October
Labone, la 1 October
Llang le batho ba llang. —Bar. 12:15.
Ho fapana le Jehova le Jesu, ha re khone ho tseba se ka pelong ea motho. Leha ho le joalo, re ka leka ho utloisisa maikutlo a hae le lintho tseo a li hlokang. (2 Bakor. 11:29) Ha re tšoane le batho ba sa rapeleng Jehova ba lefatše lena. Kaha re loanela ho se “hlokomele lithahasello tsa litaba tsa [rona] feela, empa hape [re] hlokomela lithahasello tsa ba bang.” (Bafil. 2:4) Ka ho khetheha baholo ba lokela ho bontša hore ba nahanela batho. Kaha baa tseba hore ba tla ikarabella ho Jehova ka tsela eo ba tšoarang linku tsa hae ka eona. (Baheb. 13:17) Baholo ba lokela ho nahanela litho tsa phutheho e le hore ba khone ho li thusa. Baholo ba ka bontša joang hore ba nahanela batho? Moholo ea nahanelang o ipha nako ea ho ba le Bakreste-’moho le eena. O buisana le bona, o bile o ba mamela ka hloko. Taba ena kea bohlokoa haholo nakong eo Mokreste a batlang ho ntša se ka pelong ea hae, empa a sa khone ho etsa joalo hantle. (Liprov. 20:5) Ha moholo a ipha nako ea ho ba le bahoeletsi, ba khona ho mo tšepa, ho ba metsoalle le ho mo rata haholoanyane.—Lik. 20:37. w19.03 17 ¶14-17
Labohlano, la 2 October
Lentsoe le builoeng ka nako e nepahetseng le joaloka liapole tsa khauta ka lijaneng tse betliloeng tsa silevera.—Liprov. 25:11.
Re ka tšoantša ho leboha le lijo tse lutlisang mathe, tse re natefelang haholo ha re li arolelana le batho ba bang. Rea thaba ha batho ba re leboha. Ka tsela e tšoanang, ha re bontša batho hore rea ba leboha, re etsa hore le bona ba thabe. Ha re etsa joalo, batho ba re bontšitseng mosa ba tla hlokomela hore re batho ba ananelang. Kahoo, maqhama a setsoalle pakeng tsa rona le bona a tla tiea le ho feta. Lintho tseo re li etsang le tseo re li buang ha re bontša hore rea leboha li bohlokoa haholo joalokaha ho bontšitsoe temaneng ea letsatsi ea kajeno. Ak’u nahane hore na apole e entsoeng ka khauta e ka ba ntle hakaakang ha e lutse ka sejaneng sa silevera. Ha re sa re letho ka boleng ba eona! U ne u tla ikutloa joang ha u ka fuoa mpho e joalo? Mantsoe ao re a buang ha re leboha batho ba bang, ke a bohlokoa joaloka apole eo. Apole e entsoeng ka khauta e ka lula e le teng nako e telele. Ka tsela e tšoanang, batho bao re ileng ra bontša hore rea ba leboha ha ba re etselitse ntho e itseng, ba ka lula ba hopola taba eo bophelo bohle ba bona. w19.02 15 ¶5-6
Moqebelo, la 3 October
Motho o fetohile ea tšoanang le e mong oa rona ka ho tseba botle le bobe.—Gen. 3:22.
Nakong eo Adama le Eva ba neng ba e-ja tholoana ea sefate sa tsebo ea botle le bobe, ba ile ba bontša ka ho hlaka hore ha ba natse Jehova le melao ea hae. Kahoo, ba khetha ho ipehela melao ea bona e tla ba tataisa. Ba ile ba lahleheloa ke’ng? Kamano ea bona le Jehova e ile ea senyeha. Ba boela ba lahleheloa ke monyetla oa ho phela ka ho sa feleng ’me ba fetisetsa lefutso la sebe le lefu ho bana ba bona. (Bar. 5:12) Ebe phapang ke efe tseleng eo Adama le Eva ba ileng ba itšoara ka eona le eo leqhalaha la Moethiopia le ileng la itšoara ka eona ha Filipi a ntse a le ruta ka Molimo? Leqhalaha leo le ile la ameha maikutlo haholo ha le hlokomela kamoo Jehova le Jesu ba le ratang kateng, kahoo la etsa qeto ea ho kolobetsoa hang-hang. (Lik. 8:34-38) Haeba re inehela ho Jehova re bile re kolobetsoa joaloka leqhalaha leo, re bontša ka ho hlaka hore na re batla ho sebeletsa mang. Re bontša hore re ananela melemo eo Jehova le Jesu ba re etselitseng eona. Re boetse re bontša hore re tšepa Jehova ebile re lumela hore ke eena feela ea nang le tokelo ea ho re behela melao ea lintho tse nepahetseng le tse fosahetseng. w19.03 2 ¶1-2
Sontaha, la 4 October
Nke ke ka tlosa botšepehi ba ka!—Jobo 27:5.
Bahlanka ba Jehova ba ka bontša hore baa tšepahala ka hore ba rate Jehova ka lipelo tsohle tsa bona le ho etsa thato ea hae. Lentsoe la Seheberu le fetoletsoeng e le “botšepehi” le bolela ho hloka sekoli. Mohlala, ho ne ho lokela ho sebelisoa liphoofolo tse phetseng hantle ha ho etsetsoa Jehova sehlabelo. (Lev. 22:21, 22) Baiseraele ba ne ba sa lokela ho etsa sehlabelo ka phoofolo e se nang leoto, tsebe, leihlo kapa e kulang. Jehova o ne a batla hore ba sebelise phoofolo e se nang sekoli. (Mal. 1:6-9) Rea utloisisa hore na ke hobane’ng ha Jehova a batla lintho tse phetseng hantle. Mohlala, ha re reka litholoana, libuka kapa lithulusi, re batla tse hantle. Ka tsela e tšoanang, Jehova o batla hore re mo rate le ho mo tšepahalla ka lipelo tsohle tsa rona. Ebile ha rea lokela ho ikaketsa. w19.02 3 ¶3
Mantaha, la 5 October
Molao oa hao ke o rata hakaakang! Ke nahanisisa ka oona letsatsi lohle.—Pes. 119:97.
E le hore re sireletse lipelo tsa rona, ha se hore feela re lokela ho hanela Satane empa re boetse re lokela ho fa Jehova monyetla oa hore a re thuse. Metse ea boholo-holo e neng e kampetsoe ka marako, balebeli ba ne ba lula ba koetse likeiti, e le hore lira li se ke tsa kena. Empa ka linako tse ling, ba ne ba li bula e le hore lijo le lintho tse ling li ka kena. Haeba ba ne ba lula ba koetse likeiti, batho ba ne ba tla shoa ke tlala. Ka tsela e tšoanang, le rona re lokela ho lumella Jehova hore a fetole tsela eo re nahanang ka eona, eo re itšoarang ka eona le eo re ikutloang ka eona. Ntho e ka re thusang hore re fetole tsela eo re nahanang ka eona ke ho ithuta Bibele kaha ea re bolella hore na Jehova o nahana joang. Re ka thusoa ke eng hore re rue molemo ha re ithuta Bibele? Thapelo kea bohlokoa hobane e re thusa ho bona ‘lintho tse hlollang’ tse ka hare ho Lentsoe la Molimo. (Pes. 119:18) Ntho e ’ngoe hape e ka re thusang ke ho nahana ka lintho tseo re ithutang tsona. Haeba re rapela, re ithuta ebile re nahanisisa ka lintho tseo re ithutang tsona Lentsoeng la Molimo, li tla fihla “ka har’a pelo [tsa rona]” ebe re rata tsela eo Jehova a nahanang ka eona.—Liprov. 4:20-22. w19.01 18 ¶14-15
Labobeli, la 6 October
A re nyeheleng kamehla ho Molimo sehlabelo sa thoriso.—Baheb. 13:15.
Jehova oa tseba hore ha re tšoane ebile maemo a rona a fapane, ke kahoo a ikemiselitseng ho amohela sehlabelo sa e mong le e mong. Ak’u nahane ka mahlabelo ao Baiseraele ba neng ba mo etsetsa ’ona. Ba bang ba ne ba khona ho etsa sehlabelo ka konyana kapa poli. Empa ba neng ba kolla ntsi hanong bona ba ne ba tlisa “maebana-khoroana a mabeli kapa maebana a mabeli.” Ho ba bang, le ’ona maebana ao e ne e e-ba bothata empa Jehova o ne a amohela le “karolo ea leshome ea efa ea phofo e thumisehileng.” (Lev. 5:7, 11) Le hoja e ne e le chipi, Jehova o ne a e amohela hafeela e ‘thumisehile.’ Le mehleng ena Jehova ha a e-s’o fetohe. Ha a lebella hore re be likheleke joaloka Apolose kapa hore re tsebe ho susumetsa batho joaloka Pauluse. (Lik. 18:24; 26:28) Ntho feela eo Jehova a e batlang ke hore re etse sohle se matleng a rona. Na u sa hopola ’mè oa mohlolohali ea ileng a fana ka lichelete tse peli tsa tšepe? O ile a thabisa Jehova haholo kaha o ne a fane ka sohle seo a nang le sona.—Luka 21:1-4. w19.01 8-9 ¶3-5
Laboraro, la 7 October
Le tla hlouoa ke batho bohle ka lebaka la lebitso la ka.—Mat. 10:22.
Kaha re balateli ba Jesu, re ke ke ra lebella hore batho ba re rate. Jesu o ile a bontša hore batho ba tla re hloea matsatsing ana a ho qetela. (Mat. 24:9; Joh. 15:20) Boprofeta bona bo ile ba bolela hore lira tsa rona li tla re hloea li be li re loantše ka libetsa. Libetsa tsena li akarelletsa ho re khelosa, ho re etselletsa le ho re hlorisa ka sehloho. (Mat. 5:11) Jehova ha a thibele lira tsa rona ho re hlasela. (Baef. 6:12; Tšen. 12:17) Ha rea lokela ho tšoha. Jehova o re: “Sebetsa le ha e le sefe se tla etsoa khahlanong le uena se ke ke sa atleha.” (Isa. 54:17) Joalokaha ntlo e re sireletsa lifefong tse matla, Jehova le eena oa re sireletsa ha lira tsa rona li re hatella. (Esa. 25:4, 5) Lira tsa rona li ke ke tsa re utloisa bohloko ka ho sa feleng. (Esa. 65:17) Lira tsohle tsa bahlanka ba Molimo ‘li tla fetoha lefeela ’me li tla timela.’—Esa. 41:11, 12. w19.01 6-7 ¶13-16
Labone, la 8 October
Moo moea oa Jehova o leng teng, ho na le tokoloho.—2 Bakor. 3:17.
Bacha, Jehova o rata hore le be le bolokolohi ebile o entse hore le rate ho lokoloha. Empa o batla hore le itšireletse ka ho sebelisa bolokolohi ba lona hantle. Mohlomong ho na le bacha ba bang bao u ba tsebang ba etsang thobalano, ba ratang ho sheba lintho tse etsang hore ba batle ho e etsa, ba bapalang lipapali tse kotsi, ba sebelisang lithethefatsi kapa ba tahoang. Le ha e ka ba lintho tseo lia ba thabisa hona joale, li na le liphello tse bohloko tse kang ho kula, ho li lemalla kapa lefu. (Bagal. 6:7, 8) Kannete “tokoloho” ea bona e ba ntša kotsi. (Tite 3:3) Empa na ho na le batho bao u ba tsebang ba kileng ba kulisoa ke hore ba mamela Molimo? Ho hlakile hore ho mamela Jehova ho tla u thusa hore u lokolohe u be u phele hantle. (Pes. 19:7-11) Hape ha u mamela melao ea Molimo u etsa hore eena le batsoali ba hao ba u tšepe ba be ba u fe bolokolohi bo eketsehileng.—Bar. 8:21. w18.12 22-23 ¶16-17
Labohlano, la 9 October
Monna [o] tla siea ntat’ae le ’m’ae a khomarele mosali oa hae ’me e tla ba nama e le ’ngoe.—Gen. 2:24.
Ka mor’a hore Adama a etse sebe, lintho tse ngata li ile tsa fetoha. E ’ngoe ea lintho tse ileng tsa qala ho ba teng ke lefu, ’me le ama lenyalo. Re fumana seo ha re bala moo moapostola Pauluse a ileng a ngolla Bakretse a ba hlalosetsa hore ha ba sa laoloa ke Molao oa Moshe. O ile a re banyalani ba ka arohanngoa ke lefu ’me molekane ea setseng a phela a ka nyaloa kapa a nyala haeba a batla. (Bar. 7:1-3) Molao oo Molimo a neng a o file Baiseraele o ne o e-na le melaoana e laolang lenyalo. O ne o lumella hore monna a ka nyala sethepu. Tloaelo ena e qalile le pele Molimo a fa Baiseraele Molao. Leha ho le joalo, ho ne ho e-na le melaoana e laolang sethepu, e le ho sireletsa basali le bana. Ka mohlala, haeba Moiseraele a nyala lekhoba ’me hamorao a nyala mosali e mong, o ne a lokela ho hlokomela mosali e moholo feela joalokaha a ne a etsa pele. Molimo o ne a lebelletse hore a mo sireletse a be a mo hlokomele. (Ex. 21:9, 10) Rona ha re sa busoa ka Molao oa Moshe, empa o re thusa ho bona hore Jehova o nka lenyalo e le la bohlokoa. Na taba ee ha e etse hore le uena u le nke le le bohlokoa? w18.12 10 ¶3; 11 ¶5-6
Moqebelo, la 10 October
Le ke [ke] la o lumela le hoja o phetoa.—Hab. 1:5.
Ka mor’a hore Habakuke a rapele, e ka ’na eaba o ne a ipotsa hore na Jehova o tla rarolla mathata a hae joang. Kaha Jehova ke ntate ea nang le kutloelo-bohloko le ea utloisisang ha aa ka a halefa ha Habakuke a mo bolella maikutlo a hae. O ne a tseba hore moprofeta enoa o ne a buisoa ke pelo e bohloko. Jehova o ile a bolella Habakuke hore na ho ne ho tla etsahala’ng ka Bajuda ba sa mameleng. Mohlomong ke motho oa pele oa hore Jehova a mo bolelle hore na ho ne ho tla etsahala’ng ka batho bao ba ratang ntoa. Jehova o ile a kholisa Habakuke hore o tla mo pholosa mathateng a hae. O ne a le haufi le ho ahlola moloko oo o sa mameleng. Polelo e reng “matsatsing a lona” e ne e bontša hore Jehova o tla ahlola batho bao mehleng ea moprofeta enoa. Habakuke o ne a sa lebella hore Jehova a ka mo araba ka tsela ena kaha karabo ena e ne e bontša hore mathata a bona a tl’o eketseha. w18.11 15 ¶7-8
Sontaha, la 11 October
Thato ea [Molimo ke] hore batho ba mefuta eohle ba pholohe ’me ba fihle tsebong e nepahetseng ea ’nete.—1 Tim. 2:4.
U ikutloa joang ka batho ba bangata ba e-s’o ka ba ithuta Bibele? Moapostola Pauluse o ne a tsamaea lisynagogeng a bua ka Bibele le Bajuda ba neng ba se ba ntse ba tseba Molimo. Empa o ile a boela a bua ka Bibele le batho ba bang ba neng ba ithapella melimo ea bona ea bohata. Mohlala, Pauluse o ile a ea Lystra le Barnabase ka lekhetlo la pele. Ka phoso batho ba moo ba buang puo ea Selykaonia ba ile ba nahana hore eena le Barnabase ke melimo ea bona, e leng Zeuse le Hermese, eaba baa ba rorisa. Na Pauluse le Barnabase ba ile ba bona ketsahalo ee e le monyetla o motle oa hore ba tume? Kapa na ba ile ba bona e le monyetla o motle oa ho pholisa lihlooho, haholo hobane ba ne ba ile ba hlorisoa metseng e ’meli eo ba neng ba tsoa ho eona? Na ba ile ba nahana hore ba ne ba ka fihlisa molaetsa oa Molimo hohle ka hore ba tume? Le hanyenyane! Ba ile ba tuka ke bohale eaba ba re ho batho bao: “Ke hobane’ng ha le etsa lintho tsee? Le rona re batho ba nang le mefokolo e tšoanang le eo le nang le eona.”—Lik. 14:8-15. w18.09 4-5 ¶8-9
Mantaha, la 12 October
Na ha le tsebe hore batho ba sa lokang ba ke ke ba rua ’muso oa Molimo? . . . Leha ho le joalo ke seo ba bang ba lona ba neng ba le sona. Empa le hlatsoitsoe hore le hloeke. . . ho boletsoe hore le lokile.—1 Bakor. 6:9, 11.
E le hore re reke ’nete re lokela ho itšoara le ho nahana ka tsela eo Jehova a e batlang. Ha Petrose a bua ka boitšoaro boo Jehova a sa bo rateng o ile a re: “Joaloka bana ba mamelang, le khaotse ho ba ka sebopeho sa litakatso tseo le neng le e-na le tsona pele ho hlokeng tsebo ha lona, empa . . . le lona le fele le halalele boitšoarong bohle ba lona.” (1 Pet. 1:14, 15) Kaha batho ba Korinthe ba ne ba phela ka tsela e sa khahliseng Molimo, motho o ne a reka ’nete ka hore a fetole tsela eo a phelang ka eona. Le mehleng ena batho ba bang ba reka ’nete ka hore ba tele tsela eo ba neng ba phela ka eona pele. Petrose o ile a boela a re: “Nako e fetileng e lekane hore ebe le phethile thato ea lichaba ha le ne le tsoela pele liketsong tsa boitšoaro bo hlephileng, litakatsong tse feteletseng, ho fetelleng ka veine, meketeng e lerata, litlholisanong tsa ho noa, le borapeling ba litšoantšo bo sa lumelloang.”—1 Pet. 4:3. w18.11 6 ¶13
Labobeli, la 13 October
Bohle ba neng ba e-na le tšekamelo e nepahetseng bakeng sa bophelo bo sa feleng ea e-ba balumeli.—Lik. 13:48.
Empa re ka khona ho tseba batho ‘ba nang le tšekamelo e nepahetseng bakeng sa bophelo bo sa feleng’ joang? Re ka ba tseba ha re ruta molaetsa oa Bibele. Ke kahoo re mamelang taelo ea Jesu e reng: “Ha le kena motseng kapa motsaneng ofe kapa ofe, le batle hore na ke mang ho oona ea tšoanelehang.” (Mat. 10:11) Kahoo, ha re senye nako ka ho ruta batho ba sa tšepahaleng, ba ikhohomosang le ba sa rateng ho mamela molaetsa oa rona. Empa re amehile ka ho batla batho ba tšepahalang, ba ikokobelitseng le ba batlang ho ba metsoalle ea Jehova. Re ka tšoantša mosebetsi ona le oo Jesu a neng a o etsa ha e ntse e le ’metli oa lepolanka. O ne a ke ke a itšenyetsa nako ka ho batlana le lepolanka le ke keng la mo thusa hore a etse thepa ea boleng bo botle. Ha a se a fumane lepolanka le letle, mohlomong o ne a nka lithulusi tsa hae ebe o qalella ho sebetsa. Le rona re lokela ho mo etsisa ka hore re batle batho ba ratang Molimo re be re ba etse barutuoa.—Mat. 28:19, 20. w18.10 12 ¶3-4
Laboraro, la 14 October
Filipi a theohela motseng oa Samaria ’me a qala ho bolela Kreste ho bona.—Lik. 8:5.
Filipi o re behetse mohlala o motle kaha o ile a lula a sebeletsa Jehova le ha maemo a hae a fetoha. Ka mor’a hore ho be le mahloriso a maholo Jerusalema Setefane o ile a bolaoa. Ha setsokotsane seo se ntse se tsoela pele, Filipi o ile a fumana monyetla o mong oa ho sebeletsa Molimo. (Lik. 6:1-6) Ha aa ka a phutha matsoho eaba oa shebella empa o ile a bolela molaetsa oa Bibele Samaria e leng sebaka sa balichaba ba neng ba e-s’o utloe molaetsa (Mat. 10:5; Lik. 8:1) Jehova o ile thusa Filipi hore a il’o bolella batho molaetsa oa Bibele libakeng tse e-s’o sebetsoe kaha o ne a ikemiselitse ho ea hohle moo moea oa Molimo o mo tataisetsang teng. Bajuda ba ne ba tloaetse ho tšoara Basamaria ka leeme empa kaha Filipi eena o ne a se leeme, Basamaria ba bangata ba ne ba rata ho mamela molaetsa oa hae. (Lik. 8:6-8) Ho sa tsotellehe ho fetoha ha maemo a hae, o ile a tsoela pele ho sebeletsa Jehova eaba oa mo hlohonolofatsa le lelapa la hae.—Lik. 21:8, 9. w18.10 30 ¶14-16
Labone, la 15 October
A re nahanelaneng hore re susumeletsane leratong le mesebetsing e metle.—Heb 10:24.
Ha Jesu a ne a le Dekapolise batho ba ile ba mo tlisetsa “monna ea sa utloeng litsebeng le ea nang le leleme le rarahaneng.” (Mar. 7:31-35) Ho e-na le hore Jesu a mo phekolele ka har’a batho o ile a mo “tlosa ho bongata” eaba oa mo folisa. Mohlomong Jesu o ile a hlokomela hore monna eo ha a phuthulohe ha a le ka har’a batho ke kahoo a ileng a mo folisetsa ka thoko. Le hoja rona re ke ke ra phekola ka mohlolo, re lokela ho nahanela Bakreste-’moho le rona. Jesu o ne a utloisisa bothata ba monna ea kulang ke kahoo a ileng a mo tšoara ka tsela e nahanelang a ba a mo phekola. Le rona re nahanela batho ba holileng le ba kulang. Bakreste ba tsejoa ka ho hlophiseha empa ntho ea bohlokoa-hlokoa ke hore ba ratane. (Joh. 13:34, 35) Lerato leo le lokela ho re susumetsa ho thusa ba holileng le ba kulang hore ba ee libokeng le tšimong. Hape re lokela ho ba thusa le haeba ba sa khone ho iketsetsa letho.—Mat 13:23. w18.09 29-30 ¶7-8
Labohlano, la 16 October
E mong le e mong oa rona a khahlise moahelani oa hae ho se leng molemo bakeng sa ho mo haha.—Bar. 15:2.
Jehova le Jesu ba rata e mong le e mong oa rona. (Bagal. 2:20) Kaha le rona re rata Bakreste-’moho le rona, re lokela ho ba tsotella le ho bontša hore rea ba rata. Kahoo, “a re phehelleng lintho tse tlisang khotso le lintho tseo re ka hahanang ka tsona” e le hore re khothatsane. (Bar. 14:19) Kaofela ha rona re labalabela ho e’a phela Paradeiseng, moo re ke keng ra hlola re nyahama ho hang. Re tla be re se re sa kule, re sa shoe, re sa hlorisoe, ho se ho se na lintoa, mathata a lelapa le lintho tse ka re utloisang bohloko. Ka mor’a hore lilemo tse sekete li fele, batho bohle ba tla be ba phethahetse. Bohle ba tšepahetseng ho fihlela qetellong e tla ba bara ba Jehova Molimo ’me ba be le “tokoloho e khanyang ea bana ba Molimo.” (Bar. 8:21) Kahoo, e se eka kaofela ha rona re ka bontša hore rea ratana ka ho matlafatsana e le hore re ka fihla Paradeiseng, moo re tla phela re thabile. w18.09 14 ¶10; 16 ¶18
Saturday, la 17 October
Molao oa hao ke o rata hakaakang! Ke nahanisisa ka oona letsatsi lohle.—Pes. 119:97.
Ha re ithuta Bibele hare bale mohoalotso feela kapa hona ho tšoaea likarabo. Empa ho ithuta Bibele ho akarelletsa ho bona hore na re ithuta’ng ka Jehova le tsela eo a nahanang ka eona. Ho boetse ho akarelletsa ho tseba hore na ke hobane’ng ha Jehova a re ntho e nepahetse kapa e fosahetse. Hape ka mor’a hore re ithute, re fetola tsela eo re phelang ka eona haeba ho hlokahala. Maemong a mang ho ke ke ha khoneha hore re nahane ka lintho tsena kaofela empa ho bohlokoa hore re iphe nako e ngata ea ho nahana ka hore na re ithuta’ng (1 Tim. 4:15) Ha re nahanisisa ka Lentsoe la Molimo ha re qeta ho le bala, re “ipakela” ka borona hore tsela eo Jehova a nahanang ka eona e phethahetse. Re boetse re tla utloisisa litsela tsa Jehova ebile re tla lumellana le tsona. Hape re tla “fetola” likello tsa rona le ho ntlafatsa tsela eo re nahanang ka eona. (Bar. 12:2) Qetellong re tla nahana joaloka Jehova. w18.11 24 ¶5-6
Sontaha, la 18 October
Re basebetsi-’moho le Molimo.—1 Bakor. 3:9.
Ha Pauluse a bua ka eena le Bakreste ba bang, o ile a re ke “basebetsi-’moho le Molimo” hobane ba ne ba lema ba bile ba nosetsa peo ea ’Muso. (1 Bakor. 3:6) Le rona re ka ba “basebetsi-’moho le Molimo” ka hore re tele nako ea rona, lintho tseo re nang le tsona le matla a rona e le hore re bolelle batho molaetsa oa Bibele. Ke tlotla e kholo ho kenya letsoho mosebetsing ona. Re thaba haholo ha re tela nako le matla a rona e le hore re bolelle batho molaetsa oa Bibele le ho ba etsa barutuoa. Bara le barali babo rona ba bangata ba hlokometse hore ha ho na ntho e monate ho feta ho ithuta Bibele le batho. Ebile ba thaba haholo ha liithuti tsa bona li utloisisa lintho tseo li ithutileng tsona, li fetola tsela eo li phelang ka eona, li e-ba le tumelo hape li ruta batho ba bang molaetsa oa Bibele. Jesu o ile a roma barutuoa ba hae ba 70 hore ba il’o bolella batho molaetsa oa Bibele. Ba ile ba ‘khutla ba thabile’ haholo. Kahoo, Jesu le eena o ile a thaba.—Luka 10:17-21. w18.08 20 ¶11-12
Mantaha, la 19 October
Ea tšepang pelo ea hae o hloka kelello.—Liprov. 28:26.
Haeba hangata re tloaetse ho itšetleha ka hore na re tseba lintho hakae e ka ba leraba ho rona. Ho ka ba kotsi haeba ka linako tse ling re ka nahana hore re utloisisa boemo bo itseng le hoja re sa tsebe lintlha kaofela. Ntho e ’ngoe e ka re thatafalletsang ho hlahloba litaba ka tsela e nepahetseng ke haeba re sa utloane le Mokreste e mong. Haeba re lula re nahana hore na batho ba bang ba re siteloa hangata hakae, re ka qetella re se re sa ba tšepe. Kahoo, haeba re utloa Mokreste eo a buuoa hampe, ho ka etsahala hore re potlakele ho kholoa taba e joalo. Re ithuta’ng? Re ka etsa liqeto tse fosahetseng ka Mokreste-’moho le rona hobane re ikutloa ka tsela e sa nepahalang ka eena. Lebaka le leng hape ke hore re tla be re sa tsebe lintlha kaofela. (1 Tim. 6:4, 5) Re lokela ho tlosa menahano e fosahetseng lipelong tsa rona. Ho e-na le hore re nahane ka tsela eo, re lokela ho ikemisetsa ho tšoarela Mokreste-’moho le rona ho tsoa pelong re be re mo rate.—Bakol. 3:12-14. w18.08 6 ¶15; 7 ¶18
Labobeli, la 20 October
Maholimo ke a Jehova. . . le . . . lefatše le tsohle tse ho lona.—Deut. 10:14.
Kaofela ha rona re ikarabella ho Jehova. (Pes. 100:3; Tšen. 4:11) Leha ho le joalo, ho tloha khale esale Jehova a khetha batho ba itseng e le ba bohlokoa ho eena. Mohlala, ha Pesaleme ea 135 e bua ka bahlanka ba Jehova ba tšepahalang ba Iseraele ea boholo-holo e re ke “thepa ea hae [Jehova] e khethehileng.” (Pes. 135:4) Hape, buka ea Hosea e ile ea bolela esale pele hore batho ba bang bao e seng Baiseraele e ne e tla ba batho ba Jehova. (Hos. 2:23) Boprofeta bona bo ile ba phethahala ha Jehova a ne a khetha batho bao eseng Bajuda hore e tl’o ba marena le Jesu Kreste. (Lik. 10:45; Bar. 9:23-26) Sechaba sena se halalelang ke “letlotlo le khethehileng” ho Jehova hobane o se tlotsitse ka moea o halalelang e le hore se ka phela leholimong. (1 Pet. 2:9, 10) Empa ho thoe’ng ka Bakreste ba tšepahalang ba nang le tšepo ea ho phela lefatšeng? Jehova o re ke “sechaba sa” hae le “bakhethoa ba” hae.—Esa. 65:22. w18.07 22 ¶1-2
Laboraro, la 21 October
Bolokang boikutlo bona ba kelello ho lona bo neng bo le teng le ho Kreste Jesu . . . . O ile a ikhokhotha ’me a nka sebopeho sa lekhoba.—Bafil. 2:5, 7.
Bakreste ba etsisa Jesu kaha ke eena mohlala o phethahetseng oa ho fana. (Mat. 20:28) Kaofela re lokela ho ipotsa: ‘Nka etsa’ng hore ke etsise Jesu haholoanyane ho feta kamoo ke seng ke ntse ke mo etsisa kateng?’ ( Pet. 2:21) Jehova oa thaba ha re etsisa eena le mora oa hae ka hore re tsotelle batho ba bang le hore re batle litsela tsa ho ba thusa. Papisong ea Mosamaria, Jesu o ile a bontša bohlokoa ba hore re lokela ho itella ho thusa batho ba bang ho sa tsotellehe maemo a bona. (Luka 10:29-37) Na u sa hopola potso eo monna oa Mojuda a ileng a e botsa e ileng ea susumelletsa Jesu hore a phete pale ea Mosamaria eo? E ne e re: “Ha e le hantle moahelani oa ka ke mang?” Karabo ea Jesu e re ruta hore re lokela ho fana e le hore re ka thabisa Jehova. w18.08 19 ¶5-6
Labone, la 22 October
[Lengeloi] la re: “Lumela, uena ea hauhetsoeng haholo, Jehova o na le uena.”—Luka 1:28.
Na Jehova o ile a tsoela pele ho bontša hore o tseba Maria ea ileng a hlokomela Mora oa Hae le ho mo holisa? E! Jehova o ile a tlaleha mantsoe a Maria le liketso tsa hae ka Bibeleng. Mohlomong Maria ha aa ka a atleha ho tsamaea le Jesu nakong ea tšebeletso ea hae e nkileng lilemo tse tharo le halofo. Kaha e ne e le mohlolohali, mohlomong o ne a lokela ho sala Nazaretha. Le hoja a ile a lahleheloa ke menyetla e mengata, o ile a ba le Jesu nakong ea lefu la hae. (Joh. 19:26) Hamorao Maria o ne a le Jerusalema a e-na le barutuoa matsatsi a etellang pele Pentekonta ha ba ne ba amohela moea o halalelang. (Lik. 1:13, 14) Ho ka etsahala hore ebe le eena o ile a tlotsoa ka moea o halalelang. Haeba ho joalo, taba ena e bolela hore o tla ba le Jesu ka ho sa feleng leholimong. Maria o ile a putsoa ka lebaka la ho phetha tšebeletso ea hae ka botšepehi. w18.07 9 ¶11; 10 ¶14
Labohlano, la 23 October
Le etse lintho tsohle bakeng sa thoriso ea Molimo.—1 Bakor. 10:31.
Ha Jesu a le lefatšeng, o ile a sebelisa melao-motheo ho ruta balateli ba hae hore ho hloleha ho laola maikutlo le ho nahana lintho tse sa hloekang, ho ka ba le litla-morao tse bosula. Mohlala, o ile a ba ruta hore ho halefa ho ka baka ntoa le hore ho nahana lintho tse sa hloekang ho ka qetella ka bofebe. (Mat. 5:21, 22, 27, 28) Ha re lumella melao-motheo hore e re tataise re tla be re koetlisa matsoalo a rona hantle. Kahoo, re tla thabisa Jehova.Maemong a mang, Bakreste ba babeli bao matsoalo a bona a koetlisitsoeng ke Bibele ba ka etsa liqeto tse sa tšoaneng. Mohlala, hore na ba tla noa joala kapa che. Bibele ha e re ho fosahetse ho noa joala ka tsela e itekanetseng. Empa e re re se ke ra noa joala ho tlola kapa ra tahoa. (Liprov. 20:1; 1 Tim. 3:8) Leha ho le joalo, Mokreste o lokela ho nahana ka lintho tse ling hape pele a etsa qeto ea hore na o tla noa joala kapa che. Le haeba letsoalo la hae le mo lumella ho noa joala, o lokela ho nahana ka matsoalo a batho ba bang. w18.06 18 ¶10-11
Moqebelo, la 24 October
Le hlokomele tomoso ea Bafarisi le tomoso ea Heroda.—Mar. 8:15.
Jesu o ile a lemosa barutuoa ba hae ka matla hore ba ele hloko lithuto tse neng li rutoa ke Bafarisi, Basaduse le balateli ba mokha oa Heroda. (Mat. 16:6, 12) Puisano ena e bile nakoana ka mor’a hore batho ba batle ho etsa Jesu morena. Ha bolumeli bo tsoakane le lipolotiki, ho bonolo hore ntoa e be teng. Jesu o ile a ruta barutuoa ba hae hore ba se ke ba kenella lipolotiking. Taba ena ke eona e entseng hore baprista ba ka sehloohong le Bafarisi ba batle ho bolaea Jesu. Ba ne ba tšaba hore Jesu o tla ba le balateli ba bangata ’me ba lahleheloe ke maemo a bona bolumeling le lipolotiking. Ba ile ba re: “Haeba re mo tlohela ka tsela ena, bohle ba tla beha tumelo ho eena, ’me Baroma ba tla tla ba nka sebaka sa rōna le sechaba sa rōna.” (Joh. 11:48) Ka lebaka leo Moprista ea ka Sehloohong Kaifase o ile a susumelletsa batho hore ba bolaee Jesu.—Joh. 11:49-53; 18:14. w18.06 6-7 ¶12-13
Sontaha, la 25 October
Lerato la lona e ke e be le se nang boikaketsi.—Bar. 12:9.
Leraba le atlehang leo Satane a le sebelisang ke ho etsa hore re batle ho tseba ka boloi. Mehleng ena, o sebelisa bolumeli ba bohata le boithabiso ho susumetsa batho hore ba labalabele ho tseba ka bademona. Lifilimi, lipapali tsa elektronike, le mekhoa e meng ea lipapatso li bontša boloi e le ntho e khahlisang. Re ka qoba leraba lee joang? Ha rea lebella hore mokhatlo oa Molimo o etse lethathamo la mefuta ea boikhathollo boo Jehova a bo amohelang le boo a sa bo amoheleng. Kaofela ha rona re lokela ho koetlisa matsoalo a rona e le hore re etse lintho tseo Jehova a li ratang. (Baheb. 5:14) Leha ho le joalo, re tla be re etsa liqeto tse nepahetseng haeba re mamela keletso ea moapostola Pauluse. Re ka ipotsa: ‘Na lintho tseo ke khethang ho ithabisa ka tsona li etsa eka ke moikaketsi? Na batho bao ke ithutang Bibele le bona ha ba sheba tsela eo ke ithabisang ka eona baa hlokomela hore ke phethahatsa seo ke ba bolellang sona?’ Haeba liketso tsa rona li lumellana le lintho tseo re li buang, re tla qoba ho tšoasoa ke maraba a Satane.—1 Joh. 3:18. w18.05 25 ¶13
Mantaha, la 26 October
Khahleho ea pelo ea ka le thapeli ea ka ho Molimo bakeng sa bona e bakeng sa poloko ea bona. —Bar. 10:1.
Re ka etsisa Pauluse joang? Ntho ea pele ke hore re lokela ho lula re e-na le tabatabelo ea ho bua ka Bibele le batho bohle ba nang le “tšekamelo e nepahetseng bakeng sa bophelo bo sa feleng.” Ea bobeli, re rapela Jehova hore a thuse batho ba lipelo li ntle hore ba mamele lentsoe la hae. (Lik. 13:48; 16:14) Morali’abo rona Silvana ea nang le lilemo tse isang ho tse 30 e le pula-maliboho o re: “Pele ke kena ha motho tšimong, ke rapela Jehova hore ke be le maikutlo a bonolo.” Re boetse re rapela Molimo hore a re tataise ka mangeloi hore a re lebise ho batho ba batlang ho utloa litaba tse molemo. (Mat. 10:11-13; Tšen. 14:6) Mor’abo rona Robert ea nang le lilemo tse ka holimo ho 30 e le pula-maliboho o re: “Hoa thabisa ho sebetsa le mangeloi hobane aa tseba hore na ho etsahala’ng bophelong ba batho bao re buang le bona.” La boraro ke hore re na le tšepo ea hore batho bao ba ka khona ho sebeletsa Molimo. Mor’abo rona Carl eo e leng moholo o re: “Ke sheba ntho e nyenyane feela e bontšang hore motho o thabela molaetsa oa Bibele, e kang ho bososela, sefahleho se elileng kapa ho botsa potso e bontšang hore o batla ho tseba.” Joaloka Pauluse, le rona re ka khona ho mamella ho beha litholoana. w18.05 15 ¶13; 16 ¶15
Labobeli, la 27 October
A re nahanelaneng . . . , [re khothatsaneng] ’me re etsa joalo haholo kaha le bona letsatsi le ntse le atamela.—Baheb. 10:24, 25.
Hoa khothatsa ho tseba hore batho bao re ba thusitseng hore ba tsebe Jehova ba ntse ba tsoela pele hantle. Moapostola Johanne o ile a bua ka taba ena a re: “Ha ho letho le nthabisang ho feta lintho tsena, hore ebe ke utloa hore bana ba ka ba tsoela pele ho tsamaea ’neteng.” (3 Joh. 4) Bo-pula-maliboho ba bangata ba tseba monate ona. Ba thusitse batho ba bangata bao hona joale le bona e seng e le bo-pula-maliboho. Kahoo, re ka ba khothatsa ka ho ba hopotsa lintho tse kang tsena. Balebeli ba potoloho ba bangata ba re ba khothala haholo ha litho tsa phutheho li ananela ketelo ea bona. Baholo, baromuoa, bo-pula-maliboho le litho tsa malapa a Bethele kaofela baa thaba ha Bakreste-’moho le bona ba bontša hore ba ananela mosebetsi oo ba o etsetsang Jehova. w18.04 23 ¶14-15
Laboraro, la 28 October
[Morena] a se ke a ikekeletsa basali, hore pelo ea hae e se ke ea kheloha.—Deut. 17:17.
Solomone ha aa ka a mamela kaha o ile a ba le basali ba 700 le lirethe tse 300. (1 Mar. 11:3) Boholo ba basali ba hae e ne e se Baiseraele ’me ba ne ba rapela melimo ea bohata. Kahoo, Solomone o ne a tlotse molao oa Molimo kaha o ne a nyetse basali ba sa rapeleng Jehova. (Deut. 7:3, 4) Butle-butle Solomone o ile a furalla Jehova eaba o qetella a entse phoso e tebileng. O ile a haha aletare bakeng sa molimotsana Ashtorethe hammoho le molimo Kemoshe. O ne a rapela melimo ena hammoho le basali ba hae. Har’a libaka tsohle tseo a neng a ka haha lialetare tsena ho tsona, o ile a khetha ho li haha thabeng e neng e le pel’a Jerusalema e leng moo a neng a hahetse Jehova tempele teng. (1 Mar. 11:5-8; 2 Mar. 23:13) Mohlomong Solomone o ile a ithetsa ka hore hafeela a ntse a etsa mahlabelo tempeleng, Jehova o tla tlolisa liphoso tsa hae mahlo. Empa Jehova a ke ke a iphapanyetsa liphoso tseo re li etsa’ng. w18.07 18-19 ¶7-9
Labone, la 29 October
Le nke thebe e kholo ea tumelo, eo ka eona le tla khona ho tima metsu eohle e tukang ea ea khopo. —Baef. 6:16.
E meng ea ‘metsu e tukang’ eo Diabolose a re betsang ka eona ke ho bua mashano ka Jehova. O batla hore re lumele hore Jehova ha a re tsotelle le hore ha ho motho ea re ratang. Morali’abo rona Ida ea lilemo li 19 o ne a e-na le bothata ba ho ikutloa a se na thuso. O re: “Hangata ke ne ke utloa eka Jehova o hole le ’na le hore e ke ke ea e-ba motsoalle oa ka.” O thusoa ke’ng hore a se ke a ikutloa joalo? O re: “Ha ke e-ba teng libokeng, tumelo ea ka ea matlafala. Leha ho le joalo, pele ke ne ke sa arabele ka libokeng, ke nka hore ha ho motho ea batlang ho utloa karabo ea ka. Empa hona joale kea lokisetsa ’me ke leka ho araba habeli kapa hararo.” Boemo ba Ida bo re ruta ntho ea bohlokoa. Lithebe tse fuoang masole li ne li lekana kaofela. Empa thebe ea rona ea tumelo e ka hola kapa ea fokotseha. Ho tsoa ho rona. (Mat. 14:31; 2 Bathes. 1:3) Ho bohlokoa haholo hore re matlafatse tumelo ea rona. w18.05 29-30 ¶12-14
Labohlano, la 30 October
Ke etse’ng hore ke pholohe? —Lik. 16:30.
Molebeli oa teronko o ile a fetola maikutlo ’me a kopa thuso ka mor’a hore ho be le tšisinyeho ea lefatše. (Lik. 16:25-34) Ka tsela e tšoanang, mehleng ena batho ba neng ba sa thahaselle molaetsa oa Bibele pele, ba ka fetola maikutlo a bona ’me ba kopa thuso ha maemo a bona a bophelo a fetoha ka tšohanyetso. Mohlomong batho ba bang tšimong ea rona ba ka lahleheloa ke mosebetsi ba sa lebella ’me ntho eo ea ba tšosa. Ba bang bona ho ka etsahala hore e be ba ntse ba tšoenyehile hobane ba qeta ho utloa hore ba tšoeroe ke lefu le kotsi kapa ba ntse ba hloname ka lebaka la ho shoeloa ke motho eo ba mo ratang. Ba ka qala ho botsa hore na re phelela’ng, e leng ntho eo ba neng ba sa e tsotelle pele. Mohlomong ba ka ipotsa: ‘Nka etsa’ng hore ke pholohe?’ Ha re kopana le bona ka lekhetlo la pele bophelong ba bona ba ka batla ho mamela molaetsa oa ’Muso o fanang ka tšepo. Haeba re tsoela pele ho phatlalatsa molaetsa oa ’Muso ka botšepehi, re tla lula re ikemiselitse ho tšelisa batho nakong eo ba hlokang molaetsa oa ’Muso.—Esa. 61:1. w18.05 19-20 ¶10-12
Moqebelo, la 31 October
Moea oa Jehova o holim’a ka, hobane o ntlotselitse hore ke [bolele] litaba tse molemo.—Luka 4:18.
Mehleng ena, Satane o foufalitse batho ba bangata ’me ha ba hlokomele hore ke makhoba a bolumeli ba bohata, maruo le lipolotiki. (2 Bakor. 4:4) Re na le monyetla o ikhethang oa ho latela Jesu ka hore re thuse batho hore ba rapele Jehova, Molimo ea fanang ka tokoloho. (Mat. 28:19, 20) Ha ho bonolo ho etsa mosebetsi ona. Libakeng tse ling batho ha ba thahaselle ho rutoa ka Molimo. Ba bang baa halefa ha re ba bolella ka eena. Kaha Jehova o re laetse ho etsa mosebetsi ona, re lokela ho ipotsa: ‘Na ke sebelisa bolokolohi ba ka ho tšehetsa mosebetsi oa ho bolela litaba tse molemo?’ Rea khothala ha re bona kamoo batho ba bangata ba bebofalitseng bophelo ba bona kateng e le hore e be bo-pula-maliboho kaha baa hlokomela hore bofelo bo haufi. (1 Bakor. 9:19, 23) Ba bang e ba bo-pula-maliboho libakeng tseo ba phelang ho tsona, ha ba bang bona ba fallela moo ho hlokehang bahoeletsi. Ke ntho e thabisang hore ebe batho ba bangata hakana ba sebelisa bolokolohi ba bona ho sebeletsa Jehova.—Pes. 110:3. w18.04 11-12 ¶13-14