Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • es22 maq. 57-67
  • June

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • June
  • Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2022
  • Lihloohoana
  • Laboraro, la 1 June
  • Labone, la 2 June
  • Labohlano, la 3 June
  • Moqebelo, la 4 June
  • Sontaha, la 5 June
  • Mantaha, la 6 June
  • Labobeli, la 7 June
  • Laboraro, la 8 June
  • Labone, la 9 June
  • Labohlano, la 10 June
  • Moqebelo, la 11 June
  • Sontaha, la 12 June
  • Mantaha, la 13 June
  • Labobeli, la 14 June
  • Laboraro, la 15 June
  • Labone, la 16 June
  • Labohlano, la 17 June
  • Moqebelo, la 18 June
  • Sontaha, la 19 June
  • Mantaha, la 20 June
  • Labobeli, la 21 June
  • Laboraro, la 22 June
  • Labone, la 23 June
  • Labohlano, la 24 June
  • Moqebelo, la 25 June
  • Sontaha, la 26 June
  • Mantaha, la 27 June
  • Labobeli, la 28 June
  • Laboraro, la 29 June
  • Labone, la 30 June
Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2022
es22 maq. 57-67

June

Laboraro, la 1 June

Ha rea ka ra khahloa ke ho le fa litaba tse molemo feela tsa Molimo, empa le meea ea rona.​—1 Bathes. 2:8.

Re lokela ho tsotella batho bao re ithutang Bibele le bona. Re ba nke e le bara le barali babo rona ba ka moso. Ha ho bonolo ho bona hore ba tlohele metsoalle ea bona e sa rateng Jehova le hore ba etse liphetoho tsohle tseo ba lokelang ho li etsa hore ba sebeletse Jehova. Mesuoe e hloahloa e thusa batho bao e ba balisang ho tseba ba bang ba Bakrese-’moho le bona ka phuthehong ba ka ba thusang. Liithuti tseo li ka ba le monyetla oa ho thabela ho ba har’a batho ba Molimo ba ka ba thusang ho ba le kamano e ntle le Jehova le ho ba khothatsa ha ba e-na le mathata. Re batla hore motho e mong le e mong ea ithutang Bibele a utloe hore ha a le ka phuthehong o hae le hore Bakreste-’moho le rona ke bana ba bo. Re batla hore a be haufinyane le Bakreste-’moho le rona. Ntho eo e tla mo nolofalletsa hore a khaotse setsoalle seo a nang le sona le batho ba ke keng ba mo thusa ho rata Jehova. (Liprov. 13:20) Le haeba batho bao e neng e le metsoalle ea hae ba se ba sa mo batle, oa tseba hore o tla fumana metsoalle ea ’nete ka phuthehong.​—Mar. 10:29, 30; 1 Pet. 4:4. w20.10 17 ¶10-11

Labone, la 2 June

Ke filoe matla ’ohle leholimong le lefatšeng.​—Mat. 28:18.

Re lokela ho ba metsoalle ea Jesu haeba re batla ho ba le kamano e ntle le Jehova. Ke hobane’ng ha re cho joalo? Nahana ka mabaka ana a mabeli. Lebaka la pele, Jesu o ile a re ho barutuoa ba hae: “Ntate oa le rata, hobane le nthatile.” (Joh. 16:27) O ile a boela a re: “Ha ho ea tlang ho Ntate ha e se ka ’na.” (Joh. 14:6) Ha re leka ho ba metsoalle ea Jehova empa re se metsoalle ea Jesu, ho tšoana le ha re batla ho kena ka tlung empa re sa kene le monyako. Jesu o ile a etsa mohlala o tšoanang ha a ne a re: “Ke ’na monyako oa linku.” (Joh. 10:7) Lebaka la bobeli ke hore Jesu o khona ho etsisa makhabane a Ntate oa hae hantle. O ile a re ho barutuoa ba hae: “Ea mponeng o bone le Ntate.” (Joh. 14:9) Kahoo, mokhoa o motle oa hore re tsebe Jehova ke ka hore re ithute ka bophelo ba Jesu. Ha re ntse re ithuta ka Jesu haholoanyane, re tla mo rata le ho feta. Hape, ha re rata Jesu, re tla rata Ntate oa hae le ho feta. w20.04 21-22 ¶5-6

Labohlano, la 3 June

Ke khahlisoa ke mefokolo, . . . etsoe ha ke fokola, joale ke ha ke le matla.​—2 Bakor. 12:10.

Na u liphateneg tse chesang kapa u lutse setulong sa batho ba phelang le bokooa? Na u tšoeroe ke mangole kapa pono ea hao e se e haella? Haeba ho joalo, na u ka khona ho matha le batho ba bacha le ba phetseng hantle? Hantle haholo! Batho ba bangata ba kulang le ba holileng ba ntse ba matha tseleng ena ea bophelo. Ba ke ke ba khona ho matha ka matla a bona feela. Ho e-na le hoo, ba kha matla ho Jehova ka hore ba mamele liboka ka fono kapa ba li shebelle ba le hae. Ba boetse ba kenya letsoho mosebetsing oa ho etsa barutuoa ka ho pakela lingaka, baoki le beng ka bona. Le ka mohla u se ke oa nyahamisoa ke maemo a hao a bophelo a etsang hore mohlomong u ikutloe u se na matla a ho matha tseleng ena ea bophelo. Jehova oa u rata ka lebaka la tumelo ea hao le mesebetsi eo u ileng oa e etsa bakeng sa hae lilemong tsena tsohle. Hona joale ho feta leha e le neng pele, u hloka thuso ea hae ’me a ke ke a u lahla. (Pes. 9:10) Empa o tla atamela haufi le uena le ho feta. w20.04 29 ¶16-17

Moqebelo, la 4 June

Ke etsa lintho tsohle ka lebaka la litaba tse molemo, e le hore nka li arolelana le ba bang.​—1 Bakor. 9:23.

Ke lintho life tseo u ka buang ka tsona le motho ea nang le bolumeli ba hae? Leka ho batla lintho tseo le ka lumellanang ka tsona. E ka ’na eaba o lumela hore ho na le Molimo a le mong feela, oa lumela hore Jesu ke eena Mopholosi oa batho kapa e ka ’na eaba o lumela hore re phela nakong ea bofelo. U sebelisa lintho tseo le lumellanang ka tsona, buella Bibele ka tsela e tla hapa motho eo. U hopole hore batho ba bang ba ka ’na ba se ke ba lumela lintho tsohle tseo ba li rutoang bolumeling ba bona. Kahoo, le ka mor’a hore u fumane hore na bolumeli ba motho eo ke bofe, leka ho tseba hore na ka ho khetheha o lumela’ng. Moromuoa e mong o bontša hore batho ba bang ba re ba lumela boraro bo teroneng empa ha e le hantle ha ba lumele hore Ntate, Mora le moea o halalelang ke Molimo a le mong. O re: “Ho tseba ka taba eo, ho ’nolofaletsa hore ke fumane lintho tseo nka lumellanang ka tsona le motho eo.” Kahoo, leka ho fumana hore na ha e le hantle batho ba lumela’ng. Qetellong joaloka moapostola Pauluse u ka ba “lintho tsohle ho batho ba mefuta eohle.”​—1 Bakor. 9:19-22. w20.04 10 ¶9-10

Sontaha, la 5 June

Nakong eo sechaba sa heno se tla phonyoha, e mong le e mong ea fumanoang a ngotsoe bukeng.​—Dan. 12:1.

Daniele le Johanne ba bontšitse hore Jehova le Jesu ba tla sireletsa batho ba ba mamelang nakong ea matšoenyeho a maholo. Kahoo, re ka lula re khobile matšoafo ho sa tsotellehe hore na ho tla etsahala’ng. Daniele o bontša hore batho ba tla pholoha mabitso a bona a tla ngoloa ka bukeng. Re ka etsa’ng hore mabitso a rona a ngoloe ka bukeng eo? Re lokela ho bontša hore re na le tumelo ho Jesu, Konyana ea Molimo. (Joh. 1:29) Re lokela ho inehela ho Molimo re be re kolobetsoe. (1 Pet. 3:21) Hape re lokela ho tšehetsa ’Muso oa Molimo ka hore re etse kahohle kamoo re ka khonang ho thusa batho ba bang ho ithuta ka Jehova. Hona joale ho feta leha e le neng pele, ke nako ea hore re tšepe Jehova le mokhatlo oa hae o entsoeng ka bahlanka ba hae ba tšepahalang. E boetse ke nako ea hore re tšehetse ’Muso oa Molimo. Haeba re etsa joalo, re tla sireletsoa ha morena oa leboea le morena oa boroa ba felisoa ke ’Muso oa Molimo. w20.05 16 ¶18-19

Mantaha, la 6 June

Jehova, lebitso la hao le teng ho isa nakong e sa lekanyetsoang.​—Pes. 135:13.

Adama le Eva ba ne ba tseba hore lebitso la Molimo ke Jehova hape ba ne ba tseba le lintho tse ling tsa bohlokoa ka motho ea jereng lebitso leo. Ba ne ba tseba hore Jehova ke ’Mopi oa bona, ke eena ea ba fileng bophelo, lehae la bona le letle la Paradeise le lenyalo le phethahetseng. (Gen. 1:26-28; 2:18) Empa, na ba ne ba ka lula ba nahanisisa ka lintho tsohle tseo Jehova a ba etselitseng tsona? Na ba ne ba tla lula ba ananela le ho tsoela pele ba rata Jehova? Likarabo tsa lipotso tseo li ile tsa hlaka hantle ha sera sa Molimo se ne se ba leka. Satane o ile a sebelisa noha eaba o botsa Eva potso ena: “Na ehlile Molimo o itse le se ke la ja tsa sefate se seng le se seng se serapeng?” (Gen. 2:16, 17; 3:1) Potso ena e ne e bua leshano ka Jehova ’me e ile ea etsa hore Eva a qale ho nahana lintho tse fosahetseng ka Jehova. Ha e le hantle, Molimo o ne a itse ba ka ja litholoana tsa lifate tsohle ntle le sefate se le seng feela. (Gen. 2:9) Satane o ile a etsa hore ba nke hore Molimo ha a fane. E ka ’na eaba Eva o ile a ipotsa, ‘E le hore ho na le ntho e molemo eo Molimo a sa re fang eona?’ w20.06 3 ¶8-9

Labobeli, la 7 June

Tsoelang pele le mamellana le ho tšoarelana ka bolokolohi.​—Bakol. 3:13.

Bahlanka ba bang ba Jehova ba ile ba utloisoa bohloko ke Bakreste-’moho le bona. Moapostola Pauluse o ile a hlokomela hore ho ka ba le lebaka le utloahalang le etsang hore re be le “sesosa sa pelaelo khahlanong” le Bakreste-’moho le rona. Mohlomong ha rea ka ra tšoaroa ka toka ’me haeba re sa hlokomele re ka qetella re koetlile lehloeo. Ho halefa ho ka etsa hore motho a suthele hole le batho ba Jehova. Mor’abo rona Pablo oa Amerika Boroa o re ho na le motho ea ileng a mo qosa ka hore o entse ntho e itseng e mpe empa ho se joalo. Baholo ba ile ba kholoa motho eo eaba Mor’abo rona Pablo o khalemelloa ntho eo a sa e etsang. O ile a etsa’ng? O re: “Ke ile ka utloa bohloko haholo eaba butle-butle ke suthela hole le batho ba Jehova.” Letsoalo le ka lula le tšetšetha motho ea kileng a etsa sebe se tebileng hobane a nahana hore Jehova ha a sa mo rata. Le haeba a ile a bakela sebe sa hae eaba Jehova oa mo tšoarela a ka ’na a ikutloa a sa tšoanelehe hore e be e mong oa barapeli ba hae. U ikutloa joang ka bara le barali babo rona ba tobanang le mathata ao ho buuoeng ka ’ona? w20.06 19 ¶6-7

Laboraro, la 8 June

Ea masene ke ea boneng tlokotsi ’me a ipata​—Liprov. 22:3.

Re lokela ho tseba maemo a ka etsang hore re hlaheloe ke kotsi re be re sebeletse ho a qoba. (Baheb. 5:14) Mohlala, re lokela ho khetha boithabiso le tsela eo re ikhathollang ka eona ka bohlale. Hangata mananeo a thelevishene le lifilimi li hlahisa boitšoaro bo bobe. Boitšoaro boo bo halefisa Molimo ’me bo lematsa batho ba bo etsang le batho ba bang. Kahoo, re qoba boithabiso ba mofuta le ha ele ofe boo butle-butle bo ka khoehlisang tsela eo re ratang Molimo ka eona. (Baef. 5:5, 6) Re lokela ho elelloa kotsi ea mashano a hasoang ke bakoenehi a ka ’nang a etsa hore re be le lipelaelo ka bara le barali ba bo rona le ka mokhatlo oa Jehova. (1 Tim. 4:1, 7; 2 Tim. 2:16) Lintho tseo li ka fokolisa tumelo ea rona. Ha rea lokela ho kholoa mashano ao. Hobane’ng? Hobane lipale tsa mofuta oo li hasoa ‘ke batho ba bolileng kelellong le ba tlatlapuoeng ’neteng.’ Sepheo sa bona ke ho qala ‘lipelaelo le liphehisano.’ (1 Tim. 6:4, 5) Ba batla hore re lumele mashano ao le hore re khaotse ho tšepa Bakreste-’moho le rona. w20.09 29 ¶13, 15

Labone, la 9 June

[U] batle, eseng se molemo ho [uena], empa se molemo ho motho e mong.​—1 Bakor. 10:24.

Banyalani ba lokela ho lula ba ratana le ho hlomphana. (Baef. 5:33) Bibele e re re lokela ho nahana haholo ka ho fana ho feta ho amohela. (Lik. 20:35) Ke eng e ka thusang banyalani ho re ba lule ba ratana le ho hlomphana? Ke boikokobetso. Boikokobetso bo thusitse banyalani ba Bakreste ba bangata hore ba thabe lenyalong. Mohlala, Ntate Steven o re: “Haeba le momahane, le tla sebetsa ’moho mahetla a bapile, haholo-holo ha le e-na le mathata. Ho e-na le hore motho a nahane feela ka hore na ke eng e ka mo tsoelang molemo, o tla nahana ka hore na ke eng e tla re tsoela molemo.” Mohats’ae Stephanie o ikutloa ka tsela e tšoanang. O re: “Ha ho na motho ea ratang ho lula le motho eo ba sa utloaneng le eena. Ha mathata a hlaha, re leka ho fumana hore na ke eng e bakileng bothata boo. Ka mor’a moo, rea rapela, re etsa lipatlisiso ebe re leka ho bona hore na re rarolla bothata boo joang. Ho e-na le hore joale re loantšane, re etsa sohle ho leka ho rarolla bothata.” Banyalani ba tla lula ba thabile haeba e mong a sa nahane hore o bohlokoa ho feta e mong. w20.07 4 ¶5-6

Labohlano, la 10 June

Ke ne ke hatela pele Bojudeng ho feta ba bangata ba lilemo tsa ka morabeng oa heso.​—Bagal. 1:14.

Ha rea lokela ho itšetleha ka matla kapa bokhoni ba rona ha re sebeletsa Jehova. Moapostola Pauluse o ne a rutehile haholo ’me o ile a rutoa ke moeta-pele e mong oa Mojuda ea neng a hlomphuoa haholo ea bitsoang Gamaliele. (Lik. 5:34; 22:3) Hape Pauluse e ne e kile ea e-ba motho oa bohlokoa haholo sechabeng sa Bajuda. (Lik. 26:4) Empa Pauluse o ne a sa itšetleha ka matla a hae. Pauluse o ile a thabela ho tela lintho tse neng li etsa hore batho ba mo nke e le oa bohlokoa kapa a e-na le matla. (Bafil. 3:8) Pauluse o ile a thulana le mathata a mangata kaha e ile ea e-ba molateli oa Kreste. Sechaba sa habo se ne se mo hloile. (Lik. 23:12-14) Hape o ile a otloa le ho tšoaroa ke Baroma ba habo. (Lik. 16:19-24, 37) O ile a boela a hlokomela hore kaha ha aa phethahala, ho boima hore a lule a etsa lintho tse nepahetseng. (Bar. 7:21-25) Empa ho e-na le hore a lumelle mathata ao a tobanang le ’ona kapa batho ba mo hlorisang hore ba etse hore a tlohele ho latela Kreste, o ile a “khahlisoa ke mefokolo.” Hobane’ng? Ke hobane ha a fokola, o ne a bona kamoo Molimo a neng a mo thusa kateng.​—2 Bakor. 4:7; 12:10. w20.07 16 ¶7-8

Moqebelo, la 11 June

Ea bontšang tumelo ho ’na . . . o tla etsa mesebetsi e meholo ho ena.​—Joh. 14:12.

Mosebetsi oa boboleli o hloka hore re tsepamise likelello tsa rona ho oona haholo mehleng ena. Jesu o ile a bolela esale pele hore mosebetsi ona o ne o tla ba moholo haholo le hore o ne o tla tsoela pele ka nako e telele ka mor’a lefu la hae. Ka mor’a hore Jesu a tsosoe, o ile a thusa ba bang ba barutuoa ba hae hore ba tšoase litlhapi ka mohlolo. O ile a nka monyetla oo ho ba tiisetsa hore mosebetsi oa bohlokoa ke ho ba batšoasi ba batho ho feta mosebetsi leha e le ofe. (Joh. 21:15-17) Nakoana pele Jesu a nyolohela leholimong, o ile a bolella balateli ba hae hore mosebetsi oa boboleli oo a o qalileng o ne o tla ba moholo ’me o phatlalle le lefatše lohle. (Lik. 1:6-8) Lilemo hamorao, Jesu o ile a bontša moapostola Johanne pono ea hore na ho ne ho tla etsahala’ng “letsatsing la Morena.” Ponong eo Johanne o ile a bona ketsahalo e hlollang ea mangeloi a etellang pele ho boleloa ha “litaba tse molemo tse sa feleng . . . ho sechaba se seng le se seng le moloko o mong le o mong le lelemeng le leng le leng le bathong ba bang le ba bang.” (Tšen. 1:10; 14:6) Ho hlakile hore thato ea Jehova ke hore kaofela ha rona mehleng ena re kenye letsoho mosebetsing ona oa bohlokoa ho fihlela o phethiloe. w20.09 9 ¶5

Sontaha, la 12 June

Ka tumelo Abrahama, ha a lekoa, ho ile ha tšoana leha a nyehetse Isaka.​—Baheb. 11:17.

Lelapa la Abrahama le ne le e-na le mathata. Mofumahali oa hae Sara o ne a sa khone ho ba le bana. Ka lilemo tse ngata ba ile ba tlameha ho phela le sekhobo seo. Kahoo, Sara o ile a nka lekhabunyane la hae Hagare a le fa Abrahama e le hore le ka ba etsetsa bana. Empa Hagare o ile a qala ho hlompholla Sara nakong eo e neng e le moimana oa Ishmaele. Lintho li ile tsa mpefala hoo Sara a ileng a tebela Hagare. (Gen. 16:1-6) Qetellong Sara o ile a ba ’meleng eaba o tsoalla Abrahama mora eo a ileng a mo reha Isaka. Abrahama o ne a rata bara ba hae ka bobeli. Empa kaha Ishmaele o ile a tšoara Isaka hampe, Abrahama o ile a tlameha ho leleka Hagare le Ishmaele. (Gen. 21:9-14) Lilemo tse ’maloa hamorao, Jehova o ile a kopa Abrahama hore a etse sehlabelo ka mora oa hae Isaka. (Gen. 22:1, 2; Baheb. 11:17-19) Maemong ana a mabeli, Abrahama o ile a tlameha ho tšepa Jehova hore ka tsela e itseng o tla phethahatsa litšepiso tseo a neng a li entse ka bara ba hae. w20.08 4 ¶9-10

Mantaha, la 13 June

Le apare botho bo bocha bo ileng ba boptjoa ho ea ka thato ea Molimo ho lokeng ha ’nete le botšepehing.​—Baef. 4:24.

Ak’u nahane feela hore na batho ba tsositsoeng ba tla thaba hakaakang ha ba hlobola botho ba bona ba khale ’me ba phela ho latela melao ea Molimo. Batho ba tla lumela ho etsa liphetoho tseo ba tla ba le monyetla oa ho phela ka ho sa feleng. Ka lehlakoreng le leng, batho ba ke keng ba mamela Molimo ba ke ke ba lumelloa hore ba tl’o senya khotso e tla ba teng Paradeiseng. (Esa. 65:20; Joh. 5:28, 29) Batho ba tla phela tlas’a ’Muso oa Molimo ba tla bona hore Liproverbia 10:22 ke ’nete ha e re: “Tlhohonolofatso ea Jehova ea ruisa ’me ha a e phaelle ka bohloko.” Kaha moea oa Jehova o tla be o sebetsa ho bona, batho ba Molimo ba tla ba le kamano e ntle haholo le eena, ka mantsoe a mang, butle-butle ba tla tšoana le Jesu hape ba tla phethahala. (Joh. 13:15-17; Baef. 4:23) Letsatsi ka leng, ba tla ba le ’mele e phetseng hantle le e ntseng e ba matla. Kannete bophelo e tla ba bo thabisang haholo ka nako eo!​—Jobo 33:25. w20.08 17 ¶11-12

Labobeli, la 14 June

Sepheo sa lona e be ho . . . hlokomela litaba tsa lona.​—1 Bathes. 4:11.

Re tla be re etsa hantle ha re hopola hore Bakreste ba bang ba masoha ba entse qeto ea ho se kene lenyalong. Bakreste ba bang ba masoha ba ka rata ho kena lenyalong empa e le hore ha ba e-s’o fumane motho ea loketseng. Athe ba bang bona ba lahlehetsoe ke balekane ba bona ka lefu. Maemong ana ’ohle, na ho loketse hore batho ba ka phuthehong ba botse Bakreste ba masoha hore na ke hobane’ng ha ba sa nyala kapa ba sa nyaloa kapa hona ho leka ho ba batlela balekane? Haeba ba sa kopa thuso, ho ba etsetsa lintho tsa mofuta oo, ho ka etsa hore ba ikutloe joang? (1 Tim. 5:13) Bara le barali ba bo rona ba masoha baa thaba haeba re ba nka ba le bohlokoa ka lebaka la makhabane a bona e seng ka hore na ba nyetse kapa ha baa nyaloa. Ho e-na le hore re ba utloele bohloko, re tla be re etsa hantle haeba re ananela taba ea hore baa tšepahala. Ka lebaka leo, bara le barali ba bo rona ba masoha ba ke ke ba utloa eka re re ho bona: “Ha [re] le hloke.” (1 Bakor. 12:21) Ho e-na le hoo, ba tla tseba hore rea ba hlompha ebile re ba nka ba le bohlokoa ka phuthehong ea Molimo. w20.08 29 ¶10, 14

Laboraro, la 15 June

[Kreste] a bonahala ho barab’abo rona ba ka holimo ho makholo a mahlano ka nako e le ’ngoe.​—1 Bakor. 15:6.

Hamorao Jesu o ile a hlaha ho moapostola Pauluse. (1 Bakor. 15:8) Ha Pauluse (Saule) a le tseleng e eang Damaseka o ile a utloa lentsoe la Jesu a le leholimong ’me a ba a mo bona ponong. (Lik. 9:3-5) Se ileng sa etsahalla Pauluse ke bopaki bo eketsehileng ba hore Jesu o ile a tsosoa. (Lik. 26:12-15) Batho ba bang ba ne ba ka thahasella ho utloa bopaki ba Pauluse hobane o ne a sotla Bakreste pele Jesu a hlaha ho eena. Ka mor’a hore Pauluse a kholisehe hore Jesu o tsositsoe bafung, o ile a sebetsa ka thata ho kholisa batho ba bang ’nete eo. O ile a mamella ho shapuoa, ho koalloa teronkong le ho robeheloa ke sekepe ha a ntse a bolella batho hore Jesu o ile a tsosoa. (1 Bakor. 15:9-11; 2 Bakor. 11:23-27) Tumelo ea Pauluse ea hore Jesu o tsositsoe e ne e le matla hoo a neng a ikemiselitse ho shoa hobane a ntse a ruta batho ka taba eo. Na lintho tsee kaofela ha li u kholise hore Jesu o ile a tsoha bafung? Hape na ha li tiise tumelo ea hao ea hore bafu ba tla tsoha? w20.12 3 ¶8-10

Labone, la 16 June

Haeba le batla [Jehova], o tla etsa hore le mo fumane.​—2 Likron. 15:2.

Re ka ipotsa: ‘Na ke ba teng libokeng kamehla?’ Ha re ea libokeng tse hlophisitsoeng ke mokhatlo oa Jehova, re khona ho ba le menyetla ea ho ba metsoalle ea hae e haufi-ufi le ho khothatsoa ke Bakreste-’moho le rona. (Mat. 11:28) Re ka boela ra ipotsa, ‘Na ke na le nako e tsitsitseng ea ho ithuta Bibele? Haeba ke lula le lelapa leso kapa la ka, na re na le nako eo re e beheletseng ka thoko bakeng sa borapeli ba lelapa? Kapa haeba ke lula ke le mong, na ke ipehetse nako joalokaha eka ke ntse ke le lapeng? Hape, na ke etsa boiteko bohle mosebetsing oa ho bolela le ho etsa barutuoa?’ Ke hobane’ng ha re lokela ho ipotsa lipotso tsee? Bibele e re Jehova o hlahloba menahano le lipelo tsa rona ’me le rona re lokela ho etsa ntho e tšoanang. (1 Likron. 28:9) Haeba re bona hore re lokela ho etsa liphetoho linthong tseo re li batlang, boitšoarong le tseleng eo re nahanang ka eona, re lokela ho kopa Jehova hore a re thuse ho etsa liphetoho tseo. Hona joale ke nako ea ho itokisetsa liteko tse larileng ka pele ho rona. w20.09 19 ¶19-20

Labohlano, la 17 June

Ha ho le ea mong oa lona ea sa reng lintho tsohle tsa hae li sale hantle eo e ka bang morutuoa oa ka.​—Luka 14:33.

Jesu o ile a hlalosa hore na ho ba morutuoa oa hae ho akarelletsa’ng. O ile a etsa mohlala ka motho ea batlang ho haha tora, le morena ea neng a batla ho ea ntoeng. Jesu o ile a re motho ea batlang ho haha o lokela hore a “lule fatše pele ’me a bale litšenyehelo” e le hore a ka qeta mosebetsi oa hae. A boela a re le morena o lokela hore “a lule fatše pele ’me a tšoare litherisano” ho bona hore na masole a hae a ka khona ho etsa mosebetsi oo ba batlang ho o etsa. (Luka 14:27-32) Ka tsela e tšoanang, Jesu o ne a tseba hore e le hore motho e be morutuoa oa hae, o lokela ho hlahloba ka hloko hore na ho mo latela ho akarelletsa’ng. Lebaka leo ke lona le re susumelletsang hore re khothalletse lithuto tsa rona hore li ithute Bibele le rona beke le beke. Joaloka mosuoe, u lokela ho lokisetsa thuto ka ’ngoe eo u tl’o e tšoara. U nahanne ka seithuti sa hao, nahana esale pele hore na u tla fetisa lintlha tseo joang ka tsela e bonolo le e hlakileng e tla etsa hore se utloisise lintlha hantle le ho li sebelisa.​—Neh. 8:8; Liprov. 15:28a. w20.10 7 ¶5; 8 ¶7

Moqebelo, la 18 June

Ka hona e-eang ’me le etse . . .  barutuoa . . . , le ba rute ho boloka lintho tsohle tseo ke le laetseng tsona.​—Mat. 28:19, 20.

Jesu o re file taelo e hlakileng ea hore re rute batho lintho tseo a re laetseng tsona. Empa ho na le ntlha ea bohlokoa eo re sa lokelang ho e tlolisa mahlo. Jesu ha aa ka a re re ba rute lintho tsohle tseo a re laetseng tsona. O itse re ba rute “ho boloka lintho tsohle tseo a re laetseng tsona.” Kahoo, e le hore re mamele taelo eo ea Jesu, re lokela ho ruta liithuti tsa rona hore na li etse’ng re be re ba bontše hore na li e etse joang. (Lik. 8:31) Ho “boloka” taelo ho bolela ho e mamela. Ha re ithuta Bibele le batho, re ba ruta thato ea Molimo. Empa ha rea lokela ho fella moo. Re lokela ho ba ruta hore ba etse thato ea Molimo bophelong ba bona. (Joh. 14:15; 1 Joh. 2:3) Re ka ba bontša ka liketso tsa rona hore na ba sebelise lintho tseo ba ithutang tsona Bibeleng joang ha ba le sekolong, mosebetsing kapa ha ba ithabisa. Ha re e-na le bona re ka rapela Jehova ra mo kopa hore a ba tataise ka moea o halalelang.​—Joh. 16:13. w20.11 2-3 ¶3-5

Sontaha, la 19 June

“Eseng ka lebotho la sesole, kapa ka matla, empa ka moea oa ka,” ho boletse Jehova oa mabotho.​—Zak. 4:6.

Barutuoa ba Jesu ba ne ba e-na le mathata. Ka mohlala, likopi tsa Mangolo a halalelang li ne li fokola. Ba ne ba se na lingoliloeng tse ba thusang ho utloisisa Lentsoe la Molimo tse kang tseo re nang le tsona mehleng ena. Hape batho bao ba neng ba tlameha ho ba bolella molaetsa oa ’Muso ba ne ba bua lipuo tse ngata tse fapaneng. Empa le har’a mathata ao, barutuoa bao ba chesehang ba ile ba etsa ntho eo ho neng ho bonahala eka e ke ke ea khoneha. Ka lilemo tse 30 feela, ba ile ba hasa molaetsa oa ’Muso “popong eohle e tlas’a leholimo.” (Bakol. 1:6, 23) Mehleng ena, Jehova o ntse a tsoela pele ho tataisa le ho fa batho ba hae matla a ho etsa thato ea hae. Ntho e kholo eo a ba tataisang ka eona ke Lentsoe la hae Bibele e ileng ea ngoloa ka thuso ea moea o halalelang. Ka Bibeleng ho na le tlaleho ea mosebetsi oa boboleli oo Jesu a ileng a o etsa le taelo eo a e fileng barutuoa ba hae ea hore ba ntšetse pele mosebetsi oo a o qalileng. (Mat. 28:19, 20) Jehova ha a leeme, o ile a ba a bolela hore litaba tse molemo li tla hasoa ‘sechabeng se seng le se seng le molokong o mong le o mong le lelemeng le leng le le leng.’ (Tšen. 14:6, 7) O batla hore motho e mong le e mong a fumane molaetsa oa ’Muso. w20.10 21 ¶6-8

Mantaha, la 20 June

U tla pholosa batho ba ikokobelitseng empa mahlo a hao a khahlanong le ba ikhohomosang.​—2 Sam. 22:28.

Morena Davida o ne a rata “molao oa Jehova.” (Pes. 1:1-3) O ne a tseba hore Jehova o pholosa ba ikokobelitseng empa o hanyetsa ba ikhohomosang. Kahoo, o ile a lumella molao oa Molimo hore o fetole tsela eo a nahanang ka eona. O ile a re: “Ke tla boka Jehova, ea mphileng keletso. Ka sebele, liphio tsa ka li nkhalemetse bosiu.” (Pes. 16:7) Haeba re ikokobelitse, re tla lumella Bibele hore e fetole menahano ea rona e fosahetseng pele e ka re lebisa sebeng. Ho tla tšoana leha eka Bibele e re ho rona: “Tsela ke eona ena. Tsamaeang ho eona.” E tla re lemosa haeba re etsa ntho e fosahetseng. (Esa. 30:21) Ho mamela Jehova ho tla re tsoela molemo. (Esa. 48:17) Mohlala, re ke ke ra ikutloa re soabile hobane motho e mong a tlameha ho re khalemela. Hape re tla rata Jehova le ho feta hobane re bona hore o re tsotella joalokaha ntate a tsotella ngoan’a hae.​—Baheb. 12:7. w20.11 20 ¶6-7

Labobeli, la 21 June

Ha ba utloa ka tsoho ea bafu, ba bang ba qala ho soma.​—Lik. 17:32.

E ka ’na eaba ntho eo e ile ea ama batho ba bang ba Korinthe. (1 Bakor. 15:12) Hape batho ba bang ba ne ba nahana hore tsoho ha se ntho ea sebele. Ba ne ba nka tsoho ka tsela ea hore ha motho e le moetsalibe “o shoele” empa ha e le Mokreste “oa phela.” Ho sa tsotellehe hore na ke hobane’ng ha ba ne ba sa lumele tsoho ea bafu, tumelo ea bona e ne e se na thuso. Haeba Molimo ha aa tsosa Jesu, taba eo e ne e tla bolela hore ha rea tšoareloa libe le hore Jesu ha aa shoela libe tsa rona. Kahoo, ba neng ba sa lumele tsoho ea bafu ba ne ba se na tšepo ea sebele. (1 Bakor. 15:13-19; Baheb. 9:12, 14) Moapostola Pauluse o ne a tseba hore “Kreste o tsositsoe bafung.” Tsela eo Jesu a tsositsoeng ka eona e phahametse hole ea batho ba tsositsoeng pele ho eena hobane bona ba ile ba shoa hape. Pauluse o ile a re Jesu ke “litholoana tsa pele ho ba robetseng lefung.” E ne e le eena oa pele oa hore a tsosoe e le motho oa moea a be a ee leholimong.​—1 Bakor. 15:20; Lik. 26:23; 1 Pet. 3:18, 22. w20.12 5 ¶11-12

Laboraro, la 22 June

Melao-taelo e neng e etselitsoe qeto ke baapostola le banna ba baholo ba neng ba le Jerusalema ba ne ba nehelana ka eona ho ba leng moo hore ba e boloke.​—Lik. 16:4.

Mehleng ea Bakreste ba pele, sehlopha se busang se Jerusalema se ne se sebetsa se ipopile ngatana-’ngoe ho etsa hore ho lule ho e-na le khotso le tlhophiso har’a batho ba Molimo. (Lik. 2:42) Mohlala, hoo e ka bang ka selemo sa 49 mehleng ea baapostola, Bakreste ba bangata ba ne ba sa utloane ka taba ea lebollo. Kahoo sehlopha se busang se ile sa lulela taba eo fatše se tataisoa ke moea o halalelang. Haeba Bakreste ba ne ba ka tsoela pele ba sa utloane ka taba ena, mosebetsi oa ho bolela litaba tse molemo o ka be o ile oa boholoa ke lintja. Le hoja baapostola le banna ba baholo e ne e le Bajuda, ha baa ka ba susumetsoa ke meetlo ea Bajuda kapa ke batho ba neng ba e hatella. Empa ba ile ba batla tataiso ka Lentsoeng la Molimo,hape ba kopa Molimo ho ba thusa ka moea o halalelang. (Lik. 15:1, 2, 5-20, 28) Ho ile ha qetella ho etsahetse’ng? Jehova o ile a hlohonolofatsa qeto ea bona hobane phutheho e ile ea momahana ea ba le khotso, le mosebetsi oa boboleli o ile oa tsoela pele. (Lik. 15:30, 31; 16:5) Mehleng ena, mokhatlo oa Jehova o thusitse bahlanka ba hae hore ba lule ba e-na le khotso ba bile ba hlophisehile. w20.10 22-23 ¶11-12

Labone, la 23 June

Mora oa ka Solomone, [ke] eo Molimo a mo khethileng.​—1 Likron. 29:1.

Re ka ’na ra se ke ra tšoanelehela ho fumana mosebetsi o itseng tšebeletsong ea Jehova hobane re se re holile, re kula kapa ka mabaka a mang. Haeba re le boemong boo, ho na ntho ea bohlokoa eo re ka ithutang eona mohlaleng oa Morena Davida. Le hoja Davida a ne a labalabela ho hahela Jehova tempele, Jehova o ile a mo bolella hore o khethile motho e mong ho etsa mosebetsi oo. O ile a etsa sohle ho tšehetsa mosebetsi oo. Kannete re ka cho ra re Davida o re behetse mohlala o tsoileng matsoho! (2 Sam. 7:12, 13; 1 Likron. 29:3-5) Mor’abo rona Hugues ea lulang Fora o ile a tlohela ho ba moholo hobane a ne a kula ’me o ne a thatafalloa le ke ho etsa mesebetsi e menyenyane feela ea lapeng. O re: “Qalong ke ne ke nyahame ke bile ke utloa ke se na thuso. Empa ka mor’a nako ke ile ka bona hore ho bohlokoa ho ikamohela ’me ka bona hore ho ntse ho e-na le ho hong hoo nka ho etsetsang Jehova. Ke tla ’ne ke e loane ntoa ena, ke etsise Gideone le banna ba makholo a mararo ba ileng ba ’na ba loana leha ba ne ba khathetse.”​—Baahl. 8:4. w20.12 25 ¶14-15

Labohlano, la 24 June

A re tsoeleng pele ho ratana.​—1 Joh. 4:7.

Litlalehong tseo Johanne a ileng a li ngola ka bophelo ba Jesu, o ile a sebelisa lentsoe “lerato” le “ho ratoa” ka makhetlo a mangata ho feta bangoli ba bang ba Likosepele. Libuka tsa hae li bontša hore lerato le tlameha ho susumetsa ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo re e etsang. (1 Joh 4:10, 11) Leha ho le joalo, ho nkile nako hore Johanne a ithute ho bontša lerato. Ha Johanne e sa le mocha, o ne a sa bontše lerato ka linako tsohle. Mohlala, ka nako e ’ngoe, Jesu le barutuoa ba hae ba ile ba feta Samaria ba e-ea Jerusalema. Batho ba motse o mong o monyenyane oa Samaria ha baa ka ba ba amohela. Johanne o ile a kopa hore mollo o hlahe maholimong o timetse baahi bohle ba motse oo. (Luka 9:52-56) Ka nako e ’ngoe Johanne le ngoan’abo Jakobo ba ile ba re ’mè oa bona a kope Jesu ho ba fa maemo a khethehileng ’Musong oa hae. Baapostola ba bang ba ile ba halefa ha ba utloa ntho eo Jakobo le Johanne ba e entseng. (Mat. 20:20, 21, 24) Ho sa tsotellehe liphoso tseo Johanne a li entseng, Jesu o ne a mo rata.​—Joh. 21:7. w21.01 8-9 ¶3-4

Moqebelo, la 25 June

Kreste ha aa ka a ikhahlisa.​—Bar. 15:3.

Jehova o etsa liqeto tse tsoelang batho molemo. Mohlala, o entse hore ho be le bophelo bakeng sa rona e le hore le rona re ka thabela ho phela. Ha ho na motho ea ileng a mo qobella hore a fane ka Mora oa hae hore a shoele libe tsa rona. O ile a ithaopela ho re etsetsa sehlabelo seo ka ho rata. Jesu le eena o ne a etsa liqeto tse tsoelang batho ba bang molemo. Mohlala, o ile a etsa qeto ea ho tlohela ho phomola e le hore feela a rute bongata. (Mar. 6:31-34) Hlooho ea lelapa e molemo ea tseba hore e ’ngoe ea lintho tse thata ka ho fetisisa tseo e lokelang ho li etsa ke ho etsa liqeto tse tla tsoela lelapa lohle molemo ’me e tlameha ho nka boikarabelo boo ka ho teba. E qoba ho etsa liqeto kantle ho mabaka a sa utloahaleng kapa e nahanne ka hore na eona e ikutloa joang ka nako eo. Ho e-na le hoo, o lumella Jehova hore a mo koetlise. (Liprov. 2:6, 7) Ka tsela eo, o tla nahana ka ho etsa lintho tse molemo bakeng sa ba bang eseng bakeng sa hae. (Bafil. 2:4) Haeba monna a leka ka thata ho etsisa Jehova le Jesu, e tla ba hlooho ea lelapa e molemo. w21.02 7 ¶19-21

Sontaha, la 26 June

Asa a etsa se setle le se nepahetseng mahlong a Jehova Molimo oa hae.​—2 Likron. 14:2.

Ha Morena Asa e sa le mocha, o ne a ikokobelitse a bile a le sebete. Ka mohlala, Asa o ile a hlahlama ntat’ae Abija boreneng eaba o felisa borapeli ba litšoantšo. O ile a boela “a re Bajuda ba batle Jehova Molimo oa baholo-holo ba bona ’me ba phethe molao le taelo.” (2 Likron. 14:1-7) Hape ha Zera oa Moethiopia a hlasela Juda ka masole a milione, Asa o ile a kopa Jehova hore a mo thuse, a re: “Jehova, ha e le ka ho thusa, ha ho tsotellehe ho uena hore na ke ba bangata kapa ke ba se nang matla. Re thuse, Jehova Molimo oa rona, etsoe re itšetlehile ka uena.” Mantsoe ana ao Asa a a buileng a bontša hantle hore o ne a kholisehile hore Jehova o tla khona ho mo pholosa a be a pholose le batho ba hae. Kahoo, Asa o ne a tšepile Ntate oa hae ’me ‘Jehova o ile a hlola Baethiopia.’ (2 Likron. 14:8-12) Ha ho pelaelo hore Asa o ile a tšoha ha a tlameha ho loantšana le masole a milione empa o ile a atleha ho a hlola. w21.03 5 ¶12-13

Mantaha, la 27 June

Le bontšane lerato le mofuthu.​—Bar. 12:10.

Bibele e re bolella ka batho ba sa phethahalang ba ileng ba bontšana lerato le matla haholo. Nahana ka mohlala oa Jonathane le Davida. Bibele e re: “Moea oa Jonathane oa tlamahana le moea oa Davida, ’me Jonathane a qala ho mo rata joaloka moea oa hae.” (1 Sam. 18:1) Davida o ile a tlotsoa hore a tle a hlahlame Saule boreneng. Ka mor’a moo, Saule o ile a monela Davida eaba o leka ho mo bolaea. Empa Jonathane mora oa Saule ha aa ka a tšehetsa ntate oa hae ha a ne a batla ho bolaea Davida. Jonathane le Davida ba ile ba tšepisana hore ba tla lula e le metsoalle ba bile ba tšehetsana. (1 Sam. 20:42) Tsela eo Jonathane le Davida ba neng ba utloana le ho ratana ka eona ea hlolla kaha ho ne ho e-na le lintho tse ngata tse neng li ka ba thibela hore e be metsoalle. Ka mohlala, Jonathane o ne a feta Davida ka lilemo tse ka bang 30. Jonathane o ne a ka nahana hore e ke ke ea e-ba motsoalle oa moshanyana enoa ea monyane le ea sa tsebeng hakaalo ka bophelo. Empa Jonathane o ne a sa nke Davida e le motho ea fokolang hakaalo. w21.01 21-22 ¶6-7

Labobeli, la 28 June

Ho nkeng e le thabo feela, barab’eso, ha le thulana le liteko tse sa tšoaneng.​—Jak. 1:2.

Jesu o ile a tšepisa balateli ba hae hore ba tla thaba e le kannete. O ile a boela a lemosa batho ba mo ratang hore ba tla tobana le liteko. (Mat. 10:22, 23; Luka 6:20-23) Rea thaba hore ebe re barutuoa ba Kreste. Empa re ka ikutloa joang haeba re hanyetsoa ke litho tsa malapa a rona, re hlorisoa ke ’muso kapa re hatelloa hore re etse ntho e fosahetseng ke basebetsi-’moho kapa bana bao re kenang sekolo le bona? Ka tsela e itseng, lintho tseo li ka etsa hore re tšoenyehe haholo. Ka tloaelo, batho ha ba nke mahloriso e le lebaka la bona la hore ba thabe. Empa eo ke eona ntho eo Lentsoe la Molimo le reng re e etse. Mohlala, morutuoa Jakobo o ile a ngola hore ho e-na le hore re tšoenyehe, re tlameha ho thaba ha re thulana le liteko. (Jak. 1:2, 12) Jesu eena o ile a re re tlameha ho thaba esita le haeba re hlorisoa. (Mat. 5:11) Jehova o ile a bululela Jakobo hore a ngolle Bakreste e le ho ba fa keletso e ka ba thusang hore ba lule ba thabile leha ba e-na le mathata. w21.02 26 ¶1-2; 27 ¶5

Laboraro, la 29 June

[Furalla] lipuo tsa lefeela tse silafatsang se halalelang.​—1 Tim. 6:20.

Batho ba bang mehleng ea Timothea ba ile ba sitoa ho ananela tokelo eo ba nang le eona ea ho ba basebetsi-’moho le Molimo. Batho bao ba akareletsa Demase, Figelase, Hermogenese, Hymenea, Alexandere le Filetase. (1 Tim. 1:19, 20; 2 Tim. 1:15; 2:16-18; 4:10) Qalong batho bana ba ne ba e-na le tumelo e matla empa hamorao ba ile ba khaotsa ho nahana ka lintho tsa bohlokoa haholo tseo ba neng ba e-na le tsona. Satane o leka ho sebelisa maraba afe ho etsa hore re nyahlatse matlotlo ao Jehova a re tšepetseng ho a boloka? Ela hloko a mang a maraba ao. O sebelisa boithabiso le mecha ea liphatlalatso ho khothaletsa maikutlo, menahano le boitšoaro bo ka etsang hore re se ke ra khomarela ’neteng. O leka ho re tšosa a sebelisa khatello ea lithaka kapa mahloriso e le hore re khaotse ho bolela. Hape o leka ho re kenya selope ka hanong e le hore re mamele “seo ka bohata se bitsoang ‘tsebo’” e tsoang ho bakoenehi e le hore re lahle ’nete. Butle-butle re ka lahla ’nete haeba re sa ntša mahlo linameng.​—1 Tim. 6:21. w20.09 27 ¶6-8

Labone, la 30 June

Jehova o tla utloa kopo ea ka ea mohau; Jehova o tla amohela thapelo ea ka.​—Pes. 6:9.

Na e mong oa lelapa kapa motsoalle oa hao o kile a u utloisa bohloko? Haeba ho joalo, u ka thusoa ke ho hlahloba tlaleho ea Absalome mora oa Morena Davida. (2 Sam. 15:5-14, 31; 18:6-14) U nahanne ka tlaleho eo, bolella Jehova hore u ikutloa joang ka tsela e mpe eo u ileng oa tšoaroa ka eona. (Pes. 6:6-8) Joale, ak’u nahane hore na Davida o ile a ikutloa joang ha lintho tsena li ntse li mo etsahalla. O ne a rata Absalome ’me a tšepa Akitofele. Leha ho le joalo, ka bobeli ba ile ba mo tsoa tlaase. Ba ile ba mo utloisa bohloko haholo ba ba ba leka le ho mo bolaea. Davida a ka be a khaolitse ho tšepa metsoalle ea hae e meng ’me a nahana hore le eona e se e tšehetsa Absalome. A ka be a inahanne boeena feela ’me a leka ho baleha a le mong. Kapa a ka be a ile a nyahama haholo feela. Ho e-na le hoo, o ile a rapela Jehova hore a mo thuse. O ile a boela a kopa thuso ho metsoalle ea hae. Ha aa ka a senya nako ea ho etsa lintho tseo a neng a ikemiselitse ho li etsa. O ile a tsoela pele a tšepa Jehova le metsoalle ea hae. w21.03 15 ¶7-8; 17 ¶10-11

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela