Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g01 3/8 maq. 21-22
  • Khoebo e Nang le Histori e Telele

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Khoebo e Nang le Histori e Telele
  • Tsoha!—2001
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Inshorense ke Eng?
  • Tšimoloho ea Inshorense
  • Inshorense Kajeno
  • Na U Hloka Inshorense?
    Tsoha!—2001
  • Inshorense e Hlokoang ke Bohle
    Tsoha!—2001
  • Ho Koetela—Ho Tšosa ho Fetotsoeng Khoebo
    Tsoha!—2000
  • Na Kannete ke ho se Tšepahale?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2010
Bala Tse Ling
Tsoha!—2001
g01 3/8 maq. 21-22

Khoebo e Nang le Histori e Telele

Lebenkele la John la ho betla mapolanka e ne e le mohaho o hahiloeng hantle ka ho fetisisa le o nang le thepa e ntlehali tikolohong eo a lulang ho eona. O ne a le motlotlo ka eona. Empa bosiung bo bong ho ile ha qhoma mollo. Ka mor’a lihora tse ’maloa, lebenkele la hae le letle le ne le fetohile molora o kubellang.

PEJANA, John o ne a ile a nahana ka ho reka inshorense bakeng sa mollo ka e ’ngoe ea chelete eo a neng a hahile lebenkele la hae ka eona. Leha ho le joalo, o ile a ipehela lebaka: ‘Ke motho ea hlokolosi haholo. ’Me haeba ho ke ke ha cha, ke tla be ke sentse chelete ka ho reka inshorense.’ Empa mollo o ile oa e-ba teng. Haeba lebenkele la John le ne le sirelelitsoe ka inshorense, ho hlakile hore a ka be a le hahile hape. Kaha o ne a se na inshorense, o ile a sitoa.

Inshorense ke Eng?

Inshorense hase hakaalo letsete leo ho lona motho a ka lebellang hore a khutlisetsoe chelete ea hae. Hape hase papali ea chelete. Motho ea kenang papaling ea chelete o ipeha kotsing, athe inshorense eona e fana ka tšireletso likotsing tse seng li ntse li le teng. Inshorense ke tsela ea ho arolelana likotsi le ba bang.

Ho tloha mehleng ea boholo-holo, batho ba libaka tse ling ba ’nile ba fana ka karolo e itseng ea matlotlo a bona e le ho thusa batho ba lahlehetsoeng. Hoo e ka bang lilemo tse 3 500 tse fetileng, Moshe o ile a laela sechaba sa Iseraele hore se nehelane ka karolo e itseng ea lihlahisoa tsa bona nako le nako bakeng sa “mojaki le moshanyana ea se nang ntate le mohlolohali.”—Deuteronoma 14:28, 29.

Tšimoloho ea Inshorense

Inshorense e se e bile teng ka lilemo tse likete joale. Mofuta o itseng oa inshorense ea mokitlane o ne o kenyelelitsoe Molaong oa Hammurabi, pokello ea melao ea Bababylona eo ho neng ho nahanoa hore e bile teng pele ho Molao oa Moshe. E le ho tšehetsa maeto a bona a khoebo ka lichelete, beng ba likepe ba ne ba alima chelete ho bo-ramatsete. Haeba sekepe se ne se senyeha, beng ba sona ba ne ba sa tlamehe ho lefa chelete eo ba e alimileng. Kaha likepe tse ngata li ne li khutla li sireletsehile, phaello e neng e lefuoa ke beng ba likepe ba bangata e ne e koahela litšenyehelo tsa ba alimaneng ka chelete boemong ba ha ho ka hlaha kotsi.

Ka ho tšoanang, e bile boemong bo tšoanang hamorao moo ho ileng ha hlaha e ’ngoe ea liinshorense tse tummeng ka ho fetisisa lefatšeng, Lloyd’s of London. Ka 1688, Edward Lloyd o ne a e-na le lebenkele leo ho noelloang kofi ho lona leo bahoebi ba London le bo-ralibanka ba neng ba kopana teng bakeng sa khoebo ntle le tlhophiso. Lebenkeleng leo, bo-ralichelete ba neng ba fana ka likonteraka tsa inshorense ho basesisi ba likepe, ba ne ba ngola mabitso a bona tlas’a likotsi tse itseng tse khethehileng tseo ba neng ba tla li amohela bakeng sa chelete e itseng eo ba tla e lefa kapa ba e ntše e le puseletso. Qetellong, ka 1769, Lloyd’s e ile ea e-ba sehlopha se hlophisitsoeng sa bo-rainshorense se ileng sa hōla ho ba ’maraka o hlaheletseng bakeng sa likotsi tsa likepe leoatleng.

Inshorense Kajeno

Ha batho ba reka inshorense kajeno, ba ntse ba arolelana likotsi le ba bang. Lik’hamphani tsa mehleng ea kajeno tsa inshorense li ithuta lipalo tse bontšang ho lahleheloa ho etsahalang hangata—ka mohlala, ho lahleheloa ho bakiloeng ke ho cha ha lebenkele—ho leka ho bonela pele hore na ke tahlehelo ea mofuta ofe eo moreki oa bona a ka bang le eona nakong e tlang. K’hamphani ea inshorense e sebelisa chelete e ntšitsoeng ke bareki ba bangata ho lefa bareki ba lahlehetsoeng.

Na u hloka inshorense? Haeba ho joalo, ke mofuta ofe oa inshorense o loketseng boemo ba hao? Ho sa tsotellehe hore na u na le inshorense kapa che, ke litemoso life tse ka u thusang hore u sebetsane ka katleho le likotsi tsa bophelo?

[Setšoantšo se leqepheng la 21]

E ’ngoe ea liinshorense tse tummeng ka ho fetisisa lefatšeng e qalile lebenkeleng la kofi

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Courtesy of Lloyd’s of London

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela