May
Laboraro, la 1 May
Ka mor’a moo, ka bona bongata bo boholo ba batho boo ho neng ho se motho ea ka bo balang. E ne e le batho ba lichaba tsohle, maloko ’ohle, merabe eohle le lipuo tsohle.—Tšen. 7:9.
Ka mor’a ho bona sehlopha se eang leholimong, Johanne o bona “bongata bo boholo.” Ho fapana le sehlopha sa pele sa ba 144 000, Bibele ha e bolele hore na batho ba bongata bo boholo ba tla ba bakae. Re ithuta eng ka bona? Johanne o bolelloa hore: “Bana ke ba tsoang matšoenyehong a maholo, ’me ba hlatsoitse liaparo tsa bona tse telele tsa ka holimo ’me ba li soeufalitse maling a Konyana.” (Tšen. 7:14) Ka mor’a hore “bongata bo boholo” bo pholohe matšoenyeho a maholo, bo tla phela mona lefatšeng ’me bo thabele litlhohonolofatso tse hlollang. (Pes. 37:9-11, 27-29; Liprov. 2:21, 22; Tšen. 7:16, 17) Ho sa tsotellehe hore na u khethetsoe ho ea phela leholimong kapa u tla phela mona lefatšeng, na u ipona u le karolo ea batho bao ho buuoang ka bona lengolong la Tšenolo khaolo ea 7? U lokela ho ipona u le karolo ea bona. Nako eo e tla be e le e thabisang hakaakang bakeng sa lihlopha tsee tse peli tsa bahlanka ba Molimo! Re tla thaba haholo hore ebe re ile ra khetha ho tšehetsa puso ea Jehova. w22.05 16 ¶6-7
Labone, la 2 May
Jehova o fana ka bohlale.—Liprov. 2:6.
Na ho na le qeto ea bohlokoa eo u ileng oa lokela ho e etsa? Ha ho pelaelo hore u ile oa rapella bohlale hobane u ne u tseba hore oa bo hloka. (Jak. 1:5) Morena Solomone o ile a re: “Bohlale ke ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa.” (Liprov. 4:7) Solomone o ne a sa bue ka bohlale ba batho empa o ne a bua ka bohlale bo tsoang ho Jehova Molimo. Na bohlale boo Molimo a re fang bona bo ka re thusa hore re tsebe seo re lokelang ho se etsa ha re e-na le mathata? Ho joalo. Tsela e ’ngoe eo re ka bang bohlale ka eona ke ka hore re ithute ho banna ba babeli ba neng ba le bohlale haholo le ho sebelisa lintho tseo re ithutileng tsona. Oa pele ke Solomone. Bibele e re “Molimo a tsoela pele ho fa Solomone bohlale le kutloisiso ka tekanyo e kholo haholo.” (1 Mar. 4:29) Oa bobeli ke Jesu ea neng a le bohlale ho feta motho leha e le ofe. (Mat. 12:42) Bibele e ile ea re ka Jesu: “Moea oa Jehova o tla lula holim’a hae, moea oa bohlale le oa kutloisiso.”—Esa. 11:2. w22.05 20 ¶1-2
Labohlano, la 3 May
E-re ke bue ka matla a hao ho moloko o tlang.—Pes. 71:18.
Re ka ipehela lintho tseo re batlang ho li etsa ra ba ra li finyella le haeba re se re holile. Nahana ka mohlala oa morali oa bo rona Beverley ea lilemo li 75. O ne a kula haholo hoo a neng a thatafalloa ke ho tsamaea. Empa o ne a labalabela ho sebetsa ka thata letšolong la ho memela batho Sehopotsong. O ile a khetha ntho e itseng eo a batlang ho e finyella letšolong leo ’me ha a se a e finyeletse o ile a thaba haholo. Boikitlaetso ba hae bo ile ba susumeletsa batho ba bang ho sebetsa ka thata tšimong. Jehova o ananela mosebetsi oo bara le barali ba bo rona ba holileng ba o etsang leha maemo a bona a sa ba lumelle ho etsa ho hongata. (Pes. 71:17) Ipehele lintho tseo u ka khonang ho li finyella. Sebeletsa hore u be le makhabane a khahlisang Jehova. Sebeletsa ho ba le bokhoni bo tla u thusa hore Jehova le mokhatlo oa hae ba u sebelise haholoanyane. Batla litsela tse eketsehileng tsa ho sebeletsa bara le barali beno. Joaloka Timothea, le uena Jehova o tla u hlohonolofatsa “e le hore tsoelo-pele ea hao e ka bonahala ho batho bohle.”—1 Tim. 4:15. w22.04 27 ¶18-19
Moqebelo, la 4 May
Oa tseba hore u tsebile lingoloa tse halalelang u sa le lesea.—2 Tim. 3:15.
U tla etsa’ng haeba e mong oa bana ba hao a re ha a batle ho sebeletsa Jehova le hoja u sebelitse ka thata ho mo ruta ka Eena? U se ke oa nka hore u hlolehile ho mo thusa. Jehova o file motho e mong le e mong ho akarelletsa le ngoana oa hao bolokolohi ba ho khetha hore na o tla mo sebeletsa kapa che. U se ke oa felloa ke tšepo ea hore o tla mo sebeletsa hape. Hopola papiso ea mora ea lahlehileng. (Luka 15:11-19, 22-24) Mora eo o ile a etsa lintho tse ngata tse mpe empa qetellong o ile a khaotsa ho li etsa. Batsoali, Jehova o le file mpho e babatsehang ea hore le holise bana bao e tla ba bahlanka ba hae. (Pes. 78:4-6) Ke ’nete hore ho etsa joalo ha ho bonolo empa rea le babatsa hobane le sebetsa ka thata ho thusa bana ba lona hore ba mo rate le ho mo mamela.—Baef. 6:4. w22.05 30-31 ¶16-18
Sontaha, la 5 May
Litho tseo kaofela li kopanngoa hantle.—Baef. 4:16.
Mokreste e mong le e mong o lokela ho sebeletsa Jehova ho latela matla le bokhoni ba hae e le hore ho ka ba le khotso le bonngoe ka phuthehong. A re ke re bueng ka mohlala oa Bakreste ba nakong e fetileng. Ba ne ba e-na le limpho le mesebetsi e sa tšoaneng. (1 Bakor. 12:4, 7-11) Lintho tseo ha lia ka tsa etsa hore ba hlolisane kapa ba loantšane. Pauluse o ile a khothaletsa e mong le e mong hore a etse se hlokahalang “bakeng sa ho haha ’mele oa Kreste.” O ile a boela a re ho Baefese: “Ho ea ka tšebetso ea setho se seng le se seng ka tekanyo e loketseng, o sebeletsa kholo ea ’mele bakeng sa ho ikaha ha oona ka lerato.” (Baef. 4:1-3, 11, 12) Batho ba ileng ba etsa seo Pauluse a ileng a se bua ba ile ba etsa hore ho be le khotso le bonngoe ka phuthehong, e leng seo re se bonang le liphuthehong tsa kajeno. Leka kahohle hore u se ke oa ipapisa le batho ba bang. Ho e-na le hoo, ithute ho Jesu ’me u loanele ho etsisa makhabane a hae. Hopola hore Jehova “ha se ea sa lokang hoo a ka lebalang mosebetsi oa [hao].” (Heb. 6:10) O ananela boiteko boo u bo etsa’ng ho mo thabisa. w22.04 14 ¶15-16
Mantaha, la 6 May
Kreste Jesu o ile a tla lefatšeng ho pholosa baetsalibe.—1 Tim. 1:15.
Hoa thabisa ho tseba hore ha se rona ba lokelang ho etsa qeto ea hore Jehova o tla tšoarela motho ea entseng sebe. Ho ntse ho le joalo, ho na le qeto eo re tla lokela ho e etsa. Ke qeto efe? Ho ka etsahala hore motho e mong a re utloise bohloko haholo ebe o kopa tšoarelo. Ka linako tse ling a ka ’na a se ke a kopa tšoarelo. Re ka khetha ho tšoarela motho eo ’me ra bontša hore re mo tšoaretse ka hore re se ke ra hlola re mo koatela. Ho ka nka nako hore re mo tšoarele ebile ho hlokahala boiteko, haholo-holo haeba a re utloisitse bohloko haholo. Molula-Qhooa oa September 15, 1994 o re: “Ha u tšoarela mofosi, sena ha se bolele hore u khothaletsa sebe. Ho Mokreste, ho tšoarela ho bolela hore ka botšepehi o siea taba ena matsohong a Jehova. Ke Moahloli ea lokileng oa bokahohle bohle, ’me o tla sebelisa toka ka nako e loketseng.” w22.06 9 ¶6-7
Labobeli, la 7 May
Tšepa Jehova.—Pes. 27:14.
Jehova o ile a tšepisa hore o tla kopanya batho ba tsoang lichabeng tsohle, melokong eohle le malemeng ’ohle, hore ba mo sebeletse ba momahane. Mehleng ena sehlopha sena se ikhethang sa batho se tsebahala e le “bongata bo boholo.” (Tšen. 7:9, 10) Sehlopha sena ke lelapa le momahaneng le hoja se akarelletsa banna, basali le bana ba tsoang merabeng e fapaneng. (Pes. 133:1; Joh. 10:16) Batho bana ba bongata bo boholo ba lula ba ikemiselitse ho bua le batho ba ka ba mamelang ka tšepo eo ba nang le eona ea hore lefatše le lecha lea tla. (Mat. 28:19, 20; Tšen. 14:6, 7; 22:17) Haeba u oela har’a ba bongata bo boholo, e tlameha ebe tšepo ea hore lefatše le lecha lea tla ke ea bohlokoa haholo ho uena. Diabolose ha a batle hore u be le tšepo ea bokamoso boo Jehova a re tšepisang bona. Ha e le hantle, o batla u nahane hore Jehova a ke ke a phethahatsa litšepiso tsa hae. Haeba Satane a ka atleha ho re lahlisa tšepo, re ka iphumana re se re se sebete ’me re ka ba ra tlohella ho sebeletsa Jehova. w22.06 20-21 ¶2-3
Laboraro, la 8 May
Feela joalokaha ankora e etsa hore sekepe se tsitse, tšepo ena e re thusa hore re eme re tiile, re sa belaele.—Baheb. 6:19.
Tšepo eo re nang le eona e re thusa hore re lule re khobile matšoafo leha re kopana le mathata hobane re lumela hore lintho li tla loka. Re lokela ho hopola hore Jesu o ile a re re tla hlorisoa. (Joh. 15:20) Kahoo, ho nahana ka lintho tseo Jehova a re fileng tsona ho re thusa hore re lule re mo sebeletsa. Nahana kamoo tšepo e ileng ea thusa Jesu hore a lule a tšepahala leha a ne a tseba hore o tl’o shoa lefu le sehloho. Ka letsatsi la Pentekonta ea selemo sa 33, moapostola Petrose o ile a bua ka boprofeta bo hlahang bukeng ea Lipesaleme bo neng bo hlalosa kamoo Jesu a neng a khobile matšoafo kateng. Bo re: “Ke tla lula ke e-na le tšepo hobane u ke ke oa ntlohela Lebitleng kapa oa lumella motho ea u tšepahallang hore a bolle lebitleng . . . U tla etsa hore ke thabe haholo ha ke na le uena.” (Lik. 2:25-28; Pes. 16:8-11) Jesu o ne a e-na le tšepo e tiileng ea hore Jehova o tla mo tsosa le hore o tla boela a thabele ho ba le eena leholimong.—Baheb. 12:2, 3. w22.10 25 ¶4-5
Labone, la 9 May
Kaofela ha rona re etsa liphoso hangata.—Jak. 3:2.
Ka letsatsi le leng, baapostola ba babeli e leng Jakobo le Johanne ba ile ba re ’mè oa bona a kope Jesu hore a ba fe boemo bo phahameng ’Musong. (Mat. 20:20, 21) Seo Jakobo le Johanne ba ileng ba se etsa se ile sa bontša hore baa ikhohomosa le hore ba batla ho ba bohlokoa ho feta ba bang. (Liprov. 16:18) Letsatsing leo, Jakobo le Johanne ha se bona feela ba ileng ba ikhohomosa le ho nahana hore ba bohlokoa ho feta ba bang. Hlokomela hore na baapostola ba bang ba ile ba etsa’ng: “Ha barutuoa ba bang ba leshome ba utloa taba ena, ba halefela Jakobo le Johanne.” (Mat. 20:24) Ho ka etsahala hore Jakobo, Johanne le baapostola ba bang ba ile ba loantšana ka mantsoe. Jesu o ile a etsa’ng boemong boo? Ha aa ka a ba halefela kapa a re o tla ipatlela baapostola ba bang ba ikokobelitseng le ba tla lula ba ratana. Empa Jesu o ile a bua le bona a sa ba felle pelo hobane o ne a tseba hore ba batla ho etsa se nepahetseng. (Mat. 20:25-28) Jesu o ne a lula a bua le bona ka mosa. w23.03 28-29 ¶10-13
Labohlano, la 10 May
Mora oa ka, hlalefa ’me u thabise pelo ea ka e le hore nka araba ea nthohakang.—Liprov. 27:11.
U tšepahaletse ho ithuta Bibele mohlomong ka lilemo tse itseng. Ho ithuta ho u kholisitse hore Bibele ke Lentsoe la Molimo. Ho feta moo, u ile oa tseba le ho rata Mongoli oa Bibele. Lerato la hao ho Jehova le bile matla hoo u ileng oa etsa qeto ea ho inehela ho Jehova ’me oa kolobetsoa. Eo e bile qeto e bohlale. Mohlomong pele u kolobetsoa u ile oa thulana le mathata a mangata a ileng a etsa hore ho be thata ho lula u tšepahalla Jehova. Empa ha u ntse u hola tumelong, u tla thulana le mathata a mang ao u qalang ho a bona. Satane o tl’o leka ho fokolisa lerato la hao ho Jehova e le hore u tlohele ho mo sebeletsa. (Baef. 4:14) Ha oa lokela ho lumella seo ho etsahala. Empa ke eng e ka u thusang hore u tsoele pele ho tšepahalla kano eo u e etselitseng Jehova? U lokela ho sebetsa ka thata ho ba Mokreste ea holileng tumelong.—Baheb. 6:1. w22.08 2 ¶1-2
Moqebelo, la 11 May
Hlompha ntate oa hao le ’mè oa hao feela joalokaha Jehova Molimo oa hao a u laetse e le hore u ka phela nako e telele le hore u atlehe.—Deut. 5:16.
Setho se seng le se seng sa lelapa se na le boikarabello ba ho boloka makunutu a lelapa. Ka mohlala ho ka ’na ha e-ba le ntho eo morali oabo rona a tloaetseng ho e etsa e qabolang monna oa hae. Na mor’abo rona a ka hlabisa mosali oa hae lihlong ka hore a bue ka taba eo ho batho ba bang? Le hanyenyane! Kaha o rata mosali oa hae a ke ke a batla ho mo utloisa bohloko le ka mohla. (Baef. 5:33) Bacha le bona ba batla ho hlomphuoa. Ke habohlokoa hore batsoali ba hopole seo. Batsoali ha baa lokela ho hlabisa bana ba bona lihlong ka hore ba bolelle batho ba bang liphoso tsa bona. (Bakol. 3:21) Bana le bona ba lokela ho ithuta ho boloka lekunutu. Ha baa lokela ho bolella batho ba bang lintho tse ka hlabisang setho se seng sa lelapa lihlong. Ha setho se seng le se seng sa lelapa se phetha boikarabello ba sona ka ho boloka lekunutu, lelapa lohle le tla momahana. w22.09 10 ¶9
Sontaha, la 12 May
’Mamele Jobo. Ema hanyenyane ’me u nahanisise.—Job 37:14.
Jehova o ile a bua le Jobo, a mo hopotsa bohlale ba Hae bo ikhethang. O ile a boela a hopotsa Jobo hore o rata libopuoa tsa hae. O ile a bua ka liphoofolo tse ngata tse hlollang. (Jobo 38:1, 2; 39:9, 13, 19, 27; 40:15; 41:1, 2) Hape Jehova o ile a sebelisa mohlankana ea tšepahalang e leng Elihu ho matlafatsa le ho tšelisa Jobo. Elihu o ile a mo tiisetsa hore kamehla Jehova o hlohonolofatsa barapeli ba hae ha ba mamella. Hape Jehova o ile a susumelletsa Elihu ho eletsa Jobo ka tsela e lerato. Elihu o ile a hopotsa Jobo hore re fokola haholo ha re bapisoa le Jehova ’Mopi oa bokahohle. Ka ho etsa joalo, o ile a thusa Jobo hore a se ke a inahana boeena feela. Jehova o ile a boela a fa Jobo boikarabelo ba hore a rapelle metsoalle ea hae e meraro e neng e mo sitetsoe. (Jobo 42:8-10) Mehleng ee Jehova o re thusa joang ha re thulana le mathata a boima? Jehova ha a bue le rona ka ho toba joalokaha a ne a bua le Jobo empa o bua le rona a sebelisa Lentsoe la Hae e leng Bibele.—Bar. 15:4. w22.08 11 ¶10-11
Mantaha, la 13 May
Ho molemo hore u se ke oa ja nama, oa noa veine kapa oa etsa eng kapa eng e tla etsa hore ngoan’eno a fokolloe ke tumelo.—Bar. 14:21.
Phutheho ea Roma e ne e e-na le Bakreste ba Bajuda le ba Balichaba. Ha Molao oa Moshe o ne o felisoa ho ne ho se ho sa hlokahale hore bahlanka ba Jehova ba mamele melao e neng e bua ka ho ja lijo tse itseng. (Mar. 7:19) Ho tloha ka nako eo ho ea pele, Bakreste ba bang ba Bajuda ba ne ba ikutloa ba lokolohile hore ba ka ja lijo tsa mefuta eohle. Leha ho le joalo, Bakreste ba bang ba Bajuda ba ne ba sa ikutloe ba lokolohile hore ba ka ja lijo tseo. Taba ena e ile ea baka likarohano ka phuthehong. Moapostola Pauluse o ile a hatisa bohlokoa ba ho ba le khotso le batho ba bang. Kahoo, Pauluse o ile a thusa Bakreste-’moho le eena ho bona kamoo likhohlano li ka utloisang batho ba bang bohloko hammoho le phutheho eohle. (Bar. 14:19, 20) O ne a ikemiselitse ho fetola tsela eo a etsang lintho ka eona e le hore a se ke a khopisa batho ba bang. (1 Bakor. 9:19-22) Le rona ka ho tšoanang re ka haha batho ba bang le ho etsa hore ho be le khotso ka hore re qobe ho ngangisana ka lintho tseo e leng qeto ea botho. w22.08 22 ¶7
Labobeli, la 14 May
Jehova . . . o rata ea phehellang ho etsa se nepahetseng.—Liprov. 15:9.
Haeba ho na le ntho eo re batlang ho e finyella ha re ntse re sebeletsa Jehova, re sebetsa ka thata hore re e finyelle. Kahoo, re lokela ho etsa se tšoanang haeba re batla ho phehella ho loka. Ha nako e ntse e ea ka mamello Jehova o tla re thusa hore re atlehe ho etsa joalo. (Pes. 84:5, 7) Jehova oa re hopotsa hore ho etsa lintho tse nepahetseng ho ke ke ha re imela. (1 Joh. 5:3) Ho e-na le hoo, ho re sireletsa letsatsi le letsatsi. Hopola lihlomo tsa moea tseo moapostola Pauluse a buileng ka tsona. (Baef. 6:14-18) Ke karolo efe e neng e sireletsa pelo ea lesole? Ke “tšireletso ea sefuba ea ho loka” e emelang melao ea Jehova e lokileng. Melao ea Jehova e lokileng e ka sireletsa pelo ea hao ea tšoantšetso, e leng motho eo u leng eena ka hare feela joalokaha tšireletso ea sefuba e sireletsa pelo ea lesole. Ke kahoo e leng habohlokoa hore o etse bonnete ba hore lihlomo tsa hao tsa moea li akareletsa tšireletso ea sefuba ea ho loka.—Liprov. 4:23. w22.08 29 ¶13-14
Laboraro, la 15 May
Lentsoe la Molimo oa rona le tšoarella ka ho sa feleng.—Esa. 40:8.
Ka lilemo tse ngata, Lentsoe la Molimo le ile la tataisa banna le basali ba tšepahalang. Seo se ile sa etsahala joang? Jehova o ile a etsa bonnete ba hore Mangolo ao a neng a ngotsoe qalong aa kopitsoa. Le hoja bakopitsi ba ne ba sa phethahala, ba ne ba le hlokolosi haholo ha ba kopitsa. Ka mohlala, ha setsebi se seng se bua ka Mangolo a Seheberu se ile sa re: “Re kholisehile hore ha ho na buka e ’ngoe ea khale e ileng ea kopitsoa ka tsela e nepahetseng joaloka Bibele.” Kahoo, re ka kholiseha hore seo re se balang Bibeleng mehleng ena se tsoa ho Mongoli oa eona e leng Jehova. Jehova o re file “mpho e ’ngoe le e ’ngoe e molemo le ntho e ’ngoe le e ’ngoe e phethahetseng.” (Jak. 1:17) Bibele ke e ’ngoe ea limpho tsa bohlokoa tseo Jehova a re fileng tsona. Mpho e re bontša hore na motho ea re fileng eona o re tseba hakae le hore o tseba lintho tseo re li hlokang. Ho joalo le ka Bibele. Ha re e bala, re ithuta haholoanyane ka Jehova. Re ithuta hore o re tseba hantle ebile o tseba lintho tseo re li hlokang. w23.02 2-3 ¶3-4
Labone, la 16 May
Hohle lefatšeng batho ba tla tseba Jehova.—Esa. 11:9.
E tla ba nako e thabisang haholo ha bafu ba tsosoa mona lefatšeng nakong ea Puso ea Kreste ea Lilemo Tse Sekete. Batho bohle ba hlokahalletsoeng ke baratuoa ba bona ba labalabela ho ba bona hape. Jehova le eena o labalabela ho ba bona. (Jobo 14:15) Ak’u nahane feela hore na batho bohle ba tla be ba thabile hakae ha baratuoa ba bona ba tsosoa. Batho “ba lokileng” bao mabitso a bona a ngotsoeng bukeng ea bophelo ba tla ea “tsohong ea bophelo.” (Lik. 24:15; Joh. 5:29) Mohlomong baratuoa ba rona ba bangata ba hlokahetseng ba tla ba har’a batho ba tla tsosoa hang-hang ka mor’a Armagedone. Batho “ba sa lokang,” e leng ba sa kang ba fumana monyetla oa hore ba ithute ka Jehova le ho mo sebeletsa pele ba hlokahala, ba tla ea “tsohong ea kahlolo.” Batho bohle ba tla tsosoa ba tla hloka hore ba rutoe. (Esa. 26:9; 61:11) Kahoo, ho tla hlokahala hore ho etsoe mosebetsi o moholo oa ho ruta o e-s’o ka o etsoa le ka mohla.—Esa. 11:10. w22.09 20 ¶1-2
Labohlano, la 17 May
Ke Molimo ea phelang.—Dan. 6:26.
Jehova o ile a boela a bontša hore o phahametse lihlopha tsa babusi. O ile a loanela Baiseraele le ho ba thusa hore ba felise marena a 31 a neng a tšehetsa Bakanana le ho hapa likarolo tse kholo tsa Naha e Tšepisitsoeng. (Josh. 11:4-6, 20; 12:1, 7, 24) Jehova o bontšitse ka makhetlo a mangata hore ke Ea Holimo-limo. Morena Nebukadnezare oa Babilona o ile a ithorisa ‘ka matla a hae hore a tlotlisoe a be a hlomphuoe,’ ho e-na le hore a lumele hore Jehova ke eena ea lokelang ho rorisoa. Molimo o ile a etsa hore a hlanye. Ka mor’a hore kelello ea Nebukadnezare e khutle, o ile a “rorisa Ea Phahameng ka ho Fetisisa” ’me o ile a lumela hore “puso ea [Jehova] ke e ke keng ea fela.” O ile a boela a re: “Ha ho na motho ea ka mo thibang.” (Dan. 4:30, 33-35) Mopasaleme o ile a hlokomela hore ho thaba sechaba seo Molimo oa sona e leng Jehova. Batho bao a ba khethileng hore e be ba hae.” (Pes. 33:12) Lena ke lebaka le utloahalang la hore re lule re tšepahalla Jehova. w22.10 15-16 ¶13-15
Moqebelo, la 18 May
Lentsoe la hao . . . ke ’nete.—Pes. 119:160.
Boprofeta bo bongata bo hlahang ka Bibeleng bo seng bo phethahetse, bo etsa hore re kholisehe hore Molimo o tla phethahatsa litšepiso tsa hae tse e-s’o ka li phethahala. Re ikutloa joaloka mopesaleme ea ileng a rapela Jehova a re: “Ke labalabela ho pholosoa ke uena hobane ke tšepetse lentsoeng la hao.” (Pes. 119:81) Ka Bibeleng, ka mosa Jehova o re file “tšepo le bokamoso bo chabileng.” (Jer. 29:11) Tšepo eo re nang le eona bakeng sa bokamoso e itšetlehile ka litšepiso tsa Jehova eseng ka boiteko ba batho. E se eka re ka matlafatsa tšepo eo re nang le eona Lentsoeng la Molimo ka hore re khothalle ho ithuta boprofeta ba Bibele. Lebaka le leng leo re ka tšepang Bibele ka lona ke hobane e thusa batho ha ba sebelisa likeletso tsa eona. (Pes. 119:66, 138) Ka mohlala, banyalani ba bangata ba neng ba se ba ikemiselitse ho hlalana, hona joale ba thabile hobane ba ile ba sebelisa likeletso tsa Bibele. Bana ba bona ba thabile hobane ba holisoa ke batsoali ba Bakreste ba ba ratang le ba ba tsotellang.—Baef. 5:22-29. w23.01 5 ¶12-13
Sontaha, la 19 May
Thabang ka lebaka la tšepo eo le nang le eona.—Bar. 12:12.
Nahana ka melemo eo u e fumaneng litšepisong tse ka Lentsoeng la Molimo tse seng li phethahetse. Ka mohlala, Jesu o tšepisitse hore Ntate oa hae o ne a tla re fa lintho tseo re li hlokang letsatsi le letsatsi. (Mat. 6:32, 33) Jesu o ile a boela a re tiisetsa hore Jehova o tla re fa moea oa hae o halalelang ha re o kopa. (Luka 11:13) Jehova o phethahalitse litšepiso tseo. Nahana ka lintho tseo Jehova a li tšepisitseng tseo a seng a u etselitse tsona. Ka mohlala, o tšepisitse hore o tla u tšoarela, o tla u tšelisa a be a u fe lintho tseo u li hlokang e le hore u lule u le haufi le eena. (Mat. 6:14; 24:45; 2 Bakor. 1:3) Ha u nahana ka lintho tseo Molimo a seng a u etselitse tsona, tšepo ea hao e tla ba matla linthong tseo a tla u etsetsa tsona ka moso. Re kholisehile hore Jehova o tla phethahatsa litšepiso tsa hae. Mopesaleme o ile a ngola a re: “Ho thaba motho . . . ea tšepileng Jehova Molimo oa hae . . . ea lulang a tšepahala.”—Pes. 146:5, 6. w22.10 27 ¶15; 28 ¶17
Mantaha, la 20 May
Jehova o tla khanya holim’a hao.—Esa. 60:2.
Na boprofeta bo buang ka ho tsosolosoa ha borapeli ba ’nete boa sebetsa le mehleng ee? Ho joalo. Ka tsela efe? Ho tloha ka 1919, batho ba bangata ha e sa le makhoba a Babilona e moholo, e leng malumeli ’ohle a bohata. Batho bana ba tataiselitsoe naheng e ntle ho feta naha e neng e tšepisitsoe Baiseraele. Ba sebakeng se sireletsehileng ’me ba sebeletsa Jehova ba momahane. (Esa. 51:3; 66:8) Ho tloha ka 1919, batlotsuoa ba ile ba thabela ho sebeletsa Jehova ba le sebakeng se sireletsehileng ba bile ba momahane. Ha nako e ntse e-ea, batho ba nang le tšepo ea ho phela lefatšeng e leng “linku tse ling,” le bona ba ile ba thabela ho ba sebakeng se tšoanang le seo batlotsuoa ba leng ho sona. (Joh. 10:16; Esa. 25:6; 65:13) Kahoo, ba sebeletsa Jehova ba momahane ebile ba sireletsehile lefatšeng lohle. Ho sa tsotellehe hore re lula hokae mehleng ena, re ka ba har’a ba sebeletsang Jehova ba momahane ebile ba sireletsehile hafeela re tšehetsa bolumeli ba ’nete. w22.11 11-12 ¶12-15
Labobeli, la 21 May
Jehova, esale u le teng. Molimo oa ka, Mohalaleli oa ka, ha u shoe.—Hab. 1:12.
Na u thatafalloa ho utloisisa taba ea hore haesale Jehova a le teng? (Esa. 40:28) Batho ba bangata ha ba e utloisise. Elihu o ile a re ka Molimo: “Ha ho na motho ea ka khonang ho bala lilemo tsa hae.” (Jobo 36:26) Empa taba feela ea hore ha re utloisise ntho e itseng ha e bolele hore ntho eo ha se ’nete. Mohlala, taba ea hore ha re utloisise hantle hore na motlakase o sebetsa joang, ha e bolele hore motlakase ha se ntho e teng. Ka tsela e tšoanang, le rona re ka ’na ra se ke ra utloisisa ka ho feletseng hore na ho tla joang hore ebe Jehova haesale a le teng le hore o tla lula a le teng. Empa taba ena ha e bolele hore Molimo ha a phele ka ho sa feleng. Hore Molimo o phela ka ho sa feleng ha hoa itšetleha ka hore na rea utloisisa kapa ha re utloisise. (Bar. 11:33-36) O bile teng pele ho lintho tsohle ho akareletsa letsatsi le linaleli. Hape o bile teng pele a ‘otlolla maholimo.’—Jer. 51:15. w22.12 2-3 ¶3-4
Laboraro, la 22 May
Thapelo ea ka e ke e be joaloka libano tse lokisitsoeng ka pel’a hao.—Pes. 141:2.
Ka linako tse ling re ka koptjoa ho rapella batho ba bang. Ka mohlala, ha morali oabo rona a e’o ithuta Bibele le motho e mong, a ka ’na a kopa morali oabo rona ea tsamaeang le eena hore a rapele. E ka ’na eaba morali oabo rona ea menngoeng ha a tsebe motho eo ea ithutang Bibele hantle, kahoo a ka ’na a bona ho le molemo hore a rapele ha thuto e fela. Ka tsela eo ho tla ba bonolo hore a tsebe hore na a ka re’ng ha a rapella motho eo ea ithutang Bibele. Mor’abo rona a ka koptjoa hore a rapele sebokeng sa tšebeletso ea tšimo kapa libokeng. Bara babo rona ba koptjoang ho rapela ba lokela ho hopola morero oa liboka tseo. Ha rea lokela ho khalemela le ho etsa litsebiso nakong eo re rapelang. Ha mor’abo rona a rapela libokeng ha aa lokela ho bua “mantsoe a mangata,” haholo-holo ha li qala, kaha pina le thapelo li lokela ho etsoa ka metsotso e mehlano.—Mat. 6:7. w22.07 24 ¶17-18
Labone, la 23 May
Le tla utloela ka lintoa le litlaleho tsa lintoa, leha ho le joalo, le se ke la tšoha. Lintho tsena li tla etsahala empa ha e e-s’o be bofelo.—Mat. 24:6.
Jesu o ile a re matsatsing a ho qetela ho tla ba le mafu a seoa kapa maloetse “sebakeng se seng ka mor’a se seng.” (Luka 21:11) Ho tseba seo ho ka etsa hore re be le khotso joang? Mafu a seoa ha a re makatse. Rea hlokomela hore lintho tsena li etsahala feela joalokaha Jesu a boletse. Kahoo, re na le lebaka le utloahalang la ho latela keletso eo Jesu a ileng a e fa batho ba phelang nakong ea bofelo, e reng: “Le se ke la tšoha.” Ha ho e-na le lefu la seoa, ho ka ’na ha e-ba thata ho etsa lintho tseo u neng u tloaetse ho li etsa empa u se ke oa lumella boemo boo ho u sitisa ho ithuta Bibele le ho ea libokeng. Lipale tsa bophelo tse hlahang lingoloeng le livideong tsa rona, lia re hopotsa hore bara le barali ba bo rona ba ntse ba sebeletsa Jehova ka botšepehi ho sa tsotellehe liteko tseo ba tobanang le tsona. w22.12 17 ¶4, 6
Labohlano, la 24 May
Lintho tse mpe li etsahalla batho bohle.—Moek. 9:11, “Holy Bible—Easy-to-Read Version.”
Jakobo o ne a bontša hore o rata mora oa hae Josefa haholo. (Gen. 37:3, 4) Ka lebaka leo, bara ba Jakobo ba baholo ba ile ba e-ba mona. Ha ba fumana monyetla, ba ile ba rekisa Josefa ho bo-rakhoebo ba Bamidiane. Bo-rakhoebo bao ba ile ba isa Josefa hole Egepeta, moo a ileng a rekisoa hape ho molaoli oa balebeli ba Faro e leng Potifaro. Josefa e ne e le thatohatsi ea ntate oa hae empa bophelo ba hae bo ile ba fetoha ka ho panya ha leihlo ha e e-ba lekhoba Egepeta. (Gen. 39:1) Ka linako tse ling, re hlaheloa ke mathata a ‘hlahelang batho ba bang.’ (1 Bakor. 10:13) Athe ka linako tse ling re hlaheloa ke mathata hobane feela re le barutuoa ba Jesu. Ka mohlala, re ka songoa, ra hanyetsoa kapa ra hlorisoa ka lebaka la tumelo ea rona. (2 Tim. 3:12) Jehova a ka u thusa ho sa tsotellehe mathata ao u ka bang le ’ona. w23.01 14-15 ¶3-4
Moqebelo, la 25 May
Ha patsi e le sieo mollo oa tima.—Liprov. 26:20.
Ka linako tse ling, re ka ’na ra batla ho e’o bua le Mokreste-’moho ea re khopisitseng. Pele re ea ho eena re lokela ho ipotsa: ‘Na ke utloisisa hantle hore na ho etsahetse’ng?’ (Liprov. 18:13) ‘Na ehlile o ne a batla ho nkutloisa bohloko?’ (Moek. 7:20) ‘Na le ’na nkile ka etsa phoso e tšoanang?’ (Moek. 7:21, 22) ‘Haeba ke bua le eena ka taba ena, na seo ha se tl’o etsa hore boemo bo mpefale le ho feta?’ Ha re ipha nako ea ho nahanisisa ka lipotso tsena, li ka re thusa hore re nahane kamoo re ratang Bakreste-’moho le rona kateng ’me re khaotse ho nahana ka ntho e etsahetseng. E mong le e mong oa rona o bontša hore ke Mokreste oa ’nete haeba a rata bara le barali ba bo rona ho sa tsotellehe liphoso tsa bona. Ha re etsa joalo, ba bang ba ka hlokomela bolumeli ba ’nete ’me ba qetella ba rapela Jehova. Kahoo, e se eka re ka tsoela pele re bontša lerato le khethollang Bakreste ba ’nete. w23.03 30-31 ¶18-19
Sontaha, la 26 May
Molimo ke lerato.—1 Joh. 4:8.
Bibele e bontša hore makhabaneng ao Mongoli oa eona a nang le ’ona lerato ke lona le ka sehloohong. Kaha Jehova oa re rata, ha aa re fa lintlha tse ngata tseo re sa li hlokeng empa o re file tseo re li hlokang e le hore re mo sebeletse. (Joh. 21:25) Jehova o boetse o bontša hore oa re rata ka hore a bue le rona ka tsela e re sielang seriti. Ka Bibeleng Jehova ha aa re fa melao e mengata ea hore na re etse’ng kapa re se ke ra etsa’ng. Ho e-na le hoo, o re file lipale tsa bophelo, boprofeta bo thahasellisang le likeletso tse bohlale ho re thusa hore re etse liqeto tse nepahetseng. Lentsoe la Molimo le re thusa ka litsela tsena hore re rate Molimo le ho mo mamela ho tsoa pelong. Bibele e bontša hore Jehova o re tsotella haholo. Re tseba seo joang? Lentsoe la hae Bibele le na le litlaleho tse bontšang kamoo batho ba neng ba ikutloa kateng. Re khona ho utloisisa hore na batho bao Bibele e buang ka bona ba ne ba ikutloa joang hobane e ne e le ‘batho joaloka rona.’ (Jak. 5:17) Ha re bona tsela eo Jehova a neng a tšoara batho bao ka eona, re khona ho utloisisa haholoanyane hore “Jehova o lerato hape o mohau.”—Jak. 5:11. w23.02 6 ¶13-15
Mantaha, la 27 May
E-bang bohlale ’me le falimehe.—1 Pet. 5:8.
Lengolo la ho qetela la Bibele le qala ka mantsoe a reng: “Tsena ke lintho tseo Jesu Kreste a re senoletseng tsona. O ile a li bolelloa ke Molimo e le hore a bontše bahlanka ba Molimo lintho tse tla etsahala haufinyane.” (Tšen. 1:1) Kahoo, re thahasella ho bona lintho tse etsahalang lefatšeng le ho tseba hore na e ka ’na eaba li phethahatsa boprofeta ba Bibele joang. Hape re ka ’na ra batla ho bua le batho ba bang ka lintho tsena. Leha ho le joalo, ha re buisana ka boprofeta ba Bibele ha rea lokela ho inahanela hore na ho tla etsahala’ng. Hobane’ng? Hobane ha re batle ho bua letho le ka etsang hore ho be le ho se utloane ka phuthehong. Ka mohlala, re ka ’na ra utloa baeta-pele ba lefatše ba bua kamoo ba ka rarollang bothata bo itseng kateng ’me ba etsa hore ho be le khotso le tšireletseho. Ho e-na le ho nahana hore seo ba se buang se phethahatsa boprofeta bo hlahang ho 1 Bathesalonika 5:3, re lokela ho tseba hore na lingoliloeng tsa morao-rao li re’ng ka taba eo. Haeba lintho tseo re li buang li thehiloe ka har’a lingoliloeng tsa rona, re tla etsa hore phutheho e momahane hape e ‘shebe lintho ka tsela e tšoanang.’—1 Bakor. 1:10; 4:6. w23.02 16 ¶4-5
Labobeli, la 28 May
Palama pere ea hao ’me u loanele ’nete, boikokobetso le toka, letsoho la hao le letona le tla etsa lintho tse makatsang.—Pes. 45:4.
Ke hobane’ng ha u rata Jesu Kreste? Jesu o rata ’nete, boikokobetso le toka. Haeba u rata ’nete le toka e tlameha ebe u rata le Jesu Kreste. Nahana kamoo ka sebete Jesu a ileng a emela ’nete le lintho tse nepahetseng kateng. (Joh. 18:37) Jesu o bontšitse joang hore o rata boikokobetso? Jesu o re behela mohlala o bontšang hore o rata boikokobetso. Ka mohlala, ha ho mohla a ithorisang empa o rorisa Ntate oa hae bakeng sa lintho tsohle. (Mar. 10:17, 18; Joh. 5:19) U ikutloa joang ha u bona kamoo Jesu a ikokobelitseng kateng? Ha ho pelaelo hore oa mo rata ebile u batla ho mo latela. Ke hobane’ng ha Jesu a ikokobelitse? Ke hobane o rata Ntate oa hae ea ikokobelitseng ebile oa mo etsisa. (Pes. 18:35; Baheb. 1:3) Na taba ea hore Jesu o etsisa Jehova hantle ha e etse hore u utloe u mo rata? w23.03 3-4 ¶6-7
Laboraro, la 29 May
Molimo o tla tsosa batho ba lokileng le ba sa lokang bafung.—Lik. 24:15.
Bibele e bua ka lihlopha tse peli tsa batho ba tla tsosetsoa ho phela ka ho sa feleng mona lefatšeng e leng “ba lokileng” le “ba sa lokang.” Batho “ba lokileng” ke ba ileng ba sebeletsa Jehova ka botšepehi ha ba ntse ba phela. Ka lehlakoreng le leng, “ba sa lokang” ha baa ka ba etsa joalo. Kaha lihlopha tsena tse peli tsa batho li tla tsosoa, na re ka re mabitso a bona a ngotsoe bukeng ea bophelo? Pele “ba lokileng” ba hlokahala, mabitso a bona a ile a ngoloa bukeng ea bophelo. Na mabitso a bona a ile a tlosoa bukeng eo ha ba ne ba hlokahala? Che, hobane ba ntse ba “phela” mohopolong oa Jehova. Jehova “ke Molimo oa ba phelang, eseng oa bafu, kaha kaofela baa phela ho eena.” (Luka 20:38) Sena se bolela hore ha ba lokileng ba tsosetsoa lefatšeng, mabitso a bona a tla fumanoa ka bukeng ea bophelo le hoja a tla be a ngotsoe ka “pentšele.”—Luka 14:14. w22.09 16 ¶9-10
Labone, la 30 May
Jehova Molimo a beha motho serapeng sa Edene hore a se leme le ho se hlokomela.—Gen. 2:15.
Jehova o ne a batla hore motho oa pele a thabele lintho tse bopiloeng. Ha Molimo a bopa Adama, o ile a mo fa lefatše la paradeise hore a lule ho lona ’me a le hlokomele. (Gen. 2:8, 9) Nahana feela hore na Adama o ne a thabile hakae ha a bona lipeo limela le lipalesa li thunya. Adama o ne a e-na le tlotla e babatsehang ea ho hlokomela serapa sa Edene. Jehova o ile a boela a re Adama a rehe liphoofolo mabitso. (Gen. 2:19, 20) Jehova a ka be a ile a reha liphoofolo mabitso ka boeena empa o ile a fa Adama mosebetsi oo. Ha ho pelaelo hore pele Adama a li reha mabitso o ile a ithuta tsona, a sheba hore na li shebahala joang le hore na li itšoara joang. E tlameha ebe Adama o ne a thabela mosebetsi ona. O ile oa mo thusa hore a utloisise kamoo Ntate oa hae a leng bohlale kateng le kamoo lintho tseo a li bopileng li leng ntle kateng. w23.03 15 ¶3
Labohlano, la 31 May
O tla silakanya o felise mebuso ena kaofela ’me ke oona feela o tla lula o le teng ka ho sa feleng.—Dan. 2:44.
’Muso oa Manyesemane le Maamerika o tšoantšetsoang ke maoto a setšoantšo se seholo ke oona oa ho qetela oo Bibele e buileng ka oona. (Dan. 2:31-33) Ho ke ke ha e-ba le ’muso o mong o tla busa ka mor’a oona. Ho e-na le hoo, ’Muso oa Molimo o tl’o o felisa hammoho le mebuso e meng ka Armagedone. (Tšen. 16:13, 14, 16; 19:19, 20) Boprofeta boo bo ka re tsoela molemo joang? Boprofeta ba Daniele bo fana ka bopaki bo eketsehileng ba hore re phela mehleng ea bofelo. Lilemo tse ka holimo ho 2 500 tse fetileng, Daniele o ile a bolela esale pele hore ka mor’a Babylona mebuso e meng e mene ea lefatše e ne e tla ba le matla ho batho ba Molimo. Ho feta moo, o ile a bolela hore ’muso oa ho qetela e ne e tla ba oa Manyesemane le Maamerika. Taba ena ea re tšelisa ebile e re fa tšepo ea hore haufinyane ’Muso oa Molimo o tla felisa mebuso eohle ea batho ’me o buse lefatšeng lohle. w22.07 4 ¶9; 5 ¶11-12