Kemiso ea Liboka Tsa Tšebeletso
TLHOKOMELISO: Seboka sa Tšebeletso sa ho hlahloba lintlha tse khōlō tsa kopano, joalokaha ho entsoe tsebiso ho Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea November 2001, joale se tla ba ka khoeli ea February 2002.
Beke e Qalang ka la 14 January
15 mets: Litsebiso tsa phutheho. Litsebiso tse khethiloeng ho Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso. Hlahloba lebokose leo sehlooho sa lona se reng “Mekhatlo e Mecha e Thehiloeng.”
10 mets: “Tsela ea ho Buella Limakasine.” Etsa lipontšo tsa kamoo ho ka buelloang Molula-Qhooa oa January 15 le Tsoha! ea February 8. Khothalletsa bahoeletsi bohle ho tšehetsa Letsatsi la Limakasine.
20 mets: Ho Rua Molemo Litokisetsong Tse Mosa. Puo ka moholo ea tšoanelehang, a hlahlobe litokisetso tse entsoeng bakeng sa ho thusa ha ho etsoa liqeto tse mabapi le litaba tsa phekolo, tse kang likarete tse nang le lintlha tse tataisang tabeng ea tšelo ea mali le “Lipotso Tse Tsoang ho Babali” tse hlahang Molula-Qhooeng oa June 15, 2000, le oa October 15 2000. Phutheho e lokela ho ba le likarete tse lekaneng tsa Advance Medical Directive/Release le Identity Card bakeng sa ho li aba. Litokomane tsena li tla fuoa bahoeletsi ba kolobelitsoeng ka mor’a seboka sa kajeno, empa HA LIA LOKELA ho tlatsoa mantsiboeeng ana. Likarete tsena li ka saenoa ke beng ba tsona, tsa saenoa ke lipaki, ’me tsa ngoloa letsatsi sebokeng se latelang sa Thuto ea Buka ea Phutheho, moo mokhanni oa thuto ea buka a tlang ho thusa ha ho hlokahala. Ba saenang e le lipaki ba lokela hore ba hle ba bone ha mong’a tokomane a e saena. Bahoeletsi ba sa kolobetsoang ba ka ingolla karete ea bona e nang le lintlha tse tataisang tabeng ea tšelo ea mali le ea bana ba bona, ba sebelisa puo e litokomaneng tsena ho e amahanya le maemo a bona le seo ba se lumelang. Totobatsa bohlale ba hore ba etse liqeto mabapi le phekolo esale pele ba itšetlehile ka matsoalo a bona a koetlisitsoeng ke Bibele. (Liprov. 27:12; 14:15) Ke habohlokoa ho buisana le basebetsi ba bongaka esale pele e le ho totobatsa mekhoa ea phekolo le meriana eo u e amohelang. Thuto ea botho e etsoang ka hloko ea hlokahala e le hore ho ka etsoa liqeto tse nepahetseng. Bala lirapa tse loketseng lihloohong tsa Molula-Qhooa tseo ho builoeng ka tsona ka holimo. Baholo ba ikemiselitse ho thusa, empa ba ke ke ba etsetsa ba bang liqeto. Hlalosa mekhoa eo ka eona ba ka fanang ka bopaki bo ngotsoeng ba liqeto tsa bona.
Pina 55 le thapelo e koalang.
Beke e Qalang ka la 21 January
10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Tlaleho ea lichelete. Tšohla lebokose leo sehlooho sa lona se reng ‘Behella ho Hong ka Thōko.’
13 mets: Na U Hlahloba Mangolo Kamehla? Puisano ea lelapa. Ho eketsa melemo ea ho buisana ha lona ka temana ea letsatsi, le hlahloba Molula-Qhooa oa December 15, 1996, leqepheng la 18 serapeng sa 13-14. Hlahloba hakhutšoanyane litemana tse peli kapa tse tharo tse sa tsoa hlahlojoa, ’me u hlalose hore na boitsebiso boo e bile bo molemo ka ho khethehileng joang. Totobatsa hore tokisetso ena e lokela ho ba karolo ea lenaneo la thuto ea kamehla ea lelapa ea Bibele e etselitsoeng hore le lule le phelang moeeng.
22 mets: “Etelletsa ’Muso Pele.”a Kopanyelletsa lipotso tse seng kae tse mabapi le lintlha tse khōlō tsa Molula-Qhooa oa September 1, 1998, leqepheng la 19-21.
Pina 168 le thapelo e koalang.
Beke e Qalang ka la 28 January
10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Hopotsa bahoeletsi hore ba fe batsamaisi ba thuto ea buka litlaleho tsa bona tsa tšebeletso ea tšimo tsa January. U sebelisa litlhahiso tse leqepheng la 8, etsa lipontšo tse peli tse khutšoanyane tsa linehelano tsa limakasine, ho e ’ngoe u sebelise Molula-Qhooa oa February 1 ’me ho e ’ngoe u sebelise Tsoha! ea February 8. Bolela hore na ho tsamaisoa sengoliloeng sefe ka February, u bolele hore na phutheho e na le libuka life setokong.
20 mets: “Batsoali—Koetlisang Bana ba Lōna ho Tloha Boseeng.”b Kopanyelletsa litlhaloso tsa Molula-Qhooa oa April 15, 1998, leqepheng la 32. Mema batsoali hore ba phete liphello tse molemo tseo ba li finyeletseng ka ho qalisa koetliso ea moea ea bana ba bona boseeng.
15 mets: Litlhoko tsa phutheho. Kōpa bahoeletsi hore ba phete liphihlelo tseo ba bileng le tsona ha ba sebelisa buka ea Ho Bea Mabaka, ba nehelana ka libukana tse itseng bakeng sa ho araba lipotso tsa batho, kapa ba fana ka matšeliso a Mangolo bukaneng ea Ha Eo U Mo Ratang A E-shoa. U ka ’na ua etsa pontšo ka phihlelo e le ’ngoe kapa tse peli.
Pina 202 le thapelo e koalang.
Beke e Qalang ka la 4 February
10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Litaba tsa Puso ea Molimo.
15 mets: “Ba Tla Utloa Joang?”c Kōpa bamameli hore ba hlalose kamoo mangolo a sebetsang kateng. Kopanyelletsa le lipotso tsa serapa sa 17-18 leqepheng la 20 la Molula-Qhooa oa August 15, 1998.
20 mets: “Linehelano Tse ka Sebelisoang Tšebeletsong ea Tšimo.” Puisano le bamameli e lokela ho neheloa ke molebeli oa tšebeletso. Kenyelletso ena e na le linehelano tse ka sebelisoang tse hlahileng litokollong tse fetileng tsa Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso, hammoho le tse ling tse ncha. Likheo li ka ’na tsa sebelisoa bakeng sa ho ngola litlhahiso tse tla hlaha nakong e tlang ’me e le tse tla ipaka li atleha tšimong ea sebaka ka seng. Kōpa bamameli hore ba bolele hore na ke linehelano life tseo ba li ratang ka ho khetheha le lebaka leo ba li ratang ka lona. Etsa pontšo ka e le ’ngoe kapa tse peli tse ka sebelisoang hammoho le sengoliloeng se tsamaisoang ka February. Khothalletsa bahoeletsi bohle ho boloka kenyelletso ena ’me ba ’ne ba e hlahlobe khafetsa ha ba lokisetsa tšebeletso ea tšimo.
Pina 224 le thapelo e koalang.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Etsa kenyelletso e ka tlaase ho motsotso, ebe ho latela puisano ea lipotso le likarabo.
b Etsa kenyelletso e ka tlaase ho motsotso, ebe ho latela puisano ea lipotso le likarabo.
c Etsa kenyelletso e ka tlaase ho motsotso, ebe ho latela puisano ea lipotso le likarabo.