Lipotso Tse Tsoang ho Babali
◼ Kaha taelo ea Jehova e ho Jeremia 22:30 e ne e thibela hore ngoana oa lesika la Jojakine (Jekonia) a se hlole a lula teroneng ea Davida, na hoo ho ne ho ke ke hoa nyopisa tokelo ea molao eo Josefa a neng a ka e fetisetsa ho Jesu ’musong?
Taelo ea Jehova e mabapi le Jojakine (Jekonia) e re: “Bakeng sa motho eo, ngolang hobane ke ea hlokang bana, motho ea sa tl’o atleha litšiung tsa hae; hobane ha ho tla ke ha tseba motho oa lesika la hae ho lula teroneng ea Davida, le ho busa Juda.” Taelo ena e ile ea thibela ngoana leha e le ofe oa lesika la Jojakine hore a ka busa le ka mohla teroneng ea Davida Juda. Empa e ne e sa thibele lesika la borena le litokelo tse ka futsoang hore li ka feta ka Jojakine le bana ba hae ho ea ho Josefa le ho Jesu. E ne e ke ke ea thibela Jesu hore a phethahatse taelo e ’ngoe ea Jehova mabapi le moqhaka oa Davida: “Se leng teng ha se sa tla ba teng, ho be ho fihle eo kahlolo e leng ea hae, eo ke mo neileng eona.” (Ezekiele 21:27) Hobane’ng? Hobane Jesu ea ileng a ‘e neoa,’ o ne a ke ke a busa a le teroneng e Juda, empa o ne a tla busa a le maholimong!
Jojakine o bile le bara ba supileng ha a le botlamuoeng Babylona, ho akarelletsa Salathiele le Pedaia. Empa kaha ha ho ngoana oa lesika la Jojakine ea kileng a lula teroneng ea Davida Juda, ho ile hoa tšoana le ha a ile a ngoloa e le ea “hlokang bana.” Empa leha ho le joalo, Mattheu o akarelletsa Jekonia (Jojakine), Salathielea le Zorobabele, har’a ba bang, ha a thathamisa lesika la Jesu. Ha ho sitise letho ka hore ba ne ba thibetsoe ho busa teroneng leha e le efe ea lefatšeng. Ho feta moo, ha e-ea ba bothata ba letho ho Luka le Bajode ba bang lekholong la pele la lilemo hore lesika la Maria le lona le ne le ka saloa morao ho ea fihla ho Jojakine ka Salathiele.—Mattheu 1:11, 12; Luka 3:27.
Ho tiisa bopaki ba ea ipolelang hore ke Messia, kapa Motlotsuoa oa Jehova, e ne e tla ba hoa bohlokoa haholo hore Bajode ba khone ho sala morao lesika leo a tsoileng ho lona ka lesika la borena la ntlo ea Davida. (Bapisa Johanne 7:40-42; Liketso 2:30.) Lesika la borena ka Josefa (le bokeletsoeng ke Mattheu) le lesika la tlhaho (le bokeletsoeng ke Luka), le leng le le leng le nka tsela e fapaneng ho khutlela ho Davida, ka bobeli a sebeletsa ho lumellana hore ka ho hlakileng Jesu o na le bopaki ba tatelano ea meloko ba ho ba Messia, Ea neng a tla neoa lefa la terone ea Davida.
Luka o ile a bona e le hoa bohlokoa ho tlaleha ’nete ea hore Maria e ne e le “moroetsana ea lebelelitsoeng ke monna ea bitsoang Josefa, oa ntlo ea Davida” le hore “e ne e le motho oa ntlo ea Davida le oa leloko la hae.” (Luka 1:27; 2:4) Ka baka leo, ke hoa bohlokoa hore e be lengeloi la Jehova, ha le fa Josefa litaelo le buile le eena ka mantsoe ana: “Josefa, mor’a Davida.” O ile a bolelloa sena mabapi le mora ea neng a tla tsoaloa ke Maria: “U tla mo rea lebitso la Jesu,” ho bontša hore Josefa o ne a lebelletsoe ho inkela moshemane le ho mo bolotsa joaloka mora eo a inketseng eena. (Mattheu 1:20, 21) ’Me ho Maria, Gabriele o ile a bua tjena ka Jesu: “Morena Molimo o tla mo nea terone ea Davida ntat’ae. O tla busa ntlo ea Jakobo ka ho sa feleng, ’me borena ba hae ha bo ka ke ba e-ba le bofelo.”—Luka 1:32, 33.
Jesu o ne a bitsoa “Mor’a Davida” ha a le lefatšeng, empa ha a ka a leka ho qala puso ea hae ha a le lefatšeng. (Mattheu 9:27; 21:9, 15) O jele lefa la sohle se neng se akarelletsoa ke borena ba Davida ba lefatšeng tabeng ea litokelo tsa borena, bafo le sebaka, empa o jele lefa le lengata ho Ntate oa hae oa leholimo. ’Muso oa lefatšeng oa Davida e ne e le mohlala o monyenyane feela oa seo ’muso oa leholimo oa Jesu o neng o tla ba sona ha o busa lefatše lohle. (Daniele 2:44; 7:13, 14) Hoba a shoe a be a tsohe, Jesu o ile a phahamisetsoa teroneng ea Jehova maholimong. ’Me le hoja lesika leo a tsoileng ho lona lefatšeng ka Josefa le Maria le ka saloa morao ho ea fihla ho Jojakine, ho busa hoa Jesu a le leholimong ha ho senye taelo ea Jehova. Petrose o tiisitse sena ka ho bua ka seo Davida a ileng a se ngola tlas’a pululelo: ‘Ereka ha e [Davida] ne e le moprofeta, ’me a tseba hobane Molimo o ’maletse ka kano hore Kreste, ka nama, o tla tsoa mofuteng oa hae, a be a lule teroneng ea hae; ka ho iponela hoo pele, o boletse tsoho ea Kreste o phahamiselitsoe letsohong le letona la Molimo’ moo, ka nako ea teng, a neng a tla qala ho busa har’a lira tsa hae.—Liketso 2:30-36; Pesaleme ea 110:1, 2.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Salathiele o hlaha letotong la Mattheu le la Luka, ’me ho fanoa ka maikutlo a hore Zorobabele e ne e le mora oa hae. Leha ho le joalo, ho bonahala hore Salathiele o ile a thathamisoa feela ho nka sebaka sa e mong. Liithuti tse seli tsa tlaleho e feletseng ea lesika leo Jesu a tsoileng ho lona li hlokomela hore Zorobabele ha a ea tsoaloa ke Salathiele empa o tsoetsoe ke Pedaia, ngoan’abo Salathiele. (1 Likronike 3:19) Empa ho na le lebaka leo ka lona Mattheu le Luka ba ngotseng Salathiele tlas’a tataiso ea moea o halalelang oa Jehova. Mohlomong o ile a nkela Zorobabele ka lapeng ha hae haeba Pedaia o ile a shoa moshemane a sa le monyenyane; kapa haeba Salathiele o ile a shoa pele a e-ba le mora, mohlomong Pedaia o ile a kenela mosali oa hae, a tsoala Zorobabele ka lebitso la ngoan’abo Salathiele.