Liboka Tsa Tšebeletso Tsa May
Beke e Qalang ka la 4 May
8 mets: Litsebiso tsa phutheho. Litsebiso tse khethiloeng ho Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso. Litaba tsa Puso ea Molimo.
15 mets: “Moea oa Jehova o na le Rōna.” Lipotso le likarabo. Ha u akaretsa serapa sa 3, akarelletsa le likarolo tse loketseng tse qotsitsoeng ho Buka ea Selemo ea 1998.
22 mets: “Khetha Lihlooho Tse Tla Ipiletsa ho Batho ka ho Khethehileng.” Hlahloba lintlha tse khōlō sehloohong sena. Hlalosa hore ho ka ’na ha nehelanoa le ka litokollo tsa khalenyana tse ntseng li le boemong bo botle ka tsela ena. Mema bahoeletsi hore ba bolele hore na ke lihlooho life tseo ba ileng ba nehelana ka tsona moo ho bileng le liphello tse ntle. Etsa pontšo ka nehelano e boletsoeng serapeng sa 7.
Pina 212 le thapelo e koalang.
Beke e Qalang ka la 11 May
10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Tlaleho ea lichelete.
20 mets: Ho Ntlafatsa ho ba Teng ha Rōna Libokeng. E mong oa baholo ba leng komiting ea tšebeletso o tšohla boitsebiso bo ileng ba fanoa haufinyane Sekolong sa Tšebeletso sa ’Muso mabapi le bohlokoa ba ho ba teng libokeng. Sehlopha se Busang se amehile ka ho teba ka palo e fokotsehang ea ba bang teng libokeng lefatšeng la Bophirimela, ho akarelletsa le Afrika Boroa. Tšohla bohlokoa ba ho ba teng kamehla libokeng, ho lokisetsa esale pele le ho kopanela ho tsona. Kaofela, ho akarelletsa le baholo, bahlanka ba sebeletsang, bo-pula-maliboho le malapa a bona, ba lokela ho hlahlobisisa ka botebo tloaelo ea bona ea ho ba teng libokeng. Bolela manane a phutheho a ba bang teng libokeng tsohle ’me u bolele mabaka a sehlooho a hore bara le barali babo rōna ba fosoe ke liboka. Etsa hore puisano e be e sekametseng maikutlong a matle le ho ba e khothatsang.
15 mets: Lintlha Tse Khōlō Tsa Bukana e Ncha, Buka ea Batho Bohle. Puisano le bamameli ka mabaka ao ka ’ona re lokelang ho hlahloba Bibele. Bukana ena e lokiselitsoe ho thusa batho bao mohlomong ba rutehileng haholo empa mohlomong ba tseba ho fokolang feela ka Bibele. Ho e-na le ho leka ho ba kholisa hore Bibele e bululetsoe ke Molimo, bukana ena e tlohella linnete hore li ipuelle. Re lokela ho e bala le ho e abela ba bang, ho akarelletsa le bao re ithutang le bona.
Pina 48 le thapelo e koalang.
Beke e Qalang ka la 18 May
8 mets: Litsebiso tsa phutheho.
17 mets: “Na U na le ‘Moutloa Nameng’?” Lipotso le likarabo. Bua ka “Lipotso Tse Tsoang ho Babali” ho Molula-Qhooa oa November 15, 1987, leqepheng la 29.
20 mets: “Ke Hobane’ng ha U Boloka Tlaleho ea Mahae a se Nang Batho?” Lipotso le likarabo. Etsa hore boitsebiso bo sebetse phuthehong.
Pina 139 le thapelo e koalang.
Beke e Qalang ka la 25 May
10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Hopotsa bohle ho tlisa litlaleho tsa bona tsa tšebeletso ea tšimo tsa May.
15 mets: Litlhoko tsa phutheho.
20 mets: Lebaka Leo ka Lona ke Nkang Liboka Tsa Phutheho e le Tsa Bohlokoa. Moholo o etella pele puisano ea sehlopha sa batho ba fapa-fapaneng ba bang teng kamehla libokeng tsa phutheho, mohlomong sehlopha sena se ka akarelletsa banyalani, motho ea hōlileng le mocha ea ka tlaase ho lilemo tse 20. Ba hlalosa lebaka le etsang hore ba tle libokeng kamehla: botsoalle bo molemo, thuto ea bomolimo le keletso e molemo, e ba thusang ho sebetsana ka katleho le mathata a letsatsi le letsatsi le ho lula ba le matla moeeng. Litlhaloso li hatella kamoo kaofela ha rōna re hlohonolofatsoang kateng ka ho ba teng kamehla libokeng.
Pina 222 le thapelo e koalang.