July
Labohlano, la 1 July
Ke filoe matla ’ohle leholimong le lefatšeng.—Mat. 28:18.
Re lokela ho ba metsoalle ea Jesu e le hore lithapelo tsa rona li ka arajoa. Taba ena e bolela hore ha rea lokela hore feela “ka lebitso la Jesu” lithapelong tsa rona. Re lokela ho utloisisa hore na Jehova o sebelisa Jesu joang ha a arabela lithapelo tsa rona. Jesu o ile a re ho baapostola ba hae: “Eng kapa eng eo le e kopang ka lebitso la ka, ke tla e etsa.” (Joh. 14:13) Le hoja Jehova e le eena ea utloang le ho araba lithapelo tsa rona, o sebelisa Jesu ho li araba. Pele Jehova a arabela lithapelo tsa rona, oa sheba hore na re latetse keletso ea Jesu. Mohlala, Jesu o ile a re: “Haeba le tšoarela batho litšito tsa bona, Ntat’a lona oa leholimo le eena o tla le tšoarela; athe haeba le sa tšoarele batho litšito tsa bona, le Ntat’a lona a ke ke a le tšoarela litšito tsa lona.” (Mat. 6:14, 15) Ke habohlokoa hore re tšoare batho ba bang ka tsela eo Jehova le Jesu ba re tšoarang ka eona. w20.04 22 ¶6
Moqebelo, la 2 July
Re le bolella litaba tse molemo, hore le furalle lintho tsena tsa lefeela le tle ho Molimo ea phelang.—Lik. 14:15.
Moapostola Pauluse o ile a bona hore na bamameli ba hae ba rata’ng eaba o bua ka tsona lintho tseo. Mohlala, batho bao a neng a bua le bona Lystra ba ne ba sa tsebe letho kapa ba e-na le tsebo e fokolang feela ka Mangolo. Kahoo Pauluse o ile a bua le bona ka tsela eo ba neng ba ka utloisisa. O ile a bua le bona ka chai le monyetla oa ho thabela bophelo. O ile a sebelisa mantsoe le mehlala eo bamameli ba hae ba neng ba ka e utloisisa hang-hang. E-ba le temoho e le hore u bone hore na batho ba tšimong ea heno ba rata’ng ebe u bua le bona ka lintho tseo. U ka khona ho fumana joang hore na motho o rata’ng ha u ntse u atamela ha hae kapa ha u se u le hona teng? Sheba lintho tse u potolohileng. Mohlomong o ntse a sebetsa jareteng, o ntse a bala buka, a lokisa koloi kapa a etsa mesebetsi e meng. Haeba ho khoneha, ke hobane’ng ha u sa bue ka lintho tseo a ntseng a li etsa hore u qale moqoqo? (Joh. 4:7) Le liaparo tsa motho li ka u bolella hore na ke motho ea joang. Mohlala, li ka o bontša hore na ke oa naha efe, o sebetsa’ng le hore na o rata papali efe. w20.04 11 ¶11-12
Sontaha, la 3 July
[Lahlelang] matšoenyeho ’ohle a lona ho [Molimo], hobane oa le tsotella.—1 Pet. 5:7.
Ka lebaka la ho tšoenyeha haholo, bara le barali ba bo rona ba bang ba ikutloa ba sa tsitsa ba bile ba sa phutholoha ha ba e-na le batho ba bang. Le hoja ba ka thatafalloa ke ho ba har’a batho ba bangata, ba ntse ba e-ea libokeng le likopanong tse kholo le tse nyane. Ha ho bonolo ho bona hore ba bue le batho bao ba sa ba tsebeng empa ho ntse ho le joalo, ba khona ho bua le batho ha ba le tšimong. Haeba u na le bothata bo tšoanang, kholiseha hore ha u mong. Ho na le batho ba bangata ba ikutloang joaloka uena. U lule u hopola hore Jehova oa thaba ka lebaka la boiteko bohle boo u bo etsang ba ho mo sebeletsa. Taba ea hore u ntse u tsoela pele ho mo sebeletsa ke bopaki ba hore oa u hlohonolofatsa hape o u fa matla ao u a hlokang. (Bafil. 4:6, 7) Haeba u ntse u tsoela pele ho sebeletsa Jehova le haeba u mameletse mathata ao batho ba a bonang kapa ba sa a boneng, u ka kholiseha hore Jehova o thaba haholo. Kaofela ha rona re na le mathata a itseng, mohlomong rea kula empa ho ntse ho le joalo, re ntse re mameletse. (2 Bakor. 4:16) Kaofela ha rona re tla matha ho fihlela moleng oa tlholo ka thuso ea Jehova! w20.04 31 ¶20-21
Mantaha, la 4 July
Litšobotsi tsa hae tse sa bonahaleng li bonoa ka ho hlaka [linthong] tse entsoeng.—Bar. 1:20.
Ha re sheba tsela eo Molimo a entseng lefatše ka eona, rea hlokomela hore o bohlale. (Baheb. 3:4) Lefatše lea ikhetha hobane le na le lintho tsohle tse etsang hore bophelo bo be teng. Re ka bapisa lefatše le ntlo e notletsoeng e hole koana hlatheng. Leha ho le joalo, ho na le lintho tsa bohlokoa tseo lefatše le fapanang ka tsona le ntlo e hlatheng e tletseng batho. Mohlala, u nahana hore batho ba ka ntlong eo ba ne ba tla phela nako e kae haeba ba ne ba tlameha ho iketsetsa lijo, metsi le moea o hloekileng (oxygen) hape ba sa khone ho lahlela litšila tsohle ka ntle? Ho e-s’o ee kae, batho bao ba ne ba tla shoa. Empa ho fapana le hoo, batho ba libilione ba khona ho phela lefatšeng. Lefatše le khona ho ba fa moea o hloekileng, lijo le metsi ’me ha ho mohla lintho tsena li felang. Le hoja litšila tsena li lula li le teng lefatšeng, le lula le letle hape le e-na le bophelo. Hoo ho khoneha joang? Jehova o entse lefatše ka tsela eo le khonang ho etsa hore lintho tseo re sa li hlokeng li fetohe hore ebe lintho tseo re ka li sebelisang hape. w20.05 20 ¶3-4
Labobeli, la 5 July
Ka sebele le ke ke la shoa.—Gen. 3:4.
Ha e le hantle, Satane o ile a bolella Eva hore Jehova o leshano. Kahoo, Satane e ile ea e-ba diabolose kapa moetselletsi. Eva o ile a itumella ho thetseha eaba o kholoa Satane. (1 Tim. 2:14) O ile a tšepa Satane haholo ho feta Jehova. Taba ena e ile ea etsa hore Eva a etse qeto e soto ka ho fetisisa. O ile a etsa qeto ea ho se mamele Jehova. Eva o ile a ja tholoana eo Jehova a neng a itse ba se ke ba e ja. Ka mor’a moo, o ile a fa le Adama. (Gen. 3:6) Ak’u nahane hore na Eva a ka be a ile a araba Satane joang. A re re mohlomong o ile a bua ntho e kang ena: “Ha ke tsebe hore na u mang empa ke tseba ntate oa ka Jehova eo ke mo ratang le ho mo tšepa. O re file lintho tsohle tseo re li hlokang. U mang uena hore u bue lintho tsee tse mpe ka eena? Tsamaea u tlohe mona!” Nahana hore na Jehova o ne a tla thaba hakaakang ha a bona morali oa hae eo a mo ratang a bontša botšepehi ka tsela ena! (Liprov. 27:11) Empa Adama le Eva ba ne ba sa rate Jehova le ho mo tšepahalla. Kaha ba ne ba sa rate Jehova, ba ile ba hloleha ho sireletsa lebitso la Jehova nakong eo le neng le senngoa. w20.06 4 ¶10-11
Laboraro, la 6 July
Basali ba bolelang litaba tse molemo ke lebotho le leholo.—Pes. 68:11.
Baralib’abo rona ba lokela ho babatsoa ka lebaka la mosebetsi oo ba o etsang tšebeletsong ea Jehova. Mosebetsi oo o akareletsa ho haha le ho lokisa mehaho, ho thusa liphutheho tse buang lipuo tse ling le ho ithaopela ho sebeletsa Bethele. Ba kenya letsoho linakong tsa likoluoa, ba fetolela lingoliloeng tsa rona hape ba sebeletsa e le bo-pula-maliboho le baromuoa. Ho feta moo, bo-’mè ba thusa banna ba bona hore ba phethe boikarabelo bo boima ka phuthehong le ka mokhatlong oa Molimo. Bara bana ba bo rona ba ne ba ke ke ba khona ho sebetsa kahohle kamoo ba ka khonang e le ‘limpho tseo e leng banna’ haeba ba ne ba sa thusoe ke balekane ba bona. (Baef. 4:8) Baholo ba bohlale baa utloisisa hore baralib’abo rona ke “lebotho le leholo” la batho ba ikemiselitseng ho sebetsa ka thata le ba ipabolang mosebetsing oa boboleli. Ho phaella moo, baholo ba tla elelloa hore baralib’abo rona ba holileng ba nang le tumelo hape ba e-na le boiphihlelo, ba batle haholo ho thuseng baralib’abo rona ba bacha ho sebetsana le mathata. (Tite 2:3-5) Hoa hlaka hore baralib’abo rona ba hloka hore re ba bontše hore rea ba rata le ho ba ananela. w20.09 23-24 ¶13-14
Labone, la 7 July
Ha se ntho e lakatsehang ho Ntate ea leholimong hore e mong oa ba banyenyane bana a timele.—Mat. 18:14.
Jehova ha aa lebale bahlanka ba hae ba kileng ba mo sebeletsa eaba hamorao ba khaotsa ka nakoana kapa hona ho lebala mosebetsi oo ba mo etselitseng oona. Hape ha a lebale mosebetsi oo ba o entseng. (Baheb. 6:10) Moprofeta Esaia o ile a etsa papiso e bontšang hore na Jehova o rata bahlanka ba hae hakae. O ile a re: “O tla alosa mohlape oa hae joaloka molisa. O tla bokella likonyana ka letsoho la hae, o tla li beha sefubeng.” (Esa. 40:11) Jehova eleng Molisa e Moholo ka ho fetisisa o ikutloa joang ha e ’ngoe ea linku tsa hae e lahleha? Jesu o ile a bontša hore na Jehova o ikutloa joang ha a ne a bua le barutuoa ba hae, o ile a re ho bona: “Le nahana joang? Haeba motho ea itseng a e-ba le linku tse lekholo ’me e ’ngoe ea tsona e hlahlathela, na a ke ke a tlohela tse mashome a robong a metso e robong lithabeng ’me a tsoe ho ea batla e hlahlathelang? Haeba ho etsahala hore a e fumane, ka sebele kea le bolella, o e thabela haholo ho feta tse mashome a robong a metso e robong tse sa hlahlathelang.”—Mat. 18:12, 13. w20.06 19-20 ¶8-9
Labohlano, la 8 July
Haeba motho leha e le ofe a hahamalla [ho] ba molebeli, o lakatsa mosebetsi o motle.—1 Tim. 3:1.
Re nka e le tlotla ho sebeletsa Jehova ka tsela le ha e le efe eo re ka khonang. (Pes. 27:4; 84:10) Re babatsa barab’abo rona ba lakatsang ho ba le boikarabelo bo itseng ka mokhatlong oa Jehova. Leha ho le joalo, ha mor’abo rona a fumana boikarabelo bo itseng, ha aa lokela ho nahana hore e se e le oa bohlokoa ho feta batho ba bang. (Luka 17:7-10) Sepheo sa hae e lokela ho ba ho sebeletsa batho ba bang ka boikokobetso. (2 Bakor. 12:15) Bibele e bua ka batho ba bang ba neng ba inahana bobona ho feta tekano. E mong oa bona ke Diotrefe ea neng a se na boikokobetso. O ile a leka ho hlahella ka phuthehong. (3 Joh. 9) Uzia eena o ile a ikhohomosa ’me a leka ho etsa mosebetsi oo Jehova a neng a sa re a o etse. (2 Likron. 26:16-21) Ha Absalome eena a ne a batla borena eaba o etsa eka o rata sechaba e le hore se ka mo tšehetsa. (2 Sam. 15:2-6) Joalokaha litlaleho tseo tsa Bibele li bontša, Jehova ha a rate batho ba batlang ho hlahella. (Liprov. 25:27) Ha nako e ntse e-ea, batho ba ikhohomosang le ba ratang ho nkoa e le ba bohlokoa ba tla ba le mathata.—Liprov. 16:18. w20.07 4 ¶7-8
Moqebelo, la 9 July
E mong le e mong o tla jara mojaro oa hae.—Bagal. 6:5.
Malapa a mang a Bakreste a tšabetse linaheng tse ling kapa a falleletse ho tsona ka lebaka la mosebetsi. Maemong ao, ho ka ’na ha etsahala hore ebe bana ba bona ba se ba tla kena sekolo seo ho sona ho buuoang puo ea naha eo. Batsoali le bona ba ka ’na ba lokela ho ithuta puo eo e le hore ba khone ho batla mosebetsi. Empa ho thoe’ng haeba ho e-na le phutheho kapa sehlopha naheng eo se buang puo ea bona? Lelapa le ka etsa qeto ea ho ea phuthehong efe? Na ba tla ba ea phuthehong e buang puo ea naha eo kapa ba tla ea ho e buang puo ea bona? Ntate kapa ’Mè eo lelapa le ikarabellang ho eena o tla etsa qeto ea hore na lelapa la hae le tla ea phuthehong efe. Kaha qeto ena e tla ama lelapa la hae, o lokela ho etsa qeto ea hore na ke’ng e tla tsoela lelapa la hae molemo. Re lokela ho hlompha qeto eo ntate kapa ’mè eo a tla e etsa. Ho sa tsotellehe hore na o etsa qeto efe, a re e ananeleng ’me re amohele lelapa la hae kaha le le bohlokoa phuthehong ea rona.—Bar. 15:7. w20.08 30 ¶17-18
Sontaha, la 10 July
Molimo o ile a khetha lintho tse fokolang tsa lefatše.—1 Bakor. 1:27.
Haeba re batla hore Jehova a re fe matla, ha rea lokela ho nahana hore thuto, matla a rona, setso sa rona kapa maruo, e ka ba tsona lintho tse ka etsang hore re be ba bohlokoa. Lintho tsena ha se tsona tse etsang hore re be ba bohlokoa ho Jehova. Ha e le hantle, ha se bahlanka ba Jehova ba bangata ‘ba bohlale, ba matla le ba nang le tsoalo ea borena.’ (1 Bakor. 1:26) Kahoo, le haeba u se na lintho tseo re buileng ka tsona qalong ea serapa sena, u ntse u ka sebeletsa Jehova. E-ba le maikutlo a nepahetseng e le hore u ka bona matla a Jehova bophelong ba hao. Mohlala, haeba u ikutloa u tšaba batho ba etsang hore u belaelle tumelo ea hao, rapela Jehova hore a u fe sebete e le hore u ka sireletsa tumelo ea hao. (Baef. 6:19, 20) Haeba u kula haholo, kopa Jehova hore a u fe matla ao u a hlokang e le hore u ka lula u phathahane tšebeletsong ea hae. Nako le nako ha u bona Jehova a u thusa, tumelo ea hao e tla ba matla le ho feta ’me le uena u tla ba le matla. w20.07 16 ¶9
Mantaha, la 11 July
[Batla] ’Muso pele.—Mat. 6:33.
Haeba re batla hore ’Muso oa Molimo e be eona ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa bophelong ba rona, re lokela ho tšoana le Abrahama ea ileng a ikemisetsa ho tela lintho tse itseng e le hore a ka thabisa Jehova. (Mar. 10:28-30; Baheb. 11:8-10) U se ke oa lebella hore bophelo ba hao bo ke ke ba e-ba le mathata. Esita le batho ba ikemiselitseng ho sebeletsa Jehova bophelo bohle ba bona ba tla kopana le mathata. (Jak. 1:2; 1 Pet. 5:9) Hona joale re na le mabaka a mangata haholo a hore re tsepamise likelello tsa rona moputsong. Lintho tse etsahalang lefatšeng hona joale li bontša ka ho hlaka hore re phela qetellong ea matsatsi a ho qetela a tsamaiso ena ea lintho. Har’a lintho tseo re tla li thabela ’Musong oa Molimo e tla ba ho bona baratuoa ba rona ba hlokahetseng ba tsosoa. Ka nako eo, Jehova o tla putsa Abrahama ka lebaka la tumelo le mamello tseo a ileng a ba le tsona ka hore a mo tsose eena le ba lelapa la hae. Na u tla ba teng hore u ba amohele? U ka ba teng haeba joaloka Abrahama u itella ’Muso oa Molimo, u lula u e-na le tumelo ho sa tsotellehe mathata ao u tobanang le ’ona hape u ithuta ho letela Jehova ka mamello.—Mik. 7:7. w20.08 5-6 ¶13-14; 7 ¶17
Labobeli, la 12 July
U tšepahale esita le ho isa lefung, ’me ke tla u fa moqhaka oa bophelo.—Tšen. 2:10.
Rea tseba hore haeba lira tsa rona li re bolaea, Jehova o tla re tsosa. Re kholisehile hore ha ho na letho leo li ka le etsang ho re sitisa ho sebeletsa Jehova. (Bar. 8:35-39) Kannete Jehova o bontšitse hore o bohlale ka ho re fa tšepo ea tsoho! Ka lebaka la eona, ha re tšabe batšehetsi ba Satane ha ba re tšosa ka hore ba tla re bolaea haeba re sa ba bolelle lintho tseo ba batlang re ba bolelle tsona. Hape e re fa matla le sebete sa ho lula re tšepahalla Jehova. Haeba lira tsa Jehova li u kenyetsa litšoso tsa hore li tla u bolaea, na u tla ba le tšepo ea hore Jehova o tla u tsosa? U ka tseba joang hore u ka tšepa Jehova ka nako eo? Tsela e ’ngoe e ka ba ho ipotsa lipotso tsena, ‘Na liqeto tse nyane tseo ke li etsang letsatsi le letsatsi, li fana ka bopaki ba hore ke tšepa Jehova?’ (Luka 16:10) U ka boela oa ipotsa, ‘Na tsela eo ke phelang ka eona e bontša hore ke tšepa Jehova hore o tla ntlhokomela ka litlhoko tsa ka tsa mantlha ha ke batla ’Muso pele?’ (Mat. 6:31-33) Haeba u arabile lipotso tseo ka E! taba eo e bontša u itokisitse bakeng sa teko le ha e le efe e ka u hlahelang nakong e tlang.—Liprov. 3:5, 6. w20.08 17-18 ¶15-16
Laboraro, la 13 July
Etsa sohle se matleng a hao ho itlhahisa u amoheleha ho Molimo, mosebetsi eo ho seng letho leo a ka hlajoang ke lihlong ka lona, ea tšoarang lentsoe la ’nete ka nepo.—2 Tim. 2:15.
Re tlameha ho tseba litaba tsa rona hantle ha re sebelisa Lentsoe la Molimo. Re ka fumana koetliso e joalo ha re le libokeng. Empa haeba re batla ho kholisa batho ba bang hore linnete tsa Bibele li bohlokoa, re lokela ho khomarela nako ea ho ithuta Bibele re le bang. Re lokela ho sebelisa Bibele ho matlafatsa tumelo ea rona. Taba eo e bolela hore ha rea lokela ho bala Bibele feela. E boetse e bolela hore re lokela ho nahanisa ka lintho tseo re li balang le ho etsa lipatlisiso re sebelisa lingoliloeng tsa rona e le hore re ka utloisisa Mangolo hantle le ho a sebelisa hantle. (1 Tim. 4:13-15) Ka tsela eo, re tla khona ho sebelisa Lentsoe la Molimo ha re ruta batho ba bang. Taba ena e boetse ha e bolele hore re ba balle litemana tsa Bibele feela. Re batla ho thusa bamameli ba rona hore ba utloisise litemana hantle le hore ba bone hore na ba ka li sebelisa joang bophelong ba bona. Ha re khomarela nako ea rona ea ho ithuta Bibele, re tla ntlafatsa bokhoni ba rona ba ho e ruta batho ba bang.—2 Tim. 3:16, 17. w20.09 28 ¶12
Labone, la 14 July
Le nahane ka hloko ka [Jesu] . . . , e le hore le se ke la khathala eaba le felloa ke matla meeeng ea lona.—Baheb. 12:3.
Re ka lula re tsepamisitse likelello mosebetsing oa boboleli haeba feela re nahana ka hore na Jehova o re thusa ho le hokae. Ka mohlala, o re file matletse-tletse a lijo tse re thusang ho ba le kamano e ntle le eena li hatisitsoe, li fumaneha ka mekhoa ea marang-rang, li rekotiloe, e le livideo le mananeo a Broadcasting. Nahana feela, websaeteng ea rona ea molao lintho tsena li fumaneha ka lipuo tse ka holimo ho 1 000. (Mat. 24:45-47) Tsela e ’ngoe eo re ka lulang re tsepamisitse likelello tsa rona boboleling ke ka ho etsisa mohlala oa Jesu. Ha aa ka a lumella eng kapa eng ho mo sitisa hore a bolele. (Joh. 18:37) Ha aa ka a lekeha ha Satane a ne a re o tla mo fa “mebuso eohle ea lefatše le khanya ea eona” kapa hona hore a lekehe ha batho ba bang ba batla ho mo etsa morena. (Mat. 4:8, 9; Joh. 6:15) Ha aa ka a nkeha maikutlo ke takatso ea ho batla ho ba le maruo kapa hona hore o ile a tšoha ha a ne a hanyetsoa ka matla. (Luka 9:58; Joh. 8:59) Ha re sesa ka har’a mathata a lekang tumelo ea rona, re tla lula re tsepamisitse likelello tsa rona haeba feela re hopola keletso ea moapostola Pauluse e temaneng ea kajeno. w20.09 9-10 ¶6-7
Labohlano, la 15 July
E-bang baetsisi ba ka, esita le joalokaha ke le oa Kreste.—1 Bakor. 11:1.
Mehope ea rona ea khaphatseha ka lebaka la baralib’abo rona ba sebetsang ka thata ka phuthehong. Mohlala, ba ba le seabo libokeng le mosebetsing oa boboleli. Ba bang ba kenya letsoho ha ho lokisoa Liholo tsa ’Muso le ho tsotella Bakreste-’moho le bona ho tsoa pelong. Re ke ke ra iphapanyetsa taba ea hore le bona ba thulana le mathata. Ba bang ba hlokomela batsoali ba bona ba holileng. Ba bang ba mameletse mathata a ho hanyetsoa ke litho tsa lelapa. Ha ba bang bona e le batsoali ba se nang balekane ’me ba tlameha ho sebetsa ka thata ho hlokomela bana ba bona. Ke hobane’ng ha re lokela ho nahana haholo ka ho tšehetsa baralib’abo rona? Ke hobane hangata lefatše ha le tšoare basali ka tlhompho e ba lokelang. Ntle ho moo, Bibele e re khothaletsa hore re ba tšehetse. Mohlala, moapostola Pauluse o ile a khothaletsa phutheho ea Roma hore e amohele Fibi le ho mo thusa nthong leha e le efe eo a ka hlokang ho thusoa ka eona. (Bar. 16:1, 2) Pauluse o ne a tsoa morabeng o nkang basali ba lokela ho nkoa e le lintho tse se nang thuso. Empa ka mor’a hore e be Mokreste, o ile a etsisa Jesu ’me a tšoara basali ka tlhompho le ka mosa. w20.09 20 ¶1-2
Moqebelo, la 16 July
Le etse . . . barutuoa, . . . le ba rute ho boloka lintho tsohle tseo ke le laetseng tsona.—Mat. 28:19, 20.
E le ho thusa batho bao re ithutang le bona hore ba labalabele ho bolela, mohlomong re ka ba botsa lipotso tse kang tsena: “Ho sebelisa lintho tseo u ithutileng tsona ka Bibeleng ho ntlafalitse bophelo ba hao joang? Na u nahana hore batho ba bang le bona ba lokela ho utloa molaetsa oa Bibele? U ka etsa’ng ho ba thusa?” (Liprov. 3:27; Mat. 9:37, 38) Re hopole hore Jesu o itse re rute batho “ho boloka lintho tsohle” tseo a re laetseng tsona. Lintho tseo li akarelletsa litaelo tse peli tse kholo ka ho fetisisa e leng taelo ea hore re rate Molimo le ea hore re rate le baahelani oa rona. (Mat. 22:37-39) Ha e le hantle, lerato ke lona le ka sehloohong le re susumeletsang ho ruta batho Bibele. Hoa etsahala hore ebe liithuti tse ling tsa Bibele lia tšoha ha li nahana ho ruta batho Bibele. Empa re ka li khothatsa ka ho li bolella hore Jehova o tla li thusa ’me li tla qetella li se li sa tšabe batho.—Pes. 18:1-3; Liprov. 29:25. w20.11 3 ¶6-8
Sontaha, la 17 July
[Ha rea khaotsa] ho le rapella.—Bakol. 1:9.
Ha u ntse u lokisetsa thuto, bua le Jehova ka seithuti sa hao le ka litlhoko tsa sona. Kopa Jehova hore a u thuse hore u rute ho tsoa Bibeleng ebile e le ka tsela e tla etsa hore u ame pelo ea motho eo u buang le eena. U se ke oa lebala hore sepheo sa hao ke ho mo thusa hore a kolobetsoe. Motho eo o lokela ho bua le Jehova a be a mo mamele. A ka mamela Jehova ka hore a bale Bibele letsatsi le letsatsi. (Josh. 1:8; Pes. 1:1-3) A ka rapela Jehova letsatsi le leng le le leng. Kahoo, etsa thapelo e tlohang botebong ba pelo pele ho thuto le ka mor’a eona, u rapela le seithuti sa hao ebile u se rapella. Ha a u mametse ha u rapela, o tla ithuta hore na o lokela ho rapela joang ho tsoa pelong. Hape o tla ithuta hore o lokela ho rapela Jehova ’me a fetise lithapelo tsa hae ka lebitso la Jesu Kreste. (Mat. 6:9; Joh 15:16) Ak’u nahane feela hore na ho bala Bibele letsatsi le letsatsi (ho mamela Jehova) le ho mo rapela (ho bua le eena) ho ka thusa seithuti sa hao ho le hokae hore se atamele haufi le Molimo!—Jak. 4:8. w20.10 8 ¶8; 9 ¶10-11
Mantaha, la 18 July
Boloka bonngoe ba moea ka tlamo e kopanyang ea khotso.—Baef. 4:3.
Takatso ea ho ba le khotso le tlhophiso tse neng li le teng ka phuthehong ea pele ea Bokreste li ntse li le teng le hona joale ka har’a mokhatlo oa Jehova. (Lik. 16:4, 5) Mohlala, haeba u ea Thutong ea Molula-Qhooa phuthehong e ’ngoe kapa naheng e ’ngoe, u ea moo u se u ntse u tseba hore na thuto eo e il’o tšoaroa joang le hore na ho tl’o baloa sehlooho sefe. Hang-hang feela oa phutholoha. Ha ho letho le ka etsang hore batho ba momahane tjena haese moea oa Molimo feela! (Sof. 3:9) U ka etsa’ng? Ipotse: ‘Na ke tlatsetsa hore ho be le bonngoe le khotso ka phuthehong? Na ke mamela ba etellang pele? Na ke motho ea tšepahalang, haholo-holo haeba ke e-na le boikarabelo boo ke bo fuoeng ka phuthehong? Na ke motho ea bolokang nako? Na ke rata ho thusa batho ba bang ebile ke ikemiselitse ho ba sebeletsa?’ (Jak. 3:17) Haeba u hlokomela hore ho na le moo u lokelang ho ntlafatsa, rapela Jehova hore a u fe moea o halalelang. Ha u lumella moea oo ho fetola botho ba hao le liketso tsa hao, Bakreste-’moho le uena ba tla u rata ebile ba tla u ananela. w20.10 23 ¶12-13
Labobeli, la 19 July
Le be baphethi ba lentsoe, eseng bautloi feela.—Jak. 1:22.
Lentsoe la Molimo le ka tšoana le seipone ho rona. (Jak. 1:23-25) Boholo ba rona re icheba ka seiponeng hoseng ho hong le ho hong pele re tsamaea. Ha re etsa joalo, re ka khona ho bona hore na re itokisa hokae pele batho ba re bona. Ka tsela e tšoanang, ha re bala Bibele letsatsi le letsatsi, re tla khona ho bona hore na re lokela ho etsa’ng e le hore re lokise tsela eo re nahanang ka eona le tsela eo re ikutloang ka eona. Ba bangata ba ee ba bone ho le molemo ho bala temana ea letsatsi hoseng ho hong le ho hong pele ba phetha mabaka a bona. Ba lumella lintho tseo ba li balang hore li fetole menahano ea bona. Ebe letsatsing leo baa sheba hore na ba ka sebelisa keletso e tsoang ka Bibeleng joang. Hape re lokela ho bala le ho thuisa ka lintho tseo re ithutang tsona ka Bibeleng letsatsi le letsatsi. Le hoja ho ka bonahala eka ntho ena e bonolo, ke e ’ngoe ea lintho tsa bohlokoa ka ho fetisisa tse tla re thusa ho lula re le tseleng e patisaneng e isang bophelong. Bibele e tšoana haholo le seipone sa ngakeng (X-ray) se khonang ho bontša hore na re joang ka hare-hare. Empa re lokela ho ikokobetsa e le hore re tle re khone ho mamela keletso e tsoang ka Bibeleng kapa e tsoang ho bahlanka ba Molimo. w20.11 18 ¶3; 20 ¶8
Laboraro, la 20 July
Liphutheho tsa tsoela pele ho tiisoa tumelong le ho eketseha ka palo letsatsi le letsatsi.—Lik. 16:5.
Le hoja Bakreste ba pele ba ne ba hlorisoa hangata, ba ne ba boetse ba thabela menyetla ea khotso eo ba neng ba e-ba le eona. Ba ile ba sebelisa menyetla eo joang? Banna le basali bao ba tšepahalang ba ile ba bolela molaetsa oa ’Muso ba sa tšabe letho. Tlaleho ea Liketso e bontša hore ba ile ba “tsamaea tšabong ea Jehova.” Ba ile ba tsoela pele ba phatlalatsa molaetsa oa ’Muso eaba ba “tsoela pele ho ata.” Ha ho potang hore Jehova o ile a ba hlohonolofatsa ha ba ntse ba bolela ka cheseho ha ho sa na le khotso. (Lik. 9:26-31) Bakreste ba pele ba ile ba sebelisa monyetla o mong le o mong ho bolela. Ka mohlala, ha moapostola Pauluse a hlokomela hore o bulehetsoe ke monyako o moholo ha a le Efese, o ile a nka monyetla oo ho ruta batho le ho etsa barutuoa. (1 Bakor. 16:8, 9) Barutuoa ba ile ba etsa boiteko bo matla ba ho “bolela litaba tse molemo tsa lentsoe la Jehova.” (Lik. 15:30-35) Ho ile ha etsahala’ng? Temana ea kajeno ea re bolella. w20.09 16 ¶6-8
Labone, la 21 July
Lefu le teng ka motho.—1 Bakor. 15:21.
Ha Adama a etsa sebe, o ile a ipitsetsa sebe hammoho le ba tlang ka mor’a hae. Le hona joale re ntse re khola litholoana tse bosula ka lebaka la ho se mamele ha hae. Empa kaha Molimo o ile a tsosa Jesu, hona joale re na le bokamoso bo chabileng. “Tsoho ea bafu le eona e teng ka motho,” e leng Jesu. Moapostola Pauluse o ile a re: “Etsoe feela joalokaha ka Adama bohle ba shoa, kahoo hape bohle ba tla phelisoa ka Kreste.” (1 Bakor. 15:22) Pauluse o ne a bolela’ng ha a ne a re: “Ka Adama, bohle [baa] shoa”? O ne a bua ka batho bohle ba futsitseng sebe le ho se phethahale ho Adama ’me ba tjametsoe ke lefu. (Bar. 5:12) Adama ha e tl’o ba e mong oa “ba tla phelisoa.” Adama ha aa kenelle ho batho bao Jesu a ba shoetseng hobane eena o ne a phethahetse ’me o ile a ikhethela ho se mamele Molimo. Ntho e etsahalletseng Adama e tšoana le e tl’o etsahalla bao “Mor’a motho” a tl’o ba ahlola e le “lipoli” ’me ba tla ea timetsong e sa feleng.—Mat. 25:31-33, 46; Baheb. 5:9. w20.12 5 ¶13-14
Labohlano, la 22 July
Jehova . . . o bona ea ikokobetsang.—Pes. 138:6.
Haeba u sa fuoe mosebetsi o itseng, nahana ka mohlala oa mangeloi a tšepahalang. Mohlala, Jehova o ile a kopa mangeloi hore a fane ka litlhahiso tsa hore na a etse’ng e le hore a thetse Morena Akabe ea khopo. Mangeloi a mang a ile a fana ka litlhahiso. Empa Molimo o ile a khetha lengeloi le le leng a le bolella hore tlhahiso ea lona e tla sebetsa. (1 Mar. 22:19-22) Na mangeloi a mang a ile a nyahama a bona eka a sentse nako ka ho fana ka litlhahiso tsa ’ona? Ha ho na lebaka la ho lumela hore a ile a etsa joalo. Mangeloi a ikokobelitse haholo ebile a batla ho etsa sohle ho tlotlisa Jehova. (Baahl. 13:16-18; Tšen. 19:10) Lula u hopola hore tlotla e kholo haholo eo re nang le eona ke ho bitsoa Lipaki Tsa Jehova le ho tsebahatsa ’Muso oa hae. Ho ba le boikarabelo ha se hona ho etsang hore re be batho ba bohlokoa ho Molimo. Ntho e etsang hore re be bohlokoa ho Jehova le ho Bakreste-’moho le rona ke boikokobetso. Kahoo, kopa Jehova hore a u thuse u lule u ikokobelitse. Nahana ka mehlala e mengata e ka Bibeleng ea batho ba neng ba ikokobelitse. Ikemisetse ho sebeletsa Bakreste-’moho le uena kahohle kamoo u ka khonang.—1 Pet. 5:5. w20.12 26 ¶16-17
Moqebelo, la 23 July
Le amohele helmete ea poloko le sabole ea moea, ke hore, lentsoe la Molimo.—Baef. 6:17.
Helmete ea poloko ke tšepo eo Jehova a re fang eona ea hore o tla re tsosa le ho putsa bohle ba etsang thato ea hae. (1 Bathes. 5:8; 1 Tim. 4:10; Tite 1:1, 2) Tšepo ea poloko eo re nang le eona e sireletsa tsela eo re nahanang ka eona. E re thusa hore re lule re nahana ka litšepiso tseo Molimo a re tšepisitseng tsona hape e re thusa hore re se ke ra ikutloa re imetsoe ke mathata ao re nang le ’ona. Helmete ena re e roala ka hore re etse bonnete ba hore re nahana ka tsela eo Molimo a nahanang ka eona. Ka mohlala, re tšepa Molimo e seng maruo a sa tsitsang. (Pes. 26:2; 104:34; 1 Tim. 6:17) Sabole ea moea ke Bibele Lentsoe la Molimo. Sabole ena e na le matla a ho pepesa leshano le ho lopolla batho lithutong tse fosahetseng le mekhoeng e ka ba ntšang kotsi. (2 Bakor. 10:4, 5; 2 Tim. 3:16, 17; Baheb. 4:12) Re ithuta ho sebelisa sabole eo hantle ka ho ithuta Bibele re le bang le ka koetliso eo re e fumanang ka mokhatlong oa Molimo.—2 Tim. 2:15. w21.03 27 ¶4; 29 ¶10-11
Sontaha, la 24 July
Ke ile ka ba sehlekehlekeng se bitsoang Patmose ka lebaka la ho bua ka Molimo le ho paka ka Jesu.—Tšen. 1:9.
Esita le nakong eo moapostola Johanne a neng a le teronkong ka lebaka la ho bolela ka Jesu, tsela eo a neng a nahana ka eona e ne e bontša hore o rata batho ba bang. Mohlala, o ile a ngola buka ea Tšenolo eaba o e romella liphuthehong e le hore li tsebe “lintho tse tla etsahala haufinyane.” (Tšen. 1:1) Kahoo, e ka ’na eaba ha a qeta ho lokolloa Patmose o ile a ngola Kosepele e buang ka bophelo ba Jesu le tšebeletso ea hae. O ile a boela a ngola mangolo a mararo e le ho matlafatsa le ho khothatsa Bakreste-’moho le eena. U ka bontša moea oa boitelo joaloka Johanne ’me tsela eo ka eona u khethang hore na bophelo ba hao bo tla ba joang, e ka bontša hore na u rata batho ba bang kapa che. Lefatše la Satane le batla u qete nako u ichebile bouena feela u iketsetsa chelete le ho ipatlela botumo. Ho e-na le hoo, Bakreste ba bangata lefatšeng ka bophara ba qeta nako ba bolella batho ba bang molaetsa oa Bibele le ho ba thusa hore e be metsoalle ea Jehova. w21.01 10 ¶9-10
Mantaha, la 25 July
Jonathane a qala ho mo rata joaloka moea oa hae.—1 Sam. 18:1.
Jonathane o ne a ka ’na a shoela Davida mona. Kaha e ne e le mora oa Morena Saule, o ne a ka ’na a re ke eena ea nang le tokelo ea ho hlahlama morena. (1 Sam. 20:31) Empa o ne a ikokobelitse hape a tšepahalla Jehova. Kahoo, o ile a tšehetsa qeto eo Jehova a e entseng ea hore Davida e be eena morena. O ne a boetse a tšepahalla Davida le hoja ntho ena e ile ea koatisa Saule haholo. (1 Sam. 20:32-34) Jonathane o ne a rata Davida ka lerato le matla haholo, kahoo o ne a sa mo monele. Jonathane e ne e le mohlabani ea sebete hape o ne a e-na le boiphihlelo ntoeng. Batho ba ne ba re Jonathane le ntate oa hae ba ne ba le “lebelo ho feta lintsu” ebile ba le “matla ho feta litau.” (2 Sam. 1:22, 23) Ka hona, Jonathane o ne a ka ikotla sefuba ka lebaka la hore e ne e le mohale oa ntoa. Leha ho le joalo, Jonathane o ne a se na moea oa tlholisano hape a se mona. Ho fapana le hoo, Jonathane o ne a rata Davida hobane a le sebete a bile a tšepa Jehova. Ha e le hantle, e bile ka mor’a hore Davida a bolaee Goliathe moo Jonathane a ileng a mo rata haholo. w21.01 21 ¶6; 22 ¶8-9
Labobeli, la 26 July
Hlooho ea mosali ke monna.—1 Bakor. 11:3.
Bakreste bohle ba ikarabella tlas’a bohlooho bo phethahetseng ba Kreste. Leha ho le joalo, ha mosali oa Mokreste a nyaloa, o ba tlas’a bohlooho ba monna ea sa phethahalang. Taba eo e ka hlahisa bothata. Kahoo, nakong eo a batlang molekane ea loketseng, o tla be a etsa hantle ha a ka ipotsa lipotso tsena: ‘Ke eng e mpontšang hore eo mor’abo rona e tla ba hlooho ea lelapa e molemo? Na ho sebeletsa Jehova ke ntho e tlang pele bophelong ba hae? Haeba ha ho joalo, ke kholisoa ke eng hore e tla ba hlooho e tla nthusa ho lula ke rata Molimo le ka mor’a hore re nyalane?’ Empa e boetse hape ekaba ntho e ntle ha morali’abo rona a ka itlhahloba ka ho ipotsa lipotso tsena: ‘Ke makhabane afe ao ke nang le ’ona a tla etsa hore lenyalo la rona le atlehe? Na ke motho ea mamellang le ea seatla se bulehileng? Na ke na le kamano e matla le Jehova?’ (Moek. 4:9, 12) Ho isa boholeng bo itseng, thabo eo mosali a tla ba le eona lenyalong la hae e itšetlehile ka liqeto tseo a tla li etsa pele a nyaloa. Baralib’abo rona ba limilione ba beha mohlala o motle ntlheng ea ho hlompha bohlooho ba banna ba bona. Kannete ba hloka ho babatsoa! w21.02 8 ¶1-2
Laboraro, la 27 July
Tšelela Macedonia ’me u re thuse.—Lik. 16:9.
Morao tjena, bahoeletsi ba bang ba iketselitse qeto ea ho ithuta puo e ’ngoe e le hore ba ka eketsa tšebeletso ea bona le ho sebeletsa phuthehong e hlokang bahoelehetsi ba eketsehileng. Qeto ena kea botho eo batho bana ba e etsang e le hore ba tlise ’Muso pele bophelong ba bona. Le hoja ho ka ba nka lilemo pele ba tseba puo e ncha hantle, ba khona ho thusa phutheho ka litsela tse ngata. Makhabane a bona le boiphihlelo ba bona bo khothatsa phutheho le ho e matlafatsa. Re rata bara le barali ba bo rona bana ba itetseng haholo. Sehlopha sa baholo se ke ke sa etsa qeto ea ho se buelle mor’abo rona hore e be moholo kapa mohlanka ea sebeletsang hobane feela a sa tsebe puo e buuoang phuthehong hantle. Baholo ba tla hlahloba hore na mor’abo rona oa tšoaneleha hore e be moholo kapa mohlanka ea sebeletsang ba ipapisitse le Mangolo e seng ka hore na o tseba puo e buuoang phuthehong eo a leng ho eona hantle hakae.—1 Tim. 3:1-10, 12, 13; Tite 1:5-9. w20.08 30 ¶15-16
Labone, la 28 July
Ho nkeng e le thabo feela, barab’eso, ha le thulana le liteko tse sa tšoaneng.—Jak. 1:2.
Batho ba ka nahana hore ba ka thaba haeba feela ba phetse hantle, ba e-na le chelete e ngata hape ba e-na le malapa a thabileng a phelang ka khotso. Empa thabo eo Jakobo a ileng a ngola ka eona ke karolo ea litholoana tsa moea ’me ha ea itšetleha ka hore na motho o etsahalloa ke eng bophelong. (Bagal. 5:22) Mokreste o ba le thabo kapa re ka re boikutlo bo tebileng ba ho thaba ka hore ebe oa tseba hore o thabisa Jehova le hore o latela mohlala oa Jesu. (Luka 6:22, 23; Bakol. 1:10, 11) Joaloka lelakabe la lebone le tsoelang pele ho tuka ha le sirelelitsoe ke khalase, thabo eo Mokreste enoa a bang le eona e tuka ka hare ho eena joaloka lelakabe leo. Ha e paitse ha a kula kapa ha chelete e ba sieo. Hape thabo ena ha e tingoe ke ho hanyetsoa ke litho tsa lelapa kapa batho ba bang. Ho e-na le hore time, e tuka le ho feta ha bahanyetsi ba leka ho e tima. Liteko tseo re thulanang le tsona ka lebaka la tumelo ea rona li bontša ka ho hlaka hore re balateli ba Kreste. (Mat. 10:22; 24:9; Joh. 15:20) Ke kahoo ka maikutlo a matle Jakobo a neng a ka bua mantsoe a temana ea kajeno. w21.02 28 ¶6
Labohlano, la 29 July
Lentsoe le molemo le etsa hore [pelo] e thabe.—Liprov. 12:25.
Haeba u fumana litemana tsa Bibele tse bontšang bohlokoa ba hore u lule u khobile matšoafo, leka ho li tšoara ka hlooho. E le hore u li tšoare ka hlooho, u ka li balla holimo, oa li ngola fatše kapa oa khutlela ho tsona hangata. Joshua o ile a laeloa hore nako le nako a bale buka ea Molao ka lentsoe le tlaase e le hore a tle a etse lintho ka bohlale. Lintho tseo a neng a li bala li ne li mo thusa hore a se ke a tšoha empa a be sebete ha a tataisa batho ba Jehova. (Josh. 1:8, 9) Litemana tse ngata tse hlahang ka Bibeleng li ka u thusa hore u khobe matšoafo ha u tobane le maemo a nyahamisang kapa a tšosang. (Pes. 27:1-3; Liprov. 3:25, 26) Ha re le libokeng, re rua molemo lipuong tse fanoang, likarabong le meqoqong e khothatsang eo re bang le eona le Bakreste-’moho le rona. (Baheb. 10:24, 25) Re ka khothala haholo haeba re bua le Bakreste-’moho le rona bao re ba tšepang ka mathata a rona. w21.01 6 ¶15-16
Moqebelo, la 30 July
Ho ba tšepahalang u be mohlala.—1 Tim. 4:12.
Ha u ne u kolobetsoa, u ile oa bontša hore u na le tumelo e matla ebile u tšepa Jehova. Kahoo, Jehova o ile a thabela ho u fa tlotla ea hore u be karolo ea lelapa la hae. Ntho ea bohlokoa eo u lokelang ho e etsa hona joale ke hore u lule u tšepa Jehova. Ho ka ba bonolo hore u tšepe Jehova ha u lokela ho etsa liqeto tsa bohlokoa bophelong ba hao empa na u tla mo tšepa le ha u etsa liqeto tse ling? Ke habohlokoa hore u tšepe Jehova ha u etsa liqeto tse akarelletsang hore na u tla khetha boithabiso bofe, mosebetsi ofe le hore na ke lintho life tseo u batlang ho li finyella bophelong. U se ke oa tšepa bohlale ba hao. Ho e-na le hoo, batla melao-motheo ea Bibele e tla u thusa hore u etse qeto e nepahetseng ’me u e sebelise. (Liprov. 3:5, 6) Haeba u etsa joalo u tla thabisa Jehova ’me le batho ba ka phuthehong ba tla u hlompha. ’Nete ke hore joaloka motho e mong le e mong, ha oa phethahala ’me u tla etsa liphoso ka linako tse ling. Leha ho le joalo, ntho ena ha ea lokela ho u thibela hore u sebeletse Jehova kahohle kamoo u ka khonang. w21.03 6 ¶14-15
Sontaha, la 31 July
Ke ile ka lopolloa molomong oa tau.—2 Tim. 4:17.
Na ba lelapa leno ba u hanyetsa hobane u sebeletsa Jehova? Kapa na moo u lulang teng, mosebetsi oa rona thibetsoe ka litsela tsohle? Haeba ho joalo, u ka khothatsoa ke ho bala 2 Timothea 1:12-16 le 4:6-11, 17-22. Moapostola Pauluse o ile a ngola litemana tsena nakong eo a neng a le teronkong. Pele u bala litemana tseo, hlalosetsa Jehova bothata ba hao u be u mo bolelle hore na bo etsa hore u ikutloe joang. Toba taba. Kopa Jehova hore a u thuse ho fumana melao-motheo e tla u thusa ho sebetsana le bothata ba hao litlalehong tse buang ka mathata a Pauluse. Jehova o ile a lemosa Pauluse hore o ne a tla tlameha ho mamella mathata hobane e le Mokreste. (Lik. 21:11-13) Jehova o ile a thusa Pauluse joang? O ile a arabela lithapelo tsa Pauluse eaba ha nako e ntse e-ea, o mo fa matla. Pauluse o ile a tiisetsoa hore o tla fumana moputso oo a o sebelelitseng ka thata. Jehova o ile a boela a susumetsa metsoalle ea Pauluse e tšepahalang hore e mo thuse. w21.03 17-18 ¶14-15, 19