Inshorense e Hlokoang ke Bohle
EBANG u lula sebakeng seo inshorense e tloaelehileng ho sona kapa moo e leng sieo, ho na le mofuta oa inshorense oo e mong le e mong a ka bang le oona, oo a bileng a lokelang ho ba le oona. Kaha “inshorense” e ka bolela “mokhoa oa ho tiisa hore tšireletso e ba teng,” u ka iphumanela mofuta o joalo oa inshorense joang?
U ka etsa joalo ka ho nka mehato e sebetsang ea ho fokotsa likotsi tse ka u hlahelang. Bibele e bolela hore “nako le ketsahalo e sa lebelloang” li ama motho e mong le e mong. (Moeklesia 9:11) Leha ho le joalo, ka ho se ipehe kotsing ho sa hlokahale, monyetla oa ho hlaheloa ke kotsi kapa ho lahleheloa ke ho itseng oa fokotseha.
Nahana ka Bokamoso
Ho bontša bohlale bo sebetsang ke tširelo. Nakong ea ha motho a se a atlehile moruong, e ka ba bohlale hore motho a roalle le sa sele—a roallela nako ea tlhoko. Nakong ea boholo-holo, monna ea tšabang Molimo, Josefa, o ile a ikhetha e le ea “masene le ea bohlale” ka ho boloka lijo bakeng sa naha eohle ea Egepeta nakong eo e neng e le naleng. Hamorao ha naha e oeloa ke tlala ea boja-likata, ketso eo ea Josefa ha ea ka ea fepa Baegepeta feela, empa e ile ea fepa le lelapa labo.—Genese 41:33-36.
Ho ba ba itekanetseng tseleng eo re sebelisang chelete ka eona e ka boela ea e-ba tširelo. Re ka boloka chelete le ho fokotsa khatello ka hore re se lule re lelekisa lisebelisoa tsa morao-rao, feshene kapa boithabiso—tsela e fanang ka tšireletso e fokolang ea sebele kapa e sa faneng ka eona ho hang. Ha e le hantle, joalokaha ho se ho hlokometsoe, ha motho a e-na le lintho tse ngata tse bonahalang, ho na le monyetla o moholo oa hore li utsuoe kapa li mo lahlehele.—Luka 12:15.
Falimehela Likotsi
Re ka fokotsa boholo ba likotsi bophelong ka hore feela re be ba falimehelang likotsi. Ke likotsi tse kae tse tšabehang tsa likoloi tse neng li ka qojoa haeba bohle ba ne ba khanna ka hloko ’me e le ka lebelo le itekanetseng? Hape, nahana hore na ho ne ho tla sireletsoa bophelo ba batho ba bangata hakae haeba ho ne ho se ea khannang ha a khathetse haholo kapa ha a qeta ho noa joala. Ho boetse ho na le likotsi tse ling tsa ho khanna tse ka laoloang ke rōna.
Ka mohlala, linaheng tse ngata molao o hanela ho sebelisa thelefono ea cellular ha motho a ntse a khanna. Phuputso e ’ngoe e ile ea fihlela qeto ea hore tšebeliso ea eona e ekelitse menyetla ea likotsi ka makhetlo a mane. Eo ke keketseho e khōlō e ka bakang likotsi e tšoanang le ho khanna motho a e-na le karolo ea 0,1 lekholong ea tahi maling a hae, eo libakeng tse ngata motho ea joalo, ka molao a nkoang a tahiloe haholo hore a ka khanna.
Ho sebelisa lebanta la pholoso kamehla le hona ho fokotsa likotsi tsa ho shoa ha bakhanni le baeti. Empa, le ka mohla u se ke ua nka hore ho ba le lintho tse sireletsang tse kang mabanta a tšireletso le li-air bag (mekotla e tletseng moea e sireletsang mopalami hore a se thule habohloko) kapa ho ba le inshorense ho fana ka tumello ea hore u nke menyetla. Phuputso e bontša hore monahano o joalo o lebisa likotsing tse eketsehileng.
Hape, ho falimehela likotsi ke inshorense e molemo lapeng le mosebetsing. Na sebaka seo u lulang ho sona le seo u sebeletsang ho sona se makhethe se bile ha se na lintho tse ka hlahisang likotsi? Se hlahlobe. Na ho na le ntho e ka khopang batho phasejeng? Na lintho tse sehang kapa lisebelisoa tse chesang—setofo, hitara, aene—li lutse moo batho ba ka sehoang kapa ba chesoa ke tsona? Na ho na le moo ho bokellaneng lipampiri kapa lintho tse ling tse chang? Ela hloko ka ho khetheha likotsi tse ka hlahelang bana. Ka mohlala, na lino tse tahang le lisepa tse chefo li sebakeng seo bana ba banyenyane ba ke keng ba li fihlela?
Hlokomela Bophelo ba Hao
Ka ho falimehela likotsi ka tsela e utloahalang, u ka fokotsa likotsi tsa ho kula. Tabeng ena, tsebo e ka sebetsa e le mofuta o itseng oa inshorense. Lemoha lintho tse u kulisang ’me u nke khato ka potlako ha bokuli bo qala. Habohlokoa ka ho fetisisa, ithute ho sireletsa bophelo ba hao le ba lelapa la hao. Hopola mantsoe a boholo-holo: “Ho ipaballa ho molemo ho feta setlhare.”
Ke khale Tsoha! e fana ka boitsebiso bo khothalletsang batho hore ba phele tumellanong le melao-motheo ea Bibele ’me ka hona ba qobe mekhoa le liketso tse senyang bophelo. Ka mohlala, har’a lihlooho tse ngata tseo Tsoha! e li tšohlileng, ho bile le tse buang ka bohlokoa ba bohloeki, phepo e nepahetseng, boroko bo lekaneng le ho ikoetlisa kamehla hammoho le tlhokahalo ea ho laola khatello ea maikutlo le ho potlaka ha bophelo.
Mofuta oa Bohlokoa oa Inshorense
Lefatšeng lena le sa phethahalang, inshorense e ka ba ntho e thusang haholo, empa ha ho inshorense e ka re sireletsang ka ho feletseng kapa ea re buseletsa ka hohle-hohle tahlehelong ea rōna. Leha ho le joalo, ho na le batho ba kholisehileng hore ba ke ke ba tlohelloa ba le bang, ebang ba na le inshorense kapa ha ba na eona. Hobane’ng? Hobane ha likoluoa li e-ba teng, balateli ba sebele ba Jesu Kreste—ba sebeletsang Ntate oa hae, Jehova Molimo—ba etsa seo ba ka se khonang ho jarelana mejaro.—Pesaleme ea 83:18; Jakobo 2:15-17; 1 Johanne 3:16-18.
Ho feta moo, Jehova ka boeena o tšepisa hore le ka mohla a ke ke a lahla bahlanka ba hae ba tšepahalang. Mopesaleme oa Bibele o ngotse: “Haeba Ntate le ’Mè ba ne ba ka ntlohela, Jehova o ne a tla nthola.” (Pesaleme ea 27:10) E le Mohloli oa bophelo, Jehova a ka tsosa ba shoeleng, ’me ho latela Bibele, o file Mora oa hae, Jesu Kreste matla a ho tsosa bafu. (Pesaleme ea 36:9; Johanne 6:40, 44) Leha ho le joalo, Lentsoe la Molimo le bontša hore hase bohle ba tla tsosoa. (Johanne 17:12) Ka hona, re ka tiisa joang hore Molimo o tla re hopola ha a tsosa bafu?
Thutong ea hae e tsebahalang ea Thabeng, ha e le hantle Jesu o ile a bua ka mofuta o ka tšeptjoang oa inshorense. O itse: “Khaotsang ho ipolokela matlotlo lefatšeng, moo tšoèlè le mafome li jang, le moo masholu a thuhang ’me a utsoe. Ho e-na le hoo, le ipolokele matlotlo leholimong, moo tšoèlè kapa mafome li sa jeng, le moo masholu a sa thuheng ’me a utsoe. Etsoe moo letlotlo la hao le leng teng, le pelo ea hao e tla ba hona teng.”—Matheu 6:19-21.
Hangata batho ba nahana ka ho roalla le sa sele ka tšepo ea hore ha ba se ba tsofetse ba tla phela bophelo bo mabothobotho. Leha ho le joalo, Jesu o ile a tsebahatsa mofuta o sireletsang haholoanyane oa inshorense. Bohlokoa ba eona ke bo ke keng ba lekanngoa, ’me e ke ke ea hlōleha le ka mohla! O hlalositse: “Sena se bolela bophelo bo sa feleng, ho tsoela pele ba rua tsebo ka uena, Molimo a le mong feela oa ’nete, le ka eo u mo romileng, Jesu Kreste.”—Johanne 17:3.
Ka ho ba le tsebo e nepahetseng ka Molimo le Mora oa hae le ho sebelisa seo re ithutang sona bophelong ba rōna, re tla haha kamano e ntle le Molimo. (Baheberu 6:10) Ba thehile tumelo ea bona thutong ea Mong’a bona, Jesu Kreste, moapostola Petrose le moapostola Johanne ba ile ba totobatsa hore tsamaiso ea joale e busoang ke batho e tla fela. Leha ho le joalo, Johanne oa hlalosa: “Ea etsang thato ea Molimo o hlola ka ho sa feleng.”—1 Johanne 2:17; Matheu 24:3, 14; 2 Petrose 3:7, 13.
Re ka kholiseha hore haeba re sebeletsa Molimo ’me re e-shoa, o tla re tsosa bafung kapa haeba re ka phela ho fihlela ha a felisa tsamaiso ena ea lintho, o tla re boloka re phela ho fihlela lefatšeng la hae le lecha la ho loka. Ka sebele, tšepiso ea Molimo ke ho “hlakola meokho eohle mahlong [a rōna]” le ho “etsa hore lintho tsohle li be ncha.” (Tšenolo 21:4, 5) Ho sebeletsa Molimo le ho tšepa litšepiso tsa hae ka sebele ke inshorense e molemo ho feta tsohle. ’Me e ka fumanoa ke bohle.
[Litšoantšo tse leqepheng la 26, 27]
Ho falimehela likotsi le bophelo bo botle ke mofuta o mong oa inshorense
[Setšoantšo se leqepheng la 28]
Ho ithuta ka Molimo le ho etsa thato ea hae ke inshorense e molemohali bakeng sa bokamoso