June
Moqebelo, la 1 June
’Mele oa ka o tletse liboko le mobu, letlalo la ka le tletse likhoo le bolalu.—Jobo 7:5.
Jobo o ne a e-na le setsoalle se matla le Jehova, a e-na le lelapa le leholo le thabileng a bile a ruile haholo. (Jobo 1:1-5) Empa ka letsatsi le le leng feela, Jobo o ile a lahleheloa ke lintho tse ngata haholo. Qalong, leruo la hae le ile la fela. (Jobo 1:13-17) Ka mor’a moo, bana ba hae ba ile ba hlokahala. U se u ka nahana hore na Jobo le mosali oa hae ba ile ba utloa bohloko hakaakang ha ba utloa hore bana ba bona ba leshome kaofela ba hlokahetse. Ha se feela Jobo a ileng a hahola liaparo tsa hae a ba a itihela fatše a lla. (Jobo 1:18-20) Ka mor’a moo Satane o ile a otla Jobo ka bokuli bo bohloko le bo tlotlollang. (Jobo 2:6-8) Pele ho moo, Jobo e ne e le motho ea hlomphehang haholo. Batho ba ne ba tla ho eena ba tl’o kopa likeletso. (Jobo 31:18) Empa joale ba ne ba se ba mo khesa. O ne a khesoa le ke bana babo, metsoalle ea hae le bahlanka ba hae.—Jobo 19:13, 14, 16. w22.06 21 ¶5-6
Sontaha, la 2 June
Re rate batho ba bang. Ka tsela eo, re tla khona ho hola ka litsela tsohle.—Baef. 4:15.
Ka mor’a hore re kolobetsoe, re lokela ho sebelisa keletso eo moapostola Pauluse a ileng a e fa Bakreste ba Efese. O ile a ba khothaletsa hore e be Bakreste ba holileng “ka ho feletseng.” (Baef. 4:13) Sena se bolela hore ba ne ba lokela ho tsoela pele ho tiea tumelong. U se u ntse u rata Jehova haholo. Empa lerato la hao ho eena e ka ba le tebileng le ho feta. Joang? Moapostola Pauluse o re bontša tsela e ’ngoe ea ho etsa joalo ho Bafilipi 1:9. Pauluse o ne a rapella hore lerato la Bafilipi le ‘ate ka ho eketsehileng.’ Re ka etsa’ng e le hore re lule re rata Jehova? Re ka etsa joalo ka ho batla “tsebo e nepahetseng le temoho e feletseng.” Ha re tsoela pele ho tseba Jehova re mo rata le ho feta, re ananela botho ba hae le tsela eo a etsang lintho ka eona. Re labalabela ho mo thabisa ’me ha ho mohla re batlang ho mo soabisa. Re leka kahohle ho utloisisa seo a se hlokang ho rona le seo re lokelang ho se etsa. w22.08 2-3 ¶3-4
Mantaha, la 3 June
Tsena ke lintho tseo Jesu Kreste a re senoletseng tsona. O ile a li bolelloa ke Molimo e le hore a bontše bahlanka ba Molimo lintho tse tla etsahala haufinyane.—Tšen. 1:1.
Lintho tse ngotsoeng lengolong la Tšenolo li ngoletsoe rona batho ba sebeletsang Molimo, eseng batho ka kakaretso. Kaha re batho ba Molimo, ha rea lokela ho makatsoa ke hore ebe re nka karolo phethahatsong ea boprofeta bo hlahang bukeng ena. Moapostola Johanne o ile a bontša nako eo bo tla phethahala ka eona. O ile a re: “Ka pululelo ke ile ka ba letsatsing la Morena.” (Tšen. 1:10) Ka selemo sa 96 ha Johanne a ne a ngola mantsoe ana, ‘letsatsi la Morena’ le ne le sa le hole le ho fihla. (Mat. 25:14, 19; Luka 19:12) Ho latela boprofeta ba Bibele, letsatsi la Morena le qalile ka 1914 ha Jesu a ne a hlomamisoa e le Morena leholimong. Ho tloha ka selemo seo, boprofeta ba Tšenolo bo buang ka batho ba Molimo bo ile ba qala ho phethahala. Hona joale re phela “letsatsing la Morena.”—Tšen. 1:3. w22.05 2 ¶2-3
Labobeli, la 4 June
Sebata sa tšoaroa hammoho le moprofeta oa bohata.—Tšen. 19:20.
Ha sebata le moprofeta oa bohata li ntse li phela, li tla liheloa ka letšeng la mollo le tukang sebabole. Kahoo, lira tsena tsa Molimo li tla felisoa ka ho feletseng nakong eo li ntseng li busa. See se bolela eng ho rona? Kaha re Bakreste, re tlameha ho tšepahalla Molimo le ’Muso oa hae. (Joh. 18:36) Re lokela ho lula re sa kenelle lipolotiking tsa lefatše. Empa ho ka ba thata haholo hore re lule re sa kenelle lipolotiking hobane mebuso ea lefatše e batla hore re e tšehetse ka lintho tseo re li buang le tseo re li etsang. Batho ba qetellang ba inehetse ’me ba tšehetsa mebuso ena ba amohela letšoao la sebata. (Tšen. 13:16, 17) Batho ba amohelang letšoao leo ba ke ke ba amoheleha ho Jehova ’me ba ke ke ba fumana bophelo bo sa feleng. (Tšen. 14:9, 10; 20:4) Kahoo, ho bohlokoa hore re lule re sa kenelle lipolotiking, ho sa tsotellehe hore na mebuso e re hatella hakae hore re e tšehetse. w22.05 10-11 ¶12-13
Laboraro, la 5 June
Na u ee u bone motho ea tsebang mosebetsi oa hae? O tla ema ka pel’a marena, a ke ke a ema ka pel’a batho feela.—Liprov. 22:29.
Ntho e ’ngoe eo re ka batlang ho e finyella ke ho ba le bokhoni bo itseng. Haeba re loanela ho ba le bokhoni bo itseng, re tla atleha ho sebeletsa Jehova haholoanyane. Ak’u nahane hore na ke basebetsi ba bangata hakae ba hlokehang bakeng sa ho haha mahae a Bethele, Liholo Tsa Likopano le Liholo Tsa ’Muso. Bongata ba basebetsi bana ba ithutile mesebetsi ena ha ba sebetsa hammoho le bara ba bo rona bao e leng litsebi tsa mesebetsi ea matsoho. Mehleng ena bara le barali ba bo rona ba ithuta mosebetsi oa matsoho oo ba ka o etsang ho hlokomela Liholo Tsa Likopano le Liholo Tsa ’Muso. Ka tsela ena, Jehova Molimo “Morena oa bosafeleng,” le Kreste Jesu “Morena oa . . . marena,” ba finyella lintho tse hlollang ka basebetsi bana ba hloahloa. (1 Tim. 1:17; 6:15) Re batla ho sebetsa ka thata le ho sebelisa bokhoni ba rona ho isa thoriso ho Jehova eseng ho rona.—Joh. 8:54. w22.04 24 ¶7, 11
Labone, la 6 June
Chelete ea sireletsa.—Moek. 7:12.
Solomone e ne e le morui a bile a e-na le ntlo e majabajaba. (1 Mar. 10:7, 14, 15) Jesu eena o ne a se na lintho tse ngata a bile a se na ntlo. (Mat. 8:20) Leha ho le joalo, kaha Jehova Molimo o ne a ba file bohlale, ha baa ka ba nka lintho tseo ba nang le tsona e le tsa bohlokoa ka ho fetisisa. Solomone o ile a re ha re e-na le chelete re ka khona ho ba le lintho tseo re li hlokang le tse ling tseo re li batlang. Solomone o ne a ruile haholo. Leha ho le joalo, o ile a hlokomela hore ho na le lintho tseo e leng tsa bohlokoa ho feta chelete. Ka mohlala, o ile a re: “Lebitso le lokela ho khethoa ho e-na le maruo a mangata.” (Liprov. 22:1) Solomone o ile a boela a re hangata batho ba ratang chelete ha ba thabele lintho tseo ba nang le tsona. (Moek. 5:10, 12) O ile a re ha rea lokela ho nka chelete e le eona ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa hobane e ka fela ka ho panya ha leihlo.—Liprov. 23:4, 5. w22.05 21 ¶4-5
Labohlano, la 7 June
Jehova o letile ka mamello hore a le hauhele ’me o tla nka khato, a le hauhele. Jehova ke Molimo oa toka. Ho thaba bohle ba mo letetseng.—Esa. 30:18.
Ha re nahanisisa ka lintho tseo Jehova a re hlohonolofalitseng ka tsona, sena se matlafatsa setsoalle sa rona le eena. Ha re nahana ka lintho tse ntle tseo Jehova a tla re etsetsa tsona nakong e tlang, re tla lula re e-na le tšepo ea ho mo sebeletsa ka ho sa feleng. Lintho tsena kaofela li tla re thusa hore re tsoele pele re sebeletsa Jehova re thabile hona joale. Jehova “o tla nka khato” molemong oa rona ha a felisa lefatše lena le khopo. Re kholisehile hore Jehova “ke Molimo oa toka” ’me a ke ke a lumella hore lefatše le busoang ke Satane le be teng nako e telele ho sa hlokahale. (Esa. 25:9) Jehova o letile ka mamello hore letsatsi leo la topollo le fihle ’me le rona re le emetse. Kahoo ha re ntse re letetse letsatsi leo, re ikemiselitse ho tsoela pele re ananela monyetla oa ho rapela, ho ithuta Lentsoe la Molimo, ho etsa seo re ithutileng sona le ho nahanisisa ka lintho tseo Jehova a re hlohonolofatsang ka tsona. Ha re etsa joalo Jehova o tla re thusa ho mamella re thabile ha re ntse re mo sebeletsa. w22.11 13 ¶18-19
Moqebelo, la 8 June
U se ke oa lahla lintho tseo ’mè oa hao a u rutileng tsona.—Liprov. 1:8.
Le hoja Bibele e sa re letho ka ho kolobetsoa ha Timothea, re se re ka inahanela feela hore na ’mè oa hae Eunise o ne a thabile hakaakang letsatsing leo. (Liprov. 23:25) O atlehile ho ruta mora oa hae ho rata Jehova le Mora oa hae, Jesu Kreste. Batsoali ba Timothea ba ne ba se bolumeling bo le bong. Ntate oa hae e ne e le Mogerike ha nkhono oa hae le ’mè oa hae bona e ne e le Bajuda. (Lik. 16:1) E ka ’na eaba Timothea e ne e ntse e le mocha ha Eunise le Loise e e-ba Bakreste. Empa ntate oa hae eena ha ea ka ea e-ba Mokreste. Ebe Timothea o ne a tla etsa’ng? Bo-’mè ba Bakreste mehleng ena le bona ba rata malapa a bona. Ntho e ka sehloohong eo ba e batlang ke ho thusa bana ba bona hore ba be le setsoalle se haufi le Jehova ’me Jehova Molimo oa rona o ananela boiteko bohle boo ba bo etsang. (Liprov. 1:8, 9) Jehova o thusitse bo-’mè ba bangata ho ruta bana ba bona ho mo rata le ho mo sebeletsa. w22.04 16 ¶1-3
Sontaha, la 9 June
Molimo o entse hore manaka ao a nahane ho etsa ntho eo a e batlang.—Tšen. 17:17.
Haufinyane Jehova o tla ho kenya ka lipelong tsa mebuso ea lipolotiki “ho phetha monahano oa hae.” See se tla fella ka eng? Mebuso eo ea lipolotiki e leng “marena a leshome” e tla hlasela mekhatlo ea bolumeli ba bohata ’me e e felise. (Tšen. 17:1, 2, 12, 16) Re tseba joang hore ho felisoa ha Babylona e Moholo ho atametse? E le hore re arabe potso eo, ke habohlokoa ho hopola hore motse oa Babylona ea boholo-holo o ne o sirelelitsoe ke metsi a noka e kholo ea Eufrate. Lengolo la Tšenolo le tšoantša batho ba limilione ba tšehelitseng Babylona e Moholo le “metsi” a e sirelelitseng. (Tšen. 17:15) Empa le boetse le re metsi ao a tla “psha” e leng ho bontšang hore ’muso oa lefatše oa bolumeli ba bohata o tla lahleheloa ke batšehetsi ba oona ba bangata. (Tšen. 16:12) Mehleng ena boprofeta bona boa phethahala hobane batho ba bangata ha ba sa rata bolumeli ’me ba batla tharollo ea mathata a bona linthong tse ling. w22.07 5 ¶14-15
Mantaha, la 10 June
Motho ea se nang mohau a ke ke a hauheloa ha a ahloloa. Mohau o moholo ho feta kahlolo.—Jak. 2:13.
Ha re tšoarela re bontša hore re ananela mohau oa Jehova. Papisong e ’ngoe, Jesu o ile a bapisa Jehova le monghali ea ileng a hlakola sekoloto se seholo sa lekhoba le neng le sa khone ho mo patala. Empa lekhoba leo ha lea ka la bontša mohau ho lekhoba le leng le neng le le kolota chelete e nyenyane. (Mat. 18:23-35) Jesu o ne a ruta’ng papisong ee? Haeba re ananela mohau oo Jehova a re bontšang oona, re tla tšoarela batho ba bang. (Pes. 103:9) Lilemo tse ngata tse fetileng Molula-Qhooa o mong o ile oa re: “Ho sa tsotellehe hore na re tšoarela batho ba bang ka makhetlo a mangata hakae, a ke ke a lekana le makhetlo ao Molimo a re bontšitseng mohau le ho re tšoarela ka sehlabelo sa Kreste.” Ba tšoarelang ba bang le bona ba tla tšoareloa. Jehova o hauhela batho ba mohau. (Mat. 5:7) Jesu o ile a bua ka taba ena ha a ne a ruta barutuoa ba hae ho rapela.—Mat. 6:14, 15. w22.06 10 ¶8-9
Labobeli, la 11 June
Lichaba tsohle tsa lefatše li tla hlohonolofatsoa ka lebaka la ngoana oa hao.—Gen. 22:18.
Jesu o ile a tla lefatšeng e le motho ’me o ne a etsisa botho ba Ntate oa hae ka ho phethahetseng. (Joh. 14:9) Kahoo, ho ithuta ka Jesu ho entse hore re tsebe Jehova Molimo le ho mo rata. Hape lintho tseo Jesu a neng a li ruta le tsela eo a tataisang phutheho ka eona mehleng ena ho re tsoela molemo. O re rutile hore re phele ka tsela e tla thabisa Jehova. Taba ea hore Jesu o ile a longoa serethe kapa a shoa, e re tsoela molemo. Ka tsela efe? Ha Jesu a tsosoa, o ile a fana ka mali a hae e le sehlabelo se phethahetseng se re ‘hloekisang sebeng sohle.’ (1 Joh. 1:7) Hona joale ke Morena ea matla ea ke keng a hlola a shoa. Haufinyane o tla khoba hlooho ea noha. (Gen. 3:15) Bahlanka ba Molimo ba tla thaba haholo ha Satane a felisoa. Ha u ntse u emetse nako eo, u se ke oa nyahama hobane Molimo oa rona oa tšepahala. O tla etsetsa “lichaba tsohle tsa lefatše” lintho tse ngata tse molemo. w22.07 18 ¶13; 19 ¶19
Laboraro, la 12 June
Mathata ana a ke ke a re pota ka thoko.—1 Bathes. 3:3.
Re lokela ho feto-fetoha le maemo ha re ipehela lintho tseo re batlang ho li etsa. Hobane’ng? Hobane ha re khone ho laola maemo a rona ka ho feletseng. Ka mohlala, moapostola Pauluse o ne a thusitse hore ho thehoe phutheho e ncha motseng oa Thesalonika. Empa Pauluse o ile a tlameha ho tloha sebakeng seo ka lebaka la bahanyetsi. (Lik. 17:1-5, 10) Hoja ha aa ka a tloha motseng oo, o ne a ka ’na a beha Bakreste bao kotsing. Le hoja a ile a tsamaea, ha aa ka a tlohela ho ba thusa. Ho e-na le hoo o ile a amohela maemo a macha ao a leng ho ’ona. Hamorao o ile a romela Timothea ho ea thusa Bakreste bao ba bacha ba Thesalonika hore ba be le tumelo e matla. (1 Bathes. 3:1, 2) E tlameha ebe Bathesalonika ba ile ba thaba haholo. Re ka ithuta ho hong mohlaleng oa Pauluse ha a ne a le Thesalonika. Ka linako tse ling re ka ’na ra batla ho finyella ho itseng tšebeletsong empa re sitisoe ke ha maemo a fetoha. (Moek. 9:11) Haeba u etsahalloa ke ntho e tšoanang, fetola maoa ’me u ipehele ntho e ’ngoe eo u ka khonang ho e etsa. w22.04 25-26 ¶14-15
Labone, la 13 June
Motho ea mamellang mathata oa thaba.—Jak. 1:12.
Jehova o re tšelisa ka ho re fa tšepo ea bokamoso. Nahana ka litemana tse ’maloa tsa Bibele tse ka re tšelisang ha re hlaheloa ke mathata. Ka Bibeleng Jehova oa re kholisa hore ha ho na letho le tla “re arohanya le lerato la [hae]” esita le mathata. (Bar. 8:38, 39) O boetse oa re tiisetsa hore “o haufi le bohle ba ipiletsang ho eena” ka thapelo. (Pes. 145:18) Jehova o re ha re itšetleha ka eena re ka khona ho mamella mathata leha e le afe ra ba ra lula re thabile le hoja re e-na le mathata. (1 Bakor. 10:13; Jak. 1:2) Lentsoe la Molimo lea re hopotsa hore mathata a rona ke a nakoana ha a bapisoa le litlhohonolofatso tsa ka ho sa feleng tseo a tla re fa tsona. (2 Bakor. 4:16-18) Jehova o re fa tšepo e tiileng ea hore o tla felisa sesosa sa mathata ’ohle a rona e leng Satane Diabolose le bohle ba khopo joaloka eena. (Pes. 37:10) Na ho na le litemana tsa Bibele tseo u li tšoereng ka hlooho tse tla u thusa ho mamella mathata a larileng ka pele? w22.08 11 ¶11
Labohlano, la 14 June
Le lule le nahana ka lintho [tsena].—Bafil. 4:8.
Na u kile oa ipotsa hore na u tla khona ho tsoela pele u mamela melao ea Jehova e lokileng letsatsi le letsatsi? Jehova o tšepisa hore ho loka ha rona ho ka tšoana le “maqhubu a leoatle.” (Esa. 48:18) Ak’u nahane u lutse lebopong la leoatle ’me u shebile maqhubu a leoatle a ntse a ea holimo le tlaase. Ha u ntse u thabetse ho sheba maqhubu ao, na u ne u ka ipotsa hore na a tla ke a emise? Ho hang! Oa tseba hore a ke ke a emisa le ka mohla. Ho loka ha hao ho ka tšoana le maqhubu a leoatle. Seo se ka etsahala joang? Ha ho e-na le qeto eo u batlang ho e etsa, nahana pele ka hore na Jehova o batla u entse’ng ebe u etsa joalo. Ntate oa hao ea lerato o tla lula ao fa matla ebile ao thusa hore u etse se nepahetseng ho sa tsotellehe hore na qeto eo u lokelang ho e etsa e thata hakae.—Esa. 40:29-31. w22.08 30 ¶15-17
Moqebelo, la 15 June
Hang ha lilemo tseo tse 1 000 li felile, Satane o tla lokolloa teronkong.—Tšen. 20:7.
Qetellong ea lilemo tse sekete Satane o tla lokolloa. Joale o tla leka ho khelosa batho ba phethahetseng. Ka nako eo, batho bohle ba tla ba le monyetla oa ho bontša hore na ba hlompha lebitso la Molimo le hore na ba tšehetsa bobusi ba hae kapa che. (Tšen. 20:8-10) Liketso tsa bona li tla bontša hore na mabitso a bona a tla hlakoloa bukeng ea bophelo kapa che. Batho ba bang ba tla tšoana le Adama le Eva ka hore ba se ke ba tšehetsa bobusi ba Jehova. Joale ho tla etsahala’ng ka bona? Tšenolo 20:15 e re: “Mang kapa mang ea sa kang a fumanoa a ngotsoe bukeng ea bophelo a liheloa ka letšeng la mollo.” Batho bana ba sa mameleng ba tla felisoa. Empa batho ba bangata ba tla khona ho hlola teko ea ho qetela. w22.09 23 ¶15-16
Sontaha, la 16 June
Haeba le sa latele Molao oa Moshe ka hore le bolle, le ke ke la pholoha.—Lik. 15:1.
Ba bang phuthehong ea mehleng ea baapostola ba ne ba hatella hore Balichaba ba bolle e le hore Bajuda ba se ke ba ba nyatsa. (Bagal. 6:12) Moapostola Pauluse o ne a sa lumellane le taba eo ho hang empa ho e-na le hore a tsitlelle hore lintho li etsahale ka tsela ea hae o ile a ikokobetsa ’me a isa taba eo ho baapostola le baholo ba Jerusalema. (Lik. 15:2) Taba ea hore Pauluse o ile a rarolla bothata boo ka tsela ena, e ile ea thusa Bakreste hore ba lule ba thabile le ho ba le khotso ka phuthehong. (Lik. 15:30, 31) Haeba ho e-na le taba e tebileng e ka bakang ho se utloisisane, re ka etsa hore ho be le khotso ka hore re batle tataiso ho batho bao Jehova a ba khethileng ho hlokomela phutheho. Hangata re ka fumana keletso e thehiloeng Bibeleng lingoloeng tsa rona kapa ra fumana tataiso e tsoang mokhatlong oa Molimo. Re tla etsa hore ho be le khotso ka phuthehong ha re mamela litaelo tseo re li fumanang ho e-na le ho etsa lintho re tsitleletse maikutlo a rona. w22.08 22 ¶8-9
Mantaha, la 17 June
Motsoalle oa ’nete o lerato ka linako tsohle.—Liprov. 17:17.
Ka linako tse ling re utloa re batla ho bolella metsoalle ea rona hore na re ikutloa joang. Ka linako tse ling ho ka ba thata ho etsa joalo. E ka ’na eaba re thatafalloa ke ho ntša maikutlo ’me re ka utloa bohloko haholo haeba re ka utloa hore motsoalle oa rona o boleletse motho e mong makunutu a rona. Ka lehlakoreng le leng, re ananela haholo ha motsoalle oa rona a boloka lekunutu. Baholo ba bolokang makunutu a bara le barali ba bo rona ke “sebaka sa ho ipatela moea le sebaka sa ho ipatela pula.” (Esa. 32:2) Rea tseba hore re ka bua le bona re lokolohile hobane sohle seo re se buang le bona ba tla se boloka e le lekunutu. Ha re ba qobelle ho bua lintho tseo ba sa lokelang ho re bolella tsona. Re ananela hore ebe balekane ba baholo ha ba botse banna ba bona litaba tseo ba sa lokelang hore ba li tsebe. Kannete ke ntho e thabisang ha baholo ba sa bolelle basali ba bona makunutu a bara le barali ba bo rona. w22.09 11 ¶10-11
Labobeli, la 18 June
Ke ’na Molimo. Ke tla tlotlisoa har’a lichaba.—Pes. 46:10.
Re ka kholiseha hore Jehova o tla pholosa bahlanka ba hae ba tšepahalang nakong ea “mahlomola a maholo.” (Mat. 24:21; Dan. 12:1) Ha lichaba tse ikopantseng e leng Gogo oa Magogo li hlasela bahlanka ba Jehova ba tšepahalang lefatšeng lohle, Jehova o tla ba pholosa. Le hoja lichaba tse ikopantseng li akarelletsa litho tsohle tse 193 tsa Machaba a Kopaneng, a ke ke a o besa oa tuka ho Ea Holimo-limo le lebotho la hae le leholimong. Jehova o re tšepisitse a re: “Ke tla itlotlisa, ke ikhalaletse ke be ke itsebahatse lichabeng tse ngata. Li tla tseba hore ke ’na Jehova.” (Ezek. 38:14-16, 23) Tlhaselo ea Gogo e tla lebisa ntoeng ea Armagedone moo Jehova a tla felisa “marena a lefatše lohle.” (Tšen. 16:14, 16; 19:19-21) Ke batho “ba lokileng feela ba tla lula lefatšeng. Ba lulang ba tšepahala ba tla sala ho lona.”—Liprov. 2:21. w22.10 16-17 ¶16-17
Laboraro, la 19 June
Thato ea [Molimo ke] hore batho ba mefuta eohle ba pholohe le hore ba fumane tsebo e nepahetseng ea ’nete.—1 Tim. 2:4.
Re ke ke ra khona ho bona se ka pelong ea motho kaha ke Jehova feela ea hlahlobang lipelo. (Liprov. 16:2) O rata batho ba mefuta eohle ba tsoang libakeng le litsong tse sa tšoaneng. Hape Jehova o re khothaletsa hore re “atolohe.” (2 Bakor. 6:13) Re batla ho rata bara le barali babo rona bohle eseng re ba ahlole. Taba ena e boetse e bolela hore ha rea lokela ho ahlola batho ba sa sebeletseng Jehova. Na u ka ahlola oa lelapa eo e seng Paki ’me oa re ‘motho enoa e ke ke ea e-ba Paki ea Jehova le ka mohla’? Che, ho etsa joalo e tla be e le ho iketeletsa pele le ho nahana hore re phahametse batho ba bang. Jehova o ntse a fa “moloko [oohle] oa batho” monyetla oa hore o bake. (Lik. 17:30) Re lokela ho lula re hopola hore Jehova o nka batho ba nahanang hore ba phahametse batho ba bang e le ba sa lokang. E se eka lerato leo re ratang melao ea Jehova e lokileng ka lona le ka etsa hore re lule re thabile ’me la re thusa hore re be mehlala e metle ho batho ba bang e le hore e be metsoalle ea rona le ea Molimo oa rona. w22.08 31 ¶20-22
Labone, la 20 June
Ba tla tseba hore kannete moprofeta o ne a le teng har’a bona.—Ezek. 2:5.
Re ka lebella hore batho ba bang ba tla re hanyetsa ha re ntse re etsa mosebetsi oa boboleli ’me ba ka ’na ba re hanyetsa le ho feta nakong e tlang. (Dan. 11:44; 2 Tim. 3:12; Tšen. 16:21) Empa re ka kholiseha hore Jehova o tla re thusa. Hobane’ng? Hobane haesale Jehova a thusa bahlanka ba hae ho etsa lintho tseo a neng a re ba li etse ho sa tsotellehe hore na li ne li le thata hakae. Nahana moprofeta Ezekiele ea ileng a bolela molaetsa ho Bajuda ba neng ba le botlamuoeng Babilona. Ke batho ba joang bao Ezekiele a neng a lokela ho ba bolella molaetsa? Jehova o ile a re batho bao “baa tella,” “ba manganga” ebile “ke marabele.” Ba ne ba etsa lintho tse utloisang batho ba bang bohloko joaloka lihlabahlabane hape ba le kotsi joaloka liphepheng. Ke kahoo Jehova a ileng a bolella Ezekiele ka makhetlo a re: “U se ke oa tšaba.” (Ezek. 2:3-6) Ezekiele o ile a khona ho phetha mosebetsi oa hae oa ho bolela hobane o ne a (1) ronngoe ke Jehova, (2) moea o halalelang oa Molimo o ne o mo fa matla ao a a hlokang le (3) Lentsoe la Molimo le ile la matlafatsa tumelo ea hae. w22.11 2 ¶1-2
Labohlano, la 21 June
Letsatsing leo ka lona u li jang, kannete u tla shoa.—Gen. 2:17.
Har’a lintho tsohle tseo Jehova a li bopileng lefatšeng, ke batho feela ba neng ba bopetsoe hore ba se ke ba shoa. O ile a ba fa tšepo e ikhethang ea hore ba ke ke ba shoa. Jehova o boetse o re file tabatabelo e matla ea ho phela. Bibele e re Molimo “o kentse ka lipelong tsa [batho] takatso ea ho phela ka ho sa feleng.” (Moek. 3:11) Leo ke lebaka le leng le etsang hore re nke lefu e le sera. (1 Bakor. 15:26) Haeba re kula haholo, na rea tela ebe re se re emela ho shoa? Che. Hangata re ea ngakeng kapa re noa meriana e le hore re tle re fole. Re etsa sohle seo re ka se khonang hore re se ke ra shoa. Hape ha motho eo re mo ratang a hlokahala, ho sa tsotellehe hore na o moholo kapa o monyenyane re utloa bohloko haholo, le hona ka nako e telele. (Joh. 11:32, 33) Ho hlakile hore ’Mopi oa rona ea lerato o ne a ke ke a re fa takatso ea ho batla ho phela ka ho sa feleng le bokhoni ba ho tsoela pele re ithuta haeba morero oa hae e ne e se hore batho ba phele ka ho sa feleng. w22.12 3 ¶5; 4 ¶7
Moqebelo, la 22 June
Lintho tse bohloko tse le hlahelang li ntse li hlahela bana ba bo lona bohle lefatšeng.—1 Pet. 5:9.
Bakreste-’moho le rona ba bangata ba ka ’na ba kula, ba ikutloa ba tšohile ebile eka ba bang mehleng ena e thata. Leka ho buisana le bara le barali ba bo rona. Ha ho e-na le mafu a seoa, re ka ’na ra hloka ho siea sebaka lipakeng tsa rona le batho ba bang ho akareletsa le Bakreste-’moho le rona. Ka linako tseo tse joalo u ka ’na oa ikutloa joaloka moapostola Johanne. O ne a batla ho kopana le motsoalle oa hae Gaiase a bue le eena ba shebane. (3 Joh. 13, 14) Leha ho le joalo, Johanne o ne a tseba hore o ne a tl’o qeta nako e itseng a sa khone ho kopana le Gaiase. Kahoo, Johanne o ile a etsa seo a neng a khona ho se etsa, o ile a ngolla Gaiase lengolo. Ha ho sa khonahale hore u etele bara le barali ba bo rona, u ka leka ho buisana le bona ka litsela tse ling. Ha u tloaetse ho buisana le Bakreste-’moho le uena u ke ke oa ikutloa eka u mong ebile u tla ba le khotso. Hape ha u ikutloa u tšoenyehile, buisana le baholo ’me u mamele likhothatso tsa bona.—Esa. 32:1, 2. w22.12 17-18 ¶6-7
Sontaha, la 23 June
Mong’a Josefa a mo isa teronkong moo batšoaruoa ba morena ba neng ba koalloa teng.—Gen. 39:20.
Bibele e re ho na le nako eo Josefa a ileng a tlangoa maoto ka liketane le molala oa hae oa tlangoa ka litšepe. (Pes. 105:17, 18) Boemo boo Josefa a neng a le ho bona bo ile ba mpefala. Qalong e ne e le lekhoba le tšeptjoang empa hona joale e se e le motšoaruoa. Na u kile oa ba boemong bo ileng ba mpefala le hoja u ne u ntse u rapela? U ka iphumana u le boemong bo joalo. Jehova ha a thibele hore re se ke ra hlaheloa ke mathata lefatšeng lena le busoang ke Satane. (1 Joh. 5:19) Leha ho le joalo, u ka kholiseha hore Jehova o bona mathata a u hlahelang ebile oa u tsotella. (Mat. 10:29-31; 1 Pet. 5:6, 7) Oa tšepisa hore ‘ho hang a ke ke a u tlohela kapa a u furalla.’ (Baheb. 13:5) Jehova a ka u thusa hore u mamelle le hoja boemo boo u leng ho bona bo bonahala eka bo ke ke ba loka. w23.01 15 ¶7; 16 ¶8
Mantaha, la 24 June
Molimo oa rona . . . o tla mo tšoarela ka pelo eohle.—Esa. 55:7.
Ho na le tsela e ’ngoe eo Bibele e bontšang ka eona hore Jehova oa re rata. Bibele e re kholisa hore Molimo a ke ke a re lahla ha re etsa liphoso. Baiseraele ba ile ba fosetsa Jehova ka makhetlo a mangata empa o ile a ba tšoarela ha ba baka e le kannete. Bakreste ba mehleng ea baapostola le bona ba ne ba tseba hore Molimo oa ba rata. Molimo o ile a susumeletsa moapostola Pauluse hore a khothaletse balumeli-’moho le eena hore ba “tšoarele ho tsoa pelong” le ho tšelisa monna ea neng a entse sebe se tebileng eaba oa baka. (2 Bakor. 2:6, 7; 1 Bakor. 5:1-5) Ke ho khothatsang hore ebe Jehova ha aa ka a lahla barapeli ba hae hobane ba ne ba entse liphoso. Ho e-na le hoo, o ile a ba thusa, a ba khalemela ’me a ba mema hore e be metsoalle ea hae hape. O tšepisa ho etsa se tšoanang ho baetsalibe ba bakileng mehleng ena. (Jak. 4:8-10) Bibele e bontša hore Molimo o bohlale, o na le toka ebile o re rata haholo. Bibele e bontša hore Jehova o batla hore re mo tsebe ebile o batla hore re be metsoalle ea hae. w23.02 7 ¶16-17
Labobeli, la 25 June
Le ele hloko boprofeta bona.—2 Pet. 1:19.
Re na le mabaka a utloahalang a ho thahasella ho bona hore na lintho tse etsahalang lefatšeng li phethahatsa boprofeta ba Bibele joang. Ka mohlala, Jesu o ile a bua ka lintho tse tla etsahala tse tla re thusa ho bona ha lefatše lena la Satane le le haufi le ho timetsoa. (Mat. 24:3-14) Moapostola Petrose o ile a re khothaletsa hore re ele hloko kamoo boprofeta bo phethahalang kateng e le hore tumelo ea rona e ka lula e le matla. (2 Pet. 1:20, 21) O batla hore re utloisise hore na ke hobane’ng ha re lokela ho hlahloba boprofeta ba Bibele. O re khothaletsa hore ‘re lule re hopola’ letsatsi la Jehova. (2 Pet. 3:11-13) Hobane’ng? Ha se hobane re batla ho tseba ‘letsatsi kapa hora’ eo Jehova a tla tlisa Armagedone ka eona empa lebaka ke hobane re batla ho sebelisa nako ea rona hantle hore re ‘halalele le ho sebeletsa Molimo ka botšepehi.’ (Mat. 24:36; Luka 12:40) Re batla ho etsa lintho tse nepahetseng le ho etsa bonnete ba hore re etsa ntho e ’ngoe le e ’ngoe hobane re rata Jehova haholo. Re lokela ho itlhokomela e le hore re khone ho etsa joalo. w23.02 16 ¶4, 6
Laboraro, la 26 June
Ke na le linku tse ling. . . Le tsona ke tla li tlisa.—Joh. 10:16.
Ho na le lintho tseo batho bao e leng karolo ea “linku tse ling” ba lokelang ho li etsa hona joale e le hore ba tšoanelehe ho phela Paradeiseng. Re lokela ho bontša hore na re ikutloa joang ka Jesu. Ka mohlala, re ka bontša hore rea mo rata ka tsela eo re tšoarang bana babo ba tlotsitsoeng ka moea o halalelang. Jesu o ile a re o tla ahlola linku ho latela hore na li ile tsa tšoara bana babo joang. (Mat. 25:31-40) Re ka ba tšehetsa ka hore ka mafolofolo re ba thuse ho etsa mosebetsi oa ho bolela le ho etsa barutuoa. (Mat. 28:18-20) Ha rea lokela ho emela hore re e’o phela Paradeiseng e le hore re be ka tsela eo Jehova a batlang hore batho ba tla phela teng ba be ka eona. Hona joale re ka hla ra sebetsa ka thata hore re be batho ba buang ’nete, ba tšepahalang le ba etsang lintho ka teka-tekano. Hape re tšepahalle Jehova, balekane ba rona le Bakreste-’moho le rona. Haeba re mamela Molimo lefatšeng lena le khopo, ho tla ba bonolo hore re mo mamele ha re se re phela Paradeiseng. Re ka boela ra ithuta mesebetsi le lintho tse ling ho bontša hore re itokisetsa ho phela Paradeiseng. w22.12 11-12 ¶14-16
Labone, la 27 June
Ea nthatang o tla ratoa ke Ntate.—Joh. 14:21.
Rea rata hore ebe Jesu ke Morena oa rona hobane ke ’musi ea molemo ka ho fetisisa. Jehova ke eena ea koetlisitseng Mora oa hae a ba a mo khetha hore a buse. (Esa. 50:4, 5) Hape ak’u nahane kamoo Jesu a ileng a rata le ho itella batho kateng. (Joh. 13:1) U lokela ho rata Jesu hobane ke Morena oa hao. O ile a re batho ba hlileng ba mo ratang, bao a ba bitsang metsoalle ea hae ba bontša hore baa mo rata ka hore ba mamele litaelo tsa hae. (Joh. 14:15; 15:14, 15) Kannete ke tlotla ho ba motsoalle oa Mora oa Jehova. Oa tseba hore Jesu o ikokobelitse le hore o etsisa Ntate oa hae hantle. U ithutile hore o ile a fepa batho, a tšelisa ba nyahameng a ba a folisa ba kulang. (Mat. 14:14-21) U hlokometse kamoo a tataisang phutheho ea hae mehleng ena. (Mat. 23:10) Hape oa tseba hore o tla etsa lintho tse ling tse ngata tse ntle nakong e tlang ha e se e le Morena oa ’Muso oa Molimo. U ka bontša joang hore oa mo rata? Ka ho mo etsisa. U ka qala ho mo etsisa ka hore u inehele ho Jehova u be u kolobetsoe. w23.03 4 ¶8, 10
Labohlano, la 28 June
Phahamisetsang mahlo leholimong ’me le bone. Ke mang ea bopileng lintho tsee?—Esa. 40:26.
Jehova o entse lintho tsohle tse leholimong le tse lefatšeng hammoho le tse leoatleng ’me lintho tsena kaofela li re ruta ka eena. (Pes. 104:24, 25) Nahana le ka tsela eo Molimo a re entseng ka eona. O entse hore re khone ho thabela lintho tse ntle tseo a li bopileng. O re file bokhoni ba ho bona, ho utloa, ho tšoara, ho latsoa le ho utloa monko oa lintho tse fapaneng e le hore re khone ho thabela lintho tseo a li entseng. Bibele e bua ka lebaka le leng la bohlokoa leo ka lona re lokelang ho sheba lintho tse bopiloeng. E re bolella ka makhabane a Jehova. (Bar. 1:20) Ka mohlala, nahana kamoo lintho tseo Jehova a li bopileng li leng ntle kateng. Li re ruta hore Molimo o bohlale haholo. Nahana le ka lijo tse fapaneng tseo re li thabelang. Li bontša ka ho hlaka hore Jehova o rata batho. Ha re bona makhabane a Jehova linthong tseo a li entseng, re tla mo tseba haholoanyane ebile re tla ba metsoalle ea hae. w23.03 16 ¶4-5
Moqebelo, la 29 June
Lentsoe la hao kaofela ke ’nete.—Pes. 119:160.
Ha lintho li ntse li mpefala le ho feta lefatšeng lena, ho tla ba thata le ho feta ho tšepa Lentsoe la Molimo. Batho ba ka ’na ba leka ho etsa hore re belaele hore Bibele ke ’nete le hore Jehova o khethile mohlanka ea tšepahalang le ea bohlale hore a tataise batho ba mo sebeletsang mehleng ena. Empa haeba re kholisehile hore kamehla Lentsoe la Jehova ke ’nete, re ke ke ra lumella lintho tse joalo ho senya tumelo ea rona. Re tla ‘ikemisetsa ho mamela melao ea Jehova ka linako tsohle ho fihlela qetellong.’ (Pes. 119:112) Re ke ke ra “hlajoa ke lihlong” ho bolella ba bang ka ’nete ea Bibele le ho ba khothaletsa ho e sebelisa bophelong ba bona. (Pes. 119:46) Re tla khona ho mamella maemo a thata ka ho fetisisa ho akareletsa le mahloriso ‘re tiiselitse ebile re thabile.’ (Bakol. 1:11; Pes. 119:143, 157) ’Nete e re thusa hore re lule re khobile matšoafo re bile re tsitsitse. Hape ea re ruta hore na re lokela ho phela joang. E etsa hore re be le tšepo ea bokamoso bo molemo tlas’a ’Muso oa Molimo. w23.01 7 ¶16-17
Sontaha, la 30 June
Ke le fa taelo e ncha ea hore le ratane. Le ratane feela joalokaha ke le ratile.—Joh. 13:34.
Bosiu ba pele Jesu a bolaoa o ile a rapella barutuoa ba hae ka nako e telele, a kopa Ntate oa hae hore a “ba lebele ka lebaka la ea khopo.” (Joh. 17:15) Seo se ne se bontša hore Jesu o ne a ba rata haholo. O ne a tseba hore haufinyane o tl’o utloa bohloko, ho ntse ho le joalo o ne a tšoenyehile ka baapostola ba hae. Re etsisa Jesu ka hore re se ke ra nahana feela ka lintho tseo re li hlokang. Ho e-na le hoo, kamehla re lokela ho rapella Bakreste-’moho le rona. Ha re etsa joalo, re mamela taelo ea Jesu ea hore re ratane ebile re bontša Jehova hore re rata Bakreste-’moho le rona haholo. Ho rapella Bakreste-’moho le rona ho ka ba thusa. Lentsoe la Molimo le re “thapeli ea motho ea lokileng, ha e sebetsa, e na le matla a maholo.” (Jak. 5:16) Bakreste-’moho le rona ba hloka hore re ba rapelle hobane ba mamelletse mathata a mangata. w22.07 23 ¶13-15