Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g99 11/8 maq. 3-4
  • Ho Tšoasa Lefatše ka Lithethefatsi

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Tšoasa Lefatše ka Lithethefatsi
  • Tsoha!—1999
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Bothata ba Lithethefatsi bo Boholo Hakae?
  • Chelete ea Lithethefatsi le Matla a Tsona
  • Na Ntoa e Khahlanong le Lithethefatsi e ka Hlōloa?
    Tsoha!—1999
  • Kamoo Lithethefatsi Tse Seng Molaong li Amang Bophelo ba Hao Kateng
    Tsoha!—1999
  • Lithethefatsi—Na ho na le Tšepo Leha e le Efe?
    Tsoha!—1988
  • Lithethefatsi Mathata a Eketseha
    Tsoha!—1988
Bala Tse Ling
Tsoha!—1999
g99 11/8 maq. 3-4

Ho Tšoasa Lefatše ka Lithethefatsi

Ka mongolli oa Tsoha! Spain

LESEA le sa tsoa tsoaloa le lla seboko se bohloko sepetleleng sa Madrid, Spain. Mooki oa hlaphasela o leka ho le thōlisa empa le hana ho thōla. Lesea lena le mahlomoleng a ho khoesoa tšusumetsong ea heroine. Ho hobe le ho feta ke hore le na le HIV. ’M’a lona o ne a lemaletse heroine.

Los Angeles, ’mè e mong ka ho se hlokomele o khanna koloi ea hae seterateng se laoloang ke kenke ea barekisi ba lithethefatsi. O khahlametsoa ke lethala la likulo, le bolaeang moralinyana oa hae oa lesea.

Lik’hilomithara tse likete thōko le moo, Afghanistan, molemi o lema tšimo ea li-poppy. E bile selemo sa chai; kotulo e eketsehile ka karolo ea 25 lekholong. Li-opium poppy li kenya chelete e ngata, ’me lelapa la molemi eo lea itšokola. Empa li-poppy tsena tse ntle li tlil’o etsa heroine, ’me heroine e senya bophelo.

Moroetsana e mong ea lihlong ea ka tlaase ho lilemo tse 20 oa Sydney, Australia, o ea disco bosiu bo bong le bo bong ba Moqebelo. Pele o ne a fumana ho le thata ho itsoakanya le letšoele, empa morao tjena pilisi e bitsoang ecstasy e mo file boikutlo bo bocha ba ho itšepa. Lipilisi tseo a li noang li kentsoe Australia ka mokunyata ho tsoa Netherlands, le hoja lilaboratori tsa moo le tsona li se li qalile ho fana ka tsona. Ecstasy e etsa hore ’mino o utloahale o luma hamonatjana, ’me le lihlong tsa hae lia fela. O bile o ikutloa a ipiletsa haholoanyane.

Ho Manuel, eo e leng molemi ea itšokolang ea iphelisang ka polasi ea hae e nyenyane, Andes, bophelo bo ile ba batla bo ntlafala ha a qala ho lema k’hok’heine. Manuel o batla ho khaotsa ho kotula semela sena, empa o tšaba hore sena se tla halefisa mabelete a laolang tlhahiso ea k’hok’heine tikolohong ea habo.

Bana ke batho ba seng bakae feela ba tšehetsang tlokotsi ea lithethefatsi e harasoanyang lefatše la rōna.a Ho sa tsotellehe hore na batho bana ke bareki, bahlahisi, kapa batho feela ba ka thōko ba se nang molato, lithethefatsi li laola bophelo ba bona ka tsela e hlokang mohau.

Bothata ba Lithethefatsi bo Boholo Hakae?

Mongoli-Kakaretso oa Machaba a Kopaneng Kofi Annan oa lemosa: “Lithethefatsi li harasoanya bophelo ba sechaba sa rōna, li baka tlōlo ea molao, li jala mafu a kang AIDS, ’me li bolaea bacha ba rōna le bokamoso ba rōna.” Oa phaella: “Hona joale ho hakanngoa hore ho na le basebelisi ba lithethefatsi ba limilione tse 190 lefatšeng ho pota. Ha ho naha e sa ameheng. ’Me ha ho naha le e ’ngoe, e ka tšepang hore e tla emisa khoebo ea lithethefatsi ka har’a meeli ea eona. Khoebo ea lithethefatsi e kopanetsoeng ke linaha tsa lefatše e hloka bohato ba machaba.”

Ho mpefatsang boemo le ho feta ke hore lilemong tsa morao tjena lithethefatsi tsa moetso o mochab li ikakhetse ka setotsoana. Lik’hemik’hale tsena tsa maiketsetso li etselitsoe ho taha ba li sebelisang, kapa ho etsa hore ba ikutloe ba nyakaletse. Kaha lithethefatsi tsa moetso o mocha li ka hlahisoa ka litšenyehelo tse tlaase hoo e batlang e le hohle, mabotho a sepolesa a hlile a haelloa ke matla a ho li thibela. Ka 1997 Komisi ea Machaba a Kopaneng ea Lithethefatsi e ile ea lemosa hore linaheng tse ngata lithethefatsi tsena tsa maiketsetso li fetohile karolo ea “tloaelo e ka sehloohong ea bareki” le hore li tlameha ho nkoa e le “tšokelo e nyarosang lichabeng ka kakaretso lilemong tse lekholo tse latelang.”

Lithethefatsi tsena tse ncha li matla joaloka tse bileng teng pele ho tsona. K’hok’heine e ntlafalitsoeng e ka lemalloa le ho feta k’hok’heine e tloaelehileng. Mefuta e mecha ea cannabisc e hlahisa lipono tsa bohata kelellong tse tebileng haholoanyane, ’me sethethefatsi sa moetso o mocha se bitsoang ice e ka ’na eaba ke se seng sa tse senyang ka ho fetisisa.

Chelete ea Lithethefatsi le Matla a Tsona

Le hoja e ka ’na eaba batho ba sebelisang lithethefatsi baa fokola ka palo, palo ea bona e lekane ho fa barekisi ba lithethefatsi tse seng molaong matla a maholo, e leng batho ba hlophisang tlhahiso le kabo ea lithethefatsi. Batho bana ba sa tšepahaleng ba tsamaisa khoebo e seng molaong e fanang ka chelete e ngata ka ho fetisisa—le eo ha e le hantle e leng khoebo e khōlō ka ho fetisisa lefatšeng. Hona joale e ka ’na eaba khoebo ea lithethefatsi e etsa hoo e ka bang karolo ea 8 lekholong ea khoebo ea machaba, kapa chelete e ka bang R2 400 000 000 000 ka selemo. Ha chelete ea lithethefatsi e ntse e potoloha le lefatše, e ruisa bo-ralikenke, e senya mabotho a sepolesa, e reka bo-ralipolotiki, esita le ho baka bosholu ba chelete ka likhoka.

Na ho na le ntho leha e le efe e ka etsoang ho thibela qaka ee ea lithethefatsi? Khoebo ea lithethefatsi e ama mehloli ea hao ea chelete, tšireletseho ea hao le bophelo ba bana ba hao joang?

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Lihloohong tsena, re bua ka lithethefatsi tse sebelisoang bakeng sa merero eo e seng ea phekolo ea bongaka le tseo kabo ea tsona e seng molaong.

b Sethethefatsi se nang le metsoako ea lik’hemik’hale e fetohileng hanyenyane, hangata se hlahisoa ho qoba lithibelo tse thibelang lithethefatsi tse seng molaong tse ka lemalloang kapa tse hlahisang lipono tsa bohata kelellong.

c Lithunthung tse ommeng tsa semela sa cannabis li etsa matekoane. Boka ba semela seo ke hashish. Lihlahisoa tseo ka bobeli li tsujoa ke basebelisi ba lithethefatsi.

[’Mapa o leqepheng la 4, 5]

(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)

Tlhahiso le Thekiso ea Lithethefatsi Lefatšeng ka Bophara

LIBAKA TSE KA SEHLOO- HONG TSA TLHAHISO:

Cannabis—setlama (matekoane) le boka (hashish)

Heroine

K’hok’heine

Matšoao a bontša litsela tse ka sehloohong tsa thekiso.

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Source: United Nations World Drug Report

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 3]

U.S. Navy photo

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela