Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 10/02 leq. 2
  • Kemiso ea Liboka Tsa Tšebeletso

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Kemiso ea Liboka Tsa Tšebeletso
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2002
  • Lihloohoana
  • Beke e Qalang ka la 14 October
  • Beke e Qalang ka la 21 October
  • Beke e Qalang ka la 28 October
  • Beke e Qalang ka la 4 November
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2002
km 10/02 leq. 2

Kemiso ea Liboka Tsa Tšebeletso

Beke e Qalang ka la 14 October

Pina ea 103

10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Litsebiso tse khethiloeng Tšebeletsong ea Rōna ea ’Muso. Khothalletsa bohle ho shebella video ea Our Whole Association of Brothers e le ho lokiselletsa puisano e tla tšoaroa Sebokeng sa Tšebeletso bekeng ea la 28 October. Libakeng tsa mahae baholo ba lokela ho leka hore malapa a se nang mechine ea video a bone video ena. E-re ho etsoe lipontšo tse peli tsa kamoo ho ka tsamaisoang Molula-Qhooa oa October 15 le Tsoha! ea November 8 ho sebelisoa litlhahiso tse leqepheng la 12. Pontšong ka ’ngoe, bontša tsela e fapaneng ea ho buisana le ea khaoletsang moqoqo ka ho re, “Ke se ke tloaelane haholo le mosebetsi oa lōna.”—Bona buka ea Ho Bea Mabaka, leqepheng la 20.

20 mets: “Na U Tla ba Teng?” Puo le liphihlelo, e fanoe ke moholo. Lipokano tse khōlō li ’nile tsa phetha karolo e khōlō bakeng sa ho matlafatsa batho ba Molimo ho tloha mehleng ea Bibele ho fihlela mehleng ea rōna. (Bona buka ea Baboleli, leqepheng la 254, serapeng sa 1-3 le Insight, Moqolo oa 1, leqepheng la 821, serapeng sa 5.) Khothalletsa bohle ho qala hona joale ho etsa litokisetso tsa ho ba teng ka matsatsi ’ohle a mararo kopanong ea setereke ea selemong sena. Kōpa bamameli hore ba phete liphihlelo tse bontšang hore na boiteko ba bona bo tiileng ba ho ba teng le boitelo ba bona nakong e fetileng bo ile ba putsoa joang ka tsela ea moea.

15 mets: “Ho Khothatsana ho Khethehileng.” Puo. Tsosa thahasello ea ho ba teng kopanong ea setereke. Khothalletsa bohle ho ba teng lenaneong lohle, ho tloha ka Labohlano hoseng ho fihlela ka Sontaha thapama.

Pina ea 65 le thapelo e koalang.

Beke e Qalang ka la 21 October

Pina ea 206

10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Tlaleho ea lichelete.

20 mets: “Kamoo Balebeli ba Thuto ea Buka ea Phutheho ba Bontšang Thahasello ho ba Bang.” Puisano ea lipotso le likarabo, e fanoe ke molebeli oa Thuto ea Buka ea Phutheho. Kenyelletsong hlalosa hakhutšoanyane hore na tokisetso ea thuto ea buka e qalile joang. (jv-SU 237, ser. 4) Lokisetsa esale pele hore bahoeletsi ba babeli kapa ba bararo ba hlalose kamoo ba ruileng molemo kateng thahasellong eo ba e bontšitsoeng Thutong ea Buka ea Phutheho.

15 mets: “Phehella se Molemo Kamehla.”a Hatisa bohlokoa ba ho iphaphatha le litokisetso tsa marobalo tse entsoeng molemong oa rōna. Hatisa likhopotso tse tharo tse serapeng sa 2. Hlalosa hore na ke hobane’ng ha e le habohlokoa hore e mong le e mong a itšoare hantle.

Pina ea 194 le thapelo e koalang.

Beke e Qalang ka la 28 October

Pina ea 110

8 mets: Litsebiso tsa phutheho. Khothalletsa bohle ho ikhopotsa lintlha tseo ba li ngotseng letsatsing le khethehileng la kopano e le ho itokiselletsa Seboka sa Tšebeletso sa bekeng e tlang. Hopotsa bahoeletsi hore ba tlise litlaleho tsa bona tsa tšebeletso ea tšimo tsa October. E-re morali’abo rōna a etse pontšo a sebelisa litlhahiso tse leqepheng la 12 ea kamoo ho ka tsamaisoang Molula-Qhooa oa November 1 ’me u re mor’abo rōna a bontše kamoo ho ka tsamaisoang Tsoha! ea November 8. Ka mor’a pontšo ka ’ngoe, ka bokhutšoanyane totobatsa ntlha e sebetsang ea pontšo ena.

12 mets: “Khotsofatsa Litlhoko Tsa Hao Tsa Moea.” Puo le puisano le bamameli. Tšohla mabaka ao ka ’ona bohle ba lokelang ho mamelisisa lenaneo la kopano. Hatisa bohlokoa ba ho sebelisa seo re ithutang sona ho e-na le ho mamela feela.

25 mets: “Lebaka Leo ka Lona re Ratang Barab’abo Rōna Bohle.” Ntle ho tieho buisana le bamameli ka video ea Whole Association, u sebelisa lipotso tse lokiselitsoeng.

Pina ea 41 le thapelo e koalang.

Beke e Qalang ka la 4 November

Pina ea 66

10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Tšohla sehlooho se reng “Ho Ananela Kaho ea Liholo Tsa ’Muso.”

13 mets: “Moaparo le Boitlhopho bo Itekanetseng.”b E fanoe ke moholo, ea tla bala lirapa tse khethiloeng ka mor’a hore li tšohloe. Thusa bohle ho utloisisa hore na ke hobane’ng ha e le habohlokoa ho ba hlokolosi ka ponahalo ea rōna ha re le har’a batho.

22 mets: Ipeheng Tlas’a Molimo—Le Hanyetse Diabolose. (Jak. 4:7) A sebelisa lipotso tse fanoeng mona, moholo o etella pele puisano le bamameli ea lenaneo la letsatsi le khethehileng la kopano e neng e tšoeroe selemong se fetileng sa tšebeletso. Kōpa litho tsa phutheho hore li bolele kamoo li khonneng ho sebelisa seo li ithutileng sona kateng. (Likarolo tse itseng li ka ajoa esale pele.) Totobatsa lipuo tse latelang tsa lenaneo: (1) “Ho Ikokobelletsa Molimo Lefatšeng le Leng Bokhobeng.” Ke hobane’ng ha re lokela ho falimehela ho qoba maraba a lefatše? (2) “Ho Ikokobelletsa Molimo le le Litho Tsa Lelapa.” Ke hobane’ng ha ho hlokahala ka potlako hore ho matlafatsoe likamano tsa lelapa ka har’a mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova? Re ka etsa seo joang? (3) “Thusa Barutuoa ba Bacha ho Ema ba Tiile ka Lehlakoreng la Jehova.” Re ka thusa ba bacha hore ba hlōle litšitiso tse lekang tumelo ea bona joang? (4) “Se Boleloang ke ho Hanyetsa Diabolose.” Senotlolo sa ho atleha ho ema khahlanong le Diabolose ke sefe? Lihlomo tsa moea tse hlalositsoeng ho Baefese 6:11-18 li ka re sireletsa joang? (w92-SU 5/15 21-3) (5) “Bacha ba Atlehang ho Hanela ea Khopo” le “Bacha ba Ruang Molemo Boikokobetsong ba Bomolimo.” Mano a mang a Satane ao bacha ba lokelang ho itebela khahlanong le ’ona ke afe? Bacha ba hlohonolofalitsoe joang ka ho ikokobeletsa Jehova? (w90-SU 8/1 13-14, lir. 15-17) (6) “Ho Rua Molemo Boikokobetsong ba Bomolimo.” Hlalosa kamoo Bakreste ba bontšang hore ba ikokobeletsa ba boholong ’musong, bahiri le litho tsa lelapa le phutheho ea Bokreste. Ke litšobotsi life tse tla re thusa ho etsa joalo?

Pina ea 185 le thapelo e koalang.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Etsa hore kenyelletso e be ka tlaase ho motsotso, ebe ho latela puisano ea lipotso le likarabo.

b Etsa hore kenyelletso e be ka tlaase ho motsotso, ebe ho latela puisano ea lipotso le likarabo.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela