Ho Utsoa Mabenkeleng—Na ke Monyaka o Seng Kotsi Kapa ke Tlōlo ea Molao e Tebileng?
NAHANA ka ketsahalo e latelang. Monyako oa lebenkele le leholo oa buleha, ’me ho kena banana ba babeli ba apereng feshene ea morao-rao. Ba theosa ka phaseje ho ea karolong ea litlolo. Molebeli ea apereng junifomo o ba sala morao empa o ema thōkoana le bona ka limithara tse ka bang leshome, a isitse matsoho ka morao. O shebile banana bana ha ba ntse ba supa-supa li-lipstick le mascara.
Ba qekotsa molebeli, ea ntseng a ba shebile. Maikutlo a bona a qala ho phahama. Ngoanana e mong o ea moo ho behiloeng litlolo tsa manala ’me o nka libotlolo tse ’maloa. O soenya nko ha a ntse a etsa eka o shebisisa mebala e ’meli ea tse khubelu. O beha e ’ngoe fatše ’me o nka e batlang e le bofubelu bo loileng.
Molebeli o sheba fatše ’me o sheba lehlakoreng le leng. Ka ho panya ha leihlo banana bana ba lahlela li-lipstick le libotlolo tsa litlolo tsa manala ka mekotlaneng ea bona. Lifahleho tsa bona li elile, empa joale maikutlo a bona a phahame ka ho fetisisa. Ba qeta metsotso e se mekae phasejeng eo, e mong o ichebisa ntho e feilang manala ha e mong a ichebisitse lipentšele tsa lintši.
Banana bana ba babeli baa shebana, ba lumellana ka lihlooho ’me ba qala ho leba monyako oa lebenkele. Molebeli oa ba suthela ’me baa mo bososella ha ba mo feta. Ba leba karolong e nang le lintho tse tšesaane tsa lithelefono tsa cellular e shebaneng hantle le motho ea mochineng oa chelete ’me baa sheba-sheba. Ba hoeshetsana ka mekotlana ea letlalo e tšelang lithelefono tsena. Joale ba qala ho leba monyako.
Mohato o mong le o mong oo ba o nkang ho leba monyako o eketsa moluba-lube o maikutlong a bona ’me letsoalo le pherekano lia phaellana. Ha banana bana ba tsoa monyako, ho re ba hoeletse haholo, empa ba ntse ba koetse melomo. Hang ha ba le ka ntle, ba tlerefala ho feta kamoo setlolo leha e le sefe se neng se ka etsa hore ba tlerefale ka lebaka la maikutlo a neng a bipetsane ka hare. Matsoalo a qala ho kokobela, ’me ba hula moea tlaase ke ho imoloha. Banana bana ba tsamaea ka potlako empa ba sitoa ho ithiba ho keketeha. Ka likelellong tsa bona ho luma ntho e le ’ngoe feela: ‘Re atlehile ho utsoa!’
Banana bana ba babeli ke ba iqapetsoeng, empa ketsahalo e hlalositsoeng eona ke ntho e etsahalang. United States feela, ho utsoa mabenkeleng ho etsahala ka makhetlo a hakanyetsoang ho a milione letsatsi le leng le le leng, empa bona ke bothata ba lefatše kaofela. Joalokaha re tla bona, ho baka tšenyo e khōlō. Leha ho le joalo, masholu a mangata a mabenkeleng ha a ele hloko tšenyo eo a e bakang. Esita le batho ba bangata ba ka khonang ho lefella lintho ba khetha ho utsoa. Hobaneng?