‘Koporo e Llang Kapa Cymbala e Molumo o Moholo’
Ke mang ea batlang ho ba lerata le leholo feela? Moapostola Pauluse o re: “Ha ke se na lerato, ke joale ka koporo e llang, leha e le cymbala e molumo o moholo.” (1 Ba-Korinthe 13:1) Pauluse o ne a qeta ho hatisa tlhokahalo ea ho sebelisa lineo tse khethehileng tse fumanoeng ka moea oa Molimo bakeng sa molemo oa phutheho eohle ea Bokreste. Haeba lerato le ne le haella, boikhohomoso le boikakaso li ne li ka etsa hore Mokreste a tšoane le lerata le leholo, le bohloko, le thibang litsebe le lelekang ba bang ho fapana le ho ba hohela.—Bona 1 Ba-Korinthe 12:4-9, 19-26.
Re utloisisa habonolo khopolo ea cymbala e molumo o moholo e haufinyane le rōna, empa ho thoe’ng ka ntho e ’ngoe eo Pauluse a tšoantšelitseng ka eona, “koporo e llang”? (khal·kosʹ e·khonʹ ka Segerike) Ba bang ba fetoletse hona e le “poleiti ea tšepe e lerata” (Today’s English Version) le “poleiti ea tšepe e phetang molumo” (New International Version). William Harris, ha a ngola ho Biblical Archaeology Review, o bontša hore e·khonʹ e tsoa motsong o le mong le lentsoe la Sesotho pheta (echo ka Senyesemane), kahoo e na le khopolo ea ho pheta kapa ho pheta-pheta molumo. Leha ho le joalo, o boetse o re: “Lereho chalkos le sebelisoa ho hlalosa lintho tse fapa-fapaneng haholo tse entsoeng ka koporo e kopaneng le lekapa eo hape e bitsoang bronze kapa brass—liaparo tsa ntoa, lithipa, lipitsa tse khōlō tseo ho belisoang metsi ka tsona, liipone, chelete, esita le matlapa. Empa ha ho bopaki ba hore lentsoe leo le kile la sebelisetsoa seletsa sa ’mino.” Joale, o fana ka tlhahiso efe?
O supa buka ea Vitruvius, setsebi sa meralo ea mehaho se phetseng lekholong la pele la lilemo B.C.E. Vitruvius o ngotse ka bothata ba ho phahamisa mantsoe mabaleng a lipapali a entsoeng ka lintho tse kang majoe a masesaane ’me a bolela hore lintho tse khethehileng tse phetang molumo tse bitsoang e·kheiʹa li ne li sebelisoa. Tsena e ne e le linkho tse hlahisang molumo tse entsoeng ka bronze tse neng li beoa ka morao ho lebala la lipapali ho thusa ho hōlisa le ho phahamisa molumo. Tse ling tsa tsona li ile tsa tlisoa Roma li e-tsoa lebaleng la lipapali le hapiloeng Korinthe hoo e ka bang lilemo tse lekholo pele Pauluse a ngola lengolo la hae le eang phuthehong ea Korinthe.
Re bolelloa hore Plato o ile a bua ka nkho ea bronze e le e phetang molumo joalo-joalo, joaloka libui tse itseng tse neng li se na likelello. Sena se lumellana le polelo ea Shakespeare ea hore “nkho e se nang letho e etsa molumo o moholo ka ho fetisisa.” E ka ’na eaba Pauluse o ne a e-na le khopolo e tšoanang ha a bua ka ba neng ba sebelisa ka mokhoa o pharaletseng lineo tsa bona tse khethehileng empa ba hloka mpho e khōlō ho feta tsohle—lerato. Ba ne ba pheta molumo haholo empa ba hlile ba se na letho ka hare ho bona. Ba ne ba tšoana le lerata le hlabang, le sa nyalaneng, ho fapana le molumo o hohelang, o ipiletsang. Ho thoe’ng ka uena? Na liketso tsa hao le lipuo tsa hao li susumetsoa ke lerato, kapa u ‘koporo e llang kapa cymbala e molumo o moholo’?