February
Laboraro, la 1 February
Jehova o haufi le bohle ba mo bitsang.—Pes. 145:18.
Jehova o batla hore bahlanka ba hae bohle ba thabe. O haufi le e mong le e mong oa rona ebile oa bona ha re utloile bohloko kapa re nyahame. (Pes. 145:18, 19) Ak’u nahane kamoo Jehova a neng a amehile kateng ka moprofeta Elia. Monna eo ea tšepahalang o phetse linakong tse thata mehleng ea Iseraele. Batho ba matla Iseraele ba neng ba sa batle Jehova ba ne ba hlorisa bahlanka ba Molimo ’me ba ne ba batla ho bolaea Elia ka ho khetheha. (1 Mar. 19:1, 2) Ntho eo ka ’nang eaba e ile ea nyahamisa Elia le ho feta ke ho nahana hore ke eena feela moprofeta ea setseng ea sebeletsang Jehova. (1 Mar. 19:10) Molimo o ile a hlokomela boemo boo ka potlako. Kahoo, o ile a roma lengeloi ho ea tiisetsa moprofeta oa hae hore ha a mong, ho ntse ho e-na le batho ba bangata ba mo sebeletsang ka botšepehi Iseraele. (1 Mar. 19:5, 18) Jesu o ile a tiisetsa barutuoa ba hae hore ba tla fumana lelapa le leholo ka phuthehong. (Mar. 10:29, 30) Hape Jehova e leng hlooho ea lelapa lena, o tšepisa hore o tla tšehetsa bohle ba batlang ho mo sebeletsa.—Pes. 9:10. w21.06 8-9 ¶3-4
Labone, la 2 February
Bana ba Molimo baa mo mamela.—Joh. 8:47.
Batho ba bangata ha ba re mamele hobane lithuto tsa rona tse thehiloeng Bibeleng li pepesa lithuto tsa bona tse fosahetseng tsa bolumeli. Baruti ba ruta balateli ba bona hore Molimo o ahlola batho ba khopo liheleng. Ba sebelisa leshano leo e le hore ba khone ho laola batho. Kaha re sebeletsa Jehova Molimo ea lerato, re pepesa leshano leo. Baruti ba boetse ba ruta hore moea ha o shoe. Re pepesa thuto ena ea bohata eo haeba e ne e le ’nete e neng e tla fana ka maikutlo a hore ha ho hlokahale hore ho be le tsoho. Hape ho fapana le malumeli a mangata a rutang hore Molimo o rerile lintho tse re hlahelang esale pele, rona re ruta hore motho e mong le e mong o na le tokelo le bolokolohi ba ho khetha ho sebeletsa Molimo. Baruti ba ikutloa joang? Hangata baa halefa! Haeba re rata Bibele, re lokela ho lumela le ho mamela lithuto tsa Molimo. (Joh. 8:45, 46) Ho fapana le Satane Diabolose, re ke ke ra lahla Jehova. Re ke ke ra etsa letho le sa lumellaneng le tumelo ea rona. (Joh. 8:44) Molimo o lebeletse hore batho ba hae ba ‘nyonye se khopo’ le hore ba “khomarele se molemo” feela joalokaha Jesu a ile a etsa.—Bar. 12:9; Baheb. 1:9. w21.05 10 ¶10-11
Labohlano, la 3 February
Le hanyetse Diabolose ’me o tla le baleha.—Jak. 4:7.
Re lokela ho etsa’ng haeba re hlokomela hore rea ikhohomosa kapa re meharo? Re ka fetoha. Pauluse o ile a re batho ‘ba tšoasitsoeng ke’ Diabolose ba phela, ba ka khona ho itšoasolla. (2 Tim. 2:26). Le ka mohla u se ke oa lebala hore Jehova o matla ho feta Satane. Kahoo, haeba re lumela hore Jehova a re thuse, re ka itšoasolla marabeng ao Diabolose a re chehetseng ’ona. Ha rea lokela ho itšoasolla marabeng a Satane feela empa re tlameha ho a qoba ka ho feletseng. Re ka etsa joalo haeba feela re lumella Molimo hore a re thuse. Kahoo, kopa Jehova letsatsi ka leng a u thuse ho bona haeba u e-na le mekhoa eo e mebe e ka susumetsang tsela eo u nahanang le ho etsa lintho ka eona. (Pes. 139:23, 24) Leka kahohle hore u se ke oa ikhohomosa le ho ba meharo. Haesale ho theosa le lilemo Satane e le setsomi. Empa haufinyane, o tla koalloa ’me qetellong a bolaoe. (Tšen. 20:1-3, 10) Re tatetse hore letsatsi leo le fihle. Ho fihlela ka nako eo, lula u itebetse khahlanong le maraba a Satane. U sebetse ka thata hore u se ke oa ikhohomosa le ho ba meharo. Ikemisetse ho ‘hanyetsa Diabolose ’me o tla u baleha.’ w21.06 19 ¶15-17
Moqebelo, la 4 February
Le kope Mong’a kotulo hore a romele basebetsi kotulong ea hae.—Mat. 9:38.
Jehova oa thaba ha motho a lumela ho ithuta Bibele le rona ’me a bolella ba bang lintho tseo a ithutileng tsona. (Liprov. 23:15, 16) Jehova o thaba haholo ha a bona hore na ho etsahala’ng kajeno. Ka mohlala, selemong sa tšebeletso sa 2020, re ile ra ithuta Bibele le batho ba 7 705 765 ho sa tsotellehe lefu la seoa le bileng teng ’me batho ba 241 994 ba ile ba inehela ho Jehova le ho kolobetsoa. Barutuoa bana ba bacha le bona ba tla ithuta Bibele le batho ba bang ’me ba ba thuse hore e be barutuoa. (Luka 6:40) Ha ho pelaelo hore Jehova oa thaba ha re etsa batho barutuoa. Ho etsa batho barutuoa ha ho bonolo empa ka thuso ea Jehova, re ka nka karolo ho ruta ba bacha ka phuthehong hore ba rate ntate oa rona. Na re ka ikemisetsa ho ithuta Bibele bonyane le motho a le mong? Re ka hlolloa ke hore na ho tla etsahala’ng ha re sebelisa menyetla eohle e ka hlahang ea ho kopa batho hore ba ithute Bibele le rona. w21.07 6-7 ¶14-16
Sontaha, la 5 February
Kaha ke rata ntlo ea Molimo oa ka, ke boetse ke fana ka khauta le silevera ho tsoa matlotlong a ka bakeng sa ntlo ea Molimo. —1 Likron. 29:3.
Morena Davida o ile a fana ka monehelo o mongata ho tšehetsa mosebetsi oa ho haha tempele. (1 Likron. 22:11-16) Haeba ha re sa na matla a ho thusa ha ho etsoa mesebetsi ea ho haha mokhatlong oa Jehova, re ka tšehetsa mesebetsi ena ka ho tsoela pele re nehela kamoo re ka khonang. Hape re ka thusa bacha ka lintho tseo re ithutileng tsona. Nahana hape ka mohlala oa moapostola Pauluse oa ho fana. O ile a mema Timothea hore a tsamaee le eena maetong a hae a boromuoa ’me o ile a mo ruta mekhoa ea ho bolela le ho ruta. (Lik. 16:1-3) Pauluse o ile a koetlisa Timothea hore a khone ho bolela le ho ruta litaba tse molemo ka tsela e atlehang. (1 Bakor. 4:17) Ka mor’a moo, Timothea o ile a sebelisa lintho tseo a ithutileng tsona ho Pauluse ho koetlisa batho ba bang. w21.09 12 ¶14-15
Mantaha, la 6 February
Le ntse le le mona ebile ho na le liqabang har’a lona. —1 Bakor. 3:3.
Re ka ithuta’ng mohlaleng oa morutuoa Apolose le moapostola Pauluse? Banna bao ba ne ba tseba mangolo hantle. Ba ne ba tsebahala hape e le mesuoe e hloahloa haholo. Hape ba ne ba thusitse batho ba bangata hore e be barutuoa. Empa banna bao ba ne ba sa monelane. (Lik 18:24) Ebile nakoana ka mor’a hore Apolose a tlohe Korinthe, Pauluse o ile a mo kopa hore a khutlele moo hape. (1 Bakor. 16:12) Apolose o ile a sebelisa bokhoni ba hae ka tsela e nepahetseng, e leng ho phatlalatsa molaetsa oa ’Muso le ho matlafatsa barab’abo. Re boetse re kholisehile hore Apolose o ne a ikokobelitse. Mohlala, ha ho na moo Bibeleng e reng Apolose o ile a halefa ha Akuila le Prisilla “ba mo qaqisetsa tsela ea Molimo ka mokhoa o nepahetseng haholoanyane.” (Lik. 18:24-28) Moapostola Pauluse o ne a tseba mosebetsi o motle oo Apolose a o entseng. Empa Pauluse ha aa ka a ikutloa a fokola ha a bapisoa le Apolose. Re khona ho bona hore Pauluse o ne a ikokobelitse hape a inyenyefalitse keletsong eo a ileng a e ngolla Bakorinthe.—1 Bakor. 3:4-6. w21.07 18-19 ¶15-17
Labobeli, la 7 February
Ba bangata e [tla ba] ba lokileng.—Bar. 5:19.
Adama le Eva ba ile ba khetha ho se mamele Molimo ka boomo, kahoo ba ile ba tšoaneloa ke hore ba tlosoe lelapeng la hae. Empa ho ne ho tla etsahala’ng ka bana ba bona? Kaha Jehova o rata batho, o ile a etsa hore bana ba Adama le Eva ba mo mamelang ba khone ho ba karolo ea lelapa la hae. O ile a etsa joaloka hore a fane ka Mora oa hae a le mong feela e le sehlabelo. (Joh. 3:16) Ka lebaka la sehlabelo sa Jesu, Molimo o ile a khetha batho ba tšepahalang ba 144 000 hore e be bara ba hae. (Bar. 8:15-17; Tšen. 14:1) Hape batho ba bangata ba tšepahalang ba se ba ntse ba etsa thato ea Molimo. Ba na le tšepo ea ho ba karolo ea lelapa la hae ka ho sa feleng ka mor’a teko ea ho qetela qetellong ea Lilemo Tse Sekete. (Pes. 25:14; Bar. 8:20, 21) Ba se ba ntse ba bitsa Jehova e leng ’Mopi oa bona ‘ntate.’ (Mat. 6:9) Batho ba tsositsoeng bafung le bona ba tla fuoa monyetla oa hore ba ithute hore na Jehova o lebeletse’ng ho bona. Ba mo mamelang le bona ba tla qetella e e-ba karolo ea lelapa la hae. w21.08 5 ¶10-11
Laboraro, la 8 February
Le khone ho lemoha hore na lintho tsa bohlokoa haholo ke life.—Bafil. 1:10.
Moapostola Pauluse o ile a abeloa ho etsa mosebetsi oa boboleli ’me ka lilemo tse ngata mosebetsi ona o ne o tla pele bophelong ba hae. O ne a ruta batho ka Molimo “phatlalatsa le ka ntlo le ntlo.” (Lik. 20:20) Ha e le hantle, o ne a sebelisa monyetla o mong le o mong hore a rute batho ka Molimo. Ka mohlala ha a ntse a emetse metsoalle ea hae Athene, o ile a ruta batho ba tummeng ka Molimo ’me ba bang ba bona ba ile ba amohela molaetsa oo. (Lik. 17:16, 17, 34) Esita leha a ne a le litlamong, o ne a ntse a bua le batho bao a nang le bona ka Molimo. (Bafil. 1:13, 14; Lik. 28:16-24) Pauluse o ile a sebelisa nako ea hae hantle. Hangata o ne a mema ba bang hore ba tsamaee le eena mosebetsing oa boboleli. Ka mohlala leetong la hae la pele la borumuoa, o ile a tsamaea le Johanne eo hape a bitsoang Mareka ’me leetong la hae la bobeli o ile a tsamaea le Timothea. (Lik. 12:25; 16:1-4) E tlameha ebe Pauluse o ile a sebetsa ka thata ho koetlisa banna bana hore ba hlophise phutheho, ba khothatse Bakreste-’moho le bona hape e be mesuoe e hloahloa.—1 Bakor. 4:17. w22.03 27 ¶5-6
Labone, la 9 February
[Molimo] ha a hole le rona.—Lik. 17:27.
Batho ba bang ha ba lumele hore ho na le ’Mopi hobane ba re ba lumela feela lintho tseo ba ka li bonang. Empa ha e le hantle ba lumela linthong tse sa bonoeng tse kang matla a khoheli hobane ba na le bopaki ba hore a teng. Mofuta oa tumelo oo Bibele e buang ka oona o akarelletsa “lintho tsa sebele le hoja li sa bonoe.” (Baheb. 11:1) Ho nka nako le matla hore re iphumanele bopaki ba hore ho na le ’Mopi empa batho ba bangata ha ba iphe nako ea ho etsa joalo. Motho ea sa hlahlobeng bopaki ba hore ho na le ’Mopi a ka etsa qeto ea ho re Molimo ha a eo. Ka mor’a hore bo-rasaense ba bang ba hlahlobe bopaki ba ile ba kholiseha hore Molimo o bopile bokahohle. E ka ’na eaba batho ba bang ba ne ba sa lumele hore ho na le ’Mopi hobane ba sa ka ba rutoa ka popo ha ba le univesithi. Leha ho le joalo, ba ile ba ithuta ka Jehova le ho mo rata. Ha e le hantle kaofela ha rona re lokela ho matlafatsa tumelo ea rona ho Molimo ho sa tsotellehe hore na re rutehile kapa che. w21.08 14 ¶1; 15-16 ¶6-7
Labohlano, la 10 February
Jehova o molemo ho lintho tsohle tse phelang. Mesebetsi eohle ea hae e bontša hore o mohau.—Pes. 145:9.
Jesu o sebelisitse papiso ea mora ea lahlehileng ho re thusa ho utloisisa kamoo Jehova a ratang ho re bontša mohau kateng. Mora eo o ile a tsamaea ha habo ’me a “hafa thepa ea hae ka ho phela bophelo ba ho inehella litakatso tsa nama.” (Luka 15:13) Hamorao o ile a baka boitšoarong ba hae bo bobe, a ikokobetsa eaba o khutlela hae. Ebe ntate oa hae o ne a tla etsa’ng? Mora eo o ne a tla tseba haufinyane. Jesu o ile a re: “Ha [mora] a sa ntse a le hole, ntat’ae a re heli! ’me a mo bona ’me a susumetsoa ke khauho, eaba oa matha o itihela molaleng oa hae ’me o mo aka ka lerato.” Ntate eo ha aa ka a hlabisa mora oa hae lihlong. Ho e-na le hoo, o ile a mo hauhela, a mo tšoarela le ho mo amohela lapeng. Mora eo o ne a entse libe tse tebileng empa kaha o ne a bakile, ntate oa hae o ile a mo tšoarela. Ntate ea mohau papisong ena o tšoantšetsa Jehova. Papisong ena e amang maikutlo, Jesu o ne a re bontša kamoo Ntate oa hae a ikemiselitseng ho tšoarela baetsalibe ba bakileng e le kannete.—Luka 15:17-24. w21.10 8 ¶4; 9 ¶6
Moqebelo, la 11 February
Ka lekhetlo la pele Molimo [o ile] a amohela batho ba lichaba tse ling e le hore ba ka bitsoa ka lebitso la hae.—Lik. 15:14.
Mehleng ena, baeta-pele ba bangata ba bolumeli ba entse boiteko bohle hore ba pate taba ea hore Molimo o na le lebitso. Ba tlositse lebitso la Molimo liphetolelong tsa bona tsa Bibele ’me maemong a mang ba le thibetse hore le se ke la sebelisoa le litšebeletsong tsa bona tsa kereke. Na ho na le motho ea ka iphapanyetsang ’nete ea hore Lipaki Tsa Jehova ke tsona feela tse hlomphang lebitso la Molimo ka tsela eo le lokelang ho hlomphuoa ka eona? Re tsebisa batho lebitso la Molimo ho feta bolumeli leha e le bofe bo bong. Kahoo, re leka ka hohle hore re phelele lebitso la rona la Lipaki Tsa Jehova. (Esa. 43:10-12) Re hatisitse Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang ka likopi tse ka holimo ho limilione tse 240 ’me e sebelisa lebitso la Jehova libakeng tseo le tlositsoeng ho tsona liphetolelong tse ling tsa Bibele. Hape re hatisitse lingoloa tse thehiloeng Bibeleng tse tsebahatsang lebitso la Jehova ka lipuo tse ka holimo ho sekete. w21.10 20-21 ¶9-10
Sontaha, la 12 February
Haeba e mong oa bana ba bo lona a futsaneha . . . , le se ke la thatafatsa lipelo tsa lona kapa la tima ngoan’abo lona oa mofutsana.—Deut. 15:7.
Ho thusa Bakreste-’moho le rona ba hlokang thuso. Jehova o ile a tšepisa Baiseraele hore o tla ba hlohonolofatsa haeba ba thusa mafutsana. (Deut. 15: 10) Kamehla ha re thusa barapeli-’moho le rona ba hlokang, Jehova o nka seo e le ho mo fa mpho. (Liprov. 19:17.) Mohlala, ha Bakreste ba Filipi ba romella mpho ho Pauluse ha a ne a le teronkong, o ile a re ke “sehlabelo se amohelehang, se khahlisang haholo ho Molimo.” (Bafil. 4:18) Nahana ka batho ba phuthehong ea heno e be oa ipotsa, ‘Na ho na le motho eo nka mo thusang?’ Jehova oa thaba ha a bona re sebelisa nako, matla, bokhoni le lintho tse ling tseo re nang le tsona ho thusa ba hlokang. O nka ho etsa joalo e le karolo ea borapeli ba rona. (Jak. 1:27) Re hloka nako le boitelo e le hore re be barapeli ba ’nete. Empa ho etsa joalo ha se moroalo. (1 Joh. 5:3) Hobane’ng? Re sebeletsa Jehova hobane re mo rata re bile re rata bara le barali ba bo rona. w22.03 24 ¶14-15
Mantaha, la 13 February
O chabisetsa batho ba khopo le ba lokileng letsatsi la hae.—Mat. 5:45.
Re lokela ho nahana ka mathata ao Bakreste-’moho le rona ba nang le ’ona pele re ka ba bontša hore rea ba tsotella. Mohlala, ho ka etsahala hore ebe morali’abo rona o kula haholo. Ha ho mohla a buang ka ho kula ha hae empa a ka thaba haholo haeba a ka thusoa ka litsela tse itseng. Na a ka thabela ho thusoa ka ho pheha le ho hloekisa ntlo? Kapa mohlomong mor’abo rona o felletsoe ke mosebetsi. Na ho mo fa chelete e seng kae le ha a sa tsebe hore na e tsoa ho mang ho ke ke ha mo thusa ho fihlela a fumana mosebetsi o mong? Ha rea lokela ho emela hore bara le barali ba bo rona ba kope thuso ho rona pele re ka ba bontša hore rea ba khathalla. Joaloka Jehova, re lokela ho ba thusa pele ba tla ho rona. Jehova o re chabisetsa letsatsi kamehla ntle le hore re mo kope. Hape mofuthu oa letsatsi o thusa motho e mong le e mong esita le ba se nang teboho. Na u ke ke oa lumela hore taba ea hore Jehova o re hlokomela ka litlhoko tsa rona ke bopaki ba hore oa re rata? Kannete re rata Jehova ka hore e be o mosa le hore oa fana! w21.09 22-23 ¶12-13
Labobeli, la 14 February
Jehova, u molemo ebile u ikemiselitse ho tšoarela. Bohle ba llelang ho uena u ba rata haholo.—Pes. 86:5.
Mosa o lerato oa Molimo o mo susumeletsa hore a tšoarele. Ha Jehova a hlokomela hore moetsalibe o bakile, mosa oa hae o lerato o etsa hore a mo tšoarele. Mopesaleme Davida o ile a re ka Jehova: “Ha aa re etsa ho ea ka libe tsa rona; leha e le hore o re tliselitse se re tšoanelang ho ea ka liphoso tsa rona.” (Pes. 103:8-11) Davida o ne a tseba bohloko ba ho ba le letsoalo le molato. Empa o ne a boetse a tseba hore Jehova o “itokiselitse ho tšoarela.” Ke’ng e etsang hore Jehova a tšoarele? Karabo re e fumana temaneng ea kajeno. Davida o ile a bontša thapelong ea hae hore Jehova oa tšoarela hobane o na le mosa o lerato ho bohle ba ipiletsang ho eena. Ha re entse sebe, ke hantle hore re se soabele. Ho soabela libe tseo re li entseng ho ka re thusa hore re bake re be re etse liphetoho tse hlokahalang hore re lokise liphoso tseo re li entseng. w21.11 5 ¶11-12
Laboraro, la 15 February
Ntate oa rona ea maholimong, lebitso la hao le halaletsoe.—Mat. 6:9.
Jehova o rata lebitso la hae ebile o batla hore batho bohle ba le hlomphe. (Esa. 42:8) Empa ka lilemo tse ka bang 6 000, lebitso la hae le ’nile la hlompholloa. (Pes. 74:10, 18, 23) Tsena tsohle li qalile ha Diabolose (e bolelang “Moetselletsi”) a ne a qosa Molimo ka hore o tima Adama le Eva lintho tseo ba li hlokang. (Gen. 3:1-5) Haesale ho tloha ka nako eo Jehova a qosoa ka mashano a hore o tima batho lintho tseo ba li hlokang. Jesu o ne a tšoenyehile haholo ka hore ebe lebitso la ntate oa hae lea hlompholloa. Ke Jehova feela ea nang le tokelo ea ho busa leholimong le lefatšeng ’me tsela ea hae ea ho busa ke e molemo ka ho fetisisa. (Tšen. 4:11) Empa Diabolose o lekile ho thetsa batho le mangeloi hore Molimo ha a na matla a joalo. Haufinyane taba ena e tla rarolloa ka ho feletseleng. Jehova o tla bontša hore ke eena feela ea nang le tokelo le hore ’Muso oa hae ke oona o tla tlisa khotso le tšireletseho lefatšeng. w21.07 9 ¶5-6
Labone, la 16 February
Ke tla thaba ha ke nahana ka Jehova, ke nyakalle ha ke nahana ka Molimo ea mpholosang.—Hab. 3:18.
Ke ntho e tloaelehileng hore hlooho ea lelapa e batle ho hlokomela mosali le bana ka lijo, liaparo le bolulo. Na u na le mathata a lichelete? Haeba ho joalo, e tlameha ebe bophelo ba hao bo thata haholo. Ho ntse ho le joalo, u ka sebelisa nako ena ho matlafatsa tumelo ea hao. Rapela Jehova ebe u bala mantsoe a Jesu a hlahang ho Matheu 6:25-34 ’me u nahanisise ka ’ona. Nahana ka mehlala ea mehleng ena e bontšang hore Jehova o hlokomela batho ba lulang ba phathahane ka ho mo sebeletsa. (1 Bakor. 15:58) Ha u etsa joalo, u tla kholiseha le ho feta hore Jehova o tla u thusa joalokaha a ile a thusa batho ba bang ba neng ba e-na le mathata a tšoanang le a hao. O tseba lintho tseo u li hlokang ebile oa tseba hore na a ka u fa tsona joang. Ha u bona kamoo Jehova a u thusang kateng bophelong, tumelo ea hao e tla matlafala ’me e tla u thusa ho mamella mathata a boima le ho feta nakong e tlang. w21.11 20 ¶3; 21 ¶6
Labohlano, la 17 February
Haeba mang kapa mang a etsa sebe, re na le mothusi ho Ntate, e leng Jesu Kreste.—1 Joh. 2:1.
Tumelo ea Bakreste ba bangata e ile ea tiea haholo ha ba ithuta ka thekollo. Ba ile ba tsoela pele ho bolela ho sa tsotellehe likhanyetso hape ba ile ba mamella liteko tsohle bophelong bohle ba bona. Ak’u nahane ka moapostola Johanne. Ka botšepehi, o ile a bolela ka Jesu le ka thekollo ka lilemo tse ka bang ka holimo ho 60. Ha a le lilemo tse ka bang 100, ’muso oa Roma o ile oa mo isa teronkong koana sehlekehlekeng sa Patmose hobane o ne o re o kotsi sechabeng. O ne a entse’ng? O ne a “bua ka Molimo le ho paka ka Jesu.” (Tšen. 1:9) Ona kannete ke mohlala o motle oa tumelo le ho mamella! Johanne o ile a bontša hore na o rata Jesu le hore na o ananela thekollo hakae mangolong a hae. Ka makhetlo a fetang lekholo, o buile ka thekollo kapa ka melemo e tlisoang ke eona. (1 John 2:2) Ho hlakile hore Johanne o ne a ananela thekollo ka ho tebileng. w21.04 17 ¶9-10
Moqebelo, la 18 February
U se ke oa rohaka motho ea sa utloeng litsebeng kapa oa beha ntho e ka khopang sefofu.—Lev. 19:14.
Jehova o lebelletse hore batho ba hae ba be mosa ho batho ba nang le bokooa. Ka mohlala, Baiseraele ba ne ba sa lokela ho rohaka motho ea sa utloeng litsebeng. Ho mo rohaka ho ne ho akarelletsa ho mo tšosa kapa ho mo bua hampe. Ntho eo e ne e le e mpe haholo eo motho a neng a ka e etsa ho motho ea sa utloeng litsebeng. Kaha o ne a sa utloe seo ba se buang ka eena, o ne a ke ke a khona ho ikarabella. Hape ho Levitike 19:14, Molimo o ile a bolella bahlanka ba hae hore ba se ke ba “beha tšitiso ka pel’a sefofu.” Buka e ’ngoe e re ha e bua ka batho ba nang le bokooa: “Batho ba neng ba lula Bochabela bo Hare ba ne ba e-na le tloaelo ea ho tšoara batho bao hampe le ho ba hlekefetsa.” Mohlomong motho ea khopo o ne a ka beha ntho e itseng ka pel’a motho ea sa boneng ho mo utloisa bohloko kapa hobane a batla ho mo tšehisa ka batho. Ntho eo e ne e le mpe hakaakang! Ka lebaka la molao ona, Jehova o thusitse batho ba hae hore ba bone bohlokoa ba ho bontša batho ba nang le bokooa mosa. w21.12 8-9 ¶3-4
Sontaha, la 19 February
Jakobo a tšoha haholo ’me a tšoenyeha.—Gen. 32:7.
Jakobo o ne a tsoenyehile ka hore e ka ’na eaba mor’abo o ntse a mo jere la pelo. Ka hona, o ile a rapela Jehova ka tieo ’me a mo bolella ka taba ena. Ka mor’a moo o ile a fa Esau mpho e babatsehang haholo. (Gen. 32:9-15) Ha Jakobo a kopana le Esau, o ile a mo bontša tlhompho. O ile a inama ka pel’a Esau eseng hanngoe kapa habeli empa ka makhetlo a supileng. Jakobo o ile a ikokobetsa ’me a bontša tlhompho le ho etsa khotso le mor’abo. (Gen. 33:3, 4) Re ithuta thuto ea bohlokoa tseleng eo Jakobo a ileng a itokisa ka eona ha a ne a il’o kopana le mor’abo le tseleng eo a ileng a bua le Esau ka eona. Ka boikokobetso Jakobo o ile a kopa Jehova hore a mo thuse. O ile a etsa lintho tumellanong le thapelo ea hae ka hore a etse sohle seo a ka se khonang ho etsa khotso le mor’abo. Ha ba ne ba kopana, Jakobo ha aa ka a etsa khang le Esau ka hore na ke mang ea neng a fositse kapa a nepile. Ntho eo Jakobo a neng a e batla ke ho etsa khotso le mor’abo. Na u ka etsisa mohlala oa Jakobo?—Mat. 5:23, 24. w21.12 25 ¶11-12
Mantaha, la 20 February
Molimo o moholo ho lipelo tsa rona ebile o tseba lintho tsohle. —1 Joh. 3:20.
Ha u nahana ka taba ea hore Jesu o shoetse hore a koahele libe tsa rona, u ka ’na oa re: ‘Ha ke tšoaneloe ke hore ebe Jesu o nchoetse.’ Ke hobane’ng ha u ka ikutloa ka tsela eo? Lipelo tsa rona tse sa phethahalang li ka re thetsa, tsa etsa hore re ikutloe re se na thuso ebile re sa ratoe. (1 Joh. 3:19) Maemong ao, re lokela ho hopola hore “Molimo o moholo ho lipelo tsa rona.” Lerato la Ntate oa rona le boikemisetso ba hae ba ho re tšoarela li matla ho feta menahano e fosahetseng eo re ka bang le eona ka lipelong tsa rona. Re lokela ho ikholisa ka borona hore Jehova oa re rata. E le hore re etse joalo, re lokela ho ithuta Lentsoe la hae khafetsa, re rapele hangata hape re ikamahanye le bahlanka ba hae ba tšepahalang ka linako tsohle. Ke hobane’ng ha ho etsa lintho tsee ho le bohlokoa? U tla bona hore na Jehova o na le makhabane a ratehang hakaakang. U tla utloisisa hore na o u rata ho le hokae. Ha u thuisa ka karolo e itseng ea Bibele letsatsi ka leng, u tla khona ho nahana hantle, u khone “otlolla lintho” ka pelong le kelellong ea hao.—2 Tim. 3:16. w21.04 23-24 ¶12-13
Labobeli, la 21 February
Ke tla hoeletsa Molimo ’me o tla nkutloa.—Pes. 77:1.
E le hore re tle re be le tumelo e matla, re hloka ho etsa ho fetang feela ho ithuta. Re lokela ho nahanisisa ka ntho eo re ithutang eona. Nahana ka ntho e ileng ea hlahela mongoli oa Pesaleme ea 77. O ne a nyahame hobane o ne a utloa eka Jehova ha a sa amohela sechaba sa Iseraele ho akarelletsa le eena. Hape o ne a se a sa bo hlothe bosiu ka lebaka la ho tšoenyeha ka taba eo. (Litemana 2-8) O ile a etsa’ng? O ile a re ho Jehova: “Ke tla thuisa ka mosebetsi oohle oa hao, ke tla nahanisisa ka mesebetsi ea hao.” (Temana ea 12) Ke ’nete hore mopesaleme o ne a tseba hantle lintho tseo Jehova a li etselitseng batho ba hae nakong e fetileng. Empa o ne a ntse a ipotsa: “Na Molimo o lebetse ho bontša mohau, kapa na o thibile mehauhelo ea hae ka bohale?” (Temana ea 9) O ile a nahanisisa ka liketso tsa Jehova le hore o ne a ile a bontša mohau le qenehelo nakong e fetileng. (Temana ea 11) Qetello ea seo e bile efe? Mopesaleme o ile a kholiseha hore Jehova a ke ke a lahla batho ba hae. (Temana ea 15) w22.01 30-31 ¶17-18
Laboraro, la 22 February
Ho eena baa phela kaofela.—Luka 20:38.
Jehova o ikutloa joang ka bahlanka ba hae ba tšepahalang ba seng ba hlokahetse? O labalabela ho ba bona hape. (Jobo 14:15) U nahana hore Jehova o hlolohetsoe motsoalle oa hae Abrahama ho le hokae? (Jak. 2:23) Kapa Moshe eo ba neng ba bua “lifahleho li talimane”? (Ex. 33:11) Hape u nahana hore o tatile ho le hokae ho utloa ha Davida le bangoli ba bang ba lipesaleme ba bina lipina tse mo rorisang? (Pes. 104:33) Le hoja metsoalle ena ea Jehova e hlokahetse, ha aa e lebala. (Esa. 49:15) O hopola ntho e ’ngoe le e ’ngoe ka bona. Ka le leng, o tla ba tsosa ’me o tla thabela ho utloa ha ba mo rapela a be a amohele borapeli ba bona. Haeba motho eo u mo ratang o hlokahetse, e se eka u ka khothatsoa ke lintho tsena. Ha ho ne ho senyeha serapeng sa Edene, Jehova o ne a tseba hore maemo a tla mpefala haholo feela pele a ka loka. Jehova o hloile bokhopo, ho hloka toka le lintoa tse teng lefatšeng. w21.07 10 ¶11; 12 ¶12
Labone, la 23 February
Re bontše le ka liketso hore [re] rata [batho].—1 Joh. 3:18.
Ha re ba bontša lerato, re bontša hore re ananela thekollo. Ke hobane’ng ha re cho joalo? Hobane Jesu o fane ka bophelo ba hae e seng bakeng sa rona feela empa le bakeng sa bona. Haeba Jesu o ne a ikemiselitse ho ba shoela, ho hlakile hore ba bohlokoa ho eena. (1 Joh 3:16-18) Re bontša hore re rata Bakreste-’moho le rona ka tsela eo re ba tšoarang ka eona. (Baef. 4:29, 31–5:2) Mohlala, re ba thusa ha ba kula, ha ba mamelletse liteko tse boima tse akarelletsang le likoluoa tsa tlhaho. Empa re lokela ho etsa’ng haeba Mokreste-’moho a bua kapa a etsa ntho e re koatisang? Na ka matsatsi a mang u ee u nke motho ka pelo? (Lev. 19:18) Haeba ho joalo, mamela keletso ena: “Tsoelang pele le mamellana le ho tšoarelana ka bolokolohi haeba leha e le mang a e-na le sesosa sa pelaelo khahlanong le e mong. Esita le joalokaha Jehova a ile a le tšoarela ka bolokolohi, le etse joalo le lona.” (Bakol. 3:13) Nako le nako ha re tšoarelana, re bontša Ntate oa rona hore re ananela thekollo. w21.04 18 ¶12-13
Labohlano, la 24 February
Le sebelise [mpho ea lona] bakeng sa ho sebeletsana.—1 Pet. 4:10.
Re ka sebeletsa Jehova ka thata ra ba ra thusa batho ba bangata hore ba kolobetsoe. Empa rea utloisisa hore re khona ho etsa lintho tsohle hobane Jehova a re thusa. Ho na le thuto e ’ngoe ea bohlokoa hape eo re ka ithutang eona mohlaleng oa Apolose le moapostola Pauluse ea hore, ha re e-na le boikarabello bo bongata haholo ka phuthehong, ke monyetla oa rona oa hore re phehelle khotso. Rea thaba ha banna ba khethiloeng ba phehella khotso le bonngoe ka hore ba itšetlehe ka Lentsoe la Molimo ha ba fana ka keletso le hore ba thuse phutheho ho latela Jesu le ho mo mamela. (1 Bakor. 4:6, 7) Re le batho ka bomong, re na le litalenta le bokhoni bo sa tšoaneng. Re ka utloa eka ha ho letho le lekaalo leo re le etsang. Empa lintho tse nyenyane tseo re li etsang ho bopa khotso, li ka tšoana le meroko e menyenyane e khonang ho kopanya seaparo. E se eka kaofela ha rona re ke ke ra ba le moea oa tlholisano. A re ikemisetseng ho phehella khotso le bonngoe ka phuthehong.—Baef. 4:3. w21.07 19 ¶18-19
Moqebelo, la 25 February
Khaitseli ea hao e tla tsoha.—Joh. 11:23.
U ka kholiseha hore u tla boela u bone baratuoa ba hao ba hlokahetseng. Taba ea hore ebe Jesu o ile a lla ha a ne a tšelisa metsoalle ea hae e utloileng bohloko e re ruta hore o labalabela ho tsosa bafu. (Joh 11:35) U ka tšehetsa batho ba hlokahaletsoeng. Jesu ha aa ka a lla le Maria le Maretha feela empa o ile a boela a ba mamela le ho ba tšelisa. (Joh 11:25-27) Le rona re ka etsa se tšoanang ho batho ba hlokahaletsoeng ke baratuoa ba bona. Mora oa bo bo rona Dan oa moholo ea lulang Australia o re: “Ka mor’a hore mosali oa ka a hlokahale, ke ne ke hloka tšehetso. Bara ba bo rona ba bangata le basali ba bona, ba ne ba lutse ba itokiselitse ho ’mamela. Ba ne ba ntumella ho ntša maikutlo ka bohloko boo ke neng ke bo utloile ’me ba ne ba sa ikutloe ba soabile ha ke lla. Ba ile ba boela ba nthusa ka mesebetsi e meng e kang ho hlatsoa koloi, ho ea mabenkeleng le ho pheha, ha ke ne ke sa khone ho etsa lintho tsena. Hape ba ne ba rapela le ’na hangata. Ba ile ba ipaka e le metsoalle ea ’nete le barab’eso ba ‘tsoaletsoeng ha ho e-na le mahlomola.’”—Liprov. 17:17. w22.01 16 ¶8-9
Sontaha, la 26 February
Motho ea mamelang khalemelo e fanang ka bophelo o lula har’a batho ba bohlale.—Liprov. 15:31.
Jehova o re batlela se molemo. (Liprov. 4:20-22) O bontša hore oa re rata ka ho re fa keletso a sebelisa Lentsoe la hae, lingoloa tse thehiloeng Bibeleng kapa Bakreste ba nang le boiphihlelo. (Bah. 12:9, 10) Nahana ka keletso eseng tsela eo e fanoeng ka eona. Ka linako tse ling, re ka ’na ra nahana hore ha rea fuoa keletso ka tsela e nepahetseng. Ke ’nete hore motho ea fanang ka keletso o lokela ho etsa hore ho be bonolo hore motho e mong a e amohele. (Bagal. 6:1) Leha ho le joalo, haeba e le rona ba eletsoang re lokela ho nahana ka keletso eo re e fuoang le hoja re ka nka hore re ka be re elelitsoe ka tsela e fapaneng. Re ka ’na ra ipotsa lipotso tsena: ‘Le hoja ke sa rata tsela eo keletso e fanoeng ka eona, na ho na le ntho eo nka ithutang eona ho eona? Na nka iphapanyetsa liphoso tsa motho ea nkeletsang ebe ke ithuta ho hong ho keletso eo a mphang eona?’ E ka ba bohlale hore re fumane ntho eo re ka ithutang eona ho keletso leha e le efe eo re e fumanang. w22.02 12 ¶13-14
Mantaha, la 27 February
Melao ea Jehova ea tšepahala, e hlalefisa ea se nang boiphihlelo.—Pes. 19:7.
Jehova oa tseba hore re tla lokela ho sebetsa ka thata e le hore re qobe ho nahana le ho etsa lintho tse fosahetseng. (Pes. 103:13, 14) Leha ho le joalo, o re fa bohlale, matla le tšehetso eo re e hlokang hore re fetole botho ba rona a sebelisa Lentsoe la hae, moea oa hae le mokhatlo oa hae. Itlhahlobe u sebelisa Bibele. Bibele e tšoana le seipone. E ka u thusa hore u hlahlobe tsela eo u nahanang, u buang le ho etsa lintho ka eona. (Jak. 1:22-25) Hape Jehova o lula a ikemiselitse ho u thusa. Ke eena ea ka u thusang hobane oa tseba hore na u ikutloa joang. (Liprov. 14:10; 15:11) Kahoo, itloaetse ho mo rapela le ho ithuta Bibele letsatsi le letsatsi. Kholiseha hore melao ea Jehova e tla u tsoela molemo. Ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo Jehova a reng re e etse e re tsoela molemo. Batho ba mamelang melao ea hae baa itlhompha, ba thabile ebile baa tseba hore na ba phelela’ng.—Pes. 19:8-11. w22.03 4 ¶8-10
Labobeli, la 28 February
Hlahlobang marako a eona a tšireletso. Shebisisang litora tsa eona tse sireletsehileng e le hore le ka bua ka eona melokong e tlang.—Pes. 48:13.
Ho haha le ho lokisa libaka tsa rona tsa borapeli. Bibele e re mosebetsi oa ho etsa tabernakele le lisebelisoa tsa eona e ne e le ‘mosebetsi o halalelang.’ (Ex. 36:1, 4) Le mehleng ena, Jehova o nka ho haha Liholo Tsa ’Muso le libaka tse ling tsa borapeli e le tšebeletso e halalelang. Bara le barali babo rona ba bang ba qeta nako e ngata ba etsa mosebetsi ona. Re ananela mosebetsi oohle oo ba o etsang bakeng sa Jehova. Empa ba ntse ba lokela ho kenya letsoho mosebetsing oa boboleli. Ba bang ba bona ba ka ’na ba batla ho ba bo-pula-maliboho. Baholo ba ka bontša hore ba kenya letsoho mosebetsing ona oa kaho ka ho lumella bara le barali bana babo rona ba sebetsang ka thata hore e be bo-pula-maliboho ha ba tšoaneleha. Ho sa tsotellehe hore na re na le tsebo ka mosebetsi oa kaho kapa che, kaofela ha rona re lokela ho kenya letsoho hore mehaho ena e hloeke e be e lule e le maemong a matle. w22.03 22 ¶11-12