March
Labobeli, la 1 March
Ho thaba lona neng kapa neng ha batho ba le hloea.—Luka 6:22.
Ha re ikhethele hore batho ba re hloee. Ebile ha re thabele ho hlorisoa ka lebaka la tumelo ea rona. Kahoo, ke hobane’ng ha re ka thaba leha re hloiloe? Nahana ka mabaka ana a mararo. La pele, ha re mamella, Jehova oa re amohela. (1 Pet. 4:13, 14) La bobeli, tumelo ea rona e matlafala le ho feta. (1 Pet. 1:7) La boraro, re tla fumana moputso o moholo oa ho phela ka ho sa feleng. (Bar. 2:6, 7) Nakoana ka mor’a hore Jesu a tsosoe, baapostola ba ile ba ba le thabo eo a ileng a bua ka eona. Ka mor’a hore ba shapuoe le ho bolelloa hore ba khaotse ho bolela, ba ile ba thaba. Hobane’ng? “Hobane ba ne ba nkiloe e le ba tšoaneloang ke ho hlompholloa ka lebaka la lebitso la [Jesu].” (Lik. 5:40-42) Ba ne ba rata Mosuoe oa bona hoo ba neng ba sa tšabe ho hlouoa ke lira tsa bona. Hape ba ile ba bontša hore baa mo rata ka hore ba bolele litaba tsa ’Muso “ba sa khaotse.” Bara le barali ba bo rona ba bangata kajeno ba ntse ba sebeletsa Jehova ka botšepehi leha ba e-na le mathata. Baa tseba hore Jehova a ke ke a lebala mosebetsi oa bona le lerato leo ba ileng ba le bontša bakeng sa lebitso la hae. w21.03 25 ¶18-19
Laboraro, la 2 March
O kentse nako e sa lekanyetsoang ka lipelong tsa bona.—Moek. 3:11.
Bakreste ba tlotsitsoeng ha baa hlaha ba se ba ntse ba e-na le tšepo ea ho phela leholimong. Ke Jehova ea ba fileng tšepo eo. Ba nahana ka tšepo ea bona, ba rapela ka eona ’me ba letetse ho fumana moputso oa ho ea phela leholimong ka tjantjello. Ha ba tsebe hore na ha ba se ba le leholimong ba tl’o ba joang. (Bafil. 3:20, 21; 1 Joh. 3:2) Leha ho le joalo, ba labalabela ho ba ’Musong oa Molimo. Ba linku tse ling ba shebetse pele ho tl’o phela ka ho sa feleng lefatšeng e leng takatso ea e mong le e mong. Hape ba shebetse pele nakong eo ba tla beng ba thusa hore lefatše lohle e be paradeise. Ba letetse nako eo ka eona ba tla beng ba haha matlo, ba lema lirapa le ho holisetsa bana ba bona phethehong. (Esa. 65:21-23) Ba shebetse pele hore ba tl’o hahlaula lefatše ba sheba popo ea Jehova e hlollang e kang lithaba, meru le maoatle le lintho tsohle tseo Jehova a li bopileng. Ka holimo ho tsohle, ba thabela ho tseba hore setsoalle sa bona le Jehova se tla ’ne se matlafale le ho feta. w21.01 18-19 ¶17-18
Labone, la 3 March
A chesa ntlo ea Molimo oa ’nete . . . le lintho tsohle tsa eona tse lakatsehang.—2 Likron. 36:19.
Hang ka mor’a hore Bababylona ba hlasele le ho felisa naha, batho ba tla re: “Ke lesupi le se nang motho le phoofolo e ruuoang. Ho nehelanoe ka eona matsohong a Bakalde.” (Jer. 32:43) Ka mor’a lilemo tse ka bang 200 Joele a profetile, Jehova o ile a etsa hore Jeremia a profete ntho e ’ngoe hape ka tlhaselo ena. O ile a re bahlaseli ba tla tsoma Baiseraele bohle ba sa hlompheng Molimo ba be ba ba tšoare kaofela. Jehova o ile a re: “Bonang! ke romeletsa hore ho be le batšoasi ba bangata ba litlhapi, ’me ka sebele ba tla ba tšoasa; ka mor’a moo ke tla romeletsa hore ho be le litsomi tse ngata, ’me ka sebele li tla ba tsoma thabeng e ’ngoe le e ’ngoe le leralleng le leng le le leng le mafarung a mafika. . . . Ke tla buseletsa liphoso tsa bona le libe tsa bona ka ho feletseng.” Baiseraele bohle ba sa bakeng ba ke ke ba khona ho ipatela kahlolo ea Jehova.—Jer. 16:16, 18. w20.04 5 ¶12-13
Labohlano, la 4 March
[Lota a ’na] a lieha.—Gen. 19:16.
Nakong e boima haholo bophelong ba hae, Lota o ile a ba monyebe ha a tlameha ho mamela litaelo tsa Jehova. Re ka ’na ra nahana hore Lota o ne a sa mamele a bile a sa tsotelle. Leha ho le joalo, Jehova ha a ka a mo tlohela eaba o re o tla ipona. Kaha Jehova o ile a mo qenehela, mangeloi a ile a tšoara Lota le lelapa la hae ka matsoho eaba ba ba ntšetsa ka ntle ho motse. (Gen. 19:15, 16) E ka ’na eaba Jehova o ne a e-na le mabaka a ’maloa a hore ebe o ile a qenehela Lota. Mohlomong Lota o ne a tšaba batho ba neng ba lula kantle ho motse oa Sodoma, ke kahoo a ileng a ba lesisitheho hore a tsoe motseng. Ho boetse ho na le lintho tse ling tse kotsi tseo a neng a li tšaba. Ho ka etsahala hore ebe Lota o ile a utloela ka marena a mabeli a ileng a oela ka likoting tse nang le sekontiri tse neng li le khohlong e haufi. (Gen. 14:8-12) E ka ’na eaba o ne a boetse a tšoenyehile ka lelapa la hae. Ho phaella moo, Lota o ne a ruile, kahoo ho ka etsahala hore ebe o ne a e-na le ntlo e ntle Sodoma. (Gen. 13:5, 6) Ho bua ’nete, lintho tsena ha se tsona tse neng li ka sitisa Lota ho mamela Jehova hang-hang. Jehova ha a ka a shebana le liphoso tsa Lota empa o ile a mo nka e le ‘monna ea lokileng.’—2 Pet. 2:7, 8. w20.04 18 ¶13-14
Moqebelo, la 5 March
U na le sehlopha sa bahlankana ba joaloka marotholi a phoka.—Pes. 110:3.
Mohlankana, ho ka nka nako hore batho ba u tsebileng ha u ntse u le ngoana ba hlokomele hore u se u holile. Leha ho le joalo, u ka kholiseha hore Jehova eena ha a ameha ka hore na u shebahala joang. O u tseba hantle le hore na u khona ho etsa’ng. (1 Sam. 16:7) Kahoo, matlafatsa kamano ea hao le Molimo. Davida o ile a khona ho etsa joalo ka hore a bohe lintho tseo Jehova a li bopileng. O ile a nahanisisa ka hore na popo e mo ruta’ng ka ’Mopi oa eona. (Pes. 8:3, 4; 139:14; Bar. 1:20) Ntho e ’ngoe eo u ka e etsang ke hore u kope Jehova hore a u fe matla. Mohlala, na bana bao u kenang sekolo le bona ba u hobosa hobane feela u le Paki ea Jehova? Haeba ho joalo, kopa Jehova hore a u thuse ho sebetsana le bothata boo. Hape u sebelise keletso eo u e fumanang ka Lentsoeng la hae, livideong le ho lingoliloeng tse thehiloeng Bibeleng. Kamehla ha u bona Jehova a u thusa ho rarolla bothata boo u nang le bona, u tla mo tšepa le ho feta. Ho feta moo, ha batho ba bang ba bona hore u itšetleha ka Jehova, ba tla u tšepa. w21.03 4 ¶7
Sontaha, la 6 March
Thapelo ea ba lokileng [e khahlisa Jehova].—Liprov. 15:8.
Metsoalle ea hlooho ea khomo ea bolellana hore na e nahana’ng le hore na e ikutloa joang. Na ho joalo le ka setsoalle sa rona le Jehova? Kannete! Jehova o bua le rona a sebelisa Lentsoe la hae ’me ka ho lona o re senoletse menahano ea hae le maikutlo a hae. Re bua le eena ka thapelo ’me re mo bolella maikutlo a rona le menahano ea rona e tebileng. Kaha Jehova ke ntate ea lerato, o mamela lithapelo tsa rona ebile oa li araba. Ka linako tse ling o re araba kapele. Empa ka linako tse ling, re ka ’na ra lokela ho lula re rapella taba e itseng ka makhetlo. Re ka kholiseha hore o tla araba ka nako e nepahetseng ebile e le ka tsela e loketseng. Empa ho ka etsahala hore ka linako tse ling Jehova a re arabe ka tsela eo re sa e lebellang. Mohlala, ho e-na le hore a re ntše mathateng, a ka re fa bohlale le matla a hore re a mamelle. (1 Bakor. 10:13) Re ka bontša joang hore re ananela mpho ea bohlokoa eo re nang le eona ea thapelo? Tsela e ’ngoe ke ka hore re mamele taelo ea Jehova ea hore re rapele re “sa phetse.”—1 Bathes. 5:17. w20.05 27-28 ¶7-8
Mantaha, la 7 March
Ea mameletseng ho isa bofelong ke eena ea tla pholoha.—Mat. 24:13.
Limathi tsa lebelo la ’marathone li tsepamisa mahlo a tsona tseleng e le hore li se ke tsa khoptjoa. Haeba li oa, ha li mamelle lefatše empa lia ema ebe li tsoela pele ho matha. Ntho eo li nahanang ka eona ha se hore na li sitisoa ke’ng empa ke hore li fihle moleng oa tlholo le ho fumana moputso oo li nang le tšepo ea ho o hapa. Peisong ea rona, re ka ’na ra khoptjoa hangata, ra etsa liphoso ka lintho tseo re li etsang le ho li bua. Limathi-’moho le rona li ka ’na tsa etsa liphoso tse ka re utloisang bohloko. Ha rea lokela ho makala ha lintho tse joalo li etsahala. Kaofela ha rona ha rea phethahala hape re matha tseleng e patisaneng. Kahoo ka linako tse ling, re ka ’na ra sitisana eaba re ba le “sesosa sa pelaelo” khahlanong le ba bang. (Bakol. 3:13) Empa ho e-na le hore re nahane ka lintho tse entseng hore re khoptjoe, a re nahaneng ka moputso oo re o lebeletseng ’me re tsoele pele ho matha. Haeba re koata ebile re jara batho ba bang ka pelo, re ka ’na ra se ke ra phahama ’me re ke ke ra fihla moleng oa tlholo le ho fumana moputso. Ntle ho moo, haeba re sa phahame, re ka sitisa batho ba ntseng ba leka ho matha tseleng ena e patisaneng ea bophelo. w20.04 26 ¶1; 28 ¶8-9
Labobeli, la 8 March
’Muso oo . . . o tla silakanya o felise mebuso ena kaofela.—Dan. 2:44.
Boprofeta ba Daniele bo bua ka mebuso ka ho latellana e ileng ea hlorisa batho ba Molimo. Mebuso eo e hlalosoa e le likarolo tse sa tšoaneng tsa setšoantšo se ileng sa hlaha ponong ea Daniele. ’Muso oa ho qetela o hlahang letotong leo o hlalosoa e le maoto a entsoeng ka tšepe le letsopa. Maoto a emela ’Muso oa Lefatše oa Manyesemane le Maamerika. Boprofeta bona bo bontša hore ’muso oo o tla be o ntse o busa ha ’Muso oa Molimo o felisa mebuso e teng. Moapostola Johanne le eena o bua ka letoto la mebuso e matla ea lefatše e ileng ea ba le tšusumetso ho batho ba Jehova. Ho ea ka boprofeta ba Johanne, sebata se lihlooho li supileng se emela mebuso eo. Hlooho ea bosupa ea sebata seo e emela ’Muso oa Lefatše oa Manyesemane le Maamerika. Taba ena kea bohlokoa hobane ha ho na moo ho bontšoang hore sebata seo se hlaha hlooho e ’ngoe ka mor’a ea bosupa. Hlooho ena ea sebata e tla be e ntse e busa ha Kreste le makhotla a hae a leholimo ba felisa sebata hammoho le eona hlooho eo.—Tšen. 13:1, 2; 17:13, 14. w20.05 14 ¶11-12
Laboraro, la 9 March
Molimo ke lerato.—1 Joh. 4:8.
Taba ena e re hopotsa ’nete e ’ngoe ea bohlokoa ea hore Molimo ke eena mohloli oa bophelo hape ke mohloli oa lerato. Jehova oa re rata. Tsela eo a re ratang ka eona e etsa hore re ikutloe re bolokehile, re thabile ebile re khotsofetse. Bakreste ha ba na boikhethelo ba hore na ba ka bontša lerato kapa che. Ke taelo e ba tlamang. (Mat. 22:37-40) Ha re tseba Jehova hantle, ho ka ’na ha e-ba bonolo hore re mamele taelo eo e qalang. Lebaka ke hobane Jehova o phethahetse, oa re tsotella ebile o re tšoara ka tsela e mosa. Empa ho ka ’na ha e ba thata ho mamela taelo ea bobeli. Hobane’ng? Hobane Bakreste-’moho le rona bao e leng karolo ea baahelani ba rona, ha baa phethahala. Ka linako tse ling, ba ka etsa lintho tse ling kapa ba bua lintho tse ling tse etsang re ikutloe eka ha ba re tsotelle kapa hona ho re rata. Jehova o ne a tseba hore re tl’o tobana le bothata bona, ke kahoo a ileng a bululela bangoli ba bang ba Bibele hore ba ngole ka likeletso tse tobileng tsa hore na ke hobane’ng ha re lokela ho bontšana lerato le hore na re ka etsa joalo joang. E mong oa bangoli bao ke moapostola Johanne.—1 Joh. 3:11, 12. w21.01 8 ¶1-2
Labone, la 10 March
[U se ke oa] qhekelloa ke Satane.—2 Bakor. 2:11.
Ebang re sa tsoa sebeletsa Jehova kapa ke khale re mo sebeletsa, re lokela ho ipotsa potso ena, ‘Na ke lumella liteko tsa Satane li ntšitise hore pelo ea ka e felle ho Jehova ka botlalo?’ Mohlala, u ee u etse’ng ha u bona setšoantšo se litšila thelevisheneng kapa Inthaneteng se ka etsang hore u be le litakatso? Ho ka ’na haeba bonolo feela ho nahana hore setšoantšo seo kapa filimi eo ha se porn. Empa na ntho eo e ka ba selope seo Satane a ka se sebelisang hore a etse hore u se ke oa hlompha Jehova? Setšoantšo seo se ka tšoana le chesele eo motho a e sebelisang ho petsola seqoko se seholo sa patsi. Motho eo o qala ka hore a kenye chesele letlereng le lenyenyane la seqoko seo. Ha a ntse a otlella chesele eo seqokong moo, e qetella e petsotse patsi eo. Na setšoantšo se litšila se ka tšoana le chesele eo? Ho sheba lintho tsena tse bonahalang li se kotsi ho ka etsa hore ha nako e ntse e-ea motho a etse sebe ebe o siteloa Jehova. Kahoo u se ke oa lumella eng kapa eng e fosahetseng hore e lule ka pelong eo hao. U lule u ikemiselitse ho hlompha lebitso la Jehova. w20.06 11-12 ¶14-15
Labohlano, la 11 March
Jara mefokolo ea ba seng matla.—Bar. 15:1.
Re lokela ho tsoela pele re khothatsa batho ba khaolitseng ho tla libokeng. Ho ka ’na ha nka nako hore ba fole feela joaloka mora ea lehlasoa oa papisong ea Jesu. (Luka 15:17-24) Kaha ba ne ba sa tle libokeng, ho ka etsahala hore ebe setsoalle sa bona le Jehova ha se sa le matla joaloka pele. Re lokela ho ba thusa hore tumelo ea bona ho Jehova e boele e be matla. Papisong ea nku e lahlehileng, Jesu o re ha molisa a fumana nku e neng e lahlehile, o ne a e jara ebe o e khutlisetsa mohlapeng. Le hoja a se a ntse a tetse nako ea hae ka hore a etse boiteko ba ho batla nku e lahlehileng, oa bona hore nku ena ha e na matla a ho itsamaisa kahoo oa e jara o e khutlisetsa mohlapeng. (Luka 15:4, 5) Re ka ’na ra hloka matla le nako e ngata e le hore re thuse batho ba seng ba sa tle libokeng hore ba hlole bothata bo ba sitisang hore ba khutlele ho Jehova. Empa ka thuso ea moea o halalelang, ka Bibele le ka lingoliloeng tsa mokhatlo, re ka ba thusa hore ba matlafatse setsoalle sa bona le Jehova. Haeba re kopuoa hore re ithute Bibele le bona, re lokela ho thabela ho ba thusa. w20.06 28 ¶14-15
Moqebelo, la 12 March
Bohle ba tla tseba ka sena hore le barutuoa ba ka, haeba le e-na le lerato har’a lona.—Joh. 13:35.
Kaofela ha rona re lokela ho bontšana lerato, e leng letšoao le khethollang Bakreste ba ’nete. Empa re boetse re hloka “tsebo e nepahetseng le temoho.” (Bafil. 1:9) Ho seng joalo, re tla hahlameloa “ke moea o mong le o mong oa thuto ka ho qhekella ha batho,” ho akarelletsa le bakoenehi. (Baef. 4:14) Ha barutuoa ba bangata ba Kreste ba khaotsa ho mo latela, moapostola Petrose o ile a bontša hore o kholisehile hore Jesu o na le “lipolelo tsa bophelo.” (Joh. 6:67, 68) Le hoja ka nako eo Petrose a ne a sa utloisise lintlha hantle, o ile a lula a tšepahala hobane o ne a utloisisa lithuto tse buang ka Kreste. Le uena u ka matlafatsa kholiseho eo u nang le eona linthong tseo Bibele e li rutang. Haeba u etsa joalo, u tla lula u e-na le tumelo e matla ho sa tsotellehe hore na ho etsahala’ng hape u tla thusa batho ba bang hore le bona ba be le tumelo e matla.—2 Joh. 1, 2. w20.07 8 ¶2; 13 ¶18
Sontaha, la 13 March
Bana ba banyenyane, a re se keng ra rata ka lentsoe kapa ka leleme, empa re rate ka ketso le ’nete.—1 Joh. 3:18.
E le hore re thuse bara le barali ba bo rona hore ba lule ba sebeletsa Jehova, re lokela hore re ba bontše kutloelo-bohloko. (1 Joh. 3:10, 11, 16, 17) Re lokela ho ratana, e seng ha lintho li tsamaea hantle feela empa le ha ho nyolosetsa. Ka mohlala, na ho na le motho eo u mo tsebang ea oeleng ka phatla ea hlokang ho tšelisoa kapa ho thusoa ka litsela tse ling tse itseng? Kapa, na u utloetse ka balumeli-’moho le uena ba lahlehetsoeng ke lintho tsa bona ka lebaka la koluoa ea tlhaho ’me ba hloka ho lokisetsoa Liholo Tsa ’Muso kapa mahae a bona? Re bontša kamoo re ratang banab’abo rona le ho ba utloela bohloko kateng ka lintho tseo re li buang empa haholo-holo ka tseo re li etsang. Re tla be re etsisa ntate oa rona ea lerato ha re bontšana lerato. (1 Joh. 4:7, 8) Tsela e ’ngoe ea bohlokoa haholo ea ho bontša hore re rata banab’abo rona ke ka ho ba tšoarela. Mohlala, motho a ka ’na a u utloisa bohloko empa eaba o kopa tšoarelo. Re bontša hore rea mo rata ka hore re mo tšoarele re be re mo leballe phoso ea hae.—Bakol. 3:13. w20.07 24 ¶14-15
Mantaha, la 14 March
Ho tla ba le tsoho ea ba lokileng le ba sa lokang.—Lik. 24:15.
Na motho e mong le e mong ea tsositsoeng o tla ba le motho ea mo rutang Bibele joalokaha re etsa mehleng ee? Na batho baa ba tla abeloa hore ba ee liphuthehong tse itseng ebe ba koetlisetsoa hore ba rute batho ba bang ba tsositsoeng ka mor’a bona? Re se re tla boka ha li oroha. Leha ho le joalo, ntho eo re e tsebang ke hore qetellong Puso ea Kreste ea Lilemo Tse Sekete “lefatše le tla tlala tsebo ea Jehova.” (Esa. 11:9) Kannete nako ea lilemo tse sekete e tla ba e maphatha-phathe le e monate haholo. Nakong ea Puso ea Kreste ea Lilemo Tse Sekete, bana bohle ba Jehova ba tla be ba le lefatšeng ba tla lokela ho etsa liphetoho e le hore ba mo khahlise. Kahoo, kaofela ha bona ba tla bontša kutloelo-bohloko ha ba ntse ba thusa batho ba tsositsoeng hore ba hlole litloaelo tsa sebe le hore ba phele ka melao ea Jehova. (1 Pet. 3:8) Ha ho potang hore batho ba tla tsosoa ba tla atamela haufi le bahlanka ba Jehova ba ikokobelitseng ba tla beng ba ntse ba ‘sebeletsa poloko ea bona.’—Bafil. 2:12. w20.08 16 ¶6-7
Labobeli, la 15 March
E mong le e mong a ke a leke seo mosebetsi oa hae o leng sona . . . eseng ka ho ipapisa le motho e mong.—Bagal. 6:4.
Haeba re mamela keletso ea moapostola Pauluse e bululetsoeng ebile re itlhahloba, re ka ’na ra qala ho bona hore re na le bokhoni bo itseng bo ikhethang. Mohlala, moholo e mong a ka ’na a se be hloahloa ho ruteng empa a ipabole mosebetsing oa ho etsa barutuoa. Mohlomong ha aa hlophiseha joaloka baholo ba bang empa o tsebahala ka ho ba molisa ea lerato eo bahoeletsi ba phutholohang ha ba e-na le eena hore a ba fe keletso ea Mangolo. Kapa mohlomong o tsebahala ka ho amohela baeti. (Baheb. 13:2, 16) Ha re se re tseba hore na re na le bokhoni ba ho etsa’ng, re tla thaba hore ebe ho na le hoo re ka ho etsetsang phutheho. Hape re ke ke ra monela bara le barali ba bo rona ba nang le bokhoni bo sa tšoaneng le ba rona. Ho sa tsotellehe hore na re etsa’ng ka mokhatlong, kaofela ha rona re lokela ho ba le takatso ea ho ntlafatsa tšebeletso ea rona le bokhoni boo re nang le bona. w20.08 24 ¶16-18
Laboraro, la 16 March
Ka talima. . . bongata bo boholo, boo ho seng motho ea neng a khona ho bo bala.—Tšen. 7:9.
Puo ea bohlokoa e neng e e-na le sehlooho se reng: “Bongata bo Boholo” e ne e fanoa ke Mor’abo rona Joseph Franklin Rutherford kopanong e neng e le Amerika ka selemo sa 1935. Puong ea hae, Mor’abo rona Rutherford o ile a hlalosa hore na ke bo-mang ba etsa’ng letšoele le leholo le hlahang ho Tšenolo 7:9. Ho fihlela ka 1935, Liithuti Tsa Bibele li ne li nahana hore bongata bo boholo ke sehlopha sa bobeli se nang le tšepo ea ho ea leholimong empa se se na tumelo e matla. Mor’abo rona Rutherford o ile a sebelisa Mangolo ho hlalosa hore bongata bo boholo ha boa khetheloa ho ea leholimong empa ke linku tse ling tsa Jesu tse tl’o phonyoha ‘matšoenyeho a maholo’ ’me li phele ka ho sa feleng lefatšeng. (Tšen. 7:14) Jesu o ile a re: “Ke na le linku tse ling, tseo e seng tsa lesaka lena; le tsona ke tla li tlisa ’me li tla mamela lentsoe la ka, e tla ba mohlape o le mong, molisa a be mong.” (Joh. 10:16) Batho bana ba joaloka linku, ke Lipaki tse tšepahalang tsa Jehova tse nang le tšepo ea ho phela lefatšeng la Paradeise ka ho sa feleng.—Mat. 25:31-33, 46. w21.01 14 ¶1-2
Labone, la 17 March
Le tla hlouoa ke batho bohle ka lebaka la lebitso la ka; empa ea mameletseng ho fihlela bofelong ke eena ea tla pholoha.—Mat. 10:22.
Re lokela ho ba le bokhoni ba etsa lintho tse nepahetseng haeba re batla hore re mamelle mosebetsing oa boboleli. (Mat. 28:19, 20) Ha re hlahe re na le bokhoni ba ho itšoara le ho etsa lintho tse loketseng. Ha e le hantle, ka tlhaho re rata ho etsa lintho tse seng thata kapa tse bonahalang li le bonolo ho li etsa. Ho hlokahala hore re be le boitšoaro e le hore re khone ho etsa lintho tseo re batlang ho li etsa ebile e le tse loketseng. Kahoo, re hloka thuso e le hore re ka ikoetlisa bakeng sa ho etsa lintho tseo ho ka bang thata hore re li etse. Jehova o re thusa ka ho re fa moea o halalelang. (Bagal. 5:22, 23) Moapostola Pauluse o ne a tseba lintho tseo a lokelang ho li etsa. Empa o ile a lumela hore o ile a tlameha ho “teteka” ’mele oa hae e le hore a etse ntho e nepahetseng. (1 Bakor. 9:25-27) O ile a khothaletsa batho ba bang hore le bona ba tsebe hore na ba tlameha ho etsa’ng le hore ba etse lintho tsohle “ka mokhoa o hlomphehang le ka tlhophiso.” (1 Bakor. 14:40) Re tlameha ho ipabola mokhoeng oa ho tseba hore na re tlameha ho etsa’ng e le hore re lule re sebeletsa Jehova le ho kenya letsoho mosebetsing oa rona oa ho bolela.—Lik 2:46. w20.09 6 ¶15-17
Labohlano, la 18 March
Litaba tse molemo li lokela ho boleloa lichabeng tsohle.—Mar. 13:10.
Mehleng ena linaheng tse ngata re ka khona ho bolela ntle ho tšitiso. Na u phela naheng eo ho eona bolumeli bo lumeletsoeng ka molao? Haeba ho joalo, ak’u ipotse, ‘Ke sebelisa tokoloho ee joang?’ Matsatsi a ho qetela ke a thabisang ho bahlanka ba Jehova hobane ba phathahane ka mosebetsi oa bohlokoahali oa ho bolela le ho ruta oo ho seng le ka mohla o kileng oa etsoa ka tsela ena lefatšeng. Ho na le lintho tse ngata tseo bahlanka ba Jehova ba ka li etsa’ng mosebetsing ona. U ka nka monyetla joang ha ho sa na le khotso? (2 Tim. 4:2) Ke hobane’ng ha u sa hlahlobe maemo a hao kapa a e mong ka lapeng ho bona hore na ke ofe ea ka eketsang tšebeletso ea hae mohlomong ka ho re e be pula-maliboho? Ena ha se nako ea ho batla maruo le chelete e ngata e leng lintho tse ke keng tsa pholoha matšoenyeho a maholo le rona. (Liprov. 11:4; Mat. 6:31-33; 1 Joh. 2:15-17) Bahoeletsi ba bangata ba ithutile lipuo tse ling e le hore ba ka thusa batho ba bang ho tseba Jehova. Mokhatlo oa Molimo o ba tšehetsa ka ho fetolela lingoliloeng tse thehiloeng Bibeleng ka lipuo tse ka holimo ho 1 000! w20.09 16 ¶9-11
Moqebelo, la 19 March
Tsoela pele u loana ntoa e ntle.—1 Tim. 1:18.
Lesole le ratang mosebetsi oa lona lea o tšepahalla. Le ka loana ea khumamela ha le sireletsa motho kapa ntho eo le e ratang. Pauluse o ile a khothaletsa Timothea hore a be le boinehelo ba bomolimo, ke ho re, a tšepahalle Molimo ka tieo. (1 Tim. 4:7) Ha re ntse re rata Molimo le ho feta, re tla ba le takatso ea ho tšoarella ’neteng ka linako tsohle. (1 Tim. 4:8-10; 6:6) Lesole le lokela ho sebetsa ka thata e le hore le be malala-a-laotsoe ha phala e lla. Timothea o ile a lula a e-na le kamano e matla le Molimo hobane o ile a mamela keletso ea Pauluse e bululetsoeng ea hore a balehele litakatso tse fosahetseng, a phehelle lintho tse ntle hape a ikamahanye haholo le balumeli-’moho le eena. (2 Tim. 2:22) Ntho eo e ne e mo hloka hore a be le bokhoni ba ho etsa lintho tse nepahetseng. Re hloka ho ba le bokhoni boo e le hore re se ke ra inehella litakatso tse fosahetseng. (Bar. 7:21-25) Ho phaella moo, re hloka ho ba le boitšoaro e le hore re hlobole botho ba khale ebe re apara bo bocha. (Baef. 4:22, 24) Hape ka mor’a ho sebetsa ka thata letsatsi lohle ’me re khathetse, re ka tlameha ho iqobella ho ea libokeng.—Baheb. 10:24, 25. w20.09 28 ¶9-11
Sontaha, la 20 March
Ke entse hore pelo ea ka e sekamele ho phetheng melao ea hao ea tsamaiso ho isa nakong e sa lekanyetsoang, ho fihlela qetellong.—Pes. 119:112.
Re lokela ho ba le mamello ha re ntse re thusa motho eo re ithutang Bibele le eena hore a tle a qetelle a inehetse ho Jehova a bile a kolobelitsoe. Empa le teng re lokela ho tseba hore na o lakatsa ho sebeletsa Jehova. Na motho eo u ithutang Bibele le eena oa bontša hore o leka ho mamela melao ea Jesu kapa na o mpa feela a batla ho ithuta Bibele ka sepheo sa ho fumana litaba tse ka mo natefelang? Lula u behile thuto ea hao leihlo ho bona hore na o ntse a hatela pele. Mohlala, na o phetlela Jehova sefuba? (Pes. 116:1, 2) Na o thabela ho bala Bibele? (Pes. 119:97) Na o ea libokeng kamehla? (Pes. 22:22) Na ho na le liphetoho tseo a li entseng bophelong ba hae? Na o se a ntse a bolella ba lelapa le metsoalle ea hae lintho tseo a ithutileng tsona ka Bibeleng? (Pes. 9:1) Taba e kholo-kholo ke ena, na o batla ho ba Paki ea Jehova? (Pes. 40:8) Haeba ho na le moo a hulang ka tlhako tsa morao ho e ’ngoe ea lintho tsena, leka ho fumana ka bohlale hore na ke hobane’ng, u be u buisane le eena ka taba eo ka mosa empa u sa hlathe koana le koana. w20.10 18 ¶14-15
Mantaha, la 21 March
Ea nthomileng o na le ’na; ha aa ka a ntlohela ke ’notši, hobane kamehla ke etsa lintho tse mo khahlisang.—Joh. 8:29.
Jehova o lula a etsa liqeto tse nepahetseng, le batsoali ba Jesu ba ile ba etsa liqeto tse nepahetseng. Empa ha Jesu a se a holile, o ile a tlameha ho iketsetsa liqeto. (Bagal. 6:5) O ne a e-na le bolokolohi ba ho iketsetsa liqeto joaloka rona. A ka be a ile a khetha ho lelekisa lintho tseo a li batlang feela, empa o ile a khetha ho lula a e-na le kamano e ntle le Jehova. Ha Jesu a ithuta hore na Jehova o batla a etse’ng, o ile a etsa thato ea Jehova. (Joh. 6:38) O ne a tseba hore batho ba bangata ba tla mo hloea ’me o ne a sa batle hore ntho e joalo e etsahale. Ho ntse ho le joalo, o ile a ’na a khetha ho mamela Jehova. Ha a kolobetsoa ka selemo sa 29, ntho e kholo bophelong ba hae e ne e le ho etsa thato ea Jehova. (Baheb. 10:5-7) Le nakong eo a seng a khokhothetsoe thupeng ea tlhokofatso a le makhatheng a lefu, o ile a lula a ikimiselitse ho etsa thato ea Jehova.—Joh. 19:30. w20.10 29 ¶12; 30 ¶15
Labobeli, la 22 March
Nke ke ka u tlohela kapa ka u furalla.—Baheb. 13:5.
Na ho na le Bakreste-’moho le uena phuthehong ea heno bao u tsebang hore ba imetsoe hobane baa kula kapa ba na le bothata bo bong bo boima? Kapa na ba teng ba hlokahaletsoeng ke batho bao ba ba ratang? Haeba re hlokomela hore ngoan’abo rona o hloka thuso, re ka kopa Jehova hore a re thuse hore re bue mantsoe a tla mo khothatsa kapa re mo etsetse ntho e tla mo thusa. Mantsoe a rona le liketso tsa rona li ka mo khothatsa haholo. (1 Pet. 4:10) Rea tseba hore re ka ba sebete hobane Jehova o na le rona. O sebelisa Jesu le mangeloi ho re thusa. A ka ba a sebelisa le batho ba nang le matla a bolaoli ho re thusa e le hore a phethe thato ea hae. Hape Jehova o sebelisa moea o halalelang ho susumetsa Bakreste-’moho le rona hore ba re thuse, e leng ntho eo boholo ba rona re e tsebang hantle. Kahoo, le rona joaloka moapostola Pauluse re ka cho ra re: “Jehova ke mothusi oa ka; nke ke ka tšaba. Motho a ka nketsa’ng?”—Baheb. 13:6. w20.11 17 ¶19-20
Laboraro, la 23 March
Matla a lona e tla ba ho lula le sa khathatseha ’me le e-na le tšepo.—Esa. 30:15.
Baapostola ba ne ba e-na le bopaki bo hlakileng ba hore Jehova o na le bona. O ne a ba file matla a ho etsa mehlolo. (Lik. 5:12-16; 6:8) Rona ha re na matla a ho etsa mehlolo mehleng ena. Ho ntse ho le joalo, ka lerato Jehova o sebelisa Bibele ho re kholisa hore ha re utloa bohloko ka lebaka la ho loka, rea mo thabisa hape moea oa hae o tla ba le rona. (1 Pet. 3:14; 4:14) Kahoo, ho e-na le hore re lule re nahana ka hore na re tla etsa’ng ha re hlorisoa ka sehloho nakong e tlang, re lokela ho nahana haholo ka hore na re tlameha ho etsa’ng hona joale ho matlafatsa kholiseho eo re nang le eona ea hore Jehova o tla re tšehetsa le ho re pholosa nakong e tlang. Re tlameha ho tšepa mantsoe a Jesu a reng: “Ke tla le fa melomo le bohlale, tseo bahanyetsi bohle ba lona ba ke keng ba khona ho li hanyetsa kapa ho li phehisa.” Jesu o ile a re kholisa a re: “Le tla rua meea ea lona ka ho mamella ha lona.” (Luka 21:12-19) Hape, u se ke oa lebala hore Jehova o lula a hopola le lintho tse nyenyane feela ka bahlanka ba hae ba shoang ba tšepahala. Ka lebaka leo, o tla ba tsosa. w21.01 4 ¶12
Labone, la 24 March
Ke na le tšepo ho Molimo . . . ea hore ho tla ba le tsoho ea ba lokileng le ba sa lokang.—Lik. 24:15.
Moapostola Pauluse e ne e se eena oa pele oa ho bua ka tšepo ea hore bafu ba tla tsoha. Jobo le eena o ile a bua ka taba eo. O ne a kholisehile hore Molimo o tla mo hopola ’me a mo tsose. (Jobo 14:7-10, 12-15) Tsoho ea bafu ke karolo ea “thuto ea mathomo” kapa “motheo” oa lithuto tsohle tsa Bokreste. (Baheb. 6:1, 2) Pauluse o bua haholo ka tsoho ho Bakorinthe ba pele khaolo ea 15. Litaba tseo a ileng a li ngola e tlameha ebe li ile tsa tiisa Bakreste ba mehleng ea hae moko. Le rona khaolo eo e ka re tiisa moko ’me ea matlafatsa tšepo eo esale re e-na le eona ea hore bafu ba tla tsoha. Tsoho ea Jesu Kreste ea re kholisa hore haeba batho bao re ba ratang ba hlokahala, ba tla tsosoa. Tsoho ea Jesu Kreste e ne e le karolo ea “litaba tse molemo” tseo Pauluse a ileng a li bolella Bakorinthe. (1 Bakor. 15:1, 2) Pauluse o ile a ba a re haeba Bakreste ba sa lumele hore Jesu o ile a tsosoa, tumelo ea bona ha e na thuso.—1 Bakor. 15:17. w20.12 2 ¶2-4
Labohlano, la 25 March
Petrose a hopola polelo eo Jesu a ileng a e bua . . . Eaba o tsoela ka ntle ’me o lla habohloko.—Mat. 26:75.
Ke eng e ileng ea thusa moapostola Petrose hore a se ke a hlola a nyahama? O ile a hopola hore Jesu o ile a mo rapella hore a se ke a felloa ke tumelo. Jehova o ile a araba thapelo eo ea Jesu. Hamorao Jesu o ile a hlaha ho Petrose ka sepheo sa ho mo khothatsa. (Luka 22:32; 24:33, 34; 1 Bakor. 15:5) Ka mor’a hore baapostola ba qete bosiu kaofela ba sa tšoasa leha e se e le tlhapi e le ’ngoe feela, Jesu o ile a hlaha ho bona. Ka nako eo, Jesu o ile a fa Petrose monyetla oa ho mo bolella hore oa mo rata. Jesu o ne a tšoaretse Petrose, motsoalle oa hae eo a mo ratang a ba a mo fa mosebetsi o eketsehileng. (Joh. 21:15-17) Tsela eo Jesu a ileng a tšoara Petrose ka eona ea bontša hore Jesu o mohau haholo joaloka Ntate oa hae. Kahoo, ha re etsa liphoso re se ke ra nahana hore Jehova a ke ke a re tšoarela. Re hopole hore ke eona ntho eo Satane a batlang hore re e lumele. Re lokela ho nahana haholo ka hore Jehova oa re rata, oa utloisisa hore rea fokola ebile o ikemiselitse ho re tšoarela. Hape, re lokela ho mo etsisa ha batho ba bang ba re siteloa.—Pes. 103:13, 14. w20.12 20-21 ¶17-19
Moqebelo, la 26 March
Ke tla ba le tšepo.—Pes. 27:3.
Re ka ithuta mehlaleng ea batho ba sa kang ba khoba matšoafo le ho tšepa Jehova. Ho ithuta ka mehlala eo ho tla re thusa hore re se ke ra etsa liphoso tseo ba li entseng. Mohlala, ha Morena Asa a sa tsoa qala ho busa o ile a kopa Jehova hore a mo thuse ha a ne a e-na le mathata. Empa hamorao, ha aa ka a kopa thuso ho Jehova eaba o ikhethela ho etsa liqeto a le mong. (2 Likron. 16:1-3, 12) Ka tsela e itseng, ho ne ho bonahala eka leqheka la Asa la ho kopa thuso ho Basyria le ne le tla sebetsa. Empa khotso ea Bajuda e ile ea e-ba ea nakoana. Jehova o ile a bolella Asa a sebelisa moprofeta oa hae a re: “Kahobane u itšetlehile ka morena oa Syria ’me ha oa ka oa itšetleha ka Jehova Molimo oa hao, ka lebaka leo lebotho la sesole la morena oa Syria le phonyohile letsohong la hao.” (2 Likron. 16:7) Re lokela ho hlokomela hore re se ke ra itšepa ho tlola ha re sebetsana le litaba tsa rona empa re kope tataiso ea Jehova ka Lentsoeng la hae. Esita le haeba re tobane le boemo ba tšohanyetso, re lokela ho khoba matšoafo le ho itšetleha ka Jehova ’me o tla re thusa hore re atlehe. w21.01 6 ¶13-15
Sontaha, la 27 March
Ba ke ke ba hlola ba lapa.—Tšen. 7:16.
Hona tjena bahlanka ba bang ba Jehova ba phela ka har’a tlala ea sekoboto ka lebaka la ho hloka chelete ea ho reka lijo kapa ka lebaka la mathata a bakoang ke lintoa. Ba bang ba literonkong ka lebaka la tumelo ea bona. Leha ho le joalo, ba bongata bo boholo ba thabisoa ke ho tseba hore ka mor’a hore ba pholohe ho felisoa ha tsamaiso ena e khopo ba tla thabela ho ba le matletse-tletse a lijo le ho sebeletsa Jehova kamehla. Nakong eo lefatše la Satane le timetsoang, bongata bo boholo bo tla pholoha bohale ba Jehova bo joaloka mocheso o tlabolang o tla felisa lefatše la Satane. Ka mor’a hore matšoenyeho a maholo a fele, Jesu o tla tataisetsa ba pholohileng “lilibeng tsa metsi a bophelo” bo sa feleng. (Tšen. 7:17) Kannete bongata bo boholo bo na le tšepo e babatsehang! Har’a batho ba libilione ba phetseng, bongata bo boholo bo ke ke ba shoa! (Joh. 11:26) Ba linku tse ling ba na le tšepo e babatsehang eo ba lebohang Jehova le Jesu ka eona. w21.01 16-17 ¶11-12
Mantaha, la 28 March
Morena oa tšepahala ’me o tla le tiisa le ho le boloka ho ea khopo.—2 Bathes. 3:3.
Bosiung ba ho qetela pele a bolaoa, Jesu o ne a ntse a nahana ka mathata ao barutuoa ba hae ba neng ba tla thulana le ’ona. Kaha Jesu o ne a rata metsoalle ea hae, o ile a kopa Ntate oa hae hore a e “lebele ka lebaka la ea khopo.” (Joh. 17:14, 15) Jesu o ne a tseba hore ka mor’a hore a khutlele leholimong, Satane Diabolose o ne a tla tsoela pele ho loantša mang kapa mang ea batlang ho sebeletsa Jehova. Ho hlakile hore bahlanka ba Jehova ba ne ba tla hloka ho sireletsoa. Kajeno re hloka hore Jehova a re sireletse ho feta neng kapa neng. Satane o lelekiloe leholimong “a halefile haholo.” (Tšen. 12:12) O entse hore batho ba bang ba nahane hore ha ba re hlorisa ba etsetsa “Molimo tšebeletso e halalelang.” (Joh. 16:2) Ba bang ba sa lumeleng ho Molimo ba re hlorisa hobane re sa tšoane le bona. Ho sa tsotellehe hore na re hlaheloa ke eng, ha re tšohe. Hobane’ng? Karabo e tsoa temaneng ea letsatsi ea kajeno. w21.03 26 ¶1, 3
Labobeli, la 29 March
[Ha ho letho le ka re arohanyang] le lerato la Molimo le leng ho Kreste Jesu Morena oa rona.—Bar. 8:39.
Ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo Jehova a e etsang e susumetsoa ke lerato. Ka lerato Jehova o re fa litlhoko tsohle tsa rona. Kaha Jehova oa re rata, o ile a fana ka thekollo molemong oa rona. Kaha Jesu le eena o re rata haholo, o ile tela bophelo ba hae bakeng sa rona. (Joh. 3:16; 15:13) Ha ho na ntho leha e le efe e ka khaolang maqhama a lerato ao Jehova le Jesu ba ratang batho ba ba tšepahallang ka eona. (Joh. 13:1; Bar. 8:35) Ka tsela e tšoanang, ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo hlooho ea lelapa e e etsang e lokela ho susumetsoa ke lerato. Ke hobane’ng ha taba eo e le ea bohlokoa hakaalo? Moapostola Johanne o fana ka karabo e reng: “Ea sa rateng [lelapa la hae kapa] mor’abo eo a mo boneng a ke ke a rata Molimo eo a e-s’o mo bone.” (1 Joh. 4:11, 20) Monna ea ratang lelapa la hae a bile a batla ho etsisa Jehova le Jesu o tla thusa lelapa la hae hore le be le kamano e ntle le Jehova, a le thuse hore le lule le sireletsehile a be a le thuse ka litlhoko tsa lona tsa mantlha. (1 Tim. 5:8) O tla koetlisa bana ba hae le ho ba laea. O tla tsoela pele a ithuta ho etsa liqeto tse hlomphang Jehova le tse tsoelang lelapa la hae molemo. w21.02 5 ¶12-13
Laboraro, la 30 March
Lahlela moroalo oa hao ho Jehova, o tla u tšehetsa.—Pes. 55:22.
Jehova Ntate oa rona ea lerato oa elelloa hore lintho tse bohloko tse re hlahetseng nakong e fetileng li ka etsa hore re be batho ba se nang thuso. Empa o boetse o bona makhabane a matle ao re nang le ’ona le haeba rona re bona eka ha ho letho le letle leo re le etsa’ng. (1 Joh. 3:19, 20) Motho ea ntseng a loana ntoa ea khumamela ho hlola mokhoa o mobe o metseng ka metso oo a nang le ’ona, a ka ’na a pheta phoso e tšoanang eaba o qetella a nyahame. Hoa etsahala hore motho a ikutloe a le molato ha a entse sebe. (2 Bakor. 7:10) Empa ha rea lokela ho feteletsa lintho ebe re nahana hore ha ho mohla re tla loka kapa hona hore Jehova a ke ke a re tšoarela. Taba eo e ka ba ea etsa hore re khaotse ho sebeletsa Jehova. Kahoo, a re “lokiseng litaba” le Jehova ka hore re mo rapele re kope hore a re hauhele. (Esa. 1:18) Ha Jehova a bona hore kannete re bakile, o tla re tšoarela. Hape re ka ikopanya le baholo. Ba tla re thusa hore tumelo ea rona e boele e be matla hape.—Jak. 5:14, 15. w20.12 23 ¶5-6
Labone, la 31 March
[Tšoara] basali ba baholo joaloka bo-’mè, basali ba bacha joaloka likhaitseli.—1 Tim. 5:2.
Jesu o ile a hlompha basali le ho ba siela seriti. Ha aa ka a latela mokhoa oa Bafarisi oa ho khella basali fatše le hore a se ke a bua le bona har’a batho, re se re sa re letho ka ho bua le bona ka Mangolo. Ho e-na le hoo, ha a ne a bua le barutuoa ba hae, o ile a kenyelletsa basali ha a ne a bua ka lintho tse tebileng tsa Mangolo. (Luka 10:38, 39, 42) O ile a boela a lumella basali hore ba tsamaee le eena maetong a hae a boboleli. (Luka 8:1-3) Hape Jesu o ile a ba fa tlotla ea hore ba tsebise baapostola hore o tsositsoe bafung. (Joh. 20:16-18) Ka ho khetheha, moapostola Pauluse o ile a hopotsa Timothea hore a hlomphe basali. Pauluse o ile a lumela hore ’mè oa Timothea le nkhono oa hae, ke bona bao pele ba ileng ba thusa Timothea hore a tsebe “lingoliloeng tse halalelang.” (2 Tim. 1:5; 3:14, 15) Ka ho khetheha, lengolong leo Pauluse a ileng a le ngolla Baroma, o ile a bitsa baralib’abo rona ka mabitso. Pauluse o ne a hlokomela hore na baralib’abo rona ba etsa’ng ’me o ne a bontša kananelo mosebetsing oo ba o etsang.—Bar. 16:1-4, 6, 12; Bafil. 4:3. w21.02 15 ¶5-6