Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g02 11/8 maq. 8-11
  • Na AIDS e Tla ke e Khaotse? Haeba ho Joalo, Joang?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na AIDS e Tla ke e Khaotse? Haeba ho Joalo, Joang?
  • Tsoha!—2002
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Tsoelo-pele ho Tsa Bongaka
  • Mathata a Phekolo
  • AIDS ea Hlōloa
  • Tsoelo-pele Toantšong ea AIDS
    Tsoha!—2004
  • Aids—Mokhoa oa ho e Loantša
    Tsoha!—1998
  • Sebelisa Meriana ka Bohlale
    Tsoha!—1996
  • Na Ntoa e Khahlanong le Lithethefatsi e ka Hlōloa?
    Tsoha!—1999
Bala Tse Ling
Tsoha!—2002
g02 11/8 maq. 8-11

Na AIDS e Tla ke e Khaotse? Haeba ho Joalo, Joang?

LINAHENG tse ngata tsa Afrika, batho ba ’nile ba latola hore ho na le seoa sa AIDS. Ke taba eo batho ba bang ba sa rateng ho bua ka eona. Leha ho le joalo, lilemong tsa morao tjena ho entsoe boiteko bo khethehileng ba ho ruta bacha le ho khothalletsa hore batho ba bue ka eona ka bolokolohi. Boiteko bona ha boa atleha hakaalo. Batho ba laoloa ke tsela ea bona ea bophelo le meetlo ea bona, ’me ho thata ho ba fetola.

Tsoelo-pele ho Tsa Bongaka

Lefapheng la bongaka, bo-rasaense ba ithutile ho hongata ka HIV ’me ba entse meriana e lelefatsang bophelo ba batho ba bangata. Bonyane mefuta e meraro ea meriana eo ho boleloang hore ke eona e sebetsang haholo e loantšang vaerase ena e ’nile ea sebelisoa ka katleho.

Le hoja meriana ena e se pheko, e fokolitse palo ea batho ba bolaoang ke HIV, haholo-holo linaheng tse tsoetseng pele. Batho ba bangata ba buella hore meriana ena e fuoe linaha tse hōlang moruong. Leha ho le joalo, meriana ena e theko e boima ’me batho ba bangata linaheng tsena ba sitoa ho e lefella.

Hona ho hlahisa potso: Na chelete e molemo ho feta bophelo? Boemo bona bo ile ba hlokomeloa ke motsamaisi oa lenaneo la Brazil la HIV/AIDS, Dr. Paulo Teixeira: “Re ke ke ra lumella hore batho ba likete-kete ba ikhoantlelle ba sa fuoe meriana e ka ba thusang hobane feela ho batloa phaello e fetang hōle phaello e etsoang.” Oa phaella: “Ke tšoenyehile haholo hore khoebo e se ke ea etelletsoa ka pele ho boitšoaro bo nepahetseng le ho nahanela batho.”

Linaha tse ’maloa li entse qeto ea ho hlokomoloha tokelo ea lik’hamphani tse khōlō tsa ho etsa meriana ’me tsa etsa kapa hona ho romela meriana e se nang mabitso linaheng tse ling ka chelete e tlaase.a South African Medical Journal e tlaleha hore ho latela phuputso e ’ngoe, “ho fumanoe hore theko [ea meriana e se nang mabitso a khethehileng] e ka tlaase ho theko ea meriana ea United States e nang le mabitso a khethehileng ka 82%.”

Mathata a Phekolo

Ka mor’a nako e itseng, lik’hamphani tse khōlō tse etsang meriana li ile tsa qala ho fana ka meriana ea AIDS ka theko e tlaase haholo linaheng tse hōlang moruong tse e hlokang. Tšepo e ne e le hore ka tsela ena, batho ba bangata ba ne ba tla khona ho sebelisa meriana ena. Leha ho le joalo, ho na le mathata a maholo a tlamehang ho hlōloa e le hore meriana e joalo e ka fumaneha habonolo linaheng tse hōlang moruong. Bo bong ba ’ona ke theko. Esita leha theko e theotsoe haholo, meriana ena e ntse e le theko e boima haholo ho batho ba bangata ba e hlokang.

Bothata bo bong ke hore ha ho bonolo ho sebelisa meriana ena. Lipilisi tse ngata li lokela ho nooa letsatsi le leng le le leng ka nako e behiloeng. Haeba li sa nooe ka nepo kapa ka nako e tšoanang, sena se ka etsa hore li se loantše HIV. Ho thata ho etsa bonnete ba hore mokuli o noa meriana ka tsela e nepahetseng ka lebaka la maemo a teng Afrika, moo e ka ’nang eaba ho na le khaello ea lijo, metsi a hloekileng a nooang le litsi tse haellang tsa phekolo.

Ho feta moo, ba noang meriana ena ba tlameha ho behoa leihlo. Haeba meriana e hana ho sebetsa, e lokela ho fetoloa. Sena se lokela ho etsoa ke basebetsi ba bongaka ba nang le phihlelo, ’me ho etsa liteko ho theko e boima. Hape meriana e na le liphello tse bohloko ’me ho na le maemo ao ho ’ona e seng e ntse e hlōleha ho loantša vaerase ena.

Ka June 2001, kopanong e khethehileng ea Seboka se Akaretsang sa Machaba a Kopaneng, e neng e tšohla AIDS, ho ile ha etsoa tlhahiso ea hore Global Health Fund e thuse linaha tse hōlang moruong. Ho ile ha hakanngoa hore ho tla hlokahala chelete e pakeng tsa lidolara tse limilione tse likete tse supileng ho ea ho tse limilione tse likete tse leshome. Ho fihlela joale chelete e tšepisitsoeng letlōleng lena e sa ntse e haella haholo.

Litsebi tsa saense li na le tšepo e matla ea hore li tla fumana ente, ’me ho ntse ho lekoa tse sa tšoaneng linaheng tse ngata. Le haeba boiteko bona bo ka atleha, ho tla nka lilemo tse ’maloa pele ente ena e fumanoa, e lekoa le ho etsa bonnete ba hore bohle ba ka e sebelisa.

Linaha tse ling tse kang Brazil, Thailand le Uganda li bile le katleho e bonahalang mananeong ana a phekolo. Brazil, ho sebelisoa ha meriana e entsoeng hona teng ho fokolitse palo ea batho ba bolaoang ke AIDS ka halofo. Naha e nyenyane ea Botswana, e ikemetseng licheleteng, e etsa boiteko ba ho fana ka meriana e loantšang vaerase ena ho bohle ba e hlokang naheng eo, ’me e loanela le hore ho be le litsi tse hlokahalang tsa tlhokomelo ea bophelo bo botle.

AIDS ea Hlōloa

AIDS e fapane le mafu a mang a seoa ka ntlha e le ’ngoe ea bohlokoa: E ka qojoa. Haeba batho ba ikemiselitse ho iphaphatha ka melao-motheo ea Bibele, maemong a mangata, haeba e se ’ohle, ba ka qoba ho tšoaetsoa.

Litekanyetso tsa boitšoaro tsa Bibele li hlakile. Ba seng lenyalong ha baa lokela ho kopanela liphate. (1 Bakorinthe 6:18) Batho ba lenyalong ba lokela ho tšepahala ho balekane ba bona ’me ba se ke ba feba. (Baheberu 13:4) Ho mamela temoso ea Bibele ea ho ila mali le hona ho ka sireletsa motho.—Liketso 15:28, 29.

Ba seng ba e-na le tšoaetso ba ka thabisoa haholo le ho tšelisoa ke ho tseba hore Molimo o tšepisitse hore haufinyane ho tla ba le lefatše leo ho lona ho seng ea tla kula ’me ho lona ho phele ba lumellanang le seo Molimo a se hlokang.

Bibele e re tiisetsa hore qetellong, mahlomola ’ohle a batho, ho akarelletsa maloetse, a tla fela. Tšepiso ena e entsoe bukeng ea Tšenolo: “Eaba ke utloa lentsoe le phahameng le tsoang teroneng le re: ‘Bonang! Tente ea Molimo e ho moloko oa batho, o tla lula le bona, ’me e tla ba batho ba hae. Molimo o tla ba le bona. O tla hlakola meokho eohle mahlong a bona, lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng, ’me ho siama kapa ho bokolla kapa bohloko ha li sa tla hlola li e-ba teng. Lintho tsa pele li fetile.’”—Tšenolo 21:3, 4.

Tiisetso eo hase feela bakeng sa ba ka khonang ho lefella meriana e theko e boima. Tšepiso ea boprofeta ea Tšenolo khaolo ea 21 e tiisoa ho Esaia 33:24: “Ha ho moahi ea tla re: ‘Kea kula.’” Joale bohle lefatšeng ba tla mamela melao ea Molimo ’me ba thabele bophelo bo phethahetseng. Ka hona, lebuba la AIDS—le maloetse a mang ’ohle—le tla be le khaolitse.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Meriana e se nang mabitso a khethehileng e tšoana le e etsoang ke lik’hamphani tse ling tse nang le tokelo ea ho etsa meriana. Maemong a tšohanyetso, linaha tseo e leng litho tsa Mokhatlo oa Lefatše oa Khoebo li ka hlokomoloha ka molao tokelo ea hore na ke lik’hamphani life tse lokelang ho e etsa.

[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 9, 10]

ENA E NE E LE PHEKO EA SEBELE EO KE NENG KE E BATLA

Ke lula ho e ’ngoe ea linaha tse ka boroa Afrika ’me ke lilemo li 23. Ke sa hopola hantle letsatsi leo ke neng ke tseba ka lona hore ke na le tšoaetso ea HIV.

Ke ne ke e-na le ’Mè ha ngaka e mpolella sena. E ne e le litaba tse bohloko ka ho fetisisa tseo nkileng ka li utloa bophelong ba ka. Ke ne ke ferekane. Ke ne ke sa kholoe. Ke ile ka nahana hore mohlomong ho entsoe phoso e itseng laboratoring. Ke ne ke sa tsebe hore na ke re’ng kapa ke etse’ng. Ho ne ho re ke lle, empa meokho ea hana ho tsoa. Ngaka e ile ea qala ho buisana le ’Mè ka meriana e loantšang vaerase ena le lintho tse ling, empa ke ne ke tšohile hoo ke sa kang ka utloa letho.

Ke ile ka lemoha hore ke tlameha ke tšoaelitsoe ke motho eo ke neng ke kena sekolo le eena univesithi. Ke ne ke batla ho bua le motho e mong ea ka utloisisang boemo ba ka, empa ke ne ke sa fumane hore na e ka ba mang. Ke ile ka ikutloa ke se na thuso ke bile ke hlōlehile bophelong. Le hoja lelapa leso le ne le ntšehetsa, ke ne ke feletsoe ke tšepo ebile ke tšohile. Joaloka mocha e mong le e mong, ke ne ke e-na le litoro tse ngata. Ke ne ke saletsoe ke lilemo tse peli feela pele ke fumana lengolo la bachelor la thuto e phahameng ea saense, empa litoro tseo li ile tsa fela.

Ke ile ka qala ho noa meriana eo ke e fuoeng ke ngaka, e loantšang vaerase ena ’me ka ea le ho batho ba fanang ka keletso ho ba nang le AIDS, empa ke ile ka ’na ka ikutloa ke nyahame. Ke ile ka rapela Molimo hore a mpontše Bokreste ba ’nete pele ke e-shoa. Ke ne ke le setho sa kereke e ’ngoe ea Pentekonta, empa ha ho le ea mong oa bao ke kenang kereke le bona ea kileng a nketela. Ke ne ke batla ho tseba ’nete mabapi le hore na ke tla ea kae ka mor’a lefu.

Ka letsatsi le leng hoseng ka August 1999, Lipaki Tsa Jehova tse peli li ile tsa kokota lapeng. Ke ne ke kula haholo letsatsing leo, empa ke ile ka khona ho lula fatše ka kamoreng ea ho phomola. Mafumahali ana a mabeli a ile a itsebisa ’na ’me a mpolella hore a thusa batho ho ithuta Bibele. Ke ile ka imoloha hakaakang ha qetellong thapelo ea ka e arajoa! Empa ka nako eo ke ne ke fokola haholo hoo ke neng ke sitoa ho bala kapa ho tsepamisa mohopolo tabeng nako e telele.

Leha ho le joalo, ke ile ka ba bolella hore ke batla ho ithuta Bibele ’me re ile ra behelana nako ea hore na ba tle neng. Ka bomalimabe, pele nako eo e fihla, ke ile ka isoa sepetleleng sa mafu a kelello ka lebaka la ho tepella maikutlo. Ke ile ka lokolloa libeke tse tharo hamorao ’me ka thaba ha ke fumana hore Lipaki ha lia ntebala. Kea hopola hore e mong o ile a tla khafetsa ho tla bona hore na ke ea joang. Ke ile ka batla ke hlaphoheloa ’meleng, ’me ka qala ho ithuta Bibele ho ea mafelong a selemo. Leha ho le joalo, ho ne ho se bonolo kaha boemo ba ka bo ne bo sa tsitsa. Empa motho ea ithutang le ’na o ne a utloisisa ’me a e-na le mamello.

Ke ile ka khahloa haholo ke ha ke ithuta ka Jehova le litšoaneleho tsa hae Bibeleng, hammoho le hore na ha e le hantle ho mo tseba ho bolela eng le ho lebella ho fumana bophelo bo sa feleng. Ke ile ka qala ho utloisisa hore na ke hobane’ng ha batho ba sotleha. Ho ile ha nthabisa haholo ho ithuta ka ’Muso oa Molimo, o tla tloha o nkela mebuso ea batho sebaka. Ho ile ha ntšusumelletsa hore ke fetole bophelo ba ka ka ho feletseng.

Ena e ne e le pheko ea sebele eo ke neng ke e batla. Ebile ho tšelisang hakaakang ho hlokomela hore Jehova o ntse a nthata le ho ntsotella! Pele ke ne ke nka hore Molimo o ntlhoile ’me ke lona lebaka le entseng hore ke tšoaroe ke lefu lena. Empa ke ile ka ithuta hore Jehova o entse tokisetso e lerato bakeng sa tšoarelo ea libe motheong oa sehlabelo sa thekollo sa Jesu Kreste. Joale ke ile ka tseba hore Molimo oa tsotella, joalokaha 1 Petrose 5:7 e bolela: ‘Lahlelang matšoenyeho ’ohle a lōna ho eena, hobane oa le tsotella.’

Ke leka ka matla ho ba haufi le Jehova ka hohle kamoo nka khonang ka ho ithuta Bibele letsatsi le leng le le leng le ho ba teng libokeng Holong ea ’Muso. Le hoja ho se bonolo kamehla, ke tšollela matšoenyeho a ka ho Jehova ka thapelo ’me ke kōpe hore a ’matlafatse le ho ntšelisa. Le litho tsa phutheho li teng ho ntšehetsa, ka hona ke thabile.

Ke kopanela kamehla mosebetsing oa boboleli le phutheho ea heso. Ke batla ho thusa ba bang moeeng, haholo-holo ba boemong bo tšoanang le ba ka. Ke ile ka kolobetsoa ka December 2001.

[Setšoantšo]

Ho ile ha nthabisa haholo ho ithuta ka ’Muso oa Molimo

[Setšoantšo se leqepheng la 8]

Sehlopha sa ba fanang ka keletso mabapi le AIDS Botswana

[Setšoantšo se leqepheng la 10]

Paradeiseng lefatšeng, bohle ba tla thabela bophelo bo phethahetseng

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela