Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g91 8/8 maq. 7-8
  • Ho Felloa ke Mosebetsi—Ho na le Litharollo Life?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Felloa ke Mosebetsi—Ho na le Litharollo Life?
  • Tsoha!—1991
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • 1. U se ke ua Tšoha ka ho Fetelletseng
  • 2. Nahana ka Mokhoa o Motle
  • 3. Bulela Kelello ea Hao Mefuta e Mecha ea Mosebetsi
  • 4. Phela ho Lekana Chelete eo Uena u e Fumanang—Eseng Motho e Mong
  • 5. Hlokomela Sekoloto
  • 6. Boloka Lelapa le Kopane
  • 7. Boloka Boikutlo ba Hao ba ho Itšepa
  • 8. Etsa Khakanyo ea Litšenyehelo
  • Nka Hlokomela Chelete ea ka Joang?
    Tsoha!—1989
  • Nka Etsa’ng ho Sebelisa Chelete Hantle?
    Tsoha!—2006
  • Kamoo U ka Sebelisang Chelete Kateng
    Tsoha!—2011
  • Tsela ea ho Tsoa Sekolotong
    Tsoha!—1997
Bala Tse Ling
Tsoha!—1991
g91 8/8 maq. 7-8

Ho Felloa ke Mosebetsi—Ho na le Litharollo Life?

“Ho tla ba thata. Likhoebo tse ngata ha li na chelete, empa leha ho le joalo ha li batle ho lumela seo hona joale.”—Ofisiri ea lefapha la lichelete la United States.

BA BANGATA ba se ba latsoitse ’nete e bohloko ea tebello eo e fetelletseng e phatlalalitsoeng ho ea bofelong ba 1990. Lik’hamphaning tse ling basebetsi ba “setseng” ba ipotsa hore na le bona ba tla felloa ke mosebetsi nakong e tlang.

U ne u tla etsa eng haeba u ne u ka felloa ke mosebetsi kajeno? Ke tsela e bohlale ho itokisetsa seo. Joalokaha sehlooho se fetileng se bontšitse, ho felloa ke mosebetsi ho na le phello e itseng cheleteng le maikutlong. Kahoo ho ameha lintho tse ngata ho feta feela ho lefella melato. Tsena ke tse ling tsa litlhahiso tse ileng tsa thusa batho ba bang ho tsitsa licheleteng le maikutlong ha ba talimane le ho felloa ke mosebetsi.

1. U se ke ua Tšoha ka ho Fetelletseng

Ha Dominick a felloa ke mosebetsi, o ile a tlameha ho khutlisetsa ntlo ea hae ho banka le hore lelapa la hae le e’o lula le ’mè oa hae. Keletso ea hae ke hore motho a lule a tsitsitse ho sa tsotellehe hore na boemo ba hae bo bonahala e le bo fetelletseng hakae. O re: “E-bang ua sebetsa kapa ha u sebetse, u ke ke ua shoa. Ka botšepehi ke ile ka ithuta hore re ke ke ra shoa kaofela.” Ho e-na le ho imetsa kelello ka lipono tse tšosang, u ntse u tsitsitse batla tharollo e ka sebetsang.

2. Nahana ka Mokhoa o Motle

Jim le Donna ba na le mesebetsi e mene ea nakoana ba le babeli. Leha ho le joalo, ba fumana chelete e fokolang ho feta eo Jim a le mong a neng a e fumana mosebetsing oa hae oa ka mehla oa nakong e fetileng. Ho sa tsotellehe sena, ba amohetse sena e le phihlelo e rutang bakeng sa bana ba bona ba bahlano. Donna o boletse: “Hoja ba se ke ba ba le mathata ba ka be ba le boemong bo botle linthong tse bonahalang. Empa ba ka be ba sa ba le mathata a rutang motho kamoo a ka phelang ka teng.”

3. Bulela Kelello ea Hao Mefuta e Mecha ea Mosebetsi

Esita le basebetsi ba hlileng ba sa sebetseng mosebetsi oa matsoho ba ka khetha ho fetola mesebetsi le ho qalisa mosebetsi o mocha. Laura ea ileng a lelekoa mosebetsing oa lefapha la tsamaiso o ile a re: “Batho ha ba batle ho talima litsela tse ling ho fihlela mohla ba qobelloang ho etsa joalo.” O hlokometse: “Lilemong tsena tsa bo-1990 batho ba tlameha ho ithuta ho tenyetseha haholoanyane.” Ho leka ho fumana mosebetsi o tšoanang le oo u o tloaetseng—kapa ho fumana chelete e tšoanang—ho ka sebeletsa feela ho fokotsa menyetla ea hore u fumane mosebetsi. Sena se hlalosa lebaka leo la lona basebetsi ba sa etseng mosebetsi oa matsoho ba nkang nako e telele hakana ho fumana mosebetsi ho feta litsebi tsa mosebetsi oa matsoho. Kahoo bulela kelello ea hao menyetla e mecha ea mosebetsi. Ba bangata ba ile ba atleha ho etsa tšebeletso ea mofuta o itseng bakeng sa batho ba bang joaloka ho ba hloekisetsa matlo.

4. Phela ho Lekana Chelete eo Uena u e Fumanang—Eseng Motho e Mong

Kofuto e matla ea phatlalatso ke ho baka “tlhoko” eo pele e neng e le sieo. Hangata ho etsoa hore u ikutloe hore motho e mong le e mong (ka ntle ho uena) o ile a hlahuoa leseling ’me o sebetsa tumellanong le tlhoko eo. ‘Ena ke eona feshene ea morao-rao eo motho e mong le e mong a e aparang [ka ntle ho uena].’ ‘Ena ke baesekopo eo motho e mong le e mong a buang ka eona [joale ke hobane’ng ha u sa e bona?].’ ‘Ena ke koloi eo motho e mong le e mong a e khannang [uena u tla e reka neng?].’

Phehello e joalo e ka ama pono ea rōna mabapi le kamoo re talimang chelete le kamoo re e sebelisang ka teng. Motsoalle o nka leeto le jang chelete e ngata. Ka tšohanyetso u hloka matsatsi a phomolo. Motsoalle e mong o reka koloi e ncha. Ka tšohanyetso koloi ea hao e bonahala e se e tsofetse ebile e sa tšoanelehe. Ho khathatseha ka seo motho e mong le e mong a se etsang ho tla etsa hore u sebelise chelete eo u se nang eona le ho reka lintho tseo ha e le hantle u sa li hlokeng. Qoba ho ipapisa le ba bang ho joalo ho ntšang kotsi.

Jim, mosebetsi ea felletsoeng ke mosebetsi ea boletsoeng pelenyana o hlokometse: “Batho ba tsoa kotsi maikutlong ha ba hlōleha ho boloka mokhoa oa bophelo oo ba nahanang hore baa o batla. U lokela hore u amehe feela ka lijo le bolulo. Lintho tse ling kaofela ka sebele ha li hlokahale.” Ho joalokaha Bibele e eletsa ho 1 Timothea 6:8, ‘ho khotsofala ka lijo le liaparo.’

5. Hlokomela Sekoloto

Karete ea ho reka ka sekoloto e ka ba thuso e khōlō empa e ka boela ea e-ba tšitiso ea hao e khōlō. Ba bang ba sebelisa karete ea ho reka ka sekoloto e le tšehetso. Ba e sebelisa ho qoba ka ho felletseng potso ea hore ‘na nka khona ho reka ntho ee?’ Karete ena e fetoha sethethefatsi se u lumellang ho reka ka ntle le ho nahana ka boikutlo kapa liphello tsa ho lahleheloa ke chelete.

Lilemong tsa morao tjena tloaelo ea ho reka ka likarete tsa sekoloto e se e atile linaheng tse ngata. Liphello ke life? Morekisi oa li-computer ea tsoang Korea ea ileng a reka koloi e ncha ka karete ena o ile a akaretsa sena tjena: “Ha ho fihla nako ea hore ke lefe sekoloto sa ka, ka mehla ke ikutloa ke sulafaletsoe. Ho tšoana le ha eka ke lahletse chelete eo ka metsing.” Japane hoo e batlang e le halofo ea ba batlang keletso ea chelete ke ba lilemong tsa bona tsa bo-20. Likarete tsa ho reka ka sekoloto tse limillione tse 140 naheng eo ke tsona tse hlileng li ikarabellang bakeng sa molato o moholo oa chelete har’a bacha.

Kahoo e-ba seli haeba u sebelisa karete ea ho reka ka sekoloto. E sebelise, empa u se e lumelle hore e u sebelise. U se e lumelle hore e u foufalletse boemo ba hao ba sebele ba lichelete. Sena se tla phaella khatellong ea ho lahleheloa ke mosebetsi.

6. Boloka Lelapa le Kopane

Phuputsong ea batho ba 86 000, ba fetang karolo ea boraro ba boletse hore chelete e ne e le eona bothata bo boholo ka ho fetisisa manyalong a bona. Phuputso e ’ngoe e fumane hore chelete ke eona e bakang lintoa tse ngata. Moeletsi oa lichelete Grace Weinstein o re: “Maikutlo a fapaneng mabapi le chelete a ka senya likamano.”

Esita le banyalani ba bonahalang e le ba momahaneng ba na le lipono tse fapaneng haholo ka chelete le kamoo e lokelang ho sebelisoa ka teng. Mohlomong e mong e ka ’na eaba ea ratang ho boloka chelete haholo ha e mong e le ea sebelisang chelete ka meharo.

Haeba ho sa buisanoe ka litaba tsa chelete, li ka fetoha lintoa tsa lelapa. Ho Liproverbia 15:22 Bibele e re: “Moo ho eletsana ho leng sieo, merero ea qhalana, empa e tiea ke ho rerisana ha ba bangata.” Ha le ntse le buisana ka litaba tsa chelete, leka ho utloisisa le ho amohela pono ea molekane oa hao.

7. Boloka Boikutlo ba Hao ba ho Itšepa

Grace Weinstein o hlokometse: “Ho monna kapa mosali ea seng a sa amohele chelete, ho na le bothata ba maikutlo ba ho theoha maemong le ba ho itšetleha ka ba bang, ’me lintho tseo ka bobeli li fella ka ho lahleheloa ke boikutlo ba ho itšepa.”

U se ke ua potlakela ho fihlela qeto ea hore u felletsoe ke mosebetsi hobane u ne u se mosebetsi ea nkoang e le oa bohlokoa. Rani ea lilemo li 29 o ile a felloa ke mosebetsi libeke tse tharo feela ka mor’a hore a fumane boemo bo phahameng ka ho fetisisa tlhahlobong ea boemo ba hae e etsoang selemo le selemo. Le hoja ho tšepahala ha motho ea sebetsang ho ka ’na ha etsa hore a se felloe ke mosebetsi, ha ho be joalo ka mehla. Kahoo motho ha aa lokela ho nka ho felloa ke mosebetsi e le tšitiso ea botho boikutlong ba hae ba ho itšepa. Basebetsi ba bohlokoa le ba tšepahalang le bona ba ka ameha.

8. Etsa Khakanyo ea Litšenyehelo

Ba bangata ba tšosoa ke khopolo ea ho etsa khakanyo ea litšenyehelo. Ba ikutloa hore e ba jesetsa khoebeleng, e leng ntho e tla ba thibela ho reka seo ba se batlang. Ha ho joalo. Khakanyo ea litšenyehelo ke kofuto e tla u thusa ho finyella lipakane tsa hao, eseng ho u khina. E mpa e le feela tsamaiso ea ho laola lintho, kemiso e hlophisitsoeng hantle bakeng sa ho u bolella moo chelete ea hao e eang teng le kamoo u ka etsang hore e ee moo uena u batlang hore e ee teng.

Ka ho makatsang, batho ba bangata ha ba tsebe hore na ba etsa’ng ka chelete ea bona. Ho e-na le hoo, ba fetoha batho ba rekang ka lepotla-potla ebe joale baa tletleba: “Chelete ea ka eohle e felletse kae?” Ho qoba ho sebelisa chelete joalo ke ha bohlokoa haholo-holo linakong tsa maemo a thata a lichelete. Ka bohlale ho Liproverbia 21:5 Bibele e re: “Rera ka kelo-hloko ’me u tla ba le ho hongata; haeba u potlakela ho nka khato, le ka mohla u ke ke ua ba le ho lekaneng.”—Today’s English Version.

E le hore u latele keletso ena, boloka tlaleho e ngotsoeng fatše. Ngola ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo u sebelisang chelete bakeng sa eona khoeli eohle, u hlophise litšenyehelo tsa hao. Hape, boloka tlaleho ea chelete e kenang. Haeba u fumana hore ho na le chelete e ngata haholo e tsoang ho feta e kenang, talima litšenyehelo tsa hao e le hore u fumane motso oa bothata. Hang ha u tseba hore na u sebelisa chelete e kae le hore na u etsa’ng ka eona, u ka tseba ho laola chelete ea hao.

Etsa hore khakanyo ea hao ea litšenyehelo e be e feto-fetohang. Likhoeling tsa pele tse ’maloa u tla fumana liphoso ’me u ka ’na ua hlokomoloha litšenyehelo tse ling. Etsa liphetoho le litokiso ho fihlela ha khakanyo ea litšenyehelo e loketse litlhoko tsa hao. Kahoo khakanyo e molemo ea litšenyehelo e tla ba mosebeletsi oa hao, eseng monghali oa hao.a

Litlhahiso tse boletsoeng ka holimo li ka thusa motho ho mamella nakong ea ha a felletsoe ke mosebetsi. Empa hore litlhahiso tsena li sebetse li lokela ho leka-lekanngoa le khakanyo ea ’nete ea bohlokoa ba chelete. Ha e le hantle, sena se bohlokoa hakae? Na ho na le ntho leha e le efe e lokelang ho tla pele ho chelete esita leha motho a felletsoe ke mosebetsi? Re tla hlahloba lipotso tsena sehloohong se latelang.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Bakeng sa thuso e eketsehileng bakeng sa ho etsa khakanyo ea litšenyehelo, bona Awake! ea April 22, 1985, maqephe 24-7.

[Lebokose le leqepheng la 8]

Kamoo u ka Lokisetsang Khakanyo ea Litšenyehelo:

1. Bala chelete e kenang.

2. Boloka tlaleho ea khoeli eohle ho bona hore na u etsa’ng ka chelete ea hao.

3. Lokisetsa khakanyo ea litšenyehelo e itšetlehileng ka mehato e ’meli ea pele. Etsa qeto ea hore na karolo ka ’ngoe e lokela ho abeloa chelete e kae.

4. Etsa liphetoho khakanyong ea hao ea litšenyehelo kamoo ho hlokahalang.

[Setšoantšo se leqepheng la 7]

Banyalani ba lokela ho buisana e le hore litaba tse amanang le chelete li se fetohe lintoa tsa lelapa

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela