Masai—Batho ba Ikhethang le ba Thahasellisang
KA MONGOLI OA TSOHA! KENYA
PINA ea moshanyana oa Mosai ea binang ka lentsoe le phefa e utloahala likhohlong, e nkoa ke moea o imetsoeng ke mongobo oa meso. Ha letsatsi la hoseng le ntse le phahama, lentsoe le phefa la moshanyana enoa le matlafala le ho feta, joalo feela ka la nonyana e binang, e ikekang ka lentsoe lohle la eona ha mafube a hlaha.
Ke ne ke mo mametse ha letsatsi le chabang le ne le bonahatsa molisana enoa oa Mosai a eme ka har’a likhomo tsa ntat’ae. A ithatetse ka lesela le lefubelu le sa koaheleng ’mele kaofela, o ne a eme sa mokotatsie ka leoto le le leng, a itšetlehile ka theko ea lerumo la hae ’me a binela mohlape oa hae o neng o khotsofetse. E-re ke u phetele ho eketsehileng ka batho ba ikhethang ba Masai.
Ua Amoheloa Naheng ea Masai
Masai, e leng batho ba thahasellisang ba phelang ka mehlape, ba phela libakeng tse sabaletseng tsa Great Rift Valley e Afrika Bochabela. Ba lula naheng ea Kenya le ea Tanzania, Masai ke batho ba sa ntsaneng ba phela ka mekhoa ea nako e fetileng, ba phela ka tsela e tšoanang le eo baholo-holo ba bona ba neng ba phela ka eona makholo a lilemo a fetileng. Ba sa amehe ka nako, bophelo ba bona bo laoloa ke ho hlaha le ho likela ha letsatsi le linako tsa selemo tse lulang li fetoha.
Tsebo ea Masai e akarelletsa ho khona ho phela tikolohong e thata le sebakeng se matsutla-tsutla sa Rift Valley. Ka maoto a ’ona a namalatsang, a tsamaea sebaka se selelele ha a ntse a batla makhulo a matala le mehloli ea metsi bakeng sa likhomo tsa ’ona. A lisa likhomo tsa ’ona ka har’a mehlape ea lipulumo, liqoaha, lithuhlo le liphoofolo tse ling tsa masabasaba tse fumanehang sebakeng sa ’ona.
Barui ba Likhomo
Masai a lumela hore likhomo tsohle tse lefatšeng ke tsa ’ona. Tumelo ena e simoloha tšōmong e reng tšimolohong, Molimo o ne a e-na le bara ba bararo le hore o ile a fa e mong le e mong oa bona mpho. Mora oa pele o ile a fuoa seqha hore a tsome, oa bobeli a fuoa mohoma hore a leme, ’me mora oa boraro a fuoa molamu hore a lise likhomo. Ho boleloa hore mora enoa oa boraro ke eena ntat’a sechaba sa Masai. Le hoja merabe e meng e e-na le likhomo, Masai a lumela hore ha e le hantle liphoofolo tsena ke tsa ’ona.
Sechabeng sa Masai, botumo le bohlokoa ba monna bo itšetlehile ka boholo ba mohlape oa hae le palo ea bana ba hae. Ka sebele, monna ea nang le likhomo tse ka tlaase ho 50 o nkoa e le mofutsana. Ka thuso ea bana ba hae ba bangata le basali ba hae, monna oa Mosai o tšepa hore qetellong o tla ba le mohlape o moholo oa liphoofolo tse ka bang sekete.
Litho tsa lelapa la Mosai li ameha haholo ka likhomo tsa tsona. Phoofolo e ’ngoe le e ’ngoe e na le molumo oa eona o ikhethang le sebōpeho sa eona tse tsejoang hantle ke lelapa. Hangata likhomo li tšoauoa ka ho chesoa le ka ho etsoa metsero e melelele e kobehileng e etsang mekhabo e rarahaneng, morero e le ho khabisa phoofolo eo. Ho binoa lithoko tse thothokisang botle ba liphoofolo tse itseng mohlapeng le ho bolela kamoo li ratoang kateng. Lipoho tse nang le manaka a maholo a kobehileng li nkoa e le tsa bohlokoa haholo, ’me namane e nyenyane e hlokomeloa ka mosa joalokaha eka ke lesea le sa tsoa tsoaloa.
Ka tloaelo, basali ba Masai ke bona ba hahang matlo, ’me a hahuoa ka makala a lohelletsoeng le joang ebe aa liloa le hona ho kijoa ka bolokoe. A le chitja hape a le motopo, matlo ao a hahuoa ho lika-liketsa lesaka e le ho sireletsa likhomo ha li bothile bosiu. Sebaka seo sohle se etsetsoa lekhoakhoa ka makala a meutloa a sireletsang sechaba sa Masai le likhomo tsa sona ho liphiri tse hlaselang, mangau le litau.
Ho ipoloka ha Masai a phela ho itšetlehile ka bophelo bo botle le matla a mehlape oa ’ona. A ja lebese la likhomo, ’me bolokoe ba tsona bo sebelisetsoa ho lila le ho kiba matlo a ’ona. Ke ka seoelo Masai a hlabang khomo bakeng sa ho e-ja; a ruile linku le lipōli tse ’maloa bakeng sa ho li ja. Empa haeba ho hlajoa khomo, ho sebelisoa karolo e ’ngoe le e ’ngoe ea eona. Manaka a sebelisetsoa ho tšela lintho; litlhako le masapo a fetoloa lintho tse khabisang; ’me letlalo lea suuoa bakeng sa ho etsa lieta, liaparo, likobo le liropo.
Ho ba Mebala-bala le ho ba ba Ikhethang
Masai ke batho ba balelele ba ’mele e mesesaane, ba litšobotsi li ntle, ke litjaka. Moaparo oa bona o mebala-bala ka tsela e hlollang. Lesela le kentsoeng mebala e hlakileng o mofubelu le o moputsoa, le tlangoa le sa tiisoa ’meleng ea bona e tenyetsehang. Hangata basali ba ikhabisa ka lik’holloro tse sephara tse kang lipoleiti tse entsoeng ka lifaha molaleng le ka masela a fapang hlooho ka mebala-bala ea ’ona. Matsoho le maqaqailana a ka ’na a tantielloa ka thata ka mehala e metenya ea koporo. Banna le basali hangata ba tomolla masoba a litsebe tsa bona ka ho li khabisa ka masale a boima le lintho tse ling tse khabisang tse lohiloeng ka lifaha. Hangata letsoku le kopanngoa le mafura a khomo ’me ho itlotsoe ’mele ka boqhetseke.
Mantsiboeeng a mang, ke ile ka shebella ka khanare ea mollo sehlopha sa Masai se neng se bokane ho tla tantša. Se entse sakana-la-nkope, se ne se tsamaisana le morethetho. Ha lebelo la tantši le eketseha, lifaha tse sephara tsa banana li ea holimo le tlaase ka morethetho mahetleng a bona. Joale ka bonngoe, bahlabani ba Masai ba kena ka har’a sakana-la-nkope, moo ba etsang menyakoe ka ho qhoma, ba tlōlela holimo. Tantši e ka tsoela pele ho fihlela bosiu haholo, ho fihlela bohle ba khathetse.
Bophelo ba Lelapa ba Masai
Letsatsing le chesang, ke lula le sehlopha sa basali ba Masai tlas’a moriti oa sefate sa leoka, ke ba shebelle ha ba khabisa matlalo a suuoeng ka ho a rōkella lifaha. Ba qoqa le ho tšeha, ha ba tsotelle matholopshe ha a ntse a bebera ka holim’a lihlooho tsa bona, a haha sehlaha sa ’ona ka joang bo omeletseng. Ha letsatsi le ntse le rapama, basali baa phathahana ho ea kha metsi le ho ea roalla patsi, ba lokisa matlo a bona le ho hlokomela bana ba bona ba banyenyane.
Ha letsatsi le e-ea malikelong, balisana ba qala ho oroha le likhomo tsa bona. Mohlape o khutlela hae o tsamaea butle, litlhako tsa oona li kubeletsa lerōle le lefubelu le khantšoang ke mahlaseli a letsatsi le likelang. Ha basali ba bona leru leo la lerōle le sa le hōle, ka potlako ba tlohela mesebetsi ea bona le ho lokisetsa mohlape oo o tlang.
Hang ha likhomo li kene ka har’a lesaka, banna ba kena ka har’a liphoofolo tsa bona, ba phaphatha manaka a lipoho le ho boha botle ba tsona. Moshemane e monyenyane o tšoara ’mele oa khomo ’me o tsaraletsa lebese le mofuthu ka hanong, ’me hang-hang ’mè oa hae o mo jajabetsa ka bohale. Bananyana ba eang holimo le tlaase ka har’a manaka le litlhako tse kopakaneng ka bongata, ba hama likhomo ka tsebo eohle ’me ba tlatsa mehope ea bona tsoete!
Mantsiboea, re bokana kaofela ho potoloha mollo o futhumatsang moea o batang. Ho na le monko oa mosi le oa nama e besitsoeng hammoho le monko o matla oa likhomo tse haufi. Monna ea hōlileng o lula fatše ’me a phete lipale tsa histori ea Masai le liketso tse sebete tsa bahlabani ba Masai. O khefutsa feela ha a utloa ho puruma ha tau e hōle, joale, a sa tsotelle, o tsoela pele ho phetela bamameli ba thabileng pale ea hae. Qetellong, bohle ba nyamella ka bonngoe lefifing la matlo a bona a mobu a machitja ho ea robala. Ntle le ho hema ho seng lerata ha likhomo tse robetseng, bosiu ho thōtse, ke lefifi feela le bohōle ba ho ba hlatheng.
Bongoana ba Mosai
Ha letsatsi le chaba, motse o se o phethesela. Bana ba banyenyane, ba fasitsoe feela ka mohala oa lifaha thekeng le molaleng, ba bapalla moeeng o pholileng oa hoseng. Setšeho sa bona ke molumo o khothatsang ho Masai, a ratang bana ba ’ona haholo le ho itšetleha ka bona bakeng lintho tseo a li tšepileng nakong e tlang, hammoho le ho tsoela pele a phela ka booona.
Ho hōlisa bana ho kopaneloa ke sechaba—motho leha e le ofe e moholo motseng a ka khalemela le ho shapa ngoana ea sa utloeng. Bana ba rutoa hore ba hlomphe batho ba baholo, ’me ka potlako ba ithuta tsela ea ho phela ea malapa a Masai. Ha ba sa le banyenyane lilemong ha ba tsotelle letho, empa ha ba ntse ba hōla, bananyana ba rutoa ho hlokomela mesebetsi ea lapeng ha bashanyana ba rutoa ho hlokomela le ho sireletsa mohlape. Batsoali ba fetisetsa ho bana ba bona tsebo ea meriana ea setso le ho ba ruta meetlo le mekhoa ea Masai e amang karolo e ’ngoe le e ’ngoe ea bophelo ba ’ona.
Ho ba Motho e Moholo
Ha bacha ba ntse ba hōla, ba ithuta mekhoa le mekete e tla bonahatsa ho tloha ha bona bongoaneng ho kena bothong bo boholo. Har’a lineano tse ithutoang ke tse amanang le ho kula, bomalimabe, lenyalo le lefu. Masai a lumela hore ho se latele mekete ena ho ka ba bitsetsa bomalimabe.
Batsoali ba Masai ba ka hlophisa lenyalo la morali oa bona e sa le lesea. Ngoanana o lebeletsoa ke monna ea nang le likhomo tse lekaneng hore a ka ntša bohali bo batloang ke ntat’ae. Hangata, o tla nyaloa ke monna ea moholo ho eena haholo ’me o tla fihlela ho se ho ntse ho e-na le basali ba bang lapeng la hae.
Ha bashanyana ba sechaba sa Masai ba hōla, ba tloaelana haholo le bacha ba bang ba batona ba lilemong tsa bona. Botsoalle bo khethehileng bo bang teng pakeng tsa lithaka tsena e ka ba ba bophelo bohle. Ba le hammoho, ba tla tlohela ho ba bashanyana ba se nang phihlelo ’me e ba bahlabani. Ha e se e le bahlabani, ba tla nka boikarabelo ba ho sireletsa motse, ho boloka mehloli ea metsi e le teng bakeng sa sechaba le ho sireletsa mohlape liphoofolong tse hlaha le bosholung. Ba tsebahala ka ho ba sebete le ho hloka tšabo, ha ho mohla Masai a sebele a ka bonoang a sa nka marumo a ’ona a leolitsoeng ka bohale.
Ha bahlabani ba le lilemo li 30 kapa ba le haufi le tsona, ba nka mohato oa ho qetela ho beng ha bona batho ba baholo. Ka nyakallo e khōlō le mokete, baa bolotsoa hore e be batho ba baholo; joale ba ka lumelloa ho nyala. Ha ba se ba le boemong bona bo hlomphehang, ba tla tsepamisa mohopolo ho fumaneng mosali le ho eketseng mohlape oa bona oa likhomo, ’me ho tla lebelloa hore ba fane ka likeletso le ho rarolla liqabang.
Bokamoso ba Masai ke Bofe?
Kajeno, mekhoa le meetlo e ikhethang ea Masai e ntse e nyamela butle-butle. Libakeng tse ling, Masai ha a sa tsamaea ka bolokolohi ka likhomo tsa ’ona ho ea batla makhulo a macha. Libaka tse ngata tseo pele e neng e le naha ea ’ona li fetoloa libaka tsa polokelo ea liphoofolo tse hlaha kapa tsa bolulo le temo bakeng sa baahi ba ntseng ba eketseha. Komello le mathata a moruo li qobella Masai a mangata ho rekisa likhomo tsa ’ona tseo a li ratang e le hore a ka tsoela pele a phela. Ha a fallela metseng e meholoanyane, a thulana le mathata a tšoanang le a hlahelang bohle ba lefatšeng la kajeno la tsoelo-pele.
Kajeno, sechaba sa Masai se Afrika Bochabela se finyelloa ka mosebetsi oa Lipaki tsa Jehova. Libukana tse ka holimo ho 6 000 tsa Thabela Bophelo Lefatšeng ka ho sa Feleng! li hatisitsoe ka puo ea Masai. Kahoo, Masai a thusoa hore a bone phapang pakeng tsa litumela-khoela tse se nang motheo le ’nete ea Bibele. Ka sebele, ho thabisa haholo ho bona ’Mōpi oa rōna, Jehova Molimo, a file batho bana ba ikhethang le ba thahasellisang monyetla oa ho balelloa har’a batho ba tsoang “lichabeng tsohle le melokong eohle le batho bohle le malemeng ’ohle,” ba tla pholoha timetso ea tsamaiso ena e likhathatso ea lintho.—Tšenolo 7:9.
[Setšoantšo se leqepheng la 17]
Lehae le tloaelehileng la Masai
[Setšoantšo se leqepheng la 18]
Masai a bokane hammoho ho tantša
[Litšoantšo tse leqepheng la 18]
Lipaki tse peli tsa Masai