August
Mantaha, la 1 August
Kantle le ’na ho hang le ke ke la etsa letho.—Joh. 15:5.
Ke batho ba nang le setsoalle se haufi le Jesu feela ba tla rua molemo sehlabelong sa hae sa thekollo. Jesu o ile a re o tla ‘nehelana ka moea oa hae molemong oa metsoalle ea hae.’ (Joh. 15:13) Bahlanka ba Jehova ba phetseng pele Jesu a tla lefatšeng, ba tla ba le monyetla oa ho ithuta ka Jesu le ho mo rata. Batho bao ba tl’o tsosoa ’me bahlanka bana ba tšepahalang ba Jehova ba ntse ba tla lokela ho ithuta ka Jesu le ho ba metsoalle ea hae e le hore ba tle ba fumane bophelo bo sa feleng. (Joh. 17:3; Lik. 24:15; Baheb. 11:8-12, 24-26, 31) Rea thaba ha re sebetsa le Jesu mosebetsing oa boboleli le oa ho ruta ka ’Muso oa Molimo. Ha Jesu a ntse a le lefatšeng, e ne e le mosuoe. Ho tloha ka mor’a hore a khutlele leholimong, joaloka hlooho ea phutheho, Jesu o ile a tsoela pele ho tataisa mosebetsi oa ho ruta le ho bolela. Oa bona ebile o ananela boiteko bohle boo re bo etsang ba ho thusa batho ba bangata kahohle kamoo re ka khonang hore ba mo tsebe ba be ba tsebe le Ntate oa hae. Ha e le hantle, e le hore re atlehe mosebetsing ona, re hloka thuso ea Jehova le Jesu.—Joh. 15:4. w20.04 22 ¶7-8
Labobeli, la 2 August
Marena ana a mabeli . . . [a tla lula] tafoleng e le ’ngoe [’me a bolellane] leshano.—Dan. 11:27.
Qalong, litlotla tsena e leng “morena oa leboea” le “morena oa boroa” li ne li fuoe marena a neng a busa ka leboea le ka boroa naheng ea Iseraele. (Dan. 10:14) Ho fihlela ka Pentekonta ea selemo sa 33, sechaba sa Iseraele e ne e le batho ba Molimo. Empa ho tloha ka nako eo, Jehova o ile a hlakisa hore barutuoa ba Kreste ke batho ba hae. Kahoo, boholo ba boprofeta bo hlahang ho Daniele khaolo ea 11 bo bua ka balateli ba Kreste e seng ka Baiseraele. (Lik. 2:1-4; Bar. 9:6-8; Bagal. 6:15, 16) Ho feta moo, mebuso kapa marena a sa tšoaneng e ile ea e-ba morena oa leboea le morena oa boroa ka linako tse sa tšoaneng. Empa ho na le ntho eo kaofela ha ’ona a tšoanang ka eona. Ntho ea pele, marena ana a busitse libakeng tseo batho ba Molimo ba neng ba phela ho tsona le ho ba hlorisa. Ea bobeli, tsela eo ba ileng ba tšoara batho ba Molimo ka eona e ile ea bontša hore ba hloile Molimo oa ’nete Jehova. Ea ho qetela, marena ana a mabeli a ne a tseka bompoli. w20.05 2-3 ¶3-4
Laboraro, la 3 August
Ke Tla ba Seo ke Tla Ba Sona.—Ex. 3:14
Jehova o etsa hore lintho li etsahale ka hore e be eng kapa eng e hlokahalang e le hore a phethahatse merero ea hae. Jehova o boetse a ka etsa hore bahlanka ba hae ba sa phethahalang e be eng kapa eng e hlokehang e le hore ba mo sebeletse le hore ba phethahatse morero oa hae. (Esa. 64:8) Ka litsela tsena, Jehova o etsa hore thato ea hae e phethoe. Ha ho letho le ka mo sitisang hore a phethahatse merero ea hae. (Esa. 46:10, 11) Re ka tsoela pele re rata Jehova le ho mo hlompha ka hore re nahanisise ka lintho tseo a li entseng le tseo a re thusitseng ho li etsa. Mohlala, ha re nahanisisa ka lihloliloeng, re susumetseha ho ba le kananelo linthong tseo Jehova a li entseng. (Pes. 8:3, 4) Hape ha re thuisa ka hore na Jehova o re thusitse hore re khone ho etsa’ng e le hore re phethahatse thato ea hae, re susumeletseha ho mo hlompha le ho feta. Kannete lebitso la Jehova lea hlompheha! Lebitso la hae le akareletsa hore na ke motho ea joang, o entse’ng le hore na o tla etsa’ng nakong e tlang.—Pes. 89:7, 8. w20.06 9 ¶6-7
Labone, la 4 August
Molimo . . . o fa batho bohle bophelo le phefumoloho.—Lik. 17:24, 25.
Batho le liphoofolo ba hloka moea o hloekileng e le hore ba phele. Ho hakanngoa hore ka selemo batho le liphoofolo ba hema moea o mongata haholo hoo o ka thibang letsatsi. Ebe ba ntša moea o litšila o bitsoang carbon dioxide. Empa ha ho le ka mohla moea o litšila o bang mongata ho feta o hloekileng. Taba ee e khonahala joang? Jehova o entse limela tse sa tšoaneng le tse sa lekaneng ka boholo tse nkang carbon dioxide ebe li re fa oxygen. Ha re sheba potoloho ena, re ka lumellana le mantsoe a hlahang temaneng ea letsatsi ea kajeno. Re ka thusoa ke’ng hore re ananele lehae la rona le lintho tsohle tse ho lona? (Pes. 115:16) Tsela e ’ngoe e ka ba ka ho nahanisisa ka lintho tseo Jehova a li entseng. Ho etsa joalo ho tla re susumeletsa hore re ananele Jehova le lintho tse ntle tseo a re fang tsona. Hape, re bontša hore re ananela lefatše ka hore re le boloke le hloekile kahohle kamoo re ka khonang. w20.05 22 ¶5, 7
Labohlano, la 5 August
Ka sebele ke tla halaletsa lebitso la ka le leholo, le neng le ntse le hlompholloa har’a lichaba.—Ezek. 36:23.
Jehova o ile a sebetsa litaba tsa Satane ka bohlale, mamello le toka. Jehova o boetse o bontšitse ka litsela tse ngata hore o matla ’ohle. Empa ka holimo ho tsohle, o bontšitse hore o lerato linthong tsohle tseo a li etsang. (1 Joh. 4:8) Ha ho mohla Jehova a kileng a emisa ho halaletsa lebitso la hae. Satane o ntse a senya Molimo lebitso le mehleng ena. O etsa hore batho ba belaele hore Molimo o matla, o na le toka, o bohlale hape o lerato. Mohlala, Satane o leka ho kholisa batho hore Jehova ha se ’Mopi. Ntle ho moo, haeba batho ba lumela hore Molimo o teng, Satane o leka ho etsa hore ba lumele hore Molimo o thata hape melao ea hae ha e na toka. O boetse o ruta batho hore Jehova ke Molimo ea se nang kutloelo-bohloko le ea khopo kaha o chesa batho liheleng. Ha batho ba se ba lumela mashano ana, ho ba bonolo hore ba se ke ba amohela Jehova le puso ea hae e lokileng. Ho fihlela ha Satane a felisitsoe, o tla leka ho etsa hore le uena u fetohele Jehova. Na o tla atleha? w20.06 5 ¶13-15
Moqebelo, la 6 August
Ho bona [ha] ho Mogerike kapa Mojuda, lebollo kapa ho se bolle, osele, Moskitha, lekhoba, motho ea lokolohileng, empa Kreste [ke] lintho tsohle ’me [o] ho tsohle.—Bakol. 3:11.
Liphuthehong tse ngata ho tla ba le bara le barali ba bo rona ba thatafalloang ho ithuta puo e ’ngoe. Ba ka ’na ba thatafalloa ke ho ntša maikutlo a bona. Empa haeba re sa shebe hore na ba tseba puo hakae, re tla bona hore ba rata Jehova ebile ba na le takatso ea ho mo sebeletsa. Haeba re bona makhabane ana, re tla susumeletseha hore re ba rate re be re ba hlomphe. Re ke ke ra re, “Ha [re] le hloke” hobane feela ba sa tsebe puo ea rona. (1 Bakor. 12:21) Jehova o re file tlotla e babatsehang ea ho ba le sebaka ka mokhatlong oa hae. Re ba bohlokoa ho Jehova le ho bara le barali ba bo rona, e bang re banna kapa basali, re masoha kapa re lenyalong, re holile kapa re bacha kapa hore na re tseba puo e itseng hantle kapa ke hona re ntseng re ithuta eona. (Bar. 12:4, 5; Bakol. 3:10) Ha re batleng litsela tse ngata tseo ka tsona re ka ratang le ho baballa sebaka sa rona le sa ba bang ka mokhatlong oa Jehova. w20.08 31 ¶20-22
Sontaha, la 7 August
Banna ba bang ba ikopanya le eena ’me ea e-ba balumeli.—Lik. 17:34.
Moapostola Pauluse ha aa ka a tenehela Baathene le hoja motse oa bona o ne o tletse ka borapeli ba litšoantšo, boitšoaro bo litšila le lifilosofi ba bile ba mo rohaka. Pauluse e ile ea e-ba Mokreste le hoja e ne e le “monyefoli le mohlorisi le monna oa monyelisi.” (1 Tim. 1:13) Feela joalokaha Jesu a ile a bona hore Pauluse e ka ba morutuoa, Pauluse le eena o ile a bona hore Baathene e ka ba barutuoa ba Jesu. Ho kholiseha hoo ho ile ha mo tsoalla namane e tšehali. (Lik. 9:13-15) Mehleng ea Jesu, batho ba mefuta eohle e ile ea e-ba barutuoa ba hae. Ha Pauluse a ne a ngolla Bakreste ba lulang Greece motseng oa Korinthe, o ile re batho ba bang ba phutheho eo ho na le nako eo ka eona e neng e le litlokotsebe kapa ba e-na le boitšoaro bo sa rateheng ho hang. O ile a phaella ka ho re: “Ke seo ba bang ba lona ba neng ba le sona. Empa le hlatsoitsoe hore le hloeke.” (1 Bakor. 6:9-11) Na ha e ne e le uena u ka be u ile oa bona batho bao e le barutuoa ba Kreste ba nakong e tlang? w20.04 12 ¶15-16
Mantaha, la 8 August
Ho lekane! . . . Tlosa moea oa ka.—1 Mar. 19:4.
Baholo ha baa lokela ho tatela ho ahlola batho ba seng ba e-na le lipelaelo ka ho sebeletsa Jehova. Ho e-na le hore ba ba nyatse ba lokela ho leka ho utloisisa hore na ke hobane’ng ha ba bua le ho etsa lintho ka tsela eo. Baholo ba boetse ba lokela ho sebelisa Bibele ho khothatsa batho bao ba nyahameng. Moprofeta Elia o ile a baleha Mofumahali Jezebele. (1 Mar. 19:1-3) O ne a utloa eka mosebetsi oa hae ke oa lefeela ’me o ne a batla ho shoa. (1 Mar. 19:10) Ho e-na le hore Jehova a halefele Elia o ile a mo tiisetsa hore ha a mong le hore ho ntse ho e-na le mosebetsi o mongata oo a lokelang ho o etsa. O ne a boetse a lokela ho tšepa matla a Molimo. Jehova o ile a mamela Elia ka mosa ha a mo phetlela sefuba, eaba o mo fa mosebetsi o mocha. (1 Mar. 19:11-16, 18) Re ithuta’ng? Kaofela ha rona, haholo-holo baholo, re lokela ho tšoara linku tsa Jehova ka mosa. Ho sa tsotellehe hore na motho o halefile kapa o lumela hore Jehova a ke ke a mo tšoarela, baholo ba lokela ho mo mamela ka hloko ha a ba phetlela sefuba. Hape ba lokela ho mo tiisetsa hore Jehova oa mo rata. w20.06 21-22 ¶13-14
Labobeli, la 9 August
Motsoalle oa ’nete o lerato ka linako tsohle.—Liprov. 17:17.
Jehova o batla hore re thabele ho qeta nako le ba lelapa la rona le metsoalle ea rona. (Pes. 133:1) Jesu o ne a e-na le metsoalle. (Joh. 15:15) Bibele e hlalosa bohlokoa ba ho ba le metsoalle ea ’nete. (Liprov. 18:24) E boetse e re bolella hore ha rea lokela ho itšehla thajana. (Liprov. 18:1) Batho ba bangata ba na le boikutlo ba hore mecha ea puisano e ba thusa hore ba be le metsoalle e mengata hape e ba thusa hore ba qobe ho itšehla thajana. Leha ho le joalo, re lokela ho ba hlokolosi ha re sebelisa mecha ea puisano. Lipatlisiso li bontša hore batho ba qetang nako e ngata ba sheba melaetsa le lifoto tseo batho ba bang ba li behileng mecheng ea puisano ba ikutloa e le metoaitoai hape ba nyahame. Hobane’ng? Lebaka le leng ke hobane batho ba khetha ho beha lifoto tse bontšang hore na ba finyeletse’ng bophelong hape ba khetha ho beha tse ntle feela, tsa bona le metsoalle ea bona le tsa libaka tse ntle tseo ba kileng ba e-ba ho tsona. Hangata batho ha ba bona lifoto tseo ba ka etsa qeto ea hore ha ba ipapisa le mong’a lifoto tseo, bona bophelo ba bona ke bo tloaelehileng feela kapa bo bolutu. w20.07 5-6 ¶12-13
Laboraro, la 10 August
Baapostola le banna ba baholo ba bokana ho bona taba ena.—Lik. 15:6.
Molula-Qhooa oa October 1, 1988 o re: “Baholo ba tla hlokomela hore Kreste, ka moea o halalelang, a ka tataisa kelello ea moholo le ha e le ofe sehlopheng sa baholo ho fana ka molao-motheo oa Bibele o hlokahalang ho loana ka katleho le boemo le ha e le bofe kapa ho etsa qeto le ha e le efe ea bohlokoa. (Lik. 15:7-15) Ha ho moholo le ea mong eo e leng eena ea laolang sehlopha.” Moholo ea hlomphang baholo ba bang ha a leke ho bua pele mehla ena sebokeng sa baholo. Ha e be eena ea li hulang nthau ka linako tsohle hape ha aa nke hore maikutlo a hae a lula a nepahetse kamehla. Ho e-na le hoo, o fana ka maikutlo a hae a ikokobelitse a bile a tseba hore a ke ke a tseba lintho tsohle. O mamela maikutlo a ba bang ka hloko. Ha bohlokoa le ho feta, o labalabela ho bua ka keletso e tsoang Bibeleng le ho mamela tataiso ea “lekhoba le tšepahalang le le masene.” (Mat. 24:45-47) Ha baholo ba bontšana tlhompho le lerato nakong eo ba tšoereng seboka, moea o halalelang o ba teng moo ’me o ba thusa hore ba etse liqeto tse nepahetseng.—Jak. 3:17, 18. w20.08 27 ¶5-6
Labone, la 11 August
U ’ne u hlole bobe ka botle.—Bar. 12:21.
Lira tsa moapostola Pauluse li ne li le matla haholo ho mo feta. Hangata li ne li mo otla le ho mo koalla teronkong. Hape, o ile a tšoaroa hampe ke batho bao a neng a ba nka e le metsoalle ea hae. Bakreste ba bang ba ne ba sa utloane le eena. (2 Bakor. 12:11; Bafil. 3:18) Empa Pauluse o ile a hlola batho bohle ba neng ba mo hanyetsa. Joang? O ile a tsoela pele ho bolela ho sa tsotellehe mahloriso ao a ileng a tobana le ’ona. O ile a lula a tšepahalla bara le barali babo le hoja ka linako tse ling ba ne ba sa mo sebetse hantle. Ntho ea bohlokoa le ho feta ke hore o ile a lula a tšepahalla Jehova ho fihlela a e-shoa. (2 Tim. 4:8) O ile a khona ho etsa lintho tsena tsohle e seng hobane a ne a le matla empa hobane o ne a itšetlehile ka Jehova. Na le uena u mameletse ho hlorisoa kapa ho rohakoa? Sepheo sa hao ke ho leka ho hlola bobe ka botle ka hore u thuse batho ho ithuta ka Jehova le Lentsoe la hae. U ka khona ho finyella seo ka hore u sebelise Bibele ha u araba batho le ka hore, u hlomphe, u be mosa ho batho ba u tšoarang hampe ’me u etse le lira tsa hao hantle.—Mat. 5:44; 1 Pet. 3:15-17. w20.07 17-18 ¶14-15
Labohlano, la 12 August
Ke boikokobetso ba hao bo nketsang hore ke be moholo.—2 Sam. 22:36.
Na kannete re ka re ehlile Jehova o ikokobelitse? E! re ka cho, joalokaha Davida a chulo ka holimo. (Pes. 18:35) E ka ’na eaba Davida o ne a nahanne ka moprofeta Samuele ha a ne a ea ha bo a il’o tlotsa morena oa ka moso oa Iseraele. Baneng ba robeli, Davida e ne e le oa ho qetela empa Jehova o ile a mo khetha hore a tle a hlahlame Morena Saule boreneng. (1 Sam. 16:1, 10-13) Davida o ile a lumellana le mantsoe a ileng a buuoa ke mopesaleme e mong ha a ne a bua ka Jehova ’me a re: “O itheola boemong hore a talime leholimong le lefatšeng, o phahamisa ea tlaase leroleng. O phahamisa ea futsanehileng . . . ho mo lulisa le bahlomphehi.” (Pes. 113:6-8) Jehova o bontšitse hore o ikokobelitse tseleng eo a sebetsanang le batho ba sa phethahalang ka eona. O amohela borapeli ba rona hape o re nka re le metsoalle ea hae. (Pes. 25:14) E le hore re be metsoalle ea hae, Jehova o ile a qala pele ka hore a re fe Mora oa hae e le sehlabelo bakeng sa libe tsa rona. Kannete Jehova o mohau ebile o na le kutloelo-bohloko. w20.08 8 ¶1-3
Moqebelo, la 13 August
[Jehova] ha a lakatse hore leha e le mang a timetsoe empa o lakatsa hore bohle ba fihle pakong.—2 Pet. 3:9.
Jehova o na le hora le letsatsi le tsitsitseng la hore na o tla felisa lefatše lena le khopo neng. (Mat. 24:36) A ke ke a felloa ke mamello ebe o nka khato pele nako eo e fihla. O labalabela ho tsosa bafu empa o ntse a letile. (Jobo 14:14, 15) O emetse nako e loketseng eo ka eona a tla ba tsosa ’me a ba fe bophelo hape. (Joh. 5:28) Re na le mabaka a mangata a ho leboha Jehova ka mamello ea hae. Ak’u nahane feela, kaha Jehova o na le mamello, batho ba bangata ho akareletsa le rona re na le monyetla oa ho “fihla pakong.” Jehova o batla hore batho ba bangata kahohle kamoo ho ka khonehang ba fumane bophelo bo sa feleng. Kahoo, a re tsoeleng pele ho mo bontša hore rea mo leboha ka mamello ea hae. Re ka etsa joalo joang? Ka ho etsa boiteko bohle ba hore re batle ‘ba nang le tšekamelo e nepahetseng bakeng sa bophelo bo sa feleng’ le ho ba thusa ho rata Jehova le ho mo sebeletsa. (Lik. 13:48) Ka tsela eo, ba tla una molemo oa hore ebe Jehova o na le mamello joalokaha le rona re ile ra o fumana. w20.08 18 ¶17
Sontaha, la 14 August
Ntsebise litsela tsa hao, Jehova; Nthute litsela tsa hao.—Pes. 25:4.
Lintho tseo seithuti se ithutang tsona thutong ea Bibele ha lia lokela ho ama kelello ea sona feela empa li lokela ho fihla le pelong. Hobane’ng? Lipelo tsa rona li ka re susumelletsa hore re nke khato kaha li akarelletsa litakatso, maikutlo le menahano. Jesu o ile a ruta batho ka tsela e neng e susumetsa likelello tsa bona. Empa batho ba ile ba mo latela hobane a ne a boetse a ama lipelo tsa bona haholo. (Luka 24:15, 27, 32) Seithuti sa hao se lokela ho bona Jehova e le Ntate oa sebele, e le motho eo se ka etsang setsoalle le eena le eo se ka mo nkang e le Ntate, Molimo le motsoalle. (Pes. 25:5) Nakong eo le ntseng le ithuta, bua haholo ka makhabane a Jehova. (Ex. 34:5, 6; 1 Pet. 5:6, 7) Lebisa tlhokomelo ea hao haholo ho makhabane a Jehova a hlahang moo. Thusa seithuti sa hao ho ananela makhabane a Jehova a kang lerato, mosa le kutloelo-bohloko. Jesu o ile a re “taelo e kholo le ea pele” ke ho ‘rata Jehova Molimo oa hao.’ (Mat. 22:37, 38) Leka ho etsa hore seithuti sa hao se rate Jehova haholo. w20.10 9 ¶12
Mantaha, la 15 August
Jesu o ne a rata Maretha le morali’abo le Lazaro.—Joh. 11:5.
Jesu o ile a tšoara basali bohle ka tlhompho. (Joh. 4:27) Leha ho le joalo, Jesu o ne a e-na le tlhompho e khethehileng ho basali ba neng ba etsa thato ea Ntate oa hae. Ka lebaka leo, o ne a ba nka e le baralib’abo hape o ile a bua ka bona le banna ba bang bao a neng a ba nka e le karolo ea lelapa la hae. (Mat. 12:50) Jesu o ne a boetse hape e le motsoalle oa ’nete ho bona. Nahana ka setsoalle sa hae le Maria le Maretha bao ka bobeli e neng e le masoha. (Luka 10:38-42) Ka mantsoe le liketso, Jesu o ile a etsa hore ba ikutloe ba phutholohile e le kannete. Maria o ile a ikutloa a phutholohile hore a ka lula maotong a Jesu joaloka morutuoa. Kaha Maretha o ne a koatile hore ebe Maria o ntse a sa mo thuse, o ile a ikutloa a phutholohile hore a bolelle Jesu hore na o ikutloa joang. Ka nako eo, Jesu o ile a thusa basali bao ka bobeli. Hape o ile a bontša hore o tsotella basali bao le khaitseli ea bona Lazaro ka hore ebe ka linako tse ling o ne a ba chakela. (Joh. 12:1-3) Ha ho makatse hore ebe nakong eo Lazaro a neng a kula hampe, Maria le Maretha ba ne ba tseba hore ba ka kopa thuso ho Jesu.—Joh. 11:3. w20.09 20 ¶3; 21 ¶6
Labobeli, la 16 August
Ba ne ba nahana hore ’muso oa Molimo o ne o tla iponahatsa hang-hang.—Luka 19:11.
Barutuoa ba Jesu ba ne ba tšepile hore ’Muso o ne “o tla iponahatsa hang-hang” ’me o ba pholose pusong e hatellang ea Roma. Re shebetse pele letsatsing leo ka lona ’Muso oa Molimo o tla felisa bokhopo ebe o tlisa lefatše le lecha la ho loka. (2 Pet. 3:13) Leha ho le joalo, re lokela ho ba le mamello ’me re letele nako eo Jehova a e behileng. Jehova o ile a fa Noe nako e lekaneng ea hore a hahe areka le hore e be “’moleli oa ho loka.” (2 Pet. 2:5; 1 Pet. 3:20) O ile a lumella Abrahama ho mo botsa lipotso tse ngata ka qeto eo a e entseng ka ho timetsa batho ba khopo ba motse oa Sodoma le Gomora. (Gen. 18:20-33) Ka lilemo tse makholo, Jehova o ile a bontša mamello e kholo ho sechaba se neng se sa tšepahale sa Iseraele. (Neh. 9:30, 31) Re bona bopaki bo hlakileng ba mamello ea Jehova mehleng ena ba hore o fane ka nako e lekaneng ea hore batho “ba fihle pakong.” (2 Pet. 3:9; Joh. 6:44; 1 Tim. 2:3, 4) Mohlala oa Jehova o re fa mabaka a hore le rona re be le mamello ha re ntse re tsoela pele ho bolela le ho ruta. w20.09 10 ¶8-9
Laboraro, la 17 August
Ho tla ba le tsoho.—Lik. 24:15.
Ha Jehova a tsosa batho o tl’o khutlisa mehopolo le botho boo batho bao ba neng ba e-na le bona pele. Ak’u nahane ho se hokae ka hore na taba ena e bolela’ng. Jehova o u rata hoo a khonang ho hopola litho tseo u li nahanang, tseo u li buang, tseo u li utloang le tseo u li etsang. Kahoo, haeba a ne a tlameha ho u tsosa, u ne a tla khutlisa mehopolo ea hao, tsela eo u neng u itšoara ka eona le sebopeho sa hao habonolo feela. Morena Davida o ile a utloisisa hore Jehova o thahasella motho e mong le e mong. (Pes. 139:1-4) Ho utloisisa taba ea hore na Jehova o re tseba hantle hakae, ho etsa hore re ikutloe joang? Ha re nahana ka hore na Jehova o re tseba hantle hakae, ha rea lokela ho tšoenyeha. Hobane’ng? U hopole hore Jehova o re tsotella haholo. O nka motho ka mong a ikhetha a bile a le bohlokoa ho eena. O ela hloko hore na ke lintho life tse etsang hore re be batho bao re leng bona bophelong. Taba ena ea khothatsa kannete. Ha ho le ka mohla re lokelang ho utloa eka re bang. Motsotso o mong le o mong, Jehova o lula a e-na le uena a batlana le menyetla ea ho u thusa.—2 Likron. 16:9. w20.08 17 ¶13-14
Labone, la 18 August
Ke tla etsa hore u be le temohisiso ’me ke u rupele ka tsela eo u lokelang ho tsamaea ka eona.—Pes. 32:8.
Jehova o rata ho ruta batho ba hae. O batla hore ba mo tsebe, ba mo rate ba be ba phele ka ho sa feleng e le bana ba hae bao a ba ratang. Thuto eo Jehova a re fang eona ke eona feela e tla etsa hore lintho tsena li etsahale. (Joh. 17:3) Jehova o ile a sebelisa phutheho ea Bakreste ba pele hore a rupele batho ba hae. (Bakol. 1:9, 10) Moea o halalelang, e leng “mothusi” eo Jesu a neng a mo tšepisitse, o ile oa etsa tsoho la monna. (Joh. 14:16) O ile oa thusa barutuoa ba Jesu hore ba utloisise Lentsoe la Molimo, hape o ile oa ba hopotsa lintho tse ngata tseo Jesu a ileng a li bua le ho li etsa, tseo hamorao li ileng tsa ngoloa ka har’a Likosepele. Tsebo ena e ile ea etsa hore Bakreste ba phutheho ea pele ba matlafale tumelong le hore ba rate Molimo, Mora oa hae le Bakreste-’moho le bona le ho feta. Jehova o ile a bolela ho tloha khale hore “karolong e qetellang ea matsatsi” batho ba lichaba tsohle ba tla phallela thabeng ea hae ea tšoantšetso e le hore ba rupeloe ka litsela tsa hae. (Esa. 2:2, 3) Rea bona hore boprofeta boo boa phethahala. w20.10 24 ¶14-15
Labohlano, la 19 August
Motho ea bohlale o tla mamela ’me a amohele taeo e eketsehileng.—Liprov. 1:5.
Ke eng e ka etsang hore motho a hane ho mamela ha a fuoa keletso e tla mo tsoela molemo? Ke boikhohomoso. Batho ba ikhohomosang ba rata hore “litsebe tsa bona li tsikinyetsoe.” Ba “retelletsa litsebe tsa bona hole le ’nete.” (2 Tim. 4:3, 4) Kaha ba nahana hore ba bohlale kapa ba phahametse batho ba bang, ba bona ho sa hlokahale hore ba eletsoe. Empa moapostola Pauluse o ile a re: “Haeba leha e le mang a inahana hore ke ho hong empa e se letho o thetsa kelello ea hae.” (Bagal. 6:3) Morena Solomone o ile a beha taba ena ka makhethe ha a re: “Ngoana ea hlokang empa a le bohlale o molemo ho feta morena ea tsofetseng empa a hloka kelello, ea sa tsebeng ho lekaneng hore a ka hlola a sa lemosoa.” (Moek. 4:13) Hlokomela hore na Petrose o ile a etsa’ng ha Pauluse a mo khalemela ka pel’a batho. (Bagal. 2:11-14) Petrose a ka be a ile a koatisoa ke lintho tseo Pauluse a li buileng, tsela eo a li buileng ka eona le ke hore o mo khalemeletse ka pel’a batho. Empa Petrose o ne a le bohlale. O ile a amohela keletso ea Pauluse ebile ha aa ka a mo jara ka pelo. Hamorao o ile a ba a re Pauluse ke “mor’abo rona ea ratoang.”—2 Pet. 3:15. w20.11 21 ¶9, 11-12
Moqebelo, la 20 August
Le etse . . . barutuoa,. . . le ba rute.—Mat. 28:19, 20.
Ntho e ’ngoe ea bohlokoa haholo e tla thusa liithuti tsa Bibele hore kamano ea tsona le Jehova e ’ne e hole ke ho ea libokeng. Thupelo e thehiloeng Bibeleng eo ba e fumanang ha ba le libokeng e tla eketsa tsebo ea bona, e matlafatse tumelo ea bona e be e ba thuse ho rata Molimo le ho feta. (Lik. 15:30-32) Hape, mohoeletsi a ka bolella thuto kamoo ho rata Jehova ho ileng ha mo thusa kateng hore a mamele litaelo tsa hae. (2 Bakor. 7:1; Bafil. 4:13) Ha motho ea ntseng a ithuta Bibele a tseba bara le barali ba bo rona ba bangata ba nang le tumelo, mehlala ea bona ea mo ruta hore na o lokela ho etsa’ng ho bontša hore o mamela taelo ea Jesu ea ho rata Molimo le baahelani. (Joh. 13:35; 1 Tim. 4:12) O tla ithuta lintho tsa bohlokoa ho bahoeletsi ba bang ba nang le mathata a tšoanang le a hae ’me a bone hore a ka khona ho etsa liphetoho tse hlokahalang e le hore e be morutuoa oa Kreste. (Deut. 30:11) E mong le e mong ka phuthehong a ka khona ho etsa ho hong ho thusa liithuti tsa Bibele.—Mat. 5:16. w20.11 5 ¶10-12
Sontaha, la 21 August
Ke loanne le libata Efese.—1 Bakor. 15:32.
Mohlomong moapostola Puauluse o ne a bolela hore o loanne le libata tsa sebele ka lebaleng la lipapali le Efese. (2 Bakor. 1:8; 4:10; 11:23) Kapa e ka ’na eaba o ne a bua ka Bajuda le batho ba bang ba neng ba mo hanyetsa ba tšoanang le “libata.” (Lik. 19:26-34; 1 Bakor. 16:9) Ho sa tsotellehe hore na o ne a bua ka eng, Pauluse o ile a hlaheloa ke maemo a boima. Empa o ile a lula a e-na le tumelo ea hore o tla thaba ka moso. (1 Bakor. 15:30, 31; 2 Bakor. 4:16-18) Re phela nakong eo lefatše le seng le le kotsi haholo. Ba bang ba Bakreste-’moho le rona e bile mahlatsipa a botlokotsebe. Ba bang ha baa sireletseha ho hang hobane ba phela libakeng tseo ho tsona ho tletseng lintoa feela. Libakeng tse ling teng, bahlanka ba Jehova ba mo sebeletsa le maemong a kotsi le ao ba se nang tokoloho ea ho bolela kapa mosebetsi oa bona o thibetsoe. Le har’a maemo ao, bahlanka bana ba Molimo kaofela ha bona ba tsoela pele ho sebeletsa Jehova ’me ba re behela mohlala o motle haholo. Ha ba tšabe letho hobane baa tseba hore leha ba ka shoa hona joale, Jehova o ba tšepisitse bokamoso bo botle haholo. w20.12 9 ¶3-4
Mantaha, la 22 August
Re basebetsi-’moho le Molimo. Lona le tšimo ea Molimo e lengoang, mohaho oa Molimo.—1 Bakor. 3:9.
Na u kile oa nyahama ha batho ba tšimong ea heno ba sa mamele molaetsa oa Bibele kapa hobane batho ba bangata ba sa fumanehe malapeng? Boemong boo, u ka etsa’ng e le hore u lule u thabile kapa u thabe le ho feta? Ho bohlokoa ho ba le maikutlo a nepahetseng ka tšebeletso eo re e etsetsang Jehova. Taba ee e bolela’ng? Lula u shebane le ho tsebahatsa ’Muso oa Molimo le lebitso la hae. Jesu o ile a hla a cho hore ha se batho ba bangata ba tla tsamaea tseleng e isang bophelong. (Mat. 7:13, 14) Ha re etsa mosebetsi oa boboleli, re ba le tlotla ea ho sebetsa le Jehova, Jesu le mangeloi. (Mat. 28:19, 20; Tšen. 14:6, 7) Jehova o hula batho ba batlang ho mo sebeletsa. (Joh. 6:44) Ka hona haeba motho a sa re mamele, ho ka etsahala hore nakong e tlang ha re khutlela ho eena a re mamele. Morali’abo rona Deborah o re: “Satane o sebelisa sebetsa se kotsi ho re hlasela e leng ho nyahama.” Empa libetsa tsa Satane ha se letho ho Jehova. w20.12 26 ¶18-19; 27 ¶21
Labobeli, la 23 August
A re tsoeleng pele ho ratana, hobane lerato le tsoa ho Molimo.—1 Joh. 4:7.
Bakreste ba bangata ba tšepahalang ba qeta nako e ngata ba le mesebetsing e le hore ba tle ba khone ho hlokomela ba lelapa la bona le ho itlhokomela. Leha ho le joalo, Bakreste bana ba tšepahalang ba tšehetsa mokhatlo oa Molimo kahohle kamoo ba ka khonang. Ka mohlala, ba bang ba thusa ha ho e-na le likoluoa, ba bang ba sebetsa kahong hape kaofela ha rona na le monyetla oa ho fana ka monehelo ho tšehetsa mosebetsi oa lefatše lohle. Ba etsa lintho tsena hobane ba rata Molimo le batho ba bang. Beke le beke re bontša hore re rata Bakreste-’moho le rona ka ho ba teng libokeng le ho nka karolo ho tsona. Ka matsatsi a mang re ka ikutloa re khathetse empa re ba teng libokeng. Le hoja re ka tšoha, rea arabela. Hape le hoja kaofela ha rona re e-na le mathata re khothatsa ba bang pele ho liboka le ka mor’a tsona. (Baheb. 10:24, 25) Re ananela mosebetsi oo bara le barali ba bo rona ba o etsang. w21.01 10 ¶11
Laboraro, la 24 August
A re se keng ra fetoha ba ipolelisang.—Bagal. 5:26.
Batho ba ikhohomosang le ba ipatlang ba thatafalloa ke hore ba babatse batho ba bang hobane ba batla hore e be bona ba lulang ba babatsoa. Maemong a mangata ba ipapisa le batho ba bang ba be ba hlohlelletse moea oa tlholisano. Ho e-na le hore ba koetlise batho ba bang le ho ba fa boikarabelo, ba tloaetse ho re: “Haeba u batla hore ntho e etsoe hantle, iketsetse eona.” Hangata motho ea ikhohomosang o inka a le bohlokoa hape o mona. Haeba re hlokomela hore ekare re na le bothata ba ho ikhohomosa, re lokela ho kopa Jehova ho tsoa pelong hore a re thuse re ‘fetole likelello tsa rona’ e le hore re ka loantša mokhoa oo o mobe o se ke oa mela ka metso lipelong tsa rona. (Bar. 12:2) Kannete re ananela hore ebe re na le mohlala o babatsehang oa Jehova! (Pes. 18:35) Re bona kamoo a ikokobelitseng kateng ha a sebelisana le bahlanka ba hae ’me re batla ho mo etsisa. Ho phaella moo, re batla ho etsisa mehlala e metle e hlahang ka Bibeleng ea batho ba neng ba ikokobelitse ba ileng ba e-ba le monyetla oa ho sebeletsa Jehova kapa ho tsamaea le eena. E se eka kaofela ha rona re ka fa Jehova tlhompho le khanya tse mo lokelang kamehla.—Tšen. 4:11. w20.08 13 ¶19-20
Labone, la 25 August
Ba kenang lenyalong ba tla ba le matšoenyeho nameng ea bona.—1 Bakor. 7:28.
Lenyalo ke mpho e phethahetseng e tsoang ho Molimo empa batho bona ha baa phethahala. (1 Joh. 1:8) Ke kahoo Lentsoe la Molimo le lemosang banyalani hore ba tla tobana le liphephetso tseo e reng ke “matšoenyeho nameng” ea bona. Jehova o lebeletse hore banna ba Bakreste ba thuse malapa a bona hore a be le kamano e ntle le eena, ba a rate le ho a nahanela le ho a hlokomela ka litlhoko tsa ’ona tsa mantlha. (1 Tim. 5:8) Leha ho le joalo, le haeba basali ba nyetsoeng ba phathahane haholo, ba lokela ho ipehela nako ea hore letsatsi le letsatsi ba bale Lentsoe la Molimo le ho thuisa ka lona ba be ba rapele Jehova ho tsoa botebong ba lipelo tsa bona. Taba ena e ka ba phephetso. Bo-’mè ke batho ba phathahaneng empa ke habohlokoa hore ba be le nako ea ho ithuta. Hobane’ng? Hobane Jehova o batla hore motho e mong le e mong a hahe a be a matlafatse setsoalle sa hae le eena. (Lik. 17:27) Ke ntho e utloahalang hore mosali a ka ’na a lokela ho sebetsa ka thata e le hore a hlomphe bohlooho ba monna oa hae ea sa phethahalang. Leha ho le joalo, o tla nolofalloa ke hore a phethe boikarabelo boo Jehova a mo fileng bona haeba a utloisisa a bile a lumela mabaka a Mangolo a hore na ke hobane’ng ha a lokela ho hlompha bohlooho ba monna oa hae. w21.02 9 ¶3, 6-7
Labohlano, la 26 August
Tšobotsi ena e lekiloeng ea tumelo ea lona e hlahisa mamello.—Jak. 1:3.
Liteko li ka tšoantšoa le mollo o thusang ho betla tšepe hore e be bohale haholo. Ha tšepe eo e se e chesitsoe ’me e fola, e ba bohale le ho feta. Ka tsela e tšoanang, ha re mamella liteko tumelo ea rona ea matlafala. Ke kahoo Jakobo a ileng a re: “Mamello mosebetsi oa eona e ke e be o feletseng, e le hore le ka ba ba feletseng le ba phethahetseng ka litsela tsohle.” (Jak. 1:4) Ha re hlokomela hore liteko li etsa hore tumelo ea rona e be matla, re tla li mamella ka thabo. Lengolong la hae, Jakobo o boetse o bua ka tse ling tsa lintho tse ka etsang hore re se ke ra thaba. Teko e ’ngoe ke ha u selebaletsoe. Ha re sesa ka har’a mathata, re lokela ho loanela ho kopa hore Jehova a re thuse ho etsa liqeto tse tla mo thabisa le tse tla tsoela bara le barali ba bo rona molemo li be li re thuse hore re lule re tšepahala. (Jer. 10:23) Re hloka ho ba le bohlale e le hore re tsebe hore na re lokela ho etsa’ng le hore na re lokela ho re’ng ho batho ba re hanyetsang. Haeba re sa tsebe hore na re ka etsa’ng re ka iphumana re le mahlatsipa a se nang thuso ’me re ka felloa ke thabo kapele. w21.02 28 ¶7-9
Moqebelo, la 27 August
Le ratane ka matla haholo ho tloha pelong.—1 Pet. 1:22.
Jehova o re behela mohlala tabeng ena. Lerato la hae le matla haholo hoo haeba re lula re tšepahala a ke keng a tlohela ho re rata. (Bar. 8:38, 39) Lentsoe la Segerike le fetoletsoeng e le “matla haholo” le bontša hore motho e mong o etsa boiteko bo matla haholo ba hore a bontše hore o rata batho ba bang. Ka linako tse ling, re lokela ho sebetsa ka thata re be re etse boiteko bo matla e le hore re bontše bara le barali ba bo rona hore re ba rata haholo. Ha batho ba bang ba re utloisa bohloko, re lokela ho tsoela pele ho mamellana ka lerato, re leke ka tieo ho ba le kutloano le ho ba le khotso. (Baef. 4:1-3) Re ke ke ra sheba liphoso tseo ba li etsang empa re tla leka kahohle ho ba tšoara ka tsela eo Jehova a ba tšoarang ka eona. (1 Sam. 16:7; Pes. 130:3) Ha se ntho e bonolo hore kamehla re bontše bara le barali ba bo rona lerato le mofuthu, haholo-holo haeba re tseba liphoso tsa bona. Taba ena e ne e le pharela mehleng ea Bakreste ba pele. Evodia le Syntike ba ne ba e-na bothata boo. Moapostola Pauluse o ile a ba khothaletsa hore “ba be le kelello e tšoanang Moreneng.”—Bafil. 4:2, 3. w21.01 22-23 ¶10-11
Sontaha, la 28 August
Ke ngolla lona, bahlankana, hobane le matla ’me lentsoe la Molimo le lula ho lona hape le hlotse ea khopo.—1 Joh. 2:14.
Barab’abo rona ba bacha, batho ba baholo bao le sebeletsang Jehova le bona ‘mahetla a bapile’ baa le ananela. (Sof. 3:9) Ba ananela kamoo ka mafolo-folo le etsang mosebetsi oo le o fuoang kateng. Ba le rata haholo. Barab’abo rona ba bacha, le ka mohla le se ke la lebala hore Jehova oa le rata ebile oa le tšepa. O ile a re matsatsing a ho qetela ho tla ba le lebotho la bahlankana le tla itlhahisa ka ho rata. (Pes. 110:1-3) Oa tseba hore lea mo rata ’me le batla ho mo sebeletsa kahohle kamoo le ka khonang kateng. Kahoo, e-bang le mamello ’me le mamelle le batho ba bang. Ha le etsa liphoso, le amohele ha batho ba bang ba le khalemela le ha ba le fa keletso, le nke e le Jehova ea le thusang. (Baheb. 12:6) Sebetsang ka thata hore le phethe mosebetsi leha e le ofe oo le o fuoang. Ka holimo ho tsohle, nthong e ’ngoe le e ’ngoe eo le e etsang, etsang hore Ntate oa lona a be motlotlo ka lona.—Liprov. 27:11. w21.03 7 ¶17-18
Mantaha, la 29 August
Na u iponahalitse u nyahame letsatsing la mahlomola? Matla a hao a tla fokola.—Liprov. 24:10.
Ho na le lintho tse ngata tse ka re nyahamisang ebang ke tseo re li bonang kapa tseo re sa li boneng. Lintho tseo li akareletsa liphoso tsa rona, mefokolo ea rona le ho kula. Hape, re ka nyahama haeba re sa fumane kabelo eo re e labalabelang tšebeletsong ea Jehova kapa ha batho ba tšimo eo re e sebetsang ba sa mamele molaetsa oa Bibele. Ho bonolo hore re ikutloe re se na thuso ka lebaka la liphoso tseo re li etsang. Ntho eo e ka etsa hore re nke hore Jehova a ke ke a batla ho re bona Paradeiseng ka lebaka la liphoso tsa rona. Monahano oo o ka ba kotsi. Bibele ea re bolella hore batho bohle ntle le Jesu “ba entse sebe.” (Bar. 3:23) Empa Jehova ha a shebane haholo le liphoso tsa rona hape ha aa lebella hore re phethahale. Ho e-na le ho etsa joalo, oa re rata ebile o batla ho re thusa. O boetse o na le mamello. O ikemiselitse ho re thusa hape oa elelloa hore na re leka ka matla hakae ho etsa lintho ka tsela e nepahetseng le hore re se ke ra ikutloa re se na thuso ha re entse liphoso.—Bar. 7:18, 19. w20.12 22 ¶1-3
Labobeli, la 30 August
Qetellong, barab’eso, le tsoele pele ho thaba, ho khutlisetsoa tseleng.—2 Bakor. 13:11.
Kaofela ha rona re leetong. Re habile ho fihla lefatšeng le lecha moo re tla busoa ke Jehova, Molimo ea lerato. Letsatsi le letsatsi re leka ho tsamaea tseleng e isang bophelong. Empa joalokaha Jesu a boletse, tsela eo e patisane ’me ka linako tse ling ho thata ho tsamaea ho eona. (Mat. 7:13, 14) Kaha re baetsalibe, ho bonolo feela hore re khelohe tsela ena. (Bagal. 6:1) Haeba re batla ho lula tseleng e patisaneng e isang bophelong, re lokela ho ikemisetsa ho fetola tsela eo re nahanang ka eona, eo re ikutloang ka eona le eo re itšoarang ka eona. Moapostola Pauluse o ile a re khothalletsa “ho khutlisetsoa tseleng.” Ha ho bonolo hore rona ka borona re itlhahlobe menahano le maikutlo. Lipelo tsa rona li bolotsana ’me ntho eo e ka etsa hore ho be thata ho tseba hore na li tla re susumelletsa ho etsa’ng. (Jer. 17:9) Ho “ithetsa ka monahano oa bohata” ke bosesaane ba khoele. (Jak. 1:22) Kahoo re lokela ho sebelisa Bibele ho itlhahloba. Lentsoe la Molimo le khona ho senola botho ba rona, ‘menahano le boikemisetso ba lipelo’ tsa rona.—Baheb. 4:12, 13. w20.11 18 ¶1-3
Laboraro, la 31 August
Etellang pele ho bontšaneng tlhompho.—Bar. 12:10.
Haeba re ikokobelitse hape re tseba moo matla a rona a fellang teng, re tla ba le menyetla e mengata ea ho lula re thabile. Ke hobane’ng ha re cho joalo? Ha re tseba moo matla a rona a fellang teng, re tla thaba ebile re tla ananela thuso eo batho ba bang ba re fang eona. Mohlala, na u sa hopola ha Jesu a ne a folisa balepera ba leshome? Ke a le mong feela ea ileng a khutlela ho Jesu ho ea mo leboha ka hore ebe o mo folisitse boloetseng boo bo bohloko e leng lefu leo motho a ke keng a khona ho le phekola ka boeena. Monna eo ea ikokobelitseng a bile a tseba moo matla a hae a neng a fella teng o ile a leboha hore ebe o ile a thusoa a ba a tlotlisa Molimo. (Luka 17:11-19) Batho ba ikokobelitseng ebile ba lumela hore ha ba tsebe ntho e ’ngoe le e ’ngoe, ba khona ho utloana le batho ba bangata hape ba ba le metsoalle e haufi-ufi. Hobane’ng? Baa lumela hore batho ba bang ba na le makhabane hape baa ba tšepa. Batho ba ikokobelitseng hape ba tseba moo matla a bona a fellang teng baa thaba ha batho ba bang ba atleha mesebetsing eo ba e etsang ebile ha ba leqe ho ba babatsa le ho ba hlompha. w20.08 12 ¶17-18