April
Laboraro, la 1 April
[Jesu] a re ho Petrose: “Suthela ka mor’a ka, Satane! . . . U nahana menahano ea batho, eseng ea Molimo.—Mat. 16:23.
Rona re oela hokae? Na re nahana joaloka ka batho ba sebeletsang Molimo kapa joaloka ba sa mo sebeletseng? Ke ’nete hore re tlohetse mekhoa eo Jehova a sa e rateng, empa na re nahana ka tsela eo a batlang hore re nahane ka eona? Ha ho itlele feela hore re nahane ka tsela ena empa ho hlokahala boiteko. Kaha re pota-potiloe ke batho ba sa sebeletseng Molimo, ho bonolo hore re nahane joaloka bona. (Baef. 2:2) Batho bana ba khothalletsa hore re ikhauhele re se ke ra nahanela batho ba bang. Mabaka ana ke ’ona a etsang hore ho be thata ho nahana ka tsela eo Jehova a batlang re nahane ka eona. Haeba re itumella ho nahana joaloka batho ba sa sebeletseng Jehova, re tla ba baithati hape boitšoaro ba rona bo tla khoehla. (Mar. 7:21, 22) Ka hona ho bohlokoa hore re ikemisetse ho nahana joaloka Molimo eseng batho. w18.11 18 ¶1; 19 ¶3-4
Labone, la 2 April
Enoa ke Mora oa ka, ea ratoang, eo ke mo amohetseng.—Mat. 3:17.
E tlameha ebe Jesu o ile a khothala haholo ha Jehova a bontša hore o mo nka e le motho oa bohlokoa ha a bua ka eena ka makhetlo a mararo a le leholimong. Ka mor’a hore Jesu a kolobetsoe nokeng ea Jordane, Jehova o ile a bua mantsoe a ka holimo. Ho bonahala eka Johanne Mokolobetsi e bile eena feela ea ileng a utloa mantsoe ao. Eaba selemo pele Jesu a shoa, baapostola ba bararo ba utloa ha Jehova a re ka Jesu: “Enoa ke Mora oa ka, ea ratoang, eo ke mo amohetseng; mo mameleng.” (Mat. 17:5) Matsatsi a seng makae pele Jesu a shoa, Jehova o ile a boela a bua le Mora oa hae a le leholimong. (Joh. 12:28) Le hoja Jesu a ne a tseba hore o tla bolaoa, a etselletsoe ka hore ke monyefoli, ha a rapela, o ile a kopa hore ho etsahale thato ea Jehova eseng ea hae. (Mat. 26:39, 42) “O ile a mamella thupa ea tlhokofatso, a sa natse lihlong” hobane o ne a sa batle ho ratoa ke batho empa o ne a batla ho tsejoa le ho ratoa ke Ntate oa hae.—Baheb. 12:2. w18.07 10-11 ¶15-16
’Malo oa Bibele oa Sehopotso: (Liketsahalo tsa mantsiboea a la 9 Nisane) Mareka 14:3-9
Labohlano, la 3 April
Ntate, haeba u lakatsa, tlosa senoelo sena ho ’na.—Luka 22:42.
Ka mor’a hore Jesu a thehe Lijo Tsa Shoalane Tsa Morena, o ile a bontša hore o sebete ka tsela e ikhethang. O ile a bontša joang? Jesu o ile a lumela ho etsa thato ea Ntate oa hae le hoja a ne a tseba hore ho etsa joalo ho tl’o etsa hore a bolaoe joaloka lesholu. (Mat. 26:65, 66) O ile a sireletsa lebitso la Jehova le bobusi ba hae ka hore a lule a tšepahala le ho fa batho ba sa phethahalang monyetla oa ho phela ka ho sa feleng. Jesu o ile a boela a thusa balateli ba hae hore ba lule ba le malala-a-laotsoe bakeng sa lintho tseo li neng li le haufi le ho etsahala. Jesu o ile a bontša hore o sebete ka hore a se ke a tšoenyeha ka mathata a hae, ho e-na le hoo, o ile a ameha ka litlhoko tsa baapostola ba hae. Ka mor’a hore a leleke Judase, o ile a theha Sehopotso se neng se tla hopotsa batlotsuoa molemo oa lefu la hae le ho ba etsa karolo ea selekane se secha.—1 Bakor. 10:16, 17. w19.01 22 ¶7-8
’Malo oa Bibele oa Sehopotso: (Liketsahalo tsa motšehare oa la 9 Nisane) Mareka 11:1-11
Moqebelo, la 4 April
Ntate, tlotlisa lebitso la hao. —Joh. 12:28.
Jehova o ile a araba Jesu a le leholimong a re: “Ke le tlotlisitse ’me ke tla boela ke le tlotlise.” Jesu o ne a tšoenyehile ka lebaka la boikarabelo bo boima ba hore a lule a tšepahala ho Jehova. O ne a tseba hantle hore o ne a tl’o hlorisoa le ho shoa lefu le sehloho. (Mat. 26:38) Ntho ea bohlokoa eo Jesu a neng a amehile ka eona e ne e le ho tlotlisa lebitso la Ntate oa hae. Jesu o ne a tšoenyehile ka hore lefu la hae le ne le tla etsa hore lebitso la Ntate oa hae le rohakoe ’me batho ba ne ba mo qosa ka hore ke monyefoli. Joaloka Jesu, le rona re tšoenyehile ka hore batho ba se ke ba rohaka lebitso la Molimo. Mohlomong le rona re tšoaroa ka tsela e se nang toka. Kapa e ka ’na eaba re utloisoa bohloko ke mashano ao batho ba a buang ka rona. Re ka ’na ra nahana hore na mashano ana a senya Jehova lebitso hakaakang. Maemong ana ’ohle, ho hopola mantsoe a Jehova a hlahang ho Johanne 12:27, 28 ho ka re khothatsa haholo. Ha ho mohla Jehova a tla hloleha ho halaletsa lebitso la hae.—Pes. 94:22, 23; Esa. 65:17. w19.03 11-12 ¶14-16
’Malo oa Bibele oa Sehopotso: (Liketsahalo tsa motšehare oa la 10 Nisane) Mareka 11:12-19
Sontaha, la 5 April
Jesu Kreste a qala ho bontša barutuoa ba hae hore o tla . . . utloisoa bohloko linthong tse ngata . . . le ho bolaoa.—Mat. 16:21.
Ka nako e ’ngoe barutuoa ba Jesu ba ne ba sa kholoe mantsoe ao a ileng aa bua ho bona. Ba ne ba lebelletse hore o tl’o khutlisetsa ’muso ho Iseraele empa o ile a ba bolella hore o tl’o hlorisoa a be a bolaoe. Eaba moapostola Petrose o re: “Ikhauhele, Morena ho hang u ke ke ua ba le qetello ena.” Empa Jesu a mo khalemela a re: “Suthela ka mor’a ka, Satane! U khopiso ho ’na, hobane u nahana menahano ea batho, eseng ea Molimo.” (Mat. 16:22, 23; Lik. 1:6) Mantsoe ana a Jesu a ne a hlakisa hore batho ba sebeletsang Jehova le ba sa mo sebeletseng ba nahana ka tsela e fapaneng. (1 Joh. 5:19) Boemong bona Petrose o ile a nahana joaloka batho ba sa sebeletseng Molimo eaba o batla hore Jesu a iqenehele. Jesu eena o ne a tseba hore Ntate oa hae ha a nahane ka tsela eo. Ke ka lebaka leo a ileng a hanyetsa Petrose. w18.11 18 ¶1-2
’Malo oa Bibele oa Sehopotso: (Liketsahalo tsa motšehare oa la 11 Nisane) Mareka 11:20–12:27, 41-44
Mantaha, la 6 April
Le [’ne le phatlalatse] lefu la Morena, ho fihlela a fihla.—1 Bakor. 11:26.
Ak’u nahane hore na Jehova o ikutloa joang ha a bona batho ba limilione lefatšeng ka bophara ba bokane bakeng sa Lijo Tsa Shoalane Tsa Morena. O ela hloko motho e mong le e mong ea teng moo. Mohlala, o bona batho bao ka botšepehi ba bang teng selemo le selemo. E ka ’na eaba ba bang ba bona ba ba teng le hoja ba hlorisoa. Batho ba bang ha ba be teng libokeng beke le beke, empa ba nka hore ba tlameha ho ba teng Sehopotsong kamehla. Jehova o boetse o ela hloko batho ba qalang ho ba teng Sehopotsong, bao mohlomong ba tlileng hobane ba batla ho bona hore na ho etsoa’ng. Ha ho potang hore Jehova oa thaba ha a bona litila-tile tsa batho ba tlileng Sehopotsong. (Luka 22:19) Empa o ameha haholo ka hore na ke hobane’ng ha ba tlile. Na rona re thabela ho rutoa ke Jehova a sebelisa mokhatlo oa hae?—Esa. 30:20; Joh. 6:45. w19.01 26 ¶1-3
’Malo oa Bibele oa Sehopotso: (Liketsahalo tsa motšehare oa la 12 Nisane) Mareka 14:1, 2, 10, 11; Matheu 26:1-5, 14-16
Letsatsi la Sehopotso
Ha Letsatsi le se le Liketse
Labobeli, la 7 April
Kreste o ile a re shoela.—Bar. 5:8.
Jesu o ne a ikemiselitse ho tela bophelo ba hae molemong oa balateli ba hae ’me kamehla o ne a sa iketeletse pele. Mohlala, o ne a ea ho balateli ba hae esita leha a khathetse kapa a tšoenyehile. (Luka 22:39-46) Hape, o ne a ameha ka lintho tseo a ka li etsetsang batho, eseng tseo ba ka mo etsetsang tsona. (Mat. 20:28) Kaofela re litho tsa phutheho ea ’nete ea Bokreste, ’me re thabela ho mema batho hore e be karolo ea rona. Leha ho le joalo, ka ho khetheha re batla ho thusa bao re “amanang le [bona] tumelong,” ba seng ba sa kopanele tšebeletsong. (Bagal. 6:10) Re bontša hore rea ba rata ka ho ba khothalletsa ho tla libokeng, haholo-holo ho ea Sehopotsong. Joaloka Jehova le Jesu, le rona re thaba haholo ha motho ea neng a se a sa kopanele tšebeletsong a khutlela ho Jehova.—Mat. 18:14. w19.01 29 ¶12, 14; 30 ¶15
’Malo oa Bibele oa Sehopotso: (Liketsahalo tsa motšehare oa la 13 Nisane) Mareka 14:12-16; Matheu 26:17-19 (Liketsahalo tsa mantsiboea a la 14 Nisane) Mareka 14:17-72
Laboraro, la 8 April
Sena se bolela ’mele oa ka. . . . Sena se bolela ‘mali a selekane’ a ka.—Mat. 26:26-28.
Ha Jesu a ne a theha Sehopotso sa lefu la hae. O ile a sebelisa bohobe le veine tse neng li setse moketeng oa Paseka. Jesu o ile a bolella baapostola ba hae hore bohobe boo bo ne bo emela ’mele oa hae o phethahetseng, ha veine eona e emela mali a hae ao haufinyane a neng a tla tšolloa molemong oa bona. Mohlomong baapostola ha baa ka ba makala hore ebe ketsahalo ena ea bohlokoa e ne e sa rarahana. Ebe ke hobane’ng? Likhoeli pejana ha Jesu a chaketse Lazaro, Maretha le Maria. O ile a qala ho ruta. Maretha o ne a le teng empa a phathahane ka ho pheha lijo tse ngata bakeng sa moeti oa bona. Ha Jesu a hlokomela se etsahalang, o ile a bua le Maretha ’me a mo thusa ho bona hore ka linako tse ling ha ho hlokehe hore a phehe lijo tse ngata. (Luka 10:40-42) Bosiung ba ho qetela pele Jesu a bolaoa, o ile a sebelisa keletso eo a ileng a e fa Maretha. O ile a sebelisa lintho tse fumanehang habonolo hore a thehe Sehopotso. w19.01 20-21 ¶3-4
’Malo oa Bibele oa Sehopotso: (Liketsahalo tsa motšehare oa la 14 Nisane) Mareka 15:1-47
Labone, la 9 April
Ntate, u ntlotlise haufi le uena ka khanya eo ke neng ke e-na le eona.—Joh. 17:5.
Jehova o ile a bontša hore o nka Jesu e le motho oa bohlokoa ka hore a mo etsetse ntho eo a sa e lebellang. A mo tsosetsa “boemong bo phahameng” ’me a mo fa ntho eo ho seng motho ea neng a kile a e fuoa ka nako eo, e leng ho phela ka ho sa feleng e le motho oa moea. (Bafil. 2:9; 1 Tim. 6:16) Jehova o ile a bontša ka tsela e ikhethang hore o tseba Jesu le hore o ananela tsela eo a mo sebelelitseng ka eona ka botšepehi. Re ka thusoa ke eng hore re qobe ho batla ho hlahella? Lula u hopola hore kamehla Jehova o bontša kamoo a ratang bahlanka ba hae ba tšepahalang ebile o ba hlohonolofatsa ka litsela tseo ba sa li lebellang. Ha re tsebe hore na re tla hlohonolofatsoa joang nakong e tlang. Empa hona joale, ha re ntse re mameletse mathata a re hlahelang, re lokela ho lula re hopola hore lefatše lena lea feta. (1 Joh. 2:17) Leha ho le joalo, Ntate oa rona ea lerato eena ‘hase ea sa lokang hoo a ka lebalang mosebetsi oa rona le lerato leo re ileng ra le bontša bakeng sa lebitso la hae.’—Baheb. 6:10 w18.07 11 ¶17-18
’Malo oa Bibele oa Sehopotso: (Liketsahalo tsa motšehare oa la 15 Nisane) Matheu 27:62-66 (Liketsahalo tsa mantsiboea a la 16 Nisane) Mareka 16:1
Labohlano, la 10 April
Ke etsa kopo . . . e le hore kaofela ba ka ba bang.—Joh 17:20, 21.
Nakong eo Jesu a jang lijo tsa ho qetela le Baapostola ba hae, o ne a amehile ka hore ba be le bonngoe. Ha a ntse a rapela le bona o ile a re o labalabela hore ba be le bonngoe, joalokaha eena le ntate oa hae ba na le bonngoe. Ha ba momahane e ne e tla ba bopaki bo matla ba hore Jehova o rometse Jesu lefatšeng ho tla etsa thato ea Hae. Lerato le ne le tla khetholla balateli ba ’nete ba Jesu ’me le ba thuse ho momahana. (Joh. 13:34, 35) Rea utloisisa hore na ke hobane’ng ha Jesu a ne a bua haholo ka ho momahana. O ne a hlokometse hore baapostola ba hae ba na le bothata tabeng ena. Mohlala, nakong ea lijo tsa ho qetela, ba ile ba phehisana khang ka hore na “ke ofe ho bona ea neng a bonahala eka ke e moholo.” (Luka 22:24-27; Mar. 9:33, 34) Ka lekhetlo le leng Jakobo le Johanne ba ile ba kopa Jesu hore a ba fe maemo a phahameng ’Musong oa hae.—Mar. 10:35-40. w18.06 8 ¶1-2
’Malo oa Bibele oa Sehopotso: (Liketsahalo tsa mantsiboea a la 16 Nisane) Mareka 16:2-8
Moqebelo, la 11 April
Monna [o] tla siea ntat’ae le ’m’ae a khomarele mosali oa hae ’me e tla ba nama e le ’ngoe.—Gen. 2:24.
Jehova o batla hore banyalani ba ratane bophelo bohle ba bona. (Mat. 19:3-6) Sebe se seng se sa bontšeng lerato ka ho fetisisa seo motho a ka se etsang ke bofebe. Ke kahoo Melaong e Leshome, oa bosupa o nyatsang bofebe. (Deut. 5:18) Ke sebe se ‘siteloang Molimo’ le se utloisang molekane e mong bohloko bo tebileng. (Gen. 39:7-9) Ho molekane ea sitetsoeng e ka ba bohloko bo lulang bo le teng ka lilemo-lemo. Jehova o boetse o batla hore bana ba thabe ba be ba sireletsoe. Jehova o ile a laela batsoali hore ba lokela ho fa bana ba bona lintho tseo ba li hlokang le ho ba ruta ka eena. Batsoali ba ne ba lokela ho lula ba ruta bana ba bona Molao oa Moshe le ho rata Jehova. (Deut. 6:6-9; 7:13) Batsoali ba ne ba lokela ho lula ba hopola hore bana ke mpho ea bohlokoa eo ba e filoeng ke Jehova ’me ba lokela ho ba hlokomela, e seng ho ba lahla kapa ho ba utloisa bohloko.—Pes. 127:3. w19.02 21 ¶5, 7
Sontaha, la 12 April
Molimo o tla tseba botšepehi ba ka.—Jobo 31:6.
Ntho e ’ngoe e ileng ea thusa Jobo hore a lule a tšepahala ke ho tseba hore Molimo o tla mo putsa. O ne a tseba hore Molimo o batla hore a tšepahale. Ho sa tsotellehe mathata a neng a mo hlahela, Jobo o ne a kholisehile hore Jehova o tla mo hlohonolofatsa. Ho kholiseha hoo, ho ile ha thusa Jobo hore a se ke a koenehela Jehova. Kahoo, o ile a lula a tšepahala ’me Jehova o ile a thaba haholo a ba a mo putsa. (Jobo 42:12-17; Jak. 5:11) Le nakong e tlang, Jehova o ntse a tl’o mo hlohonolofatsa. Molimo ha a fetoha. (Mal. 3:6) Haeba re hopola hore Jehova oa thaba ha re tšepahala, tšepo ea rona ka bokamoso e tla tiea le ho feta. (1 Bathes. 5:8, 9.) Le haeba ho ka bonahala eka batho ba u potolohileng ha ba tšepahale, u se ke oa tela. Ha u mong, ho na le bara le barali beno ba limilione ba tšepahalang lefatšeng ka bophara. U tla balelloa har’a Bakreste ba nakong e fetileng ba ileng ba tšepahala leha ba tšosoa ka hore ba tla bolaoa.—Baheb. 11:36-38; 12:1. w19.02 7 ¶15-16
Mantaha, la 13 April
Le be le kelello e joalo, le bontša ho utloelana bohloko, le e-na le boikutlo bo mofuthu ba bara ba motho, le e-na le qenehelo e bonolo, le ikokobelitse kelellong —1 Pet. 3:8.
Ha Sehopotso se ntse se atamela, ekaba hantle hore re ipotse lipotso tse latelang: ‘Nka etsisa Jesu joang ka hore ke be lerato? Na ke nahanela Bakreste-’moho le ’na kapa ke inahana bonna feela? Na ke lebeletse hore Bakreste-’moho le ’na ba etse ho hongata ho feta kamoo ba ka khonang?’ Kahoo, e se eka kaofela ha rona re ka etsisa Jesu ka hore re ‘utloelane bohloko.’ Ka le leng ha re sa tla hlola re tšoara Sehopotso. Ha Jesu “a fihla” nakong ea matšoenyeho a maholo, o tla bokella “bakhethoa ba hae,” ka mor’a moo ha re sa tla hlola re tšoara Sehopotso. (1 Bakor. 11:26; Mat. 24:31) Le haeba re se re sa se tšoare, tsela eo se neng se sa rarahana ka eona e tla lula e re hopotsa makhabane a Jesu a kang, boikokobetso, sebete le lerato. w19.01 25 ¶17-19
Labobeli, la 14 April
U khahliloe ke ’nete lithong tse ka hare; bothong bo ka sephiring e se eka u ka etsa hore ke tsebe bohlale bo fetisisang.—Pes. 51:6.
Re ka bapisa pelo le bophelo ba rona. E le hore re lule re phetse hantle, re lokela ho ja lijo tse nang le phepo re be re lule re ikoetlisa. Ka tsela e tšoanang, e le hore re be le pelo e ratang Jehova, re lokela ho lula re ithuta Lentsoe la hae, re be re bontše hore re na le tumelo. Re etsa joalo ka ho phetha thato ea hae re be re bolelle batho ba bang ka eena. (Bar. 10:8-10; Jak. 2:26) Ho ka etsahala hore motho a bonahale eka o phela hantle le hoja a kula. Ka tsela e tšoanang, ho ka bonahala eka ntho e ’ngoe le e ’ngoe e ea hantle le hoja re nahana re bile re ikutloa ka tsela e fosahetseng. (1 Bakor. 10:12; Jak. 1:14, 15) Re lokela ho lula re hopola hore Satane o batla hore re nahane joaloka eena. w19.01 15 ¶4-5
Laboraro, la 15 April
Tsamaea ’me u ’ne u etse ho tšoanang.—Luka 10:37.
Re ka ipotsa: ‘Na ke hauhela batho ba bang? Na ke etsisa Mosamaria eo?’ (Luka 10:30-35) ‘Na ke susumelletseha ho ba mohau ho batho ba bang le ho ba thusa ha ba le mathateng?’ Mohlala, u ka thusa Bakreste-’moho le uena ba holileng, bahlolohali le bana bao batsoali ba bona e seng Lipaki. U ka boela oa ‘bua ka mokhoa o tšelisang le batho ba tepeletseng maikutlo.’ (1 Bathes. 5:14; Jak. 1:27) Ha re hauhela batho ba bang re bile re fana re tla thaba. Ho feta moo, rea tseba hore ha re etsa joalo re thabisa Jehova. (Lik. 20:35; Baheb. 13:16) Davida o ile a tiisa taba ena ha a re: “Jehova o tla mo (motho ea mohau) lebela ’me a mo boloke a phela. Ho tla phatlalatsoa hore o thabile lefatšeng.” (Pes. 41:1, 2) Ha re le mosa ebile re hauhela batho ba bang, Jehova le eena o tla re hauhela ’me re tla lula re thabile.—Jak. 2:13. w18.09 19 ¶11-12
Labone, la 16 April
U se ke oa tšoha, kaha ke na le uena. U se ke oa talima koana le koana, etsoe ke ’na Molimo oa hao.—Esa. 41:10.
Morali’abo rona Yoshiko o ile a utloa bohloko haholo ha ngaka e mo bolella hore ho setse likhoeli tse seng kae pele a hlokahala. O ile a etsa’ng? Ka eona nako eo, o ile a hopola Lengolo leo a le ratang haholo e leng la temana ea letsatsi ea kajeno. O ile a bolella ngaka eo hore ha aa tšoha kaha Jehova o tla mo thusa. Temana ena e khothatsang e ile ea thusa morali’abo rona hore a tšepe Jehova haholo. Le rona e ka re thusa hore re lule re khobile matšoafo le ha re e-na le mathata. E le hore re tle re utloisise hore na joang, a re qaleng ka ho bona hore na ke hobane’ng ha Molimo a ile a bua mantsoe ana. Ha e le hantle, Jehova o ne a batla ho tšelisa Bajuda ka molaetsa ona kaha ba ne ba tl’o ea botlamuoeng Babylona. Empa o boetse o entse hore o be teng ka Bibeleng e le hore le rona a re tšelise. (Esa. 40:8; Bar. 15:4) Mehleng ena re o hloka le ho feta kaha re phela ‘linakong tse mahlonoko tseo ho leng thata ho sebetsana le tsona.’—2 Tim. 3:1. w19.01 2 ¶1-2
Labohlano, la 17 April
Haeba ea sa lumelang a tloha, a ke a tlohe.—1 Bakor. 7:15.
Ha batho ba arohana tlas’a boemo bona, ba ntse ba nyalane ’me le hoja ba phela ba arohane, ba ntse ba tl’o thulana le liqholotso. Moapostola Pauluse o ile a fana ka lebaka le leng la hore na ke hobane’ng ha ho le molemo hore ba se arohane,o ile a re: “Etsoe monna ea sa lumelang o halaletsoa kamanong le mosali oa hae, le mosali ea sa lumelang o halaletsoa kamanong le mor’abo rona; ho seng joalo, ka sebele bana ba lona e ne e tla ba ba sa hloekang, empa joale baa halalela.” (1 Bakor. 7:14) Bakreste ba bangata ba lutse le balekane ba bona le tlas’a maemo a boima haholo. Ba ile ba thaba ha mamello ea bona e ba tsoalla katleho ka hore qetellong molekane eo e be morapeli oa Jehova. (1 Bakor. 7:16; 1 Pet. 3:1, 2) Kajeno, lefatšeng ka bophara phutheho ea Bokreste e na le malapa a mangata a thabileng. Ho ka etsahala hore le phuthehong ea heno ho na le malapa a thabileng. Ke malapa a banna ba ratang basali ba bona le basali ba itetseng le ba ratang banna ba bona, ’me ba re behela mohlala oa hore re ka khona ho hlompha lenyalo.—Baheb. 13:4 w18.12 14 ¶18-19
Moqebelo, la 18 April
Jehova Molimo a lema serapa Edene, . . . ’me moo a beha motho eo a mo entseng.—Gen. 2:8.
Edene e bolela “Monyaka,” ’me ruri serapa seo se ne se thabisa. Ho ne ho e-na le matletsetletse a lijo, tikoloho e ntle le liphoofolo tse ngata. (Gen. 1:29-31) Lentsoe leo ka Seheberu le fetoleloang e le “serapa” ka Segerike ke pa·raʹdei·sos. Buka e hlalosang mantsoe e bitsoang Cyclopaedia ea M’Clintock and Strong, e hlalosa lentsoe pa·raʹdei·sos ka ho re: “Ke serapa se seholo se kampetsoeng hantle, se botle ba tlholeho, se nang le lifate tse behang litholoana ’me se nosetsoa ka metsi a hloekileng a melatsoana eo mabopong a eona ho fulang mehlape ea matsa kapa linku. Sena ke setšoantšo se neng se tla kelellong ea mohahlauli oa Mogerike.” (Bapisa le Genese 2:15, 16) Molimo o ile a beha Adama le Eva paradeiseng eo, ba ile ba iteleka ka ho se mamele Molimo. Ka lebaka leo, bona hammoho le bana ba bona ba ile ba lahleheloa ke monyetla oa ho phela Paradeiseng. (Gen. 3:23, 24) Serapa seo se ile sa lula se le teng ho fihlela Moroallo oa mehleng ea Noe le hoja ho ne ho se motho ea lulang ho sona. w18.12 3-4 ¶3-5
Sontaha, la 19 April
’Na, Jehova, ke . . . Ea u rutang hore u itsoele molemo.—Esa. 48:17.
Batsoali ba sebetsa ka thata ho thusa bana ba bona ho ba le mekhoa e metle. Haeba bana bao ba khetha ho phela ka tsela eo batsoali ba bona ba ba holisitseng ka eona, ba ke ke ba etsa liqeto tseo ba tla ikoahlaela tsona hamorao. Ha ba etsa joalo, ba ke ke ba ipakela mathata kapa ba tšoenyeha. Kaha Jehova le eena ke motsoali ea lerato, o batla hore bana ba hae ba phele hamonate. (Esa. 48:18) Ke ka lebaka leo a re fileng melao e re bontšang hore na re itšoare joang le hore na re sebelisane le batho ba bang joang. O batla hore re nahane ka tsela eo a nahanang ka eona re be re etse thato ea hae. Kahoo, meeli ea hae ha e re time bolokolohi empa e re thusa ho ntlafatsa tsela eo re nahanang ka eona. (Pes. 92:5; Liprov. 2:1-5; Esa. 55:9) E boetse e re thusa ho etsa liqeto tse tla re thabisa. (Pes. 1:2, 3) Kannete ho nahana joaloka Jehova ho na le moputso o moholo. w18.11 19-20 ¶7-8
Mantaha, la 20 April
Ba tsoela pele ho le nyefola.—1 Pet. 4:4.
Ha rea lokela ho tšaba batho hafeela re batla ho sebeletsa Molimo. Ha re qala ho ba Lipaki batho ba bang bao re ba ratang ba ile ba re fetohela. Ke ’nete hore ba bang ha ba khahlanong le lintho tseo re li lumelang empa ba bang bona baa re hanyetsa. Ka linako tse ling, litho tsa malapa, basebetsi-’moho kapa bana bao re kenang sekolo le bona ba ka re memela ho ea meketeng ea bona e sa lumellaneng le Mangolo. Re ka ’na ra ipotsa hore na re tla etsa’ng e le hore re se ke ra inehela eaba re ea meketeng eo. E ka ba hantle ho lula re hopola hore na Jehova o ikutloa joang ka lintho tse joalo. Re ka etsa joalo ka ho bala lingoliloeng tse buang ka hore na mekete eo e simolohile hokae. Re ka kholiseha hore re tsamaea tseleng e “amohelehang ho Morena” haeba re ikhopotsa hore na ke melao-motheo efe e amehang tabeng eo. (Baef. 5:10) Ha re tšepa Jehova le Lentsoe la hae re ke ke ra “thothometsoa ke batho.”—Liprov. 29:25. w18.11 11 ¶10, 12
Labobeli, la 21 April
Jehova o ne a e-na le Josefa ’me a atlehisa seo a se etsang.—Gen. 39:23.
Ha re hlaheloa ke mathata ho ka ba bonolo hore re tšoenyehe ka hore na ho tla etsahala’ng ka rona nakong e tlang. Josefa le eena a ka be a ile a etsahalloa ke ntho e tšoanang. Ho e-na le hoo, o ile a etsa qeto ea ho thabisa Jehova eaba oa mo hlohonolofatsa. Le hoja a ne a le teronkong o ile a sebetsa ka thata ho phetha mosebetsi oo a neng a o fuoa ke molebeli joalokaha a ile a sebeletsa Potifaro. (Gen. 39:21, 22) Le rona re ka iphumana re selebaletsoe ha re hlaheloa ke mathata joaloka Josefa. Leha ho le joalo, haeba re mamella mathata a rona ’me re thabisa Jehova, o tla re hlohonolofatsa. (Pes. 37:5) Ke ’nete hore ka linako tse ling re ka utloa re “tsielehile” empa joalokaha moapostola Pauluse a cholo, ha se hore “ha re na tsela ea ho tsoa.” (2 Bakor. 4:8) Ha re lula re phathahane mosebetsing oa ho ruta batho ka Bibele re tla bona ha mantsoe ana a phethahala. w18.10 29 ¶11, 13
Laboraro, la 22 April
Molimo ha se ea sa lokang hoo a ka lebalang mosebetsi oa lona le lerato leo le ileng la le bontša bakeng sa lebitso la hae.—Baheb. 6:10.
U ikutloa joang ha motho eo u mo tsebang u bile u mo hlompha a lebala lebitso la hao kapa a se a sa u tsebe? U ka ’na oa utloa bohloko haholo. Hobane’ng? Hobane ka tlhaho re batla ho ratoa kapa ho amoheleha. Empa re boetse re batla hore batho ba re rate ka lebaka la lintho tseo re li finyeletseng. (Num. 11:16; Jobo 31:6) Empa joaloka lintho tse ling tse ngata tseo re li ratang, boikutlo ba rona ba ho batla ho ratoa kapa ho amoheleha e ka ba bo feteletseng, kaha ha rea phethahala. Ka hona, re ka labalabela hore batho ba re rorise ka tsela e sa khahliseng Jehova. Batho ba sa etseng thato ea Jehova ba re susumelletsa hore re batle ho tuma le ho nkeloa holimo ho e-na le ho tlotlisa Jehova Molimo kaha ke eena ea tšoaneloang ke thoriso e joalo.—Tšen. 4:11. w18.07 7 ¶1-2
Labone, la 23 April
Lefatše lohle le rapaletse matleng a ea khopo. —1 Joh. 5:19.
Ha re makale ha batho ba boemong bo phahameng ba ‘bua leshano’ hobane ba susumetsoa ke Satane le bademona. (1 Tim. 4:1, 2) Baruti ba molato le ho feta hobane ba bua mashano a etsang hore batho se ke ba se ke ba tseba Molimo. Ha motho a lumela thuto e fosahetseng a ka hloleha ho fumana bophelo bo sa feleng. (Hos. 4:9) Jesu o ne a tseba hore baruti ba mehleng ea hae ba molato oa ho khelosa batho. O ile a re ho bona: “Ho malimabe lona, bangoli le Bafarisi, baikaketsi! hobane le haola leoatle le naha e omileng ho etsa mosokolohi a le mong, ’me ha e e-ba eena le mo etsa mofo oa Gehena ka makhetlo a mabeli ho feta kamoo le leng kateng.” (Mat. 23:15) O ile a tiisa ka hanong ha a bua le bona a re ba ‘tsoa ho ntat’a bona Diabolose oa ’molai.’—Joh. 8:44. w18.10 7 ¶5-6
Labohlano, la 24 April
Ho thaba lona ha batho ba le nyelisa ’me ba le hlorisa . . . ka lebaka la ka.—Mat. 5:11.
Jesu o ne a bolela’ng? O ile a tsoela pele ka ho re: “Thabang ’me le tlole ke thabo, kaha moputso oa lona o moholo maholimong; etsoe ba ile ba hlorisa baprofeta ka tsela eo pele ho lona.” (Mat. 5: 12) Ka mor’a hore baapostola ba otloe ba be ba laeloe hore ba khaotse ho ruta ka Jesu, ba ile “ba tloha ka pel’a Sanhedrine, ba thabile.” Ha se hore ba ne ba thabisitsoe ke hore ba otliloe. Empa ba ne ba thabile “hobane ba ne ba nkiloe e le ba tšoaneloang ke ho hlompholloa ka lebaka la lebitso la [Jesu].” (Lik. 5:41) Le mehleng ena, ha bahlanka ba Jehova ba hlorisoa ka lebaka la lebitso la Jesu ba bile ba thulana le liteko baa mamella ebile ba lula ba thabile. (Jak. 1:2-4) Joaloka baapostola, ha se hore re thabisoa ke ho utloisoa bohloko. Empa haeba re lula re tšepahalla Molimo ha re thulana le liteko, o tla re thusa hore re mamelle. Kaha Jehova ke “Molimo ea thabileng,” ha re amoheloa ke eena rea thaba, le haeba re hlorisetsoa bolumeli ba rona kapa re hlorisoa ke litho tsa lelapa.—1 Tim. 1:11. w18.09 21 ¶18-20
Moqebelo, la 25 April
A tsitlella khathatsong le linthong tse kotsi.—Pes. 90:10.
Kaha re phela ‘linakong tse mahlonoko,’ batho ba bangata ba imetsoe ke mathata a fapaneng, ba bangata ba bile ba batla ho ipolaea. (2 Tim. 3:1-5) Ho hakanngoa hore selemo le selemo, batho ba fetang 800 000 baa ipolaea. Taba ena e bolela hore ka mor’a metsotsoana e meng le e meng e 40, motho a le mong oa ipolaea. Ka masoabi, esita le ba bang ba Bakreste-’moho le rona baa ipolaea ha ba imeloa ke mathata. Mehleng ena, Bakreste-’moho le rona ba bangata ba mameletse mathata a boima ’me ba hloka hore re ba bontše hore rea ba rata. Ba bang baa hlorisoa ebile baa sonngoa. Ba bang bona ba buuoa hampe ebile baa sejoa ha ba le mesebetsing. Ba bang ba lula ba khathetse ka lebaka la ho sebetsa ka nako eo e seng ea mosebetsi hobane ba tlameha ho qeta mosebetsi. Athe ba bang bona ba mameletse mathata a ka lapeng a boima, a kang ho tšoaroa hampe ke molekane eo e seng Paki. Kahoo, bongata ba bona ba ikutloa ba se ba se na matla ho hang ebile ba imetsoe kelellong ka lebaka la mathata ana le a mang a mangata. w18.09 13 ¶3, 5
Sontaha, la 26 April
Ha ho letho le nthabisang ho feta lintho tsena, hore ebe ke utloa hore bana ba ka ba tsoela pele ho tsamaea ’neteng—3 Joh. 4.
Batsoali ba sebetsa ’moho le Jehova ha ba thusa bana ba bona hore ba be le sepheo sa ho mo sebeletsa. Batsoali ba ileng ba etsa joalo baa thaba ha ba bona bana ba bona ba itella ho sebeletsa Jehova. Ba bang e ba baromuoa, bo-pula-maliboho ba sebetsang moo ho hlokehang bahoeletsi ha ba bang ba ea Bethele. Kaha ba hole le hae, hangata ha ba be ’moho le ba malapa a habo bona. Leha ho le joalo, batsoali ba ratang Jehova ba khothalletsa bana ba bona hore ba ’ne ba tsoele pele. Hobane’ng? Baa thaba ebile baa khotsofala kaha bana ba bona ba khethile hore ho sebeletsa Jehova e be eona ntho e tlang pele bophelong ba bona. Mohlomong batsoali ba bangata ba ikutloa joaloka Anna ea ileng a re o “alimane” ka mora oa hae ho Jehova. Ba nka e le tlotla e kholo ho sebetsa le Jehova ka tsela ena. Ba khotsofalletse hore ebe bana ba bona ba sebeletsa Jehova ka tsela eo.—1 Sam. 1:28. w18.08 24 ¶4
Mantaha, la 27 April
E tla ba ntho e thata hore morui a kene ’musong oa maholimo.—Mat. 19:23.
Jesu o ne a sa bolele hore ho ke ke ha khoneha. O ile a boela a re: “Ho thaba lona mafutsana, hobane ’muso oa Molimo ke oa lona.” (Luka 6:20) Empa Jesu o ne a sa bolele hore batho bohle ba futsanehileng ba hlohonolofalitsoe kapa hona hore ba mamela molaetsa oa hae. Ho na le batho ba bangata ba futsanehileng ba neng ba sa mo mamele. Ntlha ea bohlokoa ke hore ha rea lokela ho kala batho ba bang ka hore ha ba na kamano e ntle le Jehova ka lebaka la maemo a bona a lichelete. Jehova o re hlohonolofalitse ka ho re fa bara le barali babo rona ba bangata ba mo ratang le ba mo sebeletsang ka lipelo tsohle ebang ba ruile kapa ba futsanehile. Bibele e fana ka taelo ea hore batho ba ruileng “ba se ke ba beha tšepo ea bona maruong . . . empa ba e behe ho Molimo.” (1 Tim. 6:17-19) Empa Bibele e boetse e re bahlanka bohle ba Molimo ebang ba ruile kapa ba futsanehile, ba lokela ho ba hlokolosi hore ba se ke ba rata chelete. (1 Tim. 6:9, 10) Haeba re sheba bara le barali babo rona ka tsela eo Jehova a ba shebang ka eona, re tla qoba ho ba kala ka lintho tseo ba nang le tsona kapa tseo ba se nang tsona. w18.08 10-11 ¶11-12
Labobeli, la 28 April
Ipeheng tlas’a Molimo.—Jak. 4:7.
Re batla ho bontša Jehova hore rea ananela hore ebe re batho ba hae. Re ka etsa joalo ka hore re inehele ho eena. Kahoo, re qoba ho etsa ntho leha e le efe eo Jehova a e hloileng. Re rata bara le barali babo rona ebile rea ba hlompha kaha le bona ke bahlanka ba Jehova. (Bar. 12:10) Bibele e re: “Jehova a ke ke a furalla batho ba hae.” (Pes. 94:14) Jehova oa re tšepisa hore ho sa tsotellehe hore na re thulana le mathata afe, a ke ke a re lahla. Le haeba re ka shoa, Jehova a ke ke a re lebala. (Bar. 8:38, 39) “Haeba re phela le haeba re shoa, re ba Jehova.” (Bar. 14:8) Re lebeletse nako eo ka eona Jehova a tla tsosa bahlanka ba hae ba tšepahalang. (Mat. 22:32) Esita le hona joale, Jehova o ntse a re hlohonolofatsa haholo. Feela joalokaha Bibele e bolela, “ho thaba sechaba seo Molimo oa sona e leng Jehova, batho bao a ba khethileng e le lefa la hae.”—Pes. 33:12. w18.07 26 ¶18-19
Laboraro, la 29 April
Lintho tsohle li lumelloa ke molao; empa ha se lintho tsohle tse molemo. Lintho tsohle li lumelloa ke molao; empa hase lintho tsohle tse hahang.—1 Bakor. 10:23.
Batho ba bang ba ka ’na ba lumela hore haeba qeto eo ba e etsang ha e a ame matsoalo a bona, ba lokolohile ho etsa ntho le ha e le efe eo ba e batlang joaloka ho khetha hore na ba ea sekolong kapa ba batla mosebetsi ofe. Mohlomong ba ka ikemela ba sebelisa mantsoe a Pauluse a reng: “Ke hobane’ng ha tokoloho ea ka e ahloloa ke letsoalo la motho e mong?” (1 Bakor. 10:29) Le hoja re e-na le bolokolohi ba ho iketsetsa, re lokela ho lula re hopola hore bolokolohi ba rona bo na le moeli le hore re tla khola litholoana tsa liqeto tseo re li etsang. Ke kahoo Pauluse a ileng a bua mantsoe a hlahang temaneng ea letsatsi ea kajeno. Kahoo, le hoja re e-na le bolokolohi ba ho iketsetsa liqeto tse amang bophelo ba rona, taba ea bohlokoa ha se hore na rona re batla’ng. w18.04 10 ¶10
Labone, la 30 April
Khutlelang ho ’na, ’me ke tla khutlela ho lona.—Mal. 3:7.
Mehleng ena, Mokreste a ka etsa lintho tse fosahetseng le haeba a ipolela hore o rapela Jehova. (Juda 11) Mohlala, a ka ba le menahano e litšila, a honohela batho ba bang kapa a hloea Mokreste-’moho le eena. (1 Joh. 2:15-17; 3:15) Menahano e joalo e ka etsa hore motho a etse sebe. Motho eo a ka etsa lintho tse joalo empa a ntse a e-ea libokeng le tšimong. Batho ba bang ba ka ’na ba se ke ba ela hloko menahano e joalo, empa Jehova eena o bona lintho tsohle ebile o bona batho ba seng ka lehlakoreng la hae. (Jer. 17:9, 10) Leha ho le joalo, Jehova ha a potlakele ho re lahla. Ha Jehova a hlokomela hore re suthela hole le eena, o re: “Khutlelang ho ’na.” Jehova oa utloisisa hore re na le bofokoli boo re ntseng re loanela ho bo hlola. Empa o batla hore re hlole bobe. (Esa. 55:7) Haeba re etsa joalo, o tla re thusa hore re matlafatse tumelo ea rona ’me a re fe matla a ho hlola bofokoli ba rona.—Gen. 4:7. w18.07 18 ¶5-6