Lebaka Leo ka Lona ba Retelehelang Pefong
DENVER Colorado, U.S.A., ho ile ha tsoaloa lesea, ngoana ea libeke li 27 ea hlahileng pele ho nako. Moshanyana eo o ile a phela, ’me ka mor’a likhoeli tse tharo a le sepetlele, o ile a khutlisetsoa lapeng ho batsoali ba hae. Libeke tse tharo hamorao, lesea leo le ile la khutlisetsoa sepetlele hape. Hobane’ng? Le ne le utloile bohloko haholo bokong ka lebaka la ho khohlopuoa ka mabifi ke ntat’a lona. Ntate eo o ne a sa khone ho mamella ho lla ha lesea lena. Leseanyana leo la moshanyana le ile la foufala la ba la holofala. Meriana ea mehleng ea kajeno e ile ea le pholosa boemong bo ferekanyang maikutlo ba ho tsoaloa ha lona empa e ile ea sitoa ho le pholosa pefong ea ntat’a lona.
Bana ba bangata haholo baa hlekefetsoa, baa otloa kapa baa bolaoa ho se seng sa libaka tse mabifi ka ho fetisisa lefatšeng—lapeng! Ba bang ba hakanya hore ka selemo bana ba fihlang ho 5000 ba bolaoa ke batsoali ba bona United States feela! ’Me liphofu hase bana feela. Ho latela makasine ea World Health, “ho hlekefetsoa ha basali ke sesosa se ka sehloohong sa ho ntšoa kotsi har’a basali ba lilemong tsa ho beleha” United States. Ho thoe’ng ka linaha tse ling? “Karolo e le ’ngoe ho tse tharo ho isa ho e ka holimo ho halofo ea basali bao ho entsoeng patlisiso ho bona [linaheng tse ntseng li tsoela pele moruong] e tlaleha hore e otloa ke balekane ba eona.” E, pefo e jele setsi, haholo-holo ka lapeng.
Banna le basali ba bangata ba leka ho lokisa liphapang tsa bona ka pefo. Linaheng tse ling, batsoali le matichere ba ntšetsa bohale ba bona baneng ka ho ba befela. Bakhahlapetsi ba hlorisa ba fokolang, ba thabela ho ba befela feela tjee. Ke hobane’ng ha batho ba e-ba mabifi hakaale?
Lebaka le Etsang Hore Batho ba be Mabifi
Ba bang ba bolela hore batho ba mabifi ka tlhaho. Le hoja ka kakaretso tlōlo ea molao e mabifi e fokotsehile United States, e eketsehile har’a bacha. Ho thahasella pefo ho eketsehile. Lik’hamphani tse tharo tse khōlō tsa thelevishene li ekelitse habeli lipale tsa tlōlo ea molao ’me tsa eketsa hararo likhaso tsa tsona tsa lipolao. E, tlōlo ea molao ke khoebo e khōlō! Ngaka ea mafu a kelello Karl Menninger e itse: “Hase feela hore re lumella pefo, re e hlahisa maqepheng a ka pele a likoranta tsa rōna. Karolo e le ’ngoe ho tse tharo kapa karolo e le ’ngoe ho tse ’nè ea mananeo a rōna a thelevishene e e sebelisetsa ho qabola bana ba rōna. Rea e lumella! Metsoalle ea ka e ratehang, rea e rata.”
Liphuputso tsa morao-rao tsa saense li bontša hore baeloji ea boko le tikoloho li tlatsetsa haholo tabeng ea ho ba mabifi ha batho. Dr. Markus J. Kruesi oa Setsi se Etsang Liphuputso ka Bana sa Univesithi ea Illinois, o re: “Seo kaofela re qalang ho se hlokomela ke hore litikoloho tse kotsi tseo ba ntseng ba pepesetsoa ho tsona, ka sebele li baka seoa sa pefo. Lintho tse etsahalang tikolohong li hlile li baka liphetoho tse sa hlokomeleheng habonolo bokong tse etsang hore batho ba etse lintho ka ho nkeha maikutlo haholoanyane.” Buka ea Inside the Brain e re mabaka a kang “ho senyeha ha tokisetso ea lelapa, ho eketseha ha batsoali ba hōlisang bana ba se na balekane, bofutsana bo sa khaotseng le ho lemalla tšebeliso e mpe ea lithethefatsi ha e le hantle ho ka etsa hore k’hemistri ea boko e hlahise boikutlo bo mabifi—e leng phello eo pele ho neng ho nahanoa hore e ke ke ea etsahala.”
Ho thoe liphetoho tse etsahalang bokong li akarelletsa ho fokotsa serotonin, k’hemik’hale ea boko eo ho nahanoang hore e theola boikutlo bo mabifi. Liphuputso li senola hore tahi e ka fokotsa serotonin bokong, ’me seo se fana ka motheo oa saense bakeng sa khokahano eo e leng khale ho tsejoa hore e teng pakeng tsa pefo le tšebeliso e mpe ea tahi.
Ho sa ntse ho e-na le lebaka le leng hape le atisang pefo kajeno. Buka e tšeptjoang ea boprofeta e lemosa ka ho re: “Hopola hore matsatsing a ho qetela ho tla ba le linako tse thata. Batho e tla ba baithati, ba meharo, ba ikakasang, le ba ikhantšang; . . . ba tla hloka mosa, ba hloke mohau, e be baetselletsi, ba be mabifi, ba be le bohale bo tšosang; ba tla hloea se lokileng; e tla ba balotsana, ba sa natseng letho, le ba hohomohileng ke boikakaso . . . U lulelle hōle le batho ba joalo.” (2 Timothea 3:1-5, Today’s English Version) E, pefo eo re e bonang kajeno e phethahatsa boprofeta ba Bibele ba ‘matsatsi a ho qetela.’
Ho na le ho hong hape ho etsang hore ena e be nako e befileng ka ho khethehileng. Bibele e re: “Ho malimabe lefatše le leoatle, hobane Diabolose o theohetse ho lōna, a halefile haholo, a tseba hore o na le nako e khutšoanyane.” (Tšenolo 12:12) Diabolose le makhotla a hae a bademona ba lahletsoe ka ntle ho leholimo ’me hona joale ba tobisitse bokhopo ba bona molokong oa batho. Joaloka “’musi oa matla a ho laela a moea,” Diabolose o laola “moea oo hona joale o sebetsang ho bara ba ho se mamele,” e leng ho etsang hore lefatše e be sebaka se befileng haholo.—Baefese 2:2.
Joale, re ka sebetsana joang ka katleho le “moea” oa lefatše kajeno? ’Me re ka rarolla liphapang joang kantle ho pefo?
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 3]
Bana ba bangata haholo baa hlekefetsoa, baa otloa kapa baa bolaoa ho se seng sa libaka tse mabifi ka ho fetisisa lefatšeng—lapeng!