April
Labohlano, la 1 April
Lintho tsohle tse ileng tsa ngoloa nakong e fetileng li ile tsa ngolloa ho re laea.—Bar. 15:4.
Na u na le mathata? Na ebe ho na le motho e mong ka phuthehong ea u utloisitseng bohloko? (Jak. 3:2) Na basebetsi-’moho kapa bana bao u kenang sekolo le bona ba u soma hobane u sebeletsa Jehova? (1 Pet. 4:3, 4) Kapa mohlomong na ba lelapa ba leka ho u thibela ho ea libokeng kapa ho bua le batho ba bang ka tumelo oa hao? (Mat. 10:35, 36) Haeba u kheleletse ka har’a mathata, u ka ’na oa utloa eka ho khaotsa ho sebeletsa Jehova ke tharollo. Empa u ka kholiseha hore ho sa tsotellehe hore na u na le mathata a boima hakae, Jehova o tla u fa bohlale ba ho sebetsana le ’ona le matla a hore u a mamelle. Ka Bibeleng, Jehova o fane ka lintlha tse keneletseng tsa hore na batho ba bang ba sa phethahalang ba ile ba sebetsana joang le liteko tse boima. Ebe lebaka ke lefe? Ke hore re ithute mehlaleng ea bona. Jehova o ile a susumetsa moapostola Pauluse hore a bue ka taba eo. Ho bala litlaleho tsena ho ka re khothatsa le ho re fa tšepo. Leha ho le joalo, ho bala Bibele mohoalotso feela ho ke ke ha re ruisa molemo oa letho. Re lokela ho lumella Mangolo hore a fetole tsela eo re nahanang ka eona le eo re ikutloang ka eona. w21.03 14 ¶1-2
Moqebelo, la 2 April
Bonang . . . masimo, hore a soeufetse bakeng sa kotulo.—Joh. 4:35.
Na batho bao u ba rutang u ba talima joaloka lijo tsa masimong tse loketseng ho kotuloa? Haeba ho joalo, u tla etsa lintho tsena tse tharo. Ea pele, u tla bolella batho molaetsa ka potlako. Nako ea kotulo e lekane motinyane, kahoo ha re e senye. Ea bobeli, u tla thaba ha u bona batho ba amohela molaetsa oa ’Muso. Bibele e re batho ba tla thaba nakong ea kotulo. (Esa. 9:3) Ea ho qetela, u tla nka motho e mong le e mong e le morutuoa oa Jesu oa ka moso, kahoo u tla ba bolella molaetsa oa ’Muso ka tsela e tla ba ama le ho hapa thahasello ea bona. E ka ’na eaba balateli ba Jesu ba ne ba bona eka Basamaria e ke ke ea e-ba barutuoa ba Jesu empa Jesu eena o ne a sa nahane joalo. Ho e-na le hoo, o ile a ba bona e le barutuoa ba hae ba ka moso. Le rona re lokela ho bona batho ba tšimong ea rona e le barutuoa ba Kreste ba ka moso. Moapostola Pauluse ke mohlala o ikhethang oo re ka o latelang. O ne a tseba hore na batho bao a ba pakelang ba lumela’ng, ba rata’ng hape o ne a ba bona e le barutuoa ba Kreste ba nakong e tlang. w20.04 8-9 ¶3-4
Sontaha, la 3 April
Sheole le sebaka sa timetso li ka pel’a Jehova. Ho joalo hakaakang ka lipelo tsa bara ba moloko oa batho!—Liprov. 15:11.
Ho e-na le hore u ahlole motho ka lintho tseo a li etsang, leka kahohle hore u utloisise hore na o ikutloa joang. Jehova ke eena feela ea re utloisisang ka botlalo. Kahoo, mo kope hore a u thuse ho bona batho ba bang joaloka eena le hore u ithute hore na u ka bontša kutloelo-bohloko joang. U ke ke oa tseba hore na ke mora kapa morali’abo rona ofe eo u lokelang ho mo utloela bohloko. Kaofela ha bona ba tobana le mathata a mangata a tšoanang le ao Jonase, Elia, Hagare le Lota ba ileng ba thulana le ’ona. Maemong a mangata, ke bona ba ipakeleng mathata ao. Empa bonneteng, ka linako tse ling, kaofela ha rona re ikenya mathateng. Ke kahoo Jehova a reng re utloelane bohloko. (1 Pet. 3:8) Ha re mamela Jehova, re etsa hore lelapa la rona la bara ba motho le momahane le ho feta. Kahoo, e se eka kaofela ha rona re ka ikemisetsa ho mamela, ho ithuta le ho bontšana kutloelo-bohloko. w20.04 18-19 ¶15-17
Mantaha, la 4 April
Kreste o ile a utloa bohloko bakeng sa lona, a le siela mohlala hore le latele mehato ea hae haufi-ufi.—1 Pet. 2:21.
Jesu o re behetse mohlala tabeng ea ho mamela Jehova. Ka hona, tsela e ’ngoe e molemo haholo eo re mamelang Jehova ka eona, ke ka ho latela mehato ea Jesu haufi-ufi kahohle kamoo re ka khonang. (Joh. 8:29) E le hore re lule re sebeletsa Jehova, re lokela ho kholiseha hore ke Molimo oa ’nete le hore lintho tsohle tseo a re bolellang tsona ka Bibeleng ke ’nete. Hape, re lokela ho kholiseha hore Jesu e fela e le Mesia ea tšepisitsoeng. Batho ba bangata mehleng ena ba belaella taba ea hore Jesu o tlotselitsoe hore e be Morena oa ’Muso oa Molimo. Johanne o ile a lemosa batho hore ho ne ho e-na le “bathetsi ba bangata” ba neng ba tla khelosa batho ba neng ba ke ke ba khona ho sireletsa ’nete eo ba e tsebang ka Jehova le Jesu. (2 Joh. 7-11) Johanne o ile a re: “Ke mang ea leshano haeba e se ea latolang hore Jesu ke Kreste?” (1 Joh. 2:22) Tsela feela eo ka eona re ka qobang ho thetsoa, ke haeba re ithuta Lentsoe la Molimo. Ka ho etsa joalo, re tla tseba Jehova le Jesu. (Joh. 17:3) Hape ke ka tsela eo feela re tlang ho kholiseha hore re fumane ’nete. w20.07 21 ¶4-5
Labobeli, la 5 April
Le etse qeto ea hore le se ke la beha khopiso . . . ka pel’a mor’abo lona.—Bar. 14:13.
Tsela e ’ngoe eo re ka qobang ho ba lisosa tsa khopiso ho limathi-’moho le rona ke ka hore, re li lumelle ho etsa lintho tseo li ratang hore re li etse ho e-na le ho tsitlella hore lintho li etsoe ka tsela ea rona. (Bar. 14:19-21; 1 Bakor. 8:9, 13) Ntho ena ke eona e etsang hore re fapane le semathi se tlholisanong se loanelang ho ba sona se hapang khau. Limathi tseo li inahana botsona feela. Kahoo, li ka leka ho sutumetsa tse ling e le hore li be ka pele. Empa rona ha re tlholisanong. (Bagal. 5:26; 6:4) Ntho eo re e batlang ke ho thusa batho ba bangata kahohle kamoo ho ka khonehang hore le bona ba fihle moleng oa tlholo le hore ba fumane moputso oa bophelo. Kahoo, re leka ho mamela keletso e bululetsoeng ea hore re se “hlokomele lithahasello tsa litaba tsa [rona] feela, empa hape [re hlokomele] lithahasello tsa ba bang.” (Bafil. 2:4) Ka mosa Jehova o file batho ba peisong ena eo re leng ho eona moputso oa bophelo bo sa feleng, oo ba kholisehileng hore ba tla o fumana ebang ke leholimong kapa paradeiseng lefatšeng. w20.04 28 ¶10; 29 ¶12
Laboraro, la 6 April
Bana ke ba tsoang matšoenyehong a maholo.—Tšen. 7:14.
Bakreste ba baloang ka limilione ba tla kena lefatšeng le lecha. Ba tla pholoha matšoenyeho a maholo ’me ba tla bona ka mahlo ha lefu le hloloa ka tsela e ’ngoe hape ka hore batho ba libilione ba shoeleng khale ba tsosoe. Nahana feela hore na re tla be re thabile hakaakang ha lefu le hloloa ka tsela eo! (Lik. 24:15) Hape bohle ba tla tšepahalla Jehova ka linako tsohle le bona ba tla hlola lefu lena leo re le futsitseng ho Adama. Ba tla phela ka ho sa feleng. Hona joale Bakreste kaofela ba lokela ho ananela litaba tse khothatsang tse buang ka tsoho tseo Pauluse a ileng a li ngolla Bakorinthe. Re na le mabaka a utloahalang a ho mamela keletso ea Pauluse ea hore re sebetse ka thata kahohle kamoo re ka khonang “mosebetsing oa Morena.” (1 Bakor. 15:58) Haeba re lula re chesehela ho etsa mosebetsi oo, re ka lebella ho phela bophelo bo thabisang haholo ka moso. Bophelo boo bo tla re khotsofatsa ho feta ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo re ka e nahanang. Taba eo e tla bontša hore mosebetsi oa rona ha ea ka ea e-ba oa lefeela mabapi le Morena. w20.12 13 ¶16-17
Labone, la 7 April
Mabotho a ’ona a bokane ho loantša ea palameng pere le lebotho la hae.—Tšen. 19:19.
Haeba re re boprofeta bo hlahang ho Ezekiele 38:10-23; Daniele 2:43-45; 11:44–12:1 le Tšenolo 16:13-16, 21 bo bua ka lintho tse tšoanang, taba ena e etsa hore re utloisise hore lintho tse latelang li ka ’na tsa etsahala. Nakoana ka mor’a hore matšoenyeho a maholo a qale, marena a lefatše a tla ikopanya hore ebe linaha tse ikopantseng. (Tšen. 16:13, 14) Bibele e hlalosa linaha tse ikopantseng e le “Gogo oa naha ea Magogo.” (Ezek. 38:2) Linaha tseo tse ikopantseng li tla hlasela batho ba Molimo ’me li leke ho ba felisa. Boprofeteng bo buang ka nako ena, moapostola Johanne o ile a re sefako se seholo ka tsela e sa tloaelehang se ne se tla kakata lira tsa Molimo. Sefako seo se emela molaetsa oa kahlolo o matla oo bahlanka ba Molimo ba tla o phatlalatsa ’me ho ka etsahala hore ebe o tla etsa hore linaha tse ikopantseng li halefe hoo li tla batla ho hlasela batho ba Molimo ka sepheo sa ho ba hloibila ka ho feletseng lefatšeng.—Tšen. 16:21. w20.05 13-15 ¶13-14
Labohlano, la 8 April
Haeba lona, le hoja le le khopo, le tseba ho fa bana ba lona limpho tse ntle, Ntate ea leholimong o tla fana ka moea o halalelang hakaakang ho ba mo kopang!—Luka 11:13.
Moea o halalelang ke mpho e tsoang ho Molimo eo re lokelang ho e nka e le ea bohlokoa. Re ananela moea o halalelang le ho feta ha re nahana ka hore na o etsa’ng mehleng ena. Pele Jesu a nyolohela leholimong, o ile a re ho barutuoa ba hae: “Le tla amohela matla ha moea o halalelang o fihla holim’a lona, ’me le tla ba lipaki tsa ka . . . ho isa karolong e hole-hole ea lefatše.” (Lik. 1:8) Moea o halalelang o thusitse batho ba ka bang limilione tse 8.5 hore ebe barapeli ba Jehova lefatšeng lohle. Hape bahlanka ba Molimo ba momahane hobane moea o halalelang o ba thusa hore ba be le makhabane a kang lerato, thabo, khotso, tiisetso, mosa, molemo, tumelo, bonolo le boitšoaro. Makhabane ana ke “litholoana tsa moea.” (Bagal. 5:22, 23) Kannete moea o halalelang ke mpho e babatsehang! w20.05 29 ¶10, 13
Moqebelo, la 9 April
Kaha lefu le teng ka motho, tsoho ea bafu le eona e teng ka motho.—1 Bakor. 15:21.
Re na le mabaka a ’maloa ao ka ’ona re ka lumelang hore batho ba tla amohela ba tsositsoeng ba tla khona ho tseba baratuoa ba bona. Mohlala, re ipapisitse le tsoho tse kileng tsa etsahala, ho bonahala eka Jehova o tla bopa batho ba shebahala, ba bua le ho nahana ka tsela e tšoanang le eo ba neng ba le ka eona nakoana pele ba hlokahala. U hopole hore Jesu o ile a tšoantša lefu le boroko eaba o tšoantša tsoho le ho tsosoa borokong. (Mat. 9:18, 24; Joh. 11:11-13) Ha motho a tsosoa borokong, o shebahala le ho etsa lintho ka tsela e tšoanang le ha a ne a il’o robala hape o tsoha a ntse a e-na le mehopolo e tšoanang. Na u sa hopola Lazaro? O ne a se a e-na le matsatsi a mane a shoele, kahoo ’mele oa hae o ne o se o qalile ho bola. Empa nakong eo Jesu a neng a tsosa Lazaro, likhaitseli tsa hae li ile tsa mo elelloa hang-hang ’me Lazaro le eena o ile a hopola bana bao ba bo.—Joh. 11:38-44; 12:1, 2. w20.08 14 ¶3; 16 ¶8
Sontaha, la 10 April
Poloko ea rona e tsoa ho Molimo oa rona, ea lutseng teroneng le Konyana.—Tšen. 7:10.
Phapang e teng pakeng tsa batlotsuoa le ba linku tse ling ha e etse hore Jehova a nke sehlopha se seng se phahametse se seng. Kaofela baa lekana mahlong a Jehova. Ho feta moo, o ba rekile ka theko e tšoanang ea ho fana ka bophelo ba Mora oa hae. Lihlopha tseo tse peli li fapana ka hore se seng se na le tšepo ea ho phela leholimong ha se seng sona e le lefatšeng. Ka bobeli li lokela ho tšepahalla Molimo le Jesu. (Pes. 31:23) Hape hopola hore moea oa Molimo o sebetsa ka tsela e tšoanang ho e mong le e mong oa rona. Taba ena e bolela hore Jehova o fana ka moea oa hae o halalelang ho e mong le e mong ho latela tlhoko ea hae. Jehova o file e mong le e mong oa bahlanka ba hae tšepo e ikhethang ka bokamoso. (Jer. 29:11) Sehopotso sa lefu la Jesu se fa batho bohle monyetla oa hore ba rorise Molimo le Kreste ka ntho eo ba e entseng bakeng sa bona e le hore ba tle ba thabele bophelo bo sa feleng. Sehopotso ke ketsahalo ea bohlokoa ka ho fetisisa e etsang hore Bakreste ba be ’moho. w21.01 18 ¶16; 19 ¶19
Mantaha, la 11 April
Le ’ne le etse sena.—1 Bakor. 11:25.
Batho ba bangata ba bang teng Sehopotsong ba na le tšepo ea ho phela lefatšeng. Joale ke hobane’ng ha ba e-ba teng? Ba ba teng feela joalokaha u ka ea lechatong la motsoalle oa hao. U bontša banyalani bao hore oa ba tšehetsa ebile oa ba rata. Ka tsela e tšoanang, ba linku tse ling ba ba teng Sehopotsong hobane ba batla ho bontša Kreste le batlotsuoa hore baa ba rata ebile baa ba tšehetsa. Ba linku tse ling ba boetse ba ba teng Sehopotsong ho bontša hore ba ananela sehlabelo sa Jesu e le hore ba tle ba khone ho phela ka ho sa feleng lefatšeng. Lebaka le leng la bohlokoa le etsang hore Bakreste ba linku tse ling ba ee Sehopotsong ke hobane ba batla ho mamela taelo ea Jesu. Ha Jesu a ne a theha Lijo Tsa Shoalane Tsa Morena le baapostola ba hae ba tšepahalang, o ile a re ho bona: “Le ’ne le etsa sena ho nkhopola.” (1 Bakor. 11:23-26) Kahoo, ba linku tse ling ba tsoela pele ho ea Lijong Tsa Shoalane Tsa Morena hafeela ho ntse ho e-na le batlotsuoa lefatšeng mona. w21.01 17¶13-14
’Malo oa Bibele oa Sehopotso: (Liketsahalo tsa motšehare oa la 9 Nisane) Johanne 12:12-19; Mareka 11:1-11
Labobeli, la 12 April
Lerato la Molimo le ile la bonahatsoa ho rona ka sena hobane Molimo o ile a romela Mora oa hae ea tsoetsoeng a ’notši lefatšeng e le hore re ka fumana bophelo ka eena.—1 Joh. 4:9.
E le hore lerato e be la ’nete le lokela ho bontšoa ka liketso. (Bapisa Jakobo 2:17, 26.) Mohlala, Jehova oa re rata. (1 Joh. 4:19) O bontšitse hore oa re rata ka ho sebelisa mantsoe a monate a ka Bibeleng. (Pes. 25:10; Bar. 8:38, 39) Leha ho le joalo, Molimo ha a re bolelle feela hore oa re rata empa o bontša le ka liketso. Jehova o ile a lumella Mora oa hae eo a mo ratang hore a utloe bohloko a be a re shoele. (Joh. 3:16) Kahoo, na u kholisehile hore Jehova oa u rata? Re bontša hore re rata Jehova le Jesu ka hore re ba mamele. (Joh. 14:15; 1 Joh. 5:3) Ka ho khetheha, Jesu o ile a re re ratane. (Joh. 13:34, 35) Ha rea lokela ho bontša Bakreste-’moho le rona ka lipuo feela hore rea ba rata empa re lokela ho bontša ka liketso.—1 Joh. 3:18. w21.01 9 ¶6; 10 ¶8
’Malo oa Bibele oa Sehopotso: (Liketsahalo tsa motšehare oa la 10 Nisane) Johanne 12:20-50
Laboraro, la 13 April
Ke le bitsitse metsoalle.—Joh. 15:15.
Batho ba tlotsitsoeng ka moea o halalelang, ba na le tšepo ea ho ba le Jesu ka ho sa feleng e le babusi-’moho le eena ’Musong oa Molimo. Ha e le hantle, ba tla mo bona, ba bue le eena ba be ba qete nako ba e-na le eena. (Joh. 14:2, 3) Jesu o tla rata le ho tsotella bahlanka ba Jehova ba tla phela lefatšeng. Le hoja ba ke ke ba bona Jesu, setsoalle sa bona le eena se tla tiea le ho feta ha ba ntse ba thabela bophelo bo monate boo Jehova le Jesu ba tla ba fa bona. (Esa. 9:6, 7) Ha re amohela memo ea Jesu ea hore re be metsoalle ea hae, re fumana litlhohonolofatso tse ngata. Mohlala, hona joale oa re rata ebile oa re tšehetsa. Re na le monyetla oa ho phela ka ho sa feleng. Ka holimo ho tsohle, ho ba metsoalle ea Jesu ho re fa monyetla o babatsehang ka ho fetisisa oa ho ba le kamano e ntle haholo le Ntate oa Jesu. Kannete ke tlotla e babatsehang haholo ho bitsoa metsoalle ea Jesu! w20.04 25 ¶15-16
’Malo oa Bibele oa Sehopotso: (Liketsahalo tsa motšehare oa la 11 Nisane) Luka 21:1-36
Labone, la 14 April
Bohle ba tla phelisoa ka Kreste.—1 Bakor. 15:22.
Lengolo la Moapostola Pauluse le ne le ngolletsoe Bakreste ba Korinthe ba tlotsitsoeng ba tla tsosetsoa ho ea leholimong. Bakreste bao “ke ba halalelitsoeng bonngoeng le Kreste Jesu, ba bitselitsoeng ho ba bahalaleli.” Hape Pauluse o ile a bua ka ba ileng ba “robala lefung bonngoeng le Kreste.” (1 Bakor. 1:2; 15:18; 2 Bakor. 5:17) Lengolong le leng la Bibele, Pauluse o ile a re ba ‘kopantsoeng le Jesu lefung le tšoanang le la hae’ ba tla ‘kopanngoa le eena tsohong e tšoanang le ea hae.’ (Bar. 6:3-5) Jesu o tsositsoe e se e le motho oa moea a ba a ea leholimong. Ke sona se tla etsahala ho bohle ba “bonngoeng le Kreste,” e leng Bakreste bohle ba tlotsitsoeng. Pauluse o ile a re Kreste ke “litholoana tsa pele ho ba robetseng lefung.” (1 Bakor. 15:20) Jesu e ne e le eena oa pele oa ho tsosoa e le motho oa moea le ho fumana bophelo bo sa feleng. w20.12 5-6 ¶15-16
’Malo oa Bibele oa Sehopotso: (Liketsahalo tsa motšehare oa la 12 Nisane) Matheu 26:1-5, 14-16; Luka 22:1-6
LETSATSI LA SEHOPOTSO
Ha Letsatsi le se le Liketse
Labohlano, la 15 April
Re tla ba le Morena kamehla.—1 Bathes. 4:17.
Ha Bakreste ba tlotsitsoeng ba hlokahala hona joale, hang-hang feela ba tsosetsoa leholimong. Mantsoe a moapostola Pauluse a hlahang ho 1 Bakorinthe 15:51, 52 a tiisa taba ena. Hang ha barab’abo Kreste ba tsosoa bafung, ba tla thaba haholo. Bibele ea re bolella hore na Bakreste ba tl’o fetoloa “ka ho panya ha leihlo” ba tl’o etsa’ng ha ba se ba le leholimong. Jesu o re ho bona: “Ea hlolang le ea bolokang liketso tsa ka ho fihlela bofelong ke tla mo fa matla holim’a lichaba, ’me o tla lisa batho ka molamu oa tšepe e le hore ba tle ba pshatloe likoto joaloka lijana tsa letsopa, joalokaha ke amohetse ho Ntate.”—Rev. 2:26, 27. w20.12 12 ¶14-15
’Malo oa Bibele oa Sehopotso: (Liketsahalo tsa motšehare oa la 13 Nisane) Matheu 26:17-19; Mareka 14:12-16; Luka 22:7-13 (Liketsahalo tsa mantsiboea a la 14 Nisane) Johanne 13:1-5; 14:1-3
Moqebelo, la 16 April
Kreste o tsositsoe bafung.—1 Bakor. 15:20.
Ha moapostola Pauluse a re Jesu ke “litholoana tsa pele,” o ne a bolela hore ho na le ba bang ba tla tsosetsoa ho ea phela leholimong. Baapostola le ba bang ba “bonngoeng le Kreste” ba ne ba tla tla ka mor’a Jesu. (1 Bakor. 15:18) Qetellong ba ne ba tla tsosetsoa ho ea leholimong joaloka Jesu. Tsoho ea ba eang leholimong ba “bonngoeng le Kreste,” e ne e e-s’o qale ha Pauluse a ne a ngolla phutheho ea Korinthe. Kahoo, Pauluse o ne a bontša hore ke hona e tla etsahala ha a ne a re: “E mong le e mong boemong ba hae: Kreste ke litholoana tsa pele, ka mor’a moo [e tla ba] bao e leng ba Kreste nakong ea ho ba teng ha hae.” (1 Bakor. 15:23; 1 Bathes. 4:15, 16) Hona tjena re phela mehleng ea “ho ba teng” ha Kreste. Baapostola le Bakreste ba bang ba tlotsitsoeng ba ileng ba shoa ba ile ba tlameha ho emela nako ea “ho ba teng” ha Kreste hore e fihle e le hore ba fumane moputso oa bona oa ho ea leholimong ’me ba “kopanngoe le [Jesu] tsohong e tšoanang le ea hae.”—Bar. 6:5. w20.12 5 ¶12; 6 ¶16-17
’Malo oa Bibele oa Sehopotso: (Liketsahalo tsa motšehare oa la 14 Nisane) Johanne 19:1-42
Sontaha, la 17 April
O jaloa o le ho boleng, o tsosoa o le ho se boleng.—1 Bakor. 15:42.
Moapostola Pauluse o ne a bua ka motho ea tsosoang bafung a se a e-na le ’mele oa moea. (1 Bakor. 15:43, 44) Ha Jesu a le lefatšeng o ne a e-na le ’mele oa nama. Empa ha a se a tsositsoe bafung e ile “ea e-ba moea o fanang ka bophelo” eaba o khutlela leholimong. Ka tsela e tšoanang, Bakreste ba tlotsitsoeng ba tla tsosoa ba se ba e-na le ’mele ea moea. Pauluse o ile a re: “Feela joalokaha re jere setšoantšo sa ea entsoeng ka lerole, hape re tla jara setšoantšo sa oa leholimo.” (1 Bakor. 15:45-49) Elelloa hore Jesu ha aa ka a tsosoa bafung a e-na le ’mele oa nama. Pauluse o ile a re: “Nama le mali li ke ke tsa rua ’Muso oa Molimo” leholimong. (1 Bakor. 15:50) Baapostola le Bakreste ba bang ba tlotsitsoeng ba ne ba ke ke ba tsosoa bafung eaba ba ea leholimong ka ’mele ea nama le mali e bolang. w20.12 11 ¶10-12
’Malo oa Bibele oa Sehopotso: (Liketsahalo tsa motšehare oa la 15 Nisane) Matheu 27:62-66 (Liketsahalo tsa mantsiboea a la 16 Nisane) Johanne 20:1
Mantaha, la 18 April
Lefu, tlholo ea hao e hokae? Lefu, motsu oa hao o hokae?—1 Bakor. 15:55.
Molimo o ile a tataisa ba bang ba barutuoa ba Jesu ba pele hore ba ngole ka tsoho ea ba tl’o ea leholimong. Moapostola Johanne o ile a re: “Joale re bana ba Molimo, empa ho fihlela joale ha ho e-s’o bonahatsoe seo re tla ba sona. Rea tseba hore neng kapa neng ha a bonahatsoa re tla ba joaloka eena.” (1 Joh. 3:2) Kahoo, Bakreste ba tlotsitsoeng ha ba tsebe hore na ba tla be ba le joang ha ba se ba le leholimong ba e-na le ’mele ea moea. Empa ha ba se ba le leholimong ba tla bona Jehova. Bibele e bua ho hong ka eona. Batlotsuoa ba tla be ba e-na le Kreste leholimong ha a felisa “puso eohle le bolaoli bohle le matla.” Le “sera sa ho qetela” e leng lefu le tl’o felisoa. Qetellong, Jesu le ba tl’o busa le eena ba tla ipeha tlas’a bolaoli ba Jehova le ho beha lintho tsohle tlas’a Jehova. (1 Bakor. 15:24-28) Nako eo e tl’o ba e thabisang hakaakang! w20.12 8 ¶2
’Malo oa Bibele oa Sehopotso: (Liketsahalo tsa motšehare oa la 16 Nisane) Johanne 20:2-18
Labobeli, la 19 April
Ke na le tšepo . . . ea hore ho tla ba le tsoho ea ba lokileng le ba sa lokang.—Lik. 24:15.
Bakreste bohle ba tšepahalang ba se nang tšepo ea ho phela leholimong le Kreste le bona ba na le tšepo ea hore ba tla tsosoa. Bibele e re moapostola Pauluse le ba bang ba eang leholimong ba tla tsosoa “pejana bafung.” (Bafil. 3:11) Taba ena ea bontša hore ho ntse ho e-na le batho ba bang ba tl’o tsosoa. E lumellana hantle le ntho eo Jobo a itseng e tl’o mo etsahalla. (Jobo 14:15) “Bao e leng ba Kreste nakong ea ho ba teng ha hae” ba tla ba leholimong le Jesu ha a felisa matla, mebuso eohle le bolaoli bohle. Le “sera sa ho qetela, lefu” se tl’o felisoa. Ha e le ba ileng leholimong ha ba sa hlotse ba e-shoa. (1 Bakor. 15:23-26) Batho ba nang le tšepo ea ho phela lefatšeng ba ka ba le tšepo mantsoeng a Pauluse a hlahang temaneng ea kajeno. Kaha ha ho na motho ea sa lokang ea tla ea leholimong, mantsoe ana a bua ka tsoho e tla etsahala lefatšeng. w20.12 6-7 ¶18-19
Laboraro, la 20 April
[Kreste o ile] a nthata ’me a inehela bakeng sa ka.—Bagal. 2:20.
Re ka ’na ra ipotsa potso ena: ‘Joale ke tla tseba joang hore Jehova o fela a ntšoaretse?’ Potso eo ka boeona ea bontša hore Jehova a ka u tšoarela. Lilemo tse ngata tse fetileng Molula-Qhooa o ile oa re: “Re ka iphumana re etsa phoso e tšoanang hangata le hangata. E ka ’na eaba ke phoso e bakoang ke bofokoli boo re sa kang ra bo ntša ka metso pele re qala ho sebeletsa Molimo. . . . U se ke oa nka hore Jehova a ke ke a u tšoarela ho hang. Ke eona ntho eo Satane a batlang hore u e nahane. Taba ea hore ebe u bohloko ebile u ikutloa u le molato ka phoso eo u e entseng ea bontša hore ha u motho e mobe. Lula u ikokobelitse ’me u se ke oa khaotsa ho kopa Molimo hore a u tšoarele a be a u thuse hore u be le letsoalo le khutsitseng le hore a u thuse ho qoba ho pheta phoso eo.” Pele moapostola Pauluse e e-ba Mokreste, o ile a etsa lintho tse ngata tse fosahetseng. O ne a ntse a li hopola. (1 Tim. 1:12-15) Empa o ne a lumela hore Molimo a ka mo tšoarela hobane o fane ka Jesu hore a shoele libe tsa hae. Ka lebaka leo, Pauluse ha aa ka a qeta nako e telele a ikutloa a le molato empa o ile a shebana le ho sebeletsa Jehova ka pelo eohle. w20.11 28 ¶14; 29 ¶17
Labone, la 21 April
Haeba mang kapa mang oa lona a haelloa ke bohlale, a ’ne a kope Molimo, hobane o fana ka seatla se bulehileng ho bohle a bile a sa nyelise; ’me o tla bo fuoa.—Jak. 1:5.
Ho na le lintho tse ngata tseo Satane a li sebelisang ho re kenya molekong. Re ka etsa joang boemong boo? Ho ka ba bobebe feela hore re etse qeto ea hore lintho tseo ha li kotsi hakaalo. Ka mohlala, re ka ’na ra ipehela mabaka ra re: ‘Ha se hore ke tla khaoloa ha ke entse ntho ena kahoo, e ka ’na eaba ha se ntho e tebileng hakaalo.’ Empa ho fosahetse ho nahana ka tsena ena. Re tla be re etsa hantle ha re ka ipotsa lipotso tsena: ‘Na Satane o leka ho sebelisa teko ee ho etsa hore ke se ke ka hlompha Jehova? Haeba ke itumella ho etsa ntho e fosahetseng, na ke tla be ke etsa hore lebitso la Jehova le halalele? Na ke tla ba le kamano e ntle le Molimo ha ke etsa ntho ee kapa e tla etsa hore ho be le lekhalo pakeng tsa rona?’ Thuisa ka lipotso tsena. Kopa Jehova hore a u fe bohlale e le hore u se ke oa ithetsa ha u araba lipotso tseo. Ho etsa joalo ho ka u sireletsa. Ho ka u thusa hore u hanele liteko u sa cheche joalokaha Jesu a ile a re ho Satane: “Tloha, Satane!” (Mat. 4:10) Ke ntho e ntle haeba lipelo tsa rona li feletse ho Jehova. w20.06 12-13 ¶16-17
Labohlano, la 22 April
Ke bolella e mong le e mong moo har’a lona hore a se ke a inahana haholo ho feta kamoo ho hlokahalang ho nahana; empa a nahane e le hore a be le kelello e hlaphohileng.—Bar. 12:3.
Ka boikokobetso re mamela melao ea Jehova hobane re utloisisa hore kamehla o tseba se molemong oa rona. (Baef. 4:22-24) Ha re ikokobelitse, re tla nka thato ea Jehova e le bohlokoa ho feta lintho tseo re li batlang hape re tla nka batho ba bang ba re phahametse. Taba ena e tla etsa hore re be le setsoalle se setle le Jehova le bara le barali babo rona. (Bafil. 2:3) Haeba re se hlokolosi, batho bao re phelang le bona ba ka ’na ba re susumetsa hore re ikhohomose hape re inahane borona. Ho bonahala hore bothata bona bo ne bo ntse bo le teng le mehleng ea baapostola kaha moapostola Pauluse ha a ngolla Baroma o ile a re: “Ke bolella e mong le e mong moo har’a lona hore a se ke a inahana haholo ho feta kamoo ho hlokahalang ho nahana; empa a nahane e le hore a be le kelello e hlaphohileng.” Ke ’nete hore Pauluse o ile a re re lokela ho ba le boitšepo. Leha ho le joalo, boikokobetso bo tla re thusa hore re se ke ra itšepa ho tlola hape bo tla re thusa hore re se ke ra ikakasa. w20.07 2 ¶1-2
Moqebelo, la 23 April
Naha ha ea ka ea khathatsoa; ho ne ho se na ea mo loantšang.—2 Likron. 14:6.
Mehleng ea Morena Asa, nako ea khotso e ile ea fela. Lebotho le leholohali la masole a ka holimo ho milione le ile la tla le tsoa Ethiopia. Molaoli oa lona e leng Zera, o ne a kholisehile hore eena le lebotho leo la hae ba tl’o hlola sechaba sa Juda. Leha ho le joalo, Asa o ne a tšepile Jehova e seng bongata. Asa o ile a rapela a re: “Re thuse, Jehova Molimo oa rona, etsoe re itšetlehile ka uena, ’me re futuhetse bongata bona ka lebitso la hao.” (2 Likron. 14:11) Le hoja lebotho la Ethiopia le ne le kopola la Asa ka makhetlo a ka bang mabeli, Asa o ile a lumela hore Jehova o tla sebelisa matla le bokhoni ba hae ho ba thusa. Jehova ha aa ka a soetsa Asa kaha lebotho la Ethiopia le ile la hloloa ka tsela e soabisang. (2 Likron. 14:8-13) Le hoja re sa tsebe hantle hore na ho tla etsahala’ng ka rona nakong e tlang re le batho ka bomong, ntho eo re e tsebang ke hore nako ea khotso eo re nang le eona ke ea nakoana. Ha e le hantle, Jesu o ile a bolela esale pele hore matsatsing a ho qetela, barutuoa ba hae ba ne ba “tla hlouoa ke lichaba tsohle.”—Mat. 24:9. w20.09 17-18 ¶14-16
Sontaha, la 24 April
Ke khahlisoa ke . . . lithohako.—2 Bakor. 12:10.
Ha ho na motho ea ratang ho rohakoa. Leha ho le joalo, lira tsa rona li rata ho re rohaka ’me ha re ka tšoenyeha haholo kapa ra koatisoa ke lintho tseo ba re bolellang tsona re ka nyahama. (Liprov. 24:10) Kahoo, re lokela ho etsa’ng ha bahanyetsi ba rona ba re hlapaola? Joaloka moapostola Pauluse, re lokela ho “khahlisoa ke . . . lithohako.” Hobane’ng? Hobane ha batho ba re rohaka le ho re hlorisa, taba ena e bontša hore re barutuoa ba Jesu. (1 Pet. 4:14) Jesu o ile a re balateli ba hae ba ne ba tla hlorisoa. (Joh. 15:18-20) Taba ena e ile ea etsahala hantle mehleng ea baapostola. Mehleng eo, batho ba ileng ba susumetsoa ke setso sa Bagerike ba ne ba nka Bakreste ba se bohlale ba bile ba fokola. Bajuda bona ba ne ba nka Bakreste ba sa ruteha ebile e le “ba tloaelehileng” joaloka moapostola Petrose le Johanne. (Lik. 4:13) Batho ba bangata ba ne ba nka Bakreste ba fokola ebile ba se na thuso kaha ba ne ba se na matla kapa tšusumetso lipolotiking le sesoleng ’me ba ne ba sa hlomphuoe sechabeng. Na Bakreste ba mehleng eo ba ile ba lumella menahano e fosahetseng ea bahanyetsi ba bona hore e ba nyahamise? Ho hang. w20.07 14-15 ¶3-4
Mantaha, la 25 April
A re tsoeleng pele ho ratana, hobane lerato le tsoa ho Molimo, ’me e mong le e mong ea ratang o tsoetsoe ke Molimo ’me o tseba Molimo.—1 Joh. 4:7.
Moapostola Johanne o ne a e-na lerato le tebileng haholo bakeng sa barab’abo ’me lerato leo le ile la bonahala hantle nakong eo a neng a ba fa keletso mangolong a mararo ao a ileng a a ngola. Ke ntho e khothatsang kannete ho tseba hore ho na le banna le basali ba tšoanang le Johanne ba tlotsitsoeng hore e il’o ba marena hammoho le Kreste! (1 Joh. 2:27) E se eka re ka nahana ka ho teba ka likeletso tseo a re fileng tsona. A re ikemisetseng ho tsamaea ’neteng re be re mameleng Jehova likarolong tsohle tsa bophelo ba rona. Ithute Lentsoe la hae, u be u le tšepe. E-ba le tumelo e matla ho Jesu. U hane filosofi le lithuto tsa bakoenehi. Loanela hore u se ke oa phela bophelo bo habeli le hore u se ke oa itumella ho etsa sebe. U phele ka melao ea Jehova ea boitšoaro. Hape, u ikemisetse ho thusa Bakreste-’moho le uena hore ba lule ba le matla ka ho tšoarela ba u utloisitseng bohloko le ho thusa ba hlokang ho thusoa. Kahoo, ho sa tsotellehe hore na re thulana le mathata afe, re tla lula re tsamaea ’neteng. w20.07 24-25 ¶15-17
Labobeli, la 26 April
Molimo o behile litho ’meleng, se seng le se seng sa tsona, feela joalokaha a khahliloe.—1 Bakor. 12:18.
Ka lerato Jehova o lumeletse bahlanka ba hae ba tšepahalang hore ba be teng ka mokhatlong oa hae. Le hoja re etsa lintho tse sa tšoaneng, kaofela ha rona re bohlokoa hape rea hlokana. Moapostola Pauluse o ile a hlakisa hore ha ho na motho ea ka reng ho mohlanka e mong oa Jehova: “Ha ke u hloke.” (1 Bakor. 12:21) Haeba re batla hore ho be le khotso ka phuthehong, re tlameha ho nka batho ba bang ba le bohlokoa re be re sebetse ’moho. (Baef. 4:16) Ha re sebetsa ’moho ebile re momahane, re etsa hore phutheho e be le lerato hape e be matla. Ka phuthehong, baholo bohle ba khethoa ke moea o halalelang oa Jehova. Leha ho le joalo, e mong le e mong o na le makhabane le bokhoni bo sa tšoaneng le ba ba bang. (1 Bakor. 12:17) E ka ’na eaba ba bang ba sa tsoa khethoa ’me ha ba e-s’o be le boiphihlelo. Mohlomong ba bang bona ba se ba ile lilemong ’me le maemo a bona a bophelo ha a sa ba lumella ho ba mafolo-folo joaloka pele. Kahoo, ha ho na moholo ea lokelang ho sheba ba bang ebe ka tsela e itseng ho ba joalokaha eka o re: “Ha ke le hloke.” Ho e-na le hoo, moholo e mong le e mong o lokela ho mamela keletso ea Pauluse e hlahang ho Baroma 12:10. w20.08 26 ¶1-2; 27 ¶4
Laboraro, la 27 April
Boemo ba lefatše lena boa fetoha.—1 Bakor. 7:31.
Ha re ntse re le tseleng ena e isang bophelong, Jehova o sebelisa mokhatlo oa hae o lefatšeng ho re tataisa. Ha mokhatlo oa Molimo o fana ka tlhaloso e ncha ea thuto e itseng ea Bibele kapa tataiso e amanang le melao ea Jehova, rea e amohela ebile rea e sebelisa. Empa re etsa’ng haeba mokhatlo oa Molimo o fana ka tataiso e amang likarolo tse ling tsa bophelo ba rona joaloka ho rekisoa ha Holo eo re e sebelisang? Re tla lula re thabile haeba re hopola hore re sebeletsa Jehova ’me ke eena ea tataisang mokhatlo oa hae. (Bakol. 3:23, 24) Morena Davida o re behetse mohlala o motle ha a ne a ntša lichelete tsa hae hore tempele e hahoe. O ile a re: “’Na ke mang ’me sechaba sa ka ke bo-mang, hore re be le matla a ho etsa linyehelo tsa boithaopo tse tjee? Etsoe ntho e ’ngoe le e ’ngoe e tsoa ho uena ’me re u file se tsoang letsohong la hao.” (1 Likron. 29:14) Le rona ha re ntša menehelo, re fa Jehova seo a seng a ntse a re file sona. Empa o thaba haholo ha re tela nako, matla le lintho tsa rona e le hore re etse mosebetsi oa hae.—2 Bakor. 9:7. w20.11 22-23 ¶14-16
Laboraro, la 28 April
Ea talimang maru a ke ke a kotula.—Moek. 11:4.
Joaloka Lipaki Tsa Jehova, ha re shebe katleho ea rona ka hore na re thusitse batho ba bakae hore ba tle ka mokhatlong oa Jehova. (Luka 8:11-15) Jehova o tla nka re atlehile haeba feela re lula re mameletse ha re ntse re bolela le ho ruta batho ba bang. Ke hobane’ng ha re cho joalo? Hobane re tla be re mametse eena le Mora oa hae. (Mar. 13:10; Lik. 5:28, 29) Re na le lebaka le leng la hore re potlakele ho bolela: La hore tsamaiso ena e haufi le ho fela. Nako eo re nang le eona ea ho kenya letsoho mosebetsing ona o pholosang bophelo e fokotsehile hoo! U se ke oa lieha kapa oa utloa eka u lokela ho emela maemo a loketseng e le hore u ka kenya letsoho mosebetsing ona oa bohlokoa. Nka khato hona joale hore u matlafatse boikemisetso ba hao le tsebo eo u nang le eona ka Bibele, hape u be sebete ’me u tsebe hore na ke lintho life tse u lokelang ho li etsa. Ikamahanye le batšoasi ba batho ba ka holimo ho limilione tse robeli ’me u tla ba le thabo ea Jehova. (Neh. 8:10; Luka 5:10) E-ba le sepheo sa ho kenya letsoho kahohle-hohle mosebetsing ona ho fihlela ha u bona o phetheloa. w20.09 7 ¶18-20
Labohlano, la 29 April
U lebele se behiloeng tlhokomelong ea hao.—1 Tim. 6:20.
Ha rea lokela ho itumella ho khelosoa ke ho rata maruo ho tlola. “Matla a thetsang a maruo” a ka bipetsa lerato la rona ho Jehova, Lentsoeng la Hae le takatso eo re nang le eona ea ho le tsebisa ba bang. (Mat. 13:22) Haeba re tlameha ho sireletsa lintho tseo Jehova a li behileng tlhokomelong ea rona, re lokela ho nka khato kapele ha re bona kotsi. Haeba re shebeletse TV kapa re le Inthaneteng, re tla lokela ho tseba esale pele hore na re tla etsa’ng haeba re ka thulana le boitšoaro bo sa hloekang, lintoa kapa litaba tse tsoang ho bakoenehi. Haeba re itokisa esale pele bakeng sa ntho e ka ’nang ea etsahala, re tla nka khato kapele ho sireletsa kamano ea rona le Jehova le ho lula re hloekile mahlong a hae. (Pes. 101:3; 1 Tim. 4:12) Re lokela ho sireletsa ka thata lintho tsa bohlokoa tseo Jehova a re fileng tsona e leng linnete tsa Bibele le tokelo ea ho li ruta batho ba bang. Ha re etsa joalo re tla thabela ho ba le letsoalo le hloekileng, bophelo bo nang le morero le ho thabela ho thusa batho ba bang hore ba tsebe Jehova. w20.09 30 ¶16-19
Moqebelo, la 30 April
Mahlo a lona a tla bona Morupeli oa lona e Moholo.—Esa. 30:20.
Na u kolobelitsoe? Haeba ho joalo, u bontšitse phatlalatsa hore u na le tumelo ho Jehova le hore u ikemiselitse ho mo sebeletsa u le ka har’a mokhatlo oa hae. Mehleng ena tsela eo Jehova a tsamaisang mokhatlo oa hae ka eona ea re bontša hore na o na le makhabane afe, hore na morero oa hae ke ofe le hore na melao ea hae ke efe. Ela hloko makhabane a Jehova a mararo ao re a bonang ka har’a mokhatlo oa hae. Ntlha ea pele, “Molimo ha a leeme.” (Lik. 10:34) Jehova o ile a fana ka Mora oa hae ‘e le thekollo bakeng sa bohle’ hobane a re rata. (1 Tim. 2:6; Joh. 3:16) Jehova o sebelisa batho ba hae ho hasa litaba tse molemo ho batho bohle ba batlang ho mamela, e le hore batho ba bangata kamoo ho ka khonehang ba ka fumana melemo e tlisoang ke lefu la Jesu. Ntlha ea bobeli, Jehova ke Molimo ea ratang khotso le ho hlophiseha. (1 Bakor. 14:33, 40) Ka hona, batho ba mo rapelang ba mo sebeletsa ba e-na le khotso ba bile ba hlophisehile. Ntlha ea boraro, Jehova ke ‘Morupeli e Moholo.’ (Esa. 30:21) Ke kahoo mokhatlo oa hae o sebetsang ka thata ho ruta batho Lentsoe la hae ka phuthehong le ho batho ba bang kaofela. w20.10 20 ¶1-3