April
Mantaha, la 1 April
Tumelo ea lona e ileng ea lekoa ke ea ’nete ebile e tla le thusa ho ba le mamello.—Jak. 1:3.
Ipotse: ‘Na kea mamela ha ke fuoa keletso? Na ke lumela liphoso tseo ke li entseng kapele kapa ke ipehela mabaka? Na ke potlakela ho re ha se ’na ea entseng liphoso empa ke batho ba bang?’ Ha u bala ka litlaleho tsa bahlanka ba bang ba Jehova ka Bibeleng, nahana hore na ba ile ba etsa lintho joang ha ba fuoa keletso. Ha u ntse u ithuta ka bona, Ipotse potso ena: ‘Nka etsisa mohlala oa bona joang?’ Ho etsisa mohlala oa Bakreste ba holileng le ba bacha ho ka re tsoela molemo. Ka mohlala, e ka ’na eaba ho na le Mokreste-’moho phuthehong ea heno ea mameletseng ho kula, khatello ea lithaka kapa ho hlorisoa ke ba lelapa. Na ho na le makhabane ao u a bonang ho Mokreste eo ao le uena u ka ratang ho ba le ’ona? Ho etsisa mohlala oa hae ho ka u thusa hore u mamelle ha u e-na le mathata. Re ananela bara le barali bana ba bo rona ba re behelang mohlala o motle oa hore re be le tumelo e matla—Baheb. 13:7. w22.04 13 ¶13-14
Labobeli, la 2 April
Ho fana ho thabisa haholo ho feta ho fuoa.—Lik. 20:35.
Ha re e-na le mathata, rea khothala ha moholo a bontša hore oa re tsotella ka hore a iphe nako ea ho re mamela le ho re tšelisa. Ha re hloka thuso ea kamoo re ka khannang thuto ea Bibele kateng, rea thaba ha pula-maliboho e nang le boiphihlelo e ba teng thutong ’me e re fa litlhahiso tsa kamoo re ka ntlafatsang. Kaofela bara le barali bana ba bo rona ba thabela ho re thusa. Le rona re ka thaba haeba re ithaopela ho thusa bara le barali ba bo rona. Haeba le uena u batla ho atolosa tšebeletso ea hao ho Jehova, ke eng e ka u thusang? Ha u ipehela lintho tseo u batlang ho li finyella, etsa bonnete ba hore oa hlaka. U se ke oa re feela: ‘Ke batla ho etsa ho eketsehileng ka phuthehong.’ U ka ’na oa thatafalloa ke ho tseba hore na u ka finyella ntho eo u ipehetseng eona joang le ho thatafalloa ho bona ha u se u e finyeletse. Kahoo, hlaka hore na u batla ho etsa eng. U ka ba oa ngola fatše hore na u batla ho etsa eng, u be u ngole hore na u tla e finyella joang. w22.04 25 ¶12-13
Laboraro, la 3 April
U rate moahisani oa hao joalokaha u ithata.—Jak. 2:8.
Hona joale Jehova o ntse a bokella “bongata bo boholo” ba batho. O ba ruta ho phela tlas’a ’Muso oa hae. (Tšen. 7:9, 10) Le hoja batho ba bangata lefatšeng kajeno ba arotsoe ke lintoa le lehloeo, batho bao e leng karolo ea “bongata bo boholo” ba sebetsa ka thata hore ho se ke ha e-ba le lehloeo har’a bona. Ka tsela ea tšoantšetso ba etsa lisabole tsa bona mehoma. (Mik. 4:3) Ho e-na le ho kenella lintoeng tse bolaeang batho ba bangata, ba thusa batho ho fumana “bophelo ba sebele” ka ho ba ruta ka Molimo oa ’nete le merero ea hae. (1 Tim. 6:19) Le haeba ba ka ba le mathata a lichelete kapa ba hanyetsoa ke ba lelapa hobane ba tšehetsa ’Muso oa Molimo, Jehova o tla etsa bonnete ba hore ba na le lintho tseo ba li hlokang. (Mat. 6:25, 30-33; Luka 18:29, 30) Lintlha tsena kaofela lia re tiisetsa hore ’Muso oa Molimo ke ntho ea sebele le hore o tla tsoela pele o phethahatsa morero oa Jehova. w22.12 5 ¶13
Labone, la 4 April
Amen! Tloo Morena Jesu.—Tšen. 22:20.
Qetellong ea lilemo tse sekete batho bohle ba tla be ba phela lefatšeng ba tla be ba se ba phethahetse. Ha ho na motho ea tla hlola a angoa ke liphello tsa sebe se futsitsoeng ho Adama. (Bar. 5:12) Thohako ea sebe sa Adama e tla be e tlositsoe ka ho feletseng. Sena se bolela hore batho ba lefatšeng ‘ba tla phela,’ e leng ho bolelang hore e tla ba ba phethahetseng qetellong ea lilemo tse sekete. (Tšen. 20:5) Rea tseba hore Jesu o ile a lula a tšepahalla Molimo leha Satane a mo leka. Empa na batho bohle ba phethahetseng ba tla lula ba tšepahalla Jehova leha Satane a ba leka? Motho e mong le e mong o tla ba le monyetla oa ho bontša hore o tšepahalla Jehova nakong eo Satane a lokolloang mohohlong qetellong ea lilemo tse sekete. (Tšen. 20:7) Batho bohle ba tla lula ba tšepahala nakong ea teko ena ea ho qetela, ba tla fumana bophelo bo sa feleng ’me ba thabele tokoloho ea ’nete. (Bar. 8:21) Batho ba sa mameleng Jehova ba tla timetsoa.—Tšen. 20:8-10. w22.05 19 ¶18-19
Labohlano, la 5 April
U tla mo loma serethe.—Gen. 3:15.
Boprofeta boo bo ile ba phethahala ha Satane a ne a susumetsa Bajuda le Baroma hore ba bolaee Mora oa Molimo. (Luka 23:13, 20-24) Ha Jesu a ne a shoele, ka nakoana o ne a sa khone ho etsa letho feela joalokaha motho a sa khone ho tsamaea ka nakoana ha serethe sa hae se lemetse. (Mat. 16:21) Boprofeta bo ho Genese 3:15 bo bontša hore Jesu o ne a ke ke a lula a shoele. Hobane’ng? Hobane ho ea ka boprofeta boo, peo ea mosali e ne e tla khoba hlooho ea noha. Sena se bolela hore Jesu o ne a lokela ho tsosoa ’me o ile a fela a tsosoa. Jesu o ile a tsosoa ka mor’a matsatsi a mararo ’me o ile a ea leholimong moo a ke keng a hlola a shoa le ka mohla. Jesu o tla felisa Satane ka nako eo Molimo a e behileng. (Baheb. 2:14) Kreste hammoho le ba tla busa le eena ba tla felisa lira tsa Molimo e leng peo ea noha.—Tšen. 17:14; 20:4, 10. w22.07 16 ¶11-12
Moqebelo, la 6 April
Ea tsamaeang le batho ba bohlale o tla hlalefa.—Liprov. 13:20.
Batsoali, thusang bana ba lona hore ba khethe metsoalle e nepahetseng. Lentsoe la Molimo le re bolella ka ho hlaka hore batho bao re khethang hore e be metsoalle ea rona ba ka re susumeletsa hore re etse lintho tse nepahetseng kapa tse fosahetseng. Na le tseba metsoalle ea bana ba lona? Le ka thusa bana ba lona joang hore ba be le metsoalle e ratang Jehova? (1 Bakor. 15:33) Le ka ba thusa hore ba be le metsoalle e nepahetseng ka hore le meme batho ba ratang Jehova e le hore ba qete nako le lona. (Pes. 119:63) Mor’abo rona Tony o re: “Ka lilemo tse ngata ’na le mohats’a ka re ile ra mema Bakreste-’moho ba maemo a sa tšoaneng le ba lilemo tse sa tšoaneng. Re ne re ja le ho tšoara borapeli ba lelapa le bona. Ena ke tsela e molemo ea ho tseba batho ba ratang Jehova le ba thabelang ho mo sebeletsa. Lintho tse ileng tsa ba etsahalla, tsela eo ba neng ba le mafolofolo ka eona le eo ba neng ba itetse ha ba ntse ba sebeletsa Jehova, e ile ea thusa bana ba rona hore e be metsoalle ea Jehova.” w22.05 29 ¶14-15
Sontaha, la 7 April
Eng kapa eng e lokolotsoeng maholimong, le tla e lokolla lefatšeng.—Mat. 18:18.
Ha baholo ba kopana le motho ea entseng sebe, morero oa bona ke ho etsa qeto e seng e entsoe leholimong. Taba ee e tsoela phutheho molemo joang? Ha moetsalibe ea sa bakeng a tlosoa ka phuthehong, sena se etsa hore linku tsa Jehova li sireletsehe. (1 Bakor. 5:6, 7, 11-13; Tite 3:10, 11) Sena se ka boela sa thusa moetsalibe hore a bake le hore Jehova a mo tšoarele. (Luka 5:32) Baholo ba rapela le motho ea bakileng ’me ba kopa Jehova hore a mo thuse hore a boele a be le kamano e ntle le eena. (Jak. 5:15) Ho tla etsahala’ng haeba motho ea entseng sebe a kopana le baholo a e-s’o bake? Motho eo o tla khaoloa. Leha ho le joalo, haeba motho eo a hlokomela hore ntho eo a e entseng e mpe ’me a baka e le kannete le ho khaotsa ho etsa lintho tseo a neng a li etsa, Jehova o ikemiselitse ho mo tšoarela. (Luka 15:17-24) Jehova o tla mo tšoarela le hoja a entse libe tse tebileng.—2 Likron. 33:9, 12, 13; 1 Tim. 1:15. w22.06 9 ¶5-6
Mantaha, la 8 April
E-bang bohlale ’me le falimehe. Sera sa lona Diabolose se tsamaea joaloka tau e purumang e batlang ho harola e mong.—1 Pet. 5:8.
Jehova o thusitse Bakreste lefatšeng lohle hore ba hlole mathata ’me ba atlehile ho hanyetsa Diabolose. (1 Pet. 5:9) Le uena u ka atleha. Haufinyane, Jehova o tla laela Jesu le babusi-’moho le eena hore ba ‘qhaqhe mesebetsi ea Diabolose.’ (1 Joh. 3:8) Ka mor’a moo, batho ba sebeletsang Molimo ba le lefatšeng ba ‘ke ke ba tšaba [motho] le ea mong, le ntho leha e le efe e tšosang.’ (Esa. 54:14; Mik. 4:4) Ho fihlela nako eo e fihla, re lokela ho sebetsa ka thata ho hlola tšabo. Re lokela ho kholiseha haholoanyane hore Jehova oa re rata ebile o sireletsa bahlanka ba hae. Re tla thusoa ke haeba re nahanisisa re bile re bua ka kamoo Jehova a thusitseng bahlanka ba hae ba mehleng ea khale kateng. Hape re lokela ho hopola kamoo a re thusitseng kateng ha re kopana le mathata. Ka thuso ea Jehova, re ka khona ho hlola tšabo.—Pes. 34:4. w22.06 19 ¶19-20
Labobeli, la 9 April
La otla setšoantšo maotong a sona a tšepe le letsopa.—Dan. 2:34.
’Muso oa lefatše o tšoantšetsoa ke ‘maoto a tšepe le letsopa.’ ’Muso oo o se o ntse o busa. O qalile ho busa nakong ea Ntoa ea Pele ea Lefatše ha Brithani le United States li theha setsoalle se haufi e leng ’muso o kopanetsoeng oa Manyesemane le Maamerika. Toro ea Nebukadnezare ea setšoantšo e ile ea bolela esale pele lintho ka ’muso ona tse etsang hore o fapane le mebuso e tlileng pele ho oona. Phapang e ’ngoe ke hore mebuso e meng e tšoantšetsoa ke khauta feela kapa silevera. Empa ’muso o kopanetsoeng oa Manyesemane le Maamerika o tšoantšetsoa ke tšepe e kopaneng le letsopa. Letsopa le emela “bana ba moloko oa batho.” (Dan. 2:43) Kajeno re bona ka ho hlakileng tšusumetso eo batho ba nang le eona likhethong tsa lipolotiki, matšolong a boipelaetso a litokelo tsa botho, litoi-toing le mekhatlong ea basebetsi e leng ntho e etsang hore babusi ba ’muso ona ba sitoe ho finyella lintho tseo ba li batlang. w22.07 4-5 ¶9-10
Laboraro, la 10 April
Lijo tsa ka ke hore ke etse thato ea ea nthomileng.—Joh. 4:34.
Na u utloa u le lesisitheho ho kolobetsoa? Mohlomong u ka thusoa ke ho ipotsa hore na ke hobane’ng ha u e-s’o kolobetsoe. (Lik. 8:36) Hlokomela hore Jesu o ile a bapisa ho etsa thato ea Ntate oa hae le lijo. Hobane’ng? Lijo li re tsoela molemo. Jesu o ne a tseba hore ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo Jehova a reng re e etse e molemong oa rona. Jehova ha a batle hore re etse letho le ka re ntšang kotsi. Na Jehova o batla hore u kolobetsoe? Ho joalo. (Lik. 2:38) Kahoo, u ka kholiseha hore ho mamela taelo ea hore u kolobetsoe ho tla u tsoela molemo. Haeba u ne u ke ke oa tsila-tsila ho ja lijo tse monate ka ho fetisisa, ke hobane’ng ha u tsila-tsila ho kolobetsoa? U emetse’ng? Batho ba bangata ba ka ’na ba araba ka ho re: “Ha ke e-s’o itokise hantle.” Bonneteng ho inehela ho Jehova le ho kolobetsoa ke qeto ea bohlokoa ka ho fetisisa eo u ka e etsang. Kahoo, u lokela ho nka nako ea hao, u inahane hantle u be u etse boiteko bo matla e le hore u tšoanelehe. w23.03 7 ¶18-20
Labone, la 11 April
Mangolo a re: “Le ngoana oa hao,” se bolelang motho a le mong e leng Kreste.—Bagal. 3:16.
Ha Jesu a tlotsoa, e ile ea e-ba karolo e ka sehloohong ea peo ea mosali. Ka mor’a hore Jesu a shoe ’me a tsosoe, Molimo o ile a mo “roesa moqhaka oa khanya le tlhompho” ’me a mo fa “matla ’ohle leholimong le lefatšeng,” ho akareletsa le matla a “ho qhaqha mesebetsi ea Diabolose.” (Baheb. 2:7; Mat. 28:18; 1 Joh. 3:8) Ho na le batho bao e neng e tla ba karolo ea bobeli ea peo ea mosali. Moapostola Pauluse o ile a bua ka karolo ena ea peo ha a ne a bua le Bakreste ba tlotsitsoeng ba Bajuda le ba Balichaba, a re: “Haeba le ba Kreste, ka sebele le peo ea Abrahama, majalefa mabapi le tšepiso.” (Bagal. 3:28, 29) Ha Jehova a tlotsa Mokreste ka moea o halalelang, Mokreste eo e ba karolo ea peo ea mosali. Kahoo, peo ea mosali ke Jesu Kreste le batho ba 144 000 ba tla busa le eena. (Tšen. 14:1) Kaofela ha bona ba leka ho nahana le ho etsa lintho joaloka Ntate oa bona, Jehova Molimo. w22.07 16 ¶8-9
Labohlano, la 12 April
Ke hloile bophelo ba ka, ha ke sa batla ho phela.—Jobo 7:16.
Re ka lebella hore re tla kopana le mathata matsatsing ana a ho qetela. (2 Tim. 3:1) Ka linako tse joalo, re ka ikutloa re imetsoe ebile re tsielehile, haholo ha re kopana le mathata a sa eeng moriting. Hopola hore Jehova o tseba boemo ba hao ’me ka thuso ea hae re ka khona ho mamella mathata leha e le afe ka sebete. Nahana ka mohlala oa monna ea nang le tumelo e leng Jobo. O kopane le mathata a mangata a nyahamisang ka nako e khutšoanyane. Ka letsatsi le le leng feela, Jobo o ile a bolelloa hore liphoofolo tsohle tsa hae li shoele le hore basebetsi ba hae le bana ba hae ba hlokahetse. (Jobo 1:13-19) Nakoana ka mor’a moo ha a ntse a utloile bohloko haholo, o ile a kula haholo a tšoaroa ke boloetse bo bohloko le bo neng bo mo senya sebopeho. (Jobo 2:7) Jehova o ne a sa tlohela Jobo feela. Kaha Jehova o ne a rata Jobo, o ile a mo thusa hore a mamelle mathata a hae. w22.08 11 ¶8-10
Moqebelo, la 13 April
Jehova o khalemela bao a ba ratang.—Baheb. 12:6.
Re ka utloa bohloko ha re khalemeloa. Re ka nahana hore re khalemetsoe ka ho hloka toka le hore re ne re sa lokela ho khalemeloa kapa ha rea khalemeloa hantle. Sena se ka etsa hore re se ke ra bona ntho ea bohlokoa e leng hore Jehova o re khalemela hobane a re rata. (Heb. 12:5, 11) Kahoo, amohela khalemelo ’me u etse liphetoho moo ho hlokahalang. Ka makhetlo Jesu o ile a khalemela Petrose ka pel’a baapostola ba bang. (Mar. 8:33; Luka 22:31-34) E ka ’na eaba Petrose o ile a soaba haholo. Leha ho le joalo, o ile a lula a tšepahalla Jesu. O ile a amohela ha a khalemeloa eaba o ithuta liphosong tsa hae. Qetellong, Jehova o ile a putsa Petrose hobane a ile a tšepahala ’me a mo fa boikarabelo ba bohlokoa ka phuthehong. (Joh. 21:15-17; Lik. 10:24-33; 1 Pet. 1:1) Re ka rua molemo haeba re sa lule re nahana ka hore na re ile ra tlotlolleha hakae ha re khalemeloa empa re amohele khalemelo ’me re etse liphetoho moo ho hlokahalang teng. Ha re etsa joalo, Jehova o tla re sebelisa ebile re tla thusa balumeli-’moho le rona. w22.11 21-22 ¶6-7
Sontaha, la 14 April
U etse sehlabelo sa secheso ka [Isaka] moo.—Gen. 22:2.
Abrahama o ne a tseba hore Jehova o ne a ke ke a etsa ntho leha e le efe e sa lokang kapa e sa bontšeng lerato. Moapostola Pauluse o ile a bontša hore Abrahama o ne a lumela hore Jehova o ne a tla tsosa mora oa hae ea ratoang Isaka. (Baheb. 11:17-19) Jehova o ne a tšepisitse hore Isaka e ne e tla ba ntate oa sechaba empa ka nako eo Isaka o ne a se na bana. Abrahama o ne a rata Jehova, kahoo o ne a tšepa hore Ntate oa hae o tla lula a etsa se nepahetseng. Le hoja ho ne ho le thata, tumelo eo a neng a e-na le eona e ile ea mo thusa hore a mamele. (Gen. 22:1-12) Re ka etsisa Abrahama joang? Re lokela ho lula re ithuta ka Jehova joaloka Abrahama. Ha re etsa joalo, re tla ba metsoalle ea hae ’me re tla mo rata le ho feta. (Pes. 73:28) Letsoalo la rona le tla koetliseha e le hore re khone ho nahana joaloka Molimo. (Baheb. 5:14) Kahoo, re tla khona ho hana haeba motho e mong a batla hore re etse ntho e itseng e fosahetseng. Re tla qoba ho nahana le ho etsa ntho leha e le efe e ka utloisang Ntate oa rona bohloko le ho senya kamano ea rona le eena. w22.08 28-29 ¶11-12
Mantaha, la 15 April
Matšoenyeho a tetebetsa pelo ea motho.—Liprov. 12:25.
Ha moapostola Pauluse le Barnabase ba khutlela Lystra, Ikoniamo le Antioke, ba ile ba “beha banna ba baholo bakeng sa bona phuthehong e ’ngoe le e ’ngoe.” (Lik. 14:21-23) Ha ho pelaelo hore banna bao ba khethiloeng ba ile ba etsa bonnete ba hore ba khothatsa liphutheho tseo joalokaha baholo ba etsa le kajeno. Baholo, elang hloko batho ba hlokang “lentsoe le molemo” la khothatso. Pauluse o ile a hopotsa Bakreste-’moho le eena hore ‘leru le leholo la lipaki’ le ile la mamella mathata ao le neng le e-na le ’ona hobane Jehova a ile a le fa matla. (Baheb. 12:1) Pauluse o ne a tseba hore lipale tsa ba ileng ba mamella mathata a sa tšoaneng nakong e fetileng li ne li tla khothatsa Bakreste-’moho le eena le ho ba thusa hore ba lule ba talimile ‘motseng oa Molimo ea phelang.’ (Baheb. 12:22) Ho etsahala se tšoanang le kajeno. Kaofela ha rona re ile ra matlafala ha re utloa kamoo Jehova a ileng a thusa Gideone, Barake, Davida, Samuele le ba bang ba bangata.—Baheb. 11:32-35. w22.08 21-22 ¶5-6
Labobeli, la 16 April
Eaba e mong le e mong o ahloloa ho ea ka liketso tsa hae.—Tšen. 20:13.
Batho ba tsositsoeng ba tla ahloloa ho ea ka “liketso” life? Na e tla ba lintho tseo ba ileng ba tloaela ho li etsa pele ba hlokahala? Che. Hopola hore ha ba hlokahala libe tsa bona li ile tsa hlakoloa. Mona mantsoe “liketso tsa bona” ha a bolele liketso tseo ba li entseng pele ba hlokahala. Leha ho le joalo, e tlameha ebe a bolela lintho tseo ba tla li etsa ha ba ntse ba rutoa lefatšeng le lecha. Esita le banna ba bang ba neng ba tšepahala e leng Noe, Samuele, Davida le Daniele le bona ba tla lokela ho ithuta ka Jesu Kreste le ho ba le tumelo sehlabelong sa hae. Haeba banna baa ba tla lokela ho ithuta, sena se bontša hore batho ba sa lokang le bona ba tla hloka ho ithuta. Ho tla etsahala’ng ka batho ba hanang monyetla ona o babatsehang? Tšenolo 20:15 e re: “Mang kapa mang ea sa kang a fumanoa a ngotsoe bukeng ea bophelo a liheloa ka letšeng la mollo.” Batho bao ba tla felisoa. Kahoo, ke habohlokoa hore re etse bonnete ba hore mabitso a rona a ngotsoe bukeng ea bophelo ’me a lula a le teng ho eona. w22.09 18-19 ¶17-19
Laboraro, la 17 April
Loanela ho ba le letsoalo le khutsitseng ka pel’a Molimo le batho.—Lik. 24:16.
Bongata ba liqeto tseo re li etsang mabapi le bophelo ba rona le phekolo li thehiloe Bibeleng. (1 Tim. 3:9) Ha re etsa liqeto le ha re bua le batho ba bang ka liqeto tseo re li entseng, re lokela ho hopola mantsoe a hlahang ho Bafilipi 4:5 a reng: “Batho bohle ba ke ba bone hore ha le batho ba tsitlellang maikutlong a lona.” Ha re le batho ba leka-lekanyang lintho, re ke ke ra tšoenyeha ka ho feteletseng ka bophelo ba rona. Re rata bara le barali ba bo rona ebile rea ba hlompha leha ba entse liqeto tse fapaneng le tseo re li entseng. (Bar. 14:10-12) Re bontša Jehova, Mohloli oa bophelo hore re ananela bophelo boo a re fileng bona ka hore re bo sireletse hape re mo sebeletse kahohle kamoo re ka khonang. (Tšen. 4:11) Hona joale re ka ’na ra kula kapa ra hlaheloa ke likoluoa. Empa bophelo bona ha se boo ’Mopi oa rona a neng a re reretse bona. Haufinyane o tla re fa bophelo bo sa feleng re se re sa utloe bohloko ebile re sa shoe. (Tšen. 21:4) Ha re ntse re emetse nako eo, re thabela ho phela le ho sebeletsa Jehova, Ntate oa rona ea leholimong ea re ratang. w23.02 24-25 ¶17-18
Labone, la 18 April
’Muso oa hao o arotsoe ’me o filoe Bamede le Bapersia.—Dan. 5:28.
Jehova o se a bontšitse hore o phahametse balaoli. (Bar. 13:1) Nahana ka mehlala ena e meraro. Faro oa Egepeta o ile a etsa bahlanka ba Jehova makhoba ’me ka makhetlo o ile a hana ho ba lokolla. Molimo o ile a ba lokolla eaba o etsa hore Faro a khangoe ke metsi a Leoatle le Lefubelu. (Ex. 14:26-28; Pes. 136:15) Morena Belshatsare oa Babilona o ne a tšoere mokete ’me o ile a “iphahamisetsa Morena oa maholimo” ’me a ‘rorisa melimo e entsoeng ka silevera le khauta’ ho e-na le ho rorisa Jehova. (Dan. 5:22, 23) Molimo o ile a kokobetsa monna eo ea ikhohomosang. Belshatsare o ile a bolaoa “bosiung bona boo” ’me ’muso oa hae oa fuoa Bamede le Bapersia. (Dan. 5:30, 31) Morena Heroda Agripa oa pele oa Palestine o ile a bolaea moapostola Jakobo ’me a koalla moapostola Petrose teronkong a batla hore le eena a bolaoe. Jehova o ile a thibela Heroda hore a etse ntho eo. “Lengeloi la Jehova la mo otla” ’me o ile a shoa.—Lik. 12:1-5, 21-23. w22.10 15 ¶12
Labohlano, la 19 April
Ke tla le mamela.—Jer. 29:12.
E le hore re mamele Molimo, re lokela ho bala Lentsoe la hae le ho nahanisisa ka seo re se balileng. Tšepo ea rona e tiea le ho feta ha re ithuta kamoo Jehova a ileng a thusa bahlanka ba hae ba tšepahalang kateng nakong e fetileng. Ntho e ’ngoe le e ’ngoe e ka Lentsoeng la Molimo, e ile ea “ngolloa ho re ruta e le hore re be le tšepo. Ha e le hantle, Mangolo ao aa re tšelisa ebile a re thusa hore re mamelle.” (Bar. 15:4) Nahana ka litšepiso tsa Jehova tseo a seng a li phethahalitse. Nahana ka ntho eo Molimo a ileng a e etsetsa Abrahama le Sara. Ba ne ba se ba tsofetse hoo ba ke keng ba e-ba le bana. Leha ho le joalo, Molimo o ile a ba tšepisa hore ba tla ba le ngoana. (Gen. 18:10) Abrahama o ile a etsa’ng? Bibele e re o ne a ‘e-na le tumelo ea hore e tla ba ntate oa lichaba tse ngata.’ (Bar. 4:18) Le hoja Abrahama a ne a sa tsebe hore na Molimo o tla phethahatsa tšepiso ea hae joang, o ne a kholisehile hore Jehova o tla phethahatsa seo a se tšepisitseng. Monna enoa ea nang le tumelo ha aa ka a soetseha. (Bar. 4:19-21) Litlaleho tse kang tsena li re kholisa hore Jehova o tla phethahatsa litšepiso tsa hae. w22.10 27 ¶13-14
Moqebelo, la 20 April
Le tla bona Morupeli oa lona e Moholo.—Esa. 30:20.
Mantsoe ao a ile a phethahala ha Bajuda ba ne ba lokolloa botlamuoeng. Jehova o ile a bontša hore ke Morupeli oa bona e Moholo. O ile a ba tataisa ’me ba ile ba atleha ho tsosolosa borapeli ba ’nete. Kahoo, re thaba haholo hobane le mehleng ena Jehova ke Morupeli oa rona e Moholo. Esaia o re re tšoana le baithuti ba ntseng ba rutoa ke Jehova. O ile a re: “Le tla bona Morupeli oa lona e Moholo.” Papisong ena Esaia o ile a re morupeli o eme ka pel’a baithuti ba hae. Ke tlotla hore re rutoa ke Molimo mehleng ena. Jehova o re ruta joang? O sebelisa mokhatlo oa hae ’me re ananela litaelo tseo re li fuoang. Re li fuoa ha re le libokeng, lingoloeng tsa rona, mananeong a broadcasting le linthong tse ling. Litaelo tsena li re thusa hore re mamelle maemo a boima re thabile. w22.11 10 ¶8-9
Sontaha, la 21 April
Re tla bona ka’ng hore . . . lefatše lee lea fela?—Mat. 24:3.
Ha Jesu a bua ka ho felisoa ha Jerusalema le tempele ea eona le ka bofelo ba lefatše o ile a re: “Ha ho ea tsebang letsatsi leo kapa hora. Mangeloi a maholimong ha a le tsebe le Mora ha a le tsebe, ke Ntate feela ea le tsebang.” Ka mor’a moo, o ile a lemosa barutuoa ba hae hore ‘ba lule ba hlaphohetsoe’ ba be ‘ba falimehe.’ (Mar. 13:32-37) Bakreste ba pele ba Bajuda ba ne ba lokela ho lula ba falimehile e le hore ba pholohe. Jesu o ile a re ho balateli ba hae: “Ha le bona Jerusalema e pota-potiloe ke masole, le tsebe hore e haufi le ho timetsoa.” Hang ha ba bona lintho tseo li etsahala, ba ne ba lokela ho mamela temoso ea Jesu ’me “ba balehele lithabeng.” (Luka 21:20, 21) Batho ba ileng ba mamela temoso eo ba ile ba pholoha ha Baroma ba felisa Jerusalema. Re phela nakong eo lefatše lena le khopo le leng haufi le ho felisoa. Kahoo, le rona re lokela ho ba bohlale ’me re falimehe. w23.02 14 ¶1-2; 16 ¶3
Mantaha, la 22 April
Jehova Molimo oa ’nete.—Pes. 31:5.
Jehova o ruta bahlanka ba hae hore ba etse lintho tse lokileng le hore ba bue ’nete. Ha ba etsa lintho tseo ba ba le seriti le khotso. (Liprov. 13:5, 6) Na le uena o u thusitse ha u ntse u ithuta Bibele? U ithutile hore litsela tsa Jehova ke tsa bohlokoa bakeng sa batho bohle ho akareletsa le uena. (Pes. 77:13) Kahoo, u lokela ho etsa lintho tseo Molimo a reng li lokile. (Mat. 6:33) U lokela ho phatlalatsa ’nete le ho paka hore lintho tseo Satane a li buileng ka Jehova Molimo oa rona ke leshano. Empa u ka etsa seo joang? U ka khetha ho phela ka tsela e bontšang hore ha u lumele mashano a Satane le hore u rata ’nete, hore u batla ho busoa ke Jehova ebile u batla ho etsa lintho tseo a reng li nepahetse. U ka etsa seo joang? Ka ho rapela Jehova ebe u inehela ho eena. Ka mor’a moo u bontše phatlalatsa hore u inehetse ho eena ka hore u kolobetsoe. Ntho e ka sehloohong e ka u susumeletsang hore u batle ho kolobetsoa ke ho rata ’nete le lintho tse nepahetseng. w23.03 3 ¶4-5
Labobeli, la 23 April
Le se ke la itumella ho khathatseha kapa la itumella ho nyahamisoa ke ho tšoha.—Joh. 14:27.
Ho na le khotso eo batho ba bangata ba sa tsebeng letho ka eona. Ke khotso eo re e fuoang ke Molimo eo re bang le eona hobane re le metsoalle ea Ntate oa rona ea leholimong. Re ikutloa re sireletsehile ha re e-na le khotso eo Molimo a re fang eona. (Bafil. 4:6, 7) Hape re thabela ho ba metsoalle le batho ba mo ratang le ho ba metsoalle ea “Molimo oa khotso.” (1 Bathes. 5:23) Ha re tseba Ntate oa rona, re mo tšepa ebile re mo mamela, khotso eo a re fang eona e tla re thusa hore re se ke ra tšoenyeha ha re e-na le mathata. Na hoa khoneha hore re be le khotso e tsoang ho Molimo leha re hlaheloa ke mathata a kang mafu a seoa, likoluoa, ha ho e-ba le merusu kapa re hlorisoa? Mathata ana kaofela a ka etsa hore re tšohe. Ntho e thabisang ke hore bara le barali ba bo rona ba latela keletso ea Jesu. Ka thuso ea Jehova, ba khonne ho ba le khotso ha ba ntse ba sebetsana le mathata a boima. w22.12 16 ¶1-2
Laboraro, la 24 April
Lumellang moea o halalelang hore o etse hore le be mafolofolo. Le sebeletse Jehova ka pelo eohle.—Bar. 12:11.
Re ke ke ra laola ntho e ’ngoe le e ’ngoe e etsahalang bophelong ba rona. Kahoo, ha rea lokela ho nahana hore re ba bohlokoa ho Jehova ka lebaka la mesebetsi eo re e etsang, hape ha rea lokela ho ipapisa le batho ba bang ba khonang ho etsa ho eketsehileng tšebeletsong. (Bagal. 6:4) Taba ea bohlokoa ke hore re batle litsela tsa ho thusa batho ba bang le ho sebeletsa Jehova. Ho ka ba bonolo hore u atolose tšebeletso ea hao ho Jehova haeba u phela bophelo bo itekanetseng ’me u qoba ho etsa likoloto ho sa hlokahale. Ipehele lintho tse nyenyane tseo u batlang ho li finyella tse tla u thusa hore u finyelle lintho tse kholo. Ka mohlala, haeba u batla ho ba pula-maliboho ea kamehla, u ka qala ka ho ba pula-maliboho e thusang e tšoaileng lebokose. Haeba u batla ho ba mohlanka ea sebeletsang, na u ka eketsa nako eo u e qetang u le tšebeletsong ea tšimo? Lintho tseo u li etsang hona joale li ka u bulela menyetla ea hore u sebeletse Jehova haholoanyane nakong e tlang. Ikemisetse ho sebetsa ka thata mosebetsing o mong le o mong oo o u fuoang. w22.04 26 ¶16-17
Labone, la 25 April
Ke rata Jehova hobane oa nkutloa ha ke kopa thuso.—Pes. 116:1.
Jehova a ka re thusa hore re mamelle mathata a rona le hore re mo sebeletse re thabile. Ha re rapela Jehova re mo bolella bothata boo re nang le bona, ntho ea pele eo a re fang eona ke matla a hore re mamelle bothata boo. Ho ka ’na ha hlokahala hore re kope Jehova ka makhetlo hore a re fe matla a ho mamella haeba bothata ba rona bo sa fele kapele kamoo re neng re nahanne kateng. Jehova o re re mo kope. Sena ke seo Esaia a ileng a se bua ha a ne a re: ‘Le se ke la khaotsa ho rapela [Jehova].’ (Esa. 62:7) Taba ee e bolela’ng? Re lokela ho lula re rapela Jehova joalokaha eka ha re mo lumelle hore a phomole. Seo Esaia a se buileng se re hopotsa papiso ea Jesu ea thapelo e ho Luka 11:8-10, 13. Papisong eo, Jesu o re khothaletsa hore ‘re ’ne re kope’ moea o halalelang. Re ka boela ra kopa Jehova hore a re fe likeletso tse tla re thusa hore re etse liqeto tse bohlale. w22.11 8 ¶1; 9 ¶6-7
Labohlano, la 26 April
Re tla hlaheloa ke mathata a mangata pele re kena ’Musong oa Molimo.—Lik. 14:22.
Uena le lelapa la hao le ka itokisa hona joale bakeng sa ho hlorisoa. Qobang ho nahana ka lintho tsohle tse bohloko tse ka etsahalang. Ho e-na le hoo, matlafatsang setsoalle sa lona le Jehova ’me le thuse le bana ba lona ho etsa joalo. Haeba ka linako tse ling u ikutloa u tšoenyehile, bolella Jehova lintho tsohle tse ka pelong ea hao. (Pes. 62:7, 8) Buisanang le le lelapa ka mabaka ’ohle a etsang hore le mo tšepe. Ho itokisetsa koluoa le ho tšepa Jehova ho tla thusa bana ba hao hore ba be sebete ’me ba be le khotso. Khotso eo Molimo a re fang eona e etsa hore re ikutloe re sireletsehile. (Bafil. 4:6, 7) Jehova o sebelisa khotso ena ho etsa hore re khobe matšoafo le hoja re hlaheloa ke mafu a seoa, likoluoa ebile re hlorisoa. O sebelisa baholo hore ba re hlokomele. Hape o fa e mong le e mong oa rona monyetla oa ho thusa ba bang. Khotso eo re nang le eona hona joale e tla re thusa hore re mamelle liteko tse kholo tse tlang hammoho le “mahlomola a maholo.”—Mat. 24:21. w22.12 27 ¶17-18
Moqebelo, la 27 April
Ke tletse ho bitsa baetsalibe eseng batho ba lokileng.—Mat. 9:13.
Re lokela ho leka ho khaotsa ho ikutloa re le molato ka lebaka la libe tse tebileng tseo re li entseng nakong e fetileng. Ke ’nete hore ha rea lokela ho nka sehlabelo sa Jesu e le lebaka la ho “tloaela ho etsa sebe ka boomo.” (Baheb. 10:26-31) Leha ho le joalo, re ka kholiseha hore Jehova o re tšoaretse ka pelo eohle haeba re bakile e le kannete, re kopile thuso ea hae le ea baholo ebile re fetotse tsela eo re etsang lintho ka eona. (Esa. 55:7; Lik. 3:19) Sehlabelo sa Jesu se lekane hore se koahele libe tsa rona ’me se tla etsa hore re tle re khone ho phela Paradeiseng. Ha ho mohla re tla jeoa ke bolutu Paradeiseng. Ho tla lula ho e-na le batho bao re ka thabelang ho kopana le bona le mosebetsi o khotsofatsang oo re ka o etsang. Ho thabisang le ho feta ke hore letsatsi le leng le le leng re tla tseba Ntate oa rona ea leholimong haholoanyane le ho thabela lintho tseo a re etselitseng tsona. Ha ho mohla re tla khaotsa ho ithuta ka eena ’me ho tla lula ho e-na le lintho tse ngata tseo re ithutang tsona ka popo ea hae. w22.12 13 ¶17, 19
Sontaha, la 28 April
Ke tla etsa hore uena le mosali le hloeane.—Gen. 3:15.
“Mosali” e ne e ke ke ea e-ba Eva. Hobane’ng? Nahana ka lebaka lena. Boprofeta bona bo ile ba re peo ea mosali e ne e tla “khoba” hlooho ea noha. Noha ke Satane, e leng lengeloi le khopo ’me bana ba Eva ba ke ke ba khona ho khoba Satane hlooho hobane ha baa phethahala. Joale ke mang ea neng a tla felisa Satane? Buka ea ho qetela ea Bibele ea re bolella hore na mosali eo ho buuoeng ka eena ho Genese 3:15 ke mang. (Tšen. 12:1, 2, 5, 10) Mosali eo ho buuoang ka eena mona ke mosali oa tšoantšetso. Bibele e re o na le khoeli ka tlas’a maoto a hae ebile o roetse moqhaka oa linaleli tse 12 hloohong ea hae. O tsoala ngoana ea sa tloaelehang, e leng ’Muso oa Molimo. E tlameha ebe mosali enoa o leholimong kaha ’Muso ona o leholimong. Mosali enoa o tšoantšetsa karolo e leholimong ea mokhatlo oa Jehova e entsoeng ka mangeloi a tšepahalang. (Bagal. 4:26) Lentsoe la Molimo le boetse le re thusa ho tseba hantle hore na karolo e ka sehloohong ea peo ea mosali ke mang. Peo eo e ne e lokela ho ba setloholo sa Abrahama.—Gen. 22:15-18. w22.07 15-16 ¶6-8
Mantaha, la 29 April
Ha lea ka la le nka e le lentsoe la batho. Le ile la le nka e le lentsoe la Molimo hobane kannete ke lona.—1 Bathes. 2:13.
Mpho eo Jehova a re fileng eona e leng Bibele, e re ruta hore o bohlale. Likeletso tsa Bibele li thusa batho hobane li fetola bophelo ba bona. Ha Moshe a ne a ngola libuka tsa pele tsa Bibele, o ile a bolella bahlanka ba Molimo e leng Baiseraele a re: “Mantsoe ana ke a bohlokoa, a bolela bophelo ba lona.” (Deut. 32:47) Ba neng ba tla mamela Mangolo ba ne ba tla thabela bophelo. (Pes. 1:2, 3) Le hoja Bibele e ngotsoe khale, e ntse e e-na le matla a ho fetola bophelo ba batho. Likeletso tse fumanoang Bibeleng haesale li ntse li sebetsa ebile li thusitse batho ho tloha khale ho fihlela hona joale. Ha re ntse re bala Bibele le ho nahanisisa ka eona, Jehova o sebelisa moea oa hae o halalelang ho re thusa hore re bone hore na re ka sebelisa seo re ithutileng sona joang bophelong ba rona. (Pes. 119:27; Mal. 3:16; Baheb. 4:12) Mongoli oa Bibele e leng Jehova o batla ho u thusa. Taba eo e lokela ho etsa hore re batle ho bala Bibele kamehla. w23.02 3 ¶5-6
Labobeli, la 30 April
O tla baka tšenyo ka tsela e sa tloaelehang.—Dan. 8:24.
Tšenolo khaolo ea 13 ea re bolella hore hlooho ea bosupa, e leng ’Muso oa Lefatše oa Manyesemane le Maamerika, e boetse e itšoara joaloka sebata se nang le ‘linaka tse peli joaloka konyana, empa se qala ho bua joaloka drakone.’ Sebata sena “se etsa lipontšo tse kholo, hoo se ka etsang hore esita le mollo o theohe leholimong ho tla lefatšeng mahlong a moloko oa batho.” (Tšen. 13:11-15) Tšenolo khaolo ea 16 le 19 e re sebata sena ke “moprofeta oa bohata.” (Tšen. 16:13; 19:20) Daniele o bua taba e tšoanang ha a re ’Muso oa Lefatše oa Manyesemane le Maamerika o ne “o tla baka tšenyo ka tsela e hlollang.” (Dan. 8:19, 23, 24) Sena ke sona hantle se etsahetseng nakong ea Ntoa ea Bobeli ea Lefatše. Libomo tse peli tse ileng tsa qetella li entse hore Ntoa ea Bobeli ea Lefatše e fele, li ne li entsoe ke bo-rasaense ba Brithani le Amerika. Ka ho etsa libomo tsena tse peli, ’Muso oa Lefatše oa Manyesemane le Maamerika o ile oa etsa hore “mollo o theohe leholimong ho tla lefatšeng.” w22.05 10 ¶9