March
Laboraro, la 1 March
Ha le etselitse e mong oa ba banyenyane bana bao e leng bana beso lintho tsena, le ’na le nketselitse tsona.—Mat. 25:40.
“Linku” tse hlahang papisong e ho Matheu 25:31-36 li emela batho ba lokileng nakong ea bofelo, ba nang le tšepo ea ho phela lefatšeng, e leng linku tse ling. Ba tšehetsa bara ba bo Kreste ba ntseng ba le lefatšeng ka ho ba thusa ho etsa mosebetsi oa ho bolela le ho etsa barutuoa. (Mat. 24:14; 28:19, 20) Libeke tse seng kae pele ho Sehopotso, linku tse ling li bontša hore li tšehetsa bara ba bo Kreste ka ho kenya letsoho selemo le selemo ho mema batho lefatšeng lohle hore ba tle Sehopotsong. Li boetse li etsa bonnete ba hore Sehopotso se ka khona ho tšoaroa liphuthehong tsohle lefatšeng lohle. Linku tse ling, li thabela ho thusa bara ba bo Kreste ka litsela tse kang tsena. Linku tsena lia tseba hore lintho tseo li li etsang ho bara ba bo Jesu ba tlotsitsoeng, ho tšoana leha eka li li etsetsa eena ka ho khetheha.—Mat. 25:37-40. w22.01 22 ¶11-12
Labone, la 2 March
Ea mponeng o bone le Ntate.—Joh. 14:9.
Re ka etsisa makhabane a Jesu le tsela eo a neng a tšoara batho ba bang ka eona. Mohlala, o ile a hauhela molepera, a utloela mosali eane ea neng a kula haholo bohloko hape o ne a ameha ka batho ba oeleng ka phatla. Ha re etsisa Jesu, re etsisa le Jehova. (Mar. 1:40, 41; 5:25-34; Joh. 11:33-35) Ha re ntse re leka kahohle hore re etsise Jehova, setsoalle sa rona le eena se tla tiea le ho feta. Ho latela mehato ea Jesu ho tla re thusa hore re se ke ra lumella lefatše lena le khopo ho re sitisa ho sebeletsa Jehova. Bosiu ba ho qetela pele Jesu a bolaoa, o ile a re: “Ke hlotse lefatše.” (Joh. 16:33) O ne a bolela hore ha aa ka a lumella tsela eo batho ba neng ba nahana ka eona, lintho tseo ba li batlang le liketso tsa bona hore li mo susumetse. Jesu ha aa ka lebala lebaka le ka sehloohong leo a neng a tlile lefatšeng ka lona e leng ho tlosa qoso lebitsong la Jehova. Na rona rea ameha tabeng ee? Ho na le lintho tse ngata haholo lefatšeng lena tse ka re sitisang ho sebeletsa Jehova. Empa haeba re ka etsisa Jesu ka hore le rona re amehe ka ho etsa thato ea Jehova, re tla “hlola lefatše.”—1 Joh. 5:5. w21.04 3-4 ¶7-8
Labohlano, la 3 March
[Ha ho letho le tla] re arohanya le lerato leo Molimo a re bontšitseng lona.—Bar. 8:39.
Moapostola Pauluse o ne a tloaelane le tšepiso ea Jesu e reng: “E mong le e mong ea bontšang tumelo ho [Jesu] . . . a be le bophelo bo sa feleng.” (Joh. 3:16; Bar. 6:23) Ha ho pelaelo hore Pauluse ke e mong oa ba neng ba e-na le tumelo thekollong. O ne a kholisehile hore Jehova o malala-a-laotsoe ho tšoarela batho ba entseng libe tse tebileng haholo haeba feela ba bakile. (Pes. 86:5) Pauluse o ne a boetse a e-na le tumelo matleng a lerato la Molimo le ileng la bontšoa ke Kreste. Hlokomela mantsoe a khothatsang qetellong ea Bagalata 2:20. Pauluse o re: “Mora oa Molimo . . . [o ile] a nthata ’me a inehela bakeng sa ka.” Pauluse o ne se na moeli oa hore na Molimo o mo rata hakae joalokaha eka o ne a re: ‘Kea bona hore na ke hobane’ng ha Jehova a rata Bakreste-’moho le ’na empa ha ke lumele hore ’na a ka nthata.’ Pauluse o ile a hopotsa Baroma a re: “Ha re sa ntse re le baetsalibe, Kreste o ile a re shoela.” (Bar. 5:8) Tsela eo Molimo a re ratang ka eona ha e na moeli. Pauluse o ne a kholisehile kahohle-hohle hore na lerato la Molimo le matla hakae. Pauluse o ne a tseba hore na Jehova o ile a sebetsana joang ka mamello le Baiseraele. w21.04 22 ¶8-10
Moqebelo, la 4 March
Ha re rata Molimo re tla mamela litaelo tsa hae.—1 Joh. 5:3.
Ha u khanna thuto ea Bibele, thusa motho eo u ithutang le eena hore a rate Jehova. U ka etsa ntho eo joang? Batla menyetla eo u ka thusang motho eo u ithutang le eena hore a ithute ka makhabane a Jehova. Mo thuse hore a bone hore Jehova ke Molimo ea thabileng ea thusang batho ba mo ratang. (1 Tim. 1:11; Baheb. 11:6) Bontša motho eo u ithutang le eena hore o tla fumana molemo ha a etsa lintho tseo a ithutang tsona ’me u mo hlalosetse hore melemo eo e bontša hore Jehova oa mo rata. (Esa. 48:17, 18) Kahoo, ha motho eo u ithutang le eena a rata Jehova le ho feta, o tla susumelletseha hore a etse liphetoho tseo a hlokang ho li etsa. E le hore motho ea ithutang Bibele a kolobetsoe, o tla lokela ho tela lintho tse ling. Batho ba bang ba ithutang Bibele ba ka ’na ba hloka ho tela lintho tseo ba nang le tsona. Ba bangata ba ka ’na ba lokela ho khaotsa ho ba metsoalle ea batho ba sa rateng Jehova. Ba bang ba ka ’na ba lahloa ke litho tsa lelapa tse sa rateng Lipaki Tsa Jehova. Jesu o ile a tšepisa hore batho ba mo latelang ba ke ke ba soetseha. Jehova o tla ba putsa ka hore a ba fe bara le barali ba bo rona ba ba ratang bao e tla ba lelapa la bona.—Mar 10:29, 30. w21.06 4 ¶8-9
Sontaha, la 5 March
Bonang kamoo masimo a soeufetseng kateng bakeng sa kotulo.—Joh. 4:35.
Moapostola Pauluse o ile a tšoantša mosebetsi oa ho etsa barutuoa le ho hlaolela lijalo, e le ha a bontša hore ha rea lokela ho jala peo feela empa ho na le ho hong hoo re tlamehang ho ho etsa. O ile a hopotsa Bakorinthe a re: “Ke ile ka lema, Apolose a nosetsa . . . Lona le tšimo ea Molimo e lengoang.” (1 Bakor. 3:6-9) Joaloka basebetsi ‘tšimong ea Molimo,’ ha re jale peo feela empa re boetse rea e nosetsa, ebe kamehla rea sheba hore na e ntse e hola joang. Ho feta moo, rea hlokomela hore ke Molimo ea etsang hore peo e hole. Re na le monyetla o babatsehang hakaakang oa ho bolela le ho ruta batho Bibele! Kannete mosebetsi ona oa re thabisa. Moapostola Pauluse ea thusitseng batho ba bangata Thesalonika hore e be barutuoa, o ile a bua kamoo a neng a ikutloa kateng a re: “Etsoe tšepo ea rona kapa thabo kapa moqhaka oa thabo e khaphatsehang ke eng—na ha e le hantle ha se lona?—ka pel’a Morena oa rona Jesu ho beng teng ha hae? Ka sebele le khanya ea rona le thabo ea rona.” —1 Bathes. 2:19, 20; Lik. 17:1-4. w21.07 3 ¶5; 7 ¶17
Mantaha, la 6 March
Le se ke la nyefola e mong oa ba banyenyane bana.—Mat. 18:10.
Jehova o huletse e mong le e mong oa rona ho eena. (Joh. 6:44) Ak’u nahane hore na taba eo e bolela’ng. Ha Jehova a ntse a hlahloba batho bohle ba teng lefatšeng mona, o ile a khahloa ke ho hong ho uena e leng pelo e ntle e neng e tla batla ho mo sebeletsa. (1 Likron. 28:9) Jehova oa u tseba, oa u utloisisa ebile oa u rata. Taba ena ea khothatsa kannete. Jehova o u rata haholo hape o boetse o tsotella le bara le barali ba bo rona bohle. E le ho hlakisa taba ena, Jesu o ile a tšoantša Jehova le molisa. Molisa o tla etsa’ng haeba nku e le ’ngoe e hlahlathela e tloha ho tse lekholo? O tla “tlohela tse mashome a robong a metso e robong lithabeng ’me a tsoe ho ea batla e hlahlathelang.” Ha molisa a fumana nku eo, a ke ke a e tšoara hampe. O tla e thabela. Re ithuta’ng moo? Nku e ’ngoe le e ’ngoe e bohlokoa ho Jehova. Jesu o ile a re: “Ha se ntho e lakatsehang ho ntate ea leholimong hore e mong oa ba banyenyane bana a timele.”—Mat. 18:12-14. w21.06 20 ¶1-2
Labobeli, la 7 March
Atamelang ho Molimo.—Jak. 4:8.
Ha re nahana hore na Molimo o re rata hakae, re matlafatsa setsoalle sa rona le eena le tsela eo re mo ratang ka eona. (Bar. 8:38, 39) Re susumelletseha ho etsisa mohlala oa Jesu. (1 Pet. 2:21) Matsatsi pele ho Sehopotso, re nahanisisa ka litlaleho tsa Bibele tse buang ka beke ea ho qetela Jesu a le lefatšeng, lefu la hae le ho tsosoa ha hae. Ebe mantsiboeeng a Sehopotso ho fanoa ka puo e re hopotsang hore na Jesu o re rata hakae. (Baef. 5:2; 1 Joh. 3:16) Ha re bala ka mohlala oa Jesu oa boitelo re bile re nahanisisa ka oona, re susumelletseha hore re ‘tsamaee feela joalokaha a ile a tsamaea.” (1 Joh. 2:6) Re ikemisetsa le ho feta ho lula re le metsoalle ea Jehova. (Juda 20, 21) Re lula re le metsoalle ea Molimo haeba re etsa boiteko bohle hore re mo mamele, re halaletse lebitso la hae re be re mo thabise. (Liprov. 27:11; Mat. 6:9; 1 Joh. 5:3) Ho ba Sehopotsong, ho re susumelletsa hore re ikemisetse hore letsatsi le letsatsi re phele ka tsela eo e kang re re ho Jehova, ‘Ke batla ho ba motsoalle oa hao ka ho sa feleng.’ w22.01 23 ¶17; 25 ¶18-19
Laboraro, la 8 March
Le ikhethele . . . eo le tla mo sebeletsa.—Josh. 24:15.
Jehova o re file bolokolohi ba ho iketsetsa liqeto. Re ka ikhethela hore na re batla ho etsa’ng bophelong. Molimo oa rona ea lerato oa thaba ha re khetha ho mo sebeletsa. (Pes. 84:11; Liprov. 27:11) Re ka sebelisa bolokolohi bona ho etsa liqeto tse ngata tse nepahetseng. Re ka etsisa Jesu ka hore re khethe ho beha lithahasello tsa batho ba bang pele ho tsa rona. Ka letsatsi le leng, Jesu le barutuoa ba hae ba ne ba khathetse haholo eaba ba ea sebakeng se thotseng moo ba neng ba nahanne hore ba tla phomola teng empa ha baa ka ba khona ho phomola. Ba ile ba fumana batho ba bangata ba neng ba batla ho rutoa ke Jesu. Jesu ha aa ka a teneha empa o ile a ba hauhela. O ile a etsa’ng ho bontša hore oa ba hauhela? O ile ‘a qala ho ba ruta lintho tse ngata.’ (Mar. 6:30-34) Ha re etsisa Jesu ka hore re sebelise nako le matla a rona ho thusa batho ba bang, re rorisa ntate oa rona.—Mat. 5:14-16. w21.08 3 ¶7-8
Labone, la 9 March
Motho e mong le e mong a ke a . . . [thabele] seo a se entseng a sa ipapise le motho e mong.—Bagal. 6:4.
Jehova o rata lintho tse sa tšoaneng. Re bona taba ena linthong tseo a li bopileng ho akarelletsa limela tse sa tšoaneng, liphoofolo le batho. Kaofela ha rona rea ikhetha. Kahoo, ha ho mohla Jehova a u bapisang le batho ba bang. O hlahloba pelo ea hao ’me oa bona hore na u motho ea joang. (1 Sam. 16:7) O boetse o tseba lintho tseo u khonang ho li etsa, tseo u sa khoneng ho li etsa le hore na u holisitsoe joang. Hape a ke ke a u kopa hore u etse ntho eo u ke keng oa e khona. Re lokela ho etsisa Jehova ka hore re ipone ka tsela eo a re bonang ka eona. Ha re etsa joalo, re tla ba le “kelello e hlaphohileng” ’me re ke ke ra inka re le bohlokoa haholo kapa ra ikhalala. (Bar. 12:3) Ke ’nete hore ho ithuta mohlaleng o motle oa mora kapa morali’abo rona ea atlehang tšimong ho ka re tsoela molemo. (Baheb. 13:7) Mohlala oa bona o ka re thusa ho bona hore na re ka etsa mosebetsi oa boboleli joang ka tsela e atlehang. (Bafil. 3:17) Empa ho na le phapang pakeng tsa ho etsisa mohlala oa motho ea itseng le ho ipapisa le eena. w21.07 20 ¶1-2
Labohlano, la 10 March
Phahamisetsang mahlo leholimong ’me le bone. Ke mang ea bopileng lintho tsee?—Esa. 40:26.
U ka matlafatsa tumelo ea hao ho ’Mopi ka hore u ithute ka hloko ka liphoofolo, limela le linaleli. (Pes. 19:1) Ha u lula u ithuta ka lintho tseo, u tla kholiseha le ho feta hore Jehova ke ’Mopi. Ha u ntse u ithuta ka popo ela hloko hore na e u ruta’ng ka ’Mopi. (Bar. 1:20) Mohlala, e ka ’na eaba oa tseba hore letsatsi le fana ka mocheso o etsang hore bophelo bo tsoele pele empa hape le boetse le ntša mahlaseli a kotsi haholo. Batho ba hloka ho sireletsoa mahlaseling ao ’me ho fela ho le joalo. Ka tsela efe? Lefatše le na le khase kapa lera le sireletsang, le monyang mahlaseli ao hore a se ke a kena lefatšeng. Ha mahlaseli ana a e-ba mangata haholo lera lena le kopana le ho feta. Na joale ha u lumele hore ho na le motho ea entseng lintho tsee ea lerato hape e le ’Mopi ea bohlale? w21.08 17 ¶9-10
Moqebelo, la 11 March
Ea ratang Molimo o lokela ho rata le ngoan’abo.—1 Joh. 4:21.
Ka mor’a hore motho a kolobetsoe, re lokela ho tsoela pele re mo rata le ho mo hlompha. (1 Joh. 4:20) Re ka etsa joalo joang? Ntho e ’ngoe eo re ka e etsang ke hore re mo tšepe. Ka mohlala, haeba a entse ntho e itseng, re ke ke ra nahana hore o entse joalo hobane a ichebile boeena feela. Ho e-na le hoo, re tla mo hlompha ’me re nke hore o re phahametse. (Bar. 12:10; Bafil. 2:3) Ha e le hantle re lokela ho ba mohau le ho ba mosa ho batho bohle. Haeba re batla ho ba karolo ea batho ba bitsang Jehova ntate oa bona ka ho sa feleng, re lokela ho sebelisa lintho tseo re ithutileng tsona ka Lentsoeng la hae bophelong ba rona. Ka mohlala, Jesu o ile a re ruta hore re lokela ho bontša mohau le mosa ho batho bohle, esita le ho lira tsa rona. (Luka 6:32-36) Ka linako tse ling, ho ka ba thata ho etsa joalo. Haeba ho joalo, re lokela ho ithuta ho nahana le ho etsa lintho joaloka Jesu. Ha re leka kahohle kamoo re ka khonang ho mamela Jehova le ho etsisa Jesu, re bontša ntate oa rona hore re batla ho ba karolo ea lelapa la hae ka ho sa feleng. w21.08 6 ¶14-15
Sontaha, la 12 March
Le bone hore na nke ke ka le bulela likhoro tsa maholimo ke be ke le tšollele litlhohonolofatso.—Mal. 3:10.
Ithute ho tšepa Jehova. O re tšepisa hore o tla re hlohonolofatsa ha re mo tšepa ’me re mo sebeletsa kahohle kamoo re ka khonang kateng. Bibele e na le mehlala e mengata ea batho ba ileng ba sebetsa ka thata tšebeletsong ea Jehova. Maemong a mangata, ba ne ba lokela ho etsa boiteko pele Jehova a ba hlohonolofatsa ka tsela e khethehileng. Ka mohlala, Abrahama o ne a lokela ho tloha ha hae “le hoja a ne a sa tsebe moo a neng a e-ea teng” e le hore Jehova a mo hlohonolofatse. (Baheb. 11:8) Jakobo eena o ile a loana le lengeloi e le hore Jehova a mo hlohonolofatse ka tsela e khethehileng. (Gen. 32:24-30) Nakong eo sechaba sa Iseraele se neng se le haufi le ho kena Naheng e Tšepisitsoeng, baprista ba ne ba lokela ho kena ka maoto moeling oa Noka ea Jordane pele batho ba ka khona ho tšela. (Josh. 3:14-16) U ka boela oa ithuta mehlaleng ea Lipaki tse ileng tsa tšepa Jehova mehleng ena ’me tsa sebeletsa Jehova ka ho eketsehileng. w21.08 29-30 ¶12-14
Mantaha, la 13 March
U se ke oa re: “Matsatsi a khale a ne a le molemo ho feta ana.”—Moek. 7:10.
Bara le barali ba bo rona ba holileng le tseba kamoo lintho li neng li etsoa kateng nakong e fetileng, le bona bohlokoa ba hore le itloaetse ho etsa lintho ka tsela e ncha. Barab’abo rona ba holileng ba sa tsoa ho kolobetsoa, le lona le ka thusa ba bang ka litsela tse ngata. Bacha ba tla thabela ho le mamela ha le ba qoqela ka bophelo ba lona le lintho tseo le ithutileng tsona. Haeba u ‘itloaetsa ho fana’ ka ho sebelisa lintho tseo u ithutileng tsona bophelong ho koetlisa ba bang, Jehova o tla u hlohonolofatsa haholo. (Luka 6:38) Ba holileng ba ratehang, ha le ntse le e-ba metsoalle ea bacha le tla khona ho khothatsana. (Bar. 1:12) Batho ba baholo ba na le lintho tseo bacha ba se nang tsona, ka ho tšoanang ho na le lintho tseo bacha ba nang le tsona tseo batho ba baholo ba se nang tsona. Batho ba baholo ba na le bohlale le boiphihlelo boo ba bo fumaneng ha ba ntse ba hola. Bacha bona ba mahlaha-hlaha ebile ba na le matla. Ha bacha le batho ba baholo e e-ba metsoalle, ba rorisa Ntate oa rona ’me e e-ba tlhohonolofatso ka phuthehong eo ba leng ho eona hona joale. w21.09 8 ¶3; 13 ¶17-18
Labobeli, la 14 March
Re bolella batho ka Kreste ea ileng a bolaeloa palong e leng ntho eo ho leng thata hore Bajuda ba e amohele.—1 Bakor. 1:23.
Ke hobane’ng ha Bajuda ba bangata ba ile ba khopisoa ke tsela eo Jesu a ileng a shoa ka eona? Taba ea hore ebe Jesu o ile a fanyehoa palong, e ile ea etsa hore ba mo nke e le sekebekoa kapa moetsalibe e seng e le Mesia. (Deut. 21:22, 23) Ba bang ba Bajuda ba ileng ba khopisoa ke Jesu, ba ile ba hloleha ho bona hore ha a molato, o qositsoe ka bohata le hore o ahlotsoe ka ho hloka toka. Baahloli ba Jesu ba ne ba se na taba le hore na o ahloloa ka toka kapa che. Lekhotla le phahameng la Bajuda le ile la etsa lintho ka lepotla-potla ha le ahlola Jesu eaba ha le latele melao. (Luka 22:54; Joh. 18:24) Ho e-na le hore ka toka baahloli ba mamele le ho sheba litaba tsohle tseo Jesu a neng a qosoa ka tsona, ba ile “ba batla bopaki khahlanong le [eena] hore ba mo bolaee.” (Mat. 26:59; Mar. 14:55-64) Hape ka mor’a hore Jesu a tsosoe, baahloli bao ba se nang toka, ba ile ba fa masole a Roma a neng a katile lebitla la Jesu “palo e lekaneng ea likotoana tsa silevera” e le hore ba bue leshano la hore na hobane’ng lebitla le se na letho.—Mat. 28:11-15. w21.05 11 ¶12-13
Laboraro, la 15 March
Ha ho ea tsebang letsatsi leo kapa hora. Mangeloi a maholimong ha a le tsebe le Mora ha a le tsebe, ke Ntate feela ea le tsebang.—Mat. 24:36.
Jehova a ka felisa lefatše lena le khopo ka nako le motsotso feela. Empa ho mamella ha hae ho re thusitse haholo. Litloholo tsohle tsa Adama le Eva li hlaha li sa phethahala. Ho ntse ho le joalo, Jehova oa li rata le ho li tsotella, ’me o tšepisitse hore o tla felisa tsamaiso ena e khopo ea lintho. (1 Joh. 4:19) Hape o behile nako eo ka eona a tla felisa mathata ’ohle a batho a bakang masisa-pelo. Ho ratoa ke Jehova ho tlameha ho re susumelletsa hore le rona joaloka eena, re mamelle kahohle kamoo re ka khonang. Jehova ke eena ea re behetseng mohlala o motle oa ho mamella. Jesu o ile a atleha ho etsisa ntate oa hae ka hore a be le mamello. Ha a le lefatšeng, o ile a mamella ho rohakoa, ho nyelisoa le ho shoa lefu le sehloho bakeng sa rona. (Baheb. 12:2, 3) Mohlala oa Jehova oa ho mamella o ile oa fa Jesu matla a hore le eena a etse joalo. Le rona o ka re thusa. w21.07 12-13 ¶15-17
Labone, la 16 March
Tsoelang pele ho ba mohau feela joalokaha Ntate oa lona a le mohau.—Luka 6:36.
Letsatsi ka leng Jehova oa re tšoarela. (Pes. 103:10-14) Balateli ba Jesu ba ne ba sa phethahala empa o ile a ba bontša mohau le ho ba tšoarela. O ne a bile a ikemiselitse ho tela bophelo ba hae e le hore libe tsa rona li ka tšoareloa. (1 Joh. 2:1, 2) Re holisa lerato le teng ka lelapeng lena la Jehova haeba re ‘tšoarelana ka bolokolohi.’ (Baef. 4:32) Ke ’nete hore ho tšoarela batho ba bang ha se ntho e bonolo ka linako tse ling. Kahoo re lokela ho sebetsa ka thata ntlheng eo. Morali’abo rona e mong o re sehlooho sa Molula-Qhooa se reng “Tšoarelanang ka Bolokolohi” se ile sa mo thusa ho etsa joalo. O re: “Sehlooho sena se ile sa hlalosa hore ho ikemisetsa ho tšoarela batho ba bang ha ho bolele hore u lumela hore ha baa etsa phoso kapa hona hore ha baa u utloisa bohloko. Empa ho tšoarela ho bolela hore ha u batle ho jara motho eo ka pelo le hore u batla ho lula u e-na le khotso.” Ha re tšoarela bara le barali ba bo rona ka bolokolohi re bontša hore rea ba rata le ho etsisa Ntate oa rona Jehova. w21.09 23-24 ¶15-16
Labohlano, la 17 March
Ba . . . rapelang [Molimo] ba tla rapela ba tataisoa ke . . . ’nete.—Joh. 4:24.
Jesu o ne a rata ’nete, e leng litaba tse amanang le Molimo le merero ea hae. O ile a phela tumellanong le ’nete eo a ba a tsebisa batho ba bang ka eona. (Joh. 18:37) Balateli ba ’nete ba Jesu le bona ba ne ba rata ’nete haholo. (Joh. 4:23) Esita le moapostola Petrose o ile a bua ka Bokreste e le “tsela ea ’nete.” (2 Pet. 2:2) Ka lebaka la hobane ba ne ba rata ’nete haholo, Bakreste ba pele ba ne ba sa lumellane le lithuto tsa bolumeli, meetlo le maikutlo a batho a neng a sa lumellane le ’nete eo. (Bakol. 2:8) Ka tsela e tšoanang, Bakreste ba ’nete mehleng ena ba leka ka matla ho “tsoela pele ho tsamaea ’neteng” ka hore ba etse bonnete ba hore tumelo ea bona le tsela eo ba phelang ka eona e lumellana le Lentsoe la Jehova. (3 Joh. 3, 4) Mehleng ena, batho ba Molimo ba lumela hore ha ba na tsebo e feletseng ea Bibele. Ka linako tse ling, ba ne ba etsa liphoso ha ba hlalosa Bibele kapa ha ba fana ka litaelo tsa hore na mokhatlo o tlameha ho tsamaisoa joang. Ha ba se ba utloisisa ntho e itseng hantle, ba etsa liphetoho tse hlokahalang. w21.10 21-22 ¶11-12
Moqebelo, la 18 March
Jehova o sireletsa ea mo tšepang ka lerato la hae.—Pes. 32:10.
Feela joalokaha mabota mehleng ea Bibele a ne a sireletsa batho khahlanong le lira tsa bona, ka ho tšoanang mosa o lerato oa Jehova oa re sireletsa khahlanong le ntho efe kapa efe e ka senyang kamano ea rona le eena. Ho ekeletsa moo, mosa oa Jehova o lerato o etsa hore a re hulele ho eena. (Jer. 31:3) Mopesaleme Davida o ile a sebelisa tsela e ’ngoe ho hlalosa kamoo Molimo a sireletsang batho ba hae kateng. O ile a re: “Molimo ke sebaka sa ka se phahameng sa tšireletso, Molimo oa mosa o lerato ho ’na.” Davida o ile a boela a re ka Jehova: “Mosa oa ka o lerato le qhobosheane ea ka, sebaka sa ka se phahameng sa tšireletso le Mopholosi oa ka, thebe ea kale Eo ke tšabetseng ho eena.” (Pes. 59:17; 144:2) Ke hobane’ng ha Davida a ile a bapisa mosa oa Jehova o lerato le qhobosheane le sebaka se phahameng sa tšireletso? Ho sa tsotellehe hore na re phela hokae, hafeela re le bahlanka ba hae Jehova o tla re fa lintho tsohle tseo re li hlokang ho sireletsa kamano ea rona le eena. w21.11 6 ¶14-15
Sontaha, la 19 March
Ke tla nahanisisa ka mesebetsi eohle ea hao.—Pes. 77:12.
Ha Jesu le barutuoa ba hae ba ne ba tsamaea ka sekepe, ka tšohanyetso ho ile ha e-ba le sefefo. Jesu o ile a sebelisa ketsahalo eo ho ba thusa ho utloisisa hore ba ne ba hloka ho matlafatsa tumelo ea bona. (Mat. 8:23-26) Sefefo se ne se le matla hoo maqhubu a leoatle a ileng a tlatsa sekepe ka metsi empa Jesu o ne a khalehile. Ha barutuoa ba mo tsosa ba tšohile ’me ba mo kopa hore a ba pholose, Morena o ile a re ho bona: “Ke hobane’ng ha le le boi, lona ba nang le tumelo e nyenyane?” Na le uena u na le mathata bophelong? E ka ’na eaba mathata ao ke a bakiloeng ke koluoa ea tlhaho. Kapa e ka ’na eaba u kula haholo hoo u ikutloang u nyahame ebile u sa tsebe hore na u etse’ng. Le hoja ka linako tse ling u ka tšoenyeha, ha oa lokela ho lumella ho tšoenyeha hore ho u sitise ho tšepa Jehova. Atamela ho eena ka ho mo rapela ho tsoa pelong. Matlafatsa tumelo ea hao ka ho nahanisisa kamoo Jehova a u thusitseng kateng nakong e fetileng. (Pes. 77:11) U ka kholiseha hore a ke ke a u lahla le ka mohla. w21.11 22 ¶7, 10
Mantaha, la 20 March
Le se ke la utsoa.—Lev. 19:11.
Motho e mong a ka ’na a nahana hore haeba a e-s’o ka a nka ntho leha e le efe ea motho e mong o mamela molao oo. Leha ho le joalo, e ka ’na eaba ho na le litsela tse ling tseo a utsoang ka tsona. Ka mohlala, rakhoebo ea neng a sebelisa likala tse sa nepahalang ha e le hantle o ne a qhekella bareki ebile a ba utsoetsa. Levitike 19:13 e amahanya ho utsoa le ho se tšepahale litabeng tsa khoebo ha e re: “U se ke oa etsetsa oa heno bolotsana.” Kahoo, motho ea sa tšepahaleng litabeng tsa khoebo ha e le hantle oa utsoa. Molao oa borobeli o ne o bontša hore ho utsoa ho fosahetse. Leha ho le joalo, lintlha tsa lengolo la Levitike li re thusa ho utloisisa hore na re ka sebelisa molao-motheo o thehiloeng molaong oo joang bophelong ba bona. Ho nahanisisa ka hore na Jehova o ikutloa joang ka ho se tšepahale le ho utsoa ho ka re tsoela molemo. Re ka ’na ra ipotsa: ‘Ha ke nahana ka Levitike 19:11-13, na ho na le moo ke lokelang ho etsa liphetoho haholo-holo litabeng tsa khoebo?’ w21.12 9-10 ¶6-8
Labobeli, la 21 March
Le tšoarele batho ba bang ka pelo eohle feela joalokaha Jehova le eena a le tšoarela.—Bakol. 3:13.
Ha u rapela moo u leng mong, nahana ka liphoso tseo u li entseng letsatsing leo ebe u kopa Jehova hore a u tšoarele. Teng haeba u entse sebe se tebileng, u lokela ho kopa thuso ea baholo. Ba tla u mamela ba be ba u fe keletso e tsoang ka Bibeleng. Ba tla rapela le uena ebe ba kopa Jehova hore a u tšoarele e le hore u ka boela oa ba motsoalle oa hae hape. (Jak. 5:14-16) U ka boela oa thusoa ke ho thuisa ka thekollo. U ka ameha maikutlo ha u nahana ka hore na Mora oa Molimo o ile a utloa bohloko ho le hokae. Empa ha u thuisa haholo ka sehlabelo sa Jesu, u tla mo rata u be u rate le Ntate oa hae haholo feela. Re holisa kananelo ea rona ea thekollo ka hore selemo le selemo re be teng Sehopotsong sa lefu la Jesu le ka hore re meme batho ba bang hore le bona ba be teng. Jehova o re file tlotla ea hore re rute batho ka Mora oa hae. w21.04 18-19 ¶13-16
Laboraro, la 22 March
A qala ho ba ruta lintho tse ngata.—Mar. 6:34.
Nahana ka seo Jesu a ileng a se etsa ha batho ba bangata ba tla ho eena ha a le pel’a thaba. O ne a qetile bosiu bohle a rapela. E tlameha ebe o ne a khathetse haholo. Empa e itse ha a bona bongata boo, a hauhela ba futsanehileng le ba kulang. O ile a ba folisa le ho ba fa puo e khothatsang ka ho fetisisa e kileng ea fanoa e tsejoang e le Thuto ea Thabeng. (Luka 6:12-20) Jesu o ne a boetse a fa batho ba bang nako leha a ne a hloka ho ba mong. U nahana hore Jesu o ile a ikutloa joang ha a utloa hore motsoalle oa hae Johanne Mokolobetsi o khaotsoe hlooho? Bibele e re: “Ha Jesu a utloa [ka lefu la Johanne] a tloha moo ka sekepe ho ea sebakeng se thoko bakeng sa ho ea ba mong.” (Mat. 14:10-13) Empa batho ba bangata ba ile ba fihla sebakeng seo se ka thoko pele ho eena. (Mar. 6:31-33) O ile a hlokomela hore ba ne ba hloka ho thusoa le ho tšelisoa ke Molimo ’me a potlakela ho ba thusa.—Luka 9:10, 11. w22.02 21 ¶4, 6
Labone, la 23 March
Le be le khotso le batho bohle.—Bar. 12:18.
Re lokela ho etsa’ng haeba re hlokomela hore re utloisitse mora kapa morali oa bo rona bohloko? Re lokela ho rapela Jehova ka tieo, re mo kope hore a re thuse hore re etse khotso le mora kapa morali oa bo rona. Re boetse re lokela ho itlhahloba. Re ka ipotsa lipotso tse kang tsena: ‘Na ke ikemiselitse ho lumela hore ke phoso, ho kopa tšoarelo le ho etsa khotso? Jehova le Jesu ba tla ikutloa joang haeba ke etsa boiteko ba ho etsa khotso le mora kapa morali oa bo rona?’ Likarabo tsa rona li tla re susumelletsa ho mamela Jesu le ho ikokobetsa e le hore re etse khotso le bara le barali ba bo rona. Re lokela ho ikokobetsa ha re il’o etsa khotso le mora kapa morali oa bo rona. (Baef. 4:2, 3) Re lokela ho bua le mora kapa morali oabo rona ka morero oa ho kopa tšoarelo. Hopola hore ho etsa khotso le mor’eno ke ha bohlokoa ho feta ho tseba hore na ke mang ea fositseng kapa ea nepileng.—1 Bakor. 6:7. w21.12 26 ¶13-16
Labohlano, la 24 March
Ha a atamela motse, a o sheba eaba oa o llela.—Luka 19:41.
Jesu o ne a utloile bohloko hobane o ne a tseba hore boholo ba Bajuda bo ke ke ba amohela molaetsa oa ’Muso. Ka lebaka leo, Jerusalema e ne e tla timetsoa ’me Bajuda ba pholohileng timetso ba ne ba tla isoa bokhobeng. (Luka 21:20-24) Ka masoabi, feela joalokaha Jesu a ne a boletse, batho ba bangata ha ba aa ka ba mo amohela. Moo u lulang teng, na ke batho ba bangata ba amohelang molaetsa oa ’Muso? Haeba ke ba seng bakae feela ba mamelang ha u leka ho ba ruta Bibele, u ka ithuta’ng tabeng ea hore Jesu o ile a llela baahelani ba hae? Jehova o tsotella batho. Taba ea hore ebe Jesu o ile a lla e re hopotsa hore Jehova o rata batho haholo. “Ha a lakatse hore leha e le mang a timetsoe, empa o lakatsa hore bohle ba fihle pakong.” (2 Pet. 3:9) Mehleng ena, re bontša hore re rata batho bao re ba pakelang ka hore re lule re ntse re leka ho ba ruta litaba tse molemo tsa ’Muso.—Mat. 22:39. w22.01 16 ¶10-12
Moqebelo, la 25 March
Ke u khomaretse. Letsoho la hao le letona le ntšoere ka tieo.—Pes. 63:8.
Tumelo ea hao e tla matlafala ha u nahanisisa ka lintho tseo Jehova a seng a li etselitse batho ba hae le tseo a seng a u etselitse tsona. Leha ho le joalo, ntlha ea bohlokoa ka ho fetisisa, ke hore u tla rata Jehova le ho feta. Lerato ke lona le ka sehloohong le tla u susumelletsa ho mamela Jehova, ho itella eena e le hore u mo thabise le ho mamella liteko leha e le life. (Mat. 22:37-39; 1 Bakor. 13:4, 7; 1 Joh. 5:3) Ha ho na ntho ea bohlokoa ho feta ho ba le setsoalle se haufi le Jehova! (Pes. 63:1-7) Hopola hore ho ithuta, ho rapela le ho nahanisisa ke karolo ea borapeli ba rona. Etsisa Jesu ka hore u batle libaka tse thotseng moo u ka qetang nako le Jehova. Qoba litšitiso tse sa hlokahaleng. Kopa Jehova hore a u thuse ho beha kelello Lentsoeng la hae. Haeba u sebelisa nako ea hao hantle hona joale, Jehova u tla u putsa ka hore a u fe bophelo bo sa feleng lefatšeng le lecha.—Mar. 4:24. w22.01 31 ¶18-20
Sontaha, la 26 March
Nyonyang se khopo.—Bar. 12:9.
Lintho tseo re nahanang ka tsona li susumetsa tsela eo re itšoarang ka eona. Ke kahoo Jesu a ileng a re ruta hore re qobe ho nahana ka lintho tse ka etsang hore re etse sebe se tebileng. (Mat. 5:21, 22, 28, 29) Re batla ho thabisa Ntate oa rona ea leholimong. Kahoo, ke habohlokoa hore re qobe ho nahana ka lintho tse fosahetseng hang-hang. Jesu o ile a re: “Lintho tse tsoang molomong li tsoa pelong.” (Mat. 15:18) Lintho tseo re li buang li bontša hore na re batho ba joang. Kahoo, ipotse: ‘Na ke bua ’nete le hoja ho etsa joalo ho ka nkenya mathateng? Na ke qoba ho bontša motho eo e seng molekane oa ka maikutlo a lerato? Na ke qoba ho bua ka boitšoaro bo bobe ka ho feletseng? Haeba motho e mong a nkoatisitse, na ke bua le eena ke khobile matšoafo?’ Ho nahana ka lipotso tsena ho ka u thusa haholo. Kahoo, haeba u leka kahohle hore u se ke oa bua lintho tse bohloko, leshano kapa oa bua ka boitšoaro bo bobe, ho tla ba bonolo hore u hlobole botho ba khale. w22.03 5 ¶12-14
Mantaha, la 27 March
Ba bohlale ke ba batlang keletso.—Liprov. 13:10.
Taba ena ke ’nete hobane hangata batho ba kopang keletso ’me ba sa emele ho eletsoa, ba etsa liqeto tse bohlale ho feta batho ba sa e kopeng. Kahoo, ikemisetse ho kopa keletso ho batho ba bang. Re ka kopa hore Bakreste-’moho ba re eletse maemong afe? A re bueng ka a mang a ’ona. (1) Morali oabo rona o kopa mohoeletsi ea atlehang tšimong hore a tsamaee le eena ha a il’o ithuta Bibele le motho. Hamorao o kopa hore a mo eletse hore na a ka ntlafatsa tsela eo a rutang ka eona joang. (2) Morali oabo rona oa lesoha o batla ho reka liaparo ’me o kopa morali oabo rona ea holileng hore a mo thuse ho li khetha. (3) Mor’abo rona o tl’o fana ka puo ea hae ea pele ea phatlalatsa. O kopa mor’abo rona ea seng a e-na le nako a fana ka lipuo hore a mamele puo ea hae ’me a mo eletse hore na a ka ntlafatsa hokae. Mor’abo rona eo e seng e le nako a fana ka lipuo, le eena ka ho tšoanang o lokela ho kopa keletso ho bara babo rona ba fanang ka lipuo tse atlehang ’me a e sebelise.—Liprov. 19:20. w22.02 13 ¶15-17
Labobeli, la 28 March
Ha ke mong, Ntate ea nthomileng o na le ’na.—Joh 8:16.
Jehova oa re rata ebile oa re tsotella joalokaha a ile a rata Jesu le ho mo hlokomela nakong eohle ha a ne a e-na le mathata lefatšeng mona. (Joh. 5:20) O ile a thusa Jesu hore a be le tumelo e matla, a mo khothatsa ha a ne a tšoenyehile a ba a mo thusa ka litlhoko tsa hae. Hape Jehova ha aa ka a pata hore o rata Mora oa hae le hore o mo amohetse. (Mat. 3:16, 17) Kaha Jesu o ile a lula a itšetlehile ka Ntate oa hae ea lerato ka linako tsohle, ha aa ka a ikutloa eka ha a na mang-oe. Joaloka Jesu, kaofela ha rona re ile ra bona ka litsela tse fapaneng hore Jehova oa re rata. Ak’u nahane feela, Jehova o re huletse ho eena a ba a re fa lelapa le re ratang le le momahaneng le etsang hore re thabe ebile lea re khothatsa ha re e-na le mathata. (Joh. 6:44) Jehova o boetse o re fa lintho tse re thusang hore re be le tumelo e matla. O boetse o re thusa hore re be le lintho tseo re li hlokang e le hore re phele. (Mat. 6:31, 32) Ha re nahana kamoo Jehova a re ratang kateng re mo rata le ho feta. w21.09 22 ¶8-9
Laboraro, la 29 March
Hlobolang botho ba khale le liketso tsa bona.—Bakol. 3:9.
U ne u phela bophelo bo joang pele u ithuta Bibele le Lipaki Tsa Jehova? Bongata ba rona ha re batle le ho nahana ka eona taba eo. Ho ka etsahala hore botho ba rona le tsela eo re neng re nahana ka eona e ne e susumetsoa ke seo batho ba reng se nepahetse kapa se fosahetse. Haeba ho joalo, ‘re ne re se na tšepo ’me re ne re se na Molimo lefatšeng.’ (Baef. 2:12) Empa ha u ntse u ithuta Bibele u ile oa hlokomela hore u na le Ntate ea leholimong ea u ratang haholo. U ile oa ithuta hore haeba u batla ho thabisa Jehova le ho ba setho sa lelapa la hae, u lokela ho etsa liphetoho tse kholo bophelong ba hao le tseleng eo u nahanang ka eona. U ile oa boela oa ithuta hore u lokela ho etsa lintho tseo Jehova a reng li nepahetse le ho qoba tseo a reng li fosahetse. (Baef. 5:3-5) Jehova ke ’Mopi oa rona ebile ke Ntate oa rona, kahoo o na le tokelo ea ho bolella litho tsa lelapa la hae hore na li lokela ho itšoara joang. Hape o batla hore pele re kolobetsoa re etse kahohle hore re ‘hlobole botho ba khale le litloaelo tsa bona.’ w22.03 2 ¶1-3
Labone, la 30 March
Ke na le linku tse ling.—Joh. 10:16.
Linku tse ling li thabela ho ba bashebelli Sehopotsong ’me li nahana ka tšepo ea tsona. Li labalabela ho mamela puo ea Sehopotso, eo boholo ba eona e buang ka hore na Kreste le babusi-’moho le eena ba 144 000 ba tla etsa’ng bakeng sa batho ba tšepahalang nakong ea Puso ea Lilemo Tse Sekete. Morena Jesu Kreste o tla etella babusi bao pele hore ba etse lefatše paradeise le ho thusa batho ba mamelang hore ba phethahale. Ke ntho e thabisang ha bashebelli bana ba bang teng Sehopotsong ba nahana ka boprofeta ba Bibele bo tla phethahala, bo kang bo hlahang ho Esaia 35:5, 6; 65:21-23 le Tšenolo 21:3, 4. Ha ba ipona ba se ba le lefatšeng le lecha le baratuoa ba bona, ba matlafatsa tšepo eo ba nang le eona ka bokamoso hape ba ikemisetsa hore ba tla tsoela pele ba sebeletsa Jehova.—Mat. 24:13; Bagal. 6:9. w22.01 21 ¶5-7
’Malo oa Bibele oa Sehopotso: (Liketsahalo tsa mantsiboea a la 9 Nisane) Matheu 26:6-13
Labohlano, la 31 March
Mor’a motho o tletse ho sebeletsa le ho fana ka bophelo ba hae e le tefo bakeng sa ho lopolla batho ba bangata.—Mar. 10:45.
Thekollo ke’ng? Ke tefo eo Jesu a faneng ka eona bakeng sa ho lefella ntho eo Adama a e lahlileng. (1 Bakor. 15:22) Ke hobane’ng ha re hloka thekollo? Hobane molao oa Jehova oa toka o neng o le tlas’a Molao oa Moshe, o ne o re ho fanoe ka bophelo bakeng sa bophelo. (Ex. 21:23, 24) Adama o lahlile bophelo bo phethahetseng. E le ho phethahatsa toka ea Jehova, Jesu o ile a tela bophelo ba hae bo phethahetseng. (Bar. 5:17) Ka tsela eo, Jesu e ile ea e-ba “Ntate oa ka ho sa Feleng” ho bohle ba bontšang tumelo sehlabelong sa hae. (Esa. 9:6; Bar. 3:23, 24) Jesu o ne a ikemiselitse ho tela bophelo ba hae hobane a re rata ebile a rata le Ntate oa hae. (Joh 14:31; 15:13.) Lerato leo le ile la mo susumeletsa hore a ikemisetse ho lula a tšepahala ho fihlela qetellong le hore a phethahatse thato ea Ntate oa hae. O ile a etsa joalo ka hore a tšepahale ho fihlela lefung. Ka ho etsa joalo, morero oa Jehova oa qalong ka lefatše le batho, o tl’o phethahala. w21.04 14 ¶2-3
’Malo oa Bibele oa Sehopotso: (Liketsahalo tsa motšehare oa la 9 Nisane) Matheu 21:1-11, 14-17