Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 12/94 leq. 5
  • Tlhahlobo ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Tlhahlobo ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1994
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1994
km 12/94 leq. 5

Tlhahlobo ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo

Tlhahlobo ea buka e koetsoeng boitsebisong bo akarelitsoeng likabelong tsa Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo bakeng sa libeke tsa la 5 September ho ea ho la 19 December, 1994. Sebelisa pampiri e ka thōko bakeng sa ho ngola likarabo tsa lipotso tse ngata kamoo u ka khonang nakong e lekanyelitsoeng.

[Tlhokomeliso: Nakong ea tlhahlobo, ho ka sebelisoa Bibele feela ho araba potso leha e le efe. Litšupiso tse latelang lipotso ke tsa hore u iketsetse lipatlisiso. Linomoro tsa leqephe le serapa li ka ’na tsa se ke tsa hlahella litšupisong tsohle tsa Molula-Qhooa.]

Araba polelo ka ’ngoe ho tse latelang ka ’Nete kapa Bohata:

1. Satane ka mano o tšoasa batho hore ba khotsofatse litakatso tsa tlhaho ka litsela tse fosahetseng. [uw-SU leq. 65 ser. 9]

2. Sheol, Hades, le Gehenna kaofela li bolela lebitla le tloaelehileng la moloko oa batho. [uw-SU leq. 72 ser. 6]

3. Kaha ho phethahala ha Pesaleme ea 110: 1, 2 ho fetela le mehleng ea bofelo ba lefatše lena, litemana tsena li re thusa ho utloisisa hore boprofeta ba Jesu mabapi le bofelo ba tsamaiso ea lintho bo ne bo sa lekanyetsoa timetsong ea Jerusalema ea 70 C. E. [’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona [w94-SU 2/15 leq. 12 ser. 17.]

4. Sanhedrine e ne e le Lekhotla le Phahameng la Roma le nang le litho tse 71 le neng le kopana Jerusalema. [gt-SU khao. 119]

5. ‘Marena a lefatše’ ao ho buuoang ka ’ona ho Ba-Efese 6: 12 ke baeta-pele ba lipolotiki ba ikarotseng mohaung oa Molimo. [uw-SU leq. 63 ser. 4]

6. Ba limilione ba tla tsosoa bafung ba tla ahlōloa ho latela liketso tseo ba li entseng pele ho tsoho ea bona. [uw-SU leq. 75 ser. 12]

7. Ho phaella ho sebeletseng e le ’Muelli oa selekane se secha, Jesu ka boeena o ile a etsa selekane le baapostola ba hae ba tšepahalang bakeng sa ’Muso. [gt-SU khao. 115]

8. Kolobetso, ka boeona ke, tiiso ea poloko. [uw-SU leq. 100 ser. 12]

9. Ha Jesu a ne a rapela: “Ntate, hoja u ka rata ho suthisa senoelo sena pel’a ka,” o ne a kōpa hore a sireletsoe hore a se ke a shoa. (Luka 22: 42) [gt-SU khao. 117]

10. Ho latela Pesaleme ea 58:4, marabe ha e khone ho utloa. [’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona it-1 leq. 485.]

Araba lipotso tse latelang:

11. Ho tseba hore Jehova o fepa linonyana ’me o apesa lipalesa ka tsela e khabileng ho lokela ho imolla bahlanka ba hae ba batho ho tšoenyeha ka lintho life? [uw-SU leq. 87 ser. 3]

12. Joalokaha ho hlalositsoe ho Pesaleme ea 58:3-5, ba khopo ba tšoana le noha joang? [’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona [w86-SU 10/15 leq. 30.]

13. Tumellanong le Ba-Efese 5:3-5, ke motheong ofe Mokreste ea nang le tlhalohanyo a hanang ’mino o itseng o ka ’nang oa ba le mololi o monate, morethetho o khahlisang, kapa oa otla ka mokhoa o phehellang? [uw-SU leq. 67 ser. 12]

14. Bibele e bolela’ng ho Tšenolo 20:14, moo e bolelang hore Lebitla le ile la “akheloa letšeng la mollo”? [uw-SU leq. 75 ser. 12]

15. Linku le lipōli li ahlōloa motheong oa eng papisong ea Jesu ho Mattheu 25: 31-46? [gt-SU khao. 111 ser. 43]

16. Haeba la 11 Nisane, 33 C. E., le felletse ha letsatsi le likela ka Labobeli, la 14 Nisane le qalile neng hona la fella neng? [gt-SU khao. 112]

17. Ho bolela eng ho kolobetsoa ka lebitso la Ntate le la Mora le la moea o halalelang? [uw-SU leq. 98 ser. 9]

18. Barutuoa ba Jesu ba ne ba tla etsa mesebetsi e fetang eo a e entseng ka litsela life, joalokaha a boletse ho Johanne 14:12? [gt-SU khao. 116 ser. 6]

19. “Sephiring sa Mookameli ea phahameng” seo ho buuoang ka sona ho Pesaleme ea 91:1 ke eng, hona re tlameha ho etsa joang hore re lule teng? [’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona w93-SU 12/15 leq. 12; w86-SU 12/15 leq. 29.]

20. Ke hobane’ng ha ho Johanne 16:33 Jesu a ne a ka bolela hore o hlōtse lefatše? [gt-SU khao. 116 ser. 37]

Fana ka lentsoe kapa poleloana e hlokahalang ho qetella polelo ka ’ngoe ho tse latelang:

21. Joalokaha ho boletsoe tabeng ea Jobo, Satane o pheha khang ea hore re thahasella haholo-holo lintho ․․․․․․․, hore re lokolohe khatellong ’me re iketle, le hore lebaka la rōna la ho sebeletsa Molimo ke la ․․․․․․․. [uw-SU leq. 93 ser. 13]

22. Ha Jesu a ne a qosoa ka ho hlokang toka, ․․․․․․․ e ne e le ’musisi oa Judea, ’me ․․․․․․․ e ne e le ’musi oa Galilea. [gt-SU likhao. 121, 122]

23. Tumellanong le seo __ a se hlalositseng ho Luka 3: 16, ka Pentekonta ea 33 C. E., barutuoa ba Jesu ba ile ba fumana kolobetso ea __ ka lekhetlo la pele; ka 70 C. E., Bajode ba sa bontšeng pako ba ile ba kolobetsoa ka ․․․․․․․ [uw-SU leq. 96 ser. 4]

24. Ho kolobelletsoa ha Jesu __ ho qalile ka 29 C. E. empa ha hoa ka ha fella ho fihlela ha ka sebele a __ ’me a ․․․․․․․ [uw-SU leq. 97 ser. 6]

25. Ba leng selekaneng se secha ke __ le ․․․․․․․. [gt-SU khao. 114]

Khetha karabo e nepahetseng polelong ka ’ngoe ho tse latelang:

26. Ka ho hlakileng, “melimo” e boleloang ho Pesaleme ea 82 ke (Satane le bademona; melimo ea bahetene ea lichaba; batho bao e neng e le baahloli ba Israele). [’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona w86-SU 12/15 leq. 28.]

27. Morero oa sehlooho oa ho tla ha Jesu lefatšeng e ne e le (ho pholosa moloko oa batho; ho etsa barutuoa; ho pakela ’nete). [gt-SU khao. 122]

28. Haeba re angoa ke mahlomola nameng kapa re lahleheloa ke lintho tse bonahalang, Diabolose a ka lakatsa ho bona (re tlotlisa Jehova ’me re paka Diabolose a le leshano; re beha Molimo molato ’me re sa tšepahale; re mamella joaloka Jobo). [uw-SU leq. 60 ser. 13]

29. Ho qoso e likarolo li tharo eo baeta-pele ba bolumeli ba Bajode ba ileng ba e etsa khahlanong le Jesu, joalokaha e tlalehiloe ho Luka 23:2, qoso e neng e ngongorehisa Pilato ke ea hore Jesu (o ne a faposa sechaba sa Bajode; o ne a hana ha ho lefuoa makhetho ho Sesare; o ne a bolela hore eena ka boeena ke Kreste morena). [gt-SU khao. 121]

30. Ho Pesaleme ea 63:3, ha e le hantle Davida o ne a bolela hore ho ba le kamano e ntle le Jehova e ne e le (ntho e hlahlamang bophelo ka molemo; ntho e molemo joaloka bophelo; ntho ea bohlokoa le ho feta bophelo ka bobona). [’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona w85-SU 4/1 leq. 4.]

Bapisa mangolo a latelang le lipolelo tse thathamisitsoeng ka tlaase:

Pes. 86: 1, 2; Matt. 26: 52; Joh. 13: 1-17; Joh. 15: 8; Ba-Heb. 13: 5, 6

31. Ho sa tsotellehe litheko tse phahameng le ho hloka mosebetsi ho atileng, hafeela re ntse re ikitlaetsa tumellanong le tumelo ea rōna, Jehova o tla tiisa hore re ba le seo re hlileng re se hlokang. [uw-SU leq. 8 ser. 6]

32. Bakreste ba ’nete hase karolo ea lefatše; ka hona, ha ba tšepele libetseng tsa nama [gt-SU khao. 118; bona w94-SU 6/1 leq. 12.]

33. Le hoja re ka ’na ra utloa bohloko ba matšoenyeho le ho tepella maikutlo ka lebaka la mathata a re hateletseng, re ka kholiseha hore Jehova o tla lebisa tlhokomelo ea hae lefatšeng lena ’me a mamele lithapelo tsa rōna tse ikokobelitseng [’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona w92-SU 12/15 leq. 9 lir. 3, 4.]

34. Re ka tlotlisa Molimo e le kannete ka ho bonahatsa litšoaneleho tse kang tsa Kreste, haholo-holo lerato, le ka ho kopanela ka botlalo ka hohle kamoo ho ka khonehang mosebetsing oa ho etsa barutuoa [gt-SU khao. 116 ser. 19]

35. Joaloka Bakreste re lokela ho ikemisetsa ho sebeletsa ba bang re sa ee ka leeme, ho sa tsotellehe hore na ke mosebetsi o eisehang kapa o sa thabiseng hakae. [gt-SU khao. 113]

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela