November
Labohlano, la 1 November
Hana ho hloka bomolimo le litakatso tsa lefatše . . . phela ka ho hlaphoheloa kelellong le ho loka le boinehelo ba bomolimo.—Tite 2:12.
Ho ikhalemela ho akarelletsa ho laola tsela eo re nahanang ka eona le eo re etsang lintho ka eona. Ha ho itlele feela hore re ikhalemele. Re lokela ho ithuta ho ikhalemela. Ha ka mamello batsoali ba rupela bana ba bona ka “taeo le kelello e laoloang ke Jehova,” ba thusa bana hore ba be bohlale ’me ba tsebe ho ikhalemela. (Baef. 6:4) Batho ba baholo ba ithutang ka Jehova le bona ba etsa lintho ka tsela e tšoanang. Le hoja ka tsela e itseng ba se ba tseba ho ikhalemela, ha e e-s’o be Bakreste ba utloisisang Lentsoe la Molimo hantle. Empa ha ba apara “botho bo bocha,” ’me ba leka ho etsisa Jesu, ba etsa lintho ka tsela e nepahetseng ho feta pele. (Baef. 4:23, 24) Ho bohlokoa hore re ikhalemele e le hore re etse lintho ka tsela eo. w18.03 29 ¶3-4
Moqebelo, la 2 November
Latelang mokhoa oa ho amohela baeti.—Bar. 12:13.
Jehova le mokhatlo oa hae ba re memela libokeng. Re lokela ho etsa hore motho e mong le e mong ea teng ho tsona a ikutloe a amohelehile, haholo-holo ba qalang ho tla. (Bar. 15:7) Kaha le bona ke baeti ba Jehova, re lokela ho etsa hore ba ikutloe ba phutholohile ho sa tsotellehe hore na ba apere joang kapa ba shebahala joang. (Jak. 2:1-4) Haeba u hlokomela hore ho na le moeti ea tsamaeang a le mong, u ka mo kopa hore a tl’o lula le uena. A ka thaba haholo ha u mo thusa ho utloisisa hore na ho etsahala’ng nakong ea mananeo kapa hore a khone ho phetla Mangolo. Ha re etsa joalo re tla be re ‘latela mokhoa oa ho amohela baeti.’ Rea thaba ha re e-ba le libui tsa baeti liphuthehong tsa rona, ebang ke balebeli ba potoloho kapa baemeli ba lekala. Eo ke nako e ntle ea hore re amohele barab’abo rona ba re etetseng. (3 Joh. 5-8) Re ka etsa joalo ka hore re ba memele lijong kapa teeng. w18.03 15 ¶5, 7
Sontaha, la 3 November
Ke eng se nthibelang ho kolobetsoa?—Lik. 8:36.
Nahana ka mohlala oa monna oa Mojuda ea neng a hlorisa Bakreste. Batho ba habo ba ne ba rata Molimo. Leha ho le joalo, Bajuda ba ne ba se ba sa amohelehe ho Jehova. Monna eo o ne a chesehela meetlo ea Sejuda. Empa ka mor’a hore a bone Jesu ea neng a sa tsoa tsosoa bafung, o ile a lumela ha morutuoa Ananiase a mo thusa. Bibele e re ka mor’a moo o ile “a ema ’me a kolobetsoa.” (Lik. 9:17, 18; Bagal. 1:14) Monna eo o ile a tsejoa e le moapostola Pauluse. Empa hlokomela hore hang hoba a tsebe ka Jesu le karolo eo a e phethang morerong oa Molimo, o ile a kolobetsoa a sa qeaqee. (Lik. 22:12-16) Le batho ba ithutang Bibele mehleng ena ba etsa joalo, ho sa tsotellehe hore na ba baholo kapa ba banyenyane. w18.03 5-6 ¶9-11
Mantaha, la 4 November
Ha kea ka ka khona ho bua le lōna joalokaha ke bua le batho ba moea, empa joalokaha ke bua le batho ba nama.—1 Bakor. 3:1.
Jakobo o ile a hlaheloa ke mathata. Moholoane oa hae Esau o ne a batla ho mo bolaea. Mohoe oa hae o ne a batla ho mo qhekella. Leha ho le joalo, Jakobo o ne a e-na le tumelo e matla ea hore Jehova o tla phethahatsa lintho tseo a li tšepisitseng Abrahama. (1 Bakor. 2:14-16) O ne a tseba hore lelapa la hae ke lona le neng le tla phethahatsa morero oa Jehova, kahoo o ile a le hlokomela. (Gen. 28:10-15) Jakobo ha aa ka a lumella hore mekhoa e mebe ea batho ba mo potolohileng e etse hore a lebale ka tšepiso ea Jehova. Mohlala, ha Jakobo a ne a nahana hore moholoane oa hae o tl’o mo hlasela, o ile a rapela Jehova, a mo kopa hore a mo pholose. A re: “Kea u rapela, ntopolle letsohong la mor’eso . . . Uena, u itse, ‘Ntle ho pelaelo ke tla sebetsana hantle le uena ’me ke tla etsa hore peō ea hao e be joaloka lehlabathe la leoatle.’” (Gen. 32:6-12) Tsela eo Jakobo a neng a phela ka eona ea bontša hore o ne a kholisehile hore Jehova o tla phetha litšepiso tsohle tsa hae. w18.02 20 ¶9-10
Labobeli, la 5 November
Monna ea sa tšoauoeng phoso le ea lokileng, ea tšabang Molimo le ea khelohang bobe.—Jobo 1:8.
Bophelo ba Jobo bo ile ba fetoha haholo. Qalong, e ne e le monna e “moholo ka ho fetisisa ho baahi bohle ba Bochabela.” (Jobo 1:3) O ne a ruile, a tsebahala a bile a hlompheha. (Jobo 29:7-16) Leha ho le joalo, Jobo o ne a sa nke hore o phahametse batho ba bang kapa hore ha a hloke Molimo. Ha e le hantle, ha Jehova a bua ka eena o ile a re: “Mohlanka oa ka.” Satane o ile a hlasela Jobo ka makhetlo a mangata. A loha mano e le hore a tle a utloise Jobo bohloko ’me a etse hore a nahane hore Jehova ke eena ea mo bakelang mathata. (Jobo 1:13-21) Eaba banna ba bararo ba neng ba ikentse metsoalle ea Jobo ba mo buela mantsoe a bohloko ba re Molimo oa mo otla hobane a le khopo. (Jobo 2:11; 22:1, 5-10) Leha ho le joalo, Jobo o ile a lula a tšepahalla Jehova. Ha mathata a Jobo a se a itse khoe! Jehova o ile a mo fa ka makhetlo a imenneng habeli lintho tsohle tseo a lahlehetsoeng ke tsona. A boela a eketsa litšiu tsa bophelo ba hae ka lilemo tse 140. (Jak. 5:11) Ka nako eo, o ile a tsoela pele ho sebeletsa Jehova ka pelo eohle. w18.02 6 ¶16; 7 ¶18
Laboraro, la 6 November
Batho e tla ba . . . ba ikhopolang ho tlōla, ba ikhohomosang, . . . ba ikhohomosang ka boikakaso.—2 Tim. 3:2, 4.
Batho ba nang le mekhoa ena ba etsa ka hohle hore batho ba bang ba ba nkele holimo. Ha setsebi se seng se bua ka motho ea joalo se re ekare o na le aletare e nyenyane eo a iketselitseng eona e le hore a ikinamele. Batho ba bang ba re boikhohomoso ke ntho e mpe hoo motho ea ikhohomosang a sa rateng ho bona batho ba bang ba ikhohomosa. Jehova o hloile boikhohomoso hobane Bibele e re o hloile “mahlo a iphahamisang.” (Liprov. 6:16, 17) Boikhohomoso bo ka re sitisa ho atamela ho Molimo. (Pes. 10:4) Ke e meng ea mekhoa eo Satane a nang le eona. (1 Tim. 3:6) Ka masoabi, ho na le bahlanka ba bang ba Molimo ba seng ba ikhohomosa. Mohlala, Morena Uzia o ile a tšepahalla Molimo ka lilemo tse ngata. Empa Bibele e re: “Leha ho le joalo, hang ha a le matla, pelo ea hae ea ikhohomosa ho fihlela boemong ba ho baka tšenyo, hoo a ileng a etsa ka ho se tšepahale ho Jehova Molimo oa hae ’me a kena ka tempeleng ea Jehova hore a chese libano holim’a aletare ea libano.” Hamorao, Morena Ezekiase le eena o ile a ikhohomosa le hoja e bile ka nakoana.—2 Likron. 26:16; 32:25, 26. w18.01 28 ¶4-5
Labone, la 7 November
E mong le e mong oa lōna ka tlung ea hae a ke a behelle ka thōko ho hong ho bolokiloeng kamoo ebang o atleha kateng.—1 Bakor. 16:2.
Ka Bibeleng, re ithuta hore Baiseraele le Bakreste ba mehleng ea pele ba ne ba fana ka monehelo e le ho tšehetsa mosebetsi oa Jehova. (Ex. 35:5; 2 Mar. 12:4, 5; 1 Likron. 29:5-9) Mehleng ea baapostola, Bakreste ba ile ba utloa hore ho na le tlala ea sekoboto Judea eaba “ba etsa qeto, e mong le e mong oa bona ho ea kamoo . . . a neng a ka ho khona, ho romela tšebeletso ea lithuso ho barab’abo rōna ba lulang Judea.” (Lik. 11:27-30) Menehelo e ne e tsoa libakeng tse fapaneng. Mehleng ea baapostola, Bakreste ba bang ba ile ba rekisa lintho tseo ba nang le tsona joaloka masimo le matlo ebe ba isa chelete ea thepa eo ho baapostola. Baapostola ba ile ba sebelisa chelete eo ho thusa batho ba hlokang. (Lik. 4:34, 35) Ba bang bona ba ile ba behella chelete e ’ngoe ka thoko e le hore ba ka tšehetsa mosebetsi oa Jehova. Batho bohle ba ile ba khona ho fana ka chelete, ebang ke barui kapa mafutsana.—Luka 21:1-4. w18.01 18 ¶7; 19 ¶9
Labohlano, la 8 November
Bashanyana ba tla khathala ’me ba tepelle.—Esa. 40:30.
Ho sa tsotellehe bokhoni boo re nang le bona, ho na le lintho tseo re ke keng ra khona ho li etsa ka matla a rona. Kaofela re lokela ho amohela taba ena. Le hoja moapostola Pauluse a ne a e-na le bokhoni ba ho etsa lintho tse ngata, o ne a sa khone ho etsa ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a batlang ho e etsa. O ile a bolella Jehova lintho tseo a amehileng ka tsona. Eaba Jehova o re ho eena: “Matla a ka a ntse a etsoa a phethahetseng bofokoling.” Pauluse o ile a utloisisa taba eo eaba o re: “Ha ke fokola, joale ke ha ke le matla.” (2 Bakor. 12:7-10) Empa o ne a bolela’ng? Moapostola Pauluse o ile a ithuta hore ho na le lintho tseo a ke keng a khona ho li etsa ha e se ka thuso ea Jehova. Moea o halalelang o ne o tla mo fa matla ao a a hlokang. O ne o tla boela o mo matlafatse hore a etse mesebetsi eo a neng a ke ke a khona ho e etsa ka matla a hae. Haeba le rona re kopa hore Jehova a re fe matla, o tla fela a re matlafatse. w18.01 9 ¶8-9
Moqebelo, la 9 November
Ho tloha boseeng u tsebile lingoliloeng tse halalelang, tse khonang ho u hlalefisetsa poloko.—2 Tim. 3:15.
Ha ngoan’a hao a batla ho kolobetsoa, qala ka ho bala lingoliloeng tseo mokhatlo oa Jehova o li etselitseng batsoali. Ha u etsa joalo, u tla thusa ngoan’a hao ho bona kamoo boitlamo ba ho kolobetsoa bo tebileng kateng le hore Jehova o tla re hlohonolofatsa. Kaha u motsoali, u na le boikarabelo ba bohlokoa ba hore u holise bana ba hao “ka taeo le kelello e laoloang ke Jehova.” (Baef. 6:4) Seo se bolela hore u lokela ho ruta bana ba hao ka Bibele ’me u ba thuse hore ba lumele lintho tseo ba ithutang tsona. Haeba tumelo ea bona e le matla, ba tla inehela ho Jehova ’me ba mo sebeletse ka pelo eohle. E se eka Lentsoe la Jehova, moea oa hae le boiteko ba hao li ka thusa bana ba hao ho ba “hlalefisetsa poloko.” w17.12 22 ¶17, 19
Sontaha, la 10 November
U tla ema bakeng sa kabelo ea hao bofelong ba matsatsi.—Dan. 12:13.
Kaha Daniele o ne a le haufi le ho ba lilemo li 100 ’me litšiu li se li ile, e ka ’na eaba o ne a ipotsa hore na ho tla etsahala’ng ka eena. Na o ne a tla phela hape? E! Qetellong ea buka ea Daniele, Jehova o ile a bua mantsoe ana ho mo khothatsa: “Ha e le uena, e-ea bofelong; ’me u tla phomola.” Daniele o ne a tseba hore batho ba hlokahetseng ba phomotse ’me ha ba na “morero kapa tsebo kapa bohlale Sheole,” e leng lebitleng. Daniele o ne a tseba hore le eena haufinyane lechoba le tla lala phoka. (Moek. 9:10) Empa hoo ha ho bolele hore e ne e tla ba phetho ka eena. Jehova o ne a mo tšepisitse bokamoso. Jehova o ile a boela a bua le Daniele mantsoe a hlahang temaneng ea letsatsi ea kajeno. Ha aa ka a bolelloa hore na e tla ba ka mor’a nako e kae. Daniele o ne a tla shoa, a phomole. Mantsoe a reng ‘o tla ema bakeng sa kabelo ea hae’ a bontša hore Daniele o ne a tla tsoha nako e telele ka mor’a lefu la hae. O ne a tla tsoha “bofelong ba matsatsi.” Ha Bibele ea Phetolelo e Ncha e bua ka tšepiso eo e re: “U tla tsoha mohla letsatsi la bofelo, u neoe lefa leo u le abetsoeng.” w17.12 7 ¶17-18
Mantaha, la 11 November
Paki e le ’ngoe e ke ke ea paka khahlanong le moea hore o shoe.—Num. 35:30.
Jehova o ile a bolella baholo ba Iseraele hore ba mo etsise ’me ba sebetse litaba ka toka. Ba ne ba lokela ho qala ka ho netefatsa litaba. Ka mor’a moo, ba hlahlobe ka hloko hore na sepheo sa ’molai e ne e le sefe, hore na o itšoere joang ka mor’a ketso eo le hore na o kile a etsa lintho life tse mpe. Ba ne ba lokela ho batlisisa hore na ’molai o ne a hloile mofu kapa che le hore na o ’molaile ka boomo. (Num. 35:20-24) Haeba ho e-na le lipaki, bonyane lipaki tse peli li ne li lokela ho teka bopaki pele kahlolo e lihuoa. Ka mor’a hore baholo ba utloe hore na ho etsahetse’ng, ba ne ba lokela ho nahana ka motho eo, eseng feela ka seo a se entseng. Ba ne ba lokela ho ba hlokolosi hore ba se ke ba ea le khongoana holimo empa ba bone lebaka leo lintho li etsahetseng ka lona. Ka holimo ho tsohle, ba ne ba lokela ho rapella moea o halalelang e le hore ba sebetse litaba ka toka, ba be bohlale ’me ba be mohau.—Ex. 34:6, 7. w17.11 16 ¶13-14
Labobeli, la 12 November
Nahanisisa ka lintho tsena.—1 Tim. 4:15.
Ho na le lithuto tsa bohlokoa tseo re qalileng ho li tseba ha re ithuta Bibele le Lipaki Tsa Jehova. Ke lithuto tsa motheo tse kang ea hore Jehova ke eena ea bopileng lintho tsohle hammoho le batho, hore ho na le lintho tseo a rerileng ho re etsetsa tsona nakong e tlang le hore Jehova o fane ka mora oa hae ho tl’o re shoela e le hore re ka lokoloha sebeng le lefung. Re ile ra boela ra ithuta hore ’Muso oa Molimo o tla felisa matšoenyeho ’ohle a teng lefatšeng le hore re tl’o phela ka ho sa feleng re thabile ha ’Muso oa Molimo o se o busa. (Joh. 3:16; Tšen. 4:11; 21:3, 4) Ha nako e ntse e ea, tsela eo re tsebang thuto e itseng ea Bibele ka eona e ka fetoloa. Ha liphetoho tsena li e-ba teng, re lokela ho ipha nako e le hore re ithute lithuto tseo tse fetotsoeng re be re thuise ka tsona. (Lik. 17:11) Re lokela ho utloisisa hantle lithuto tseo tse fetotsoeng, eseng feela ho tseba hore na tsela eo re neng re tseba lithuto tseo ka eona le tsela eo re seng re li tseba ka eona e fapana joang. Ha re etsa joalo, tsebo eo re nang le eona ka lithuto tsa Bibele e tla eketseha. w17.06 12-13 ¶15-16
Laboraro, la 13 November
Le bolaee litho tsa ’mele ea lōna tse lefatšeng mabapi le bohlola, ho se hloeke, takatso ea botona kapa ea botšehali.—Bakol. 3:5.
Ho bohlokoa haholo hore re be seli ha re hlaheloa ke maemo ao ho ’ona ho ka bang thata ho mamela melao ea Jehova. Ka mohlala, ho bohlokoa hore batho ba babeli ba ratanang ba buisane li sa tloha feela ka ho behelana meeli ha ho tluoa litabeng tse kang ho tšoarana, ho metana le ho ba moo ba leng babeli feela. (Liprov. 22:3) Re boetse re lokela ho ba seli haholo boemong boo ho bona re nkileng leeto la mosebetsi kapa haeba re sebetsa le motho oa bong bo fapaneng. (Liprov. 2:10-12, 16) Re lokela ho ba seli nakong eo re nyahameng kapa re utloileng bohloko haholo. Boemong bo joalo, re ka utloa re batla motho ea ka etsang hore re ikutloe re ratoa. Haeba u ka hlaheloa ke boemo bo joalo, kopa Jehova hore a u thuse ’me u be haufi le Bakreste-’moho le uena e le hore u tle u se ke oa etsa lintho tse tla u sitisa ho fumana moputso.—Pes. 34:18; Liprov. 13:20. w17.11 26 ¶4-5
Labone, la 14 November
Fanang ka metse ea setšabelo.—Josh. 20:2.
Jehova o ne a nka tšollo ea mali ea mofuta ofe kapa ofe e le sebe se tebileng. Motho ea bolaileng o ne a bolaoa ke mong ka mofu e motona ea neng a bitsoa “mopheteletsi oa mali.” (Num. 35:19) Ka tsela eo, ’molai o ne a tla be a patetse ka bophelo ba hae. Ha ’molai a ne a ke ke a bolaoa kapele, Naha e Tšepisitsoeng e ne e tla silafala. Jehova o ile a re: “Le se ke la silafatsa naha eo le leng ho eona; hobane mali a silafatsa naha.” (Num. 35:33, 34) Ho ne ho etsahala’ng ha Moiseraele a bolaile motho ka phoso? O ne a ntse a le molato oa mali. (Gen. 9:5) Leha ho le joalo, Jehova o ne a mo hauhela. Moiseraele eo o ne a ka balehela ho o mong oa metse e tšeletseng eo Baiseraele ba neng ba tšabela ho eona. Ha a le moo, o ne a tla sireletseha. O ne a lokela ho lula moo ho fihlela moprista ea phahameng a e-shoa.—Num. 35:15, 28. w17.11 9 ¶3-5
Labohlano, la 15 November
Ea masene o koahela ho se hlomphehe.—Liprov. 12:16.
Morali’abo rona e mong oa Australia o ile a re: “Ntate matsale ha a rate Lipaki. Pele re mo letsetsa, ’na le monna oa ka re ne re rapela Jehova hore a re thuse hore re se ke ra mo arabela re koatile. E le ho qoba moqoqo o molelele o qetellang ka likhang mabapi le bolumeli, re ne re lumellana esale pele hore na re tla nka nako e kae re chakile.” Likhohlano tse ka bang teng li ka ’na tsa etsa hore u ikutloe u le molato, haholo-holo hobane u ba rata haholo ’me mohlomong u ’nile oa leka ho etsa sohle hore u ba khahlise. Loanela ho tšepahala ho Jehova ho e-na le ho rata beng ka uena haholo. Ho ikemela ho joalo ho ka thusa beng ka uena hore ba bone hore lerato la hao ho Jehova ke taba ea bohlokoa haholo ho uena. Hape hopola hore u ke ke oa qobella motho ho rata Jehova. Ho e-na le hoo, etsa hore ba bone ho uena melemo ea ho ba mohlanka oa Jehova. Bonneteng, Molimo oa rona ea lerato Jehova o re file monyetla o tšoanang oa hore re mo sebeletse.—Esa. 48:17, 18. w17.10 15-16 ¶15-16
Moqebelo, la 16 November
A re se keng ra rata ka lentsoe kapa ka leleme, empa re rate ka ketso le ’nete.—1 Joh. 3:18.
Re lokela ho bontša ka liketso hore re rata batho. Mohlala, ha Mokreste-’moho le uena a hloka liaparo le lijo ha hoa lekana ho bua mantsoe a bontšang ho mo hauhela. (Jak. 2:15, 16) Ka ho tšoanang lerato leo re ratang Jehova le batho ka lona le re susumelletsa hore re se ke ra rapella feela hore Jehova a fane ka baboleli ba eketsehileng empa re kenye letsoho mosebetsing oa boboleli. (Mat. 9:38) Moapostola Johanne o itse re lokela ho rata “ka ketso le ’nete.” Kahoo, lerato la rona e lokela ho ba “le se nang boikaketsi.” (Bar. 12:9; 2 Bakor. 6:6) Ka linako tse ling re ka etsa eka re rata barab’abo rona empa ho se joalo. Na ho etsa joalo e tla be e le ho bontša lerato la ’nete? Sepheo sa rona e tla be e le sefe? Ha rea lokela ho etsa eka re rata batho empa re ikaketsa. Ha re etsa joalo, re tla be re sa rate batho e le kannete. w17.10 8 ¶5-6
Sontaha, la 17 November
U e bale ka lentsoe le tlaase bosiu le motšehare, . . . ka ho etsa joalo u tla etsa ka bohlale.—Josh. 1:8.
E le hore re lumelle Lentsoe la Molimo ho fetola bophelo ba rona, re lokela ho le bala kamehla kapa letsatsi le letsatsi. Ke ’nete hore boholo ba rona re maphathaphathe. Empa ha rea lokela ho lumella boikarabello bofe kapa bofe ba rona ho re sitisa ho bala Bibele. (Baef. 5:15, 16) Bahlanka ba bangata ba Jehova ba fumane litsela tse fapaneng tsa ho ithekela nako ea ho bala Bibele kamehla, ebang ke hoseng, motšehare kapa bosiu. Ba ikutloa ka tsela e tšoanang le ea mopesaleme ea ileng a re: “Molao oa hao ke o rata hakaakang! Ke nahanisisa ka oona letsatsi lohle.” (Pes. 119:97) Leha ho le joalo ho bala Bibele feela ha hoa lekana. Re lokela ho nahanisisa ka lintho tseo re li balileng. (Pes. 1:1-3) ’Me ho etsa joalo ho tla re thusa ho phela ka melao ea Molimo. Hore na re bala Bibele li-tableteng, liselefounong kapa re e bala moo e ngotsoeng morero oa rona ke ho e lumella ho fetola bophelo ba rona. w17.09 24 ¶4-5
Mantaha, la 18 November
Kaofela ha lōna le be le . . . qenehelo e bonolo.—1 Pet. 3:8.
Ha se hore kamehla re lokela ho qenehela batho. Ka mohlala, Morena Saule o ile a etsa phoso ka ho qenehela Agage kaha Agage e ne e le sera sa batho ba Molimo. Kahoo, Jehova o ile a mo tlosa boreneng. (1 Sam. 15:3, 9, 15) Jehova ke Moahloli ea lokileng hobane eena o khona ho bona lipelo tsa batho ’me oa tseba ha ho sa hlokahale hore motho a hauheloe. (Lillo 2:17; Ezek. 5:11) Ho na le nako eo ka eona a tla timetsa ba sa mo mameleng. (2 Bathes. 1:6-10) Ka nako eo, a ke ke a qenehela batho bao a ba ahlotseng ka hore ba khopo. Ha a ba timetsa o tla be a bontša hore o qenehela batho ba lokileng kapa o ba utloela bohloko. Ha se mosebetsi oa rona ho ahlola batho ka hore na ke bafe ba tla pholoha kapa ba tla timetsoa. Ho e-na le hoo, re lokela ho leka ka hohle ho ba thusa hore ba be le kamano e ntle le Molimo. w17.09 10-11 ¶10-12
Labobeli, la 19 November
Litholoana tsa moea ke . . . boitšoaro.—Bagal. 5:22, 23.
Boitšoaro ke bokhabane boo Molimo a nang le bona. Jehova o khona ho bonahatsa boitšoaro ka tsela e phethahetseng. Kaha batho ha baa phethahala ba thatafalloa ho itšoara. Ke ’nete hore mathata ao batho ba bangata ba nang le ’ona kajeno a qala ka ho hloka boitšoaro. ’Me ho hloka boitšoaro hoo ho ka etsa hore batho ba etse lintho tsa bohlokoa ka motsotso oa ho qetela hape ba se ke ba sebetsa hantle sekolong kapa mosebetsing. Ho ka boetse ha qetella ka litlhapa, botahoa, ntoa, ho qhalana ha malapa, likoloto, ho kena chankaneng, ho sithabela maikutlong, mafu a likobo le bana ba matšeo. (Pes. 34:11-14) ’Me bothata bona bo ntse bo e-hloa mekoalaba. Lilemong tsa bo-1940, batho ba ile ba seka-seka thuto mabapi le boitšoaro, empa ho latela thuto ea morao tjena ho bonahala batho ba ntse ba thatafalloa ho itšoara le ho feta. Liithuti tsa Bibele ha li makalle liketso tsena kaha Bibele e ne e boletse esale pele bopaki ba hore re phela “matsatsing a ho qetela” ’me batho e ne e tla ba “ba hlokang boitšoaro.”—2 Tim. 3:1-3. w17.09 3 ¶1-2
Laboraro, la 20 November
Khotso ea Molimo e fetang monahano oohle e tla lebela lipelo tsa lōna.—Bafil. 4:7.
Ha re e-na le “khotso ea Molimo,” re tla lula re phutholohile hobane rea tseba hore Jehova oa re tsotella ebile o batla hore re atlehe bophelong. (1 Pet. 5:10) Ka lebaka leo, ha se habonolo re tla nyahama kapa hona ho tšoenyeha. Haufinyane ho tla ba le matšoenyeho a maholo ka ho fetisisa mona lefatšeng. (Mat. 24:21, 22) Ha re tsebe hore na ho tla etsahala’ng ka rona nakong eo. Empa ha rea lokela ho tšoenyeha ho tlola ka hore na ho tla etsahala’ng. Le hoja re sa tsebe lintho tsohle tseo Jehova a tla li etsa ka nako eo, rea tseba hore o tla phetha litšepiso tsa hae. Re ithutile linthong tseo a ileng a li etsetsa bahlanka ba hae hore Jehova o tla lula a etsa thato ea hae. Ka linako tse ling a be a e etse ka tsela eo re sa e lebellang ho sa tsotellehe hore na ho tla etsahala’ng. Kahoo, nako le nako ha Jehova a etsa joalo, re tla ba le “khotso ea Molimo e fetang monahano oohle” ka litsela tse ngata tse fapaneng. w17.08 12 ¶16-17
Labone, la 21 November
Le se ke la fela pelo . . . ho fihlela ho beng teng ha Morena.—Jak. 5:7.
Moprofeta Esaia le moprofeta Habakuke ba kile ba botsa ba re: “Halelele hakae?” (Esa. 6:11; Hab. 1:2) Morena oa rona Jesu Kreste le eena o ile a botsa potso eo ha a bona kamoo batho ba neng ba se na tumelo kateng. (Mat. 17:17) Kahoo le rona re ka ’na ra iphumana re botsa potso eo. Mohlomong re kile ra tšoaroa ka leeme, rea kula kapa re se re tsofetse. Kapa mohlomong re sebetsana le a mang a mathata a “linako tse mahlonoko tseo ho leng thata ho sebetsana le tsona.” (2 Tim. 3:1) E ka ’na eaba re nyahamisoa ke lintho tse fosahetseng tseo batho ba li etsang. Ho sa tsotellehe hore na re nyahamisoa ke’ng, rea khothala ha re hopola hore bahlanka ba Jehova ba nakong e fetileng le bona ba ile ba ipotsa potso e tšoanang ’me Jehova ha aa ka a ba khalemella ho e botsa. Empa ke’ng e ka re thusang ha re thulana le mathata? Re ka thusoa ke ntho eo Jakobo a e buileng temaneng ea kajeno ea letsatsi. w17.08 3-4 ¶1-3
Labohlano, la 22 November
Iketsetseng metsoalle ka maruo a sa lokang.—Luka 16:9.
Jesu o ile a re balateli ba hae ba sebelise “maruo a sa lokang” ho iketsetsa metsoalle leholimong. Re ka bontša hore re rata Jehova ka lintho tseo re nang le tsona ka hore re fane ka menehelo ho tšehetsa mosebetsi oa boboleli oo Jesu a buileng ka oona. (Mat. 24:14) Ngoanana e mong oa naheng ea India o ne a boloka chelete ka lebokoseng le lenyenyane. O ne a bile a rekisa lintho tseo a bapalang ka tsona hore a tšele chelete ka moo. Ha lebokose le tlala, o ile a fana ka chelete eo e le monehelo. Mor’abo rona e mong oa India ea nang le masimo a litholoana o ile a fana ka tse ling tsa tsona ka bongata ofising ea phetolelo ea Semalayalam. O re kaha ofisi e hloka ho reka litholoana, o utloa a thusitse ho feta ha a ne a ka fana ka chelete. O na le “bohlale bo sebetsang.” Barab’abo rona ba Greece le bona ba fana ka oli ea mehloaare, chisi le lijo tse ling lelapeng la Bethele. w17.07 8 ¶7-8
Moqebelo, la 23 November
Re bineleng e ’ngoe ea lipina tsa Sione.—Pes. 137:3.
Kaha Baiseraele ba ne ba hapuoe, ba ne ba se na lebaka la ho bina. Kaha ba ne ba utloile bohloko, ba ne ba hloka ho tšelisoa. Empa Jehova o ile a romela morena oa Persia e leng Cyruse ho ba lokolla joalokaha a ne a profetile. Cyruse o ile a hlola Bababylona eaba o re: “Jehova Molimo . . . o ntaetse hore ke mo hahele ntlo Jerusalema. . . . Mang kapa mang ea har’a lōna bohle batho ba hae, Jehova Molimo oa hae a be le eena. Kahoo a ke a nyolohe.” (2 Likron. 36:23) E tlameha ebe Baiseraele ba neng ba lula Babylona ba ile ba khothala haholo ha ba lokolloa. Jehova ha aa ka a tšelisa Moiseraele a le mong empa o ile a tšelisa sechaba sohle. Le mehleng ena Jehova o tšelisa bahlanka bohle ba hae. Molimo o “folisa ba robehileng lipelo, o tlamisa maqeba a bona a bohloko.” (Pes. 147:3) Jehova o tsotella motho e mong le e mong ea nang le mathata ebile o ikemiselitse ho re tšelisa ha re nyahame. (Pes. 34:18; Esa. 57:15) O re fa bohlale le matla a hore re sebetsane le bothata leha e le bofe boo re thulanang le bona.—Jak. 1:5. w17.07 18 ¶4-5
Sontaha, la 24 November
Moo letlotlo la lōna le leng teng, lipelo tsa lōna le tsona li tla ba moo.—Luka 12:34.
Jehova o ruile ho feta motho e mong le e mong. (1 Likron. 29:11, 12) Empa kaha ha a timane, o arolelana le rona matlotlo ao a nang le ’ona. Ke matlotlo a kang (1) molaetsa oa ’Muso oa hae, (2) tlotla ea ho ruta batho ka Bibele le (3) lithuto tsa bohlokoa tse tsoang ka Bibeleng. Empa haeba re se seli, re ka qetella re se re sa rate matlotlo ao a bohlokoa. Kahoo re lokela ho lula re loanela ho bontša hore re rata matlotlo ao. Ke ’nete hore boholo ba rona re entse liphetoho tse kholo ka mor’a ho ithuta Bibele. (Bar. 12:2) Leha ho le joalo, re ntse re lokela ho ba seli hore lerato leo re ratang Jehova ka lona le se ke la fokolisoa ke lintho tseo re li lakatsang, tse kang ho ba le maruo le ho kopanela liphate le bao e seng balekane ba rona.—Liprov. 4:23; Mat. 5:27-29. w17.06 9 ¶1; 10 ¶7
Mantaha, la 25 November
Na ua tseba?—Jobo 38:21.
Ha ho moo Jehova a bolellang Jobo hore na ke hobane’ng ha a hlahetsoe ke mahlomola. Morero oa Jehova e ne e se ho hlalosetsa Jobo lebaka leo a hlahetsoeng ke mathata ka lona, joalokaha eka Jehova o lokela ho itlhahisa a se na molato ho Jobo. Ho e-na le hoo, Jehova o ne a batla ho thusa Jobo ho bona hore na o fokola hakae ha a bapisoa le Jehova. A ba a mo thusa hore a bone hore ho na le lintho tse bohlokoa ho feta mathata a hae. (Jobo 38:18-20) Ka mor’a moo Jobo o ile a bona lintho ka tsela e nepahetseng. Na Jehova o ne a sa utloele Jobo bohloko ha a mo khalemela joalo le hoja Jobo a ne a mameletse mathata a boima? Che, Jobo le eena o ne a bone ho le joalo. O ne a utloisisa khalemelo ea Jehova a bile a e ananela. O ile a ba a re: ‘Ke hula mantsoe, ke baka ke le lerōleng le moloreng.’ O buile mantsoe ao ka lebaka la khalemelo ea Jehova e lerato. (Jobo 42:1-6) Ha Jehova a hlokomela hore Jobo o bakile, o ile a bolella batho hore o motlotlo ka Jobo.—Jobo 42:7, 8. w17.06 24-25 ¶11-12
Labobeli, la 26 November
Maria o khethile karolo e ntle, ’me a ke ke a e amohuoa.—Luka 10:42.
E le hore re bone hore na re batla ’Muso pele, re ka ipotsa: ‘Na ke natefeloa ke ho etsa mosebetsi oa boipheliso ho feta ho sebeletsa Jehova?’ Ho nahanisisa ka potso ena ho ka re thusa ho hlokomela hore na ke lintho life tseo re li nkang e le tsa bohlokoa. Jesu o re rutile hore na ke’ng e lokelang ho tla pele bophelong ba rona. Ka letsatsi le leng, Jesu o ile a chakela Maria le Maretha. Ha Maretha a ntse a phathahane ka ho lokisa lijo, Maria o ne a lutse fatše a mametse Jesu. Maretha o ile a korotla ka hore Maria ha a mo thuse. Empa Jesu o ile a bua mantsoe a hlahang temaneng ea letsatsi ea kajeno. (Luka 10:38-42) Jesu o ne a ruta Maretha thuto ea bohlokoa ea hore ho sebeletsa Jehova ho lokela ho tla pele bophelong ba rona ’me re se ke ra sitisoa ho rata Kreste ke mosebetsi oa boipheliso. w17.05 24 ¶9-10
Laboraro, la 27 November
Mora oa ka, u mamele taeo ea ntat’ao.—Liprov. 1:8.
Jehova o file batsoali boikarabelo ba ho ruta bana ba bona Bibele, eseng mang kapa mang e mong, ho sa tsotellehe hore na ke bo-nkhono kapa bo-ntate-moholo ba bana bao. (Liprov. 31:10, 27, 28) Ho ntse ho le joalo, kaha batsoali ba bang ha ba tsebe puo e buuoang moo ba falleletseng teng, ba ka ’na ba hloka ho thusoa. Ha se hore batsoali ba tlohella boikarabelo boo ba bo fuoeng ba ho holisa bana ba bona, empa ha ba etsa joalo, ba thusa bana ba bona ka “ho ba hōlisa ka taeo le kelello e laoloang ke Jehova.” (Baef. 6:4) Ka mohlala, batsoali ba ka kopa baholo hore ba ba fe malebela a hore na ba ka tšoara borapeli ba lelapa joang le hore na ba ka thusa bana ho fumana metsoalle e hantle joang. Ka linako tse ling batsoali ba ka mema malapa a mang ka phuthehong hore a be teng borapeling ba lelapa la bona. Ho feta moo, bacha ba bangata ba ba le kamano e ntle le Jehova ha ba qeta nako e ngata le bara le barali babo rona ba ratang Jehova, mohlomong ba ea tšimong le bona ba bile ba qeta nako e itseng ba ikhatholla le bona.—Liprov. 27:17. w17.05 11-12 ¶17-18
Labone, la 28 November
U balehele Egepeta.—Mat. 2:13.
Ka mor’a hore lengeloi le lemose Josefa hore Morena Heroda o batla ho bolaea Jesu, Maria le Josefa hammoho le leseanyana la bona ba ile ba balehela Egepeta. Ba ile ba lula moo ho fihlela Heroda a shoa. (Mat. 2:14, 19-21) Ka mor’a lilemo tse ngata, barutuoa ba Jesu “ba hasana ho pholletsa le libaka tsa Judea le Samaria” hobane ba ne ba hlorisoa. (Lik. 8:1) Jesu o ile a bolela esale pele hore balateli ba hae ba ne ba tla qobelloa ho tsoa matlong a bona. O ile a re: “Ha ba le hlorisa motseng o mong, le balehele ho o mong.” (Mat. 10:23) Lipaki Tsa Jehova tse likete li ile tsa etsahalloa ke ntho e tšoanang. Batho ba bangata ba hlokahalletsoe ke ba malapa a bona ’me ba lahlehetsoe ke thepa. Ba bang ba kopana le maemo a kotsi ha ba tloha linaheng tsa habo bona kapa ba phela likampong tsa baphaphathehi moo ho nang le batho ba tahoang, ba bechang, ba utsoang le ba etsang boitšoaro bo bobe. Leha ho le joalo, ba ne ba ikhothatsa ka Baiseraele ba ileng ba lokela ho tsamaea nako e telele lefeelleng. Kahoo le bona ba ile ba kholiseha hore ho lula ha bona likampong ke ha nakoana.—2 Bakor. 4:18. w17.05 3-4 ¶2-5
Labohlano, la 29 November
Ba ratang molao oa hao ba na le khotso e ngata, ha ho khopiso ho bona.—Pes. 119:165.
Ka linako tse ling, uena kapa motho e mong eo u mo tsebang le ka tšoaroa ka ho hloka toka kapa la bona eka le tšoeroe ka ho hloka toka ka phuthehong. U se ke oa itumella hore u khopehe. Ho e-na le hoo, kaha re bahlanka ba Molimo, re lokela ho mo tšepahalla ’me re rapelle hore a re tataise. Ka tsela e tšoanang, rea hlokomela hore ha se kamehla re ka tsebang lintlha kaofela. Rea utloisisa hore ka lebaka la ho se phethahale re ka etsa phoso tseleng eo re bonang lintho ka eona. Re lokela ho qoba ho bua hampe ka Bakreste-’moho le rona kaha re ka mpefatsa litaba le ho feta. Ho e-na le ho sebetsa litaba ka tsela ea rona, a re ikemisetseng ho lula re tšepahala ’me re letele hore Jehova e be eena ea li lokisang. Ha re etsa joalo, Jehova o tla re amohela ’me a re hlohonolofatse. Re kholisehile hore Jehova, “moahloli oa lefatše lohle,” o tla lula a etsa lintho ka tsela e nepahetseng, “etsoe litsela tsohle tsa hae ke toka.”—Gen. 18:25; Deut. 32:4. w17.04 22 ¶17
Moqebelo, la 30 November
Motho ea khopo a tlohele tsela ea hae . . . A ke a khutlele ho Jehova, ea tlang ho mo hauhela.—Esa. 55:7.
Ho tla etsahala’ng ka batho ba hanang ho fetoha, ba tšehetsang tsamaiso ee ho fihlela matšoenyeho a maholo a qala? Jehova o tšepisitse hore o tla felisa batho ba khopo. (Pes. 37:10) Batho ba khopo ba ka ’na ba nahana hore ba tla pholoha kahlolo eo hobane ba pata liketso tse mpe tseo ba li etsang ’me ha ho mohla ba fumanang kahlolo e ba lokelang. (Jobo 21:7, 9) Leha ho le joalo, Bibele e re hopotsa sena ka Molimo: “Mahlo a hae a holim’a litsela tsa motho. O bona mehato eohle ea hae. Ha ho botšo kapa moriti o lefifi bakeng sa hore ba tloaetseng ho etsa se kotsi ba ipate moo.” (Jobo 34:21, 22) Ha ho na motho ea ka ipatelang Jehova. Ha ho na lefifi le ka sitisang Jehova ho bona ntho leha e le efe. Ka mor’a Armagedone, re tla sheba moo batho ba khopo ba neng ba lula teng ’me re ke ke ra ba bona. Ba tla be ba le sieo, ka ho sa feleng!—Pes. 37:12-15. w17.04 10 ¶5