Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • es22 maq. 47-57
  • May

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • May
  • Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2022
  • Lihloohoana
  • Sontaha, la 1 May
  • Mantaha, la 2 May
  • Labobeli, la 3 May
  • Laboraro, la 4 May
  • Labone, la 5 May
  • Labohlano, la 6 May
  • Moqebelo, la 7 May
  • Sontaha, la 8 May
  • Mantaha, la 9 May
  • Labobeli, la 10 May
  • Laboraro, la 11 May
  • Labone, la 12 May
  • Labohlano, la 13 May
  • Moqebelo, la 14 May
  • Sontaha, la 15 May
  • Mantaha, la 16 May
  • Labobeli, la 17 May
  • Laboraro, la 18 May
  • Labone, la 19 May
  • Labohlano, la 20 May
  • Moqebelo, la 21 May
  • Sontaha, la 22 May
  • Mantaha, la 23 May
  • Labobeli, la 24 May
  • Laboraro, la 25 May
  • Labone, la 26 May
  • Labohlano, la 27 May
  • Moqebelo, la 28 May
  • Sontaha, la 29 May
  • Mantaha, la 30 May
  • Labobeli, la 31 May
Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2022
es22 maq. 47-57

May

Sontaha, la 1 May

A tsoela pele ho ipeha tlas’a bona.​—Luka 2:51.

Ha Jesu e ntse e le ngoana, o ile a khetha ho mamela batsoali ba hae. Ha ho mohla a ileng a hana ho ba mamela hobane a nahana hore o tseba lintho tse ngata ho ba feta. Jesu o ile a etsa sohle se matleng a hae hore a phethe boikarabelo ba hae joaloka letsibolo. O tlameha a ile a sebetsa ka thata ho ithuta mosebetsi oa lepolanka ho ntate oa hae e le hore a ka kenya letsoho ho hlokomela lelapa labo. E ka ’na eaba batsoali ba Jesu ba ile ba mo bolella ka tsela e mohlolo eo a hlahileng ka eona le ka litaba tseo manģosa a Molimo a ileng a li bua ka eena. (Luka 2:​8-19, 25-38) Empa Jesu ha aa ka a khotsofalla hore ebe o tseba lintho tseo a li joetsitsoeng feela, le eena o ile a ipalla Mangolo a halalelang. Ke’ng e re kholisang hore Jesu e ne e le seithuti se hloahloa sa Lentsoe la Molimo? Ha Jesu e ntse e le ngoana, mesuoe e neng e le Jerusalema e ne e “makatsoa ka nako eohle ke kutloisiso ea hae le likarabo tsa hae.” (Luka 2:46, 47) Ha Jesu a ne a le lilemo li 12 feela, o ne a se a ntse a kholisehile hore Jehova ke Ntate oa hae.​—Luka 2:42, 43, 49. w20.10 29-30 ¶13-14

Mantaha, la 2 May

Kreste . . . o tsositsoe bafung.​—1 Bakor. 15:12.

Ho lumela hore Jesu o ile a tsosoa ke eona ntho e etsang hore re lumele hore ba bang ba tla tsosoa. Ha Pauluse a qala ho bua ka tsoho, o ile a bua ka lintho tsena tse tharo: (1) “Kreste o ile a shoela libe tsa rona.” (2) “O ile a patoa.” (3) “O tsositsoe ka letsatsi la boraro ho ea ka Mangolo.” (1 Bakor. 15:3, 4) Lefu la Jesu, ho patoa le ho tsosoa ha hae ho re ama joang? Moprofeta Esaia o ile a hla a bolela hore Mesia o tla “tlosoa naheng ea ba phelang” ’me o tla “etsa sebaka sa hae sa lepato hammoho le ba khopo.” Empa ho ne ho e-na le ntho e ’ngoe hape e tl’o etsahala. Esaia o ile a eketsa ka ho re Mesia o ne a tla jara “libe tsa batho ba bangata.” Jesu o ile a etsa joalo ha a ne a fana ka bophelo ba hae bakeng sa rona. (Esa. 53:8, 9, 12; Mat. 20:28; Bar. 5:8) Kahoo lefu la Jesu, ho patoa le ho tsosoa ha hae ho re fa mabaka a utloahalang a ho lumela hore re tla lokolloa sebeng le lefung le hore re tla bona baratuoa ba rona ba hlokahetseng. w20.12 2-3 ¶4-6; 5 ¶11

Labobeli, la 3 May

’Na, ke fela ke e-na le mabaka a ho kholiseha le nameng. Haeba motho leha e le ofe a nahana hore o na le mabaka a ho kholiseha ka nama, ke nahana hore ke joalo haholo.​—Bafil. 3:4.

Hangata moapostola Pauluse o ne a ruta ka lisynagogeng tsa Bajuda. Mohlala, ha a ne a le Thesalonika, o ile a ea synagogeng “ka lisabatha tse tharo a behelana mabaka le [Bajuda] ka Mangolo.” (Lik. 17:1, 2) Ho ka etsahala hore ebe Pauluse o ne a ikutloa a phutholohile ha a le synagogeng. O holisitsoe joaloka Mojuda. (Lik. 26:4, 5) Pauluse o ne a utloisisa Bajuda hantle kahoo o ne a khona ho ba pakela ka kholiseho. (Bafil. 3:5) Ka mor’a hore bahanyetsi ba Pauluse ba mo leleke Thesalonika, o ile a ea Berea ’me ha a le moo a ea Athene. O ile a boela a “behelana mabaka ka synagogeng le Bajuda le batho ba bang ba neng ba rapela Molimo.” (Lik. 17:17) Empa ha a ntse a bolela litaba tse molemo ’marakeng, o ne a se a bua le batho ba fapaneng. Har’a bamameli ba hae ho ne ho e-na le bo-rafilosofi le balichaba ba bang ba neng ba nka molaetsa oa Pauluse e le “thuto e ncha.” Ba ile ba re ho eena: “U hlahisa lintho tse ling tse sa tloaelehang litsebeng tsa rona.”​—Lik. 17:18-20. w20.04 9 ¶5-6

Laboraro, la 4 May

Ha ke lakatsa ho etsa se nepahetseng, se sebe se teng ho ’na.​—Bar. 7:21.

Haeba ho na le bofokoli boo u ntseng u bo loantša, u se ke oa nahana hore ha u na thuso. U hopole hore ha ho na motho ea ka emang ka pel’a Molimo eaba o hlaha a lokile. Kaofela ha rona re hloka mohau oa Molimo oo a re bontšang oona ka sehlabelo sa Mora oa hae. (Baef. 1:7; 1 Joh. 4:10) Hape bara le barali ba bo rona ba ka re khothatsa. Nakong eo re utloang re batla ho bua le motho e mong, ba ka re mamela ba ba ba re tsosa molota ka mantsoe a khothatsang. (Liprov. 12:25; 1 Bathes. 5:14) Morali’abo rona Joy ea lulang Nigeria ea kileng a nyahama haholo, o re: “Ebe nka be ke le ngoan’a mang ha e ne se ka bara le barali ba bo rona? Tsela eo ba nkhothatsang ka eona ke bopaki ba hore Jehova o araba lithapelo tsa ka. Ke ile ka ba ka inkela malebela ho bona a hore na nka khothatsa batho ba bang ba nyahameng joang.” Leha ho le joalo, re lokela ho hopola hore ha se kamehla Bakreste-’moho le rona ba tla tseba ha re hloka ho khothatsoa. Kahoo, re ka ’na ra hloka ho roala lieta ra ea ho Mokreste-’moho eo e leng khale a li bona ho kopa thuso. w20.12 23-24 ¶7-8

Labone, la 5 May

Ke le bitsitse metsoalle.​—Joh. 15:15.

Hangata ntho ea pele eo u e etsang e le hore u be motsoalle ea haufi le motho e mong ke ho qeta nako u na le eena. Ha le bolellana hore na le ikutloa joang le hore na le nahana’ng le tla ba metsoalle. Empa ka linako tse ling, ho ka ba thata hore re be metsoalle e haufi le Jesu. Bothata bo bong ke hore ha re e-s’o kopane le Jesu ho hang. Le Bakreste ba bangata ba mehleng ea baapostola ba ile ba thulana le bothata bo joalo. Ho ntse ho le joalo, moapostola Petrose o ile a re: “Le hoja ho se mohla le kileng la mo bona, lea mo rata. Le hoja le sa mo talima hona joale, empa leha ho le joalo le bontša tumelo ho eena.” (1 Pet. 1:8) Kahoo, re ka khona ho ba metsoalle e haufi le Jesu ho sa tsotellehe hore na re kile ra mo bona kapa che. Hape ha re khone ho bua le Jesu. Ha re rapela re bua le Jehova. Ke ’nete hore re fetisa lithapelo tsa rona ka Jesu, empa ha re rapele eena. Ebile Jesu ha a batle hore re mo rapele. Hobane’ng? Hobane thapelo ke karolo ea borapeli ’me ke Jehova feela ea hlokang ho rapeloa. (Mat. 4:10) Empa re ntse re ka bontša hore re rata Jesu. w20.04 20 ¶1-3

Labohlano, la 6 May

[Molimo] o tla le tiisa, o tla le matlafatsa.​—1 Pet. 5:10.

Limathi tsa mehleng ea Pauluse tsa Bagerike li ne li tlameha ho mamella mathata a kang mokhathala le ho opeloa. Empa ntho eo li neng li e tšepile ke matla a tsona le ho ikoetlisa. Joaloka limathi tseo, le rona re fumana koetliso ea hore na re lokela etsa’ng e le hore re mathe peisong ena eo re keneng ho eona. Empa ho na le moo re fapanang teng le limathi tseo. Rona re fuoa matla ke Jehova ’me ha ho na moeli oa hore na o tla re thusa ho fella kae. Haeba re itšetleha ka Jehova, o re tšepisa hore o tla re koetlisa le hore thusa ho ba matla. Moapostola Pauluse o ile a tlameha ho tobana le liphephetso tse ngata haholo. Ntle le ho rohakoa le ho hlorisoa ke batho ba bang, ka linako tse ling o ne a hloka matla hape o ile a tlameha ho mamella bothata boo a ileng a re ke “moutloa nameng.” (2 Bakor. 12:7) Empa ho e-na le hore a nke liphephetso tseo e le mabaka a hore a ka tela, o ile a li nka e le menyetla ea hore a tšepe Jehova. (2 Bakor. 12:9, 10) Kaha Pauluse o ne a ikutloa ka tsela ena, Jehova o ile a mo thusa hore a mamelle liphephetso tseo. w20.04 29 ¶13-14

Moqebelo, la 7 May

Ha ho motho ea ka tlang ho ’na ntle leha a huloa ke Ntate.​—Joh. 6:44.

Re na le mpho e babatsehang eo re sa e boneng ea ho sebetsa hammoho le Jehova, Jesu le mangeloi. (2 Bakor. 6:1) Re sebetsa le bona nako le nako ha re le mosebetsing oa ho etsa batho barutuoa. Pauluse o ile a re eena le batho ba etsang mosebetsi ona ke “basebetsi-’moho le Molimo.” (1 Bakor. 3:9) Ha re nka karolo mosebetsing oa boboleli re boetse re ba basebetsi-’moho le Jesu. Na u sa hopola hore ka mor’a hore Jesu a fe balateli ba hae taelo ea hore ba etse batho ba lichaba tsohle barutuoa, o ile a re: “Ke na le lona”? (Mat. 28:19, 20) Mangeloi ’ona a re thusa joang? Ke tlhohonolofatso hore ebe mangeloi a re tataisa ha re ntse re phatlalatsa litaba tse molemo ho batho ba lulang lefatšeng. (Tšen. 14:6) Ka lebaka la thuso eo re e fumanang e tsoang leholimong, re khona ho finyella’ng? Ha re ntse re jala peo ea ’Muso, peo e ’ngoe e oela lipelong tse mamelang ebe ea hola. (Mat. 13:18, 23) Ke mang a etsang hore peo eo e hole ’me e behe litholoana? Jesu o hlalosa taba ena temaneng ea letsatsi ea kajeno. w20.05 30 ¶14-15

Sontaha, la 8 May

Le khaotse ho ba ka sebopeho sa tsamaiso ena ea lintho.​—Bar. 12:2.

Malapa a mangata a arohane ka lebaka la tlhalo. Esita le malapa a ntseng a lula hammoho a ka ’na a se utloane. Moeletsi e mong oa malapa o re: “Ka lapeng, ’mè, ntate le bana ha ba na kutloano ho e-na le hoo ba utloana haholo le lik’homphieutha, li-tablet, lifono kapa lipapali tsa livideo. Le hoja batho bana ba lula hammoho, ha ba tsebane ho hang.” Ha re batle ho hloka lerato joaloka batho ba bangata ba lefatše lena. Ho e-na le hoo, re batla ho ba le lerato le mofuthu eseng feela ho ba lelapa empa le ho Bakreste-’moho le rona. (Bar. 12:10) Lerato lee leo re buang ka lona ke la mofuta ofe? Ke leo malapa a utloanang le a ratanang a ikutloang ka eona. Lerato lena ke lona leo re hlokang ho ba le lona bakeng sa Bakreste-’moho le rona. Ha re e-na le lerato lena, re tla etsa hore bohle ba sebeletse Jehova ba momahane ebile ba thabile.​—Mik. 2:12. w21.01 20 ¶1-2

Mantaha, la 9 May

Momahanya pelo ea ka hore e tšabe lebitso la hao.​—Pes. 86:11.

Sehlopha se momahaneng se na le monyetla o moholo oa hore se ka hlola papali ho feta se sa momahanang. U ka tšoana le sehlopha seo haeba menahano ea hao, litakatso le tsela eo u ikutloang ka eona li etsa hore u ikemisetse ho sebeletsa Jehova. U hopole hore Satane o ikemiselitse hore u se ke oa tsoela pele u sebeletsa Jehova. O batla hore menahano ea hao, litakatso le tsela eo u ikutloang ka eona li be khahlanong le melao ea Jehova. Leha ho le joalo, uena u lokela ho etsa hore pelo ea hao e felle ho Jehova e le hore u mo sebeletse. (Mat. 22:36-38) U se ke oa lumella Satane hore a etse hore pelo ea hao e se ke ea fella ho Jehova. Joaloka Davida, rapela Jehova o re: “Momahanya pelo ea ka e le hore e tšabe lebitso la hao.” Etsa sohle seo u ka se khonang e le hore u etse lintho tumellanong le thapelo eo. Letsatsi le letsatsi u ikemisetse hore liqeto tsa hao, ebang likholo kapa linyane li bontše hore u nka lebitso la Jehova le halalelang le hlompheha. Ha u etsa joalo, uena joaloka Paki ea Jehova, u tla etsa hore lebitso la Molimo le tsoele pele le hlompheha. (Liprov. 27:11) Hape kaofela ha rona re tla tšoana le moprofeta Mikea ha a re: “Re tla tsamaea ka lebitso la Jehova Molimo oa rona ho isa nakong e sa lekanyetsoang.”​—Mik. 4:5. w20.06 13 ¶17-18

Labobeli, la 10 May

O tla tsoa ka khalefo e kholo e le hore a felise le ho nehela ba bangata timetsong.​—Dan. 11:44.

Nakong eo morena oa leboea le mebuso e meng ea lefatše ba hlaselang batho ba Molimo, ba tla halefisa Molimo ea matla ’ohle ’me taba eo e tla etsa hore ntoa ea Armagedone e qhome. (Tšen. 16:14, 16) Ka nako eo, morena oa leboea a e-na le lichaba tsohle tse etsang Gogo oa naha ea Magogo ba tla felisoa ’me ha ho na motho ea tla ba thusa. (Dan. 11:45) Temana e hlahlamang hang ka mor’a moo ea hlalosa hore na morena oa leboea le bohle ba mo tšehetsang ba tla felisoa joang le hore na rona re tla pholoha joang. (Dan. 12:1) Temana ee e bolela’ng? Lebitso le leng la Jesu morena oa rona ke Mikaele. Haesale a eme molemong oa bahlanka ba Molimo ho tloha ka 1914 ha ’Muso oa Molimo o ne o thehoa leholimong. Haufinyane o tla ema, ka mantsoe a mang o tla loantša lira tsa Molimo ka Armagedone. Ntoa ena ke ea makhaola-khang e leng ketsahalo eo Daniele a ileng a e bitsa nako e bohloko ka ho fetisisa ea mahlomola.​—Tšen. 6:2; 7:14. w20.05 15-16 ¶15-17

Laboraro, la 11 May

Josefa a theoleloa Egepeta.​—Gen. 39:1.

Ha Josefa e le lekhoba le ha a le teronkong, ho ne ho se na letho leo a ka le etsang ho fetola boemo ba hae. Ke eng e ileng ea mo thusa ho ba le maikutlo a matle? Ha aa ka a qeta nako e ngata a ntse a nahana ka lintho tseo a seng a sa khone ho li etsa empa o ile a sebetsa ka thata mosebetsing oo a neng a o fuoe. O ile a etsa hore Jehova a tle pele bophelong ba hae. Ka lebaka leo, Jehova o ile a hlohonolofatsa sohle seo Josefa a ileng a se etsa. (Gen. 39:21-23) Rea hopotsoa hore lefatše lena le tletse ka bokhopo le ka batho ba tla re tšoara ka ho hloka toka. Esita le Mokreste-’moho le rona a ka re hata torong. Empa haeba re nka Jehova e le Lefika kapa Setšabelo sa rona, re ke ke ra nyahama haholo kapa ra khaotsa ho mo sebeletsa. (Pes. 62:6, 7; 1 Pet. 5:10) Hape hopola hore Josefa o ne a ka ba lilemo li 17 ha Jehova a tla etsa hore a lore litoro tsane tse peli. Taba ena e bontša hore Jehova o tšepa bahlanka ba hae ba bacha. Mehleng ena ho na le bacha ba bangata ba tšoanang le Josefa. Le bona ba na le tumelo ho Jehova. Ba bang ba bona ba hloketsoe toka ka ho kenngoa literonkong hobane ba sa batle ho sekisetsa botšepehi ba bona ho Molimo.​—Pes. 110:3. w20.12 16 ¶3; 17 ¶5, 7

Labone, la 12 May

Ba [ile] bitsa baapostola, ba ba shapa, ’me ba ba laela hore ba khaotse ho bua ka lebitso la Jesu.​—Lik. 5:40.

Moapostola Petrose le moapostola Johanne ba ne ba nka e le tlotla hore ebe ba hlorisoa ka lebaka la ho latela Jesu le ho ruta batho ba bang ka eena. (Lik. 4:18-21; 5:27-29, 41, 42) Barutuoa ba Jesu ba ne ba se na lebaka la ho ikutloa ba se na thuso. Ha nako e ntse e-ea, Bakreste bao ba ikokobelitseng, ba ile ba thusa batho ho feta kamoo bahanyetsi ba bona ba neng ba etsa kateng. Mohlala, libuka tsa Bibele tse ngotsoeng ke ba bang ba Bakreste bao li ntse li tsoela pele ho thusa batho ba limilione le ho ba fa tšepo. ’Muso oo ba neng ba bolella batho ka oona o se o hlonngoe ’me o tla busa batho haufinyane. (Mat. 24:14) Empa ’Muso o matla oa Roma o neng o hlorisa Bakreste ha oa ka oa ema ka nako e telele ebile, hona joale Bakreste bao ba tšepahalang ke marena leholimong. Empa bahlorisi ba bona ba shoele ’me haeba ba tla tsosoa, ba tla be ba busoa ke ’Muso o neng o buelloa ke Bakreste bao ba neng ba ba hloile.​—Tšen. 5:10. w20.07 15 ¶4

Labohlano, la 13 May

[Abrahama] o ne a letetse motse o nang le metheo ea sebele, motse oo sehahi le moetsi oa oona e leng Molimo.​—Baheb. 11:10.

Abrahama o ne a e-na le tumelo e matla haholo litšepisong tsa Molimo hoo e neng e ka o bona Mesia ea tlotsitsoeng eo e neng e tla ba Morena ’Musong oa Molimo. Ke ka lebaka leo Jesu a ileng a re ho Bajuda ba mehleng ea hae: “Ntat’a lona Abrahama o ile a thaba haholo ka tebello ea ho bona letsatsi la ka, ’me o ile a le bona ’me a thaba.” (Joh. 8:56) Ho hlakile hore Abrahama o ne a tseba hore litloholo tsa hae li ne li tla theha ’Muso oo Jehova a neng a tla o tšehetsa ’me o ne a ikemiselitse ho letela Jehova hore a phethahatse tšepiso eo. Abrahama o ile a bontša joang hore o emetse motse kapa ’Muso o thehiloeng ke Molimo? Taba ea pele ke hore Abrahama ha aa ka a ikamahanya le ’muso le ha e le ofe oa lefatše lena. O ile a lula e le monna oa motsamai, ho se na sebaka seo a reng ke lehae la hae hape ho ne ho se na ’muso oa motho oo a neng a o tšehetsa. Ho phaella moo, Abrahama ha aa ka a leka ho iketsetsa ’muso oa hae. Ho e-na le hoo, o ile a lula a mamela Jehova ’me a mo emela hore a phethahatse tšepiso ea hae. Ka ho etsa joalo, Abrahama o ile a bontša tumelo e ikhethang ho Jehova. w20.08 3 ¶4-5

Moqebelo, la 14 May

Ea shoeleng o hlakotsoe molato oa sebe sa hae.​—Bar. 6:7.

Jehova o tšepisa hore batho bohle ba tla phela tlas’a puso ea Kreste ba ke ke ba re: “Kea kula.” (Esa. 33:24) Kahoo, batho bohle ba tla tsosoa bafung ba tla tsosoa ba e-na le ’mele e phetseng hantle. Leha ho le joalo, ba ke ke ba phethahala ka nako le motsotso feela. Haeba ba ka tsoha ba phethahetse, ho ka ’na haeba thata ho beng ka bona ho ba tseba. Ho bonahala eka batho bohle ba tla phethahala butle-butle nakong ea Puso ea Kreste ea Lilemo Tse Sekete. Ha lilemo tse sekete li fela, Jesu o tla khutlisetsa marapo a ’Muso ho ntate oa hae. Ka nako eo, ’Muso o tla be o finyeletse sepheo sa oona ho akareletsa le ho etsa hore batho bohle ba phethahale. (1 Bakor. 15:24-28; Tšen. 20:1-3) Ak’u nahane hape hore na e tla ba ntho e joang ha u amohela baratuoa ba hao ba tsositsoeng. Na thabo eo u tla ba le eona e tla etsa hore u tšehe kapa u lle? Na u tla hlaba litlatse ebe u rorisa Jehova ka pina? Ntho eo re kholisehileng ka eona ke hore, u tla bona kamoo Ntate oa rona a re ratang kateng le kamoo Mora oa hae a ileng a itela kateng e le hore re ka fumana mpho ena e babatsehang ea tsoho. w20.08 16-17 ¶9-10

Sontaha, la 15 May

E mong le e mong o na le mpho ea hae e tsoang ho Molimo, e mong ka tsela ena, e mong ka tsela eane.​—1 Bakor. 7:7.

Moapostola Pauluse o ile a khothaletsa Bakreste hore ba nahane ka hore na ba ka sebeletsa Jehova e le masoha kapa che. (1 Bakor. 7:8, 9) Taba ena e bontša hore Pauluse ha aa ka a nka Bakreste ba masoha ba se na thuso. Ha e le hantle, o ile a ba a fa Timothea ea neng a sa nyala boikarabelo bo bongata. (Bafil. 2:19-22) Ka hona, e ka ba phoso ho nahana hore Mokreste oa tšoaneleha kapa ha a tšoanelehe haeba feela re shebile hore na o lenyalong kapa ke lesoha. (1 Bakor. 7:32-35, 38) Jesu le Pauluse ha baa ka ba ruta batho hore ba lokela ho kena lenyalong kapa ho ba masoha. Kahoo, re ka re’ng ka lenyalo le bosoha? Molula-Qhooa oa October 1, 2012, o ile oa beha taba ena hamonate ha o re: “Lenyalo le bosoha ke limpho tse tsoang ho Molimo. . . . Jehova ha a nke bosoha e le sesosa sa ho hlajoa ke lihlong kapa ho sareloa.” Re nahanne ka taba ena, re lokela ho hlompha bara le barali ba bo rona ba masoha ka phuthehong. w20.08 28 ¶8-9

Mantaha, la 16 May

Malebana le letsatsi leo le hora eo ha ho ea tsebang, . . . ha e se Ntate feela.​—Mat. 24:36.

Linaheng tse ling, ka mor’a hore batho ba bangata ba utloe ka ’Muso oa Molimo, ba batla ho ithuta ka oona haholoanyane. Ke eona ntho eo esale ba e emetse. Athe linaheng tse ling teng, batho ba bangata ha ba rate ho tseba ka Molimo kapa ka Bibele. Moo u lulang teng ho joang? Ho sa tsotellehe hore na boemo ke bofe, Jehova eena o lebeletse hore re tsoele pele re bolela ho fihlela eena a utloa a khotsofetse. Ka nako ea Jehova e loketseng, mosebetsi oa boboleli o tla fela ’me “bofelo bo tla tla.” (Mat. 24:14) Jesu o ile a bua esale pele ka liketsahalo le maemo a neng a tla tšoaea matsatsi a ho qetela le lintho tse neng li tla sitisa balateli ba hae hore ba phethe mosebetsi oa boboleli. O ile a bolella balateli ba hae hore ba lule ba lebetse. (Mat. 24:42) Mehleng ena, re sitisoa ke lintho tse tšoanang le tse ileng tsa sitisa batho ba mehleng ea Noe hore ba mo mamele ha a ne a fana ka molaetsa oa temoso. (Mat. 24:37-39; 2 Pet. 2:5) Ke ka lebaka leo re batlang ho lula re tsepamisitse likelello tsa rona mosebetsing oo Jehova a itseng re o etse. w20.09 8 ¶1-2, 4

Labobeli, la 17 May

Bohle ba lakatsang ho phela ka boinehelo ba bomolimo kamanong le Kreste Jesu le bona ba tla hlorisoa.​—2 Tim. 3:12.

Satane o “halefile haholo,” kahoo e ne e ka ba booatla haeba re ka nahana hore re ka phonyoha khalefo eo ea hae. (Tšen. 12:12) Haufinyane, kaofela ha rona re tl’o thulana le liteko tse tla leka botšepehi ba rona. Ho e-s’o ee kae, lefatše le tl’o ba le “matšoenyeho a maholo ao a kang ’ona a e-s’o ka a e-ba teng ho tloha tšimolohong ea lefatše ho fihlela joale.” (Mat. 24:21) Ka nako eo, litho tsa malapa li ka ’na tsa re hlanohela hape le mosebetsi oa rona o ka ’na oa thibeloa. (Mat. 10:35, 36) Na le rona re le batho ka bomong, re tla tšepa Jehova joaloka Morena Asa hore o tla re thusa le ho re sireletsa? (2 Likron. 14:11) Haesale Jehova a re koetlisa bakeng sa lintho tse larileng ka pele ho rona. O sebelisa “lekhoba le tšepahalang le le masene” ho fana ka lijo tse re matlafatsang “ka nako e tšoanetseng” e le hore re lule re le matla. (Mat. 24:45) Kahoo, le rona re lokela ho etsa boiteko bohle bo hlokehang e le hore re lule re e-na le tumelo e matla ho Jehova.​—Baheb. 10:38, 39. w20.09 18 ¶16-18

Laboraro, la 18 May

Pelo ea morenae joaloka melapo ea metsi letsohong la Jehova. O e retelletsa hohle moo a ratang.​—Liprov. 21:1.

Jehova a ka sebelisa moea o halalelang ho etsa hore batho ba nang le matla a bolaoli ba etse ntho eo a e batlang e le hore a phethe thato ea hae. Batho ba ka cheka foro e le ho etsa hore metsi a tsoang nokeng a phallele hohle moo ba batlang. Ka tsela e tšoanang Jehova a ka sebelisa moea o halalelang ho laola babusi e le hore ba etse thato ea hae. Ha Jehova a etsa joalo, babusi ba tla batla ho etsa liqeto tse tla tsoela bahlanka ba Molimo molemo. (Bapisa Esdrase 7:21, 25, 26) Re ka etsa’ng? Re ka rapella “marena le bohle ba boemong bo phahameng” ha ba lokela ho etsa liqeto tse tla ama borapeli ba rona. (1 Tim. 2:1, 2; Neh. 1:11) Hape re ka rapela ka matla bakeng sa Bakreste-’moho le rona ba koaletsoeng literonkong feela joalokaha Bakreste ba mehleng ea khale ba ile ba etsa.​—Lik. 12:5; Baheb. 13:3. w20.11 15 ¶13-14

Labone, la 19 May

E-eang ’me le etse batho ba lichaba tsohle barutuoa, le ba kolobetse.​—Mat. 28:19.

Haeba u ithutile Bibele le seithuti se secha, u thaba haholo ha se kolobetsoa. (1 Bathes. 2:19, 20) Barutuoa ba sa tsoa kolobetsoa e ba “mangolo a puello,” ho batho ba ithutileng Bibele le bona esita le ho phutheho eohle. (2 Bakor. 3:1-3) Ke ntho e ntle ho tseba hore lilemong tse ’nè, ka kakaretso ho ile ha tlalehoa lithuto tse ka bang 10 000 000 tsa Bibele khoeli le khoeli lefatšeng lohle. Hona lilemong tseo ka kakaretso ho ile ha boela ha kolobetsoa batho ba ka holimo ho 280 000. Re ka etsa’ng ho thusa ba bang ba eketsehileng ho bao ba limilione hore ba kolobetsoe? Hafeela Jehova a ntse a e-na le mamello ’me a file batho nako le monyetla oa hore e be barutuoa ba Kreste, re lokela ho etsa boiteko bohle ho thusa batho bao hore ba kolobetsoe kapele kamoo ho ka khonehang, etsoe metsotso e se e jele babeli!​—1 Bakor. 7:29a; 1 Pet. 4:7. w20.10 6 ¶1-2

Labohlano, la 20 May

Molimo o hanyetsa ba ikhohomosang empa o fana ka mosa o sa tšoanelang ho ba ikokobetsang.​—Jak. 4:6.

Morena Saule ha aa ka a mamela Jehova. Le ha moprofeta Samuele a mo khalemella ntho eo a e entseng, ha aa ka a amohela hore o entse phoso. Empa o ile a leka ho ikemela ka hore a etse eka phoso ea hae ha se ntho e kholo hakaalo a ba a beha batho ba bang molato ka phoso eo. (1 Sam. 15:13-24) Saule o ne a ile a etsa ntho e tšoanang pele ho moo. (1 Sam. 13:10-14) Ka masoabi o ile a tlohella pelo ea hae hore e ikhohomose. Ha aa ka a fetola tsela eo a nahanang ka eona, kahoo Jehova o ile a mo khalemela a ba a mo lahla. Kaha ha re batle ho tšoana le Saule, re lokela ho ipotsa lipotso tse kang tsena: ‘Ha ke bala likeletso tse tsoang ka Bibeleng, na ke tloaetse ho ikemela? Na ke bona liphoso tseo ke li entseng li se kholo hakaalo? Na ke beha batho ba bang molato ka liphoso tseo ke li etsang?’ Haeba re arabile e ’ngoe ea lipotso tsena ka e, re lokela ho fetola tsela eo re nahanang ka eona. Ho seng joalo re ka ikhohomosa ho ea boholeng ba hore Jehova a be a qetelle a re lahlile. w20.11 20 ¶4-5

Moqebelo, la 21 May

U hopole ’Mopi oa hao e Moholo, hona joale, matsatsing a bohlankana ba hao, pele matsatsi a tlokotsi a tla, kapa lilemo li fihla ha u tla re: “Ha ke li thabele.”​—Moek. 12:1.

Mocha, ikhethele hore na u batla ho sebeletsa mang. U lokela ho ikholisa hore na Jehova ke mang, hore na thato ea hae ke efe le hore na u ka e etsa joang bophelong ba hao. (Bar. 12:2) Ntho eo e tla u thusa ho etsa qeto ea bohlokoa ka ho fetisisa bophelong ba hao, e leng ea ho sebeletsa Jehova. (Josh. 24:15) Haeba u lula u bala le ho ithuta Bibele, u tla rata Jehova le ho feta, le tumelo ea hao e tla ’ne e matlafale. Khetha ho etsa hore thato ea Jehova e tle pele bophelong ba hao. Batho ba lefatše lena la Satane ba re ha u ka sebelisa bokhoni ba hao ho itsoela molemo, u tla thaba. Empa ’nete ke hore batho ba shebileng ho lelekisa lintho tsa lefatše lena ba itlhaba “hohle ka bohloko bo boholo.” (1 Tim. 6:9, 10) Kahoo haeba uena u khetha ho mamela Jehova le ho etsa hore thato ea hae e tle pele bophelong ba hao, u tla thaba ebile “u tla etsa ka bohlale.”​—Josh. 1:8. w20.10 30 ¶17-18

Sontaha, la 22 May

Ke tla bolela litaba tse molemo tsa ’muso oa Molimo le metseng e meng, hobane ke rometsoe sena.​—Luka 4:43.

Mehleng ea Bakreste ba pele, molaetsa oo Jesu a neng a o phatlalatsa o ile oa fa batho bohle tšepo. O ile a laela barutuoa ba hae ho ntšetsa pele mosebetsi oo a o qalileng, e leng oa ho ruta batho “ho isa karolong e hole-hole ea lefatše.” (Lik. 1:8) Empa mosebetsi ona ba ne ba ke ke ba o khona ka matla a bona. Ba ne ba tla hloka moea o halalelang oo Jesu a neng a ba tšepisitse oona, oo Bibele e reng ke “mothusi.” (Joh. 14:26; Zak. 4:6) Barutuoa ba Jesu ba ile ba fuoa moea o halalelang ka letsatsi la Pentekonta selemong sa 33 mehleng ea baapostola. Moea oo o ile oa ba thusa hore ba qalelle ho ruta batho molaetsa oa ’Muso hang-hang ’me ka nako e sa feliseng pelo feela, batho ba likete ba ile ba amohela molaetsa oo. (Lik. 2:41; 4:4) Ha barutuoa ba hlorisoa, ha baa ka ba tlakasela eaba ba se ba tlohella ho etsa mosebetsi oa boboleli empa ba ile ba kopa Jehova ho ba thusa. Ba ile ba rapela ba re: “U etse hore makhoba a hao a ’ne a bolele lentsoe la hao ka sebete sohle.” Ka mor’a moo ba ile ba tlala moea o halalelang eaba ba tsoela pele ho “bolela lentsoe la Molimo ka sebete.”​—Lik. 4:18-20, 29, 31. w20.10 21 ¶4-5

Mantaha, la 23 May

Kreste o ile a shoela libe tsa rona ho ea ka Mangolo; le hore . . . o tsositsoe.​—1 Bakor. 15:3, 4.

Ke’ng e ka re kholisang hore Jehova o ile a tsosa Jesu? Ho na le batho ba bangata ba boneng Jesu ha a se a tsositsoe ’me ba ile ba bolella ba bang. (1 Bakor. 15:5-7) Moapostola Pauluse o ile a bua ka moapostola Petrose (Kefase) e le eena oa pele oa ho bona Jesu. Barutuoa ba bang ba ile ba tiisa taba ea hore Petrose o ile a bona Jesu ha a se a tsositsoe. (Luka 24:33, 34) Ho ekeletsa moo, baapostola “ba leshome le metso e ’meli,” ba ile ba bona Jesu ka mor’a hore a tsosoe. Ka mor’a moo, Kreste o ile “a bonahala ho barab’abo rona ba ka holimo ho makholo a mahlano ka nako e le ’ngoe.” Mohlomong nakong eo ba neng ba kopane Galilea joalokaha ho boletsoe ho Matheu 28:16-20. Jesu o ile a boela “a bonahala ho Jakobo.” E ka ’na eaba Jakobo enoa e ne e le moena oa Jesu eo pele a neng a sa lumele hore Jesu ke Mesia. (Joh. 7:5) Ka mor’a hore a bone Jesu ha a se a tsositsoe, o ile a kholiseha hore Jesu ke Mesia. Ntho e thabisang ke hore batho ba bangata ba ileng ba bona Jesu ka mor’a hore a tsosoe, ba ne ba ntse ba phela ha Pauluse a ne a ngola lengolo lena ka selemo sa bo55 mehleng ea baapostola. Kahoo motho ea neng a belaela o ne a ka fumana bopaki ba ’nete ho batho bana. w20.12 3 ¶5, 7-8

Labobeli, la 24 May

Jehova o tla mo tšehetsa holim’a setulo sa hae se kang moalo sa ho kula.​—Pes. 41:3.

Ho ka ba thata hore re thabe haholo haeba re e-na le bokulo bo sa foleng kapa re qetile nako e telele re le liphateng tse chesang. Kahoo, kopa thuso ho Jehova. Le hoja a sa re phekole ka mohlolo, oa re tšelisa le ho re fa matla ao re a hlokang hore re mamelle. (Pes. 94:19) Mohlala, a ka etsa hore Bakreste-’moho le rona ba re thuse ha re hloka ho thusoa ka mesebetsi ea lapeng. A ka etsa hore ba rapele le rona. Hape a ka re hopotsa lintho tse ntle tse ka Bibeleng tse ka re khothatsang tse kang bokamoso bo botle boo re bo lebeletseng ba ho phela lefatšeng le lecha re se re phethahetse, re sa kule kapa hona ho utloa bohloko. (Bar. 15:4) Leha ho le joalo, re ka nyahama hobane re se re sa khone ho sebetsa kamoo re ka ratang kateng tšebeletsong ea Jehova. Morali’abo rona Laurel o ile a qeta lilemo tse 37 a le ka har’a mochine o mo thusang ho hema. O ile a tšoaroa ke kankere, a etsoa lioporeishene tse kholo a ba a tšoaroa ke mafu a kotsi a letlalo. Empa ha lia ka tsa mo koala molomo. O ile a pakela baoki le basebetsi ba bang ba sepetlele ha ba ne ba tlile ha hae a ba a thusa batho ba ka bang 17 ho ithuta ka Jehova. w20.12 24 ¶9; 25 ¶12

Laboraro, la 25 May

Jehova o ka lehlakoreng la ka; nke ke ka tšoha. Motho oa lefatše a ka nketsa’ng?​—Pes. 118:6.

Moapostola Pauluse o ne a hloka thuso. Ka selemo sa bo56 mehleng ea baapostola, sekhakhatha sa batho se ile sa mo hulela ka ntle ho tempele e Jerusalema eaba se leka ho mo bolaea. Ka le hlahlamang ha Pauluse a tlisoa ka pel’a lekhotla la Sanhedrine, lira tsa hae li ile tsa batla li mo ja tala. (Lik. 21:30-32; 22:30; 23:6-10) E ka ’na eaba ka nako eo Pauluse o ile a ipotsa hore na o tla khona ho mamella mahloriso ana ho fihlela neng. Pauluse o ile a thusoa joang? Bosiu bo hlahlamang ka mor’a hore Pauluse a tšoaroe, “Morena,” e leng Jesu o ile a ema pel’a hae ’me a re: “E-ba sebete! Etsoe joalokaha u ’nile oa fana ka bopaki bo phethahetseng linthong tse mabapi le ’na Jerusalema, kahoo u tla boela u pake Roma.” (Lik. 23:11) Mantsoe ao a ile a khothatsa Pauluse haholo. Jesu o ile a babatsa Pauluse ka hore ebe o ile a ruta batho ka eena Jerusalema. O ile a ba a mo tšepisa hore o tla fihla Roma a ntse a phela ’me ha a fihla moo o tla ’ne a rute batho ka Jesu. Ka mor’a hore Pauluse a utloe tšepiso eo, o tlameha a ile a ikutloa a sireletsehile joaloka ngoana eo ntate oa hae a mo behileng sefubeng. w20.11 12 ¶1, 3; 13 ¶4

Labone, la 26 May

Re na le tšepo ena . . . , ea ’nete . . .  le e tiileng.​—Baheb. 6:19.

Tšepo eo re nang le eona ka ’Muso oa Molimo e tšoana le “ankora bakeng sa moea” ho sa tsotellehe mathata ao re kopanang le ’ona kapa menahano e re nyahamisang. Nahanisisa ka tšepiso eo Jehova a re fileng eona ea ha ho tla be ho se na letho leo re tšoenyehang ka lona. (Esa. 65:17) Nahana u se u phela lefatšeng le lecha ’me ho se ho se na lintho tse bohloko le tse tšoenyang. (Mik. 4:4) U tla boela u matlafatse tšepo ea hao ha u bolella batho ba bang ka eona. Etsa sohle seo u ka se khonang ho ruta batho Bibele le ho etsa barutuoa. Haeba u etsa joalo, u tla ba le “kholiseho e feletseng ea tšepo ho fihlela bofelong.” (Baheb. 6:11) Ha lefatše lena le ntse le e-ea bofelong, re tla ba le mathata a mangata a ka etsang hore re tšoenyehe. Re tla tobana le mathata ao re khobile matšoafo re sa tšepa matla a rona empa re tšepile Jehova. A re bontšeng ka liketso hore re na le tumelo tšepisong ena ea Jehova e reng: “Matla a lona e tla ba ho lula le sa khathatseha ’me le e-na le tšepo.”​—Esa. 30:15. w21.01 6 ¶17-18

Labohlano, la 27 May

Jehova o na le lerato le mofuthu haholo.​—Jak. 5:11.

Na u hlokometse hore Jakobo 5:11 e amahanya lerato la Jehova le mohau oo le oona o etsang hore re batle ho ba haufi le eena? (Ex. 34:6) Tsela eo Jehova a re bontšang mohau ka eona ke ka ho re tšoarela ha re entse liphoso. (Pes. 51:1) Ka Bibeleng, mohau ha o hlalosoe e le ho tšoarela feela. O boetse o hlalosoa e le boikutlo boo motho a bang le bona ha a bona motho ea nang le mathata ’me a susumelletseha ho mo thusa. Jehova o re tsela eo a ikutloang ka eona ea hore a re thuse e matla ho feta tsela eo ’mè a ikutloang ka eona ka ngoana oa hae. (Esa. 49:15) Haeba re e-na le mathata, mohau oa Jehova o mo susumelletsa hore a re thuse. (Pes. 37:39; 1 Bakor. 10:13) Re ka bontša bara le barali ba bo rona mohau ka hore re ba tšoarele ’me re se ke ra lula re koatile haeba ba entse ntho e re utloisitseng bohloko. (Baef. 4:32) Empa tsela e ka sehloohong eo re ka bontšang bara le barali ba bo rona mohau ka eona, ke ka hore re ba tšehetse ha ba e-na le mathata. Kahoo, re tla be re etsisa Jehova ea nang le lerato le mofuthu ho feta motho le ha e le ofe.​—Baef. 5:1. w21.01 21 ¶5

Moqebelo, la 28 May

Kreste o . . . le [sietse] mohlala hore le latele mehato ea hae haufi-ufi.​—1 Pet. 2:21.

Hlooho ea lelapa e lokela ho leka-lekanya lintho. Ha ea lokela ho iphumana e qeta nako e ngata e le mosebetsing e le hore e hlokomele lelapa la eona hoo e ka qetellang e sekisetsa ho thusa lelapa hore le be le kamano e ntle le Jehova le ho le bontša hore ea le tsotella. E lokela ho le koetlisa. Jehova oa re koetlisa le ho re laea hobane a batla ho re thusa. (Baheb. 12:7-9) Joaloka Ntate oa hae, ka lerato Jesu o koetlisa batho bao a ba phahametseng ka matla. (Joh. 15:14, 15) O fana ka likeletso tse matla empa hape o mosa. (Mat. 20:24-28) Oa utloisisa hore ha rea phethahala le hore re etsa liphoso hangata. (Mat. 26:41) Hlooho ea lelapa e etsisang Jehova le Jesu ea utloisisa hore mosali oa eona le bana ba bona ha baa phethahala. Ha e ba ‘halefele ka matla.’ (Bakol. 3:19) Ho e-na le hoo, e sebelisa molao-motheo o ho Bagalata 6:1 ’me e leka ho thusa lelapa la eona “ka moea o bonolo” e hopola hore le eona ha ea phethahala. Joaloka Jesu, ea elelloa hore tsela e molemo ea ho ruta ke ka ho beha mohlala. w21.02 6-7 ¶16-18

Sontaha, la 29 May

Ntho e ’ngoe le e ’ngoe e phefumolohang​—e ke e rorise Jah.​—Pes. 150:6.

A sebelisa sehlabelo sa thekollo, Jehova o rekile bophelo ba motho e mong le e mong ka phuthehong le ba motho e mong le e mong ea bontšang tumelo ho Jesu. (Mar. 10:45; Lik. 20:28; 1 Bakor. 15:21, 22) Kahoo, kannete ho loketse hore ebe o khethile Jesu ea ileng a fana ka bophelo ba hae hore e be thekollo hore e be hlooho ea phutheho. Kaha ke hlooho, Jesu o na le matla a ho etsa melao e laolang boitšoaro ba motho ka bomong, ba malapa esita le ba phutheho eohle. (Bagal. 6:2) Empa Jesu ha aa etse melao feela. Oa re rata hape oa re tsotella kaofela ha rona. (Baef. 5:29) Baralib’abo rona ba bontša hore ba hlompha Kreste ka ho latela tataiso e fanoang ke banna bao a ba khethileng hore ba ba hlokomele. Barab’abo rona ba bontša hore ba utloisisa tokisetso ea bohlooho ka hore ba hlomphe baralib’abo rona le ho ba siela seriti. Ha batho bohle ka phuthehong ba utloisisa ba bile ba hlompha motso oa bohlooho, phutheho eohle ea thaba hape e ba le khotso. Habohlokoa le ho feta re isa thoriso ho Ntate oa rona ea lerato Jehova. w21.02 18-19 ¶14-17

Mantaha, la 30 May

Davida a qala ho botsa Jehova.​—1 Sam. 30:8.

Ha Davida le banna bao a neng a e-na le bona ba ntse ba le palehong, ba ile ba siea malapa a bona e le hore ba ee ntoeng. Ha ba ntse ba le ntoeng, lira tsa bona li ile tsa hlasela malapa a bona ’me tsa a isa botlamuoeng. Kaha Davida o ile a loana lintoa tse ngata, o ne a ka ’na a nahana hore ho ka ba bonolo feela hore a pholose malapa a bona. Ho e-na le hoo, o ile a kopa hore Jehova a mo thuse. Davida o ile a botsa Jehova a re: “Na ke lelekise sehlopha see sa bafutuhi?” Jehova o ile a bolella Davida hore a ba lelekise ’me a mo tšepisa hore o tla ba hlola. (1 Sam. 30:7-10) U ka ithuta’ng tlalehong ee? Kopa keletso pele u ka etsa liqeto. Mocha, bua le batsoali ba hao. U ka boela oa fumana keletso e molemo ka hore u bue le baholo ba nang le boiphihlelo. Kaha Jehova o tšepa banna bao, le uena u ka ba tšepa. Jehova o ba nka e le “limpho” tsa phutheho. (Baef. 4:8) U tla rua molemo ha u etsisa tumelo ea bona ’me u mamela likeletso tseo ba u fang tsona. w21.03 4-5 ¶10-11

Labobeli, la 31 May

[Ha ho letho le ka re arohanyang] le lerato la Molimo.​—Bar. 8:38, 39.

Jesu o ile a re haeba re sa etse lintho tseo re ithutileng tsona, re tšoana le monna ea hahang ntlo ea hae holim’a lehlabathe. Le hoja monna eo a sebetsa ka thata, o ntse a senya matla a hae. Hobane’ng? Hobane ha ho ka ba le sefefo kapa sekhohola, ntlo eo e tla oa. (Mat. 7:24-27) Ka tsela e tšoanang, haeba re sa etse lintho tseo re ithutileng tsona, re tla be re itšenyelitse nako. Haeba re lekoa kapa re hlorisoa, tumelo ea rona e ke ke ea ba matla. Empa ha re ithuta ebile re etsa lintho tseo re ithutileng tsona, re khona ho etsa liqeto tse nepahetseng, re ba le khotso hape tumelo ea rona e ba matla. (Esa. 48:17, 18) E le hore re lule re tšepahalla Jehova le ha re e-na le mathata, re lokela ho rapela le ho ba le mokhoa o tsitsitseng oa ho ithuta Lentsoe la Molimo. Hape re lokela ho lula re hopola hore ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa eo re lokelang ho e etsa ke ho tlotlisa Jehova. Re ka kholiseha hore Jehova a ke ke a re lahla ’me ha ho na motho ea ka etsang hore a khaotse ho re rata.​—Baheb. 13:5, 6. w21.03 15 ¶6; 18 ¶20

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela