November
Labone, la 1 November
Mora oa ka, hlalefa ’me u thabise pelo ea ka, e le hore nka araba ea ’nyelisang.—Liprov. 27:11.
Satane o qosa batho ka hore ba sebeletsa Jehova hobane Jehova a ba etsetsa ho hong. (Jobo 2:4, 5) Na Satane o se a fetohile? Le hanyenyane! Le hoja Satane a lelekiloe leholimong, o ntse a qosa bahlanka ba Molimo ba tšepahalang “bosiu le motšehare ka pel’a Molimo oa rōna”. (Tšen. 12:10) Esita le hona joale, Satane o ntse a lumela hore batho ba sebeletsa Molimo ka mabaka a boithati. O batla hore re hane bobusi ba Molimo ’me re khaotse ho mo sebeletsa. Ha u tobane le teko, leka ho nahana ka boemo bona: Satane le bademona ba hae ba ka lehlakoreng le leng. Ba u shebeletse ’me ba batla hore u inehele. Ka lehlakoreng le leng, ke Jehova, Morena oa rona Jesu Kreste, batlotsuoa ba seng ba tsositsoe le mangeloi a likete. Baa bona hore hoa nyolosetsa, empa baa u khothatsa! Ba thabetse ho u bona u mameletse ebile u tšepahala ho Jehova. Joale u lokela ho kenya tšebetsong mantsoe a Jehova a hlahang temaneng ea rona ea kajeno. w16.04 2:8, 9
Labohlano, la 2 November
U nke a le mong kapa ba bang ba babeli.—Mat. 18:16.
Haeba le khona ho rarolla bothata, u tla be “u ruile mor’eno.” Empa ke feela ha u se u buile le mor’eno ka makhetlo ’me le ntse le sa fihlele tharollo u ka tlalehelang baholo. Maemong a mangata ha ho hlokahale hore ho lateloe mehato e meraro e ho Matheu 18:15-17. Seo sea khothatsa hobane hangata moetsalibe o hlokomela phoso ea hae ’me oa e lokisa. Kahoo ha ho hlokahale hore a khaoloe. Motho ea foselitsoeng le eena o lokela ho tšoarela mor’abo e le hore ba bope khotso. Keletso ena ea Jesu e re thusa ho hlokomela hore ha rea lokela ho potlakela ho tlalehela baholo. Re lokela ho ba tlalehela ha re se re latetse mehato ena e meraro ’me re e-na le bopaki ba hore ho na le sebe se entsoeng. w16.05 1:15, 16
Moqebelo, la 3 November
Hase karolo ea lefatše.—Joh. 17:16.
Re lokela ho lula re tšepahala le ho tšehetsa ’Muso oa Molimo. Kaha ha re tšehetse mebuso ea batho, re khona ho bua ka bolokolohi hore ’Muso oa Molimo ke oona feela o tla rarolla mathata a batho. Baeta-pele ba bolumeli ba bohata ba nka lehlakore lipolotiking ’me se na se baka likarohano. Empa kaha rona ha re nke lehlakore, sena se etsa hore re be bonngoeng le bara le barali babo rona lefatšeng ka bophara. (1 Pet. 2:17) Ha bofelo ba tsamaiso ena ea Satane bo ntse bo atamela, ho tla ba thata le ho feta hore re lule re sa nke lehlakore. Batho ba bangata kajeno ke “ba sa bulehelang tumellano” le “ba hlooho li thata,” ’me boemo bona bo tla mpefala le ho feta. (2 Tim. 3:3, 4) Barab’abo rona ba bang ba se ba ntse ba angoa ke liphetoho tsa lipolotiki tse etsahalang linaheng tsa habo bona. Ke kahoo hona joale re lokelang ho itlhomella e le hore re tle re lule re sa nke lehlakore esita le maemong a thata joalo. w16.04 4:3, 4
Sontaha, la 4 November
Leha e le sefe seo motho a se jalang, o tla boela a se kotule.—Bagal. 6:7.
Batho ba bang ba nka hore ba ka iketsetsa eng kapa eng eo ba batlang ho e etsa. Empa rona re batla ho etsa lintho tse thabisang Jehova. Kahoo, pele re etsa qeto re lokela ho nahana hore na Bibele e re’ng tabeng eo ’me re e latele. Ka mohlala, Bibele ea re bolella hore na Molimo o ikutloa joang ka mali ’me re latela seo. (Gen. 9:4; Lik. 15:28, 29) Re ka rapela Jehova hore a re thuse ho etsa liqeto tse tla mo thabisa. Liqeto tseo re li etsang lia re ama. Qeto e nepahetseng e ka re thusa ho ba le kamano e ntle le Jehova. Qeto e fosahetseng e ka senya kamano eo. Liqeto tseo re li etsang li ka boela tsa ama batho ba bang. Ha re batle ho etsa letho le ka utloisang barab’abo rona bohloko, kapa la thefula tumelo ea bona. Re boetse ha re batle ho luka khotso ka phuthehong. Kahoo, ke habohlokoa hore re etse liqeto tse nepahetseng.—Bar. 14:19. w16.05 3:4, 5
Mantaha, la 5 November
’Na, Jehova, ke Molimo oa hao, ke ’na Ea u rutang hore u itsoele molemo.—Esa. 48:17.
Re ka kholiseha hore Jehova oa thaba ha re behella nako ka thoko e le hore re ithute Bibele le lingoliloeng tsa rona. (Baef. 5:15, 16) Leha ho le joalo, ho na le leraba leo re lokelang ho le ela hloko. Ke lefe? Haeba re se hlokolosi, re ka ’na ra nka hore likarolo tse itseng tsa Bibele kapa tsa lingoliloeng tsa rona ha li re ame. Ka mohlala, re etsa’ng haeba karolo e itseng ea Bibele e sa amane le boemo ba rona? Kapa re etsa’ng haeba sehlooho se itseng se sa bue le rona ka ho toba? Na re se bala ka potlako feela, kapa re qoba ho se bala ka ho feletseng? Haeba ho joalo, re ka ’na ra fetoa ke lintlha tsa bohlokoa tse ka re tsoelang molemo. Re lokela ho hopola hore lintlha tsohle tseo re li fumanang li tsoa ho Jehova. w16.05 5:5, 6
Labobeli, la 6 November
Esita le hoja motho a nka mohato o fosahetseng pele a o hlokomela, lōna ba nang le litšoaneleho tsa moea le leke ho khutlisetsa motho ea joalo tseleng ka moea o bonolo.—Gal. 6:1.
Jehova o boetse o sebelisa phutheho le baholo ho bopa e mong le e mong oa rona. Ka mohlala, ha baholo ba hlokomela hore re na le bofokoli bo itseng ba leka ho re thusa. Empa ha ba re eletse ho ea ka maikutlo a bona. Ka boikokobetso, ba rapela Jehova ba mo kopa hore a ba fe kutloisiso le bohlale. Ebe ba etsa lipatlisiso ka Bibeleng le lingoliloeng tsa rona, e le hore ba fumane boitsebiso bo ka re thusang. Haeba re utloisisa hore na Jehova o re bopa joang, seo se tla re thusa ho ba le kamano e ntle le bara le barali babo rona. Hape, re tla talima batho ba tšimong ea rona le liithuti tsa rona tsa Bibele ka tsela e loketseng. Jehova ha a qobelle batho hore ba fetohe, empa o ba bontša melao ea hae e phahameng ea boitšoaro. Ke bona ba tla iketsetsa qeto ea hore na ba tla etsa liphetoho tse hlokahalang kapa che. w16.06 1:13, 14
Laboraro, la 7 November
U ntse u ipatlela lintho tse khōlō. U se ke ua ’na ua li batla.—Jer. 45:5.
Moapostola Johanne o ile a re hlokomelisa hore haeba mang kapa mang a rata lintho tsa lefatše, e leng, “takatso ea nama le takatso ea mahlo le pontšo ea mponeng ea mokhoa oa motho oa boipheliso,” joale “lerato la Ntate ha le eo ho eena.” (1 Joh. 2:15, 16) Kahoo, re lokela ho lula re itlhahloba hore na re rata lefatše. Re ka ’na ra hlokomela hore re se re rata boithabiso, batho le mekhoa ea ho apara ea lefatše lena. Kapa re ka ’na ra batla ho ruteha e le hore re finyelle “lintho tse khōlō.” Lefatše le lecha le haufi haholo. Re tlameha ho hopola mantsoe a Moshe. Haeba re utloisisa re bile re lumela hore Molimo oa rona ke “Jehova a le mong,” re tla inehela ho eena ka ho feletseng ’me re mo sebeletse ka tsela eo a e batlang.—Deut. 6:4;Baheb. 12:28, 29. w16.06 3:14
Labone, la 8 November
Le batle ’muso oa [Molimo] le sa khaotse, ’me lintho tsena le tla li ekeletsoa.—Luka 12:31.
Lintho tseo motho a li hlokang bophelong lia fokola, empa tseo a li batlang li ngata. Ho bonahala eka batho ba bangata ha ba tsebe phapang pakeng tsa lintho tseo ba li hlokang le tseo ba li batlang. Ha e le hantle, phapang ke efe? Lintho tseo u “li hlokang” ke tseo u lokelang ho ba le tsona e le hore u phele. Re hloka lijo, liaparo le bolulo e le hore re phele. Lintho tseo u “li batlang” ke tseo u ka ratang ho ba le tsona, empa u ka phela ntle ho tsona. Lintho tseo batho ba li batlang li ka ’na tsa fapana ho ea ka libaka. Linaheng tse futsanehileng, batho ba bangata ba ka ’na ba batla ho ba le chelete e lekaneng ho reka selefouno, sethuthuthu, kapa setša. Ba linaheng tse ruileng bona ba ka ’na ba batla ho reka liaparo tsa mabitso, matlo a majabajaba, kapa likoloi tse turu. Leha ho le joalo, bohle re kotsing ea ho oela lerabeng la ho rata lintho tse bonahalang, e leng ho lula re batla ntho’ena le ntho’ane, ho sa tsotellehe hore na rea e hloka kapa che, kapa hore na re na le chelete ea ho e reka kapa che.—Baheb. 13:5. w16.07 1:1-3
Labohlano, la 9 November
Le se ke la rera esale pele bakeng sa litakatso tsa nama.—Bar. 13:14.
Batho ba bangata ba tšoarehile ka ho batla lintho tse tloaelehileng tsa bophelo ’me ha ‘ba ele hloko tlhoko ea bona ea moea.’ (Mat. 5:3) Ba phathahane ka lintho tsa lefatše lena le susumetsoang ke “takatso ea nama le takatso ea mahlo.” (1 Joh. 2:16) Ho e-na le ho amohela moea oa lefatše, re latela tataiso ea moea o halalelang oo Jehova a re fileng oona hore re utloisise ka ho hlaka liketsahalo tse larileng ka pele. (1 Bakor. 2:12) Leha ho le joalo, rea lemoha hore lintho tse tloaelehileng tsa bophelo li ka etsa hore re otsele moeeng haeba re li lumella hore li re sitise tšebeletsong ea rona. (Luka 21:34, 35.) Ba bang ba ka ’na ba re soma ha re lula re lebetse, empa seo ha sea lokela ho re nyahamisa. (2 Pet. 3:3-7) Ho e-na le hoo, re lokela ho bokana hammoho kamehla le Bakreste-’moho le rona libokeng, moo ho renang moea oa Molimo. w16.07 2:13, 14
Moqebelo, la 10 November
Uena Ea Utloang thapelo, batho ba nama eohle ba tla tla ho uena. . . . Ha e le litlōlo tsa rōna, u tla li koahela.—Pes. 65:2, 3.
Batho ba bangata ba tloaetse ho rapela hobane feela thapelo e ba thoba maikutlo, empa ha ba lumele hore Molimo o araba lithapelo tsa bona. Ba lokela ho tseba hore Jehova ke Molimo ea “Ea Utloang thapelo.” Jesu o ile a re ho barutuoa ba hae: “Haeba le kōpa ntho leha e le efe ka lebitso la ka, ke tla e etsa.” (Joh. 14:14) Ho hlakile hore “ntho leha e le efe” e bolela lintho tsohle tse lumellanang le thato ea Jehova. Johanne oa re tiisetsa o re: “Ena ke kholiseho eo re nang le eona ho eena, hore, ho sa tsotellehe hore na ke eng eo re e kōpang ho ea ka thato ea hae, oa re utloa.” (1 Joh. 5:14) Ka sebele hoa thabisa ho ruta batho hore thapelo ha se ntho feela e thobang maikutlo, empa ke tsela e babatsehang ea ho atamela “teroneng ea mosa o sa tšoanelang” oa Jehova. (Baheb. 4:16) Ha re ruta batho ho rapela, le hore ba rapelle litho tse nepahetseng ho Motho ea nepahetseng, re tla ba thusa hore ba atamele haufi le Jehova e le hore a ba tšelise nakong eo ba leng mahlomoleng.—Pes. 4:1; 145:18. w16.07 4:11, 12
Sontaha, la 11 November
Ba tšepahalang ba hao ba tla u boka. Ba tla bua ka khanya ea borena ba hao, Ba tla bua ka matla a hao. . . bokhabane ba borena ba hao.—Pes. 145:10-12.
Lipaki Tsa Jehova le tsona li ikutloa ka tsela e tšoanang. Empa u tla etsa’ng haeba ka lebaka la ho kula kapa ho tsofala u se u sa khone ho qeta nako e ngata tšebeletsong? Lula u hopola hore ha u ntse u buisana le baoki kapa batho ba bang, u etsa tšebeletso e halalelang ’me seo se tlotlisa Molimo oa rona. Haeba u chankaneng ka lebaka la tumelo ea hao, e ka ’na eaba ha monyetla o hlaha u pakela ba bang, ’me seo se thabisa pelo ea Jehova. (Liprov. 27:11) Le haeba u lelapeng le arohaneng bolumeling empa u leka ka hohle ho etsa lintho tsa moea, Jehova o oa thaba. (1 Pet. 3:1-4 ) U ka khona ho rorisa Jehova le ho hatela pele moeeng, esita le tlas’a maemo a thata. Ha ho pelaelo hore Jehova o tla u hlohonolofatsa ha u hatela pele moeeng. w16.08 3:19, 20
Mantaha, la 12 November
Basali ba ke ba ipehe tlas’a banna ba bona joalokaha ba ipeha tlas’a Morena, hobane monna ke hlooho ea mosali oa hae joalokaha Kreste le eena e le hlooho ea phutheho.—Baef. 5:22, 23.
Tokisetso ena ha e nyenyefatse basali. Ha e le hantle, e thusa mosali ho phetha seo Molimo a neng a se rerile, ha a re: “Ha ho hotle hore motho [Adama] a ’ne a be mong. Ke tla mo etsetsa mothusi, e be motlatsi oa hae.” (Gen. 2:18) Feela joalokaha Kreste, “hlooho ea phutheho” a e tšoara ka lerato, monna oa Mokreste le eena o lokela ho sebelisa bohlooho ka tsela e lerato. Ha a etsa joalo, mosali o tla ikutloa a sireletsehile ’me o tla nolofalloa ho mo hlompha, ho mo tšehetsa le ho ikokobelletsa eena. Balateli ba Jesu ba lokela ho mo etsisa ’me ba ratane joalokaha a ba ratile. (Joh. 13:34, 35; 15:12, 13; Baef. 5:25) Kahoo, banyalani ba Bakreste ba lokela ho bontšana lerato le matla hoo ka bobeli ba ikemiselitseng ho shoela e mong haeba ho hlokahala. w16.08 2:3, 4
Labobeli, la 13 November
Lentsoe le buuoang ka nako ea lona e nepahetseng le molemo hakaakang!—Liprov. 15:23.
Ha u bua ka tsela e khothatsang u tla susumetsa ba bang. U tla ba thusa hore ba sebeletse Jehova ka botlalo. Ha u le libokeng, u ka boetse ua khothatsa ba bang ka ho phahamisa letsoho le ka ho fana ka likarabo tse hahang. Jehova o ile a matlafatsa Nehemia le bo-mphato ba hae hore ba phethe mosebetsi. Kahoo, ba ile ba nka matsatsi a 52 feela ho tsosolosa marako a Jerusalema! (Neh. 2:18; 6:15, 16) Nehemia o ne a sa tsamaise mosebetsi feela. O ile a kenya letsoho ka ho toba mosebetsing oa ho tsosolosa marako a Jerusalema. (Neh. 5:16) Baholo ba bangata ba lerato ba etsisa Nehemia ka hore ba ithaopele ho thusa mosebetsing oa kaho kapa ho hloekiseng Holo ea ’Muso le ho e boloka e le boemong bo botle. Ba boetse ba matlafatsa ba lipelo li tšoenyehileng ka hore ba sebetse le bona tšimong le ho ba etsetsa maeto a bolisa.—Esa. 35:3, 4. w16.09 1:15, 16
Laboraro, la 14 November
Lerato . . . ha le itšoare ka mokhoa o sa hlompheheng, ha le batle lithahasello tsa lona.—1 Bakor. 13:4, 5.
Bahlanka ba Molimo ba leka kahohle ho latela keletso ea Bibele e reng: “Le bolaee litho tsa ’mele ea lōna tse lefatšeng mabapi le bohlola, ho se hloeke, takatso ea botona kapa ea botšehali, takatso e kotsi.” (Bakol. 3:2, 5) Ha re batle ho thatafalletsa balumeli-’moho le rona ho latela taelo ena. Bara le barali babo rona bao pele ba neng ba phela ka boitšoaro bo bobe, e ka ’na eaba ba ntse ba loantša tloaelo eo. (1 Bakor. 6:9, 10) Ha ho pelaelo hore ha re batle ho ba thatafalletsa lintho le ho feta. Ha re e-na le bara le barali babo rona, re lokela ho apara ka tsela e tla ba thusa hore ba hloeke boitšoarong. Re na le bolokolohi ba ho ikhethela liaparo. Empa kaofela ha rona re na le boikarabelo ba ho apara ka tsela e tla etsa hore ba bang ba nolofalloe ho lula ba tšepahala ’me ba tlotlise lebitso la Molimo oa rona ea halalelang ka menahano, mantsoe le ka liketso.—1 Pet. 1:15, 16. w16.09 3:9, 10
Labone, la 15 November
Bahlankana le lōna baroetsana . . . [le ke le] rorise lebitso la Jehova.—Pes. 148:12, 13.
Banyalani ba bang ba Fora ba ile ba re: “Re lumela ho Jehova, empa seo ha se bolele hore le bana ba rona ba tla lumela ho eena.” Ba ile ba boela ba re: “Tumelo ha se ntho eo bana ba e futsang. Ba lokela ho e hlaolela hanyane ka hanyane.” Mor’abo rona e mong oa Australia o ile a re: “Mohlomong mosebetsi o boima ka ho fetisisa oo motsoali a lokelang ho o etsa ke ho thusa ngoana hore a be le tumelo. . . . A ka ’na a nka hore o arabetse potso ea ngoana ka tsela e khotsofatsang. Ebe hamorao ngoana o botsa potso eo hape! Likarabo tse khotsofatsang tseo motsoali a li fang ngoana kajeno, li ka ’na tsa se ke tsa mo khotsofatsa ka le hlahlamang. Le ka ’na la lokela ho buisana ka taba eo ka makhetlo.” Haeba u motsoali, na ka linako tse ling u ee u ikutloe u le mosesaane hore u ka ruta bana ba hao le ho ba tataisa hore e tle e be banna le basali ba nang le tumelo? Bonneteng, ha ho motsoali ea ka etsang se na ka bohlale ba hae feela! (Jer. 10:23) Empa re ka khona ha re kopa Molimo hore a re tataise. w16.09 5:1, 2
Labohlano, la 16 November
U se ke ua hana ka se molemo ho bao se ba lokelang.—Liprov. 3:27.
Batho ba tsoang linaheng tse ling ba thatafalloa ke ho tloaela setso sa naha eo ba seng ba lula ho eona. Ruthe o re behetse mohlala o motle tabeng ena. Tabeng ea pele, o ile a bontša hore o hlompha meetlo ea naheng eo ka hore a kope tumello ea ho khoahlapisa. (Ruthe 2:7) Ha aa ka a nka tokelo ena habobebe joalokaha eka ba bang ba tlamehile ho mo etsetsa lintho. Ea bobeli, o ile a leboha mosa oo a o bontšitsoeng. (Ruthe 2:13) Ha batho ba tsoang linaheng tse ling ba etsisa mohlala ona o motle, ho ka etsahala hore baahi le balumeli-’moho le bona ba ba hlomphe. Rea thaba hore ebe Jehova ka mosa oa hae o sa tšoanelang o lumeletse batho ba litso tsohle hore ba utloe litaba tse molemo. Mohlomong linaheng tseo ba tsoang ho tsona ba ne ba sa khone ho ithuta Bibele kapa ho kopanela le batho ba Jehova ka bolokolohi. Empa kaha hona joale ba na le monyetla oa ho kopanela le rona, na ha rea lokela ho etsa hore ba ikutloe ba phutholohile? w16.10 1:17-19
Moqebelo, la 17 November
Ka lebaka la thabo e neng e behiloe ka pel’a hae o ile a mamella thupa ea tlhokofatso.—Baheb. 12:2.
Bahlanka ba limilione ba Molimo ba latela mohlala oa Jesu ka hore ba lule ba nahana ka tšepo eo ba nang le eona ’me ba se ke ba lumella liteko ho ba fokolisa tumelong. Nahana ka mohlala oa Rudolf Graichen, ea hlahetseng Jeremane ka 1925. O ne a sa lebale litšoantšo tse neng li fanyehiloe leboteng habo tse neng li bontša litšepiso tse ka Bibeleng. O ile a re: “Setšoantšo se seng se ne se bontša phiri le konyana, potsanyane le lengau, namane le tau—tsohle li le khotsong, li eteletsoe pele ke moshanyana. . . . Ha ke lebale litšoantšo tseo.” (Esa. 11:6-9) Mor’abo rona Rudolf o ile a lula a e-na le tumelo e matla ea hore lefatše e tla ba paradeise, le hoja ka lilemo a ’nile a hlorisoa ka sehloho ke mapolesa a sekhukhu a Manazi ’me hamorao ke a mautloela a Jeremane Bochabela ea Bokomonisi. Teko e ’ngoe e matla eo Mor’abo rona Rudolf a ileng a tobana le eona ke ea hore ’mè oa hae a bolaoe ke boloetse ba typhus a le kampong ea mahloriso ea Ravensbrück ’me hamorao a bona ntate oa hae a fokola tumelong ’me a tlohela ho ba Paki ea Jehova. w16.10 3:12-14
Sontaha, la 18 November
Ha le amohela lentsoe la Molimo, . . . ha lea ka la le amohela e le lentsoe la batho, empa, feela joalokaha kannete le le joalo, e le lentsoe la Molimo.—1 Bathes. 2:13.
Bahlanka ba Jehova ba hlompha Lentsoe la hae, e leng Bibele. Kaha kaofela ha rea phethahala, ka linako tse ling re hloka ho khalemeloa ka Mangolo. Re itšoara joang ha re khalemeloa? Nahana ka Bakreste ba bang ba lekholong la pele la lilemo, e leng Evodia le Syntike. Ho ile ha e-ba le mathata pakeng tsa basali bana ba batlotsuoa. Bothata bona bo pakeng tsa Evodia le Syntike bo ne bo ka luka khotso ea phutheho. Bibele ha e re bolelle hore na phello e bile efe, empa mohlomong barali bana babo rona ba ile ba amohela keletso e lerato ea moapostola Pauluse. (Bafil. 4:2, 3) Ka linako tse ling, ho hlaha boemo bo tšoanang liphuthehong tsa batho ba Jehova kajeno. Empa re ka rarolla mathata a joalo esita le hona ho a qoba haeba re latela keletso eo re e fuoang ka Lentsoeng la Molimo, e leng Bibele. Haeba re hlompha Lentsoe la Jehova, re tla latela tataiso ea hae e ka Bibeleng.—Pes. 27:11. w16.11 3:1-3
Mantaha, la 19 November
Na u iponahalitse u nyahame letsatsing la mahlomola? Matla a hao a tla fokola.—Liprov. 24:10.
Kaofela ha rona re hloka khothatso. ’Me re e hloka le ho feta ha re ntse re hola. Timothy Evans eo e leng tichere o re: “Bana . . . ba hloka khothatso feela joalokaha limela li hloka metsi. Ha ngoana a babatsoa, seo se etsa hore a ikutloe e le oa bohlokoa a bile a ratoa.” Empa re phela linakong tse thata. Batho ke baithati, ha ba na lerato la tlhaho ’me ke ka seoelo ba khothatsang ba bang kapa hona ho ba babatsa. (2 Tim. 3:1-5) Satane Diabolose o batla ho re nyahamisa kaha oa tseba hore seo se tla re fokolisa moeeng le nameng. Satane o ile a tlisetsa Jobo ea lokileng litlokotsi a ba a mo qosa e le ha a leka ho mo nyahamisa, empa morero oo oa hae o ile oa hloleha. (Jobo 2:3; 22:3; 27:5) Re ka hanyetsa Diabolose ka hore re khothatse ba malapa a rona le ba bang ka phuthehong. Sena se tla etsa hore mahae a rona le Holo ea ’Muso e be libaka tsa thabo le tšireletseho. w16.11 1:4, 6
Labobeli, la 20 November
[Molimo] ea le bitsitseng ho le ntša lefifing ho le kenya leseling la hae le hlollang.—1 Pet. 2:9.
Batho ba seng bakae ba sebete mathoasong a bo-1500, ba ile ba qala ho fetolela Lentsoe la Molimo ka lipuo tse buuoang ke batho ba bangata. Ke ’nete hore batho ba ile ba bala Bibele, kaha e ne e se e fumaneha. Ha ba ntse ba e bala, ba ile ba botsa lipotso tse kang: ‘Ke kae moo Lentsoe la Molimo le buang ka pelekatori, le reng bafu ba etsetsoe ’misa kapa le buang ka mopapa le mok’hadinale?’ Taba ena e ile ea halefisa baruti haholo. Ba ipotsa hore na batho bao ba nka sebete kae sa ho tšoaea kereke phoso. Kereke e ile ea loana. Banna le basali ba ile ba ahloleloa lefu hobane ho thoe ke bakhelohi kaha ba ne ba sa lumellane le lithuto tsa kereke. Kereke e ne e fana ka kahlolo ea lefu; ’me ’Muso o e phethahatsa. Sepheo e ne e le ho nyahamisa batho hore ba se ke ba bala Bibele kapa ho nyatsa liqeto tse entsoeng ke kereke. Leano leo le ile la atleha ho isa boholeng bo itseng. Empa batho ba seng bakae ba sebete ha baa ka ba tšosoa ke Babylona e Moholo. Ba ne ba latsoitse Lentsoe la Molimo, ’me joale ba batla ho ithuta lona ka ho eketsehileng. w16.11 4:13
Laboraro, la 21 November
Paki e tšepahalang e ke ke ea bua leshano.—Liprov. 14:5.
Bakreste ba lokela ho tšepahala. (Baef. 4:25) Satane “ke ntate oa leshano.” Ananiase le mosali oa hae ba ile ba shoa ka lebaka la ho se tšepahale. Ha re batle ho tšoana le bona, kahoo re qoba ho bua leshano. (Joh. 8:44; Lik. 5:1-11) Empa na ho tšepahala ho fella moo? Ha e le hantle, ha re tšepahala re bontša hore re ananela mosa oa Molimo o sa tšoanelang. Ho bua leshano ke ho se tšepahale. Empa Jehova ha aa lebella feela hore batho ba hae ba se ke ba bua leshano. O ile a re ho Baiseraele ba boholo-holo: “Le lokela ho halalela, hobane ’na Jehova Molimo oa lōna kea halalela.” A ntan’o ba thusa ho utloisisa se boleloang ke ho halalela. Har’a tse ling, Molimo o ile a re: “Le se ke la utsoa, ’me le se ke la thetsa, ’me leha e le mang a se ke a etsetsa oa habo bolotsana.” (Lev. 19:2, 11) Ka masoabi, motho e mong a ka ’na a se ke a bua leshano le totobetseng, leha ho le joalo a khetha ho etsetsa ba bang bolotsana. w16.12 1:17, 18
Labone, la 22 November
Khotso ea Molimo e fetang monahano oohle e tla lebela lipelo tsa lōna le matla a lōna a kelello ka Kreste Jesu.—Bafil. 4:7.
Ka Bibeleng re fumana mantsoe a Jesu a khothatsang. Lintho tseo a neng a li bua le ho li ruta li ne li khatholla bamameli ba hae. Batho ba bangata ba ne ba mo rata kaha o ne a thoba lipelo tse utloileng bohloko, a matlafatsa ba fokolang a bile a khothatsa ba nyahameng. (Mat. 11:28-30.) O ne a amehile ka tsela eo batho ba bang ba ikutloang ka eona, ka kamano ea bona le Molimo le ka lintho tseo ba li hlokang. (Mar. 6:30-32) Tšepiso eo Jesu a e entseng ea hore o tla re tšehetsa e ntse e sebetsa le kajeno. E ka ba ea sebele ho uena joalokaha e ile ea e-ba ea sebele ho baapostola ba hae. Ha ho hlokahale hore u bone Jesu ka seqo e le hore sena se etsahale ho uena. Kaha Jesu ke Morena leholimong, o ntse a re utloela bohloko. Kahoo, ha u tšoenyehile a ka u bontša mohau ka hore a u fe “thuso ka nako e nepahetseng.” Jesu a ka u thusa hore u sebetsane ka katleho le matšoenyeho ’me a etsa hore u thabe ’me u be sebete.—Baheb. 2:17, 18; 4:16. w16.12 3:4, 6
Labohlano, la 23 November
Bofelo ba nama eohle bo fihlile ka pel’a ka.—Gen. 6:13.
Noe o phetse lefatšeng le neng le “tletse pefo” le boitšoaro bo bobe. (Gen. 6:4, 9-12) Le hoja ka botšepehi Noe a ile a lemosa batho hore Jehova o tla felisa ba khopo, o ne a ke ke a qobella batho ho amohela molaetsa oo, kapa hona ho etsa hore moroallo o tle kapele. Noe o ne a lokela ho tšepa hore Jehova o tla phethahatsa tšepiso ea hae ea ho felisa bokhopo, a kholisehile hore Molimo o tla etsa seo ka nako e loketseng. (Gen. 6:17) Le rona re phela lefatšeng le tletseng bokhopo leo re tsebang hore Jehova o tšepisitse ho le felisa. (1 Joh. 2:17) Re ke ke ra qobella batho ho amohela “litaba tse molemo tsa ’Muso.” Hape re ke ke ra etsa letho ho potlakisa qaleho ea “matšoenyeho a maholo.” (Mat. 24:14, 21) Joaloka Noe, re hloka tumelo e matla le ho tšepa hore haufinyane Jehova o tla nka khato. (Pes. 37:10, 11) Re kholisehile hore Jehova a ke ke a lieha, leha e le ka letsatsi le le leng feela ho felisa lefatše lena le khopo.—Hab. 2:3. w17.01 1:5-7
Moqebelo, la 24 November
’Na, Jehova, . . . ke ’na ea u rutang hore u itsoele molemo, Ea etsang hore u tsamaee tseleng eo u lokelang ho tsamaea ka eona.—Esa. 48:17.
Kajeno batho ba bangata ba sebelisa bolokolohi ba bona hampe, mohlomong ba bile ba lematsa batho ba bang. Ho joalokaha Bibele e ile ea bolela esale pele hore “matsatsing a ho qetela,” batho e ne e tla ba “ba se nang teboho.” (2 Tim. 3:1, 2) Le ka mohla a re se keng ra sebelisa mpho ena ea bohlokoa e tsoang ho Jehova hampe, kapa ra e nka habobebe. Empa re ka etsa’ng hore re qobe ho sebelisa bolokolohi ba ho ikhethela hampe? Kaofela re na le bolokolohi ba ho ikhethela metsoalle, tsela eo re aparang le ho itokisa ka eona hammoho le boithabiso. Leha ho le joalo, haeba re le makhoba a litakatso tsa nama kapa re etsisa mekhoa e mebe ea lefatše, re tla be re sebelisa bolokolohi ba rona hore e be “lesira le patang bobe”. (1 Pet. 2:16) Ho e-na le hore re sebelise bolokolohi ba rona e le monyetla oa ho phehella litakatso tse mpe, re batla ho ikemisetsa ho etsa liqeto tse tla re thusa ho mamela keletso ena e reng: “Le etse lintho tsohle bakeng sa thoriso ea Molimo.”—Bagal. 5:13; 1 Bakor. 10:31. w17.01 2:12-14
Sontaha, la 25 November
Eitse hang ha ke utloa mantsoe ana, . . . ke itima lijo ke sa khaotse ebile ke rapela ka pel’a Molimo oa maholimo.—Neh. 1:4.
Mohlala oa Nehemia o bontša kamoo boinyenyefatso bo ka re thusang kateng hore re se ke ra itšepa ha re fumana kabelo e ncha kapa boikarabelo bo eketsehileng. Ka mohlala, moholo ea itšetlehileng ka tsebo ea hae feela, a ka ’na a qala ho etsa mesebetsi e meng ea phutheho ntle le ho kopa thuso ea Jehova ka thapelo. Kapa motho e mong a ka ’na a etsa qeto pele, ebe ka mor’a moo o kopa Jehova hore a hlohonolofatse qeto eo. Na boo e tla be e le boinyenyefatso? Motho ea inyenyefalitseng kamehla o hlompha Molimo le boikarabelo ba hae litokisetsong tsa Molimo. Re ke ke ra tšepela bokhoning ba rona. Re tla qoba se na haholo-holo ha re talimane le bothata boo re bo tloaetseng, boo re kileng ra bo rarolla nakong e fetileng. (Liprov. 3:5, 6) Ha ho mohla re lokelang ho nahana hore ho ba le litokelo tse eketsehileng ka phuthehong ho re etsa ba phahametseng ba bang, empa re tla loanela ho sebetsa hammoho ka kutloano.—1 Tim. 3:15. w17.01 4:7, 8
Mantaha, la 26 November
Lefatše o le file bara ba batho.—Pes. 115:16.
Morero oa Jehova e ne e le hore batho ba phele ka ho sa feleng mona lefatšeng. (Gen. 1:28; Pes. 37:29) Ka lerato o ile a fa Adama le Eva limpho tse ngata tse neng li tla etsa hore ba thabele bophelo. (Jak. 1:17) Jehova o ile a ba fa bolokolohi ba ho ikhethela, bokhoni ba ho nahana, esita le ba ho rata le ho thabela setsoalle. ’Mopi o ile a bua le Adama ’me a mo bolella seo a lokelang ho se etsa ho bontša hore oa mamela. Adama o ile a boela a ithuta ho itlhokomela le ho hlokomela liphoofolo le lefatše. (Gen. 2:15-17, 19, 20) Jehova o ile a boela a bopa Adama le Eva ba e-na le litho tsa kutlo le tsa ho latsoa, ho tšoara, ho bona le ho fofonela. Ba ne ba ka thabela lintho tsohle tse ngata tse neng li le teng Paradeiseng eo ba neng ba lula ho eona. Batho bana ba babeli ba ne ba e-na le monyetla oa ho thabela mosebetsi, empa tseo tsohle li ile tsa fela. Jehova o bopile Adama le Eva ba e-na le bokhoni ba hore ba be le bana ba phethahetseng. Ba ne ba tla lula lefatšeng ka ho sa feleng. w17.02 1:6, 7
Labobeli, la 27 November
A ingolle bukeng kopi ea molao ona, . . . a boloke mantsoe ’ohle a molao ona.—Deut. 17:18, 19.
Lentsoe la Molimo le ne le thusa baeta-pele ba khethiloeng ke Molimo joang? Nahana ka mohlala oa Morena Josiase. Ka mor’a hore ho fumanoe tokomane e buang ka Molao oa Moshe, mongoli oa Josiase o ile a qala ho mo balla eona. Morena o ile a etsa’ng? Lentsoe la Molimo le ile la tataisa Josiase hore a il’o felisa borapeli ba litšoantšo ’me ka mor’a moo, a etse mokete o moholo oa Paseka. (2 Mar. 22:11; 23:1-23) Kaha Josiase le baeta-pele ba bang ba tšepahalang ba ne ba tataisoa ke Lentsoe la Molimo, ba ne ba ikemiselitse ho etsa liphetoho le ho hlakisetsa batho ba Molimo litaelo le tataiso ea hae. Liphetoho tsena li ile tsa etsa hore batho ba Molimo ba mo mamele. Baeta-pele ba bang ba neng a etella pele batho ba Molimo ba mehleng ea baapostola ba ne ba sa mamele litaelo tsa Molimo. Ba neng ba sa mamele Jehova ba ne ba hana tataiso ea moea o halalelang oa Molimo, ea Lentsoe la hae le ea mangeloi a hae. Maemong a mang, Jehova o ne a ba khalemela kapa a ba tlosa. (1 Sam. 13:13, 14) Ka nako ea hae e nepahetseng, o ile a khetha moeta-pele ea phethahetseng. w17.02 3:11, 12, 14
Laboraro, la 28 November
Ua etsa [motho] ea ka tlaasana ho ba kang melimo. Joale ua mo roesa moqhaka oa khanya le bokhabane.—Pes. 8:5.
Batho ba bopiloe “ka setšoantšo sa Molimo.” (Gen. 1:27) Kahoo, ba bangata ba bontša makhabane a tšoanang le a Molimo ka litsela tse sa tšoaneng. Ba khona ho bontšana lerato, mosa le ho utloelana bohloko. Batho ba bopiloe ba e-na le letsoalo, le hoja ka linako tse ling le fosa, le ba thusa ho lemoha ntho e nepahetseng le e fosahetseng, e lokileng le e sa lokang, ho tšepahala le ho se tšepahale. (Bar. 2:14, 15) Batho ba bangata ba rata lintho tse hloekileng le tse ntle ’me ba batla ho phelisana le ba bang ka khotso. Ho sa tsotellehe hore na baa hlokomela kapa che, ho isa boholeng bo itseng ba tlotlisa Jehova ’me ka lebaka leo ba lokela ho hlomphuoa. Leha ho le joalo, re lokela ho hlompha e mong le e mong ka tsela e mo loketseng. w17.03 1:5, 6
Labone, la 29 November
Molimo oa ’nete a ikutloa a soabile ka lebaka la tlokotsi eo a neng a buile hore o tla ba bakela eona; ’me ha aa ka a e baka.—Jon. 3:10.
Molimo ha a etse qeto a halefile, joalokaha batho ba bangata ba etsa. Jehova o ile a fetola qeto ea hae ka mor’a ho bona hore Baninive ba bakile. Ka ho etsa joalo, o ile a bontša hore o ikokobelitse, o mosa ebile ha a leeme. Ka ho tšoanang, ka linako tse ling ho ka ba molemo ho nahanisisa ka qeto eo re e entseng. E ka ba nakong eo maemo a fetohang. Jehova o ile a fetola qeto ea hae ha maemo a fetoha. (1 Mar. 21:20, 21, 27-29; 2 Mar. 20:1-5) Ha re fumana litaba tse hlakileng mabapi le qeto eo re e entseng, re ka ’na ra lokela ho fetola qeto eo. Morena Davida o ile a bolelloa leshano ka Mefiboshethe, setloholo sa Saule. Ha Davida a hlakeloa ke litaba, o ile a fetola qeto ea hae.—2 Sam. 16:3, 4; 19:24-29. w17.03 2:14, 15
Labohlano, la 30 November
Ho ba le kahlolo e molemo ha lōna ho ke ho tsejoe ke batho bohle.—Bafil. 4:5.
Haeba bothata bo hlaha, re lokela ho sheba hore na melao-motheo ea Bibele e re’ng ka taba eo e be rea e mamela. Mohlala, morali’abo rona oa tseba hore o lokela ho bolela litaba tse molemo. (Lik. 4:20) Leha hole joalo, o khetha ho ea tšimong ka letsatsi le itseng, empa monna oa hae eo e seng Paki, o batla a lule lapeng. O re matsatsing ana ha ba sa qeta nako ’moho, kahoo o batla ba ke ba thabele ho ba ’moho. A ka ’na a nahana ka litemana tse tloaelehileng joalo ka tse buang ka ho mamela Molimo le taelo ea ho etsa barutuoa. (Mat. 28:19, 20; Lik. 5:29) Empa o boetse o lokela ho nahana ka boikarabelo ba hae joaloka mosali. (Baef. 5:22-24) Na monna oa hae o mo hanela ho ea tšimong kapa o mpa a batla hore ba be ’moho letsatsing leo feela? Re lokela ho leka-lekanya lintho ha re sebeletsa Molimo ’me re be le letsoalo le khutsitseng. w17.03 4:17