Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g90 1/8 maq. 3-4
  • Bana ba se Nang Mahae—Ke Mang ea Molato?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Bana ba se Nang Mahae—Ke Mang ea Molato?
  • Tsoha!—1990
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lebaka Leo ba Phelang Literateng ka Lona
  • Ba se Nang Matlo Bothata ba Lefatše
    Tsoha!—1988
  • Bana ba se Nang Mahae—Na ho na le Tharollo?
    Tsoha!—1990
  • Bana ba se Nang Mahae—Ke Hobane’ng ha ho le Thata Hakaale ho ba Thusa?
    Tsoha!—1990
  • Ho Hloka Bolulo—Bothata ba Lefatše Lohle
    Tsoha!—2005
Bala Tse Ling
Tsoha!—1990
g90 1/8 maq. 3-4

Bana ba se Nang Mahae—Ke Mang ea Molato?

Ka mongolli oa Tsoha! Brazil

BOSIUNG bo bong Francisco o ile a isa mosali oa hae le bana moo ho rekisoang pizza. Moo ho emisoang makoloi, moshanyana ea apereng liaparo tse marantha o ithaopela ho lebela koloi ea Francisco ha eena le lelapa ba ntse ba thabela lijo. Ha Francisco le lelapa la hae ba tsoa tlung ea ho jela, moshanyana enoa ka mafolo-folo o ntša letsoho la hae ho amohela bonyane bo itseng bakeng sa mosebetsi oa hae. Bosiu literateng tsa metse e meholo bana ba kang enoa ba sebetsa hore ba phele. Ha ba potlakele ho tsamaea, kaha seterata ke lehae la bona.

BANA ba se nang mahae ba talingoa joaloka batho ba lahliloeng sechabeng ’me ba ’nile ba bitsoa “bana ba sa tsejoeng” kapa “bana ba lahliloeng.” Lenane la bona ke le makatsang le le tšosang— mohlomong ke ba limillione tse 40. Leha ho le joalo, palo e nepahetseng ha e tsejoe hantle. Leha ho le joalo, ka bomalimabe litsebi tsohle li lumellana hore bothata bona bo eketseha lefatšeng ka bophara haholo-holo Latin America. Ho bona bana ba se nang mahae ba bokellana menyako kapa ba kōpa chelete ke ho utloisang bohloko hoo sechaba se ba kenyang lenaneng la batho ba lebaloang. Empa sechaba ha se sa khona ho etsa sena. Ho latela UNICEF (United Nations International Children’s Emergency Fund [Mokhatlo oa Machaba a Kopaneng oa Lithuso tsa Bana]), karolo ea 60 lekholong ea bana ba se nang mahae ba mahareng a lilemo tse 8 le 17 ba sebelisa lithethefatsi, karolo ea 40 lekholong e noa joala, karolo ea 16 lekholong ke makhoba a lithethefatsi, ’me karolo ea 92 lekholong ea tsuba. Kaha ha ba na tsebo ea mosebetsi, hangata ba phela ka ho kōpa, ho utsoa, kapa botekatse. Ka ho hōla e le “bana ba sa tsejoeng,” ba kotsing ea ho ba batlōli ba molao, batlōli ba molao ke tšoso tšireletsehong ea sechaba leha e le sefe.

Koranta ea Brazil O Estado de São Paulo e tlalehile mabapi le lihlopha tsa bana ba se nang mahae: “Ha ba na malapa, beng ka bona, ’me ha ba na tšepo ea bokamoso. Ba phela letsatsi ka leng joaloka hoja ke letsatsi la ho qetela. . . . Bana . . . ha ba senye nako: Ka ho panya ha leihlo, ba nka tšupa-nako ea mocha e mong, ba rola mosali e mong sefaha, ba khothotsa monna-moholo. Ha ba senye nako ho nyamela har’a letšoele la batho. . . . Ba simolla ho kopanela likamano tsa botona le botšehali ba sa le banyenyane . . . e sa le bana. Banana ba lilemo tse 11 le bashanyana ba lilemo tse 12 baa ratana ebe baa hlalana nakong ea khoeli kapa tse peli, habonolo kamoo ba qalileng kateng.”

Lebaka Leo ba Phelang Literateng ka Lona

Ha ho bonolo ho thusa bana ba se nang mahae. Tlaleho e ’ngoe e bontšitse hore karolo ea 30 lekholong ea bana ba phelang seterateng e ne e tšaba hoo e ileng ea hana ho neha ba boholong boitsebiso leha e le bofe ba moo ba tsoang teng, esita le mabitso a bona. Empa ke hobane’ng ha ba phela literateng? Na mohlomong ke hobane ba lakatsa ho ipusa? Ho bile joalo ka mocha e mong oa Brazil ea boletseng hore a ke ke a khutlela habo hobane ntat’ae o ne a sa mo lumelle ho etsa boithatelo. Leha ho le joalo, ho ea ka koranta ea Mexico El Universal, lebaka le leholo la palo e phahameng ea bana ba phelang literateng ke ho lahloa ke bo-ntat’a bona. Ka hona, ho senyeha ha lenyalo ho ka behoa molato e le lebaka le leholo la keketseho ea bana ba phelang literateng.

Ho phaella moo, batsoali ba bang ha ba tsotelle ho hlokomela bana ba bona, ba ba shapa, ba ba hlokofatsa ka likamano tsa botona le botšehali, ba ba lahla, kapa ho ba hlokomoloha. Ka lebaka leo, ngoana ea tšoeroeng hampe kapa ea hlokomolohuoang hangata o ikutloa hore ho molemo ho iphelela a le mong, esita le seterateng.

Bana ba hloka tlhokomelo e lerato le tataiso. Sena se ile sa hlalosoa hantle ke James Grant, motsamaisi e moholo oa UNICEF. Ha a qotsoa koranteng ea Latin America Daily Post e nang le sehlooho “Bana le Bokamoso,” o boletse hore: “Nakong ea lilemo tse tharo kapa tse ’ne, karolo ea 90 lekholong ea lisele tsa boko ba motho li se li kopane ’me khōlo e tsoetse pele ho isa ntlheng eo ho behoang mohlala oa bophelo bohle ba motho. Kahoo lilemo tseo tsa bonyenyane li batla tšireletso, ho sireletsa tokelo ea ngoana ea ho hōlisa matla a hae ka ho felletseng le ho ntšetsa sechaba pele e le hore a ka tlatsetsa haholoanyane boiketlong ba malapa le lichaba tsa bona.”

Ka lebaka leo, bahlokomeli ba tšoenyehile, ba jarisa moruo, mebuso, kapa sechaba molato ka bana ba se nang mahae. Koranta eo e ile tsoela pele ka hore: “Ha ho mekhatlo ea sechaba ea boithatelo kapa moruo e entseng ‘tsoelo pele’ e khōlō. . . .  ‘Phetoho ea moruo’ hangata e ne e bolela hore lithuso tsa ’muso lithekong tsa lijo le litlhoko tsa letsatsi le letsatsi li fokotsoe. . . . Ho hloka mosebetsi ho eketsehang le meputso e fokolang, ho fokotsoa ha lithuso tse joalo ho bolela hore moroalo o boima ka ho fetisisa o jarisitsoe ba sa tsebeng ho o jara—malapa a futsanehileng haholo le bana ba ’ona.”

Ntle ho pelaelo, moruo o fokolang linaheng tse ngata ke sesosa sa lenane le eketsehang la bana ba lulang literateng. Batsoali ba lahlela bana ba bona literateng ho ea iphumanela seo ba ka se fumanang. Leha ho le joalo, ke hobane’ng ha ho le thata ho rarolla bothata ba bana ba se nang mahae?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela