Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w88 11/1 maq. 10-12
  • Jehova o ’Nea Tsohle Tseo ke li Hlokang

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Jehova o ’Nea Tsohle Tseo ke li Hlokang
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Hlokomela Litlhokahalo tsa Moea
  • Ho Buleha Menyetla e Thabisang
  • Ho Fohla Phula ea Nullarbor
  • Ho Kopanela ho Jeng Kapa ho se Kopanele?
  • Memo ea ho “Hahamalla Lipakane”
  • Kopano e Susumetsang Rangoon
  • Ntoa le Tlhaselo ea Majapane
  • Ho Khutlela Australia
  • Jehova, Tšepo ea Ka ho Tloha Bongoaneng ho ea Pele
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
  • Karolo 3—Lipaki ho Isa Karolong e Hōle ka ho Fetisisa ea Lefatše
    Lipaki Tsa Jehova—Baboleli ba ’Muso oa Molimo
  • “Ke ’Na Enoa, Roma ’Na!”
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
  • ‘Kotulo e Butsoitse’ Burma
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1989
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
w88 11/1 maq. 10-12

Jehova o ’Nea Tsohle Tseo ke li Hlokang

Joalokaha ho boletse John E. (Ted) Sewell

HA RE ntse re nka mohato ka mohato ho fohla sebaka seo se meru se tletseng moholi Thailand, ke ile ka re ka pelong, ‘E tlameha e be ho na le litsela tse bobebe haholoanyane tsa ho tloha Bangkok ho ea Burma!’ Maoto a le bohloko ’me ke le metsi tee! ke mofufutso, ntho e khōlō eo ke neng ke tšoenyehile ka eona e ne e le hore re tla kopana le mangau, libere tse ntšo kapa litlou tseo ho neng ho tumme hore li tletse-tletse libakeng tsena tse meru—re se re sa re letho ka linoha tse mahloko. Ke hobane’ng ha ’na le Frank Dewar re ne re nkile leeto lena le kotsi?

Ka bobeli re ne re le baromuoa Thailand, ’me re ne re sa tsoa tseba hore kopano ea matsatsi a mararo e ne e tla tšoareloa Rangoon, Burma, ho tloha ka la 26 ho isa ka la 28 Pulungoana, 1938. Chelete ea rōna e fokolang e ne e re bolella hore re tlameha ho tloha Bangkok ho ea Rangoon ka mokhoa o nang le litšenyehelo tse tlaase ka ho fetisisa, ’me karolo ea leeto leo e ne e akareletsa ho tsamaea ka maoto lik’hilomithara tse 80 ho fohla sebaka seo se meru.

Re ile ra tloha Bangkok ka terene ka la 16 Pulungoana, ha re le tseleng ra theoha ra kena beseng e ’ngoe e nyenyane, ra tšelisoa Nōka ea Ping ka sekepana se entsoeng ka sefate se fatiloeng hare, ’me ra qala ho tsamaea ka nako e telele ho fohla sebaka seo se meru. Frank o ne a ithutile limmapa ’me qetellong a khetha tsela e neng e bonahala eka ke eona e nepahetseng. Ho ne ho se mebila eo re ka e latelang—e ne e le tsela e tšesaane feela, e entsoeng ke batsamai, eo ha e le hantle e neng e latela mohala oa thelefono.

Re ile ra leboha hore liphoofolo feela tseo re ileng ra li bona ke litšoene tse ngata tse neng li le holim’a lifate. Ntho e thabisang eo re neng re sa e lebella ke lipalesa tsa li-orchid tse neng li le ntle ka ho hlollang. Ha meriti ea mantsiboea e thea, ra qala ho tšoenyeha ka hore na e be ho ne ho sireletsehile hakae hore re robale sebakeng seo se moru. Se ne se fapane haholo le sebaka seo ho tsongoang ho sona Australia moo ke neng ke ’nile ka robala ka ntle ka makhetlo a mangata bosiu. Hape re ne re lemositsoe ka limōkōlara tseo ho neng ho tsebahala hore li atisa ho utsoetsa batsamai esita le ho ba ntša kotsi ’meleng.

Lipelo tsa rōna li ile tsa ntšofala ha re re ptjoangptjoang! le sehlopha sa banna ba neng ba bonahala ba le bohale, e mong le e mong oa bona a na le thipa e boima e sebelisoang e le sebetsa e leketlile lebanteng la hae. Ba ile ba re emisa ’me ba re botsa hore na re ea hokae. Ha re hlalosa hore re ne re le leetong la rōna la ho ea kopanong ea Bokreste Rangoon, ba re talima ka ho se kholoe empa ba tsoela pele ba sa re ntša kotsi.

Nakoana ka mor’a moo, ra kopana le bahlankana ba babeli ba neng ba bonahala ba le botsoalle haholoanyane. Ka tsebo ea rōna e fokolang ea puo ea Thai, ra ba hira hore ba re ise Burma. Ha shoalane e tšoara, ra fihla sefateng se seholo se nang le litepisi bakeng sa ho hloella sethaleng sa lepolanka se makaleng a sona. Bone ba rōna ra robala moo.

Mantsiboeeng a letsatsi le hlahlamang, ra fihla motseng o mong o monyenyane moo re ileng ra khona ho hlola bosiu bo le bong mathuleng a ntlo e ’ngoe e hahiloeng sekhale-khale. Letsatsing la boraro, ra fihla motsaneng oa Mae Sot moeling oa Burma. Ha re fihla mona ra lumelisa batataisi ba rōna ’me ka thabo ra ba lefa bakeng sa mosebetsi oa bona o molemo.

Ka mor’a ho tšela nōka ho kena Burma, ra palama bese e ’ngoe e nyenyane e neng e tsamaea tseleng e lithabeng eaba joale re kena sekeiting ho leba Moulmein. Karolo ea ho qetela ea leeto la rōna la ho ea Rangoon e ne e le ho tsamaea ka terene, ho neng ho bonahala ho le bobebe haholo ka mor’a leeto la rōna le bohloko la maoto. Leeto lohle le ne le nkile beke, empa ho thabela botsoalle ba moea le bana babo rōna ho ne ho tšoanela boiteko bohle. E ne e le bo bong feela ba bopaki bo bongata ba hore Jehova o ’nile a ’nea tsohle tseo ke li hlokang. Empa e re nke ke le bolelle hore na ke ile ka fihla Thailand joang.

Ho Hlokomela Litlhokahalo tsa Moea

Bophelo le meetlo li ne li ntse li fetoha ha ke hlaha ka 1910 Australia Bophirimela. Ntoa ea I ea Lefatše e qalileng ka 1914 e ne e bonahala e potlakisa liphetoho. Le hoja ke ne ke le lilemo li supileng feela, ke hopola ka ho hlaka ha ’Mè a ne a ngola mangolo a eang ho Ntate kaha a ne a le ntoeng Europe. Ka lekhetlo le leng, ’Mè o ile a re ho ’na: “Ua tseba ke’ng, Bibele e bolela hore ho tla ba le lintoa le merusu ea lintoa.” Ha aa ka a hlalosa ho ea pele, empa ke ne ke thahasella ho tseba hoo.

Lilemo hamorao, ka Tšitoe 1934, ha ke ne ke palame pere ke khutlela polasing eo ke neng ke sebetsa ho eona, ka kopana le motsoalle oa ka oa khale eo ke neng ke kena sekolo le eena ea ileng a mpolella hore Lipaki tsa Jehova tse ling li ne li sa tsoa fihla ho tsoa Perth. Lelapa labo le ne le rekile libuka tsa tsona empa le ne le entse qeto ea hore ha le na ho li bala. Ka ho thahasella ho tseba litaba, ka fumana buka Life ho eena.

Ha ke ntse ke palame pere moeeng bosiung boo bo khanyang, khoeli e ne e khanya haholo hoo ke neng ke khona ho bala mongolo oa litlhaku tse khōlō oa sehlooho sa khaolo ka ’ngoe. Ha ke fihla polasing, ka tsoela pele ho bala ka khanya ea lebone la parafine. Moo, ka lekhetlo la pele, ka tseba hore Molimo o na le lebitso la botho—Jehova. Ke ile ka thabela ho tseba hore Molimo o na le morero o babatsehang bakeng sa lefatše la rōna, e, hore lefatše le tla fetoha paradeise e tla thabeloa ke batho ba utloang. Ha e le hantle, bukeng ena lipotso tsohle tsa ka li ne li arabeloa!

Batho ba pele bao ke neng ke batla ho ba bolella ke batsoali ba ka, ba neng ba phela polasing e nyenyane e bohōle ba lik’hilomithara tse 138. Hona ho ne ho bolela leeto la pere le nkang nako ea letsatsi le halofo. Ha ke bolella ’Mè seo ke neng ke ntse ke ithuta sona, o ile a ’makatsa ha a bolela hore le eena o ne a ntse a ithuta a bile a thabela libuka tsa Bibele tse tšoanang! Leetong le lelelele la ho khutlela hae beke hamorao, ka nahana ka thata, hobane seo ke ithutileng sona se ne se mpontšitse hore tsebo le tumelo hase sohle seo Molimo o se hlokang. Joale ke ne ke tseba hore Mokreste oa ’nete o tlameha ho latela Jesu Kreste ’me eena ka boeena o tlameha ho sebeletsa Jehova ka ho bolella ba bang. Kahoo ke ile ka ikemisetsa ho leka ho etsa sena mafelo-beke a mang le a mang ho tloha ka nako eo ho ea pele.

Ho Buleha Menyetla e Thabisang

E le hore nka paka seterekeng sa rōna sa mapolasi a qalikaneng, ke ile ka reka koloi ea Moetso oa T oa Ford e neng e fetotsoe teraka e thothang thepa. Ke nkile bethe le lintho tse seng kae tse hlokahalang, ka etela balemi motšehare oohle oa mantsiboea, ke robala ka terakeng, eaba ke tsoela pele ho paka ho tloha polasing e ’ngoe ho ea ho e ’ngoe hoseng ha Sontaha. Ke ne ke khutlela hae e se e le mantsiboea haholo.

Ka ’Mesa 1936 ka tšoantšetsa boinehelo ba ka ka kolobetso kopanong e ’ngoe e nyenyane e neng e tšoaretsoe Perth. E ’ngoe ea lipuo e ne e hatisa tšebeletso ea bopula-maliboho ba nako e tletseng. Ke ne ke tseba hore ke ne ke se na litlamo tsa Mangolo tse nthibelang ho kopanela mosebetsing ona oa bohlokoa, kahoo ka Tšitoe 1936 ka qala ho bula maliboho.

Khoeling eona eo, bo-pula-maliboho ba babeli ba linatla, Arthur Willis le Bill Newlands, ba fihla Perth ka teraka. Ba ne ba tlohile Sydney moeling o ka bochabela likhoeli tse robong pejana ’me ba tsamaea ba ntse ba paka ho fohla Australia. U ka inahanela hore na ke ile ka thaba hakaakang ha Mokhatlo o mpha kabelo ea ho tsamaea le bona leetong la bona la ho khutla. Ba ile ba mpha koetliso ea bohlokoahali eo le ka mohla ke sa kang ka e lebala.

Ho Fohla Phula ea Nullarbor

Lebitso Nullarbor le bolela “ha ho lifate.” Ke tlhaloso e loketseng ea phula e omileng, e se nang lifate e bohareng ba Australia. Mahareng a bo-1930 tsela eo re neng re tsamaea ka eona moo e ne e le lik’hilomithara tse ka bang 1 600 tseleng e mpe ka ho fetisisa eo u ka e nahanang.

Bosiu bo bong le bo bong re ne re robala libetheng tse phuthoang, hangata e le ka ntle tlas’a leholimo le hlakileng. Ho na pula e fokolang ’me ho batla ho se na phoka karolong eo ea naha. Ha re robala bosiu bo bong le bo bong re khurumelitsoe ke linaleli, tse khanyang ha ho hlakile, moeeng o sa silafalang, hangata ke ne ke hopola mantsoe a pele a Pesaleme ea bo19: “Maholimo a bolela khanya ea Molimo, ’me sebaka sa leholimo se bonahatsa mosebetsi oa liatla tsa oona.”

Seporo se fohlang Nullarbor se boleloa e le sona seporo se selelele ka ho fetisisa se otlolohileng lefatšeng. Se bolelele ba lik’hilomithara tse 480 ’me ha se na mothinya leha e le o monyenyane feela kapa moo se kobehileng. Re ile ra thabela ho paka libakeng tsa bolulo tse nyenyane tse iphaphathileng ka seporo seo, le ho batho ba phelang metebong ea linku, kapa mapolasing a maholo ao ho hōlisetsoang liphoofolo tse ruiloeng ho ’ona. Karolong eo ea Australia litša li ne li le khōlō. Ke hopola motebo o mong o neng o le boholo bo fetang lihekthara tse 4 000 ’me ntlo ea bolulo le sebaka se e potileng e le lik’hilomithara tse 80 ha u tloha keiting u kena ka hare.

Qetellong, re ile ra fihla Katoomba, Blue Mountains, ka bophirimela feela ho Sydney ’me ra fihla ka nako bakeng sa Sehopotso ka la 26 Tlhakubele, 1937. Kabelo ea rōna ea ho ba bo-hloma-u-hlomole e ne e bile e thabisang le e putsang moeeng, empa ho lula ka nakoana le phutheho ea batho ba Molimo e ne e le phetoho e thabisang.

Ho Kopanela ho Jeng Kapa ho se Kopanele?

Nakong ea Sehopotso seo sa 1937, ho ne ho sa ntsane ho e-na le pherekano mabapi le sehlopha sa “linku tse ling.” (Johanne 10:16) Ba bang ba ne ba utloisisa hore tekanyo e itseng ea tumelo le cheseho ea Bokreste tseo motho a neng a li bontša li ne li tla supa hore o ne a amohetse pitso ea leholimo kapa che. Kahoo, joaloka ba bang ba bangata ba neng ba le maemong a tšoanang, ke ile ka kopanela ho ja litšoantšetso. Selemong se latelang ba bang ba rōna bo-pula-maliboho ba ile ba boela ba khathatseha ke taba ea ho kopanela ho jeng.

Ka pelong re ne re lebeletse bophelo paradeiseng lefatšeng, empa ba bangata ba ne ba utloisisa hore cheseho ea rōna le tšebeletso ea bopula-maliboho li ne li fana ka bopaki ba hore re tlotsitsoe ka moea. Hantle feela ka nako Jehova a re fa karabelo ka mokhatlo o hlophisitsoeng oa hae oa lefatšeng. Hona motšehareng oa mantsiboea a Sehopotso, tokollo ea la 15 Tlhakubele, 1938, ea The Watchtower e ile ea fihla. Sehlooho sa eona se seholo, “Mohlape oa Hae,” e ne e le boithuto bo qaqileng ba Johanne 10:14-16. Re ile ra thabisoa hakaakang ke tlhaloso e hlakileng e neng e arabela lipotso tsa rōna!

Sehlooho seo se ile sa fana ka mehlala ea kamoo mehleng ea boholo-holo moea oa Molimo o neng o sebetsa ka matla holim’a bahlanka ba oona ’me o ba susumeletsa ho etsa mesebetsi e matla nako e telele pele monyetla oa pitso ea leholimo o buleha. Ka ho tšoanang, lefatšeng kajeno Molimo o beha moea oa oona holim’a bahlanka ba oona ba inehetseng bao o ba neileng tšepo ea lefatšeng. Ka hona re ile ra ananela ho utloisisa phapang pakeng tsa ho ba ea tsoetsoeng ka moea o halalelang le ho ba ea filoeng matla ke moea oa Molimo bakeng sa ho etsa thato ea oona.

Memo ea ho “Hahamalla Lipakane”

Liketsahalo tse ling tse thabisang tsa 1938 e ne e le ketelo ea mookameli oa Mokhatlo oa Watch Tower, Moena Rutherford, le kopano e neng e le Lebaleng la Lipapali la Sydney. Kopanong eo ho ile ha tsoa mohoo bakeng sa bo-pula-maliboho ba neng ba ithaopela ho sebeletsa Burma, Malaya, Siam (eo hona joale e bitsoang Thailand) le Java (eo hona joale e bitsoang Indonesia). Hector Oates, Fred Paton le ’na re ile ra thabela ho fumana likabelo tsa ho ea Burma.

Ho ne ho se mohla nkileng ka tšela mabōpo a Australia. Leha ho le joalo, likhoeling tse peli, ke ile ka kena sekepeng le bo-pula-maliboho ba bang ho qala leeto la rōna ho ea likabelong tsa rōna. Re ile ra fihla Singapore ka la 22 Phuptjane, 1938, ’me ra khahlanyetsoa seemelong sa likepe ke Bill Hunter, ea neng a se a ntse a bula maliboho moo. Ntho e ’ngoe le e ’ngoe e ne e bonahala e makatsa e bile e thahasellisa hakaakang ha re bona moaparo le meetlo ea batho ba sebaka seo ’me re utloa lipuo tseo re sa li utloisiseng!

Moena Hunter o ile a mpha mohala o tsoang Australia o neng o fetola kabelo ea ka hore e se hlole e e-ba Burma empa e be Malaya. Fred Paton le Hector Oates ba ne ba tla tsoela pele ho ea Burma ’na ke se ke le sieo. Ke ile ka thabela ho tseba hore ke ne ke tla sebetsa le baromuoa ba babeli ba nang le phihlelo, Kurt Gruber le Willi Unglaube. Hahabo bona e ne e le Jeremane empa ba ne ba sebelelitse Malaya ka nako e itseng.

Ka mor’a ho qeta likhoeli tse tharo Malaya, ke ile ka abeloa ho ea Thailand. Willi Unglaube o ne a tla tsamaea le ’na, ’moho le Frank Dewar, ea neng a entse mosebetsi oa boromuoa moo pejana. Re ile ra fihla ka terene ka Loetse 1938, ra fumana sebaka seo re ka lulang ho sona ka nakoana ’me ra qala mosebetsi oa ho paka. Re ile ra fumana batho ba Thai ba le mosa ba bile ba e-na le mamello ha re ntse re leka ka matla ho tšoara puo ea bona eo ba khonang ho itlhalosa haholo ka eona.

Kopano e Susumetsang Rangoon

Re ne re tloha Bangkok, Thailand, ha re nka leeto leo le bohloko le hlalositsoeng pejana la ho ea Rangoon, Burma. Leo e ne e le lekhetlo la pele kopano e tšoareloa Burma, ’me Holo ea Motse e ntle e ne e tletse tsoete! ka batho ba fetang sekete ba neng ba tlile puong ea phatlalatsa. Ho ile ha hlokahala hore ho koaloe mamati kaha ho ne ho se ho se na sebaka bakeng sa ba bang. Ho ne ho e-na le Lipaki tse seng kae feela Burma le linaheng tse pel’a eona, kahoo boholo ba ba ileng ba tla mamela puo eo e ne e le batho ba neng ba arabetse maqetšoaneng a limemo a likete a ileng a abjoa pele ho kopano.

Ho rōna ba neng ba e-tsoa likabelong tsa boromuoa tse libakeng tse ka thōko, kannete e ne e le moriana o khathollang moeeng. Empa ha kopano e fela, ra khutlela hae Thailand—leha ho le joalo, lekhetlong lena re ne re se re tsamaea ka tsela e bobebe haholoanyane e neng e sa hloke hore re fohle sebaka seo se meru.

Ntoa le Tlhaselo ea Majapane

Joale maru a ntoa a ne a se a ntse a koahela ho leba boroa-bochabela ho Asia a bontša tlokotsi e tlang. Ha mabotho a ntoa a Majapane a kena Thailand, mosebetsi oa Lipaki tsa Jehova oa thibeloa. Batho bohle ba Brithani, Maamerika, le Madutch ba ile ba koalloa kampong ho fihlela ntoa e fela. George Powell, pula-maliboho ea neng a nyoloha Singapore a tlil’o sebetsa le rōna Bangkok, o ile a koalloa ’moho le ’na. Re ile ra qeta lilemo tse tharo le likhoeli tse robeli re le hammoho kampong.

Ha re ntse re koaletsoe, re ne re sitoa ho fumana libuka leha e le life tse ncha kapa litaba tse tsoang ho Mokhatlo. Empa re ile ra ikutloela ka borōna tšepiso ea mopesaleme: “Morena o tšehetsa bohle ba oang, o phahamisa bohle ba khokhopaneng.”—Pesaleme ea 145:14, TLP.

Ho Khutlela Australia

Ha ntoa e fela ka 1945, ke ile ka khutlela Australia. Hoba ke fumane lijo tse ntle le maemo a bophelo a molemo haholoanyane, ka boela ka phela hantle ’meleng ’me ka khona ho qala ho bula maliboho hape. Joale, ka 1952, ka abeloa mosebetsi oa ho tsamaea ke le molebeli oa potoloho, ’me ka thabela tokelo ena ka lilemo tse latelang tse 22. Ka 1957, ka nyalana le Isabell, eo e neng e bile pula-maliboho ka lilemo tse 11, ’me ra tsoela pele mosebetsing oa potoloho re se re le monna le mosali.

Mathata a bophelo a qala ho etsa hore mosebetsi oa ho tsamaea nako le nako o be thata, kahoo ka 1974 re ile ra tsitsa mosebetsing oa bopula-maliboho Melbourne. Nako le nako ke ntse ke sebeletsa ke le motho ea emang molebeli oa potoloho sebaka, ’me haufinyane ke bile le tokelo ea ho kopanela ho se seng sa likolo tsa tšebeletso tsa bo-pula-maliboho ke le morupeli. Mosebetsing ona kaofela, mosali oa ka e ’nile ea e-ba motšehetsi oa ka mehla le ea thabileng. Joale ha ke se ke le lilemo li 78, ke ikutloa ke leboha Jehova haholo kaha a ntse a tsoela pele ho ’nea tsohle tseo ke li hlokang.

Ha ke hetla morao ho theosa le lilemo, hangata ke nahana kamoo Jehova a re koetlisitseng kateng, a re thusa ho hlōla liphoso tsa rōna, ’me a re laea e le ho re hloekisa joaloka bahlanka ba hae. Ke hopola liketsahalo tseo ho tsona Molimo o ileng oa ’nea mekhoa ea ho tsoa litekong tseo ho li mamella ho neng ho phahametse matla a motho. Mehopolo ena ke mohloli oa matla ’me ke khopotso ka mehla hore ka sebele Jehova o ’neile tsohle tseo ke li hlokang.

[Setšoantšo se leqepheng la 10]

Setšoantšo sa ka seo ke se nkileng haufinyane ke e-na le mosali oa ka Isabell

[Setšoantšo se leqepheng la 12]

Ho fana ka bopaki Nullarbor

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela