) Ho nahana ka lintho tseo Jehova a ileng a re etsetsa tsona ho ka re thusa ho qoba ho etsa lintho tseo a li hloileng. Re ka bua hamolemo ka Jehova hore o tšehetsa batho ba hae. w17.03 4:12-14