September
Labone, la 1 September
Ka mor’a moo ke tla tšollela moea oa ka holim’a nama ea mofuta o mong le o mong.—Joele 2:28.
Petrose o ile a sebelisa mantsoe a fapaneng hanyane ha a qotsa boprofeta ba Joele. (Lik. 2:16, 17) Ho e-na le hore ha Petrose a qotsa boprofeta boo a qale ka ho re “ka mor’a,” o ile a re: “Matsatsing a ho qetela,” e leng qetellong ea mehla ea Bajuda. Ka nako eo Molimo o ne a tla tšollela moea oa hae “holim’a nama ea mofuta o mong le o mong.” Taba ena e bolela hore ho ne ho tla feta nako e telele pele boprofeta bona ba Joele bo phethahala. Ka mor’a hore Molimo a fe Bakreste ba mehleng ea baapostola moea o halalelang, ba ile ba qala ho bolela litaba tse molemo eaba li anela lefatšeng lohle. Nakong eo Pauluse a neng a ngolla Bakolose lengolo ka selemo sa 61, ka sebete o ne a ka bolela hore litaba tse molemo li boletsoe “popong eohle e tlas’a leholimo.” (Bakol. 1:23) Ha Pauluse a ne a re “popong eohle” o ne a bua ka libaka tseo eena le bo-mphato oa hae ba neng ba ka khona ho ea ho tsona e le hore ba bolele litaba tse molemo. Ka thuso ea moea o halalelang, mehleng ena mosebetsi oa boboleli o se o boleloa “ho isa pheletsong ea lefatše.”—Lik. 13:47. w20.04 6 ¶15-16
Labohlano, la 2 September
Ke tla batla linku tsa ka ’me ke li hlokomele.—Ezek. 34:11.
Jehova o rata e mong le e mong oa rona ho akarelletsa le ba khaolitseng ho mo sebeletsa. (Mat. 18:12-14) Jehova o tšepisitse hore o tla batla linku tsa hae ha li lahleha ’me a li thuse ho ba le kamano e ntle le eena. O bontšitse mehato eo a neng a tla e nka haeba nku ea hae e ne e ka lahleha. O ne a tla etsa se tšoanang le seo molisa oa Moiseraele a neng a ka se etsa. (Ezek. 34:12-16) Mohato oa pele oo molisa a o nkang ke ho batla nku e lahlehileng, e leng se hlokang nako le boitelo. Ha molisa a thola nku e lahlehileng o ne a e khutlisetsa mohlapeng. Haeba nku e ne e lapile kapa e lemetse, ka lerato molisa o ne a e tlamisa, a e jara a be a e fepe. Ka tsela e tšoanang baholo ba “lisang mohlape oa Molimo” ba lokela ho latela mehato ena haeba ho e-na le nku ea Molimo e lahlehileng. (1 Pet. 5:2, 3) Baholo ba lokela ho batla linku ’me ba li thuse hore li khutlele ho Jehova. Ba bontša hore baa li rata ha ba li thusa hore li boele li be le kamano e ntle le Jehova. w20.06 20 ¶10
Moqebelo, la 3 September
Masimo. . . a soeufetse bakeng sa kotulo.—Joh. 4:35.
Na Jesu o ile a nahana hore masimo a loketse bakeng sa kotulo hobane a ne a nahana hore batho ba bangata ba tla mo latela? Le letho. Mangolo a ne a boletse esale pele hore ke batho ba seng bakae feela ba tla beha tumelo ho eena. (Joh. 12:37, 38) Hape Jesu o ne a e-na le bokhoni ba ho bala lipelo. (Mat. 9:4) Le hoja a ne a amehile haholo ka bao ba fokolang, o ile a bolella batho bohle molaetsa ka cheseho. Re ke ke ra khona ho bala lipelo, kahoo ha rea lokela ho ahlola batho bao re kopanang le bona tšimong. Ho e-na le hoo, re lokela ho ba bona e le barutuoa ba Kreste ba ka moso. U hopole hore na Jesu o ile a re’ng ho barutuoa ba hae. Masimo a soeufetse, ke hore a loketse hore a ka kotuloa. Batho ba ka fetoha ’me ea e-ba barutuoa ba Kreste. Jehova o lumela hore batho bana ba tšimong ea rona e ka ba barutuoa hape o ba nka e le ba bohlokoa. (Hag. 2:7) Haeba re bona batho ka tsela eo Jehova le Jesu ba ba bonang ka eona, re tla ithuta ka bophelo ba bona le lintho tseo ba li ratang. Re ke ke ra ba nka joaloka batho feela bao re sa ba tsebeng empa re tla ba nka joaloka bara le barali babo rona ba ka moso. w20.04 13 ¶18-19
Sontaha, la 4 September
Ke le bitsitse metsoalle, hobane lintho tsohle tseo ke li utloileng ho Ntate ke le tsebisitse tsona.—Joh. 15:15.
Lentsoe la Molimo le ea re ruta hore re tlameha ho rata le ho matlafatsa lerato la rona ho Jesu e le hore re khahlise Jehova. Ntho eo re ka e etsang e le hore re be metsoalle ea Jesu, ke ho mo tseba. Re ka thusoa ke ho bala libuka tsa Matheu, Mareka, Luka le Johanne. Ho nahanisisa ka litlaleho tse hlahang ka Bibeleng tse buang ka bophelo ba Jesu ho tla etsa hore re mo rate le ho mo hlompha ha re bona hore na o ne a tšoara batho joang. Mohlala, le hoja Jesu e ne e le Mong’a barutuoa ba hae, ha a ka a ba tšoara joaloka makhoba. Empa o ne a ba bolella hore na u ikutloa joang le hore na u nahana’ng. Hape ha ba ne ba utloile bohloko, Jesu le eena o ne a utloa bohloko. (Joh. 11:32-36) Esita le lira tsa Jesu li ile tsa hlokomela hore batho ba neng ba amohela molaetsa oa hae e ile ea e-ba metsoalle ea hae. (Mat. 11:19) Haeba re etsisa Jesu tseleng eo a neng a tšoara barutuoa ba hae ka eona, re tla ntlafatsa tsela eo re tšoarang batho ba bang ka eona, re thabe, re khotsofale hape re tla rata Jesu le ho mo hlompha haholoanyane. w20.04 22 ¶9-10
Mantaha, la 5 September
Morena oa boroa o tla halefa hore a loane ka lebotho la sesole le leholo ka mokhoa o fetisisang le le matla.—Dan. 11:25.
Ka 1870, Brithani e ile ea e-ba ’muso o matla ka ho fetisisa lefatšeng o bile o e-na le sesole se matla haholo. Boprofeta ba Daniele bo bua ka lenaka le lenyenyane le ileng la hlola manaka a mararo. Lenaka leo le emela Brithani ha a mang a mararo a emela Fora, Spain le Netherlands. (Dan. 7:7, 8) Kahoo, Brithani e ile ea e-ba morena oa boroa ho fihlela ka Ntoa ea Pele ea Lefatše. Ka nako ena, Amerika e ile ea e-ba naha e ruileng ka ho fetisisa lefatšeng ’me e ile ea sebelisana haufi-ufi le Brithani. Ntoeng ea pele ea lefatše, Amerika le Brithani li ile tsa tšoarisana ntoa eaba li ba matla haholo. Ka nako eo, Brithani le Amerika e ile ea e-ba metsoalle eaba li theha ’muso o matla ka ho fetisisa lefatšeng oa Manyesemane le Maamerika. Joalokaha Daniele a ile a profeta, ’muso kapa morena enoa o ile a ba le “lebotho la sesole le leholo ka mokhoa o fetisisang le le matla.” Nakong ena ea matsatsi a ho qetela, haesale ’muso oa Manyesemane le Maamerika e le morena oa boroa. w20.05 4 ¶7-8
Labobeli, la 6 September
Sebakeng seo melapo e phoroselang. . . e phallelang ho sona, e khutlela ho sona.—Moek. 1:7.
Kaha lefatše le lutse sebakeng se nepahetseng hole le letsatsi, le khona ho boloka metsi e le mokelikeli. Haeba le le haufi haholo le letsatsi, metsi a ne a tla bela ebe a siea lefatše le omme khere! hape le se na bophelo. Athe haeba teng le ne le le hole haholo le letsatsi, metsi e ne e tla ba qhoqhoane ebe lefatše le ba le lehloa le leqhoa le lengata. Empa kaha Jehova o behile lefatše moo ho loketseng, potoloho ea lona ea metsi e etsa hore ho be le bophelo. Mocheso oa letsatsi o etsa hore metsi a maoatleng le matamong a etse mouoane ebe a etsa maru. Selemo le selemo, mocheso oa letsatsi o fetola lilithara tsa metsi tse limilione-milione mouoane. Metsi ana a lula sepakapakeng matsatsi a ka bang leshome pele a ka theoha e le pula kapa lehloa. Ka tsela ena metsi a phallela maoatleng, matamong le linokeng ebe potoloho ena e ntse e ipheta joalo-joalo. Jehova o entse potoloho ea metsi e le hore lefatše le se ke la felloa ke metsi ’me taba ena e pakahatsa hore Jehova o bohlale hape o matla.—Jobo 36:27, 28. w20.05 22 ¶6
Laboraro, la 7 September
Le tla amohela matla ha moea o halalelang o fihla holim’a lona.—Lik. 1:8.
Jesu o ile a re khothaletsa hore re lule re rapella moea o halalelang. (Luka 11:9, 13) Jehova o sebelisa moea o halalelang ho re fa “matla a fetang se tloaelehileng.” (2 Bakor. 4:7) Ka thuso ea moea o halalelang, re ka mamella mathata leha e le afe ao re tobanang le ’ona. Moea o halalelang o ka boela oa re thusa hore re khone ho phetha likabelo tseo re nang le tsona tšebeletsong ea Jehova le ho re thusa hore re ntlafatse bokhoni boo re nang le bona. Rea tseba hore maphomela a matle ao re bang le ’ona tšebeletsong ea Jehova a khoneha feela hobane moea o halalelang o re thusa. Re ka bontša hore re nka moea o halalelang e le letlotlo ka hore re kope Jehova hore a re thuse ho itlhahloba ’me re bone hore na re na le menahano kapa litakatso tse fosahetseng ka lipelong tsa rona. (Pes. 139:23, 24.) Ha re etsa joalo, Jehova a ka sebelisa moea o halalelang ho re thusa ho elelloa menahano kapa litakatso tse fosahetseng tseo re nang le tsona. Kahoo, re lokela ho rapella moea o halalelang hore o re fe matla a ho loantša monahano oo kapa takatso eo e fosahetseng. Ha re etsa joalo, re tla bontša hore re ikemiselitse ho qoba ntho leha e le efe e ka etsang hore Jehova a khaotse ho re thusa ka moea oa hae o halalelang.—Baef. 4:30. w20.05 29 ¶10-12
Labone, la 8 September
Ke ba tsebisitse lebitso la hao.—Joh. 17:26.
Ha re sireletsa lebitso la Jehova re latela mohlala oa Jesu Kreste. Jesu o ile a tsebahatsa lebitso la ntate oa hae ka hore a le rute batho le hore na Jehova ke motho ea joang. Ka mohlala, o ne a hanyetsana le Bafarisi bao ka makhetlo ba neng ba re Jehova o khopo, o melao e mengata, ha a atamelehe le hore ha a na mohau. Jesu o ile a thusa batho hore ba bone hore ntate oa hae o na le toka, mamello, lerato le hore oa tšoarela. O ile a boela a thusa batho hore ba tsebe Jehova ka hore a etsise makhabane a Jehova bophelong ba hae. (Joh. 14:9) Joaloka Jesu, le rona re ka bolella ba bang hore na re tseba’ng ka Jehova, ra ba ruta hore Jehova o lerato hape o mosa ho le hokae. Ha re etsa joalo, re tla be re bontša hore mashano ’ohle a builoeng ka Jehova ha se ’nete. Re halaletsa lebitso la Jehova ka hore re thuse batho ba bang hore le bona ba le nke le halalela. Ka mantsoe le liketso tsa rona, re bontša batho hore na Jehova ke motho ea joang. Re boetse re halaletsa lebitso la Molimo ka hore re rute batho ’nete ka eena. w20.06 6 ¶17-18
Labohlano, la 9 September
A re se keng ra fetoha ba ipolelisang, ba hlohlelletsang tlholisano, ba honohelanang.—Bagal. 5:26.
Ke ’nete hore re ka sebelisa mecha ea puisano hantle joaloka ho bua le ba lelapa la rona le metsoalle. Empa na u hlokometse hore hangata ha batho ba beha lifoto kapa livideo mecheng ea puisano, ba li beha ka morero oa hore batho ba bang ba ba rate kapa ba ba nke e le ba bohlokoa? Ho bonahala hore sepheo sa bona ke hore feela batho ba ba bone. Batho ba bang bona ebile ba sebelisa puo e tala ho araba melaetsa lifotong tsa bona kapa lifotong tseo batho ba bang ba li behileng. Empa Bakreste bona ba khothaletsoa hore ba ikokobetse le hore ba utloelane bohloko, kahoo ba ke ke ba sebelisa mecha ea puisano ka tsela ena. (1 Pet. 3:8) Haeba u sebelisa mecha ea puisano, ipotse: ‘Na lintho tseo ke li ngolang kapa lifoto le livideo tseo ke li behang li fa batho ba bang boikutlo ba hore kea ikakasa? Na ke tl’o etsa hore batho ba bang ba be mona?’ Bakreste ha baa lokela ho ba le boikutlo ba hore ke ba bohlokoahali kapa ho batla ho ratoa ke batho ba bang ka tsela e feteletseng. Ba mamela keletso ea Bibele e hlahang temaneng ea letsatsi ea kajeno. Boikokobetso bo tla re thusa hore re se ke ra tšoana le batho ba lefatše lena ba ikhohomosang le ba ratang ho nkoa e le ba bohlokoa ho feta tekano.—1 Joh. 2:16. w20.07 6 ¶14-15
Moqebelo, la 10 September
Pele ke ne ke le monyefoli le mohlorisi le monna oa monyelisi. Leha ho le joalo, ke ile ka bontšoa mohau, hobane ke ne ke hloka tsebo.—1 Tim. 1:13.
Pele moapostola Pauluse e ka ba morutuoa oa Kreste, o ne a sa hlomphe ebile e le mohlorisi oa balateli ba Kreste. (Lik. 7:58) Jesu o ile a ruta Pauluse molao, eo pele a neng a tsebahala e le Saule, e le hore a tlohele ho hlorisa phutheho ea Bokreste. Jesu o ile a bua le Pauluse a le leholimong eaba oa mo foufatsa. E le hore a tle a bone hape, Pauluse o ile a tlameha ho kopa thuso ho batho bane bao a neng a ba hlorisa. O ile a ikokobetsa ’me a lumela ha morutuoa Ananiase a mo thusa hore a boele a bone. (Lik. 9:3-9, 17, 18) Hamorao ha Pauluse a se a hlaheletse ka phuthehong, ha aa ka a lebala thuto eo Jesu a ileng a ruta eona ha a ne a ea Damaseka. Pauluse o ile a lula a ikokobelitse ’me a amohela thuso ea bara le barali babo. O ile a re ba fetohile “thuso e matlafatsang” ho eena.—Bakol. 4:10, 11. w20.07 18-19 ¶16-17
Sontaha, la 11 September
Ntat’a lona o amohetse ho le fa ’muso.—Luka 12:32.
Le hoja Jehova a le matla ’ohle, o ntse a fana ka boikarabelo ho batho ba bang. Mohlala, o khethile Jesu hore e be Morena oa ’Muso oa hae hape o file batho ba 144 000 ba tla ea busa le Jesu matla a itseng. Ke ’nete hore Jehova o koetlisitse Jesu hore e be Morena le Moprista ea Phahameng. (Baheb. 5:8, 9) O boetse o koetlisa babusi-’moho le Jesu empa ha aa ba eme ka morao mosebetsing oo a ba fileng oona kapa ho ba sala-sala morao e le ho bona hore na ba ntse ba etsa’ng. Ho e-na le hoo, oa ba tšepa hore ba tla etsa thato ea hae. (Tšen. 5:10) Haeba Ntate oa rona ea sa hlokeng ho thusoa ke mang kapa mang a khona ho fana ka boikarabelo ho batho ba bang, na rona ha rea lokela hore re etse ntho e tšoanang? Mohlala, na u hlooho ea lelapa kapa u moholo phuthehong? Etsisa Jehova ka ho fa ba bang boikarabelo ’me u se ke oa ba sala-sala morao ka ho sheba hore na ba ntse ba etsa mosebetsi joang. Ha u etsisa Jehova, o tla etsa hore mosebetsi o phethoe hape u tla be u koetlisa ba bang ’me u tla etsa hore ba itšepe haholoanyane.—Esa. 41:10. w20.08 9 ¶5-6
Mantaha, la 12 September
Mor’a motho o tletse ho batla le ho pholosa se neng se lahlehile.—Luka 19:10.
Jehova o batla re ikutloe joang ka linku tsa hae tse lahlehileng? Re lokela ho latela mohlala oa Jesu. O ne a tseba hore linku tsohle tsa Jehova li bohlokoa ho eena, kahoo o ile a etsa sohle se matleng a hae ho thusa “linku tse lahlehileng tsa ntlo ea Iseraele” ho khutlela ho Jehova. (Mat. 15:24) Jesu ke molisa ea khabane, ke kahoo a entseng sohle ho sireletsa linku tsa Jehova. (Joh. 6:39) Moapostola Pauluse o ile a eletsa baholo ba phutheho ea Efese hore ba etsise mohlala oa Jesu. O ile a re: “Le thuse ba fokolang, ’me le hopole mantsoe a Morena Jesu, ha a re, ‘Ho fana ho tlisa thabo e kholo ho feta ho amohela.’” (Lik. 20:17, 35) Ho hlakile hore le mehleng ena baholo ba ntse ba e-na le boikarabello ba bohlokoa ba ho thusa linku tsa Jehova. Mor’abo rona Salvador oa moholo ea lulang Spain o re: “Kamehla ha ke nahana ka hore na Jehova o tsotella linku tsa hae tse lahlehileng hakae, ke ee ke utloe ke batla ho etsa sohle se matleng a ka ho li thusa. Ke kholisehile hore Jehova o batla ke li hlokomele.” w20.06 23 ¶15-16
Labobeli, la 13 September
Lintho tsa pele li fetile.—Tšen. 21:4.
Jehova o tla leta ho fihlela qetellong ea lilemo tse sekete pele a ka lebella hore batho bohle ba phethahale. Ho fihlela ka nako eo, Jehova o ikemiselitse ho re tšoarela liphoso tsa rona. Kahoo, taba ena e etsa hore re be le lebaka la ho sheba lintho tse ntle tseo batho ba bang ba nang le tsona re be re ba mamelle. Jesu le mangeloi ba ne ba thabile haholo ha lefatše le ne le qaloa ho boptjoa. Empa u nahana ba tla thaba hakaakang ha ba bona lefatše le tletse ka batho ba phethahetseng ba ratang Jehova ebile ba mo sebeletsa? U nahana hore batho ba tla ea busa le Jesu leholimong ba tla ikutloa joang ha ba bona batho ba rua molemo mosebetsing oo ba o entseng? (Tšen. 4:4, 9-11; 5:9, 10) Hape, u nahana hore ho tla ba joang ha likeleli tsa ho utloa bohloko li fetoha tsa thabo ’me re se re sa kule, re sa utloe bohloko ebile re sa shoe ho hang? Ho fihlela ka nako eo, ikemisetse ho etsisa Ntate oa hao ea lerato, ea bohlale le ea nang le mamello. Haeba u etsa joalo, u tla lula u thabile ho sa tsotellehe hore na u thulana le mathata afe. (Jak. 1:2-4) Kannete rea leboha le ho ananela hore ebe Jehova o tšepisitse hore ‘ho tl’o ba le tsoho.’—Lik. 24:15. w20.08 18-19 ¶18-19
Laboraro, la 14 September
Litaba tsena tse molemo tsa ’muso li tla boleloa lefatšeng lohle leo ho ahiloeng ho lona.—Mat. 24:14.
Bibele ke mpho ea bohlokoa eo Jehova a re fileng eona ka lerato. Jehova o ile a bululela batho hore ba ngole Bibele hobane a re rata haholo. O sebelisa Bibele ho araba lipotso tsa bohlokoa tseo re ka ipotsang tsona tse kang: Re tsoa hokae? Re phelela’ng? Bokamoso bo re tšoaretse’ng? Jehova o batla hore bana ba hae ba ithute likarabo tsa lipotso tsena, ke kahoo ho theosa le lilemo a ileng a etsa hore Bibele e fetoleloe ka lipuo tse ngata. Hona joale, Bibele e fumaneha ka lipuo tse ka holimo ho 3 000 e feletse kapa e sa fella! Ha ho e-s’o be le buka le ha e le efe e fetoletsoeng ka bongata joaloka Bibele ho tloha khale. Re ka bontša hore re ananela mpho ea Bibele ka ho e bala letsatsi le leng le le leng, re thuise ka lintho tseo re ithutang tsona hape re leke kahohle kamoo re ka khonang ho etsa lintho tseo e re rutang tsona. Ho ekeletsa moo, re bontša hore re ananela Jehova ka hore re bolelle batho ba bangata kamoo ho ka khonehang molaetsa oa Bibele.—Pes. 1:1-3; Mat. 28:19, 20. w20.05 24-25 ¶15-16
Labone, la 15 September
Lentsoe la Jehova le fetohile sesosa sa nyeliso le sesomo ho ’na letsatsi lohle.—Jer. 20:8.
Moprofeta Jeremia o ile a fuoa mosebetsi oa ho isa molaetsa oa Molimo ho batho ba neng ba sa batle le ho mo bona. O ile a nyahama hoo a ileng a ba a utloa hore ho lekane. Empa ha aa ka a phahamisa matsoho. Hobane’ng? O ile a sitoa ho ikoalla ka “lentsoe la Jehova” hobane e ne eka mollo o tukang ka hare ho eena! (Jer. 20:9) Ho tla ba joalo ka rona haeba re lula re bala Lentsoe la Molimo. Taba ena ea bontša hore ho bohlokoa hakae hore re ithute le ho thuisa ka Lentsoe la Molimo letsatsi le letsatsi. Ha re etsa joalo, re tla thaba le ho feta le tšimo ea rona e ka ba ea beha litholoana. (Jer. 15:16) Kahoo, haeba ho e-na le ntho e u nyahamisitseng, kopa Jehova hore a u thuse. O tla u thusa hore u mamelle haeba u nyahamisitsoe ke liphoso le mefokolo ea hao kapa ha u kula. Jehova o tla u thusa hore u be le maikutlo a nepahetseng haeba ho e-na le likabelo tseo u sa li fumaneng tšebeletsong ea hae. Hape u tla u thusa ho ba le maikutlo a nepahetseng ka mosebetsi oa boboleli. U ka boela oa phetlela Jehova sefuba. Ka thuso ea Jehova, u ka hlola ho nyahama. w20.12 27 ¶20-21
Labohlano, la 16 September
[Buisana le] basali ba baholo joaloka bo-’mè, basali ba bacha joaloka likhaitseli tsa hao ka tlhoeko eohle.—1 Tim. 5:1, 2.
Bakeng sa baralib’abo rona ba bang, ho ea libokeng ho ba fa monyetla oa ho kopana le Bakreste ba bang. Ka lebaka leo, re batla ho sebelisa monyetla oo ho ba amohela, ho bua le bona le ho ba bontša hore rea ba tsotella. Joaloka Jesu, re ka ipha nako ea ho qeta nako le baralib’abo rona. (Luka 10:38-42) Mohlomong re ka ba memela malapeng a rona hore ba tl’o ja le rona kapa ho tla ithabisa feela. Haeba re etsa joalo, re loanele hore moqoqo oa rona e be o hahang. (Bar. 1:11, 12) Baholo ba tla be ba etsa hantle ha ba hopola tsela eo Jesu a neng a etsa lintho ka eona tabeng ena. O ne a tseba hore ho ba lesoha ho tla ba le mathata ho ba bang empa o ile a hlakisa hore ho nyala kapa ho ba le bana ha se hona ho ka etsang hore motho a be le thabo ea moshoelella. (Luka 11:27, 28) Ho e-na le hoo, thabo e tšoarellang halelele e tlisoa ke ha motho a etelletsa Jehova pele bophelong ba hae. (Mat. 19:12) Ka ho khetheha, baholo ba lokela ho tšoara basali ba Bakreste joaloka bo-’mè le likhaitseli tsa bona tse tšabang Molimo. Hape ba tla be ba etsa hantle ha ba ipha nako pele le ka mor’a liboka hore ba qoqe le baralib’abo rona. w20.09 21-22 ¶7-9
Moqebelo, la 17 September
Sehoai se lula se letetse litholoana tsa bohlokoa . . . Le lona le se ke la fela pelo.—Jak. 5:7, 8.
Naheng ea Iseraele, sehoai se ne se jala peo ea sona ka mor’a hore pula e ne ka hoetla ebe se kotula lijalo tsa sona ka mor’a hore pula e ne nakong ea selemo. (Mar. 4:28) E se eka le rona re ka ba bohlale ka hore re etsise sehoai seo ka ho ba le mamello. Empa ntho ena e ka ’na ea e-ba pharela. Ka tlhaho batho ba sa phethahalang ba batla ho bona maphomela a mosebetsi oo ba o entseng li sa tloha feela. Empa haeba re batla hore serapa sa rona se fane ka lijo, re lokela ho lula re se hlokomela ka ho se phethola, ho se lema, ho se hlaola le ho se nosetsa. Mosebetsi oa boboleli le oona o hloka hore re sebetse ka thata. Ho nka nako ho thusa lithuto tsa rona hore li ntše leeme ka metso ka lipelong tsa tsona le hore li be le lerato. Ho ba le mamello ho tla re thusa hore re qobe ho nyahama ha batho ba sa re mamele. Re ntse re lokela ho ba le mamello le ha re kopana le batho ba ratang ho re mamela. Re ke ke ra qobella seithuti sa Bibele hore se be le tumelo. Ka linako tse ling esita le barutoa ba Jesu ba ne ba sa khone ho utloisisa lintho tseo a ba rutang tsona. (Joh. 14:9) A re luleng re hopola hore re ka lema le ho nosetsa empa Molimo ke eena ea holisang.—1 Bakor. 3:6. w20.09 11 ¶10-11
Sontaha, la 18 September
Ke tla roka Jehova ka pelo ea ka eohle sehlopheng sa metsoalle e haufi-ufi sa ba lokileng le phuthehong.—Pes. 111:1.
Kaofela ha rona re batla hore lithuto tsa rona li kolobetsoe. Tsela e ’ngoe ea bohlokoa eo re ka ba thusang ka eona ke ka ho ba khothalletsa hore ba be teng libokeng. Hangata lithuto tse eang libokeng li sa tloha feela li etsa liphetoho ka potlako. Mesuoe e meng e hlalosetsa lithuto tsa eona hore li tla fumana halofo ea tsebo ea Bibele ha ba ntse ba ithuta ’moho ebe halofo e ’ngoe ba e fumana libokeng. Bala Baheberu 10:24, 25 le seithuti sa hao ’me u se hlalosetse melemo eo se tla e fumana haeba se e-ba teng libokeng. Mo hlalosetse hore na ke eng ntho eo ka ho khetheha u ileng oa e rata libokeng. Taba eo e ka etsa hore seithuti sa hao se batle ho ea libokeng ho feta hore uena u se bolelle hore se ee. Lintho tseo seithuti sa hao se tla li bona le ho li utloa sebokeng sa pele seo a tla ea ho sona li tla feta hole lintho leha e le life tseo a ileng a li bona le ho li utloa bolumeling leha e le bofe bo bong. (1 Bakor. 14:24, 25) O tla kopana le batho ba bang ba behang mohlala o motle oo a ka o etsisang le ba tla mo thusa hore a hatele pele ho fihlela a kolobetsoa. w20.10 10 ¶14-15
Mantaha, la 19 September
Ke morupeli ofe ea tšoanang le [Molimo]?—Jobo 36:22.
Moea oa Molimo o tla u thusa hore u sebelise lintho tseo u li balang le ho ithuta tsona Lentsoeng la Molimo. U rapele joaloka mopesaleme ea ileng a re: “Jehova, nthupele ka tsela ea hao. Ke tla tsamaea ’neteng ea hao. Momahanya pelo ea ka hore e tšabe lebitso la hao.” (Pes. 86:11) Tsoela pele ho ithuta Bibele le lingoliloeng tse ling tseo mokhatlo oa Jehova o fanang ka tsona. Empa sepheo sa hao e se ke ea e-ba hore u be le tsebo feela. U ikholise hore Lentsoe la Molimo ke ’nete u be u le sebelise bophelong ba hao. Moea oa Jehova o ka u thusa ho etsa joalo. Hape u khothatse Bakreste-’moho le uena. (Baheb. 10:24, 25) Ke hobane’ng ha u lokela ho etsa joalo? Hobane ke banab’eno. Kopa Molimo hore a u fe moea o halalelang e le hore o u thuse ho fana ka likarabo tse tsoang pelong ha u le libokeng le hore u etse sohle se matleng a hao ho ipabola ha u fuoe kabelo libokeng. Ha u etsa tjena u tla be u bontša Jehova le Mora oa hae Jesu Kreste hore u rata “linku” tsa bona. (Joh. 21:15-17) Kahoo, mamela Jehova Morupeli e Moholo ka hore u amohele thuto eohle eo a fanang ka eona. w20.10 24-25 ¶15-17
Labobeli, la 20 September
Kaofela ba mo tlohela ’me ba baleha.—Mar. 14:50.
Jesu o ile a tšoara baapostola ba hae joang nakong eo ba neng ba nyahame? Nakoana ka mor’a hore a tsosoe bafung, o ile a re ho ba bang ba barutuoa ba hae: “Le se ke la tšaba! E-eang, le tlalehele barab’eso [hore ke tsositsoe].” (Mat. 28:10a) Jesu ha aa ka a lahla barutuoa ba hae. Le hoja ba ile ba mo siea, o ile a ’na a ba bitsa barab’abo. Jesu o ne a le mohau a bile a tšoarela joaloka Jehova. (2 Mar. 13:23) Le rona re tsotella haholo Bakreste-’moho le rona ba seng ba tlohetse ho ea libokeng le tšimong. Ke banab’abo rona ’me rea ba rata. Re ntse re hopola hantle kamoo ba sebelelitseng Jehova ka thata kateng, ba bang ba bile ba qetile lilemo tse ngata ba mo sebeletsa. (Baheb. 6:10) Re ba hlolohetsoe haholo. (Luka 15:4-7) Kahoo, ba khothaletse hore ba tle libokeng. Hape, ha mora kapa morali’abo rona ea neng a se a tlohetse ho ea libokeng le tšimong a tla libokeng, re lokela ho nka bohato ba pele ka hore re mo amohele ka mofuthu. w20.11 6 ¶14-17
Laboraro, la 21 September
Le se ke la fetela ka nģ’ane ho lintho tse ngoliloeng.—1 Bakor. 4:6.
Ba e-na le ’mè oa bona, Jakobo le Johanne ba ile ba kopa Jesu hore a ba fe tokelo eo Jesu a neng a se na matla holim’a eona. Ntle ho tika-tiko, Jesu o ile a hlalosa hore ke Ntate oa hae feela ea nang le matla a ho khetha hore na ke mang ea tla lula ka letsohong la Jesu le letona kapa le letšehali ’Musong oa Molimo. (Mat. 20:20-23) Jesu o ile a bontša hore o tseba ka ho hlaka hore na matla a hae a fella kae. O ne a ikokobelitse. Ha aa ka a etsa ntho le ha e le efe eo Jehova a neng a sa mo laela hore a e etse. (Joh. 12:49) Re ka etsisa mohlala o babatsehang oa Jesu joang? Re etsisa mohlala oa Jesu oa boikokobetso ka hore re mamele keletso e hlahang temaneng ea letsatsi ea kajeno. Kahoo, ha motho e mong a re kopa keletso, ha re batle hore re fane ka maikutlo a rona kapa re bue ntho le ha e le efe e itsoelang ka likelellong tsa rona. Ho e-na le hoo, ha re fana ka keletso re sebelise Bibele le lingoliloeng tsa rona. Ha re etsa joalo, re tla be re bontša hore re tseba moo matla a rona a fellang teng. Ka ho etsa joalo, re tla be re bontša hore re ikokobelitse hape rea utloisisa hore keletso e tsoang ho Jehova e bohlokoa ho feta eo rona re ka fanang ka eona.—Tšen. 15:3, 4. w20.08 11 ¶14-15
Labone, la 22 September
U se ke oa ba ea lokileng ho feta tekanyo kapa oa iponahatsa u le bohlale ka ho fetisisa. Ke hobane’ng ha u ka ipakela tšenyeho?—Moek. 7:16.
Haeba u nahana hore u lokela ho eletsa motsoalle oa hao, ke lintho life tseo u lokelang ho li hopola? Pele u bua le eena, ipotse potso ena: ‘Na ebe ha ke iketse motho “ea lokileng ho feta tekanyo”?’ Motho ea lokileng ho feta tekanyo o ahlola batho ba bang ho ea ka hore na eena o bona eka ke eng e nepahetseng eseng ho ea ka melao ea Jehova, ebile hangata ha a mohau. Haeba u bona ho ntse ho hlokahala hore u mo eletse le ka mor’a hore u nahanisise ka botebo ka potso eo, u mo bolelle bothata ka tsela e hlakileng ’me u mo botse lipotso tse tla mo thusa ho bona phoso ea hae. U etse bonnete ba hore ntho eo u e buang e thehiloe Bibeleng, hape u hopole hore motsoalle oa hao ha a tl’o ikarabella ho uena empa o tla ikarabella ho Jehova. (Bar. 14:10) U tšepe likeletso tse bohlale tse ka har’a Bibele ’me ha u eletsa motho e mong, u be mosa joaloka Jesu. (Liprov. 3:5; Mat. 12:20) Hobane’ng? Hobane Jehova o tla re tšoara ka tsela eo re tšoarang batho ba bang ka eona.—Jak. 2:13. w20.11 21 ¶13
Labohlano, la 23 September
Khaotsang ho ahlola ka ponahalo ea ka ntle, empa le ahlole ka kahlolo e lokileng.—Joh. 7:24.
Na u ka rata ha batho ba bang ba u ahlola ho ea ka lebala la hao, litšobotsi le ’mele oa hao? Che, u ke ke. Ke ntho e thabisang haholo hore ebe Jehova eena ha a re ahlole ho ea ka hore na batho ba bona’ng. Mohlala, Samuele ha a ka a bona bara ba Jese ka tsela eo Jehova a neng a ba bona ka eona. Jehova o ne a ile a bolella Samuele hore e mong oa bara ba Jese e ne e tla ba morena oa Iseraele. Empa e ne e tla ba ofe? Ha Samuele a bona letsibolo la Jese e leng Eliabe, o ile a re: ‘Ka sebele motlotsuoa oa Jehova o ka pel’a hae.’ Eliabe o ile a khahla Samuele hoo a ileng a nahana hore ke eena eo e ka ’nang ea e-ba morena. “Empa Jehova a re ho Samuele: ‘U se ke ua talima ponahalo ea hae le bophahamo ba seemo sa hae, kaha ke mo lahlile.’ ” Re ithuta’ng tabeng ee? Hore feela joalokaha Jehova a ile a cho, “Motho o bona se bonahalang mahlong; empa ha e le Jehova, o bona seo pelo e leng sona.” (1 Sam. 16:1, 6, 7) Re tla be re etsa hantle haeba re etsisa Jehova ha re sebetsana le Bakreste-’moho le rona. w20.04 14 ¶1; 15 ¶3
Moqebelo, la 24 September
Phahamisang mahlo ’me le talime masimo, hore a soeufetse bakeng sa kotulo.—Joh. 4:35.
Jesu o ne a ntse a tsamaea har’a masimo ao mohlomong a neng a e-na le harese e sa tsoa hlomela. (Joh. 4:3-6) Harese ena e tla be e loketse ho kotuloa ka mor’a likhoeli tse ka bang tse ’ne. Kahoo, e ka ’na eaba Jesu o ne a bua ntho e sa utloahaleng ha a re: “Phahamisang mahlo ’me le talime masimo, hore a soeufetse bakeng sa kotulo.” (Joh. 4:35, 36) O ne a bolela’ng? Ha e le hantle, Jesu o ne a bua ka ho bokelloa ha batho e seng ho bokelloa ha lijo-thollo. Ak’u nahane ka ntho e neng e sa tsoa etsahala. Le hoja Bajuda ba ne ba sa isane le Basamaria, Jesu o ile a pakela mosali oa Mosamaria ea ileng a mo mamela. Bonneteng, ha Jesu a ntse a bua ka ‘masimo a soeufetseng bakeng sa kotulo,’ Basamaria ba neng ba utloetse ka eena ho mosali eane ba ne ba le tseleng e tlang ho eena hore a tl’o ba ruta. (Joh. 4:9, 39-42) Tlhaloso e ’ngoe ea Bibele ha e bua ka tlaleho ena e re: “Taba ea hore ebe batho bana ba ile ba tla kapele ho Jesu le ho tla mo mamela e bontša hore ba ne ba tšoana le harese e loketseng kotulo.” w20.04 8 ¶1-2
Sontaha, la 25 September
A re nahanelaneng hore re susumeletsane leratong le mesebetsing e metle.—Baheb. 10:24.
Liboka li re thusa hore re atlehe ha re ruta batho Bibele. Ka mohlala, re ithuta ho sebelisa lithulusi tseo re li fumanang ka har’a Teaching Toolbox hantle. Kahoo, lokisetsa hantle bakeng sa liboka. Ha u le libokeng u mamele ka hloko. Ka mor’a liboka, etsa lintho tseo u ithutileng tsona. Ha u etsa lintho tsena, u tla ba “lesole le khabane la Kreste Jesu.” (2 Tim. 2:3) Re boetse re thusoa ke limilione tsa mangeloi a matla. U nahana lengeloi le le leng le ka etsa’ng? (Esa. 37:36) Joale, u nahana hore ha e le lebotho le leholo teng a ka etsa’ng? Ha ho na motho kapa modemona ea ka o besang oa tuka khahlanong le lebotho la ntoa la Jehova. Paki e le ’ngoe ha e kopana le Jehova e ba bongata bo tšabehang. (Baahl. 6:16) Re ka kholiseha hore taba ena ke ’nete. Lula u hopola taba ena nakong eo u tšosoang ke ntho eo motho eo u sebetsang le eena, eo u kenang sekolo le eena kapa oa leloko eo e seng Paki a e buang kapa a e etsang. Hopola hore ha u loane u le mong. Empa u latela tataiso ea Jehova. w21.03 29 ¶13-14
Mantaha, la 26 September
Haeba bafu ba ke ke ba tsosoa, a re jeng ’me re noeng, etsoe hosasane re tla shoa.”—1 Bakor. 15:32.
E ka ’na eaba moapostola Pauluse o ne a qotsa Lengolo la Esaia 22:13, le bontšang tloaelo eo Baiseraele ba neng ba e-na le eona. Ba ne ba phelela ho lelekisa menate ho e-na le ho sebeletsa ho ba le kamano e ntle le Jehova. Batho ba mehleng ena ba na le maikutlo a tšoanang le a Baiseraele a hore ba lokela ho ja monate hona joale hobane ba ka ichoella neng kapa neng. Taba ea hore Jehova o tl’o tsosa bafu e lokela ho etsa hore re be hlokolosi haholo hore na ke bo-mang bao re ba khethang hore e be metsoalle ea rona. Bakreste ba Korinthe ba ne ba lokela ho ba hlokolosi hore ba se ke ba etsa setsoalle le batho ba neng ba sa lumele hore bafu ba tl’o tsosoa. Ho na le ntho eo re ka ithutang eona tabeng ena. Haeba re etsa setsoalle le batho ba se nang taba le hore na ho tla etsahala’ng ka moso empa ba shebile feela ho ja monate, ha ho na letho le molemo leo re tla le fumana ho bona. Ho qeta nako e ngata le batho ba tjena ho ka senya maikutlo le mekhoa ea rona e metle. Ho ka ba ha etsa hore re etse lintho tseo Molimo a li hloileng. Ke kahoo Pauluse a ileng a fana ka keletso ena e matla: “Tsohang le hlaphoheloe ka tsela e lokileng ’me le se ke la tloaela ho etsa sebe.”—1 Bakor. 15:33, 34. w20.12 9 ¶3, 5-6
Labobeli, la 27 September
Hlooho ea monna e mong le e mong ke Kreste; hape hlooho ea mosali ke monna; hape hlooho ea Kreste ke Molimo.—1 Bakor. 11:3.
Temana ena e hlalosa tsela eo Jehova a hlophisitseng lelapa la hae le leholimong le le lefatšeng ka eona. Bohlooho bo na le lintho tsena tse peli tsa bohlokoa e leng matla le boikarabelo. Jehova ke “hlooho” kapa re ka re ke eena ea nang le matla a maholo ka ho fetisisa ’me bana ba hae bohle, e bang ke mangeloi kapa batho ba ikarabella ho eena. (Bar. 14:10; Baef. 3:14, 15) Jehova o file Jesu matla a hore a okamele liphutheho, leha ho le joalo, Jesu o ikarabella ho Jehova mabapi le tsela eo a re tšoarang ka eona. (1 Bakor. 15:27) Jehova o boetse o file monna matla holim’a mosali oa hae le bana ba hae. Monna a ka etsa’ng e le hore e be hlooho ea lelapa e molemo? O lokela ho utloisisa hantle hore na Jehova o batla eng ho eena. O boetse o lokela ho tseba hore na ke hobane’ng ha Jehova a entse hore ho be le bohlooho ’me ka ho khetheha, a tsebe hore na a ka etsisa mohlala oa Jehova le Jesu joang tabeng ena. Ke hobane’ng ha ho le bohlokoa hore a tsebe lintho tseo? Ke hobane Jehova o file lihlooho tsa malapa boikarabelo kapa matla a itseng ’me Jehova o batla hore ba a sebelise ka tsela e nepahetseng.—Luka 12:48b w21.02 2 ¶1-3
Laboraro, la 28 September
’Na, Jehova, ke Molimo oa hao, ke ’na Ea u rutang hore u itsoele molemo.—Esa. 48:17.
Re ka etsisa Jehova ka hore ho be le lintho tseo re khethang ho li lebala. Ka mohlala, le hoja Jehova a sa lebale, o khetha ho re tšoarela le ho lebala liphoso tseo re li etsang hafeela re baka. (Pes. 25:7; 130:3, 4) O batla hore le rona re etse ntho e tšoanang ha batho ba bang ba soabetse lintho tseo ba re entseng tsona tse re utloisitseng bohloko kapa tse re koatisitseng. (Mat. 6:14; Luka 17:3, 4) Re ka bontša hore re ananela mpho eo re e filoeng ea boko ka hore re bo sebelisetse ho tlotlisa ea re fileng bona. Batho ba bang bona ba sebelisa boko ba bona ka mabaka a boithati ka ho iketsetsa melao ea hore na ntho e nepahetseng le e fosahetseng ke efe. Kaha Jehova ke eena ea re bopileng, hoa utloahala hore ebe melao ea hae ea boitšoaro e molemo ho feta melao eo rona re ka ipehelang eona. (Bar. 12:1, 2) Re ba le khotso ha re mamela melao ea Jehova. (Esa. 48:18) Re boetse rea ithuta hore na Jehova o batla hore re etse’ng ha re sa phela e le hore re mo tlotlise le ho etsa hore a be motlotlo ka rona.—Liprov. 27:11. w20.05 23-24 ¶13-14
Labone, la 29 September
Le bontšane lerato le mofuthu.—Bar. 12:10.
Mehleng ee, re ka bontša bara le barali ba bo rona lerato le mofuthu joang? Ha re ipha nako ea ho tseba Bakreste-’moho le rona haholoanyane, ho ka ba bonolo hore re ba utloisise le hore re ba bontše lerato le mofuthu. Re ka ba metsoalle ea bona ho sa tsotellehe lilemo le hore na ba holisitsoe joang. U hopole hore Jonathane o ne a feta Davida ka lilemo tse ka bang 30 empa ho ntse ho le joalo, e ile ea e-ba motsoalle oa hae ea haufi. Leka ho etsa setsoalle le batho bohle ho sa tsotellehe hore na ba baholo kapa ba banyenyane ho uena. Ha u etsa joalo, u tla be u bontša hore u na le “lerato bakeng sa mokhatlo oohle oa barab’abo rona.” (1 Pet. 2:17) Na ho rata Bakreste-’moho ho bolela hore re tla ba haufi le motho e mong le e mong ka phuthehong? Che, ntho e joalo e ke ke ea etsahala. Ha se ntho e mpe ho utloa u rata motho e mong ho feta e mong hobane ho e-na le lintho tseo le tšoanang ka tsona. Jesu o ne a bitsa baapostola ba hae “metsoalle” empa o ne a rata Johanne haholo. (Joh. 13:23; 15:15; 20:2) Leha ho le joalo, Jesu o ne a sa tšoare Johanne ka tsela e ikhethang ho feta ba bang.—Mar. 10:35-40. w21.01 23 ¶12-13
Labohlano, la 30 September
Le bonahala le ineheletse tšabo ea melimo ho feta kamoo ba bang ba ineheletseng eona kateng.—Lik. 17:22.
Ha moapostola Pauluse a bua le balichaba ba Athene, ha aa ka a bua le bona ka tsela e tšoanang le eo a ileng a bua le Bajuda ba neng ba le ka synagogeng. O ile a hlahlobisisa ka hloko lintho tse mo potolohileng a ba a elelloa le meetlo ea bona ea bolumeli. (Lik. 17:23) Ka mor’a moo, ha Pauluse a ruta batho bao thuto ea Mangolo o ile a batlana le lintho tsa bolumeli ba bona tseo ba lumellanang ka tsona. Kahoo, Pauluse o ne a ikemiselitse ho fetola maoa. O ile a bolella Baathene hore molaetsa oo a ba bolellang oona o tsoa ho “Molimo ea sa tsejoeng” eo ba neng ba leka ho mo rapela. Le hoja balichaba bao ba ne ba sa tsebe Mangolo hakaalo, Pauluse ha a ka tela hore e ke ke ea e-ba Bakreste. Ho e-na le hoo, o ile a ba nka ba tšoana le lijo-thollo tse loketseng ho kotuloa eaba o fetola tsela eo a ba bolellang litaba tse molemo ka eona. Joaloka Pauluse, sheba lintho tse u potolohileng. Sheba lintho tse ka ’nang tsa u thusa ho bona hore na batho ba tšimong ea heno ba lumela’ng. Mohlala, ke lintho life tse teng koloing kapa ha motho eo u buang le eena? Na lebitso la hae, liphahlo tsa hae, tsela eo a aparang ka eona kapa mantsoe ao a a sebelisang a u bontša hore na o bolumeling bofe? w20.04 9-10 ¶7-8