May
Labohlano, la 1 May
Le rate mojaki.—Deut. 10:19.
Lilemong tsa morao tjena batho ba bangata ba batla bojaki linaheng tse ling. Kahoo, ke hobane’ng ha u sa ithute litumeliso tsa lipuo tse buuoang sebakeng sa heno? Ka mor’a moo u ka ithuta lipolelo tse seng kae tse ka etsang hore batho bao u buang le bona ba thahaselle molaetsa. U ka ba bontša livideo le lingoliloeng tse hlahang ho jw.org ka puo ea habo bona. Jehova o re thusa ka Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona e le hore re etse mosebetsi o tsoileng matsoho ha re ruta batho Bibele. Thuto eo re e fumanang sebokeng sena e ka re thusa ho etsa maeto a ho boela le ho qala lithuto tsa Bibele. Batsoali, thusang bana ba lona hore leseli la bona le khanye ka hore le ba rute ho fana ka likarabo ho tsoa pelong. Likarabo tsa bona tse bonolo tse tsoang pelong, li thusa batho ba qalang ho tla libokeng hore ba batle ho ithuta Bibele.—1 Bakor. 14:25. w18.06 22-23 ¶7-9
Moqebelo, la 2 May
Amohelanang, feela joalokaha Kreste le eena a ile a re amohela.—Bar. 15:7.
Ho bohlokoa ho lula re hopola hore kaofela ha rona re ne re le “basele,” re bile re se haufi le Molimo. (Baef. 2:12) Empa Jehova o ile a re hulela ho eena ka “lithapo tsa lerato.” (Hos. 11:4; Joh. 6:44) Eaba Kreste oa re amohela, e le hore re ka ba karolo ea lelapa la Molimo. Kaha Jehova le Jesu ba re amohetse le hoja re sa phethahala, ha ho na lebaka la hore rona re se ke ra amohela batho ba bang. Ha bofelo bo ntse bo atamela, likhohlano, khethollo le bokhopo li tla eketseha. (Bagal. 5:19-21; 2 Tim. 3:13) Re kopa bohlale ho Jehova hobane re bahlanka ba hae, ’me bo re thusa ho ba le khotso le hore re qobe ho ba leeme. (Jak. 3:17, 18) Rea thaba ha re tloaelana le batho ba lulang linaheng tse ling, re ithuta ho amohela litso tsa bona tse fapaneng ebile re ithuta lipuo tsa bona. Ha re etsa joalo, khotso ea rona e tla tšoana le noka ’me ho loka ha rona ho tšoane le maqhubu a leoatle.—Esa. 48:17, 18. w18.06 12 ¶18-19
Sontaha, la 3 May
Maoto a lona a [roale] lihlomo tsa litaba tse molemo tsa khotso.—Baef. 6:15.
Lesole la Roma le ne le ke ke la ea ntoeng le sa roala lieta tsa ntoa. Lieta tsa masole e ne e le lieta tse butsoeng, tse etselitsoeng lisoli tse tharo tsa letlalo, kahoo li ne li le thata. Empa li ne li boetse li tsamaisa hamonate li bile li thusa lesole hore le se ke la thella. Joalokaha lieta tsa lesole la Roma li ne li le thusa hore le atlehe ntoeng, maoto a rona a roala lihlomo tsa litaba tse molemo tsa khotso. (Esa. 52:7; Bar. 10:15) Ho ntse ho le joalo, re lokela ho ba sebete e le hore re bue le batho ka Bibele ha monyetla o hlaha. Mor’abo rona Bo ea lilemo li 20 o re: “Ke ne ke tšaba ho bua ka Bibele le bana bao ke kenang le bona ka tlelaseng. Ke ne ke soabela ho bua le bona ka eona. Empa ha ke hetla morao, kea ipotsa hore na ke ne ke soabisoa ke’ng. Hona joale ke thabela ho bua le lithaka tsa ka ka Bibele.” Bacha ba bangata ba Bakreste ba re ba nolofalloa ho bua le batho ka Bibele haeba ba itokisitse hantle. w18.05 29 ¶9-11
Mantaha, la 4 May
Le ’ne le behe litholoana tse ngata.—Joh. 15:8.
Jesu o ile a re ho baapostola ba hae: “Ke le fa khotso ea ka.” (Joh. 14:27) Khotso eo e re thusa joang hore re behe litholoana? Ha re mamella, lipelo tsa rona li tlala khotso hobane rea tseba hore Jehova le Jesu baa re amohela. (Pes. 149:4; Bar. 5:3, 4; Bakol. 3:15) Ka mor’a hore Jesu a hlalose hore o labalabela hore thabo eo baapostola ba nang le eona “e be e feletseng,” o ile a ba hlalosetsa hore na ho bohlokoa hakae ho bontša lerato ho isa boholeng ba ho itella batho ba bang. (Joh. 15:11-13) O ile a boela a re: “Ke le bitsitse metsoalle.” Ke mpho ea bohlokoa haholo ho ba metsoalle ea Jesu. Baapostola ba ne ba lokela ho etsa’ng e le hore ba lule e le metsoalle ea Jesu? Ba ne ba lokela ho ‘tsoela pele ba ntse ba beha litholoana.’ (Joh. 15:14-16) Lilemo tse peli pejana, Jesu o ile a laela baapostola ba hae a re: “Ha le ntse le e-ea, le bolele, le re, ‘ ’Muso oa maholimo o atametse.’ ” (Mat. 10:7) Bosiung ba ho qetela pele a shoa, o ile a ba khothalletsa hore ba mamelle ha ba etsa mosebetsi oo ba neng ba qalile ho o etsa.—Mat. 24:13; Mar. 3:14. w18.05 20-21 ¶15-16
Labobeli, la 5 May
Etsoe leha e le sefe seo motho a se jalang, o tla boela a se kotule.—Bagal. 6:7.
Mocha, etsa hore thato ea Molimo e tle pele bophelong ba hao. Taba ena e bolela hore u lokela ho etsa lintho tse tla u thusa ho lula u rata Jehova. E ka ’na eaba lithaka tsa hao tsona ha li nke hore ho sebeletsa Jehova ke ntho ea bohlokoa haholo. Li tla leka ho u susumelletsa hore u li etsise ka hore u phelele ho ikhotsofatsa. Ha nako e ntse e e-ea, u tla tlameha ho bontša hore u eme u tiile liqetong tseo u li entseng. Kahoo, u se ke oa lumella lithaka tsa hao ho u sitisa ho finyella merero ea hao e metle. Ho na le lintho tseo u ka li etsang hore u se ke oa iphumana u se u laoloa ke lithaka tsa hao. Mohlala, u ka qoba maemo ao ho ’ona u ka utloang u batla ho li etsisa. (Liprov. 22:3) Hape, nahana ka lintho tse bohloko tse ka u hlahelang haeba u etsa lintho hobane feela batho ba bang ba li etsa. U boetse u lokela ho amohela hore u hloka keletso e tsoang ho batho ba bang. Haeba feela u ikokobelitse, ho tla ba bonolo hore u amohele keletso e tsoang ho batsoali ba hao le Bakreste-’moho le uena bao e leng khale ba li bona. (1 Pet. 5:5, 6) Na u motho ea ikokobelitseng ho isa boholeng ba hore u amohele ho fuoa keletso e molemong oa hao? w18.04 28-29 ¶14-16
Laboraro, la 6 May
Le tšoare ka tieo seo le nang le sona ho fihlela ke tla. Ea hlolang le ea bolokang liketso tsa ka ho fihlela bofelong ke tla mo fa matla holim’a lichaba.—Tšen. 2:25, 26.
Ha Jesu a ne a bua le liphutheho tse ling tse Asia Minor, o ile a bontša hore o ananela mosebetsi oo balateli ba hae ba o etsang. Mohlala, ha a ne a bua le Bakreste ba Thyatire, o ile a re: “Ke tseba liketso tsa hao, le lerato le tumelo le bosebeletsi le mamello ea hao, le hore liketso tsa hao tsa morao li feta tsa pele.” (Tšen. 2:19) Jesu o ile a ba babatsa ka mosebetsi o motle oo ba o etsang le ka makhabane a bona a neng a ba susumelletsa ho etsa lintho tse molemo. Le hoja Jesu a ne a batla ho laea Bakreste ba Thyatire, o ile a qala ka ho ba babatsa ’me a qetella ka eona tsela e tšoanang. (Tšen. 2:27, 28) Kaofela rea tseba hore Jesu o na le matla kaha ke hlooho ea liphutheho. Kahoo, ha ho na letho le mo tlamang hore a re lebohe ka mosebetsi oo re mo etsetsang oona. Ho ntse ho le joalo, oa re babatsa ha re entse hantle. Kannete Jesu ke mohlala o motle oo baholo ba ka o etsisang. w19.02 16 ¶10
Labone, la 7 May
Judase le Silase . . . ba khothatsa barab’abo rona ka lipuo tse ngata ’me ba ba matlafatsa.—Lik. 15:32.
Mehleng ea baapostola, barab’abo rona ba sehlopha se busang ba ne ba khothatsa Bakreste bohle, esita le ba etellang pele liphuthehong. Ba ile ba roma litho tse peli tsa sehlopha sena, e leng Petrose le Johanne, hore ba ee Samaria ho rapella batho ba phutheho ea moo hore ba fuoe moea o halalelang. (Lik. 8:5, 14-17) E tlameha ebe Filipi le batho bao a ba thusitseng ho ba Bakreste ba ile ba khothala haholo ha ba bona kamoo barab’abo rona ba sehlopha se busang ba ba tšehetsang kateng. Mehleng ena, barab’abo rona ba Sehlopha se Busang sa Lipaki Tsa Jehova ba khothatsa bara le barali babo rona ba tšebeletsong e khethehileng ea nako e tletseng le Bakreste-’moho le rona lefatšeng lohle. Ka lebaka leo, kaofela ha rona rea thaba feela joalokaha Bakreste ba mehleng ea baapostola ba ile ba thaba. Hape, ka 2015 barab’abo rona ba Sehlopha se Busang ba ile ba hatisa bukana ea Khutlela ho Jehova, e khothatsang Bakreste ba bangata lefatšeng ka bophara. w18.04 19 ¶18-20
Labohlano, la 8 May
Le tla tseba ’nete, ’me ’nete e tla le lokolla.—Joh. 8:32.
Batho ba bangata ba ka ’na ba nahana hore ha ba e-na le bolokolohi bo bongata ba ka phela hamolemonyana. Empa ho ba le bolokolohi bo joalo ho ka ba le melemo le mathata a itseng. Nahana hore na bophelo bo ne bo tla ba joang hoja ho ne ho se na lithibelo le melao. Ke ka lebaka leo buka ea The World Book Encyclopedia e reng: “Le hoja melao ea lichaba tse fapaneng e rarahane, e batla e leka-lekanya bolokolohi le lithibelo.” Lentsoe “rarahane” le sebelisitsoe ka nepo hobane ho na le libuka tse ngata haholo tsa melao e ngotsoeng ke batho. Ho boetse ho na le liakhente le baahloli ba bangata ba hlalosang melao eo le ho e laola. E le hore re be le bolokolohi boo Jesu a buileng ka bona re lokela ho etsa lintho tse peli: Ea pele, re lokela ho lumela lithuto tsa hae. Ea bobeli, re lokela ho ba barutuoa ba hae. Ha re etsa joalo, re tla lokoloha e le kannete. Empa re tla lokoloha ho eng? Jesu o ile a boela a re: “Moetsi e mong le e mong oa sebe ke lekhoba la sebe. . . . Ka hona haeba Mora a le lokolla, ka sebele le tla lokoloha.”—Joh. 8:34, 36. w18.04 6-7 ¶13-14
Moqebelo, la 9 May
Kaofela ha lona . . . le [bontšane] ho utloelana bohloko.—1 Pet. 3:8.
Re thabela ho ba har’a batho ba re tsotellang. Ba lekang ho ikenya lieteng tsa rona ka hore ba nahane hore na re ikutloa joang. Ba ela hloko lintho tseo re li hlokang ’me ba re thusa ka tsona le pele re ba kopa. Re rata batho ba joalo, ba bontšang hore ba re ‘utloela bohloko.’ Kaha re Bakreste, re batla ho bontša hore re nahanela batho kapa re ba utloela bohloko. Empa ha se kamehla ho leng bonolo ho etsa joalo. Ebe ke hobane’ng? Lebaka ke hobane ha rea phethahala. (Bar. 3:23) Kahoo, re lokela ho loantša tloaelo ea ho inahana borona feela. Hape, ntho e ’ngoe e ka re sitisang ho bontša ho nahanela batho ke tsela eo re holisitsoeng ka eona kapa lintho tse re etsahalletseng bophelong. Lebaka le leng ke hobane re susumetsoa ke batho bao re phelang le bona. Mehleng ena ea bofelo, batho ba bangata ha ba nahanele maikutlo a batho ba bang. Empa ke “baithati.” (2 Tim. 3:1, 2) Re ka bontša hore re nahanela batho ka hore re etsise Jehova le mora oa hae. w19.03 14 ¶1-3
Sontaha, la 10 May
U sireletse pelo ea hao. —Liprov. 4:23.
Molao oa ho qetela Melaong e Leshome o ne o nyatsa mohono, kapa ho lakatsa ntho ea oa heno. (Deut. 5:21; Bar. 7:7) Jehova o ile a fana ka molao ona e le ho thusa batho ba hae hore ba lebele lipelo tsa bona, e leng menahano le maikutlo a bona. Oa tseba hore motho o qetella a entse lintho tse mpe hobane a ile a nahana ka tsona pele. Mohlala, Morena Davida o ile a oela lerabeng leo. E ne e le monna ea lokileng, empa ka lekhetlo le leng o ile a honohela molekane oa monna e mong. Takatso ea hae e ile ea etsa hore a qetelle a entse sebe. (Jak. 1:14, 15) Davida o ile a feba, a leka ho qhekanyetsa monna oa mosali eo, eaba qetellong o etsa hore monna eo a bolaoe. (2 Sam. 11:2-4; 12:7-11) Jehova o khona ho bona lintho tseo re li nahanang le tsela eo re ikutloang ka eona. O khona ho bala lipelo tsa rona. (1 Sam. 16:7) Ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo re e nahanang le eo re e etsang e lula e le pooaneng ho Jehova. O sheba lintho tse ntle tseo re li etsang ’me o re khothalletsa ho tsoela pele re li etsa. Empa o batla hore re ele hloko lintho tse mpe tseo re li nahanang ebe re leka ho li qoba pele re ka qetella re li entse.—2 Likron. 16:9; Mat. 5:27-30. w19.02 22 ¶9; 22 ¶11
Mantaha, la 11 May
Le batle Jehova, lona bohle ba bonolo ba lefatše . . . Le batle bonolo.—Sof. 2:3.
Bibele e re Moshe o ne “a le bonolo haholo ho feta batho bohle ba neng ba le holim’a lefatše.” (Num. 12:3) Na taba ee e bolela hore Moshe e ne e le lekoala, a tšaba ho etsa liqeto a bile a tšaba litaba? Batho ba bang ba hlalosa motho ea bonolo ka tsela ena. Empa taba ena ha se ’nete. Moshe e ne e le mohlanka oa Molimo ea matla le ea sebete. Jehova o ile a mo thusa hore a bue le morena ea matla oa Egepeta, a etelle pele sechaba sa Iseraele sa batho ba ka bang 3 000 000 lehoatateng le ho se thusa ho hlola lira tsa sona. Ke ’nete hore ha re kopane le maemo a tšoanang le ao Moshe a ileng a kopana le ’ona, empa letsatsi le letsatsi re kopana le batho le ho sebetsa tlas’a maemo a re sitisang ho ba bonolo. Leha ho le joalo, ho na le lebaka le re susumeletsang ho sebetsa ka thata hore re be batho ba bonolo. Jehova o tšepisa hore batho “ba bonolo ba tla rua lefatše.” (Pes. 37:11) Na u motho ea bonolo? Na batho ba bang ba ka u hlalosa u le motho ea bonolo? w19.02 8 ¶1-2
Labobeli, la 12 May
Ho malimabe ba reng . . . bobe ke botle.—Esa. 5:20.
Batho ba bopiloe ba e-na le letsoalo. Esale ho le joalo ho tloha ha motho a ne a qala ho ba teng lefatšeng. Ka mor’a hore Adama le Eva ba tlole taelo ea Jehova, ba ile ba ipata. Taba eo e bontša ka ho hlaka hore matsoalo a bona a ne a ba khoebetha. Batho bao matsoalo a bona a sa koetlisoang hantle ba ka tšoantšoa le sekepe se laoloang ke sesupa-tsela se sa sebetseng hantle. Ho nka leeto u sebelisa sesupa-tsela se sa sebetseng hantle ho ka ba kotsi. Meea le maqhubu a leoatle a ka ntša sekepe tseleng habonolo. Ha sesupa-tsela se setetsoe hantle, se ka thusa moqhobi oa sekepe hore a se ke a lahleha. Matsoalo a rona a ka tšoantšoa le sesupa-tsela. Letsoalo ke boikutlo boo motho a nang le bona bo mo thusang ho khetholla ntho e nepahetseng ho e fosahetseng. Empa e le hore matsoalo a rona a re tataise ka tsela e nepahetseng, a lokela ho koetlisoa hantle. Ha a sa koetlisoa hantle, a ke ke a re thibela ho etsa ntho e fosahetseng. (1 Tim. 4:1, 2) Matsoalo a joalo a ka ba a etsa hore re nahane hore “bobe ke botle.” w18.06 16-17 ¶1-3
Laboraro, la 13 May
Le khaotse ho ba ka sebopeho sa tsamaiso ena ea lintho.—Bar. 12:2.
Re lokela ho qoba lintho tse ling tseo Satane a ka li sebelisang ka tsela e poteletseng. Ka mohlala, motho ea balang litaba a ka re susumetsa hore re kenelle lipolotiking ka santhao. Satane a ka re susumelletsa hore re batle ho ba le lintho tseo batho ba sa sebeletseng Jehova ba batlang ho ba le tsona. Lifilimi le libuka tse ling tsona li ka etsa hore re be baithati re be re nke ho utloana le batho bao re amanang le bona ho le molemo ho feta ho ratoa ke Jehova. Lintho tsena kaofela li khahlanong le Bibele hobane rea tseba hore malapa a rona a tla atleha ebile re tla thaba hafeela re rata Jehova ho feta eng kapa eng. (Mat. 22:36-39) Ha se hore ho ithabisa ke ntho e fosahetseng. Leha ho le joalo, re ka ipotsa: ‘Na ke khona ho bona ha batho ba sa rapeleng Jehova ba ntšusumetsa ka tsela e poteletseng? Na ke ikela hloko ebile ke thusa bana ba ka hore ba se ke ba bala le ho shebella ntho e ’ngoe le e ’ngoe? Na ke thusa bana ba ka hore ba nahane ka tsela eo Jehova a nahanang ka eona ka lintho tseo ba li bonang kapa ba li utloang? w18.11 22 ¶18-19
Labone, la 14 May
U se ke oa tšoha, kaha ke na le uena.—Esa. 41:10.
Jehova oa re rata ebile oa re tsotella, kahoo o lula a e-na le rona. Ela hloko hore na o ikutloa joang ka rona. O re: “U bile bohlokoa mahlong a ka, u talimiloe u hlompheha, ’me ke u ratile.” (Esa. 43:4) Ha ho letho le ka sitisang Jehova hore a re rate. (Esa. 54:10) Jehova o tšepisa hore a ke ke a lumella lira tsa rona hore li re sitise ho fumana bophelo bo sa feleng. O re tiisetsa hore o tla ba le rona a be a re thuse ho “feta” mathateng. O tla re thusa hore re lule re khobile matšoafo re bile re mo tšepile le haeba re ka tlameha ho shoa. (Esa. 41:13; 43:2) Le rona re ka ba le matla le sebete haeba re tšepa Jehova ha a re: “Ke na le uena.” w19.01 3 ¶4-6
Labohlano, la 15 May
Merero e ka pelong ea motho e mengata, empa morero oa Jehova o tla ema o tiile.—Liprov. 19:21.
Haeba u mocha, mohlomong matichere a hao le batho ba bang ba u eletsa hore u rutehe e le hore u tsebe ho fumana mosebetsi o patalang hantle. Jehova eena o bua taba e fapaneng. Ke ’nete hore o batla hore u ithute e le hore u tle u tsebe ho iphelisa ha u se u le moholo. (Bakol. 3:23) Empa o u khothalletsa hore ha u etsa liqeto u nahane ka melao-motheo ea hae e akarelletsang ho etsa thato ea hae. (Mat. 24:14) Jehova oa tseba hore na bofelo bo tla neng le hore na bo hole hakae. (Esa. 46:10; Mat. 24:3, 36) Oa u tseba, u tseba hantle hore na u thabisoa ke eng, u khotsofatsoa ke eng le hore na ke eng e sa u thabiseng. Kahoo, ho sa tsotellehe hore na keletso eo motho a u fang eona e utloahala hakae, hafeela e sa lumellane le Lentsoe la Molimo ha se eona. w18.12 19 ¶1-2
Moqebelo, la 16 May
Ea khopo ha a sa tla hlola a e-ba teng.—Pes. 37:10.
“Ba bonolo ba tla rua lefatše, ka sebele ba tla fumana thabo e phethehileng khotsong e ngata.” Davida o ile a boela a re: “Ba lokileng ba tla rua lefatše, ba tla lula ho lona ka ho sa feleng.” (Pes. 37:11, 29; 2 Sam. 23:2) U nahana hore litšepiso tsee li ama batho ba batlang ho etsa thato ea Molimo ka tsela efe? Ba ka ba le tšepo ea hore haeba qetellong lefatšeng mona ho tl’o phela batho ba lokileng, ho tla boela ho be le paradeise e kang serapa sa Edene. Baiseraele ba bangata ba neng ba sebeletsa Jehova, ba ile ba mo furalla ba ba ba furalla borapeli bo hloekileng. Ka hona, Molimo o ile a tlohella Bababylona hore ba ba hlole, ba senye naha ea bona le hore ba hape ba bangata ’me ba ba ise kholehong. (2 Likor. 36:15-21; Jer. 4:22-27) Leha ho le joalo, baprofeta ba Molimo ba ile ba bolela esale pele hore ka mor’a lilemo tse 70, batho ba hae ba ne ba tla khutlela naheng ea habo bona. Boprofeta boo bo ile ba fela ba phethahala. Le rona boa re ama kaha ho tl’o ba le paradeise mona lefatšeng. w18.12 4 ¶9-10
Sontaha, la 17 May
Joalokaha maholimo a phahametse lefatše, le litsela tsa ka li phahametse litsela tsa lona, le menahano ea ka e phahametse menahano ea lona.—Esa. 55:9.
Keletso ea batho ba lefatše ha e lumellane le Bibele. Jesu o ile a re: “Bohlale bo pakoa ke mesebetsi ea bona hore bo lokile.” (Mat. 11:19) Batho ba ntse ba tsoela pele ho ntlafatsa theknoloji, leha ho le joalo ba sitoa ho felisa mathata a etsang hore batho ba se ke ba thaba a kang lintoa, khethollo le tlolo ea molao. Ba boetse ba lumella boitšoaro bo bobe. Ka lebaka leo, batho ba bangata baa hlokomela hore keletso eo ba e fuoang ha e sebetse ebile e qetella ka mathata a hore malapa a qhalane le ka ho kula. Ha e le rona re thabela bophelo le malapa a rona, re lula re hloekile boitšoarong ebile re na le khotso le Bakreste-’moho le rona lefatšeng lohle. (Esa. 2:4; Lik. 10:34, 35; 1 Bakor. 6:9-11) Taba ena e bontša hore tsela eo Jehova a nahanang ka eona e phahametse hole eo batho ba sa mo rapeleng ba nahanang ka eona. w18.11 20 ¶8-10
Mantaha, la 18 May
Litloaelano tse mpe li senya mekhoa e metle.—1 Bakor. 15:33.
Le hoja re loanela ho tšoara beng ka rona ka mosa, re lokela hore re se ke ra ba lumella ho re sitisa ho sebeletsa Molimo. Ho ntse ho le joalo, re lokela ho phelisana ka khotso le batho bao re amanang le bona empa haholo-holo re lokela ho ba metsoalle ea batho ba ratang Molimo feela. Batho bohle ba sebeletsang Molimo ba lokela ho halalela. (Esa. 35:8; 1 Pet. 1:14-16) Ha re ne re qala ho tseba Molimo, Bibele e ile ea re thusa ho fetola tsela eo re neng re phela ka eona. Ba bang ba rona ba ile ba tlameha ho loana ntoa e thata ho fetola tsela eo ba neng ba phela ka eona. Kahoo, ha rea lokela ho rekisa ’nete ka tsela le ha e le efe e le hore re se ke ra inehella boitšoaro bo bobe. Empa ke eng e ka re thusang hore re se ke ra inehela? Re ka thusoa ke ho hopola lerato leo Jehova a re bontšitseng lona ka ho re fa mora oa hae hore a re shoele. (1 Pet. 1:18, 19) E le hore re lule re le metsoalle ea Jehova, re lokela ho itšoara ka tsela e bontšang hore re ananela mpho ena. w18.11 11 ¶10-11
Labobeli, la 19 May
Ke tla letela Molimo oa poloko ea ka. Molimo oa ka o tla nkutloa.—Mik. 7:7.
Bara le barali babo rona ba tšebeletsong ea nako e tletseng bao maemo a bona a ileng a fetoha, ba ka tiisa taba ea hore ho phathahana ka mosebetsi oa boboleli ho ba thusa hore ba lule ba rata Molimo. Joalokaha mehlala ea bona e bontša, haeba re tšepa Jehova le ha maemo a rona a fetoha, re tla ba le khotso. Maemo ao a ka ba a re thusa ho rata Jehova haholoanyane. Ha maemo a rona a fetoha ho sa tsotellehe hore na re hlaheloa ke mathata afe, re ka kholiseha hore Jehova o tla re thusa ka nako e nepahetseng. (Baheb. 4:16; 1 Pet. 5:6, 7) U leke ho lula u thabile le ha u hlaheloa ke mathata. Rapela Jehova e le hore u tle u atamele ho eena u be u mo lumelle hore a u thuse. Ha u etsa joalo, u tla ba le khotso esita le ha maemo a hao a fetoha. w18.10 30 ¶17; 31 ¶19, 22
Laboraro, la 20 May
[Jehova] o tseba sebopeho sa rona hantle, oa hopola hore re lerole.—Pes. 103:14.
Ka Bibeleng ho na le mehlala e mengata e bontšang kamoo Jehova a ileng a tšoara bahlanka ba hae kateng. Mohlala, ho 1 Samuele 3:1-18, hlokomela kamoo Jehova a ileng a tšoara Samuele ka mosa le ho mo thusa ha a sa le monyane hore a bolelle Moprista ea Phahameng Eli molaetsa oa kahlolo. Jehova o laela bana hore ba hlomphe batho ba holileng, haholo-holo ba nang le matla a bolaoli. (Ex. 22:28; Lev. 19:32) Joale ak’u nahane hore na Samuele o ne a ka ikutloa joang ha a ne a se a tlameha ho ea ho Moprista Eli ho ea mo bolella kahlolo ea Jehova. Bibele e re Samuele “o ne a tšaba ho bolella Eli se hlahileng.” Empa Jehova o ile a etsa hore Moprista Eli a hlakeloe hore ke eena ea bitsang Samuele. Kahoo, Moprista eo o ile a re Samuele a mo bolelle na ho etsahetseng le hore a ‘se ke a mo patela’ letho. Ka tlhompho eohle Samuele o ile a “mo bolella mantsoe ’ohle.” Molaetsa oo o ne o tšoana le oo a ileng a o fumana pejana. (1 Sam. 2:27-36) Pale ena e re ruta hore Jehova oa nahanela ebile o bohlale. w18.09 23 ¶2; 24 ¶4-5
Labone, la 21 May
Jehova, ke mang eo e tla ba moeti tenteng ea hao? . . . Ke ea . . . [buang] ’nete ka pelong ea hae.—Pes. 15:1, 2.
Leshano le kene fesheneng joaloka ntho e fihlang ’marakeng, le se le ipueloa ke motho e mong le e mong. Sehlooho se ngotsoeng ke Y. Bhattacharjee se reng “Why We Lie” se re: “Ho hlokomelehile hore leshano ke ntho e maling a batho. Ba ipuela leshano ho sa tsotellehe hore na ke nthong e kholo kapa e nyane, ba le bua le ho batho bao ba sa ba tsebeng, basebetsi-’moho le bona, metsoalle le ho batho bao ba ba ratang.” Batho ba bua leshano e le hore ba hlahelle kapa ba itšireletse. Ba bile ba bua leshano ha ba pata liphoso tsa bona le ha ba batla chelete. Ho bua leshano ho etsa hore batho ba se ke ba tšepana ba be ba qetelle ka ho qabana. Davida o ile a re ho Jehova: “U khahliloe ke ’nete lithong tse ka hare.” (Pes. 51:6) O ne a tseba hore bo bua ’nete ke ntho e lokelang ho tsoa pelong. Kahoo, Bakreste ba lokela ho ‘bolellana ’nete’ nthong e ’ngoe le e ’ngoe.—Zak. 8:16. w18.10 7 ¶4; 8 ¶9-10; 10 ¶19
Labohlano, la 22 May
A ’na a ba tsamaisa ba sireletsehile, ’me ba ne ba sa tšohe.—Pes. 78:53.
Baiseraele ba tlohile Egepeta ka selemo sa 1513 pele Jesu a tla lefatšeng, ka nako eo, e ne e le sechaba sa batho ba ka ’nang ba feta limilione tse tharo. Sehlopheng seo ho ne ho e-na le bana, batho ba holileng, ba kulang le ba phelang le bokooa. Ho ne ho hlokahala moeta-pele ea lerato le ea tsotellang e le hore a tataise sechaba seo. Jehova e ile ea e-ba moeta-pele ea joalo a sebelisa Moshe. Baiseraele ba ne ba utloa ba sireletsehile ha ba tloha sebakeng seo ba ea ho seo ba neng ba e-s’o ka ba phela ho sona. (Pes. 78:52) Jehova o ile a etsa’ng e le hore batho ba hae ba ikutloe ba sireletsehile? O qalile ka ho ba ‘hlophisa’ hantle ha ba tsoa Egepeta. (Ex. 13:18) Tlhophiso ena e ile e tiisetsa Baiseraele hore Molimo oa ba tataisa. Jehova o ile a boela a ba fa “leru motšehare, bosiu bohle a ba tsamaisa ka khanya ea mollo” e le bopaki ba hore o har’a bona. (Pes. 78:14) Ho ne ho le joalokaha eka o re: “Le se ke la tšoha hobane ke na le lona, ke tla le tataisa ke be ke le sireletse.” w18.09 26 ¶11-12
Moqebelo, la 23 May
Hoja u ka mpata Sheole, . . .oa ntekanyetsa nako ’me oa nkhopola!—Jobo 14:13.
Mehleng ea ha ho ne ho ngoloa Bibele, ba bang ba bahlanka ba Molimo ba ile ba imeloa ke mathata hoo ba ileng ba utloa ba batla ho shoa. Mohlala, nakong eo Jobo a neng a utloile bohloko ke mathata a hae, o ile a re: “Moea oa ka o nyonya bophelo ba ka.” (Jobo 10:1) Jonase le eena o ne a utloile bohloko hobane lintho li sa ka tsa mo tsamaela ka tsela eo a neng a lebeletse. O ile a ba a re: “Joale, Jehova, ka kopo, u tlose moea oa ka ho ’na, etsoe ho shoa ha ka ho molemo ho feta ho phela ha ka.” (Jon. 4:3) Hape, ka le leng moprofeta Elia o ne a nyotobetse ka lebaka la mathata a hae hoo a ileng a ba a ikopela ho shoa. O ile a re: “Ho lekane! Joale, Jehova, tlosa moea oa ka.” (1 Mar. 19:4) Leha ho le joalo, Jehova o ne a rata bahlanka bao ba hae haholo, a bile a sa batle hore ba shoe. Ha aa ka a ba halefela ha ba ne ba batla ho shoa, empa o ile a ba thusa ho tlosa boikutlo boo. Hape, ka lerato o ile a ba matlafatsa e le hore ba tsoele pele ho mo sebeletsa ka botšepehi. w18.09 13 ¶4
Sontaha, la 24 May
Re basebetsi-’moho le Molimo.—1 Bakor. 3:9.
Batho ba sebetsang ’moho le Jehova ba tsebahala ka ho amohela baeti. Mangolong a Segerike lentsoe “ho amohela baeti” le bolela ho ba mosa ho batho bao re sa ba tsebeng. (Baheb. 13:2) Ka Bibeleng ho na le litemana tse re rutang hore re amohele baeti. (Gen. 18:1-5) Re lokela ho batla litsela tsa ho thusa batho ba bang ka linako tsohle esita le bao e seng Bakreste-’moho le rona. (Bagal. 6:10) U ka boela oa sebetsa le Molimo ka hore u amohele batho ba tšebeletsong ea nako e tletseng. (3 Joh. 5, 8) Ha u etsa joalo, uena le bona le ka “khothatsana.” (Bar. 1:11, 12) Bibele e khothalletsa barab’abo rona hore ba sebetse ’moho le Jehova ka hore e be baholo le bahlanka ba sebeletsang. (1 Tim. 3:1, 8, 9; 1 Pet. 5:2, 3) Bohle ba etsang joalo ba bontša hore ba batla ho thusa Bakreste-’moho le bona ka litlhoko tsa bona le hore ba be le kamano e ntle le Jehova. (Lik. 6:1-4) Hape batho ba etsang mesebetsi ena ea bohlokoa ea phutheho ba thabile haholo. w18.08 24 ¶6-7; 25 ¶10
Mantaha, la 25 May
U se ke oa nyatsa monna e moholo ka matla. Ho fapana le hoo, u mo kope ka tieo joaloka ntate. —1 Tim. 5:1.
Le hoja Timothea a ne a fuoe boikarabelo bo itseng ho barab’abo rona ba holileng o ne a lokela ho ba hlompha. Empa na taba ee e bolela hore re lokela ho sebelisa molao-motheo oo maemong ohle? Mohlala, na re tlameha ho hlompha motho le haeba a etsa sebe ka boomo kapa a buella ntho eo Jehova a sa e rateng? Jehova a ke ke a ahlola motho ho ea ka lilemo tsa hae kapa a mo tšoarela ha a etsa sebe ka boomo hobane fela a holile. Hlokomela molao-motheo o hlahang ho Esaia 65:20 o reng: “Moetsalibe, le hoja a le lilemo li lekholo o tla rohakoa.” Re fumana molao-motheo o tšoanang Lengolong la Ezekiele. (Ezek. 9:5-7) Kahoo, taba e ka sehloohong ke hore ka linako tsohle re lokela ho hlompha Moholo-holo oa Matsatsi, e leng Jehova Molimo. (Dan. 7:9, 10, 13, 14) Haeba re etsa joalo, re ke ke ra tšaba ho eletsa motho ea hlokang thuso hobane feela a le moholo ho rona.—Bagal. 6:1. w18.08 11 ¶13-14
Labobeli, la 26 May
Mang kapa mang ea se nang phihlelo o beha tumelo lentsoeng le leng le le leng, empa ea masene o nahana ka mehato ea hae.—Liprov. 14:15.
Joaloka Bakreste ba ’nete, re lokela ho ithuta ho hlahloba litaba ’me re li sebelise ho etsa liqeto tse nepahetseng. (Liprov. 3:21-23; 8:4, 5) Haeba re sa etse joalo, ho ka ba bonolo hore Satane le batho ba hae ba re susumetse hampe. (Baef. 5:6; Bakol. 2:8) Hoa hlaka hore re tla etsa liqeto tse nepahetseng haeba re e-na le lintlha tse feletseng ka taba e itseng. Mehleng ena batho ba foqoa litaba tse ngata tse hlahang Inthaneteng, thelevisheneng le mecheng e meng e mengata ea litaba. Ba bang ba fumana litaba ka hore ba romelloe melaetsa le ka ho buisana le metsoalle. Kaha batho ba bangata ba fetisa litaba tse fosahetseng, re lokela ho khetha ka hloko hore na ke lintho life tseo re li mamelang. w18.08 3 ¶1, 3
Laboraro, la 27 May
U fumane kamohelo ho Molimo.—Luka 1:30.
Jehova o ile a khetha moroetsana Maria ea ikokobelitseng hore e tle e be eena ’mè oa Jesu. Maria o ne a lula motseng o sa tumang oa Nazaretha o hole le motse oa Jerusalema o neng o e-na le tempele. (Luka 1:26-33) Ha Maria a buisana le Elizabetha, mantsoe a hae a ile a bontša hore o na le kamano e matla le Molimo. (Luka 1:46-55) Kaha Jehova o ne a ntse a bona Maria, o ile a mo hlohonolofatsa ka lebaka la hore o ne a tšepahala. Ho hang Maria o ne a sa lebella hore Jehova a ka mo fa monyetla oo. Ka mor’a hore Jesu a hlahe, Jehova ha aa ka a tsebisa babusi ba hlaheletseng ba Jerusalema le Bethlehema ka tsoalo ea Jesu. Ho e-na le hoo, o ile a romela mangeloi ho balisana ba neng ba alositse linku ka ntle ho Bethlehema ’me a ba bolella ka tlhaho ea Jesu. (Luka 2:8-14) Ka mor’a moo, balisana bao ba ile ba ea ho ea bona lesea le sa tsoa hlaha. (Luka 2:15-17) E tlameha ebe Maria le Josefa ba ile ba makala ha ba bona kamoo Jesu a neng a hlomphuoa kateng. w18.07 9-10 ¶11-12
Labone, la 28 May
Jehova a tukela Solomone ka bohale.—1 Mar. 11:9.
Ke hobane’ng ha Jehova a ile a halefela Solomone? “Hobane pelo ea hae e ne e sekametse hole le Jehova . . . , ea hlahileng ho eena habeli. Mabapi le ntho ena a mo laela hore a se ke a latela melimo e meng; empa o ne a sa ka a boloka seo Jehova a se laetseng.” Ka lebaka leo, Molimo ha aa ka a hlola a mo tšehetsa le ho mo amohela. Majalefa a ’muso oa Solomone ha aa ka a busa Iseraele eohle ’me ka lilemo tse makholo a ile a tobana le mathata a boima. (1 Mar. 11:9-13) Tlalehong ea Solomone, re hlokometse hore e ’ngoe ea lintho tse ka senyang kamano ea rona le Molimo ke ho tloaelana le batho ba sa hlompheng melao ea hae kapa ba sa e utloisiseng. Ba bang ba kopanela le phutheho empa butle-butle kamano ea bona le Jehova e ntse e senyeha. Ba bang ke litho tsa lelapa, baahisani, basebetsi-’moho le rona kapa batho ba kenang sekolo le rona bao e seng barapeli ba Jehova. Haeba batho ba haufi le rona ba sa hlomphe melao ea Jehova, ba ka etsa hore le rona re qetelle re se na kamano e ntle le eena. w18.07 19 ¶9-10
Labohlano, la 29 May
Lefatše lohle le rapaletse matleng a ea khopo.—1 Joh. 5:19.
Satane o sebelisa lifilimi le mananeo a thelevishene ho susumetsa batho hore ba nahane joaloka eena. Oa tseba hore lipale tseo lia re thabisa li bile li re ruta hore na re nahane’ng, re ikutloe joang le hore na re etse’ng. Jesu oa tseba hore lipale li molemo, kahoo o ne a li sebelisa hangata ha a ruta. Mohlala, o ile etsa papiso ea Mosamaria ea molemo le ea mora ea lehlasoa. (Mat. 13:34; Luka 10:29-37; 15:11-32) Leha ho le joalo, batho ba susumetsoang ke Satane ba ka sebelisa lipale hore ba senye kamano ea rona le Molimo, empa re lokela ho ikemela. Ke ’nete hore lifilimi le mananeo a mang a thelevishene a ka re ruta a ba a re natefela a sa silafatse tsela eo re nahanang ka eona. Empa re lokela ho ba hlokolosi. Mohlala, re ka ipotsa hore na lintho tseo re li mamelang le ho li shebella li etsa hore re ikutloe joang. (Bagal. 5:19-21; Baef. 2:1-3) U lokela ho qoba lenaneo le tla etsa hore u nahane joaloka Satane joalokaha u ne u tla qoba ntho e ka u kulisang. w19.01 15-16 ¶6-7
Moqebelo, la 30 May
Le amohele helmete ea poloko.—Baef. 6:17.
Joalokaha helmete e sireletsa boko ba lesole, “tšepo ea poloko” eo re nang le eona e sireletsa menahano ea rona. (1 Bathes. 5:8; Liprov. 3:21) Ke joang Satane a ka etsang hore re role lihelmete tsa rona? Hopola tsela eo a ileng a sebetsana le Jesu ka eona. Satane o ne a tseba hore Jesu o na le tšepo ea ho busa batho. Empa Jesu o ne a lokela ho ema ho fihlela nako eo Jehova a e behileng. Pele nako eo e fihla, o ne a lokela ho utloisoa bohloko le ho shoa. Kahoo, Satane o ne a mo fa monyetla oa hore a buse le pele nako eo e fihla. Satane o ne a tšepisa Jesu hore ha a ka mo etsetsa ketso e le ’ngoe feela ea borapeli, hang-hang Jesu e ne e tla ba ’musi oa lefatše. (Luka 4:5-7) Ka tsela e tšoanang, Satane oa tseba hore lefatšeng le lecha Jehova o tla re fa lintho tsohle tseo re li hlokang. Empa re lokela ho letela hore tšepiso eo e phethahale. Pele nako eo e fihla, re ka thulana le mathata a mangata. Kahoo, Satane o batla re nahane hore re ka thabela bophelo hona joale. O batla hore re etelletse lithahasello tsa rona pele ho e-na le ho etelletsa ’Muso oa Molimo pele.—Mat. 6:31-33. w18.05 30-31 ¶15-17
Sontaha, la 31 May
Pelo ea hao e u etsetse se molemo matsatsing a bohlankana [kapa boroetsana] ba hao.—Moek. 11:9.
Mocha, Jehova o batla hore u thabe. Etsa lintho tse tla u thusa ho lula u rata Jehova ’me u mamele keletso ea hae liqetong tsohle tseo u li etsang. Ha u etsa joalo u sa le mocha, Jehova o tla u tataisa, a u sireletse a be a u hlohonolofatse. Nahanisisa ka likeletso tsohle tse molemo tse ka Bibeleng, u be u mamele keletso ea Bibele e reng: “U hopole ’Mopi oa hao e Moholo, hona joale, matsatsing a bohlankana [kapa boroetsana] ba hao.” (Moek. 12:1) Bacha, lea babatsoa hobane le lula le ikemiselitse ho etsa hore thato ea Molimo e tle pele bophelong ba lona. Le etsa lintho tse le thusang ho lula le rata Jehova, ebile le nka mosebetsi oa boboleli o le bohlokoa haholo. Hape ha le lumelle letho ho le sitisa ho fihlela merero e metle eo le nang le eona. Kahoo, kholisehang hore lintho tsohle tse ntle tseo le li etsang ha se tsa lefeela. Bakreste-’moho le lona baa le rata ebile baa le tšehetsa. Haeba le lula le mamela likeletso tsa Jehova, merero ea lona e metle e tla atleha. w18.04 29 ¶17, 19