Na Likolo li Nka Sebaka sa Batsoali?
KAJENO, likolo li lebeletsoe ho etsa ho fetang feela ho ruta ho bala, ho ngola, le lipalo. Likolo tse ngata li lokisetsa lijo, li fana ka tataiso tabeng tsa boitšoaro, le litšebeletso tse ling tseo pele li neng li hlokomeloa hae. “Batsoali ba bangata ba lebeletse hore likolo, haholo-holo baeletsi ba liithuti, ba etse mosebetsi oa batsoali,” ho hlokometse Jim McClure, hlooho lefapheng la sekolo se phahameng la tataiso ea liithuti.
Leha ho le joalo, batsoali ba bangata ba talimane le khetho e boima pakeng tsa ho fumana chelete e lekaneng le tlhokomelo ea bana ba bona. Ho fapana le meloko e fetileng, ho fumana chelete e lekaneng kajeno hangata ho bolela ho siea bana ntle ho tlhokomelo e ntle ea botsoali. Ha ka lehlakoreng le leng, ho fana ka tlhokomelo e joalo ea botsoali ho ka bolela hore lelapa le phele ka chelete e fokolang. Mahlakore ana ka bobeli ha a ratehe.
Tšimoloho ea Tšekamelo Ena e Theohang
Ba ithutileng mathata a amang thuto ea mehleng ena ba lumela hore tšekamelo ena ea ho theoha e qalile lilemong tse ka holimo ho 40 tse fetileng, hang kamor’a Ntoa ea II ea Lefatše. Basali ba ile ba tšehetsa ntoa ka ho kena mesebetsing ea khoebo. Kamor’a hore ntoa e lale, basali ba bangata ha ba ka ba khutlela mosebetsing oa bona oa pele oa ho ba bo-’mè le barupeli ba bana ba bona. Ba ile ba tsoela pele ba sebetsa.
Ha lilemo li ntse li feta, liphetoho tse ling sechabeng li ile tsa eketsa mathata. Metheo ea bohlokoa ea boitšoaro ea qala ho senyeha. Tlhalo ea fetoha ntho e amohelehang, ea hlahisa malapa a mangata a motsoali a le mong. Hape, litšenyehelo tse phahameng tsa bophelo tsa etsa hore batsoali ba eketsehileng ba sebetse lihora tse eketsehileng. Tšekamelo ena e entse hore batsoali ba be le lihora tse fokolang haholo tse salang tsa ho fana ka tlhokomelo baneng ba bona kelellong, ’meleng, boikutlong, le moeeng. Kahona batsoali ba itšetlehile haholo ka likolo ho tlatsa sekheo sena. Empa na kannete ke boikarabelo ba likolo?
Boemo ba Sebele Kajeno
“Boemo bo bocha ba sebele ke ba ntate eo mantsiboea a mang le a mang a neng a tloaetse ho khutlela hae kamor’a letsatsi le thata la mosebetsi ’me a fihla ho mosali oa hae ea leng hae le baneng ba hae ba babeli ba hōlisitsoeng hantle mohlomong hona joale o phela a le mong kamoreng e hirisoang a ntse a nahana kamoo a tla lefella molato oa lijo tsa beke tseo a li sebelisitseng. ’Mè, ea neng a sala le bana . . . o sebetsa matsatsi a mararo ka beke,” ho hlalositse mongoli oa thuto Gene I. Maeroff. Liphello tsa sena ke life?
“Bana ba talimane le mosebetsi o tšosang oa ho haha bokamoso ba thuto ea bona ntle ho tšehetso ea batsoali,” ho boletse Maeroff. Ka mohlala, tichere ea sekolo sa bana ba banyenyane United States e hlokometse: “Liithuti tsa rōna tse etsang karolo ea 20 lekholong li tla sekolong letsatsi le leng le le leng li sa ja lijo tsa hoseng.” Erekaha lijo tsa hoseng e le tsa bohlokoa haholo thutong, ka pelo e bohloko tichere ena e itse: “Re leka ho lokisa bothata bona ka hore re be le mananeo a lijo tsa hoseng.” Hona sekolong sena, seithuti se tla sekolong se tšoeroe ke sefuba se bohloko. Ha qetellong ho iteanngoa le ’mè oa sona mosebetsing, o arabela ka hore: “Ke hlōleha ho tla mo nka. Kea sebetsa.” Qetellong ’mè enoa o lokisetsa nako ea ho lokoloha mosebetsing, empa “o ferekane” ka hore a qobelloe ho etsa qeto ea hore a hlokomele morali oa hae ea kulang le ho fumana chelete.
Maemo Sekolong
Ho senyeha ha boitšoaro ba sechaba ho amme ka ho tebileng matla a likolo a ho ruta. Ho batla ho felisitse monyetla oa tsona oa ho fana ka tataiso ea boitšoaro. Mohlala oa boemo bo fetohileng ba likolo ke mathata a maholo a 7 a taeo likolong tsa sechaba tsa U.S. ka 1940 ha a bapisoa le mathata a 17 a maholo ka 1982. Mathata a maholo ka 1940 likolong e ne e le: (1) ho bua, (2) chewing gum, (3) ho etsa lerata, (4) ho matha liholong tsa sekolo, (5) ho tsoa moleng, (6) ho apara ka tsela e sa lokelang, le (7) ho se lahlele lipampiri sebakeng sa lipampiri tse litšila.
Ka lehlakoreng le leng, mathata a maholo likolong ka 1982 e bile: (1) peto, (2) bosholu, (3) tlhaselo, (4) ho thuha ka morero oa ho utsoa, (5) ho chesa, (6) libomo, (7) polao, (8) ho ipolaea, (9) ho se tle sekolong, (10) ho senya thepa ea sekolo, (11) ho qhekella, (12) tšebeliso e mpe ea lithethefatsi, (13) tšebeliso e mpe ea tahi, (14) lintoa tsa lihlopha, (15) ho ima, (16) ho ntša mpa, (17) mafu a tšoaetsanang ka kamano ea botona le botšehali.
Deborah, ’mè oa bana ba bane, o khathatsehile ka hore na tšusumetso ena e fetohileng boemong ba sekolo e tla ama bana ba hae joang. “Ke hōlile ke sireletsehile. Hoo e ka bang ntho e ’ngoe le e ’ngoe e neng e mpotolohile e ne e ntšehelitse ho nthusa hore ke hōle. Rōna ba ileng ba hōlisoa ka tsela eo re lokela ho elelloa ’nete ea hore bana ba rōna ba phela lefatšeng le fapaneng.”
Ke ’nete hore likolong tse ling tse litoropong United States, liithuti ka tloaelo li tšoara lithipa le lithunya; li sebelisa lithethefatsi le ho li rekisa; ’me lipolelo tse kang “coke head” (mosebelisi oa matekoane) ke karolo ea polelo ea bona ea letsatsi ka leng. Hangata matichere a ikutloa a khotsofetse, e seng ka hobane a ile a atleha ho ruta liithuti tsa ’ona, empa ka hobane a phonyohile letsatsi le leng ntle ho mathata.
Boemo bo utloisang bohloko likolong bo totobatsa hore likolo ha li khone ho nka sebaka sa batsoali tabeng ea ho fana ka tataiso le tšehetso tseo bana ba li hlokang e le hore ba atlehe bophelong. Empa ho sa tsotellehe maemo a joalo, ho na le liithuti tse atlehang likolong tsa mefuta eohle ho pota lefatše.
Mohlomong oa ipotsa, ‘Ke eng se hlokahalang hore ba atlehe? Ke le motsoali, nka thusa joang ngoana oa ka hore a atlehe? ’Me ke eng seo ngoana oa ka a lokelang ho se etsa?’