September
Sontaha, la 1 September
Motho ea nahanang hore ke morapeli oa Molimo empa a sa laole leleme la hae oa ithetsa le borapeli ba hae ha bo na thuso.—Jak. 1:26.
Ha re bua lintho tse hantle, re bontša batho ba bang hore re sebeletsa Jehova. Re thusa batho bao re phelang le bona hore ba bone ka ho hlaka phapang e teng “pakeng tsa ea sebeletsang Molimo le ea sa kang a mo sebeletsa.” (Mal. 3:18) Morali oa bo rona Kimberly o ile a bona ha sena se etsahala. Tichere ea hae e ile ea re a etse mosebetsi oa sekolo le ngoanana eo a kenang tlelase le eena. Ka mor’a hore ba sebetse hammoho, ngoanana eo o ile a hlokomela hore Kimberly ha a tšoane le bana ba bang. O ne a le mosa, a sa bue hampe ka batho ba bang ebile a sa bue lintho tse litšila. Boitšoaro ba Kimberly bo ile ba khahla ngoanana eo ’me o ile a qala ho ithuta Bibele le eena. Jehova o thaba haholo ha a utloa re bua ka tsela e etsang hore batho ba batle ho ithuta ka eena. Kaofela ha rona re batla ho bua ka tsela e tla tlotlisa Jehova. w22.04 5-6 ¶5-7
Mantaha, la 2 September
Basali ba . . . [ne] ba sebelisa lintho tseo ba nang le tsona ho thusa Jesu le baapostola ba hae.—Luka 8:3.
Jesu o ile a leleka bademona ba supileng ho Maria Magdalena. Ho ananela ho ile ha mo susumeletsa hore e be molateli oa Jesu ’me o ile a tšehetsa Jesu mosebetsing oa hae. (Luka 8:1-3) Le hoja Maria a ne a ananela seo Jesu a mo etselitseng sona, e ka ’na eaba o ne a sa tsebe hore Jesu o ne a tl’o mo etsetsa ntho e kholo ho feta moo. O ne a tl’o fana ka bophelo ba hae “e le hore e mong le e mong ea bontšang hore o lumela ho eena” a ka fumana bophelo bo sa feleng. (Joh. 3:16) Maria o ile a bontša hore o ananela Jesu ka hore a mo tšepahalle. Ha Jesu a ntse a utloa bohloko palong, Maria o ne a le pel’a hae, a tšelisa Jesu le ba bang. (Joh. 19:25) Ka mor’a hore Jesu a shoe, Maria le basali ba bang ba babeli ba ile ba isa lioli tse nkhang hamonate lebitleng bakeng sa lepato la Jesu. (Mar. 16:1, 2) Maria o ile a ba le monyetla oa ho kopana le ho bua le Jesu ka mor’a hore a tsosoe e leng monyetla oo barutuoa ba bangata ba sa kang ba e-ba le oona.—Joh. 20:11-18. w23.01 27 ¶4
Labobeli, la 3 September
Ekare u ka be u bata kapa u chesa.—Tšen. 3:15.
Ha rea lokela ho nahana hore ha re hloke ho sebeletsa Jehova hona joale hobane re ile ra mo sebeletsa nakong e fetileng. Le haeba ho e-na le lintho tse ngata tse re sitisang ho mo sebeletsa hona joale, re lokela ho lula re phathahane ka ‘mosebetsi oa Morena’ re bile re falimehile ho fihlela qetellong. (1 Bakor. 15:58; Mat. 24:13; Mar. 13:33) Re lokela ho cheseha re be re sebeletse Jehova ka pelo eohle. Molaetsa oa Jesu o eang phuthehong ea Laodisia o bua ka bothata bo bong hape. Ba ne ba le “foofo” borapeling ba bona. Jesu o ile a re ba ‘soto ’me baa haula’ hobane ba ne ba nka lintho hanyane. Ba ne ba lokela ho chesehela Jehova le borapeli ba hae haholo. (Tšen. 3:16, 17, 19) Re ithuta’ng? Haeba re se re sa chesehe joaloka pele, re lokela ho ananela haholoanyane lintho tse molemo tseo Jehova le mokhatlo oa hae ba re etselitseng tsona. (Tšen. 3:18) Ho hang ha rea lokela ho hahamalla bophelo bo mabothobotho hona joale, e leng ho ka fellang ka hore ho sebeletsa Jehova e se ke ea e-ba ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa bophelong ba rona. w22.05 3-4 ¶7-8
Laboraro, la 4 September
Jehova a re ho ngoloe bukeng mabitso a batho bao a neng a tla ba hopola, batho ba mo hlomphang.—Mal. 3:16.
Ho se ho fetile lilemo tse ngata Jehova a ntse a ngola buka ea bohlokoa. Buka ena e na le mabitso a mangata ’me lebitso la pele le ngotsoeng ho eona ke la Abele, e leng paki ea pele e tšepahalang. (Luka 11:50, 51) Haesale Jehova a ntse a ngola mabitso a batho bukeng ena ’me hona joale e na le mabitso a mangata. Ka Bibeleng buka ena e bitsoa “buka ea khopotso,” ‘buka ea bophelo’ le ‘moqolo oa bophelo.’ (Mal. 3:16; Tšen. 3:5; 17:8) Buka ena ea bohlokoa e na le mabitso a batho bohle ba hlomphang Jehova le ba ratang lebitso la hae. Batho bana ba tla ba le monyetla oa ho phela ka ho sa feleng. Kahoo, re ka etsa hore mabitso a rona a ngoloe bukeng ena ka hore re be le kamano e ntle le Jehova hape re be le tumelo sehlabelong sa Mora oa hae, Jesu Kreste. (Joh. 3:16, 36) Kaofela ha rona re batla hore mabitso a rona a ngoloe bukeng ena ebang re na le tšepo ea ho phela leholimong kapa lefatšeng. w22.09 14 ¶1-2
Labone, la 5 September
Diabolose ea neng a li khelosa o ile a lahleloa ka letšeng la mollo le sebabole.—Tšen. 20:10.
Buka ea Tšenolo e bua ka “drakone e kholo e ’mala oa mollo.” (Tšen. 12:3) Drakone e loantša Jesu le mangeloi a hae. (Tšen. 12:7-9) E hlasela batho ba Molimo ’me e fa libata kapa mebuso ea batho matla. (Tšen. 12:17; 13:4) Drakone ee ke mang? Ke “noha ea pele, e bitsoang Diabolose le Satane.” (Tšen. 12:9; 20:2) Ke eena ea laolang lira tsohle tsa Jehova. Ho tla etsahala’ng ka drakone? Tšenolo 20:1-3 e re lengeloi le tla lihela Satane ka mohohlong. Ho tla tšoana leha eka o kentsoe teronkong. Nakong eo a leng ka mohohlong, Satane a ke ke a hlola a “khelosa lichaba ho fihlela lilemo . . . tse sekete li felile.” Qetellong, Satane le bademona ba hae ba tla liheloa ka “letšeng la mollo le sebabole,” e leng ho bolelang hore ba tla felisoa ka ho feletseng. Nahana feela hore na lefatšeng ho tla ba joang ha Satane le bademona ba hae ba se ba le sieo. Eo e tla ba nako e monate hakaakang! w22.05 14 ¶19-20
Labohlano, la 6 September
A sebetse ka thata, a etse mosebetsi o motle ka matsoho a hae e le hore a be le ho hong hoo a ka ho fang motho ea hlokang.—Baef. 4:28.
Jesu o ne a sebetsa ka thata. Ha e sa le mocha, o ne a etsa mosebetsi oa mapolanka. (Mar. 6:3) Ha ho pelaelo hore batsoali ba hae ba ne ba ananela hore ebe oa ba thusa ha ba ntse ba leka ho hlokomela lelapa la bona le leholo. Jesu o ne a sa etse liphoso, kahoo mosebetsi oa hae e ne e le o tsoileng matsoho ’me e ka ’na eaba batho ba bangata ba ne ba batla lintho tseo a li entseng. Ho ka etsahala hore ebe Jesu o ne a thabela ho etsa mosebetsi oa hae. Jesu o ne a lula a ipha nako ea ho sebeletsa Jehova le hoja a ne a sebetsa ka thata mosebetsing oa hae. (Joh. 7:15) Ha Jesu a se a le tšebeletsong ea nako e tletseng, o ile a re ha a ne a bua le batho bao a neng a ba ruta: “Le se ke la sebeletsa lijo tse senyehang, empa le sebeletse lijo tse lulang ho isa bophelong bo sa feleng.” (Joh. 6:27) Thutong ea Hae ea Thabeng, Jesu o ile a re: “Le ipolokele matlotlo leholimong.” (Mat. 6:20) Ha re mamela keletso ea Jehova re tla khona ho ba le maikutlo a nepahetseng ka mosebetsi. Bakreste ba rutoa hore ba “sebetse ka thata . . . , mosebetsi o molemo.” w22.05 22 ¶9-10
Moqebelo, la 7 September
’Mè oa hao ea u tsoetseng o tla nyakalla.—Liprov. 23:25.
Eunise o ile a behela Timothea mohlala o motle. Timothea o ne a bona ka ho hlakileng hore liketso tsa ’mè oa hae li susumetsoa ke ho rata Jehova haholo le hore ’mè oa hae o thabisoa ke ho sebeletsa Jehova. Ka ho tšoanang, bo-’mè ba bangata mehleng ena ba thusitse malapa a bona ho sebeletsa Jehova “ka ntle ho lentsoe.” (1 Pet. 3:1, 2) U ka etsa se tšoanang. Joang? Etsa hore setsoalle sa hao le Jehova e be ntho e tlang pele. (Deut. 6:5, 6) Le uena joaloka bo-’mè ba bangata u tela lintho tse ngata. U tela nako, chelete, boroko le lintho tse ling ho hlokomela litlhoko tsa bana ba hao. Empa ha oa lokela ho phathahana haholo hoo u ka salang u se na nako ea ho matlafatsa setsoalle sa hao le Jehova. Kamehla behella ka thoko nako ea ho rapela moo u leng mong, ho ithuta Bibele le ho ea libokeng. Ka ho etsa joalo, u tla atamela haufi le Jehova hape u tla beha mohlala o motle bakeng sa lelapa la hao le batho ba bang. w22.04 16 ¶1; 19 ¶12-13
Sontaha, la 8 September
Ahlola bahlanka ba hao ka ho phatlalatsa hore ea khopo o molato ’me u etse hore a ikarabelle ka ntho eo a e entseng le ka ho phatlalatsa hore ea lokileng ha a na molato ’me u mo fe moputso.—1 Mar. 8:32.
Rea thaba ho tseba hore ha se rona ba nang le boikarabelo ba ho ahlola batho ba bang. Jehova ke Moahloli ea Phahameng ’me o tla etsa mosebetsi oo oa bohlokoa. (Bar. 14:10-12) Re ka kholiseha hore o tla lula a ahlola a itšetlehile ka melao ea hae e phethahetseng ea se nepahetseng le se fosahetseng. (Gen. 18:25) A ke ke a etsa ntho leha e le efe e sa lokang. Re tatetse nako eo ka eona Jehova a tla lokisa lintho tsohle tse re utloisang bohloko ka lebaka la ho se phethahale le sebe. Ka nako eo re ke ke ra hlola re utloa bohloko. (Pes. 72:12-14; Tšen. 21:3, 4) Re ke ke ra hlola re hopola lintho tse re utloisitseng bohloko. Ha re ntse re emetse nako eo, re ananela haholo hore Jehova o re file bokhoni ba hore re mo etsise ka hore re tšoarele batho ba bang. w22.06 13 ¶18-19
Mantaha, la 9 September
Kannete ha ho utloahale hore u etse joalo hobane u Moahloli oa lefatše lohle ea ahlolang ka toka.—Gen. 18:25.
Moahloli ea molemo o lokela ho tseba molao hantle. O lokela ho tseba se nepahetseng le se fosahetseng. Ke’ng hape eo moahloli ea molemo a lokelang ho e tseba? O lokela ho tseba lintlha kaofela pele a ka fana ka kahlolo. Kahoo, Jehova ke Moahloli ea molemohali hobane o lula a tseba lintlha kaofela. Jehova ha a tšoane le baahloli ba batho hobane eena o lula a tseba lintlha kaofela ka boemo leha e le bofe. (Gen. 18:20, 21; Pes. 90:8) Ha a itšetlehe ka seo batho ba se bonang kapa ba se utloang. Oa utloisisa hore tsela eo motho a etsang lintho ka eona e ka susumetsoa ke lintho tseo a li futsitseng ho batsoali ba hae, thuto eo a e fumaneng, sebaka seo a lulang ho sona kapa khatello ea maikutlo. Jehova o boetse o bona se ka pelong ea motho. O utloisisa hantle hore na ke hobane’ng ha motho a entse lintho ka tsela e itseng. Ha ho na ntho e ka pateloang Jehova. (Baheb. 4:13) Kahoo, Jehova o tšoarela motho hobane a tseba lintlha kaofela. w22.06 4 ¶8-9
Labobeli, la 10 September
Motho o tla fana ka ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a nang le eona hore a pholose bophelo ba hae.—Jobo 2:4.
Re tlameha ho tseba maqiti ao Satane a ileng a a sebelisa ho Jobo hobane o ntse a a sebelisa le ho rona mehleng ena. Satane o re ha re rate Jehova Molimo ebile re tla mo fetohela haeba re tobane le lefu. O boetse o re Molimo ha a re rate ebile ha a na taba le boikemisetso ba rona ba ho mo khahlisa. Kaha rea tseba hore na Satane o leka ho etsa’ng, ha re kholoe mashano a hae. Ha re hlaheloa ke mathata, re lokela ho nka hoo e le monyetla oa hore re itlhahlobe. Mathata a ileng a hlahela Jobo a ile a mo thusa hore a hlokomele hore na o fokola hokae a be a lokise. Ka mohlala, o ile a ithuta hore o lokela ho ikokobetsa haholoanyane. (Jobo 42:3) Hoa tšoana le ka rona, mathata a re hlahelang a ka re thusa hore re itsebe haholoanyane. Ha re hlokomela hore na re fokola hokae, re ka khona ho lokisa. w22.06 23 ¶13-14
Laboraro, la 11 September
Jehova o re: “Le lipaki tsa ka. E, uena u mohlanka oa ka eo ke mo khethileng.”—Esa. 43:10.
Jehova oa re kholisa hore o tla re tšehetsa. Ka mohlala, pele Jehova a re: “Le lipaki tsa ka,” o ile a re: “Ha u tšela har’a metsi, ke tla ba le uena, le ha u tšela linoka, li ke ke tsa u hohola. Ha u tsamaea mollong, u ke ke oa tlaboha kapa hona hore lelakabe le u tlabole.” (Esa. 43:2) Ka linako tse ling ha re etsa mosebetsi oa boboleli, re kopana le maemo a kang likhohola le liteko tse kang mollo. Ho ntse ho le joalo, Jehova o tla re thusa ho tsoela pele re ruta batho Bibele. (Esa. 41:13) Batho ba bangata kajeno ha ba re mamele. Empa seo ha se bolele hore ha re etse mosebetsi oa rona hantle. Re khothatsoa ke ho tseba hore Jehova o thabisoa ke ha re ntse re tsoela pele re bolela molaetsa oa hae ka botšepehi. Moapostola Pauluse o ile a re: “E mong le e mong o tla fumana moputso ho ea ka mosebetsi oa hae.”—1 Bakor. 3:8; 4:1, 2. w22.11 4 ¶5-6
Labone, la 12 September
Lulang le itšoere hantle har’a batho ba lefatše lena.—1 Pet. 2:12.
Mehleng ena re bona ka mahlo ha boprofeta ba Bibele bo phethahala. Batho “ba tsoang lipuong tsohle tsa lichaba” ba ithuta ho bua ‘puo e hloekileng’ ea Bibele. (Zak. 8:23; Sof. 3:9) Mehleng ena batho ba ka holimo ho limilione tse robeli linaheng tse 240 ke karolo ea mokhatlo oa Jehova ’me selemo le selemo ho kolobetsoa batho ba likete tse mashome. Empa ntho ea bohlokoa ke “botho bo bocha” kapa makhabane a Bokreste ao barutuoa bana ba bacha ba sebeletsang ho ba le ’ona. (Bakol. 3:8-10) Ba bangata ba ile ba khaotsa ho phela ka boitšoaro bo bobe, ho rata ntoa, ho ba leeme le ho rata naha ka ho feteletseng. Boprofeta bo hlahang ho Esaia 2:4 boa phethahala hobane ‘ha ba sa ithuta ntoa.’ Kaha re sebetsa ka thata ho apara botho bo bocha, re etsa hore batho ba batle ho kena ka mokhatlong oa Molimo ’me re bontša hore re latela moeta-pele oa rona Kreste Jesu. (Joh. 13:35) Lintho tsena ha li iketsahalle feela tjee. Jesu o re fa thuso eo re e hlokang. w22.07 9 ¶7-8
Labohlano, la 13 September
Thapelo ea ka e ke e be joaloka libano tse lokisitsoeng ka pel’a hao.—Pes. 141:2.
Ha re rapela Jehova re lokela ho bontša hore re mo hlompha haholo. Nahana ka lipono tse hlollang tseo Esaia, Ezekiele, Daniele le Johanne ba ileng ba li bona. Kaofela li hlalosa Jehova e le Morena ea phahameng ka ho fetisisa. Esaia o ile a “bona Jehova, a lutse teroneng e holimo le e phahameng.” (Esa. 6:1-3) Ezekiele o ile a bona Jehova a lutse koloing ea hae ea leholimo e pota-potiloeng ke ho “benya . . . [ho] joaloka seqha.” (Ezek. 1:26-28) Daniele o ile a bona “Moholo-holo oa Matsatsi” a apere liaparo tse tšoeu ’me a e-na le malakabe a mollo a tsoang teroneng ea hae. (Dan. 7:9, 10) Johanne eena o ile a bona Jehova a lutse teroneng e pota-potiloeng ke mookoli o motle o joaloka emeralde. (Tšen. 4:2-4) Ha re nahana kamoo Jehova a phahameng kateng, re ananela tlotla eo a re fileng eona ea hore re mo rapele le hore re etse joalo ka tlhompho. w22.07 20 ¶3
Moqebelo, la 14 September
[Hlokomela] thuto e ’ngoe le e ’ngoe ea bohata e rutoang ke batho ba bolotsana.—Baef. 4:14.
Mocha, Satane a ka leka ho u sitisa ho matlafatsa tumelo ea hao le ho atamela haufi le Jehova. A ka etsa hore u qale ho belaella lithuto tse ling tse hlahang ka Bibeleng. Ka mohlala, batho ba bang ba ka leka ho etsa hore u lumele thuto ea ho iphetola ha lintho ebe ba re ha se Molimo ea re bopileng. Mohlomong ha ho mohla u kileng oa nahana ka thuto ena ha u ntse u le ngoana empa ho ka etsahala hore hona joale u se u rutoa ka eona sekolong. Lintho tseo matichere a hao a li buang ka thuto ea ho iphetola ha lintho li ka utloahala eka ke ’nete. Leha ho le joalo, ho ka etsahala hore ha ba e-s’o ka ba ipha nako ea ho hlahloba bopaki ba hore ho na le ’Mopi. Hopola molao-motheo o hlahang ho Liproverbia 18:17. E re: “Oa pele nyeoeng ea hae o lokile; oa habo oa kena ’me ka sebele oa mo phenya.” Ho e-na le ho nka ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo u e rutoang sekolong e le ’nete, iphe nako ea ho hlahloba seo Bibele le lingoloa tsa mokhatlo li se buang. w22.08 2 ¶2; 4 ¶8
Sontaha, la 15 September
[U etse] lintho tsohle tse ngotsoeng ho eona. Ha u etsa joalo, seo u se etsang se tla atleha ’me u tla etsa lintho ka bohlale.—Josh. 1:8.
Re batla ho utloisisa lintho tseo re ithutang tsona Lentsoeng la Molimo. Ho seng joalo, ho bala ho ke ke ha re tsoela molemo. Ka mohlala, hlokomela puisano eo Jesu a ileng a ba le eona le “monna e mong oa setsebi sa Molao.” (Luka 10:25-29) Ha monna eo a botsa Jesu hore na o lokela ho etsa’ng e le hore a fumane bophelo bo sa feleng, Jesu o ile a mo thusa hore a fumane karabo Lentsoeng la Molimo. O ile a mo botsa a re: “Molao o re’ng, na oa o utloisisa?” Monna eo o ile a fana ka karabo e nepahetseng ka ho qotsa mangolo a buang ka ho rata Molimo le moahisani. (Lev. 19:18; Deut. 6:5) Monna eo o ile a re: “Hantle-ntle moahisani oa ka ke mang?” O ile a bontša hore ha a utloisise seo a se balileng. Kahoo, o ne a sa tsebe hore na a ka sebelisa seo a ithutileng sona joang bophelong ba hae. Re hloka hore Jehova a re thuse hore re utloisise Bibele. Kahoo, kopa moea oa Molimo o halalelang ho u thusa hore kelello ea hao e se ke ea lelera ha u bala le ho mo kopa hore a u thuse ho etsa seo u se balileng. w23.02 9 ¶4-5
Mantaha, la 16 September
Tsoela pele ho phelela ’nete.—3 Joh. 4.
“U fumane ’nete joang?” Ha ho pelaelo hore u kile oa botsoa potso ena ka makhetlo a mangata. Ke eona potso ea pele eo re e botsang Mokreste-’moho ha re batla ho mo tseba haholoanyane. Re rata ho utloa hore na ho tlile joang hore Bakreste-’moho ba tsebe Jehova le ho mo rata ebile re thabela ho ba bolella hore na ke hobane’ng ha re rata ho ba Lipaki. (Bar. 1:11) Ho buisana ka lintho tsena ho re hopotsa kamoo ho ba Lipaki Tsa Jehova ho leng bohlokoa kateng. Hape ho re thusa hore re ikemisetse le ho feta ho “tsoela pele ho tsamaea ’neteng,” e leng se bolelang ho phela ka tsela e tla thabisa Jehova le e tla etsa hore a re hlohonolofatse. Ho na le mabaka a mangata a etsang hore re rate ’nete. Lebaka la bohlokoa ka ho fetisisa ke hore re rata Jehova Molimo e leng eena ea re fileng ’nete. Ho ithuta Lentsoe la hae Bibele ho re thusitse hore re tsebe hore ke ’Mopi oa leholimo le lefatše le hore ke Ntate oa rona ea leholimong ea re ratang le ea re tsotellang haholo.—1 Pet. 5:7. w22.08 14 ¶1, 3
Labobeli, la 17 September
Re thuse bafutsana.—Bagal. 2:10.
Moapostola Pauluse o ile a khothalletsa Bakreste-’moho le eena hore ba bontšane lerato ka ho etsa ‘mesebetsi e metle.’ (Baheb. 10:24) O ne a sa ba thuse feela ka lintho tseo a li buang empa le ka lintho tseo a li etsang. Ka mohlala, ha ho ne ho e-na le tlala Judea, Pauluse o ile a ba fa lintho tseo ba neng ba li hloka. (Lik. 11:27-30) Le hoja Pauluse a ne a phathahane ka ho ruta le ho bolela litaba tse molemo, o ne a lula a batla litsela tsa ho thusa batho ba neng ba hloka. Ka ho etsa joalo, o ile a thusa Bakreste-’moho le eena hore ba kholisehe hore Jehova o tla ba hlokomela. Mehleng ena re haha tumelo ea Bakreste-’moho le rona ha re sebelisa nako, matla le bokhoni ba rona ho ba thusa ha ho e-na le likoluoa. Hape re ka etsa joalo ka hore kamehla re fane ka monehelo oa mosebetsi oa lefatše lohle. Ha re etsa lintho tsena le tse ling, re thusa Bakreste-’moho le rona hore ba tšepe hore Jehova a ke ke a ba lahla le ka mohla. w22.08 24 ¶14
Laboraro, la 18 September
Ha ho mohla boprofeta bo kileng ba tla ka thato ea motho empa batho ba ile ba bua litaba tse tsoang ho Molimo hobane ba susumetsoa ke moea o halalelang.—2 Pet. 1:21.
Ka Bibeleng ho na le boprofeta bo bongata bo ileng ba phethahala. Bo bong ba boprofeta bona bo ile ba ngoloa lilemo tse makholo pele bo ka phethahala. Histori ea paka hore boprofeta bona bo ile ba phethahala. Taba ena ha e makatse hobane rea tseba hore boprofeta bohle bo ka Bibeleng bo tsoa ho Jehova. Nahana ka boprofeta bo buang ka ho oa ha Babilona. Lipakeng tsa selemo sa 778 le 732, Jehova o ile a susumeletsa moprofeta Esaia hore a bolele hore motse oa Babilona o neng o le matla ka nako eo o ne o tla haptjoa. O ile a ba a bolela lebitso la monna ea neng a tla hapa motse oo e leng Saeruse, a ba a hlalosa hore na o ne a tla hapa motse oo joang. (Esa. 44:27–45:2) Hape Esaia o ile a bolela hore Babilona e ne e tla felisoa le hore e ne e ke ke ea hlola e e-ba le baahi. (Esa. 13:19, 20) Bamede le Bapersia ba ile ba hlola Babilona ka 539 ’me sebaka seo Babilona e neng e le ho sona ha se sa na baahi hona joale. w23.01 4 ¶10
Labone, la 19 September
Le tsoele pele ho khothatsana.—1 Bathes. 5:11.
Jehova o re khethile hore re be karolo ea lelapa la hae le lefatšeng lohle. Ena ke tlotla e ikhethang haholo ’me ho na le melemo e mengata. (Mar. 10:29, 30) Re na le bara le barali babo rona lefatšeng lohle ba ratang Jehova joaloka rona le ba ikemiselitseng ho phela ka melao ea hae. Re ka ’na ra fapana le bona ka puo, setso le moaparo empa rea ba rata esita leha re qala ho kopana le bona. Re thabela haholo ho rapela le bona le ho rorisa Ntate oa rona ea leholimong ’me hona joale re lokela ho momahana le bona. (Pes. 133:1) Ka linako tse ling baa re thusa ha re imetsoe. (Bar. 15:1; Bagal. 6:2) Ba re khothalletsa ho lula re sebeletsa Jehova ka mafolo-folo le hore re lule re le metsoalle ea hae. (Baheb. 10:23-25) Nahana feela hore na re ne re tla ikutloa joang haeba re ne re se na phutheho e re thusang e le hore re ka hlola Satane Diabolose le lefatše la hae le khopo. w22.09 2-3 ¶3-4
Labohlano, la 20 September
Ea laolang lipuo tsa hae o etsa lintho ka bohlale.—Liprov. 10:19.
Ha re sebelisa mecha ea puisano re ka ’na ra sitoa ho ba le boitšoaro. Haeba re se hlokolosi, re ka iphumana re buile litaba tseo re sa lokelang ho li bua bathong ba bangata. Joale ha re hasa litaba ka marang-rang, re ke ke ra khona ho laola tsela eo li tla sebelisoa ka eona hape re ke ke ra tseba hore na li tla baka tšenyo e kae. Ho ba le boitšoaro ho tla re thusa hore re thole haeba bahanyetsi ba rona ba leka ho re qhekella ka hore re bue lintho tse ka behang bara le barali babo rona kotsing. Sena se ka etsahala haeba mapolesa a re botsa lipotso naheng eo mosebetsi oa rona o thibetsoeng. Maemong ana le a mang re ka sebelisa molao-motheo o buang ka ho “beha ntho e tlamang molomo e le molebeli molomong.” (Pes. 39:1) Hore na re sebetsana le lelapa, metsoalle, bara le barali babo rona kapa motho leha e le ofe, re lokela ho tšepahala. Re lokela ho ba le boitšoaro e le hore re tšepahale. w22.09 13 ¶16
Moqebelo, la 21 September
Ho thaba motho ea . . . thabelang molao oa Jehova, ea balang molao oa Hae le ho nahanisisa ka oona bosiu le motšehare.—Pes. 1:1, 2.
Re tlameha ho bala Bibele hore re thabe. Ke habohlokoa hore re etse joalo. Ke kahoo Jesu a ileng a re: “Motho a ke ke a phela ka bohobe feela empa o tla phela le ka lentsoe le leng le le leng le tsoang molomong oa Jehova.” (Mat. 4:4) Kahoo, letsatsi ha lea lokela ho feta re sa bala Lentsoe la Molimo, e leng Bibele. Jehova oa re rata kahoo o re bontšitse ka Bibeleng hore na re ka etsa’ng e le hore re thabe. Bibele e re ruta hore na ke hobane’ng ha a re bopile. Re boetse rea ithuta hore na ke joang re ka bang le kamano e ntle le eena le hore na ke’ng eo re ka e etsang e le hore a re tšoarele libe tsa rona. Hape re ithuta ka tšepo e babatsehang eo a re tšepisitseng eona ka bokamoso. (Jer. 29:11) Lintho tsena tseo re ithutang tsona Bibeleng li re thabisa haholo. Ha u ikutloa u nyahamisitsoe ke mathata ao u nang le ’ona, qeta nako e ngata u bala Lentsoe la Jehova le ho nahanisisa ka lona. w22.10 7 ¶4-6
Sontaha, la 22 September
Le nahane joaloka batho ba baholo.—1 Bakor. 14:20.
Ka lebaka le utloahalang, Bibele e re khothalletsa hore re se ke ra lula re se na tsebo. Re ba le tsebo e nepahetseng ha re sebelisa melao-motheo ea Bibele bophelong ba rona. Ha re etsa joalo re tla bona kamoo Bibele e re thusang kateng ho etsa liqeto tse nepahetseng le ho qoba mathata. Ke hantle hore re nahane ka liqeto tseo re ileng ra li etsa. Haeba re se re e-na le nako re ntse re ithuta Bibele le ho ba teng libokeng tsa Bokreste empa re e-s’o inehele ho Jehova le ho kolobetsoa, ke hantle ho ipotsa hore na ke hobane’ng ha re e-s’o inehele le ho kolobetsoa. Haeba u se u kolobelitsoe, na u ntse u ntlafatsa tseleng eo u rutang ka eona le ho bolela litaba tse molemo? Na u sebelisa seo u ithutang sona Bibeleng ha u etsa liqeto? Na u tšoara batho ba bang ka tsela eo Jesu a neng a ka etsa ka eona? Haeba re bona hore re hloka ho ntlafatsa, re lokela ho nahana ka ho teba ka likeletso tsa Jehova kaha li “hlalefisa ea se nang boiphihlelo.”—Pes. 19:7. w22.10 20 ¶8
Mantaha, la 23 September
A ne a ea moo moea o a khannelang teng.—Ezek. 1:20.
Ezekiele o ile a bona kamoo moea oa Molimo o leng matla kateng. Seo Ezekiele a se boneng ponong se ile sa mo thusa ho hlokomela hore moea o halalelang o ne o thusa mangeloi a matla ebile o tsamaisa mabili a maholo a koloi ea leholimo. (Ezek. 1:21) Ezekiele o ile a etsa’ng? Ha a hlalosa hore na ho ile ha etsahala’ng, o ile a re: “Ha ke e bona ke ile ka khumama.” O ne a hlolletsoe haholo hoo a ileng a khumama. (Ezek. 1:28) Hamorao ha Ezekiele a se a nahana ka pono eo e hlollang, e tlameha ebe e ile ea matlafatsa kholiseho ea hae ea hore ka thuso ea moea oa Molimo a ka khona ho etsa mosebetsi oa hae oa boboleli. Jehova o ile a re ho Ezekiele: “Mor’a motho, ema e le hore ke bue le uena.” Ha Jehova a bolella Ezekiele hore a eme, Ezekiele o ile a fumana matla a ileng a mo thusa ho ema. (Ezek. 2:1, 2) Ezekiele o ile a lula a tataisoa ke moea o halalelang oa Molimo ha a ntse a etsa mosebetsi oa boboleli.—Ezek. 3:22; 8:1; 33:22; 37:1; 40:1. w22.11 4 ¶7-8
Labobeli, la 24 September
Le tla utloa lentsoe ka mor’a lona.—Esa. 30:21.
Moprofeta Esaia o ile a re Jehova o tšoana le morupeli ea ntseng a tsamaea ka mor’a baithuti ba hae a ba bolella hore na ba nke tsela efe. Mehleng ena re utloa lentsoe la Molimo ka mor’a rona. Ebe re le utloa joang? Mantsoe a tsoang ho Molimo a ile a ngoloa ka Bibeleng lilemo tse ngata tse fetileng, pele re e-ba teng. Kahoo, ha re bala Bibele ho tšoana le ha eka re utloa lentsoe la Molimo le hlaha ka mor’a rona. (Esa. 51:4) Tataiso eo Jehova a re fang eona e ka re tsoela molemo joang? Hlokomela hore Esaia o ile a bua ka lintlha tse peli. Ea pele, “tsela ke ena.” Ea bobeli, “tsamaeang ho eona.” Ha hoa lekana ho tseba “tsela” feela empa re boetse re lokela ho ‘tsamaea ho eona.’ Lentsoe la Jehova le lintho tseo mokhatlo oa Molimo o re hlalosetsang tsona li re ruta seo Jehova a se hlokang ho rona. Re boetse re ithuta kamoo re ka etsang seo re ithutang sona. Re lokela ho etsa lintho tsena tse peli e le hore re khone ho mamella ka thabo ha re ntse re sebeletsa Jehova. Re ka kholiseha hore Jehova o tla re hlohonolofatsa hafeela re etsa lintho tseo re ithutang tsona. w22.11 10-11 ¶10-11
Laboraro, la 25 September
Ka mor’a hore ke tlohe, liphiri tse sehloho li tla kena har’a lona.—Lik. 20:29.
Hang-hang ka mor’a hore baapostola ba Jesu ba bangata ba hlokahale, Bakreste ba bohata ba ile ba kena ka phuthehong. (Mat. 13:24-27, 37-39) Ba ile ba “sotha ’nete ho khelosa barutuoa hore ba ba sale morao.” (Lik. 20:30) Ba ile ba “sotha ’nete” ea hore Jesu o ile a fana ka ’mele oa hae “hanngoe ebile e le la ho qetela hore a jare libe tsa ba bangata” joalokaha Bibele e boletse. Ba ile ba re sehlabelo sa hae se lokela ho phetoa ka makhetlo a mangata. (Baheb. 9:27, 28) Kajeno batho ba bangata ba kholoa leshano lena. Ba ea likerekeng beke le beke kapa letsatsi le leng le le leng ho etsa mokete oo ba o bitsang “’Misa.” Malumeli a mang ha se hangata a ketekang lefu la Jesu ebile litho tsa ’ona ha li utloisise hantle hore na sehlabelo sa Jesu se bohlokoa hakae. w23.01 21 ¶5
Labone, la 26 September
Le se ke la lebala ho etsa lintho tse molemo le ho arolela ba bang lintho tseo le nang le tsona.—Baheb. 13:16.
Nakong ea Puso ea Jesu ea Lilemo Tse Sekete, bafu ba tla tsosoa ’me batho bohle ba mamelang Jehova ba tla etsoa hore ba phethahale. Batho bao Jehova a tla nka ba lokile ba tla fuoa ‘lefatše e le lefa la bona, ba tla phela ho lona ka ho sa feleng.’ (Pes. 37:10, 11, 29) Ho thabisang ke hore “sera sa ho qetela e leng lefu se tla felisoa.” (1 Bakor. 15:26) Tšepo ea rona ea bophelo bo sa feleng e thehiloe Lentsoeng la Molimo. Tšepo eo e ka re thusa hore re lule re tšepahala matsatsing ana a ho qetela a boima. Empa ha re thabise Jehova hobane feela re batla ho phela ka ho sa feleng. Lebaka le ka sehloohong le etsang hore re tšepahalle Jehova le Jesu ke hobane re ba rata haholo. (2 Bakor. 5:14, 15) Lerato leo ke lona le etsang hore re ba etsise re be re bolelle batho ba bang ka tšepo eo re nang le eona. (Bar. 10:13-15) Ha re ithuta ho ba batho ba fanang le ba sa ichebeng bobona, Jehova o tla batla ho ba motsoalle oa rona ka ho sa feleng. w22.12 6-7 ¶15-16
Labohlano, la 27 September
Barutuoa bohle ba Kreste Jesu ba batlang ho sebeletsa Molimo ka botšepehi ba tla hlorisoa.—2 Tim. 3:12.
Ha re hlorisoa re ka lahleheloa ke lintho tse ngata tse re thusang ho ba le khotso. Ha re sa khone ho etsa lintho tseo, re ka ’na ra tšoenyeha, ra ipotsa hore na ho tl’o etsahala’ng nakong e tlang. Ha ho phoso ho ikutloa ka tsela ena. Empa re lokela ho ba hlokolosi. Jesu o ile a re mahloriso a ka etsa hore balateli ba hae ba felloe ke tumelo. (Joh. 16:1, 2) Ha Jesu a re bolella hore re lebelle mahloriso, o ile a re kholisa hore le rona re ka khona ho lula re tšepahala. (Joh. 15:20; 16:33) Ha mosebetsi oa rona o thibetsoe, re ka ’na ra fumana litaelo tse tsoang ofising ea lekala le ho baholo. Litaelo tsena lia re sireletsa, li re thusa hore re ’ne re fumane lingoloa le livideo ebile li re thusa hore re ’ne re rute batho Bibele. Leka kahohle hore u mamele litaelo tseo u li fuoeng. (Jak. 3:17) Re se ke ra fana ka boitsebiso ba bara le barali ba bo rona ho batho ba sa tšoanelang ho tseba.—Moek. 3:7. w22.12 20 ¶14-16
Moqebelo, la 28 September
Le sebetse ka thata feela joaloka pele.—Baheb. 6:11.
Mehleng ena Jesu o tataisa barutuoa ba hae ha ba bolela ka ’Muso oa Molimo lefatšeng lohle. O phethahalitse tšepiso ea hae. Jesu o sebelisa mokhatlo ho re fa lintho tsohle tseo re li hlokang le ho re koetlisa e le hore re ka bolela litaba tse monate. (Mat. 28:18-20) Re tla be re etsa seo Jesu a lebeletseng hore re se etse haeba re ruta le ho bolella batho ka ’Muso oa Molimo, le ka ho lula re falimehile ha re ntse re emetse hore Jehova a tlise bofelo ba lefatše lena. Haeba re mamela keletso e hlahang ho Baheberu 6:11, 12, re tla lula re e-na le tšepo e matla “ho fihlela qetellong.” Jehova o se a entse qeto ea hore na o tla felisa lefatše lena la Satane neng. Ha nako eo e fihla, Jehova o tla phethahatsa boprofeta bohle bo hlahang ka Lentsoeng la hae. Empa ka linako tse ling re ka bona eka bofelo ba lefatše lena bo lieha ho fihla. Leha ho le joalo, letsatsi la Jehova ‘le ke ke la siuoa ke nako.’ (Hab. 2:3) E se eka re ka ikemisetsa ho mamella le ho letela Jehova, Molimo oa rona ea pholosang.—Mik. 7:7. w23.02 19 ¶15-16
Sontaha, la 29 September
Ha ho na motho ea ka bapisoang le uena.—Pes. 40:5.
Ntho eo motho ea hloang thaba a e batlang ke ho ipona a le ka holimo. Leha ho le joalo, ho na le libaka tse ngata tseo a ka emang ho tsona ha a ntse a hloa thaba ’me a thabela lintho tse ntle tseo a li bonang. Ka tsela e tšoanang, iphe nako ea ho nahana kamoo Jehova a u thusang kateng hore u atlehe le hoja u mamelletse bothata bo itseng. Qetellong ea letsatsi le leng le le leng ipotse: ‘Jehova o nthusitse joang kajeno? Le hoja bothata boo bo ntse bo le teng, Jehova o nthusa joang hore ke mamelle?’ Leka ho fumana ntho e le ’ngoe eo Jehova a e entseng ho u thusa hore u mamelle. E ka ’na eaba u ntse u rapella hore bothata boo u nang le bona bo fete. (Bafil. 4:6) Leha ho le joalo, re lokela ho ela hloko tsela eo Jehova a re thusang ka eona hona joale. Jehova o re tšepisa hore o tla re matlafatsa le ho re thusa hore re mamelle. Kahoo, lula u ananela hore ebe Jehova oa u tšehetsa. Ha u etsa joalo, u tla bona kamoo Jehova a u thusang kateng ha u e-na le mathata.—Gen. 41:51,52. w23.01 19 ¶17-18
Mantaha, la 30 September
Le lule le . . . hopola [letsatsi la Jehova].—2 Pet. 3:12.
Ipotse: ‘Na tsela eo ke phelang ka eona e bontša hore kea utloisisa hore lefatše lee le khopo le haufi le ho fela? Na liqeto tseo ke li etsang mabapi le mosebetsi kapa ho ea univesithi li bontša hore ntho e tlang pele bophelong ba ka ke ho sebeletsa Jehova? Na ke lula ke e-na le tumelo ea hore Jehova o tla ntlhokomela le lelapa la ka?’ Jehova o thaba haholo ha a bona re leka ho etsa thato ea hae nthong e ’ngoe le e ’ngoe eo re e etsang. (Mat. 6:25-27, 33; Bafil. 4:12, 13) Re lokela ho lula re hlahloba tsela eo re nahanang ka eona ’me re etse liphetoho tse hlokahalang. Pauluse o ile a eletsa Bakorinthe a re: “Le ’ne le itlhahlobe hore na tumelo ea lona e tiile, le ’ne le itlhahlobe hore na le batho ba mofuta ofe.” (2 Bakor. 13:5) Kahoo, re lokela ho fetola likelello tsa rona ka ho bala Lentsoe la Molimo, re nahane ka tsela eo a nahanang ka eona ’me re etse lintho tsohle tse hlokahalang e le hore re mo khahlise.—1 Bakor. 2:14-16. w23.01 9-10 ¶5-6