Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g96 9/8 leq. 31
  • Bohlankana Kapa Boroetsana—Hobane’ng?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Bohlankana Kapa Boroetsana—Hobane’ng?
  • Tsoha!—1996
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Na ho ba Moroetsana Kapa Mohlankana ho Tloaelehile?
    Tsoha!—1992
  • Na Lipaki Tsa Jehova ke Lequloana?
    Lipotso Tse Botsoang Hangata ka Lipaki Tsa Jehova
  • Ke Hobane’ng ha u Lokela ho Lula u le Moroetsana Kapa Mohlankana?
    Tsoha!—1992
  • Lihlotšoana tsa Borapeli—Ke Eng?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
Bala Tse Ling
Tsoha!—1996
g96 9/8 leq. 31

Bohlankana Kapa Boroetsana—Hobane’ng?

“SEHLOTŠOANA sa borapeli sa bohlankana kapa boroetsana”—ke seo Randall Balmer, mosebetsi-’moho le moprofesa oa bolumeli oa Barnard College/Columbia University, a se bitsang mokhoa o bonahalang o ntse o hōla har’a bacha ba lilemong tse ka tlaase ho 20 oa ho chechisetsa morao ho ba le likamano tsa botona le botšehali ho fihlela ba le baholoanyane.

Ntle ho pelaelo, tšusumetso e khōlō mabapi le ho itima likamano tsa botona le botšehali e tsoa mekhatlong ea bolumeli. Dr. Balmer oa bolela: “Empa tšusumetso ea sehlotšoana seo sa borapeli, ke ea lefatše, e seng ea bolumeli. Tšusumetso ea sebele ea ho lula e le bahlankana kapa baroetsana ke tšabo—e seng ho tšaba kotlo ea bomolimo, empa ho tšaba maloetse a bolaeang.” Kahoo, o bapisa “sehlotšoana sa borapeli ba Maria Mofereko,” se neng se bontša ho itima ho joalo e le khopolo ea bolumeli, le “sehlotšoana sa borapeli sa bohlankana kapa boroetsana” sa mehleng ea kajeno, se hlalosang ho itima ho joalo haholoanyane e le taba ea bophelo bo botle.

Dr. Balmer o tsoela pele: “Ke tlhaloso e soabisang ka boemo ba bolumeli lilemong tsa bo-1990 hore ebe tšabo ea boloetse ke eona e laolang boitšoaro. Baeta-pele ba bolumeli, ba laba-labe- lang ho qoba ho khopisa, ba khothalelitse boitšoaro bo se nang tšusumetso ea letho, kapa ha baa bo khothalletsa ho hang. Kahoo ho sallane le litsebi tsa saense le basebeletsi ba bophelo bo botle sechabeng ho eletsa bacha mabapi le kamoo ba ka tsamaisang bophelo ba bona kateng malebana le likamano tsa botona le botšehali.”

Leha ho le joalo, boemo ha bo joalo ho Bakreste ba ’nete. Nahana ka Chad, mocha ea lilemong tse ka tlaase ho 20 ea hōlisoang e le e mong oa Lipaki tsa Jehova. Ngoanana e mong o ile a atamela Chad ’me a qalisa moqoqo le eena. Empa kapele-pele ho ile ha totobala hore boikemisetso ba hae e ne e se ho bua feela. Chad o re: “Eaba kapele-pele kea nahana. Nke ke ka soabisa Jehova. Ke ntse ke nahanne ka hore kamehla ke khahlise Jehova, ke ile ka mo bolella hore ke tlameha ho tsamaea.”

Joaloka Chad, bacha ba bangata har’a Lipaki tsa Jehova ba boloka boitšoaro bo botle e seng feela bakeng sa bophelo bo botle empa haholo-holo ho khahlisa ’Mōpi oa bona, Jehova Molimo. Hase ho tšaba boloetse ho susumetsang boitšoaro ba bona. Ho e-na le hoo, bacha ba joalo ba latela keletso ea Moeklesia 12:1: “U mpe u hopole ’Mōpi oa hao matsatsing a bocha ba hao.”

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela