Ke na le Mabaka a Mangata Hakaakang a ho Leboha!
JOALOKAHA HO BOLETSE LOTTIE HALL
HO ETSAHETSE ha re le tseleng e tlohang Calcutta, India, re ea Rangoon, Burma, ka 1963. Kapele ka mor’a hore re tlohe Calcutta eo ka sefofane, e mong oa baena o ile a hlokomela ho lutla ha oli lepheong la sefofane. Hoba ba bolelloe ka hona, bafofisi ba ile ba bolela hore se tla ema ka tšohanyetso. Ho ile ha hlokahala hore sefofane se qhale peterole e ngata pele e le hore se khone ho ema. Mohlokomeli o ile a hoeletsa: “Haeba le batla ho rapela, rapelang hona joale!” Re ile ra fela ra rapela hore haeba e le thato ea Jehova, re emise re ntse re bolokehile, ’me ha e-ba joalo. Ka ’nete re ne re e-na le seo re ka se lebohang!
E,’ME ke sa ntsane ke e-na le ho hongata hoo nka ho lebohang. Ke le lilemo li 79, ke sa ntsane ke e-na le bophelo bo botle le matla, ao ke a sebelisang tšebeletsong ea nako e tletseng. Ho feta moo, ho phaella litlhohonolofatsong tseo tse tloaelehileng ho batho bohle ba Jehova, ke bile le liphihlelo tse ngata tse ikhethang. Ka kakaretso, e bile kabelo ea ka e babatsehang ho sebeletsa Jehova ka lilemo tse ka holimo ho 60, ’me ka karolo e fetang halofo ea nako eo ke bile mosebeletsi oa nako e tletseng, kapa pula-maliboho.
Tsohle li qalile ka ntate oa ka ha re ne re lula Carbondale, Illinois. O ne a kopanela le mokhatlo oa bolumeli oa Barutuoa ba Kreste ’me o ne a thahasella ho ba moruti. Leha ho le joalo, seo a ileng a se bona likolecheng tse peli tsa Bibele se ile sa mo nyahamisa, hobane o ne a e-na le likhopolo tsa hae ka Boraro-bo-bong, ho se shoe ha sephefumolohi, le tlhokofatso ea ka ho sa feleng.
Qetellong, ha ke le lilemo tse 12 feela, ka 1924 o ile a khotsofatsoa ke ’nete ea Bibele e ileng ea tlisoa ho eena ke Seithuti sa Bibele se eang ka ntlo le ntlo. Ntate oa ka o ne a thabile ho ithuta hore ho ne ho e-na le ba bang ba ikutloang joaloka eena, hore Boraro-bo-bong, mollo oa lihele, le ho se shoe ha sephefumolohi sa motho ke lithuto tsa bohata. Kapelenyana lelapa la rōna le ne le kopanela ka mehla le Liithuti tsa Bibele, kamoo Lipaki tsa Jehova li neng li bitsoa ka teng nakong eo. Ho ithuta ’nete ka Jehova le Lentsoe la hae e ne e le ntho e ’ngoe eo ke neng ke hlile ke e leboha haholo.
Leha ho le joalo, ho e-s’o ee kae, tlokotsi ea hlaha. Monna ea neng a tliselitse ntate linnete tsena a fetoha ea sa tšepahaleng le ea itšoereng hampe. O ile a khopisa ntate oa ka empa eseng ’na le ’mè. Joale ha ke e-na le lilemo tse 15, ke ne ke le ngoana e moholo baneng ba tšeletseng, ’me ’na le ’mè oa ka ra itšoarella ’neteng.
Lehlabuleng la 1927, ho ile ha phatlalatsoa hore kopano e khōlō ea Liithuti tsa Bibele e tla tšoareloa Toronto, Canada. Ntate o ile a re a ke ke a khona ho ea, empa ’mè e ne e le mosali ea nang le boikemisetso. O ile a qala ho rekisa lintho tse itseng tsa lelapa, ’me ka nako ea kopano o ne a bokelletse liranta tse 20. Ka chelete eo ’na le eena ra qala ho kōpa ho palamisoa likoloing tse fetang ho ea Toronto, lik’hilomithara tse 1 600 ho tloha hae. Ho fihla moo letsatsi pele kopano e qala, ho ile ha nka matsatsi a mahlano le ho kōpa ho palamisoa ka makhetlo a 37. Re ile ra kōpa le ho fumana sebaka sa ho robala se sa lefelloeng, hobane chelete ea rōna e ne e setse e le nyenyane. Ha Moena A. H. Macmillan a utloa ka leeto la rōna, o ile a le ngola bakeng sa koranta ea kopano ka tlas’a sehlooho se reng: “Nyollo Efe Kapa Efe ea Litefello tsa Lipalangoang ha e Khathatse Liithuti Tsena tsa Bibele.”
’Mè o ile a lula a ntse a tsebisa Ntate se etsahalang ka ho sebelisa liposekarete. Kahoo, motsotsong oa ho qetela, Ntate o ile a fetola mohopolo ’me a etsa qeto ea ho tla ’me a fihla ka koloi a le nakong hantle bakeng sa puo ea phatlalatsa letsatsing la ho qetela la kopano. Joale ho ne ho sa hlokahale hore re kōpe ho palamisoa ha re khutlela hae. E ne e le kopano e monate hakaakang! Ke ne ke leboha hakaakang hore ebe re tsebile ho ba teng, ’me ke ne ke thabile hakaakang hore ebe e thusitse ntate ho fumana teka-tekano ea moea hape.
Ka lilemo ha ke ne ke botsoa hore na bolumeli ba ka ke bofe, ke ne ke arabela ka ho re, “IBSA,” e leng liletere tse emetseng International Bible Students Association (Mokhatlo oa Machaba oa Liithuti tsa Bibele). Empa ka mehla ke ne ke ikutloa ke sa thaba ka boitsebahatso boo. Kahoo, ke ile ka leboha, ha kopanong ea 1931 Columbus, Ohio, re amohela lebitso le lecha la Lipaki tsa Jehova.
Mosebetsi oa ka oa Sekolo
Har’a litlhohonolofatso tse ngata tse ruisitseng bophelo ba ka e bile tse amanang le ’mino. Ke ne ke rata ’mino haholo ’me ka phakisa ka ithuta ho bapala piano. Ka lilemo tse ngata ke bile le tokelo ea ho bapala seletsa seo bakeng sa ’mino oa phutheho. Pele Mokhatlo oa Watch Tower o qala ho etsa lirekoto tsa lipina tsa ’Muso, moena oa moromuoa ea neng a sebeletsa Papua New Guinea o kile a kōpa hore ke etse lirekoto tsa lipina tsa rōna tse ’maloa hore Bapapua ba ka ithuta ho li bina. Hoo ke ho hong hoo ke hlileng ka thabela ho ho etsa.
Leha ho le joalo, seletsa seo ke neng ke se rata, e ne e le clarinet. Ke ne ke rata ho se bapala ho orchestra ea koleche. Moprofesa oa koleche o ne a khahliloe ke ’mino oa ka haholo hoo a ileng a kōpa hore ke bapale sehlopheng sa banna. Matsatsing ao ho ne ho se na mosali ea bapalang sehlopheng sa banna, kahoo ha litho tsa sehlopha li utloa seo moprofesa a se kōpileng, tsa rera ho loana. Li ile tsa nahana hamolemo ka hona ha li filoe temoso ea hore haeba li loana li tla tebeloa. Ho ile hoa hanyetsanoa le tloaelo e ’ngoe ha ke ne ke kōptjoa ho macha le sehlopha lipontšong tse nkang letsatsi lohle. Koranta e ile ea ho nka e le moferefere ’me ea ho tlaleha ka sehlooho sa litaba se ngotsoeng ka litlhaku tse khōlō: “Sebini sa Ngoanana ka Har’a Letšoele la Banna.”
Qetellong, ho ile hoa buisanoa le ’na bakeng sa ho ba moprofesa ’minong. Leha ho le joalo, ha ke nahana ka mathata kaofela a ka hlahang haeba nka ruta ’mino, a kang ho kōptjoa ho ruta le ho bapala ’mino oa bolumeli le oa bochaba, ke ile ka etsa qeto ea ho phehella ntho e ’ngoe esele ’me ke ile ka abeloa ho ruta histori ea lefatše. Empa lilemo hamorao, phetoho eo ha ea ka ea nthibela ho bapala clarinet ea ka ho li-orchestra tsa kopano linaheng tse ngata ha ke ntse ke tsamaea ho ea likopanong tsa machaba tsa Lipaki tsa Jehova.
Ha nako e ntse e-ea, ke ile ka ba morupeli historing ea lefatše sekolong se phahameng se seholo motsaneng oa Detroit, ’me ka lebaka leo, ke ile ka kōptjoa ke mosuoe-hlooho ho buella e ’ngoe ea libuka tse ncha tsa thuto eo. Ha ke ntse ke hlahlobisisa hona, ke ile ka fihlela ’nete ea hore le hoja buka eo re ntseng re e sebelisa e hlahisa lebitso la Jehova ka makhetlo a robeli, libuka tse ncha li tlohela Molimo oa Baheberu o se na lebitso le hoja li bolela mabitso a melimo e mengata ea lichaba tsa bohata, e kang Ra, Moloke, Zeuse, le Jupitere. Ha morekisi a e-tla, ke ile ka ’motsa hore na ke hobane’ng ha Jehova a sa boleloa bukeng ea hae, ’me o ile a re: “Che, re ke ke ra kenya lebitso leo bukeng ea rōna ka baka la Lipaki tsa Jehova.” Kahoo ke ile ka ’molella: “Ho lokile! Joale nke ke ka buella buka ea hao.” A lahlela buka ka mokotleng oa hae ’me a khahlela monyako.
Hamorao, ke ile ka tlaleha ho mosuoe hore ehlile ha re hloke buka e ncha ’me ka mo neha mabaka a mangata a utloahalang. O ile a lumellana le ’na. Bohle ba ne ba thabetse qeto ena, likhoeli tse seng kae hamorao, ho ile ha etsoa qeto ea ho felisa thuto ea histori ea lefatše lithutong tse rutoang ke sekolo seo se phahameng. Thuto e ncha, e bitsoang lithuto tsa kahisano, e ile ea e nkela sebaka tsamaisong ea likolo kaofela tse 14. Haeba sekolo se ne se rekile buka e ncha ea histori, eo e ne e tla ba tšenyehelo e kaakang!
Ke na le liphihlelo tse ngata tse thabisang tsa ho ruta sekolong ’me ke ne ke le mokhalemeli ea thata. Hona ho lefelletsoe ka botsoalle bo bongata ba nako e telele. Ke boetse ka ba le menyetla e mengata ea ho etsa boboleli bo sa reroang. Empa qetellong nako le maemo li ile tsa nkenya tšebeletsong ea nako e tletseng.
Likopano tsa Machaba
Ka mor’a ho ruta sekolong lilemo tse 20, mahlo a ka a ile a qala ho nkhathatsa. Ho feta moo, batsoali ba ka ba ile ba ikutloa hore ba ne ba ntlhoka, kahoo ntate o ile a nkōpa hore ke tle hae, a re ho na le mosebetsi oa bohlokoa o mongata oa ho ruta o lokelang ho etsoa, ’me Jehova o tla tiisa hore ha ke lape. Ke ile ka tlohela ho ruta ka 1955, ’me har’a litlhohonolofatso tsa ka tsa pele tsa ka mor’a moo e bile ho ba teng letotong la mananeo a likopano tsa Europe tsa “’Muso o Hlōlang.” Ke ile ka leboha hakaakang ho ba le baena ba rōna Europe, ba bang ba bona ba bangata ba fetile mahlomoleng a mangata nakong ea ntoa ea bobeli ea lefatše! Haholo-holo e bile tlhohonolofatso ho ba har’a ba 107 000 ba neng ba tlatsitse Zeppelinwiese, kapa Zeppelin Meadow, Nuremberg, moo Hitler a neng a ikemiselitse ho ba le mokoloko oa hae oa tlhōlo ka mor’a Ntoa ea II ea Lefatše.
Leo e ne e mpa e le leeto la pele la lefatše la a mangata ao ke filoeng tokelo ea ho a nka. Ka 1963 ’na le ’mè oa ka re ile ra ba har’a batho neng ba le teng likopanong ba 583 ba ileng ba tsamaea ho pota lefatše ka Likopano tsa “Litaba tse Molemo tsa ka ho sa Feleng.” Leeto leo le ile la re nka ho tloha New York ho ea Europe, ho ea Asia le lihleke-hlekeng tsa Pacific pele le qetella Pasadena, California. E ne e le nakong ea leeto leo ha re e-ba le phihlelo e tšosang e hlalositsoeng kenyelletsong. Hamorao maeto a ile a re isa Amerika Boroa, Pacific Boroa le Afrika. Kannete, maeto ana a ruisitse bophelo ba ka, ’me hore ke khone ho bapala ho li-orchestra tsa likopano libakeng tsena tse ngata e ne e le molemo o ekelitsoeng ho morati oa ’mino.
Ho Kenela Bopula-maliboho
Ka 1955, hoba ke khutle Europe, ke ile ka kopanela le ’mè oa ka mosebetsing oa ho bula maliboho bakeng sa selemo, ’me joale Mokhatlo o ile oa nkōpa ho sebetsa le phutheho e nyenyane Apalachicola e Florida bophirimela. Ka lilemo tse supileng ’na le khaitseli e mong re ile ra thusa ka mosebetsi moo, ’me kapele phutheho e ile ea khona ho aha Holo ea ’Muso ho tseba ho jara keketseho. Khōlo e ile ea tsoela pele, ’me pele ho nako e telele phutheho e ’ngoe e ile ea theoa Port Saint Joe. Ke sebelisitse lilemo tse 11 ke sebetsa le liphutheho tse tharo Florida bophirimela.
Ka nako e ’ngoe ke ile ka kōptjoa ke molebeli oa potoloho ho fumana sebaka bakeng sa kopano ea potoloho. Ke ile ka khona ho fumana Mohaho oo ho ketekeloang Lilemo tse Lekholo ho oona o tummeng Port Saint Joe ka liranta tse 25 feela. Empa re ne re boetse re hloka sebaka sa ho phehela, ’me re ile ra nahana ka ho sebelisa mohaho oa sekolo. Leha ho le joalo, ke ile ka fumana hore mookameli oa likolo o ne a sa batle, ’me a re ke tla lokela ho kopana le komiti ea sekolo. Ramotse le eena o ile a tla sebokeng seo, kaha o ne a batla hore re sebelise sebaka sa ho phehela. Ha a botsa mabaka ao ka oona re haneloang ho se sebelisa, hlooho ea komiti ea sekolo e ile ea re ha ho na sehlopha sa bolumeli se kileng sa sebelisa mehaho ea sekolo. Ramotse o ile a retelehela ho ’na bakeng sa karabo. Ke ne ke e-na le lipampitšana tse ’maloa tse hatisitsoeng tse bontšang hore litoropong tse ling re ’nile ra sebelisa mehaho ea sekolo bakeng sa liboka tsa rōna, ’me joale ka supa ho Liketso 19:9, e reng moapostola Pauluse o ile a paka holong ea sekolo. Hono ho ile hoa felisa khang. Komiti e ile ea lumellana le ramotse ho re lumella ho fumana sebaka sa ho phehela—ka liranta tse 90.
Ha ke le lilemo tse 13, e leng lilemo tseo ke kolobelitsoeng ke le ho tsona, ke ile ka rapela: “Oho Molimo, ha o ka ntumella ka tlisa motho a le mong ’neteng.” Thapelo eo joale e arabetsoe hangata, hangata haholo kaha ke ile ka hlohonolofatsoa ho thusa ba bangata ho ema ka lehlakoreng la Jehova le ’Muso oa hae. Leha ho le joalo, ka makhetlo, feela ha seithuti sa Bibele se fihlela ntlha ea boinehelo le kolobetso, ke ne ke abeloa phuthehong e ’ngoe. Leha ho le joalo, ke bile le tokelo ea ho jala le ho nosetsa, ’me bongata ba liithuti tsena bo ipakile e le metsoalle ea bophelo bohle. Kannete ho kopanela mesebetsing e behang litholoana joalo ho ntliselitse mabaka a mangata a ho leboha.
Thuso ea Mecha ea Puisano
Ha mecha ea puisano libakeng tse ngata khafetsa e tlaleha ka tsela e seng ntle ka mosebetsi oa Lipaki tsa Jehova, ke thabela ho bolela hore mecha ea puisano ea De Land, Florida—moo ke sebeletsang teng hona joale—e nthusitse ho paka. Ka mohlala, ha re ntse re le ho le leng la maeto ao a kopano, ’na le ’mè oa ka re ile ra romela molaetsa o molelele koranteng ea motse oo, ’me o ile oa phatlalatsoa hang-hang hammoho le litšoantšo. Litlaleho li ne li le sebōpehong sa puo e neheloang ka litšoantšo, empa ka mehla re ne re khona ho li sebelisa ho paka ka lebitso la Jehova le ’Muso.
Ho ’nile ha e-ba joalo le ka bopaki ba ka ba seterateng. Ke na le huku ea seterata moo ke nang le litulo tse peli tsa mohloa, se seng ke seo ke lulang ho sona ’me se seng ke seo ke bontšang libuka tsa rōna ho sona. Ka nako e ’ngoe, koranteng ea motseng ho ile ha hlaha sehlooho se nkang halofo ea leqephe le setšoantšo ka tlas’a sehlooho: “Lottie oa Deland o Tsoela Pele ka Mosebetsi oa Batsoali ba Hae Joaloka Lipaki.” Haufinyane tjena, ka 1987, koranta e ’ngoe e ne e e-na le sehlooho se nkang halofo ea leqephe le setšoantšo se seholo sa ’mala ka tlas’a sehlooho: “Lottie Hall o na le Huku ea Hae e Tšoaetsoeng Kreste.” Selemong se latelang pampiri e ’ngoe e bile le setšoantšo sa ka leqepheng le ka holimo le mantsoe a kang, “O ba mono ka mehla” le, “O lula setulong sa hae sa mohloa, tichere e tlohetseng mosebetsi e sebelisa huku ea eona ea seterata ho etsa mosebetsi oa boromuoa oa Lipaki tsa Jehova.” Hape, ka makhetlo a le mane seteishene sa motse sa thelevishene se ile sa hlahisa litšoantšo tsa ho paka ha ka. Ke lula ke ntse ke kopanela ka tekanyo e lekanyelitsoeng litšobotsing tsohle tsa tšebeletso ea ’Muso: ho paka ka ntlo le ntlo, maeto a ho boela, le lithuto tsa mahae tsa Bibele. Leha ho le joalo, ka lebaka la lilemo tse eketsehang le ho fokola hoa ’mele, ke sebelisa nako e ngata mosebetsing oa seterateng.
Ha ke sheba nka re kannete ke na le mabaka a mangata a ho leboha. Ho phaella litlhohonolofatsong tseo tse tloaelehileng bathong bohle ba Jehova, joaloka tichere ke bile le tokelo ea ho susumelletsa bacha ba bangata; ke bile le thabo ea ho ba likopanong tse ngata lefatšeng ka bophara; ke bile le tšebeletso ea bopula-maliboho e behang litholoana haholo; ’me ke ile ka boela ka hlohonolofatsoa ’minong. Ho feta moo, ho bile le boboleli boo ke bo entseng ka thuso ea mecha ea puisano. Kannete, nka bua joaloka mopesaleme Davida ka re: “Ke tla rorisa lebitso la Molimo ka lithoko, ke le tumise ka lipoko.”—Pesaleme ea 69:30.