October
Moqebelo, la 1 October
“Ke mang ea tsebang kelello ea Jehova, e le hore a ka mo ruta?” Empa re fela re e-na le kelello ea Kreste.—1 Bakor. 2:16.
Ha re tseba Jesu, re tla etsisa tsela eo a neng a nahana le ho etsa lintho ka eona. Hape, ha re mo tseba haholoanyane re bile re etsisa tsela eo a nahanang ka eona, re tla atamela haufi le eena le ho feta. Re ka etsisa Jesu joang? Nahana ka mohlala ona. Jesu o ne a nahana ka ho thusa batho ba bang ho e-na le ho inahana boeena feela. (Mat. 20:28; Bar. 15:1-3) Kaha o ne nahana ka tsela eo, o ne e-na le moea oa ho itela le ho tšoarela. O ne a sa khopisoe ke lintho tseo batho ba bang ba li buang ka eena. (Joh. 1:46, 47) Ha a ka a lumella liphoso tseo batho ba li entseng nakong e fetileng li ame tsela eo a ba tšoarang ka eona. (1 Tim. 1:12-14) O ile a re: “Bohle ba tla tseba ka sena hore le barutuoa ba ka, haeba le e-na le lerato har’a lona.” (Joh. 13:35) Ipotse, “Na ke latela Jesu ka ho leka kahohle kamoo nka khonang ho bopa khotso le Bakreste-’moho le ’na?” w20.04 24 ¶11
Sontaha, la 2 October
Ba tla halaletsa lebitso la ka.—Esa. 29:23.
Ho sa tsotellehe hore na u phela har’a batho ba senyang Jehova lebitso, u na le monyetla oa hore u sireletse lebitso la hae ’me u bolelle batho hore Jehova oa halalela, o lokile, o molemo hape o lerato. U ka tšehetsa bobusi ba hae. U ka thusa batho ho utloisisa hore ke puso ea Jehova feela e lokileng le e tla tlisa khotso le thabo lefatšeng lohle. (Pes. 37:9, 37; 146:5, 6, 10) Hangata ha re ruta batho molaetsa oa Bibele, re bua haholo ka bobusi ba Jehova le hore ke eena feela ea nang le tokelo ea ho busa bokahohleng bohle ’me taba ena ke ’nete. Le hoja ho le bohlokoa hore re rute batho melao ea Jehova, sepheo sa rona se ka sehloohong ke ho ba thusa ho rata Jehova le ho lula ba mo tšepahalla. Kahoo, re lokela ho bua haholo ka makhabane a Jehova, re hatise hore na ke motho oa mofuta ofe le hore na lebitso Jehova le jeroe ke motho ea joang. (Esa. 63:7) Ha re ruta batho ka tsela eo, re tla ba thusa ho rata Jehova le ho mo mamela hobane ba batla ho mo tšepahalla. w20.06 6 ¶16; 7 ¶19
Mantaha, la 3 October
Ke mang ea etselitseng motho molomo . . . ? Na ha se ’na, Jehova?—Ex. 4:11.
Boko ba motho bo entsoe ka tsela e hlollang. Ha lesea le ntse le le ka popelong ea ’mè oa lona, boko ba lona bo haheha ka tsela eo Jehova a e rerileng, ebe motsotso o mong le o mong ho ba le lisele tse ncha tsa boko tse hlahang. Bo-ralipatlisiso ba hakanya hore boko ba motho e moholo bo na le lisele tse ikhethang tse 100 bilione tse bitsoang li-neuron ’me li etsa boko ba rona bo ka bang boima ba 1.5 kg. Bokhoni bo bong bo hlollang ka boko ba rona ke bokhoni ba rona ba ho bua. Lentsoe ka leng leo u le buang, boko ba hao bo lokela ho tsamaisa mesifa e ka bang lekholo lelemeng, qoqothong, molomong, mehlareng le ka sefubeng sa hao. E le hore u bitse mantsoe hantle, mesifa ena e lokela ho tsamaea ka tsela e itseng. Lipatlisiso tse entsoeng ka 2019 li bontša hore ngoana oa lesea a ka khona ho utloa mantsoe a itseng le ho arabela a itseng. Taba ena e lumellana le bo-ralipatlisiso ba bang ba lumelang hore re hlaha re e-na le bokhoni ba ho utloa le ho ithuta lipuo tse ling. Kannete bokhoni ba ho bua ke mpho e tsoang ho Jehova. w20.05 22-23 ¶8-9
Labobeli, la 4 October
O ne a letetse motse o nang le metheo ea sebele, motse oo sehahi le moetsi oa oona e leng Molimo.—Baheb. 11:10.
Abrahama o ile a lumela ho tlohela bophelo bo mabotho-botho boo a neng a bo phela ha a ntse a le motseng oa habo oa Ure. Hobane’ng? Hobane “o ne a letetse motse o nang le metheo ea sebele.” (Baheb. 11:8-10, 16) Motse oo Abrahama a neng a o letetse ke ’Muso oa Molimo. ’Muso oo o entsoe ka Jesu Kreste le Bakreste ba tlotsitsoeng ba 144 000. Pauluse o hlalosa ’Muso oo e le “motse oa Molimo ea phelang, Jerusalema ea leholimo.” (Baheb. 12:22; Tšen. 5:8-10; 14:1) Jesu o ile a ruta barutuoa ba hae hore ba rapelle ’Muso ona ’me ba kope hore thato ea Molimo e etsahale lefatšeng joalokaha e etsahala leholimong. (Mat. 6:10) Na Abrahama o ne a tseba lintlha tse felletseng tsa hore na ’Muso oa Molimo o ne o tla hlophisoa joang? Che. Lintlha tse amanang le ’Muso ona oa Molimo ebile “sephiri se halalelang” ka lilemo tse ngata. (Baef. 1:8-10; Bakol. 1:26, 27) Empa Abrahama o ne a tseba hore tse ling tsa litloholo tsa hae e ne e tla ba marena. Jehova ke eena ea ileng a etsa tšepiso eo.—Gen. 17:1, 2, 6. w20.08 2-3 ¶2-4
Laboraro, la 5 October
Le tsoele pele le tsamaea bonngoeng le [Morena], le metse ka metso ’me le ntse le hahuoa ho eena ’me le ntse le tsitsisoa tumelong.—Bakol. 2:6, 7.
Re lokela ho hana lithuto tsa bakoenehi. Haesale ho tloha ha phutheho ea Bokreste e ne e thehoa, Diabolose o ’nile a sebelisa bathetsi ba bangata ho jala lipelaelo ka likelellong tsa bahlanka ba tšepahalang ba Jehova. Ka lebaka leo, re lokela ho tseba phapang pakeng tsa hoo e leng ’nete le hoo e leng leshano. Lira tsa rona li ka sebelisa Inthanete kapa mecha ea puisano ho leka ho thefula tumelo ea rona ho Jehova le lerato leo re ratang Bakreste-’moho le rona ka lona. U hopole hore na ke mang motho ea ikarabellang linthong tsena kaofela ’me u se ke oa li lumela! (1 Joh. 4:1, 6; Tšen. 12:9) E le hore re hlole liteko tsa Satane, re lokela ho matlafatsa tumelo ea rona ho Jesu le karolong eo a e phethang mererong ea Jehova. Re boetse re lokela ho tšepa mocha oo Jehova a o sebelisang mehleng ena. (Mat. 24:45-47) Re matlafatsa tumelo ea rona ka hore nako le nako re ithute Lentsoe la Molimo. Ka tsela ena, tumelo ea rona e tla tšoana le sefate seo methapo ea sona e tebetseng tlaase haholo. Pauluse o ile a bua ntho e tšoanang le eo ha a ne a ngola mantsoe a temana ea kajeno. w20.07 23-24 ¶11-12
Labone, la 6 October
Motho o bona se bonahalang mahlong; empa ha e le Jehova, o bona seo pelo e leng sona.—1 Sam. 16:7.
Kaha ha rea phethahala, re na le tloaelo ea ho ahlola batho ba bang ho ea ka chebahalo ea bona. (Joh. 7:24) Empa mahlo a rona a re bolella lintho tse fokolang feela ka motho e mong. Ka mohlala, esita le ngaka e nang le tsebo le boiphihlelo e ke ke ea tseba mathata a mokuli ka hore e mo shebe feela. Ngaka e lokela ho mamela mokuli oa eona ka hloko e le hore e tsebe hore na o ne a tšoeroe ke’ng nakong e fetileng, o ikutloa joang ka bokuli ba hae le hore ke matšoao afe ao e a bonang ho mokuli. Ngaka e ka ba ea kopa mokuli hore a ee seiponeng (X-ray) e le hore e tl’o bona hantle hore na bothata ba mokuli ke bofe. Haeba e sa etse joalo, e ka fa mokuli litlhare tse fosahetseng. Ka tsela e tšoanang, re ke ke ra utloisisa Bakreste-’moho le rona haeba re ka ameha feela ka hore na ba shebahala joang. Re lokela ho utloisisa hore na ke batho ba joang. ’Nete ke hore re ke ke ra khona ho bala lipelo tsa batho. Empa re ka leka kahohle ho etsisa Jehova. O mamela barapeli ba hae. O utloisisa maemo a bona le lintho tse ba potolohileng le hore na ke hobane’ng ha ba etsa lintho ka tsela e itseng. Hape, o ba utloela-bohloko. w20.04 14-15 ¶1-3
Labohlano, la 7 October
[Nahana] e le hore [u] be le kelello e hlaphohileng.—Bar. 12:3.
Re lokela ho loanela ho ikokobetsa hobane batho ba ikhohomosang ha ba na “kelello e hlaphohileng.” Batho ba ikhohomosang ba rata likhang ebile ba nahana hore ke ba bohlokoa ho feta batho ba bang. Tsela eo ba nahanang ka eona le lintho tseo ba li etsang, hangata li ba utloisa bohloko ebile li utloisa le batho ba bang bohloko. Haeba ba sa fetole tsela eo ba nahanang ka eona, Satane o tla senya likelello tsa bona a be a li foufatse. (2 Bakor. 4:4; 11:3) Empa motho ea ikokobelitseng o hlaphohetsoe kelellong. O ipona ka tsela e nepahetseng hape o nka batho ba bang ba mo phahametse. (Bafil. 2:3) Hape oa tseba hore “Molimo o hanyetsa ba ikhohomosang, empa o fana ka mosa o sa tšoanelang ho ba ikokobelitseng.” (1 Pet. 5:5) Batho ba ikokobelitseng ha ba batle ho etsa Jehova sera sa bona. E le hore re lule re ikokobelitse, re lokela ho mamela keletso ea Bibele e reng re ‘hlobole botho ba khale le litloaelo tsa bona ’me re ikapese botho bo bocha.’ Re lokela ho hlahloba mohlala oa Jesu ’me re leke kahohle-hohle ho mo etsisa.—Bakol. 3:9, 10; 1 Pet. 2:21. w20.07 7 ¶16-17
Moqebelo, la 8 October
’Mele [o mong empa o] na le litho tse ngata.—1 Bakor. 12:12.
Ke tlotla ho ba karolo ea mokhatlo oa Jehova! Re ba le khotso le thabo ha re sebeletsa Jehova hammoho le bara le barali ba bo rona. Joale sebaka sa hao ke sefe ka mokhatlong? Moapostola Pauluse o ile a bapisa phutheho le ’mele oa motho. O ile a boela a bapisa batho ba ka phuthehong le litho tsa ’mele. (Bar. 12:4-8; 1 Bakor. 12:12-27; Baef. 4:16) Ntho ea pele eo re ka ithutang eona papisong ea Pauluse ke hore motho e mong le e mong o na le sebaka sa bohlokoa ka lapeng la Jehova. Pauluse o qala papiso ea hae ka ho re: “Feela joalokaha ’meleng o le mong re e-na le litho tse ngata, empa e se litho tsohle tse nang le mosebetsi o tšoanang, kahoo rona, le hoja re le bangata, re ’mele o le mong bonngoeng le Kreste, empa ka bomong re litho tsa tse ling.” (Bar. 12:4, 5) Pauluse o ne a bolela’ng? Kaofela ha rona re etsa lintho tse sa tšoaneng ka mokhatlong ha ka nako e tšoanang re boetse re le bohlokoa. w20.08 20 ¶1-2; 21 ¶4
Sontaha, la 9 October
Eaba Jehova o re ho [lona], ‘Ka eng?’—1 Mar. 22:21.
Batsoali le ka etsisa mohlala oa Jehova joang oa boikokobetso? Ha maemo a lumela u ka kopa bana ba hao hore ba fane ka maikutlo a hore na mosebetsi o itseng o ka etsoa joang. Joale ha maemo a loketse, latela litlhahiso tseo tsa bona. Jehova o boetse o behile mohlala oa ho ba le mamello ha bahlanka ba hae ba mo botsa lipotso ka liqeto tseo a li entseng. O ile a mamela Abrahama ha a ntša maikutlo a hae ka qeto eo a e entseng ea ho felisa Sodoma le Gomora. (Gen. 18:22-33) Hape na u sa hopola hore na Jehova o ile a tšoara Sara mosali oa Abrahama joang? Ha aa ka a utloa eka o hlompholotsoe kapa hona hore a halefe nakong eo Sara a neng a tšeha ha a ne a fana ka tšepiso ea hore Sara o ne a tla ba le ngoana botsofaling ba hae. (Gen. 18:10-14) Ho e-na le hoo, o ile a tšoara Sara ka tlhompho. Batsoali le baholo le ka ithuta’ng mohlaleng oa Jehova? Na u ka hopola hore na u ee u etse’ng ha batho ba leng boikarabelong ba hao ba sa lumellane le liqeto tsa hao? U etsa’ng, na u nahana pele ka ho ikemela? Kapa na u leka ho utloisisa hore na ke hobane’ng ha ba nahana joalo? Liphutheho le malapa lia thaba ha bohle ba nang le boikarabelo ba etsisa Jehova. w20.08 10 ¶7-9
Mantaha, la 10 October
Matla a ka a ntse a etsoa a phethahetseng bofokoling.—2 Bakor. 12:9.
Ha re ne re qala ho ithuta ka Jehova, ho ka etsahala hore ebe re ne re lumela hore batho ba bang ba re thuse hobane re ne re tseba hore ho sa na le lintho tse ngata tseo re neng re lokela ho ithuta tsona. (1 Bakor. 3:1, 2) Empa ho joang hona joale? Haeba e se e le lilemo-lemo re sebeletsa Jehova ’me re se re e-na le boiphihlelo, re ka ’na ra se ke ra batla ho thusoa haholo-holo ha re thusoa ke motho eo e seng khale e le Paki. Leha ho le joalo, hangata Jehova o sebelisa bara le barali babo rona ho re matlafatsa. (Bar. 1:11, 12) Haeba re batla hore Jehova a re fe matla, re lokela ho lumela ha bara le barali ba bo rona ba re thusa. Motho a ke ke a atleha feela ha a e-na le matla, a rutehile, a ruile kapa a tumme sechabeng empa ntho e ka mo thusang ke hore a ikokobetse le hore a itšetlehe ka Jehova. E se eka kaofela ha rona re ka sebeletsa ho re (1) re itšetlehe ka Jehova, (2) re ithute mehlaleng ea batho ba hlahang ka Bibeleng, le (3) re lumele ha bara le barali babo rona ba re thusa. Kahoo, ho sa tsotellehe hore na re ikutloa re fokola hakae, Jehova o tla etsa hore re be matla! w20.07 14 ¶2; 19 ¶18-19
Labobeli, la 11 October
[Bontšang] mafolofolo a tšoanang . . . e le hore le se ke la noaboloha, empa le be baetsisi ba bao ka tumelo le ho se fele pelo ba ruang litšepiso.—Baheb. 6:11, 12.
Boemo bo bong boo ho bona ho ka bang thata ho bontša mamello ke ha re pakela beng ka rona bao e seng Lipaki. Molao-motheo o hlahang ho Moeklesia 3:1, 7 o ka re thusa. O re: “Ho na le . . . nako ea ho khutsa le ea ho bua.” Re ka lumella boitšoaro ba rona bo botle hore bo fane ka bopaki empa re boetse hape re ntšitse mahlo linameng e le hore re fane ka bopaki ha monyetla o hlaha. (1 Pet. 3:1, 2) Re lokela ho ba le mamello ho batho bohle ho akareletsa le beng ka rona ha re ntse re bolela le ho ruta ka cheseho. Re ka ithuta ho ba le mamello mehlaleng ea batho ba tšepahalang ba ka Bibeleng le ho batho ba mehleng ena. Habakuke o ile a leta ka nako e telele hore bokhopo bo fele empa a bontša hore o na le mamello ha a re: “Ke tla ’ne ke eme sebakeng sa ka sa ho lebela.” (Hab. 2:1) Moapostola Pauluse o ile a bua ho tsoa pelong hore o lakatsa ho phetha mosebetsi oa boboleli. Ho ntse ho le joalo, ka mamello o ile a “pakela ka ho phethahetseng litaba tse molemo.”—Lik. 20:24. w20.09 11-12 ¶12-14
Laboraro, la 12 October
[Jesu haa ka] a nahana ho inkela ka mahahapa, e leng, hore o lokela ho lekana le Molimo.—Bafil. 2:6.
Le hoja Jesu e le motho oa bobeli ea matla ka ho fetisisa, ha aa ka a inahana ho feta kamoo ho hlokehang kateng. Bahlanka ba Jehova ba ikokobelitseng ba etsisa Jesu ka ho tlatsetsa hore ho be le lerato e leng eona ntho e khethollang mokhatlo oa Molimo. (Luka 9:48; Joh. 13:35) U lokela ho etsa’ng haeba u bona eka ho na le mathata ka phuthehong ’me u bona eka baholo ha baa sebetse? Ho e-na le hore u tletlebe, u ka bontša hore u ikokobelitse ka hore u tšehetse ba etellang pele. (Baheb. 13:17) E le hore u khone ho etsa joalo, u lokela ho ipotsa lipotso tsena: ‘Na mathata aa a tebile hoo a lokeloang ho eloa hloko? Na ee ke nako e nepahetseng ea ho a lokisa? Na ke boikarabelo ba ka ho a lokisa? Ha e le ho bua ’nete, na ke tla be ke etsa hore phutheho e momahane kapa ke batla ho hlahella?’ Jehova o rata boikokobetso e seng bokhoni boo re nang le bona, o boetse o rata bonngoe e seng lintho tseo re li finyeletseng. Kahoo, leka kahohle hore u sebeletse Jehova u ikokobelitse. Ha u etsa joalo, u tla etsa hore ho be le bonngoe ka phuthehong.—Baef. 4:2, 3. w20.07 4-5 ¶9-11
Labone, la 13 October
Jesu a re ho bona: “Le se ke la tšaba! E-eang, le tlalehele barab’eso.”—Mat. 28:10.
Jesu o ile a ananela ho thusoa ke basali ba ratang Molimo ba neng ba mo “sebeletsa ka lintho tsa bona.” (Luka 8:1-3) O ile a ba ruta lithuto tsa bohlokoa ka ho etsa thato ea Molimo. Mohlala, o ile a ba bolella hore o ne a tla bolaoa a be a tsosoe. (Luka 24:5-8) Joalokaha a ile a koetlisa baapostola, o ile a etsa ntho e tšoanang le ka basali bao e le hore ba ka tobana le liphephetso nakong e tlang. (Mar. 9:30-32; 10:32-34) E ka ba hantle ho hopola hore esita leha baapostola ba ile ba baleha ha Jesu a tšoaroa, ba bang ba basali ba neng ba mo tšehetsa ba ne ba e-na le eena nakong eo a neng a khokhothetsoe thupeng. (Mat. 26:56; Mar. 15:40, 41) Basali ba sebeletsang Molimo e ile ea e-ba bona ba pele ba ho tseba ka tsoho ea Jesu. O ile a bolella basali bao hore ba il’o bolella baapostola hore o tsositsoe bafung. (Mat. 28: 5, 9, 10) Hape ka Pentekonta ea selemo sa 33 mehleng ea baapostola, ho ka etsahala hore ebe basali ba ne ba le teng ha ho ne ho fanoa ka moea o halalelang ’me ba ile ba e-ba le monyetla oa ho bua lipuo tse ling le ho bolella batho “lintho tse hlollang tsa Molimo.”—Lik. 1:14; 2:2-4, 11. w20.09 23 ¶11-12
Labohlano, la 14 October
Ikele hloko kamehla ’me u ele hloko le ho ruta ha hao.—1 Tim. 4:16.
Mosebetsi oa ho etsa batho barutuoa o pholosa maphelo a batho. Re tseba joang? Ha Jesu a ne a fana ka taelo e hlahang ho Matheu 28:19, 20, o ile a re: “E-eang ’me le etse batho . . . barutuoa, le ba kolobetse.” Ho bohlokoa hakae ho kolobetsoa? E le hore re fumane bophelo bo sa feleng re lokela ho kolobetsoa. Motho ea batlang ho kolobetsoa o lokela ho lumela hore lefu la Jesu le tsoho ea hae ke tsona feela tse ka re bulelang monyetla oa ho fumana bophelo bo sa feleng. Ke kahoo moapostola Petrose a ileng a re ho Bakreste-’moho eena: “Se lekanang le sena le sona joale sea le pholosa, e leng, kolobetso . . . ka tsoho ea Jesu Kreste.” (1 Pet. 3:21) Haeba morutuoa a kolobetsoa, o tla ba le tšepo ea bophelo bo sa feleng. Ho hlokahala hore re be le “tšebo ea ho ruta” e le hore re khone ho etsa batho barutuoa. (2 Tim. 4:1, 2) Hobane’ng? Hobane Jesu o re file taelo e reng: “E-eang ’me le etse batho . . . barutuoa, . . le ba rute.” Moapostola Pauluse o ile a re re sebetse ka thata mosebetsing oo ’me a eketsa ka hore: “Ka ho etsa joalo, u tla ipholosa ’me u pholose le ba u mamelang.” w20.10 14 ¶1-2
Moqebelo, la 15 October
Ho tloha joale ho ea pele u tla tšoasa batho ba phela.—Luka 5:10.
Moapostola Petrose o ile a ithuta ho rata ho ba motšoasi oa batho. Kaha Jehova o ile a mo thusa, o ile a ipabola mosebetsing oo. (Lik. 2:14, 41) Lebaka le ka sehloohong le re susumeletsang hore re etse mosebetsi oa boboleli ke hobane re rata Jehova. Ho rata Jehova ho ka re thusa hore re hlole maikutlo a hore ha re tšoanelehe. Ha Jesu a ne a mema Petrose hore e be motšoasi oa batho, o ile a re ho eena: “Khaotsa ho ba le tšabo.” (Luka 5:8-11) Petrose ha aa ka a tšosoa ke taba ea hore na ho tla etsahala’ng ka eena ha e ka ba morutuoa. Ho e-na le hoo, o ile a tšosoa ke mohlolo oo Jesu a ileng a o etsa ha a ba thusa ho tšoasa litlhapi ’me ntho eo e ile ea etsa hore a ikutloe a sa tšoanelehele hore a ka sebetsa le Jesu. Joaloka Petrose, u ka ’na oa tšoha ha u hlokomela hore na ho ba morutuoa oa Kreste ho akareletsa’ng. Haeba ho joalo, matlafatsa tsela eo u ratang Jehova, Jesu le moahelani oa hao ka eona ’me u tla susumetseha hore u amohele memo ea Jesu ea hore u be motšoasi oa batho.—Mat. 22:37, 39; Joh. 14:15. w20.09 3 ¶4-5
Sontaha, la 16 October
Ka hona e-eang ’me le etse . . . barutuoa, . . . le ba rute.—Mat. 28:19, 20.
Re tela nako, matla le lichelete tsa rona ka ho rata e le hore re fumane batho ba nang le “tšekamelo e nepahetseng bakeng sa bophelo bo sa feleng.” (Lik. 13:48) Ha re etsa joalo re etsisa Jesu. O ile a re: “Lijo tsa ka ke hore ke etse thato ea ea nthomileng le hore ke qete mosebetsi oa hae.” (Joh. 4:34; 17:4) Ka tsela e tšoanang le rona re na le tabatabelo e matla ea ho qeta mosebetsi oo re o filoeng. (Joh. 20:21) Hape re batla ho etsa mosebetsi ona ho fihlela qetellong hammoho le batho ba bang, esita le ba neng ba se ba tlohetse ho ea libokeng le tšimong. (Mat. 24:13) Ke ’nete hore ha ho bonolo ho etsa mosebetsi oo Jesu a re laetseng hore re o etse. Empa ha re o etse re le bang. Jesu o re tšepisitse hore o tla re thusa. Ha re ntse re etsa mosebetsi ona oa ho etsa batho barutuoa, re ba “basebetsi-’moho le Molimo” ebile re sebetsa “hammoho le Kreste.” (1 Bakor. 3:9; 2 Bakor. 2:17) Kahoo re ka khona ho o qeta. Ho etsa mosebetsi ona le ho thusa batho ba bang ho o etsa ke tlotla e kholo ebile ho re thabisa haholo.—Bafil. 4:13. w20.11 7 ¶19-20
Mantaha, la 17 October
Jesu a ’na a hatela pele bohlaleng le kholong ea ’mele ’me a amoheleha ho Molimo le ho batho.—Luka 2:52.
Hangata liqeto tseo batsoali ba li etsang li ama bana ba bona ka nako e telele. Haeba batsoali ba etsa liqeto tse fosahetseng, ba ka kenya bana ka har’a tebe-tebe ea mathata. Empa haeba ba etsa liqeto tse nepahetseng, ba thusa bana ba bona hore qetellong ba thabe bophelong. Empa bana le bona ba lokela ho etsa liqeto tse nepahetseng. Qeto e molemo ka ho fetisisa eo motho a ka e etsang ke ea ho sebeletsa Jehova Ntate oa rona ea re ratang. (Pes. 73:28) Batsoali ba Jesu ba ne ba ikemiselitse ho thusa bana ba bona ho sebeletsa Jehova. Liqeto tseo Josefa le Maria ba ileng ba li etsa li ile tsa bontša hore ho sebeletsa Jehova ke eona ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa ho bona. (Luka 2:40, 41, 52) Jesu le eena o ile a etsa liqeto tse nepahetseng tse ileng tsa mo thusa ho etsa thato ea Jehova. (Mat. 4:1-10) Ha Jesu a se a le moholo, e ne e le motho ea mosa, ea tšepahalang le ea sebete. Batsoali bohle ba ratang Jehova ba ne ba ka thaba le ho ikotla sefuba ka ngoana ea tjena. w20.10 26 ¶1-2
Labobeli, la 18 October
Mahlo a hao, a lokela ho talima pele ka ho toba.—Liprov. 4:25.
Ak’u nahane ka mehlala ena. Morali’abo rona ea seng a holile o ntse a nahana ka liketsahalo tse monate tsa mehleng ea hae. Le hoja hona joale mathata a ntse a e-hloa manolo holimo, ha a khaotse ho sebeletsa Jehova ka pelo eohle. (1 Bakor. 15:58) Letsatsi le chabang le le likelang o lula a ipona a se a le paradeiseng le batho bao a ba ratang. Ho boetse ho na le morali e mong oa bo rona ea hopolang hore o ile a utloisoa bohloko ke Mokreste-’moho le eena empa oa itjoetsa hore o tla ntša taba eo ka kelellong ea hae. (Bakol. 3:13) Mor’abo rona e mong o hopola liphoso tseo a li entseng khale empa o khetha ho shebana le hore na a etse’ng ho tloha hona joale ho ea pele e le hore a lule a tšepahala. (Pes. 51:10) Bakreste baa ba bararo ba tšoana ka eng? Kaofela ha bona ba hopola lintho tse ba etsahalletseng nakong e fetileng empa ha ba nahane haholo ka tsona. Ho e-na le hoo, ba shebile pele bokamosong ba bona. Ke hobane’ng ha ho le bohlokoa ho etsa joalo? Haeba motho ea ntseng a tsamaea a hetla khafetsa, o tla qetella a hlahlathetse. Ka tsela e tšoanang re ke ke ra khona ho ea pele ka tšebeletso eo re e etsetsang Jehova haeba re lula re nahana haholo ka lintho tsa khale.—Luka 9:62. w20.11 24 ¶1-3
Laboraro, la 19 October
A qala ho mo nyelisa.—1 Sam. 17:42.
Goliathe o ne a bona Davida a fokola a bile a se na matla. Goliathe o ne a le matla, a e-na le lihlomo tsa ntoa a bile a koetlisitsoe. Davida eena ka lehlakoreng le leng, e ne e le moshanyana feela ea se nang boiphihlelo a bile a se na le lihlomo tsa ntoa. Empa o ile a itšetleha ka Jehova hore a mo fe matla ’me o ile a khona ho hlola sera seo sa hae. (1 Sam. 17:41-45, 50) Davida o ile a thulana le bothata bo bong bo neng bo ka etsa hore a ikutloe a fokola kapa a se na matla. Ka botšepehi, Davida o ile a sebeletsa morena oa Iseraele e leng Saule ea neng a khethiloe ke Jehova. Qalong Morena Saule o ne a hlompha Davida. Hamorao, Saule o ile a qala ho ikhohomosa eaba o monela Davida. Saule o ile a tšoara Davida hampe ’me a ba a leka ho mo bolaea. (1 Sam. 18:6-9, 29; 19:9-11) Davida o ile a tsoela pele ho hlompha morena eo ea khethiloeng ke Jehova ho sa tsotellehe tsela eo a neng a mo tšoara ka eona. (1 Sam. 24:6) Ho e-na le hoo, Davida o ile a itšetleha ka Jehova e le hore a mo fe matla ao a a hlokang e le hore a ka mamella bothata bona bo boima.—Pes. 18:1, sehloohoana. w20.07 17 ¶11-13
Labone, la 20 October
Nakong ea bofelo morena oa boroa o tla kopanela le [morena oa leboea] ho sututsaneng.—Dan. 11:40.
Boholo ba boprofeta bo buang ka morena oa leboea le morena oa boroa bo se bo phethahetse, kahoo, re ka kholiseha hore karolo e setseng ea bona e tla phethahala. E le hore re utloisise boprofeta bo hlahang ho Daniele khaolo ea 11 hantle, re lokela ho lula re hopola hore bo ipuela feela ka marena le mebuso e loantšang bahlanka ba Molimo. Hape, le hoja bahlanka ba Molimo ba le banyane haholo ha ba bapisoa le batho ba bang, ke bona ba hlorisoang ke marena le mebuso. Hobane’ng? Ke hobane ntho e ka sehloohong eo Satane le lefatše lena ba e batlang ke ho felisa batho ba sebeletsang Jehova le Jesu. (Gen. 3:15; Tšen. 11:7; 12:17) Ho phaella moo, boprofeta bo hlahang ho Daniele bo lokela ho lumellana le boprofeta bo bong bo hlahang ka Bibeleng. Hape, e le hore re utloisise boprofeta ba Daniele hantle, re lokela ho bo bapisa le likarolo tse ling tsa Mangolo. w20.05 2 ¶1-2
Labohlano, la 21 October
Bafu ba tla tsosoa joang? E, ba tla ka ’mele oa mofuta ofe?—1 Bakor. 15:35.
Batho ba bangata mehleng ena ba na le litumelo tse ngata ka hore na ho etsahala’ng ka motho ka mor’a hore a shoe. Empa Bibele eona e re’ng ka taba ee? Ha motho a shoa ’mele oa hae oa bola. Empa haeba Molimo o khonne ho bopa leholimo le lefatše tse neng li le sieo, a ka khona ho tsosa motho ea shoeleng a ba a mo fa ’mele oo a o hlokang. (Gen. 1:1; 2:7) Moapostola Pauluse o ile a sebelisa papiso e le ho bontša hore Molimo o ne a ke ke a hloka ho tsosa motho ka ’mele o tšoanang le oa hae oa pele. Nahana ka ‘peo.’ Ha peo e jetsoe ea hola ebe e fetoha semela. Semela seo ha se tšoane le peo. Pauluse o ile a sebelisa mohlala ona ho bontša hore ’Mopi oa rona a ka fa motho “’mele feela joalokaha ho mo khahlile.” Hape Pauluse o ile a re ho na le “’mele ea leholimo, le ’mele ea lefatše.” O ne a bolela’ng? Lefatšeng mona re na le ’mele ea nama empa ba phelang leholimong ba na le ’mele ea moea e kang eo mangeloi a nang le eona.—1 Bakor. 15:36-41. w20.12 10 ¶7-9
Moqebelo, la 22 October
Ke tla beha khanyetso moeeng oa ka halelele hakae, mesarelo ka pelong ea ka [letsatsi le letsatsi]?—Pes. 13:2.
Kaofela ha rona re batla ho phela ka khotso. Ha ho na motho ea thabelang ho tšoenyeha. Ho ntse ho le joalo, ka linako tse ling re ka ikutloa re tšoenyehile haholo eaba re botsa potso e tšoanang le eo Morena Davida a ileng a e botsa tenaneng ea kajeno. Ho na le lintho tse ling tse ka re nyahamisang tseo re se nang matla a feletseng holim’a tsona. Mohlala, re ke ke ra khona ho laola litšenyehelo tsa lijo, liphahlo le bolulo ha li ntse li nyoloha selemo le selemo kapa hona ho laola makhetlo ao ka ’ona basebetsi-’moho kapa bana bao re kenang sekolo le bona ba ka lekang ho re susumeletsa ho etsa boitšoaro bo bobe kapa ho se tšepahale. Hape re ke ke ra thibela tlolo ea molao e bang teng moo re phelang teng. Re tobana le mathata ana hobane re phela lefatšeng leo ho lona batho ba bangata ba sa pheleng ka melao ea Molimo. Satane, molimo oa lefatše lena oa tseba hore batho ba bang ba tla lumella “matšoenyeho a tsamaiso ena” ho ba khina ho sebeletsa Jehova. (Mat. 13:22; 1 Joh. 5:19) Kahoo, ha ho makatse hore ebe lefatše le tletse ka lintho tse ngata tse re tšoenyang. w21.01 2 ¶1, 3
Sontaha, la 23 October
E mong le e mong ea hloileng mor’abo ke ’molai ’me lea tseba hore ha ho ’molai eo bophelo bo sa feleng bo lutseng ho eena.—1 Joh. 3:15.
Moapostola Johanne o ile a re khothalletsa hore re se ke ra hloea bara kapa baralib’abo rona. Haeba re sa mamele keletso eo, re ipeha kotsing ea hore re susumetsoe ke Satane. (1 Joh. 2:11) Ntho eo e ile ea etsahalla batho ba bang qetellong ea mehla ea Johanne. Satane o ne a ikeme lepaketla ka hore a arole batho ba Molimo le hore ba hloeane. Nakong eo Johanne a neng a ngola mangolo a hae ho ne ho se ho e-na le banna ba tšoanang le Satane ba neng ba tlile ka phuthehong. Mohlala, Diotrefe o ne a se a entse likarohano tse mpe haholo ka phuthehong. (3 Joh. 9, 10) O ne a tella baemeli ba sehlopha se busang. Diotrefe o ne a se a bile a lekile ho leleka batho ba neng ba amohela baeti bao a neng a sa ba rate ka phuthehong. O ne a se a tsoile tseleng hakaakang! Satane o ntse a leka ka matla ho arola batho ba Molimo le hore ba se ke ba thusana mehleng ena. E se eka re ke ke ra lumella lehloeo hore le re arole le Bakreste-’moho le rona. w21.01 11 ¶14
Mantaha, la 24 October
Ha li qetile ho paka, sebata . . . se tla loana le tsona ’me se li hlole le ho li bolaea.—Tšen. 11:7.
Ntoeng ea pele ea lefatše, ’muso oa Jeremane le ’muso oa Brithani e ile ea hlorisa bahlanka ba Molimo ba ileng ba hana ho kenela sesole. Athe koana Amerika teng, ’muso o ile oa isa barab’abo rona ba neng ba etella pele mosebetsing oa boboleli chankaneng. Lintho tsena kaofela li ile tsa phethahatsa boprofeta bo tlalehiloeng ho Tšenolo 11:7-10. Hamorao lilemong tsa bo-1930, haholo-holo nakong ea Ntoa ea Bobeli ea Lefatše, morena oa leboea o ile a hlasela batho ba Molimo a se na le mohau. Hitler le balateli ba hae ba ile ba thibela mosebetsi oa bahlanka ba Molimo. Morena oa leboea e leng Jeremane o ile a bolaea bahlanka ba Jehova ba ka bang 1 500 eaba o isa ba likete-kete likampong tsa mahloriso. Morena oa leboea o ile ‘a nyatsa selekane se halalelang’ eaba o ‘tlosa tšobotsi ea kamehla’ ke hore ka bokhopo bohle a thibela bolokolohi ba bahlanka ba Molimo ba ho rorisa lebitso la Jehova phatlalatsa. (Dan. 11:30b, 31a) ’Musi oa bona e leng Hitler, o ile a ba a ikana hore o tl’o bolaea Paki e ’ngoe le ’ngoe e lulang Jeremane. w20.05 6 ¶12-13
Labobeli, la 25 October
Ka lerato la bara ba motho le bontšane lerato le mofuthu. Etellang pele ho bontšaneng tlhompho.—Bar. 12:10.
Haeba re bontšana lerato, re thibela hore ho se ke ha eba le moea oa tlholisano ka phuthehong. Hopola hore Jonathane ha aa ka a monela Davida ka hore o batla ho mo nkela borena. (1 Sam. 20:42) Kaofela ha rona re ka etsisa mohlala oa Jonathane. U se ke oa monela Bakreste-’moho le uena ka lebaka la bokhoni ba bona ‘empa ka ho ikokobetsa kelellong u nke hore ba u phahametse.’ (Bafil. 2:3) Hopola hore motho e mong le e mong ka phuthehong a ka khona ho etsa ntho e ka thusang phutheho. Kahoo, haeba re lula re ikokobelitse, re tla khona ho bona makhabane a bara le barali ba bo rona ’me re tla rua melemo mehlaleng ea bona. (1 Bakor. 12:21-25) Ha re bontšana lerato ebile re utloana, re etsa hore ho be le bonngoe har’a bahlanka ba Molimo. Re bontša hore re barutuoa ba Jesu ’me ka ho etsa joalo re etsa hore batho ba bonolo ba batle ho sebeletsa Jehova. Habohlokoa le ho feta, re halaletsa Jehova “ntate oa mehauhelo e bonolo le Molimo oa matšeliso ’ohle.”—2 Bakor. 1:3. w21.01 24 ¶14; 25 ¶16
Laboraro, la 26 October
Kahobane ha le karolo ea lefatše, . . . lefatše le le hloile.—Joh. 15:19.
Mehleng ena batho ba bangata ha ba hlomphe Lipaki ebile baa li soma hobane ba nahana hore ha li ea ruteha ebile ha li na matla. Hobane’ng? Ke hobane Lipaki ha li lumellane le mekhoa eo batho bao ba phelang har’a bona ba phelang ka eona. Re leka ho ikokobetsa, ho ipeha fatše le ho mamela. Leha ho le joalo, batho ba bangata mehleng ena ba rata batho ba ikhohomosang, ba ikhantšang le ba itaolang kapa ba sa mameleng. Lebaka le leng ke hore ha re kenelle lipolotiking kapa hona ho ba litho tsa sesole linaheng tsa rona. Re fapane le batho ba mehleng ena, kahoo ba nahana hore rea fokola. (Bar. 12:2) Le hoja batho ba bangata lefatšeng ba nahana hore rea fokola, Jehova eena o re sebelisa ho finyella lintho tse kholo. O khona ho finyella mosebetsi o moholo ka ho fetisisa e leng oa ho bolela. Bahlanka ba hae mehleng ena, ba fetolela le ho aba lingoliloeng tse ngata ka ho fetisisa hape ba sebelisa Bibele ho thusa batho ba limilione ho fetola bophelo ba bona. Tsena tsohle li ne li ke ke tsa khoneha ha e se ka thuso ea Jehova. w20.07 15 ¶5-6
Labone, la 27 October
Joalokaha Ntate a mphile taelo hore ke etse, ke etsa joalo.—Joh. 14:31.
Jesu o hlompha bohlooho ba Jehova, eseng hobane a haelloa ke bohlale kapa tsebo e itseng. Tsela e bonolo le e hlakileng eo a rutang ka eona e bontša hore ke motho ea bohlale ka ho fetisisa. (Joh 7:45, 46) Jehova o ile a ananela bokhoni ba Jesu haholo hoo a ileng a lumella Jesu hore a sebetse le eena ha a ne a bopa leholimo le lefatše. (Liprov. 8:30; Baheb. 1:2-4) Hape ka mor’a hore Jesu a tsosoe, Jehova o ile a mo fa “matla ’ohle leholimong le lefatšeng.” (Mat. 28:18) Le hoja Jesu a e-na le bokhoni bo bongata hakaalo, o ntse a kopa tataiso ho Jehova. Hobane’ng? Hobane o rata Ntate oa hae. Banna ba lokela ho ithuta hore Jehova ha aa etsa hore mosali a mamele monna oa hae hobane a nka basali ba fokola ha ba bapisoa le banna. Jehova o hlakisitse taba eo ka hore eena ka boeena a khethe basali hammoho le banna hore ba il’o busa le Jesu. (Bagal. 3:26-29) Jehova o bontšitse hore o tšepa Mora oa hae ka hore a mo fe matla. Ka tsela e tšoanang, monna ea bohlale o tla fa mosali oa hae matla a itseng. w21.02 11 ¶13-14
Labohlano, la 28 October
Re phatlalatsa hore ba mameletseng ba thabile.—Jak. 5:11.
Lentsoe la Molimo le tšoana le seipone se re thusang ho bona phoso le ho tseba hore na re lokela ho etsa’ng ka eona. (Jak. 1:23-25) Mohlala, ka mor’a ho ithuta Bibele re ka ’na ra hlokomela hore re lokela ho laola maikutlo a rona. Jehova o re thusa hore re be bonolo ha re sebetsana le batho kapa mathata a ka etsang hore re halefe. Hona joale re khona ho nahana ka likelello tse pholileng e le hore re etse liqeto tse nepahetseng. (Jak. 3:13) Kannete ke ntho ea bohlokoa hore ebe re tseba Bibele hantle. Ka linako tse ling, re hlokomela hore re lokela ho qoba ntho e itseng ka mor’a hore re etse phoso. Tsela e molemo ea ho fumana bohlale ke ka ho ithuta ka lintho tseo batho ba bang ba li entseng hantle le ka liphoso tsa bona. Ke kahoo Jakobo a re khothalletsang hore re shebe mehlala ea batho ba ka Bibeleng ba kang Abrahama, Rahaba, Jobo le Elia. (Jak. 2:21-26; 5:10, 11, 17, 18) Bahlanka bao ba tšepahalang ba Jehova ba ile ba khona ho mamella liteko tse neng li ka etsa hore ba se ke ba thaba. Mohlala oa bona oa mamello oa bontša hore ha Jehova a re thusa le rona re ka khona ho mamella. w21.02 29-30 ¶12-13
Moqebelo, la 29 October
Ka keletso merero e tiisoa ka thata ’me u loane ntoa ea hao ka tataiso e bohlale.—Liprov. 20:18.
Mohoeletsi ea khannang thuto ke eena eo ha e le hantle a ikarabellang ka ho thusa seithuti hore se utloisise Lentsoe la Molimo. Haeba a u kopa hore u tsamaee le eena ha a ea thutong, u tsebe hore u il’o ba motlatsi oa hae. Boikarabelo ba hao ke ho mo thusa. (Moek. 4:9, 10) Joale u ka mo thusa joang hore thuto e be e atlehileng? Lokisetsa. Qala ka ho kopa mohoeletsi hore a u behe leseling hanyane ka thuto ea hae. Ke lintho life tseo u li tsebang ka thuto ea hao? Le tl’o bala sehlooho sefe? U batla hore thuto ea hao e tsoe e ithutile’ng sehloohong seo? Na ho na le ntho eo ke sa lokelang ho e etsa kapa ho e bua? Nka e khothatsa joang? ’Nete ke hore mohoeletsi a ke ke a bua ka lintho tseo thuto ea hae e sa batleng ha batho ba bang ba li tseba empa o tla bua ka tse hlokahalang feela. Morali’abo rona Joy oa moromuoa o re: “Ho qoqa ka lintho tseo ho thusa motho eo ke tsamaeang le eena hore a tsebe motho eo ke ithutang le eena le hore a tsebe hore na a ka tšoaela joang ha re ntse re ithuta.” w21.03 9 ¶5-6
Sontaha, la 30 October
Haeba lefatše le le hloea, le tsebe hore le ntlhoile pele le le hloea.—Joh. 15:18.
Ka linako tse ling, re hlouoa hobane re mamela melao ea Molimo. Melao ea hae e fapane hole le ea lefatše lena. Mohlala, mehleng ena batho ba bangata ba lumela hore ha se phoso ho etsa boitšoaro bo bobe bo tšoanang hantle le bo neng bo etsoa ke batho ba Sodoma le Gomora bo ileng ba etsa hore Molimo a ba felise. (Juda 7) Kaha re mamela melao e hlahang ka Bibeleng e buang ka lintho tseo, batho ba bangata baa re soma ebile ba re bitsa ka mabitso-bitso. (1 Pet. 4:3, 4) Ke eng e ka re thusang hore re mamelle ha batho ba re hloile ebile ba re rohaka? Re lokela ho ba le tumelo e matla ea hore Jehova o tla re thusa. Feela joaloka thebe, tumelo ea rona e tla “tima metsu eohle e tukang ea ea khopo.” (Baef. 6:16) Empa ho ba le tumelo feela ha hoa lekana. Re boetse re hloka ho ba le lerato. Hobane’ng? Hobane lerato “ha le halefe.” Lea tiisetsa le ho mamella lintho tsohle tse bohloko. (1 Bakor. 13:4-7, 13) Ho rata Jehova, Bakreste-’moho esita le lira tsa rona ho tla re thusa hore re mamelle ha batho ba bang ba re hloile. w21.03 20-21 ¶3-4
Mantaha, la 31 October
U se ke oa potlaka moeeng oa hao hore u khopehe etsoe ho khopeha ho lula lifubeng tsa ba hlokang kelello.—Moek. 7:9.
Ka linako tse ling, re ka bontša Bakreste-’moho le rona hore rea ba rata ka ho se etse lintho tse itseng. Mohlala, ha re utloisoe bohloko ke lintho tseo ba li buang. Ak’u nahane hore na ho ile ha etsahala’ng qetellong ea bophelo ba Jesu ha a le lefatšeng. O ile a re ho barutuoa ba hae, e le hore ba tle ba fumane bophelo ba lokela ho ja nama ea hae le ho noa mali a hae. (Joh. 6:53-57) Mantsoe ao a ile a tšosa barutuoa ba hae ba bangata hoo ba ileng ba tsamaea. Empa metsoalle ea hae ea ’nete ha ea ka ea tsamaea. E ile ea mo khomarela ka botšepehi. E ne e sa utloisise hore na Jesu o ne a re’ng hape e ka ’na eaba ntho eo e ne e ba tšositse. Metsoalle ea Jesu e tšepahalang ha ea ka ea nahana hore o ne a fositse ’me ntho eo ha ea ka ea ba utloisa bohloko. Ho e-na le hoo, e ne e mo tšepa ’me e ne e tseba hore o ne a bua ’nete. (Joh. 6:60, 66-69) Ke habohlokoa hore re se ke ra tatela ho utloisoa bohloko ke lintho tseo metsoalle ea rona e li buang. Ho e-na le hoo, re lokela ho e fa monyetla oa hore e itlhalose.—Liprov. 18:13. w21.01 11 ¶13